Ho Ea ka Luka
1 Erekaha ba bangata ba lekile ho bokella tlaleho ea litaba+ tse lumeloang ka botlalo har’a rōna, 2 feela joalokaha bao ho tloha tšimolohong+ e bileng lipaki+ tse boneng ka mahlo le bahlanka ba molaetsa+ ba ile ba nehelana ka tsona ho rōna, 3 le ’na ke ile ka etsa qeto e tiileng ea hore, kahobane ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, ke u ngolle tsona ka tatellano+ e hlophisehileng, Theofilase+ ea khabane+ ka ho fetisisa, 4 e le hore u ka tseba ka botlalo bonnete ba lintho tseo u li rutiloeng ka molomo.+
5 Matsatsing a Heroda,+ morena oa Judea, ho ne ho e-na le moprista ea itseng ea bitsoang Zakaria oa sehlopha sa Abija,+ ’me o ne a e-na le mosali ea tsoang ho barali ba Arone,+ lebitso la hae e le Elizabetha. 6 Ka bobeli ba ne ba lokile+ ka pel’a Molimo ka lebaka la ho tsamaea ka mokhoa o sa tšoauoeng phoso+ tumellanong le litaelo+ le litlhokahalo tsohle tsa molao+ tsa Jehova.+ 7 Empa ba ne ba se na ngoana, hobane Elizabetha e ne e le nyopa,+ ’me ka bobeli ba ne ba se ba ile haholo lilemong.
8 Joale ha a ntse a sebetsa e le moprista kabelong ea sehlopha+ sa habo ka pel’a Molimo, 9 ho ea ka tloaelo e tiileng ea boemo ba boprista ea e-ba nako ea hae ea ho nyehela libano+ ha a kena ka sehalalelong sa Jehova;+ 10 ’me letšoele lohle la batho le ne le ntse le rapela ka ntle ka hora ea ho nyehela libano.+ 11 Lengeloi la Jehova la bonahala ho eena, le eme ka lehlakoreng le letona la aletare+ ea libano. 12 Empa Zakaria a khathatseha ke pono eo, ’me a oeloa ke tšabo.+ 13 Leha ho le joalo, lengeloi la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Zakaria, hobane thapeli ea hao e utloiloe+ ka mokhoa o amohelehang, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Johanne.+ 14 U tla ba le thabo le nyakallo e khōlō, ’me ba bangata ba tla thabela+ tsoalo ea hae; 15 etsoe o tla ba moholo ka pel’a Jehova.+ Empa a se ke a noa veine le seno se bohale ho hang,+ ’me o tla tlala moea o halalelang ho tloha ha a tsoa pōpelong+ ea ’m ’ae; 16 o tla khutlisetsa ba bangata ba bara ba Iseraele ho Jehova+ Molimo oa bona. 17 Hape, o tla tsamaea ka pel’a hae ka moea le matla a Elia,+ hore a khutlisetse lipelo+ tsa bo-ntate ho bana ’me a khutlisetse ba sa mameleng bohlaleng bo sebetsang ba ba lokileng, hore a lokisetse Jehova+ sechaba se lokisitsoeng.”+
18 Eaba Zakaria o re ho lengeloi: “Ke tla tiiseha joang ka see? Etsoe ke hōlile+ le mosali oa ka o ile haholo lilemong.” 19 Ha lengeloi le araba la re ho eena: “Ke ’na Gabriele,+ ea emang haufi ka pel’a Molimo, ’me ke rometsoe ho tla bua+ le uena le ho u bolella litaba tse molemo tsa lintho tsena. 20 Empa, bona! u tla khutsa+ ’me u se ke ua khona ho bua ho fihlela letsatsing leo lintho tsena li etsahalang ka lona, hobane ha ua ka ua lumela mantsoe a ka, a tlang ho phethahala nakong ea ’ona e behiloeng.” 21 Khabareng batho ba tsoela pele ho letela Zakaria,+ ’me ba qala ho makalla ho lieha ha hae ka sehalalelong. 22 Empa ha a tsoa o ne a sa khone ho bua le bona, eaba ba lemoha hore o ne a sa tsoa bona pono e phahametseng+ matla a tlhaho ka sehalalelong; ’me a ’na a ba etsetsa lipontšo, empa a lula e le semumu. 23 Joale, ha matsatsi a tšebeletso ea hae ea phatlalatsa a phethehile,+ a tloha a ea lapeng la hae.
24 Empa ka mor’a matsatsi ana mosali oa hae Elizabetha a ima;+ ’me a ipoloka boinotšing ka likhoeli tse hlano, a re: 25 “Ena ke tsela eo Jehova a sebetsaneng le ’na ka eona matsatsing ana ha a lebisitse tlhokomelo ea hae ho ’na ho tlosa nyeliso ea ka har’a batho.”+
26 Ka khoeli ea hae ea botšelela lengeloi Gabriele+ la romeloa le tsoa ho Molimo ho ea motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, 27 ho moroetsana ea tšepisitsoeng ho nyalana le monna ea bitsoang Josefa oa ntlo ea Davida; ’me lebitso la moroetsana+ eo e ne e le Maria.+ 28 Ha le kena ka pel’a hae la re: “Lumela,+ uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova+ o na le uena.”+ 29 Empa polelo eo ea mo khathatsa haholo ’me a qala ho nahana hore na ekaba tumeliso ena ke ea mofuta ofe. 30 Kahoo lengeloi la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Maria, kaha u fumane kamohelo+ ho Molimo; 31 bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora,+ ’me u tla mo reha lebitso la Jesu.+ 32 O tla ba moholo+ ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng+ ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone+ ea ntat’ae Davida,+ 33 ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso+ oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”
34 Empa Maria a re ho lengeloi: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate+ le monna?” 35 Ha lengeloi le araba la re ho eena: “Moea o halalelang+ o tla theohela holim ’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang,+ Mor’a Molimo.+ 36 ’Me, bona! Elizabetha mong ka uena le eena o emotse mora, botsofaling ba hae, ’me ena ke khoeli ea botšelela ho eena, eo ho thoeng ke nyopa;+ 37 hobane ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”+ 38 Joale Maria a re: “Bona! Lekhabunyane+ la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” Eaba lengeloi le tloha ho eena.
39 Kahoo Maria a tloha matsatsing ana ’me a kena naheng e lithaba ka potlako, ho ea motseng oa Juda, 40 eaba o kena lapeng la Zakaria ’me o lumelisa Elizabetha. 41 Joale, eare ha Elizabetha a utloa tumeliso ea Maria, lesea le ka pōpelong ea hae la tlōla; Elizabetha a tlala moea o halalelang, 42 ’me a hoeletsa ka lentsoe le phahameng a re: “Ho hlohonolofetse uena har’a basali, ’me ho hlohonolofetse+ tholoana ea pōpelo ea hao! 43 Kahoo ho tla joang hore ebe ke fumane tokelo ee, hore ’mè oa Moren ’a ka+ a tle ho ’na? 44 Etsoe, bona! ha molumo oa tumeliso ea hao o oela litsebeng tsa ka, lesea le ka pōpelong ea ka le ile la tlōla ka nyakallo+ e khōlō. 45 Ho thaba le ea ileng a lumela, hobane lintho tseo a li boleletsoeng tse tsoang ho Jehova+ li tla phethahala ka ho feletseng.”+
46 Eaba Maria o re: “Moea oa ka o tlotlisa Jehova,+ 47 ’me ka boikutlo ba ka nke ke ka tlohela ho nyakallela+ Molimo Mopholosi+ oa ka; 48 hobane o talimile boemo bo tlaase ba lekhabunyane+ la hae. Etsoe, bonang! ho tloha joale ho ea pele meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile;+ 49 hobane Ea matla o nketselitse liketso tse khōlō, ’me lebitso la hae lea halalela;+ 50 melokong e meng ka mor’a e meng mohau oa hae o holim ’a ba mo tšabang.+ 51 O entse ka bonatla ka letsoho+ la hae, o hasantse hohle ba ikhohomosang boikemisetsong ba lipelo+ tsa bona. 52 O theotse banna ba nang le matla+ literoneng ’me o phahamisitse ba tlaase;+ 53 ba lapileng o ba khorisitse ka botlalo ka lintho tse molemo+ ’me ba neng ba e-na le leruo o ba khutlisitse ba se na letho.+ 54 O phalletse Iseraele mohlanka+ oa hae, ho hopola mohau,+ 55 feela joalokaha a ile a bolella baholo-holo ba rōna, Abrahama le peō ea hae, ka ho sa feleng.”+ 56 Joale Maria a lula le eena hoo e ka bang likhoeli tse tharo, ’me a khutlela ha habo.
57 Joale ha fihla nako ea hore Elizabetha a belehe, ’me a tsoala mora. 58 Baahelani le beng ka eena ba utloa hore Jehova o ne a hōlisitse mohau+ oa hae ho eena, ’me ba qala ho thaba+ le eena. 59 Eaba ka letsatsi la borobeli ba tla ho tla bolotsa ngoana+ e monyenyane, ’me ba ne ba tlil’o mo reha lebitso la ntat’ae, Zakaria. 60 Empa ’m ’ae a araba a re: “Che, ka sebele! empa o tla rehoa Johanne.” 61 Eaba ba re ho eena: “Ha ho ea rehiloeng lebitso lena har’a beng ka uena.” 62 Joale ba qala ho botsa ntat’ae ka lipontšo hore na o ne a batla hore a rehoe mang. 63 Eaba o kōpa letlapa ’me oa ngola: “Lebitso la hae ke Johanne.”+ Eaba kaofela baa hlolloa. 64 Hang-hang molomo oa hae oa buleha+ ’me leleme la hae la raroloha ’me a qala ho bua, a boka Molimo. 65 Tšabo ea oela bohle ba phelang tikolohong ea bona; ’me lintho tsena kaofela tsa qala ho buuoa naheng eohle e lithaba ea Judea, 66 ’me bohle ba ileng ba utloa ba boloka seo ka lipelong+ tsa bona, ba re: “Ha e le hantle ngoana enoa e monyenyane e tla ba eng?” Etsoe ka sebele letsoho+ la Jehova le ne le e-na le eena.
67 Ntat’ae Zakaria a tlala moea o halalelang,+ ’me a profeta,+ a re: 68 “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ hobane o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho+ ba hae ’me o ba etselitse topollo.+ 69 O re hlahiselitse lenaka+ la poloko ka tlung ea mohlanka oa hae Davida, 70 feela joalokaha, ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ho tloha khale,+ a buile 71 ka poloko lireng tsa rōna le matsohong a bohle ba re hloileng;+ 72 ho etsa mohau mabapi le baholo-holo ba rōna le ho hopola selekane+ sa hae se halalelang, 73 kano eo a ileng a e hlapanyetsa moholo-holo+ oa rōna Abrahama, 74 ea hore ka mor’a hore re pholosoe matsohong a lira,+ a re nehe tokelo ea hore ka ho se tšabe letho re mo+ etsetse tšebeletso e halalelang 75 ka botšepehi le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi+ ’ohle a rōna. 76 Empa ha e le uena, ngoana e monyenyane, u tla bitsoa moprofeta oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa, kaha u tla tsamaea ka pel’a Jehova ho lokisa+ litsela tsa hae, 77 ho fana ka tsebo ea poloko ho batho ba hae ka hore ba tšoareloe libe,+ 78 ka lebaka la qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna. Ka qenehelo ena meso+ e tla re etela ho tsoa holimo,+ 79 ho fana ka leseli ho ba lutseng lefifing le moriting+ oa lefu, ho tsamaisa maoto a rōna ka katleho tseleng ea khotso.”
80 Ngoana e monyenyane a tsoela pele ho hōla+ le ho ba matla moeeng, ’me a hlola mahoatateng ho fihlela letsatsing la ho iponahatsa ho Iseraele pepenene.
2 Joale matsatsing ao ha tsoa molao-taelo+ ho Cesare Augustase oa hore lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ngolisoe; 2 (ngoliso ena ea pele e ile ea etsahala ha Kuirinease e ne e le ’musisi oa Syria;) 3 ’me batho bohle ba qala ho tsamaea ho ea ngolisoa,+ e mong le e mong motseng oa habo. 4 Ka ho hlakileng, Josefa le eena o ile a tloha Galilea, motseng oa Nazaretha, a kena Judea, motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema,+ kahobane e ne e le setho sa ntlo le sa lelapa la Davida,+ 5 hore a ngolisoe le Maria,+ eo a neng a mo nehiloe hore a mo nyale joalokaha ho ne ho tšepisitsoe,+ eo ka nako ena a neng a se a hōletsoe.+ 6 Ha ba ntse ba le moo, matsatsi a hore a belehe a phethahala. 7 A tsoala mora oa hae, letsibolo,+ eaba o mo thatela ka masela ’me o mo beha ka sejelong,+ kahobane ba ne ba se na sebaka ka kamoreng ea ho phomola.
8 Naheng eona eo ho ne ho boetse ho e-na le balisa ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu. 9 Ka tšohanyetso lengeloi+ la Jehova la ema haufi le bona, ’me khanya+ ea Jehova ea phatsima ho ba pota-pota, ’me ba tšoha haholo. 10 Empa lengeloi la re ho bona: “Le se ke la tšoha, etsoe, bonang! ke le bolella litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona,+ 11 hobane kajeno le tsoaletsoe Mopholosi,+ e leng Kreste Morena,+ motseng+ oa Davida. 12 Sena ke pontšo bakeng sa lōna: le tla fumana lesea le thatetsoeng ka masela ’me le robetse ka sejelong.” 13 Ka tšohanyetso letšoele la lekhotla+ la leholimo la e-ba hammoho le lengeloi leo, le rorisa Molimo+ ’me le re: 14 “Khanya e be ho Molimo bophahamong+ bo holimo, ’me khotso+ e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.”+
15 Kahoo ha mangeloi a tlohile ho bona ho kena leholimong, balisa ba qala ho buisana ba re: “Ka sebele a re eeng Bethlehema ’me re bone ntho ena e etsahetseng, eo Jehova+ a re tsebisitseng eona.” 16 Eaba ba tsamaea ka potlako ’me ba fumana Maria hammoho le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong. 17 Ha ba le bona, ba tsebahatsa polelo eo ba neng ba e boleletsoe malebana le ngoana enoa e monyenyane. 18 Bohle ba ileng ba utloa ba hlolloa ke lintho tseo ba li bolelloang ke balisa bao, 19 empa Maria a qala ho boloka lipolelo tsena kaofela, a li nahanisisa ka pelong+ ea hae. 20 Joale balisa ba khutla, ba tlotlisa Molimo le ho mo rorisa bakeng sa lintho tsohle tseo ba ileng ba li utloa le ho li bona, feela joalokaha ba ne ba li boleletsoe.
21 Joale ha matsatsi+ a robeli a phethahala bakeng sa ho mo bolotsa,+ a rehoa lebitso la Jesu,+ lebitso le neng le boletsoe ke lengeloi pele a emoloa ka pōpelong.+
22 Hape, ha matsatsi a ho ba hloekisa+ ho ea ka molao oa Moshe a phethahala, ba mo isa Jerusalema ho mo hlahisa ho Jehova, 23 feela joalokaha ho ngoliloe molaong oa Jehova: “E mong le e mong e motona ea bulang pōpelo o tla bitsoa ea halalelang ho Jehova,”+ 24 le ho nyehela sehlabelo ho ea ka se boletsoeng molaong oa Jehova: “Maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.”+
25 Bonang! Ho ne ho e-na le monna e mong Jerusalema ea bitsoang Simeone, monna enoa o ne a lokile ’me a e-na le tlhompho ea borapeli, a letetse matšeliso+ a Iseraele, ’me moea o halalelang o ne o le holim ’a hae. 26 Ho feta moo, moea o halalelang o ne o mo senoletse ka tsela ea bomolimo hore o ne a ke ke a bona lefu pele a bona Kreste+ oa Jehova. 27 Joale a laoloa ke moea+ a kena ka tempeleng; eare ha batsoali bao ba tlisa ngoana e monyenyane Jesu ka hare ho mo etsetsa ho ea ka mokhoa o tloaelehileng oa molao,+ 28 a mo amohela matsohong a hae eaba o boka Molimo o re: 29 “Joale, ’Musi Morena, u tlohela lekhoba la hao hore le tsamaee le lokolohile ka khotso+ ho ea ka polelo ea hao; 30 hobane mahlo a ka a bone mokhoa oa hao oa ho pholosa+ 31 oo u o lokisitseng mahlong a lichaba tsohle,+ 32 leseli+ bakeng sa ho tlosa lesira+ ho lichaba+ le khanya ea sechaba sa hao sa Iseraele.” 33 Ntat’ae le ’m ’ae ba ’na ba makatsoa ke lintho tse buuoang ka eena. 34 Hape, Simeone a ba hlohonolofatsa, empa a re ho ’m ’ae Maria: “Bona! Enoa o behetsoe ho oa+ le ho tsoha hape ha ba bangata Iseraele+ le pontšo eo ho tla buuoa khahlanong+ le eona 35 (e, sabole e telele e tla phunyeletsoa moeeng oa hao),+ e le hore menahano ea lipelo tse ngata e ka koaholloa.”+
36 Joale ho ne ho e-na le Anna moprofeta oa mosali, morali oa Fanuele, oa moloko oa Ashere (mosali enoa o ne a se a ile haholo lilemong, ’me o ne a phetse le monna ka lilemo tse supileng ho tloha boroetsaneng ba hae, 37 ’me e ne e le mohlolohali+ eo joale a neng a le lilemo li mashome a robeli a metso e mene), eo le ka mohla a neng a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare+ ka ho itima lijo le lithapeli. 38 Ka eona hora eo a atamela ’me a qala ho khutlisetsa liteboho ho Molimo le ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.+
39 Kahoo ha ba phethile lintho tsohle ho ea ka molao+ oa Jehova, ba khutlela Galilea motseng oa habo bona Nazaretha.+ 40 Ngoana e monyenyane a tsoela pele ho hōla le ho ba matla,+ a ntse a tlala bohlale, ’me a ’na a amoheleha+ ho Molimo.
41 Joale batsoali ba hae ba ne ba tloaetse ho ea Jerusalema+ selemo le selemo bakeng sa mokete oa paseka. 42 Ha a e-ba lilemo li leshome le metso e ’meli, ba nyoloha ho ea ka tloaelo+ ea mokete oo 43 ’me ba phetha matsatsi. Empa ha ba khutla, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, ’me batsoali ba hae ba se ke ba hlokomela. 44 Ba nka hore o ne a le sehlopheng se tsamaeang hammoho, ba tsamaea sebaka+ sa letsatsi ’me joale ba qala ho mo tsoma har’a beng ka bona le bao ba ba tloaetseng. 45 Empa, ha ba sa mo fumane, ba khutlela Jerusalema, ba ntse ba mo batla ka ho khothala. 46 Joale, ka mor’a matsatsi a mararo ba mo fumana ka tempeleng,+ a lutse har’a mesuoe ’me a e mamela le ho e botsa. 47 Empa bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo+ tsa hae. 48 Joale ha ba mo bona ba hlolloa, ’me ’m ’ae a re ho eena: “Ngoana, ke hobane’ng ha u re entse tjee? Bona! ’na le ntat’ao re ’nile ra u batla re khathatsehile.” 49 Empa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho tsamaea le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?”+ 50 Leha ho le joalo, ha baa ka ba utloisisa polelo eo a neng a ba bolella eona.+
51 Eaba o theoha le bona o tla Nazaretha, ’me a tsoela pele ho ipeha tlas’a+ bona. Hape, ’m ’ae a boloka ka hloko lipolelo tsena kaofela ka pelong+ ea hae. 52 Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng+ le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.+
3 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Cesare, ha Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea, ’me Heroda+ e le ’musi oa setereke oa Galilea, empa Filipi mor’abo e le ’musi oa setereke oa naha ea Iturea le Trakonitise, ’me Lysaniase e le ’musi oa setereke oa Abilene, 2 matsatsing a moprista ea ka sehloohong Anase le a Kaifase,+ polelo ea Molimo ea tla ho Johanne+ mora oa Zakaria lefeelleng.+
3 Kahoo a kena naheng eohle e potolohileng Jordane, a bolela kolobetso tšoantšetsong ea pako bakeng sa tšoarelo ea libe,+ 4 feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea mantsoe a moprofeta Esaia: “Mamelang! E mong oa hoeletsa lefeelleng, ‘Lokisang tsela ea Jehova, le otlolle+ mebila ea hae. 5 Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e tla tlatsoa, thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla le leng le le leng li batalatsoe, le matsoelintsoeke e tla ba litsela tse otlolohileng ’me libaka tse makukuno e be litsela+ tse bataletseng; 6 ’me nama eohle e tla bona mokhoa oa Molimo oa ho pholosa.’”+
7 Ka hona a qala ho re ho bongata bo neng bo tsoa hore a tl’o bo kolobetsa: “Lōna malinyane a bo-marabe,+ ke mang ea le tsebisitseng hore le balehele khalefo+ e tlang? 8 Ka hona hlahisang litholoana tse tšoanelang pako.+ Le se ke la qala ho re ka hare ho lōna, ‘Ntat’a rōna ke Abrahama.’ Etsoe ke re ho lōna Molimo o na le matla a ho hlahisetsa Abrahama bana ka majoe ana. 9 Ka sebele, selepe se se se le metsong ea lifate; ka hona, sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle se tla rengoa ’me se lahleloe mollong.”+
10 Bongata bo ne bo mo botsa: “Joale, re tla etsa+ joang?”11 Ha a araba o ne a re ho bona: “Motho ea nang le liaparo tse peli tsa ka tlaase a ke a arolelane le motho ea se nang letho, le ea nang le lintho tse jeoang a ke a etse se tšoanang.”+ 12 Empa esita le babokelli ba lekhetho ba ile ba tla hore ba kolobetsoe, ’me ba re ho eena: “Mosuoe, re tla etsa joang?”+ 13 A re ho bona: “Le se ke la batla ntho leha e le efe e fetang tekanyetso ea lekhetho.”+ 14 Hape, ba tšebeletsong ea sesole ba ne ba mo botsa: “Le rōna re tla etsa joang?” Eaba o re ho bona: “Le se ke la tšoenya leha e le mang kapa la qosa+ leha e le mang ka bohata, empa le khotsofalle tseo le li lokiselitsoeng.”+
15 Joale ha batho ba ntse ba lebeletse ’me kaofela ba nahana ka lipelong tsa bona mabapi le Johanne: “Na ekaba mohlomong ke eena Kreste?”+ 16 Johanne a araba, a re ho bohle: “’Na, ke le kolobetsa ka metsi; empa ea matla ho mpheta oa tla, eo ke sa tšoaneleheng ho tlamolla+ maqhoele a meqathatso ea hae. O tla le kolobetsa ka moea o halalelang le mollo.+ 17 Kharafu ea hae ea ho olōsa e letsohong la hae hore a hloekise seotlo sa hae ka ho feletseng le ho bokellela+ koro ka tlung ea hae ea polokelo, empa ’mōkō+ o tla o chesa ka mollo+ o ke keng oa tima.”
18 Ka hona a boela a fana ka likeletso tse ling tse ngata ’me a tsoela pele ho bolella batho litaba tse molemo. 19 Empa Heroda ’musi oa setereke, ka lebaka la ho khalemeloa ke eena malebana le Herodiase mosali oa mor’abo le malebana le liketso tsohle tse khopo tseo Heroda a ileng a li etsa,+ 20 a eketsa le sena liketsong tseo kaofela: a koalla Johanne chankaneng.+
21 Joale ha batho bohle ba kolobetsoa, Jesu+ le eena a kolobetsoa ’me, ha a ntse a rapela, leholimo+ la buleha 22 ’me moea o halalelang oa theohela holim ’a hae o le sebōpehong sa ’mele se joaloka leeba, ’me lentsoe la tsoa leholimong: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.”+
23 Ho feta moo, Jesu, ha a qala mosebetsi+ oa hae, o ne a ka ba lilemo li mashome a mararo,+ ’me kamoo maikutlo a neng a le kateng, e le mora+
oa Josefa,+
mora oa Heli,
24 mora oa Mathate,
mora oa Levi,
mora oa Melki,
mora oa Jannai,
mora oa Josefa,
25 mora oa Matathiase,
mora oa Amose,
mora oa Nahume,
mora oa Esli,
mora oa Nagai,
26 mora oa Maathe,
mora oa Matathiase,
mora oa Semeine,
mora oa Joseke,
mora oa Joda,
27 mora oa Joanane,
mora oa Resa,
mora oa Zorobabele,+
mora oa Shalatiele,+
mora oa Neri,
28 mora oa Melki,
mora oa Adi,
mora oa Kosame,
mora oa Elmadame,
mora oa Ere,
29 mora oa Jesu,
mora oa Eliezere,
mora oa Jorime,
mora oa Mathate,
mora oa Levi,
30 mora oa Symeone,
mora oa Judase,
mora oa Josefa,
mora oa Jonama,
mora oa Eliakime,
31 mora oa Melea,
mora oa Mena,
mora oa Matatha,
mora oa Nathane,+
mora oa Davida,+
mora oa Obede,+
mora oa Boaze,+
mora oa Salmone,+
mora oa Nashone,+
mora oa Arni,+
mora oa Hezrone,+
mora oa Pereze,+
mora oa Juda,+
mora oa Isaka,+
mora oa Abrahama,+
mora oa Tera,+
mora oa Nakore,+
mora oa Reu,+
mora oa Pelege,+
mora oa Ebere,+
mora oa Shela,+
36 mora oa Kainane,
mora oa Arpakshade,+
mora oa Sema,+
mora oa Noe,+
mora oa Lameke,+
mora oa Enoke,+
mora oa Jarede,+
mora oa Mahalaliele,+
mora oa Kainane,+
mora oa Setha,+
mora oa Adama,+
mora oa Molimo.
4 Joale Jesu, a tletse moea o halalelang, a tloha Jordane, ’me moea oa mo isa lefeelleng+ 2 ka matsatsi a mashome a mane,+ ha a ntse a lekoa+ ke Diabolose. Ho feta moo, ha aa ka a ja letho matsatsing ao, kahoo, ha matsatsi ao a phethehile, a ikutloa a lapile. 3 Eaba Diabolose o re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, bolella lejoe lena hore le fetohe bohobe.” 4 Empa Jesu a mo araba: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”+
5 Kahoo a mo isa holimo ’me ka motsotsoana a mo bontša mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona; 6 eaba Diabolose o re ho eena: “Ke tla u fa bolaoli bona bohle+ le khanya ea eona, hobane ke bo nehiloe, ’me ke bo fa leha e le mang eo ke lakatsang ho mo fa bona.+ 7 Ka hona, haeba u ka etsa ketso+ ea borapeli ka pel’a ka, e tla ba ba hao kaofela.” 8 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo+ oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso+ e halalelang.’”
9 Joale a mo isa ka har’a Jerusalema ’me a mo emisa holim ’a tora+ ea tempele eaba o re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše u tloha mona;+ 10 etsoe ho ngoliloe, ‘O tla laela mangeloi a hae malebana le uena, hore a u boloke,’+ 11 ’me, ‘A tla u kakasa ka matsoho, e le hore ho se ke ha e-ba le nako eo ka eona leoto la hao le ka khoptjoang ke lejoe.’”+ 12 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Ho itsoe, ‘U se ke ua leka Jehova Molimo oa hao.’”+ 13 Kahoo Diabolose, ha a qetile moleko oo oohle, a mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.+
14 Joale Jesu a khutla ka matla a moea ho kena Galilea.+ ’Me puo e ntle malebana le eena ea hasana ho pholletsa le naha eohle e potolohileng.+ 15 Hape, a qala ho ruta ka lisynagogeng tsa bona, a hlomphuoa ke bohle.+
16 Eaba o tla Nazaretha,+ moo a neng a hōliselitsoe teng; ’me, ho ea ka tloaelo ea hae ka letsatsi la sabatha, a kena ka synagogeng,+ ’me a ema hore a bale. 17 Kahoo a nehoa moqolo oa moprofeta Esaia, ’me a bula moqolo oo a fumana sebaka seo ho sona ho neng ho ngoliloe: 18 “Moea+ oa Jehova o holim ’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile,+ 19 ho bolela selemo+ se amohelehang sa Jehova.” 20 Eaba o phutha moqolo oo, o o busetsa ho mohlanka ’me o lula fatše; mahlo a bohle ba ka synagogeng a ne a tsepame ka hloko ho eena. 21 Joale a qala ho re ho bona: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”+
22 Eaba kaofela ba qala ho fana ka bopaki bo molemo ka eena le ho hlolloa ke mantsoe+ a khahlisang a tsoang molomong oa hae, ba re: “Enoa ke mora oa Josefa, na ha ho joalo?”+ 23 Eaba o re ho bona: “Ha ho pelaelo hore le tla sebelisa papiso ena ho ’na, ‘Ngaka,+ iphekole; lintho+ tseo re utloileng hore li etsahetse Kapernauma+ li etse le mona sebakeng+ sa heno.’” 24 Empa a re: “Kannete kea le bolella hore ha ho moprofeta ea amoheloang sebakeng sa habo. 25 Ka mohlala, kannete kea le bolella, Ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata Iseraele matsatsing a Elia, ha leholimo le ne le koetsoe ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, hoo tlala e khōlō e ileng ea aparela naha+ eohle, 26 empa leha ho le joalo Elia ha aa ka a romeloa ho le ea mong oa basali bao, haese feela Zarefathe+ naheng ea Sidone ho mohlolohali e mong. 27 Hape, ho ne ho e-na le balepera ba bangata Iseraele nakong ea moprofeta Elisha, empa leha ho le joalo ha ho le ea mong oa bona ea ileng a hloekisoa, haese Naamane motho oa Syria.”+ 28 Joale bohle ba neng ba utloa lintho tsena ka synagogeng ba tlala bohale;+ 29 eaba baa ema ba mo potlakisetsa ka ntle ho motse, ’me ba mo isa lintšing tsa thaba eo motse oa bona o neng o hahiloe holim ’a eona, e le hore ba mo kolumetse.+ 30 Empa a tsoa har’a bona ’me a tsoela pele ho tsamaea.+
31 Eaba o theohela Kapernauma,+ motse oa Galilea. O ne a ba ruta e le sabatha; 32 ’me ba ne ba hloletsoe ke tsela ea hae ea ho ruta,+ hobane o ne a bua ka bolaoli.+ 33 Joale ka synagogeng ho ne ho e-na le motho ea nang le moea,+ modemona ea sa hloekang, eaba o hooa ka lentsoe le phahameng: 34 “Oe! Taba ea rōna le uena ke efe,+ Jesu Monazaretha?+ Na u tlil’o re timetsa? Ke tseba+ hantle hore na u mang, Mohalaleli oa Molimo.”+ 35 Empa Jesu a mo khalemela ka matla, a re: “Khutsa, ’me u tsoe ho eena.” Kahoo, ka mor’a ho akhela motho eo fatše har’a bona, modemona a tsoa ho eena ntle le ho mo ntša kotsi.+ 36 Eaba bohle baa makala, ’me ba qala ho buisana, ba re: “Ee ke puo ea mofuta ofe, hobane ka bolaoli le ka matla o laela meea e sa hloekang, ’me ea tsoa?”+ 37 Kahoo litaba tse malebana le eena tsa ’na tsa tsoela sekhutlong se seng le se seng sa naha e potolohileng.+
38 Ka mor’a hore a eme a tsoe ka synagogeng a kena lapeng la Simone. Joale mohoehali oa Simone o ne a tšoeroe ke feberu e phahameng, ’me ba mo etsetsa kōpo ho eena.+ 39 Kahoo a ema a mo okametse ’me a khalemela feberu ka matla,+ ’me ea mo tlohela. Hang-hang a tsoha eaba o qala ho ba sebeletsa.+
40 Empa ha letsatsi le likela, bohle ba neng ba e-na le batho ba kulang ba tšoeroeng ke mafu a sa tšoaneng ba ba tlisa ho eena. O ne a ba phekola ka ho beha matsoho a hae holim ’a e mong le e mong oa bona.+ 41 Bademona le bona ba ne ba tsoa ho ba bangata,+ ba hoeletsa ’me ba re: “U Mora+ oa Molimo.” Empa, ha a ba khalemela ka matla, o ne a sa ba lumelle ho bua,+ kahobane ba ne ba tseba hore ke+ Kreste.+
42 Leha ho le joalo, ha e e-ba motšehare, a tsoa ’me a qala ho ea sebakeng se thōko.+ Empa bongata ba qala ho mo tsoma ’me ba tsoa ho ea fihla moo a neng a le teng, ’me ba leka ho mo thibela ho tloha ho bona. 43 Empa a re ho bona: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”+ 44 Tumellanong le hoo a tsoela pele ho bolela ka lisynagogeng tsa Judea.+
5 Ka lekhetlo le leng ha bongata bo ne bo mo petelitse ’me bo mametse lentsoe la Molimo, o ne a eme ka thōko ho letša la Genesarete.+ 2 Eaba o bona likepe tse peli li eme lebōpong la letša, empa batšoasi ba litlhapi ba ne ba tsoetse ka ntle ho tsona ’me ba ne ba hlatsoa matlooa+ a bona. 3 Ha a palama se seng sa likepe tseo, seo e neng e le sa Simone, a mo kōpa hore a se hulele hōjana le moo ho omileng. Joale a lula fatše, ’me a qala ho ruta bongata a le ka sekepeng.+ 4 Ha a khaotsa ho bua, a re ho Simone: “Se hulele moo ho tebileng, ’me le theolele matlooa+ a lōna tlaase hore le tšoase.” 5 Empa Simone ha a araba a re: “Morupeli, re sehlile bosiu bohle ’me ra se ke ra tšoasa letho,+ empa ka taelo ea hao ke tla theola matlooa.” 6 Joale, ha ba etsa sena, ba tšoasa litlhapi tse ngata haholo. Ha e le hantle, matlooa a bona a qala ho taboha. 7 Kahoo ba hoehla balekane ba bona ka sekepeng se seng hore ba tl’o ba thusa;+ ’me ba fela ba tla, eaba ba tlatsa likepe tseo ka bobeli, hoo li ileng tsa qala ho teba. 8 Ha Simone Petrose+ a bona sena, a itihela fatše mangoleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna ea nang le sebe.”+ 9 Etsoe eena le bohle ba neng ba e-na le eena ba ile ba makala haholo ka lebaka la litlhapi tseo ba ileng ba li tšoasa, 10 ka ho tšoanang le Jakobo hammoho le Johanne, bara+ ba Zebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Empa Jesu a re ho Simone: “Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.”+ 11 Kahoo ba khutlisetsa likepe tseo moo ho omileng, ’me ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.+
12 Ka lekhetlo le leng hape ha a ntse a le motseng o mong, bonang! monna e mong ea tletseng lepera! Ha a re heli! ’me a bona Jesu a itihela fatše ka sefahleho ’me a mo kōpa, a re: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 13 Kahoo, ha a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Kea batla. Hloeka.” Kapele-pele lepera la nyamela ho eena.+ 14 Eaba o fa monna eo litaelo tsa hore a se ke a bolella motho:+ “Empa tloha ’me u iponahatse ho moprista,+ ’me u etse nyehelo+ mabapi le ho hloekisoa ha hao, feela joalokaha Moshe a ile a laela, hore e be bopaki ho bona.”+ 15 Empa lentsoe le mabapi le eena le ne le nama haholo, ’me bongata bo boholo bo ne bo phutheha ho tla mamela le ho phekoloa maloetse a bona.+ 16 Leha ho le joalo, a tsoela pele ho lula boinotšing mahoatateng le ho rapela.+
17 Ka letsatsi le leng o ne a ruta, ’me Bafarisi le mesuoe ea molao ba neng ba tsoile motsaneng o mong le o mong oa Galilea le Judea le Jerusalema ba ne ba lutse moo; ’me o ne a e-na le matla a tsoang ho Jehova bakeng sa hore a folise.+ 18 Bonang! Banna ba jereng betheng monna ea neng a shoele litho, ’me ba ne ba batla tsela ea ho mo kenya le ho mo beha ka pel’a hae.+ 19 Kahoo, ha ba sa fumane tsela ea ho mo kenya ka lebaka la bongata, ba hloella marulelong, ’me ba phunyelletsa marulelo a lithaele ba mo theolela tlaase ka bethe e nyenyane har’a ba neng ba le ka pel’a Jesu.+ 20 Ha a bona tumelo ea bona a re: “Monn ’a heso, u tšoaretsoe libe.”+ 21 Kapele ka mor’a moo bangoli le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Ke mang enoa ea buang linyefolo?+ Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo feela?”+ 22 Empa Jesu, ha a lemoha menahano ea bona, a re ha a ba araba: “Ke eng seo le se nahanang ka lipelong tsa lōna?+ 23 Ke hofe ho bonolo, ho re, ‘U tšoaretsoe libe,’ kapa ho re, ‘Ema ’me u tsamaee’?+ 24 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng—” a re ho monna ea shoeleng litho: “Ke re ho uena, Ema ’me u nke bethe ea hao e nyenyane u ee lapeng.”+ 25 Hang-hang a ema ka pel’a bona, a nka seo a neng a robala ho sona ’me a ea lapeng la hae, a ntse a tlotlisa Molimo.+ 26 Joale bohle ba hlolloa haholo,+ eaba ba qala ho tlotlisa Molimo, ’me ba tlala tšabo, ba re: “Re bone lintho tse sa tloaelehang kajeno!”+
27 Joale ka mor’a lintho tsena a tsoa eaba o bona ’mokelli oa lekhetho ea bitsoang Levi a lutse ofising ea lekhetho, ’me a re ho eena: “E-ba molateli oa ka.”+ 28 A siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe+ a ema eaba o qala ho mo latela. 29 Hape, Levi a mo lokisetsa mokete o moholo oa kamohelo ka tlung ea hae; ’me ho ne ho e-na le bongata bo boholo ba babokelli ba lekhetho le ba bang ba neng ba e-na le bona ba otlile ka lehlakore lijong.+ 30 Eaba Bafarisi le bangoli ba bona ba qala ho korotla ho barutuoa ba hae, ba re: “Ke hobane’ng ha le ja ’me le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 31 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka,+ empa ba kulang baa e hloka.+ 32 Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.”+
33 Ba re ho eena: “Barutuoa ba Johanne ba itima lijo khafetsa ’me ba etsa lithapeli, le ba Bafarisi ba etsa joalo, empa ba hao baa ja ’me baa noa.”+ 34 Jesu a re ho bona: “Le ke ke la etsa hore metsoalle ea monyali e itime lijo ha monyali a ntse a e-na le eona, na ha ho joalo?+ 35 Empa leha ho le joalo matsatsi a tla tla ha ka sebele monyali+ a tla tlosoa ho eona;+ joale e tla itima lijo matsatsing ao.”+
36 Ho ekelletsa moo, a tsoela pele ho ba fa papiso: “Ha ho ea sehang setsiba seaparong sa ka ntle se secha ebe o se rōkella seaparong sa ka ntle sa khale; empa haeba a etsa joalo, setsiba se secha se taboha ho sona le setsiba se tsoang seaparong se secha ha se lumellane le sa khale.+ 37 Ho feta moo, ha ho ea tšelang veine e ncha ka makukeng a veine a khale; empa haeba a etsa joalo, veine e ncha e tla phatlola makuka+ ao a veine, ’me e tla qhalana ’me makuka ao a veine a tla senyeha.+ 38 Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha. 39 Ha ho ea noeleng veine ea khale ea batlang e ncha; kaha o re, ‘Ea khale+ e monate.’”
6 Joale ka sabatha o ne a feta har’a masimo a lijo-thollo, ’me barutuoa ba hae ba ne ba kha+ ’me ba ja lihloohoana tsa lijo-thollo, ba li hohla ka matsoho.+ 2 Eaba Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa ho sa lumelloeng ke molao+ ka sabatha?”+ 3 Empa ha Jesu a ba araba a re: “Na ha le e-s’o ka le bala ntho eo Davida+ a ileng a e etsa ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 4 Kamoo a ileng a kena ka tlung ea Molimo ’me a amohela mahobe a nyehelo+ eaba oa ja ’me o fa banna ba neng ba e-na le eena a mang, ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a je haese baprista feela?”+ 5 Eaba o tsoela pele ho re ho bona: “Mor’a motho ke Morena oa sabatha.”+
6 Ka sabatha+ e ’ngoe a kena ka synagogeng eaba o qala ho ruta. ’Me ho ne ho e-na le monna e mong ea neng a omeletse letsoho le letona.+ 7 Joale bangoli le Bafarisi ba ne ba mo shebile+ ka hloko ho bona hore na o ne a tla phekola ka sabatha, e le hore ba fumane tsela ea ho mo qosa.+ 8 Leha ho le joalo, o ne a tseba menahano+ ea bona, empa leha ho le joalo a re ho monna eo ea omeletseng letsoho: “Phahama ’me u eme bohareng.” Eaba oa phahama ’me oa ema.+ 9 Joale Jesu a re ho bona: “Kea le botsa, Na ho lumelloa ke molao ho etsa se molemo+ kapa ho etsa se kotsi ka sabatha, ho pholosa kapa ho timetsa moea?”+ 10 Ka mor’a ho ba qamaka kaofela, a re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A etsa joalo, ’me letsoho la hae la tsosolosoa.+ 11 Empa ba tlala khalefo, ’me ba qala ho buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.+
12 Ha matsatsi ana a ntse a tsoela pele a tsoela ntle thabeng ho ea rapela,+ ’me a hlola bosiu bohle a rapela Molimo.+ 13 Empa ha e e-ba motšehare a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena ’me a khetha har’a bona ba leshome le metso e ’meli, bao hape a ileng a ba bitsa “baapostola”:+ 14 Simone, eo hape a ileng a mo bitsa Petrose,+ le Andrease mor’abo, le Jakobo le Johanne,+ le Filipi+ le Bartholome, 15 le Matheu le Thomase,+ le Jakobo mora oa Alfiase, le Simone ea bitsoang “ea chesehang,”+ 16 le Judase mora oa Jakobo, le Judase Iskariota, ea ileng a fetoha lehlabaphio.+
17 Eaba o theoha le bona ’me o ema sebakeng se motsitsa, ’me ho ne ho e-na le bongata bo boholo ba barutuoa ba hae, le letšoele le leholo la batho+ ba tsoang hohle Judea le Jerusalema le naheng e lebōpong la leoatle ea Tyre le Sidone, ba ileng ba tla ho tla mo utloa le ho folisoa maloetse+ a bona. 18 Esita le ba khathatsoang ke meea e sa hloekang ba ne ba phekoloa. 19 Bongata boo kaofela bo ne bo batla ho mo ama,+ hobane matla+ a ne a tsoa ho eena ’me a ba folisa kaofela.
20 Eaba o phahamisetsa mahlo a hae ho barutuoa ba hae ’me o qala ho re:+
“Ho thaba lōna mafutsana,+ hobane ’muso oa Molimo ke oa lōna.
21 “Ho thaba lōna ba lapileng+ hona joale, hobane le tla khorisoa.+
“Ho thaba lōna ba llang hona joale, hobane le tla tšeha.+
22 “Ho thaba lōna neng kapa neng ha batho ba le hloea,+ le neng kapa neng ha ba le khetholla ’me ba le nyelisa ’me ba lahla+ mabitso a lōna e le a khopo ka lebaka la Mor’a motho. 23 Thabang letsatsing leo ’me le tlōle, etsoe, bonang! moputso oa lōna o moholo leholimong, kaha ke tsona lintho tseo baholo-holo ba bona ba neng ba li etsa baprofeta.+
24 “Empa ho malimabe lōna barui,+ hobane le se le e-na le matšeliso a lōna ka botlalo.+
25 “Ho malimabe lōna ba khotšeng hona joale, hobane le tla lapa.+
“Ho malimabe, lōna ba tšehang hona joale, hobane le tla siama ’me le lle.+
26 “Ho malimabe lōna, neng kapa neng ha batho bohle ba le bua hantle, kaha lintho tse kang tsena ke tsona tseo baholo-holo ba bona ba ileng ba li etsa baprofeta ba bohata.+
27 “Empa ke re ho lōna ba mametseng, Tsoelang pele ho rata lira+ tsa lōna, ho etsetsa ba le hloileng se molemo,+ 28 ho hlohonolofatsa ba le bitsetsang bomalimabe, ho rapella ba le rohakang.+ 29 Ea u otlang lerameng+ le leng, u mo nehe le leng hape; ’me ea u amohang seaparo sa hao sa ka ntle,+ u se ke ua mo hanela esita le ka seaparo sa ka tlaase. 30 Fa e mong le e mong ea u kōpang,+ ’me ho ea u amohang lintho tsa hao u se ke ua li kōpa hape.
31 “Hape, kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.+
32 “Haeba le rata ba le ratang, ho na le molemo ofe ho lōna? Etsoe esita le baetsalibe ba rata ba ba ratang.+ 33 Haeba le etsa se molemo ho ba le etsetsang se molemo, ka sebele ho na le molemo ofe ho lōna? Esita le baetsalibe ba etsa se tšoanang.+ 34 Hape, haeba le alima ntle le phaello+ bao le tšepileng ho amohela ho bona, ho na le molemo ofe ho lōna? Esita le baetsalibe ba alima baetsalibe ntle le phaello e le hore ba ka fumana ho lekanang.+ 35 Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho rata lira tsa lōna le ho etsa se molemo le ho alimana+ ntle le phaello, le sa tšepe ho boelloa ke letho; moputso oa lōna o tla ba moholo, ’me le tla ba bara ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ hobane o mosa+ ho ba se nang teboho le ba khopo. 36 Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.+
37 “Ho feta moo, le khaotse ho ahlola, ’me ho hang le ke ke la ahloloa;+ hape khaotsang ho nyatsa, ’me ho hang le ke ke la nyatsuoa. Le ’ne le lokolle, ’me le tla lokolloa.+ 38 Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.+ Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”+
39 Joale a boela a ba bolella papiso: “Sefofu se ke ke sa tataisa sefofu se seng, na ha ho joalo? Ka bobeli li tla khothomelletseha ka sekoting, na ha ho joalo?+ 40 Morutuoa ha a ka holimo ho mosuoe oa hae, empa e mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe+ oa hae. 41 Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa lemohe leballo le ka leihlong la hao?+ 42 Ke joang u ka reng ho mor’eno, ‘Mor’eso, ntumelle ke ntše lehlokoa le ka leihlong la hao,’ ha u sa shebe leballo le ka leihlong la hao?+ Moikaketsi! Ntša leballo le ka leihlong la hao pele,+ joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa le ka leihlong la mor’eno.+
43 “Etsoe ha ho sefate se setle se hlahisang litholoana tse bolileng; hape ha ho sefate se bolileng se hlahisang litholoana tse ntle.+ 44 Etsoe sefate ka seng se tsejoa ka litholoana+ tsa sona. Ka mohlala, batho ha ba bokelle lifeiga meutloeng, leha e le hore ba kha morara sehlahleng se meutloa.+ 45 Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong+ le molemo la pelo ea hae, empa motho ea khopo o hlahisa se khopo letlotlong la hae le khopo; etsoe molomo oa hae o bua+ se tletseng ka pelong.
46 “Joale, ke hobane’ng ha le mpitsa ‘Morena! Morena!’ empa le sa etse lintho tseo ke li buang?+ 47 E mong le e mong ea tlang ho ’na ’me a utloa mantsoe a ka ’me a a phetha, ke tla le bontša hore na o joaloka mang:+ 48 O joaloka monna ea hahang ntlo, ea ileng a cheka ’me a ea tlaase botebong eaba o beha motheo holim ’a lefika. Ka lebaka leo, ha moroallo+ o hlaha, nōka ea khahlela ntlong eo, empa e ne e se matla ka ho lekaneng ho e sisinya, kahobane e hahiloe hantle.+ 49 Ka lehlakoreng le leng, ea utloang ’me a sa phethe,+ o joaloka motho ea ileng a haha ntlo mobung e se na motheo. Nōka ea khahlela ho eona, ’me kapele-pele ea oa, ’me tšenyeho+ ea ntlo eo ea e-ba khōlō.”+
7 Ha a qetile lipolelo tsohle tsa hae moo batho ba ntseng ba utloa, a kena Kapernauma.+ 2 Joale lekhoba la molaoli ea itseng oa lebotho, leo e neng e le la bohlokoa ho eena, le ne le kula ’me le le makhatheng a ho shoa.+ 3 Ha a utloa ka Jesu, a romela banna ba baholo ba Bajuda ho eena ho mo kōpa hore a tle ’me a folise lekhoba la hae. 4 Joale ba ileng ba tla ho Jesu ba qala ho mo kōpa ka tieo, ba re: “O tšoaneloa ke hore u mo nehe sena, 5 kaha o rata sechaba+ sa rōna ’me o re hahetse synagoge.” 6 Kahoo Jesu a qala ho tloha le bona. Empa ha a le haufi le ntlo, molaoli oa lebotho o ne a se a rometse metsoalle hore e re ho eena: “Mohlomphehi, u se ke ua tšoenyeha, kaha ha ke tšoanelehe hore u kene tlas’a marulelo+ a ka. 7 Ka lebaka leo ha kea ka ka inka ke tšoaneleha ho tla ho uena. Empa bua lentsoe, ’me mohlanka oa ka a ke a fole. 8 Etsoe le ’na ke motho ea behiloeng tlas’a bolaoli, ea nang le masole a ka tlas’a ka, ’me ke re ho lena, ‘Tsamaea!’ ’me lea tsamaea, ’me ke re ho le leng, ‘Tloo!’ ’me lea tla, le ho lekhoba la ka ke re, ‘Etsa hona!’ ’me lea ho etsa.”+ 9 Joale, ha Jesu a utloa lintho tsena a mo tsota, eaba o retelehela ho bongata bo mo latelang ’me o re: “Kea le bolella, Esita le Iseraele ha kea fumana tumelo+ e khōlō hakaalo.” 10 Ba neng ba rometsoe, ha ba khutlela ntlong, ba fumana lekhoba leo le phela hantle.+
11 Hang ka mor’a sena a etela motseng o bitsoang Naine, ’me barutuoa ba hae le bongata bo boholo ba ne ba tsamaea le eena. 12 Ha a atamela heke ea motse, bonang! ho ne ho e-na le motho+ ea shoeleng ea jeroeng a ntšetsoa ka ntle, mora ea tsoetsoeng a ’notši+ oa ’m ’ae. Ntle ho moo, ’m ’ae e ne e le mohlolohali. Bongata bo boholo bo tsoang motseng le bona bo ne bo e-na le eena. 13 Ha Morena a re heli! ’me a mo bona, a mo hauhela,+ eaba o re ho eena: “Khaotsa ho lla.”+ 14 Eaba oa atamela o ama mojaro oa mofu, ’me bajari ba ema, eaba o re: “Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!”+ 15 Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m ’ae.+ 16 Joale kaofela ba tšoaroa ke tšabo,+ ’me ba qala ho tlotlisa Molimo, ba re: “Moprofeta+ e moholo o hlahisitsoe har’a rōna,” ’me, “Molimo o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho+ ba hae.” 17 Litaba tsena tse malebana le eena tsa hasana ho kena Judea eohle le naheng eohle e potolohileng.
18 Joale barutuoa ba Johanne ba mo tlalehela lintho+ tsena tsohle. 19 Kahoo Johanne a bitsa barutuoa ba hae ba itseng ba babeli ’me a ba romela ho Morena hore ba re: “Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?”+ 20 Ha banna bao ba tla ho eena ba re: “Johanne Mokolobetsi o re rometse ho uena hore re re, ‘Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella e mong?’” 21 Ka hora eo a phekola ba bangata maloetse+ le mafu a bohloko le meea e khopo, ’me a fa batho ba bangata ba foufetseng mohau oa ho bona. 22 Kahoo ha a araba a re ho bao ba babeli: “Tsamaeang,+ le tlalehele Johanne seo le se boneng le seo le se utloileng: ba foufetseng+ baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa+ litaba tse molemo.+ 23 Ho thaba ea sa khoptjoang ka lebaka la ka.”+
24 Ha manģosa a Johanne a tlohile, Jesu a qala ho re ho bongata malebana le Johanne: “Le ile la tsoela lefeelleng ho ea bona’ng? Lehlaka le ntseng le akhotsoa ke moea?+ 25 Joale, le ile la tsoa ho ea bona’ng? Monna ea apereng liaparo tse bonolo tsa ka ntle?+ Ka sebele, ba apereng liaparo tse botle bo khanyang le ba phelang mononong ba matlong a borena.+ 26 Joale, ha e le hantle le ile la tsoa ho ea bona’ng? Moprofeta?+ E, kea le bolella, le ho fetang moprofeta hōle.+ 27 Enoa ke eena eo ho ngoliloeng malebana le eena, ‘Bona! Ke romela lenģosa la ka ka pel’a sefahleho+ sa hao, le tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+ 28 Kea le bolella, Har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho le ea mong e moholo+ ho Johanne; empa motho e monyenyane ’musong oa Molimo o moholo ho eena.”+ 29 (Batho le babokelli ba lekhetho kaofela, ha ba utloa sena, ba bolela hore Molimo o lokile,+ kaha ba ne ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne.+ 30 Empa Bafarisi le ba rutehileng Molaong ba ile ba hlokomoloha keletso+ eo Molimo a ba nehang eona, kaha ba ne ba sa kolobetsoa ke eena.)
31 “Ka hona, ke tla bapisa batho ba moloko oo le mang, ’me ba joaloka mang?+ 32 Ba joaloka bana ba banyenyane ba lutseng ’marakeng le ba hoeletsanang, le ba reng, ‘Re ile ra le letsetsa lekolilo, empa ha lea ka la tjeka; re ile ra bokolla, empa ha lea ka la lla.’+ 33 Ka ho tšoanang, Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe a sa noe veine, empa le re, ‘O na le modemona.’+ 34 Mor’a motho o tlile a ja a noa, empa le re, ‘Bonang! Motho oa monyollo le ea ineheletseng ho noa veine, motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe!’+ 35 Leha ho le joalo, bohlale+ bo pakoa ke bana bohle ba bona hore bo lokile.”+
36 Joale e mong oa Bafarisi a ’na a mo kōpa hore a je le eena. Ka lebaka leo a kena ka tlung+ ea Mofarisi eo ’me a otla ka lehlakore tafoleng. 37 Bonang! Mosali e mong ea neng a tsebahala motseng oo e le moetsalibe o ile a tseba hore o ne a otlile ka lehlakore lijong ka tlung ea Mofarisi, eaba o tlisa pitsana ea alabastera+ ea oli e nkhang hamonate, 38 ’me, ha a ema ka morao maotong a hae, a lla eaba o qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ’me o e hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. Hape, a aka maoto a hae ka lerato eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate.39 Ha Mofarisi ea mo memileng a bona seo a ipolella ho re: “Monna enoa, haeba e ne e le moprofeta,+ a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.”+ 40 Empa ha Jesu a araba a re ho eena: “Simone, ho na le hoo ke lokelang ho u bolella hona.” A re: “Mosuoe, ho bolele!”
41 “Banna ba babeli ba ne ba e-na le molato ho motho ea itseng ea alimanang; e mong o ne a e-na le molato oa lidenari+ tse makholo a mahlano, empa e mong oa tse mashome a mahlano. 42 Ha ba se na letho leo ba ka lefang ka lona, a ba tšoarela+ ka bobeli ka bolokolohi. Ka hona, ke ofe oa bona ea tla mo rata haholo?” 43 Ha Simone a araba a re: “Ke nahana hore ke eo a ileng a mo tšoarela ka bolokolohi haholo.” A re ho eena: “U ahlotse ka nepo.” 44 Eaba o retelehela ho mosali eo ’me o re ho Simone: “Na u bona mosali enoa? Ke kene ka tlung ea hao; ha ua ka ua mpha metsi+ bakeng sa maoto a ka. Empa mosali enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho ea hae ’me a e hlakola ka moriri oa hae. 45 Ha ua ka ua nkaka;+ empa mosali enoa, ho tloha horeng ea ha ke kena, ha aa ka a tlohela ho aka maoto a ka ka lerato. 46 Ha ua ka ua tlotsa hlooho ea ka ka oli;+ empa mosali enoa o ile a tlotsa maoto a ka ka oli e nkhang hamonate. 47 Ka lebaka la sena, kea u bolella, libe tsa hae, le hoja li le ngata, li tšoaretsoe,+ hobane o ile a rata haholo; empa ea tšoaretsoeng hanyenyane, o rata hanyenyane.” 48 Joale a re ho mosali eo: “U tšoaretsoe libe.”+ 49 Eaba ba neng ba otlile ka lehlakore le eena tafoleng ba qala ho re ka ho bona: “Monna enoa ea bileng a tšoarelang libe+ ke mang?” 50 Empa a re ho mosali eo: “Tumelo ea hao e u pholositse;+ tsamaea ka khotso.”+
8 Kapele ka mor’a moo a qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.+ Ba leshome le metso e ’meli ba ne ba e-na le eena, 2 le basali+ ba itseng ba neng ba phekotsoe meea e khopo le maloetse, Maria eo ho thoeng ke Magdalena, eo ho eena ho neng ho tsoile bademona ba supileng,+ 3 le Joanna+ mosali oa Kuza, monna ea ikarabellang oa Heroda, le Susanna le basali ba bang ba bangata, ba neng ba ba sebeletsa ka lintho tsa bona.
4 Joale ha bongata bo boholo le ba ileng ba ea ho eena ho tloha motseng o mong ka mor’a o mong bo phuthehile, a bua a sebelisa papiso:+ 5 “Mojali o ile a tsoa ho ea jala peō ea hae. Joale, ha a ntse a jala, e ’ngoe ea oela haufi le tsela ’me ea hatakeloa, eaba linonyana tsa leholimo lia e ja.+ 6 E ’ngoe ea oela lefikeng, ’me, ka mor’a hore e mele, ea omella ka lebaka la ho se be le mongobo.+ 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa, ’me meutloa e ileng ea hōla le eona ea e bipetsa.+ 8 E ’ngoe ea oela mobung o motle, ’me, ka mor’a hore e mele, ea hlahisa litholoana tse lekholo.”+ Ha a ntse a bolela lintho tsena, a qala ho hoeletsa: “Ea nang le litsebe ho mamela, a ke a mamele.”+
9 Empa barutuoa ba hae ba qala ho mo botsa hore na ekaba papiso ena e bolela eng.+ 10 A re: “Le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’muso oa Molimo, empa bakeng sa ba bang kaofela ke ka lipapiso,+ e le hore, le hoja ba talimile, ba ka talimela lefeela ’me, le hoja ba utloa, ba se ke ba utloisisa se boleloang.+ 11 Joale papiso+ eo e bolela sena: Peō ke lentsoe la Molimo.+ 12 E haufi le tsela ke ba utloileng,+ joale Diabolose+ oa tla ’me o tlosa lentsoe leo lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba lumela ’me ba pholoha.+ 13 E lefikeng ke bao ereng ha ba utloa lentsoe, ba le amohelang ka thabo, empa ha e na metso; ba lumela ka nakoana, empa nakong ea teko baa oa.+ 14 Ha e le e ileng ea oela har’a meutloa, ena ke ba utloileng, empa, ka ho nkoa ke matšoenyeho le maruo le menyaka+ ea bophelo bona, ba bipetsoa ka ho feletseng ’me ha ba tlise letho phethehong.+ 15 Ha e le e mobung o motle, ena ke bao, ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo+ e ntle le e molemo, ba le bolokang ’me ba beha litholoana ka mamello.+
16 “Ha ho eo ka mor’a ho bonesa lebone, a le koahelang ka sejana kapa a le behang ka tlas’a bethe, empa o le beha seluloaneng sa lebone, e le hore ba kenang ba ka bona leseli.+ 17 Etsoe ha ho letho le patiloeng+ le ke keng la bonahala, kapa ntho leha e le efe e patiloeng ka hloko eo le ka mohla e ke keng ea tsejoa ’me le ka mohla ea se ke ea hlahella pepeneneng.+ 18 Ka hona, le ele hloko kamoo le mamelang kateng; kaha mang kapa mang ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng,+ empa mang kapa mang ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nahanang hore o na le sona.”+
19 Joale ’m ’ae le barab’abo+ ba tla ba mo lebile, empa ba ne ba sa khone ho fihla ho eena ka lebaka la bongata.+ 20 Leha ho le joalo, a tlaleheloa: “’M’ao le barab’eno ba eme ka ntle ba batla ho u bona.”+ 21 Ha a araba a re ho bona: “’Mè le barab’eso ke ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le phetha.”+
22 Ka letsatsi le leng eena le barutuoa ba hae ba kena ka sekepeng, eaba o re ho bona: “A re tšeleleng ka lehlakoreng le leng la letša.” Kahoo ba qalisa leeto ka sekepe.+ 23 Empa ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe a khaleha. Joale sefefo se matla sa theohela holim ’a letša, eaba se qala ho tlala metsi ’me ba ba kotsing.+ 24 Qetellong ba ea ho eena ’me ba mo tsosa, ba re: “Morupeli, Morupeli, re makhatheng a ho timela!”+ Ha a tsoha, a khalemela+ ka matla moea le metsi a loebehlanang, ’me tsa kokobela, ’me khutso ea e-ba teng. 25 Joale a re ho bona: “E kae tumelo ea lōna?” Empa ba tšoeroe ke tšabo, ba hlolloa, ba buisana ba re: “Ha e le hantle enoa ke mang, kaha o laela esita le meea le metsi, ’me lia mo mamela?”+
26 Eaba ba kena lebōpong naheng ea Bagerasa, e ka lehlakoreng le malebana le Galilea.+ 27 Empa ha a tsoela moo ho omileng monna ea itseng ea tsoang motseng ea neng a e-na le bademona a mo khahlanyetsa. Ka nako e telele o ne a sa apara liaparo, ’me o ne a sa lule lapeng, empa o ne a lula har’a mabitla.+ 28 Ha a bona Jesu a hoeletsa haholo ’me a itihela fatše ka pel’a hae, ’me ka lentsoe le phahameng a re: “Taba ea ka le uena ke efe,+ Jesu Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa? Kea u kōpa, u se ke ua ntlhokofatsa.”+ 29 (Etsoe o ne a ntse a laela moea oo o sa hloekang hore o tsoe ho monna eo. Kaha o ne o mo tšoere ka tieo ka nako e telele,+ ’me ka ho pheta-pheta o ne a tlangoa ka liketane le litlamo a lebetsoe, empa o ne a khaola litlamo ’me a khanneloa ke modemona libakeng tse thōko.) 30 Jesu a mo botsa: “Lebitso la hao u mang?” A re: “Ke legione,” hobane bademona ba bangata ba ne ba kene ho eena.+ 31 Ba ’na ba mo kōpa+ ka tieo hore a se ke a ba laela hore ba tlohe ba ee ka mohohlong.+ 32 Joale mohlape o moholo oa likolobe+ o ne o ntse o fula moo thabeng; kahoo ba mo kōpa ka tieo hore a ba lumelle ho kena ho tsona.+ Eaba oa ba lumella. 33 Joale bademona bao ba tsoa ho monna eo eaba ba kena likolobeng, ’me mohlape oo oa tsubella selomong oa oela ka letšeng oa khangoa ke metsi.+ 34 Empa ha balisa ba bona se etsahetseng, ba baleha ’me ba ho tlaleha motseng le libakeng tse ka thōko.+
35 Joale batho ba tsoa ho ea bona se etsahetseng, eaba ba tla ho Jesu ’me ba fumana monna eo bademona ba tsoileng ho eena, a apere ’me a e-na le kelello e hlaphohileng, a lutse maotong a Jesu; ’me ba tšoha.+ 36 Ba neng ba ho bone ba ba tlalehela kamoo monna eo ea neng a e-na le modemona a neng a folisitsoe kateng.+ 37 Kahoo letšoele lohle le tsoang naheng ea Bagerasa e potolohileng la mo kōpa hore a tlohe ho lona, hobane le ne le tšoeroe ke tšabo+ e khōlō. Joale a palama sekepe ’me a tloha. 38 Leha ho le joalo, monna eo bademona ba neng ba tsoile ho eena a ’na a kōpa hore a tsoele pele a e-na le eena; empa a bolella monna eo hore a tsamaee, a re:+ 39 “Tsamaea u boele lapeng, ’me u ’ne u phete lintho tseo Molimo a u etselitseng tsona.”+ Ka lebaka leo a tloha, a phatlalatsa ho pholletsa le motse oohle hore na Jesu o mo etselitse lintho life.+
40 Ha Jesu a khutla, bongata ba mo amohela ka mosa, kaha kaofela bo ne bo mo lebeletse.+ 41 Empa, bonang! monna ea bitsoang Jairuse a tla, ’me monna enoa e ne e le molaoli ea okamelang oa synagoge. Eaba o itihela maotong a Jesu ’me o qala ho mo kōpa ka tieo hore a kene ka tlung+ ea hae, 42 hobane o ne a e-na le morali ea tsoetsoeng a ’notši ea ka bang lilemo li leshome le metso e ’meli ’me o ne a le makhatheng a ho shoa.+
Eare ha a tsamaea bongata ba mo petetsa.+ 43 Mosali e mong, ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali+ ka lilemo tse leshome le metso e ’meli, ea neng a sa khona ho fumana pheko ho mang kapa mang,+ 44 a atamela a hlaha ka morao ’me a ama mophetho o litjellane+ oa seaparo+ sa hae sa ka ntle, ’me hang-hang phallo ea hae ea mali ea khaotsa.+ 45 Kahoo Jesu a re: “Ke mang ea nkamileng?”+ Ha kaofela ba ne ba ho latola, Petrose a re: “Morupeli, bongata bo u pota-potile ’me bo u petelitse.”+ 46 Empa leha ho le joalo Jesu a re: “Ho na le ea nkamileng, etsoe ke lemohile hore matla+ a tsoile ho ’na.”+ 47 Ha a bona hore o etsoe hloko, mosali eo a tla a thothomela ’me a itihela fatše ka pel’a hae eaba o senola ka pel’a batho bohle lebaka leo ka lona a mo amileng le kamoo a folisitsoeng hang-hang.+ 48 Empa a re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse;+ tsamaea ka khotso.”+
49 Ha a sa ntse a bua, moemeli ea itseng oa molaoli ea okamelang oa synagoge a tla, a re: “Morali oa hao o shoele; u se ke ua hlola u tšoenya mosuoe.”+ 50 Ha a utloa sena, Jesu a mo araba: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo,+ ’me o tla pholoha.” 51 Ha a fihla ntlong ha aa ka a lumella leha e le mang hore a kene le eena haese Petrose le Johanne le Jakobo le ntat’a ngoanana eo le ’m ’ae.+ 52 Empa batho kaofela ba ne ba lla ’me ba ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae. Kahoo a re: “Khaotsang ho lla,+ kaha ha aa shoa empa o robetse.”+ 53 Eaba ba qala ho mo tšeha ka ho nyefola, hobane ba ne ba tseba hore o shoele.+ 54 Empa a mo tšoara ka letsoho eaba oa hoeletsa, o re: “Ngoanana, tsoha!”+ 55 Eaba moea+ oa hae oa khutla, ’me o tsoha+ hang-hang, eaba o laela hore a fuoe se jeoang.+ 56 Joale, batsoali ba hae ba hlolloa haholo; empa a ba laela hore ba se ke ba bolella le ea mong se neng se etsahetse.+
9 Joale a bokella ba leshome le metso e ’meli ’me a ba fa matla le bolaoli holim ’a bademona bohle le ho phekola maloetse.+ 2 Kahoo a ba romela ho bolela ’muso oa Molimo le ho folisa, 3 eaba o re ho bona: “Le se ke la nka letho bakeng sa leeto, leha e le lere kapa mokotla oa lijo, kapa bohobe kapa chelete ea silevera; kapa liaparo tse peli tsa ka tlaase.+ 4 Empa kae kapa kae moo le kenang lapeng, le lule moo ’me le tlohe.+ 5 Kae kapa kae moo batho ba sa le amoheleng, ha le tsoa motseng+ oo le hlohlore lerōle maotong a lōna hore e be bopaki khahlanong le bona.”+ 6 Joale ha ba tloha ba pholletsa le sebaka seo ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, ba bolela litaba tse molemo ’me ba phekola hohle.+
7 Joale Heroda ’musi oa setereke a utloa ka lintho tsohle tse neng li etsahala, ’me a tsieleha haholo ka lebaka la hore ba bang ba ne ba bolela hore Johanne o tsositsoe bafung,+ 8 empa ba bang ba re Elia o bonahetse, empa ba bang hape ba re e mong oa baprofeta ba boholo-holo o tsohile. 9 Heroda a re: “Johanne ke mo khaotse+ hlooho. Joale, enoa eo ke utloang lintho tse joalo mabapi le eena ke mang?” Kahoo o ne a batla+ ho mo bona.
10 Ha baapostola ba khutla ba mo phetela hore na ba ne ba entse lintho life.+ Eaba o tsamaea le bona ’me oa tloha o ea boinotšing+ motseng o bitsoang Bethsaida. 11 Empa bongata, ha bo ho tseba, ba mo latela. Eaba o bo amohela ka mosa ’me o qala ho bua le bona ka ’muso oa Molimo,+ ’me a folisa ba hlokang phekolo.+ 12 Joale letsatsi la qala ho sekama. Joale ba leshome le metso e ’meli ba tla ’me ba re ho eena: “Bolella bongata bona hore bo tsamaee, e le hore bo ka kena metsaneng le libakeng tse ka thōko tse pota-potileng ’me bo fumane sebaka sa ho robala le lijo, hobane mona re sebakeng se thōko.”+ 13 Empa a re ho bona: “Bo feng se jeoang.”+ Ba re: “Ha re na letho haese mahobe a mahlano le litlhapi+ tse peli, ntle leha mohlomong re ka ea ’me ra rekela batho bana kaofela lijo.”+ 14 Ha e le hantle, e ne e ka ba banna ba likete tse hlano.+ Empa a re ho barutuoa ba hae: “E-reng ba otle ka lehlakore joaloka lijong, ka lihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano sehlopha ka seng.”+ 15 Eaba ba etsa joalo ’me ba re kaofela ba otle ka lehlakore. 16 Joale ha a nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tseo tse peli, a lelalla leholimong, a li hlohonolofatsa eaba oa li qhetsola ’me o qala ho li fa barutuoa hore ba li behe ka pel’a bongata.+ 17 Kahoo bohle ba ja ba khora, ’me tse setseng tseo ba neng ba e-na le tsona tsa nkoa, libaskete tse leshome le metso e ’meli tsa lingoathoana.+
18 Hamorao, ha a ntse a rapela a le mong, barutuoa ba phuthehela ho eena, ’me a ba botsa, a re: “Bongata bo re ke mang?”+ 19 Ha ba araba ba re: “U Johanne Mokolobetsi; empa ba bang ba re, u Elia, ’me ho ntse ho le joalo ba bang, ba re e mong oa baprofeta ba boholo-holo o tsohile.”+ 20 Joale a re ho bona: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?” Ha Petrose a araba a re:+ “U Kreste+ oa Molimo.” 21 Joale ka puo e thata-thata ho bona a ba laela hore ba se ke ba ’na ba bolella mang kapa mang sena,+ 22 empa a re: “Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli, le ho bolaoa,+ ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro.”+
23 Joale a tsoela pele ho re ho bohle: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole+ ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.+ 24 Etsoe mang kapa mang ea batlang ho pholosa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona; empa mang kapa mang ea lahleheloang ke moea oa hae ka lebaka la ka ke eena ea tla o pholosa.+ 25 Ka sebele, motho o rua molemo ofe haeba a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke eena ka boeena kapa a senyeheloa?+ 26 Etsoe mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka le la mantsoe a ka, Mor’a motho o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la hae ha a fihla ka khanya ea hae le ea Ntate le ea mangeloi a halalelang.+ 27 Empa kannete kea le bolella, Ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona ’muso oa Molimo.”+
28 Ha e le hantle, hoo e ka bang matsatsi a robeli ka mor’a mantsoe ana, a nka Petrose le Johanne le Jakobo a tsamaea le bona ’me a hloella thabeng ho ea rapela.+ 29 Ha a ntse a rapela ponahalo+ ea sefahleho sa hae ea e-ba e fapaneng ’me liaparo tsa hae tsa e-ba tšoeu ka mokhoa o benyang.+ 30 Hape, bonang! banna ba babeli ba ne ba buisana le eena, e le Moshe le Elia.+ 31 Ba bonahala ka khanya ’me ba qala ho bua ka ho tloha ha hae hoo a neng a reretsoe ho ho phethahatsa Jerusalema.+ 32 Joale Petrose le ba neng ba e-na le eena ba ne ba imetsoe ke boroko; empa ha ba hlaphoheloa ba bona khanya+ ea hae le banna ba babeli ba neng ba eme le eena. 33 Eare ha ba ntse ba arohanngoa le eena, Petrose a re ho Jesu: “Morupeli, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia,” a sa hlokomele seo a neng a se bua.+ 34 Empa ha a ntse a bua lintho tsena leru la bōpeha ’me la qala ho ba koahela. Eare ha ba kena lerung, ba tšoha.+ 35 Eaba lentsoe+ le tsoa lerung, le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea khethiloeng.+ Mo mameleng.”+ 36 Ha lentsoe leo le hlaha Jesu a fumanoa a le mong.+ Empa ba khutsa ’me ba se ke ba tlalehela leha e le mang matsatsing ao lintho leha e le efe tseo ba li boneng.+
37 Ka letsatsi le hlahlamang, ha ba theoha thabeng, bongata bo boholo ba mo khahlanyetsa.+ 38 Bonang! Monna e mong a hoeletsa ho tsoa bongateng boo, a re: “Mosuoe, ke kōpa hore u bone mora oa ka, hobane ke eena a ’notši,+ eo ke mo tsoetseng,+ 39 bona! moea+ oa mo nka, ’me ka tšohanyetso oa hoeletsa, ’me o mo tsitsipanya a khethetsa makoeba, ’me o tloha ka thata ho eena ka mor’a ho mo tetetsa. 40 Ke ile ka kōpa barutuoa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba sitoa.”+ 41 Ha Jesu a arabela a re: “Lōna moloko+ o se nang tumelo le o sothehileng, ke tla lula le lōna le ho le mamella halelele hakae? Tlisa mora oa hao mona.”+ 42 Empa esita le ha a ntse a atamela, modemona a mo tabanya fatše ’me a mo tsitsipanya ka mabifi. Leha ho le joalo, Jesu a khalemela moea oo o sa hloekang ka matla eaba o folisa moshanyana eo ’me o mo neha ntat’ae.+ 43 Joale, kaofela ba qala ho hlolloa ke matla+ a maholo a Molimo.
Joale ha ba ntse ba hloletsoe ke lintho tsohle tseo a neng a li etsa, a re ho barutuoa ba hae: 44 “Etsetsang mantsoe ana sebaka litsebeng tsa lōna, kaha Mor’a motho o reretsoe hore ho nehelanoe ka eena matsohong a batho.”+ 45 Empa ba tsoela pele ba sa utloisise polelo ena. Ha e le hantle, ba ne ba e patetsoe e le hore ba se ke ba e lemoha, ’me ba ne ba tšaba ho mo botsa ka polelo ena.+
46 Joale ba tleloa ke monahano oa hore na ke mang eo e neng e tla ba e moholo ho bona.+ 47 Jesu, ka ho tseba monahano oa lipelo tsa bona, a nka ngoana e monyenyane, a mo emisa ka thōko ho eena+ 48 eaba o re ho bona: “Mang kapa mang ea amohelang ngoana enoa e monyenyane ka lebitso la ka le ’na oa nkamohela, ’me mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.+ Etsoe ea itšoarang joaloka e monyenyane+ har’a lōna kaofela ke eena e moholo.”+
49 Ha Johanne a arabela a re: “Morupeli, re ile ra bona monna ea itseng a leleka bademona+ a sebelisa lebitso la hao ’me ra leka ho mo thibela,+ hobane ha a u latele hammoho le rōna.”+ 50 Empa Jesu a re ho eena: “Le se ke la leka ho mo thibela, kaha ea seng khahlanong le lōna o eme le lōna.”+
51 Kaha joale matsatsi a ne a phethahala a hore a nkeloe holimo,+ a reteletsa sefahleho sa hae ka tieo ho ea Jerusalema. 52 Kahoo a romela manģosa ka pele ho eena. Eaba aa tsamaea ’me a kena motsaneng oa Basamaria,+ ho mo lokisetsa; 53 empa ha baa ka ba mo amohela, hobane sefahleho sa hae se ne se retelehetse ho ea Jerusalema.+ 54 Ha barutuoa Jakobo le Johanne+ ba bona sena ba re: “Morena, na u batla hore re bolelle mollo+ hore o theohe leholimong ’me o ba felise?” 55 Empa a reteleha ’me a ba khalemela ka matla. 56 Kahoo ba ea motsaneng osele.
57 Joale ha ba ntse ba tsamaea tseleng, e mong a re ho eena: “Ke tla u latela ho ea kae kapa kae moo u ka eang teng.”+ 58 Eaba Jesu o re ho eena: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.”+ 59 Joale a re ho e mong: “E-ba molateli oa ka.” Monna eo a re: “Ntumelle pele hore ke tlohe ke e’o pata Ntate.”+ 60 Empa a re ho eena: “Tlohela bafu+ ba pate bafu ba bona, empa uena u tlohe u e’o bolela ’muso oa Molimo hohle.”+ 61 E mong hape a re: “Ke tla u latela, Morena; empa ntumelle pele hore ke re ba ntlo ea ka ba sale hantle.”+ 62 Jesu a re ho eena: “Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng+ ’me a talima lintho tse ka morao+ ea loketseng ’muso oa Molimo.”
10 Ka mor’a lintho tsena Morena a khetha ba bang ba mashome a supileng+ ’me a ba romela ka bobeli+ ka pele ho eena ho kena motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng seo a neng a tla tla ho sona. 2 Joale a qala ho re ho bona: “Ka sebele, kotulo+ e khōlō, empa basebetsi+ ha ba bakae. Ka hona kōpang+ Mong’a kotulo hore a romele basebetsi+ kotulong ea hae. 3 E-eang. Bonang! Ke le romela joaloka likonyana+ har’a liphiri. 4 Le se ke la nka sepache, kapa mokotla oa lijo,+ kapa meqathatso, ’me ha le le tseleng le se ke la lumelisa leha e le mang ka ho mo kopa.+ 5 Kae kapa kae moo le kenang ka tlung le re pele, ‘E se eka ntlo ena e ka ba le khotso.’+6 Haeba motsoalle oa khotso a le teng, khotso ea lōna e tla lula ho eena.+ Empa haeba a le sieo, e tla khutlela ho lōna.+ 7 Kahoo lulang ntlong+ eo, le je ’me le noe lintho tseo ba fanang ka tsona,+ kaha mosebetsi o tšoaneloa ke moputso+ oa hae. Le se ke la ’na la tloha ntlong+ e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.
8 “Hape, kae kapa kae moo le kenang motseng ’me ba le amohela, le je lintho tse behoang ka pel’a lōna, 9 ’me le phekole+ ba kulang ho oona, ’me le tsoele pele ho ba bolella, ‘’Muso+ oa Molimo o atametse ho lōna.’ 10 Empa kae kapa kae moo le kenang motseng ’me ba sa le amohele,+ le tsoele litseleng tsa oona tse sephara ’me le re, 11 ‘Esita le lerōle le khomaretseng maoto a rōna le tsoang motseng oa lōna re le hlohlorela ho lōna.+ Leha ho le joalo, le lule le hopotse sena, hore ’muso oa Molimo o atametse.’ 12 Kea le bolella hore ho tla mamelleha haholo bakeng sa Sodoma+ letsatsing leo ho feta bakeng sa motse oo.
13 “Ho malimabe uena, Korazine!+ Ho malimabe uena, Bethsaida!+ hobane haeba mesebetsi e matla e etsahetseng ho lōna e ne e etsahetse Tyre le Sidone, e ka be e le khale li bakile li lutse li apere lesela la mokotla ’me li le moloreng.+ 14 Ka lebaka leo ho tla mamelleha haholo bakeng sa Tyre le Sidone kahlolong ho feta bakeng sa lōna.+ 15 Le uena, Kapernauma, na mohlomong u tla phahamisetsoa leholimong?+ U tla theohela Hadese!+
16 “Ea le mamelang+ le ’na oa ’mamela. Ea le hlokomolohang le ’na oa ntlhokomoloha. Ho feta moo, ea ntlhokomolohang+ o hlokomoloha le ea nthomileng.”
17 Joale ba mashome a supileng ba khutla ka thabo, ba re: “Morena, esita le bademona ba behoa+ tlas’a rōna ka ho sebelisa lebitso la hao.” 18 Eaba o re ho bona: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele+ joaloka lehalima leholimong. 19 Bonang! Ke le file matla a ho hatakela linoha+ le liphepheng+ tlas’a maoto, le holim ’a matla ’ohle a sera,+ ’me ka sebele ha ho letho le tla le ntša kotsi. 20 Leha ho le joalo, le se ke la thabela hore ebe meea e behoa tlas’a lōna, empa le thabe kahobane mabitso+ a lōna a ngotsoe maholimong.” 21 Ka eona hora eo a nyakalla+ ka moea o halalelang ’me a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane ka hloko u patetse ba bohlale+ le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana. E, Ntate, hobane ho etsa joalo e bile tsela eo u e amohelang. 22 Lintho tsohle ke li nehiloe+ ke Ntate, ’me ha ho ea tsebang hore na Mora ke mang haese Ntate;+ ’me ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora,+ le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.”
23 Eaba o retelehela ho barutuoa ba le bang ’me o re: “Ho thaba mahlo a bonang lintho tseo le li bonang.+ 24 Etsoe ke re ho lōna, Baprofeta ba bangata le marena a mangata ba ile ba lakatsa ho bona+ lintho tseo le li bonang empa ha baa ka ba li bona, le ho utloa lintho tseo le li utloang empa ha baa ka ba li utloa.”
25 Joale, bonang! monna ea itseng ea rutehileng Molaong+ a ema, hore a mo leke, ’me a re: “Mosuoe, ke ka ho etsa’ng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?”+ 26 A re ho eena: “Ho ngoliloe’ng Molaong?+ U bala joang?” 27 Ha a araba a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle,’+ hape, ‘u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”+ 28 A re ho eena: “U arabile ka nepo; ‘u ’ne u etse sena ’me u tla fumana bophelo.’”+
29 Empa, a batla ho ipaka a lokile, monna eo a re ho Jesu: “Ha e le hantle moahelani+ oa ka ke mang?” 30 Ha Jesu a araba a re: “Motho ea itseng o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko eaba o oela har’a masholu, a ileng a mo nkela tsohle ’me a mo otla, eaba aa tloha, a mo siea a le makhatheng a ho shoa. 31 Joale, ha etsahala hore ebe moprista ea itseng o ne a theoha ka tsela eo, empa, ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng.+ 32 Ka ho tšoanang, Molevi le eena, ha a fihla sebakeng seo ’me a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng+ le shebaneng le leo. 33 Empa Mosamaria+ ea itseng ea neng a tsamaea ka tsela eo a fihla ho eena ’me, ha a mo bona, a susumetsoa ke khauho. 34 Kahoo a mo atamela ’me a tlamisa maqeba a hae, a a tšela ka oli le veine.+ Joale a mo palamisa phoofolo ea hae ’me a mo tlisa ntlong ea baeti ’me a mo hlokomela. 35 Letsatsing le hlahlamang a ntša lidenari tse peli, a li fa mohlokomeli oa ntlo eo ea baeti, eaba o re, ‘Mo hlokomele, ’me eng kapa eng eo u e sebelisang ntle ho sena, ke tla u buseletsa eona ha ke khutlela mona.’ 36 Ke mang ho ba bararo baa eo ho uena a bonahalang eka o ikentse moahelani+ oa monna eo ea ileng a oela har’a masholu?” 37 A re: “Ea ileng a mo etsa ka mohau.”+ Joale Jesu a re ho eena: “Tsamaea ’me u ’ne u etse+ ho tšoanang.”
38 Joale eare ha ba tsamaea a kena motsaneng o itseng. Mona mosali ea itseng ea bitsoang Maretha+ a mo amohela e le moeti ka tlung. 39 Mosali enoa o ne a boetse a e-na le morali’abo ea bitsoang Maria, eo, leha ho le joalo, a ileng a lula fatše maotong+ a Morena ’me a lula a mametse lentsoe la hae. 40 Ka lehlakoreng le leng, Maretha a sitisoa+ ke ho hlokomela mesebetsi e mengata. Kahoo, a atamela eaba o re: “Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho?+ Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.” 41 Ha Morena a araba a re ho eena: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile+ le ho khathatseha ka lintho tse ngata.+ 42 Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho+ tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela. Maria o khethile karolo+ e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.”
11 Joale ka lekhetlo leo ka lona a neng a le sebakeng se itseng a rapela, ha a khaotsa, e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: “Morena, re rute ho rapela,+ feela joalokaha Johanne le eena a rutile barutuoa ba hae.”+
2 Joale a re ho bona: “Neng kapa neng ha le rapela,+ le re, ‘Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.+ ’Muso oa hao o ke o tle.+ 3 Re fe bohobe+ ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi. 4 U re tšoarele libe+ tsa rōna, kaha le rōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato+ ho rōna; ’me u se ke ua re kenya molekong.’”+
5 Ho ekelletsa moo, a re ho bona: “Ke mang ho lōna ea nang le motsoalle ea tla ea ho eena har’a mp’a bosiu ’me a re ho eena, ‘Motsoalle, nkalime mahobe a mararo, 6 hobane motsoalle oa ka o sa tsoa tla ho ’na a le leetong ’me ha ke na letho leo nka le behang ka pel’a hae’? 7 Eo ea ka hare ha a araba a re, ‘Khaotsa ho nkhathatsa.+ Monyako o se o notletsoe, ’me bana ba ka ba banyenyane ba na le ’na liphateng; nke ke ka tsoha ’me ka u fa letho.’ 8 Kea le bolella, Le hoja a ke ke a tsoha le ho mo fa letho kahobane e le motsoalle oa hae, ka sebele ka lebaka la ho qophella+ ha hae ho sebete o tla tsoha ’me a mo fe lintho tseo a li hlokang. 9 Ka lebaka leo ke re ho lōna, Le ’ne le kōpe,+ ’me le tla fuoa; le ’ne le batle,+ ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. 10 Etsoe e mong le e mong ea kōpang oa amohela,+ ’me e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa. 11 Ka sebele, ke ntate ofe har’a lōna eo, haeba mora+ oa hae a kōpa tlhapi, mohlomong a ka mo nehang noha ho e-na le tlhapi? 12 Kapa haeba a boetse a kōpa lehe, a tla mo neha phepheng? 13 Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana+ ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang+ hakaakang ho ba mo kōpang!”
14 Hamorao o ne a leleka modemona oa semumu.+ Ka mor’a hore modemona eo a tsoe, monna eo oa semumu a bua. ’Me bongata ba hlolloa. 15 Empa ba bang ba bona ba re: “O leleka bademona ka Beelzebube ’musi oa bademona.”+ 16 Leha ho le joalo, ba bang, hore ba mo leke, ba qala ho mo batla pontšo+ e tsoang leholimong. 17 Ka ho tseba menahano+ ea bona a re ho bona: “’Muso o mong le o mong o arohaneng o fetoha lesupi, le ntlo e arohaneng ea oa.+ 18 Kahoo haeba Satane le eena o arohane, ’muso oa hae o tla ema joang?+ Hobane le re ke leleka bademona ka Beelzebube. 19 Haeba ke leleka bademona ka Beelzebube, bara+ ba lōna ba ba leleka ka mang? Ka lebaka la sena e tla ba baahloli ba lōna. 20 Empa haeba ke leleka bademona ka monoana+ oa Molimo, ka sebele ’muso oa Molimo o le fihletse.+ 21 Ha monna+ ea matla, ea hlometseng hantle, a lebela ntlo ea hae e khōlō e ntle, lintho tsa hae li lula ka khotso. 22 Empa haeba e mong ea matla+ ho mo feta a mo futuhela ’me a mo hlōla,+ o mo amoha lihlomo tsa hae tse feletseng tseo a neng a li tšepile, ’me o arola lintho tseo a mo tlatlapileng tsona. 23 Ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na, ’me ea sa bokelleng le ’na oa hasanya.+
24 “Ha moea o sa hloekang o tsoa ho motho, o feta libakeng tse omeletseng o ntse o batla sebaka sa phomolo, ’me, ka mor’a hore o se ke oa fumana letho, o re, ‘Ke tla khutlela ntlong ea ka eo ke tsoileng ho eona.’+ 25 Ha o fihla o e fumana e fietsoe hore e hloeke ’me e khabisitsoe. 26 Joale oa tsamaea ’me o nka meea e fapaneng e supileng+ e khopo ho o feta o tsamaea le eona, ’me, ka mor’a hore e kene ka hare, e lula moo; ’me maemo a ho qetela a motho eo a ba mabe ho feta a pele.”+
27 Joale ha a ntse a bua lintho tsena mosali e mong har’a bongata a phahamisa lentsoe ’me a re ho eena: “Ho thaba pōpelo+ e ileng ea u jara le matsoele ao u a antseng!” 28 Empa a re: “Che, ho e-na le hoo, Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”+
29 Ha bongata boo bo ntse bo khobokana hammoho, a qala ho re: “Moloko ona ke moloko o khopo; o batla pontšo.+ Empa ha ho pontšo eo o tla e fuoa haese pontšo ea Jonase.+ 30 Etsoe feela joalokaha Jonase+ e ile ea e-ba pontšo ho Baninive, ka tsela e tšoanang Mor’a motho le eena e tla ba pontšo ho moloko ona. 31 Mofumahali+ oa boroa o tla tsosoa kahlolong le batho ba moloko ona ’me o tla ba ahlola; hobane o ile a tla ho tsoa lipheletsong tsa lefatše ho tla utloa bohlale ba Solomone, empa, bonang! ho hong ho fetang+ Solomone ho teng mona. 32 Batho ba Ninive ba tla tsoha kahlolong le moloko ona ’me ba tla o ahlola; hobane ba ile ba baka ka lebaka la seo Jonase a neng a se bolela;+ empa, bonang! ho hong ho fetang+ Jonase ho teng mona. 33 Ka mor’a ho bonesa lebone, motho ha a le behe ka kamoreng ea polokelo e ka tlas’a mohaho kapa ka tlas’a baskete e lekanyang, empa o le beha holim ’a seluloana sa lebone,+ e le hore ba kenang ba ka bona leseli. 34 Lebone la ’mele ke leihlo la hao. Ha leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao le oona oa khanya;+ empa ha le le khopo, ’mele oa hao le oona o lefifi. 35 Ka hona, falimehang. Mohlomong leseli le ka ho lōna ke lefifi.+ 36 Ka hona, haeba ’mele oohle oa hao o khanya ho hang ho se karolo e lefifi, kaofela o tla khanya joalokaha lebone le u fa leseli+ ka mahlaseli a lona.”
37 Ha a buile sena, Mofarisi e mong a mo kōpa hore a je+ le eena. Kahoo a kena ’me a otla ka lehlakore tafoleng. 38 Leha ho le joalo, Mofarisi eo a makala ha a bona hore o ne a sa qale ka ho hlapa+ pele ho lijo tsa motšehare. 39 Empa Morena a re ho eena: “Joale lōna Bafarisi, le hloekisa bokantle ba senoelo le sejana, empa bokahare+ ba lōna bo tletse tse tlatlapuoeng le bokhopo.+ 40 Batho ba se nang kahlolo e molemo! Ea entseng bokantle+ o entse le bokahare, na ha ho joalo? 41 Leha ho le joalo, fanang ka lintho tse ka hare e le limpho tsa mohau,+ ’me, bonang! lintho tse ling kaofela li hloekile mabapi le lōna. 42 Empa ho malimabe lōna Bafarisi, hobane le fana ka karolo ea leshome+ ea koena le rue le ea meroho e meng kaofela, empa le feta toka le lerato la Molimo! Le ne le tlamehile ho etsa lintho tsena, empa eseng hore le siee lintho tseo tse ling.+ 43 Ho malimabe lōna Bafarisi, hobane le rata litulo tse ka pele lisynagogeng le litumeliso limmarakeng!+ 44 Ho malimabe lōna, hobane le joaloka mabitla a khopotso a sa bonahaleng, hoo batho ba tsamaeang ho ’ona ’me ba sa ho tsebe!”+
45 Ha e mong oa ba rutehileng+ Molaong a araba a re ho eena: “Mosuoe, ka ho bua lintho tsena ua re rohaka.” 46 Joale a re: “Hape ho malimabe lōna ba rutehileng Molaong, hobane le imetsa batho ka mejaro eo ho leng thata ho e jara, empa ha le ame mejaro eo le ka o le mong oa menoana ea lōna!+
47 “Ho malimabe lōna, hobane le haha mabitla a khopotso a baprofeta, empa baholo-holo ba lōna ba ile ba ba bolaea!+ 48 Ka sebele le lipaki tsa liketso tsa baholo-holo ba lōna ’me leha ho le joalo le lumellana+ le tsona, hobane ba ile ba bolaea+ baprofeta empa le haha mabitla a bona. 49 Ka lebaka lena bohlale+ ba Molimo bo ile ba boela ba re, ‘Ke tla ba romela baprofeta le baapostola, ’me ba tla bolaea le ho hlorisa ba bang ba bona, 50 e le hore mali a baprofeta+ bohle a ileng a tšolloa ho tloha ho thehoeng ha lefatše a ka batloa molokong+ ona, 51 ho tloha maling a Abele+ ho fihlela maling a Zakaria,+ ea ileng a bolaeloa pakeng tsa aletare le ntlo.’+ E, kea le bolella, a tla batloa molokong ona.
52 “Ho malimabe lōna ba rutehileng Molaong, hobane le ile la tlosa senotlolo sa tsebo;+ ha lea ka la kena, ’me ba kenang le ile la ba sitisa!”+
53 Kahoo ha a tsoa moo bangoli le Bafarisi ba qala ho mo petetsa habohloko le ho mo kenella ka lipotso mabapi le lintho tse eketsehileng, 54 ba mo laletse,+ hore ba tšoase+ ho hong ho tsoang molomong oa hae.
12 Khabareng, ha bongata bo bokane ka likete tse ngata hoo bo neng bo hatana holimo, a qala ka ho re ho barutuoa ba hae pele: “Itebeleng tomosong+ ea Bafarisi, e leng boikaketsi.+ 2 Empa ha ho letho le patiloeng ka hloko le ke keng la senoloa, le leo e leng sephiri le ke keng la tsejoa.+ 3 Ka lebaka leo lintho tseo le li buang lefifing li tla utluoa leseling, ’me seo le se hoeshetsang ka likamoreng tsa lōna se tla boleloa holim ’a matlo.+ 4 Ho feta moo, ke re ho lōna, metsoalle+ ea ka, Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele ’me ka mor’a moo ba sa khone ho etsa letho le fetang moo.+ 5 Empa ke tla le bontša eo le lokelang ho mo tšaba: Tšabang eo+ ka mor’a ho bolaea a nang le matla a ho lahlela Gehena.+ E, kea le bolella, le tšabe+ Enoa. 6 Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo.+ 7 Empa esita le moriri+ oa lihlooho tsa lōna kaofela o baliloe. Le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele+ tse ngata.
8 “Joale, ke re ho lōna, E mong le e mong ea bolelang+ hore o kopanong le ’na ka pel’a batho, Mor’a motho le eena o tla bolela hore o kopanong le eena ka pel’a mangeloi a Molimo.+ 9 Empa ea ntatolang+ ka pel’a batho o tla latoloa ka pel’a mangeloi a Molimo.+ 10 E mong le e mong ea buang lentsoe khahlanong le Mor’a motho, o tla tšoareloa; empa ea nyefolang moea o halalelang a ke ke a tšoareloa.+ 11 Empa ha ba le tlisa ka pel’a liboka tsa phatlalatsa le ho ba boholong pusong le balaoli, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng ho itšireletsa kapa ka seo le tla se bua;+ 12 kaha moea+ o halalelang o tla le ruta ka eona hora eo lintho tseo le tšoanelang ho li bua.”+
13 Joale e mong ho bongata boo a re ho eena: “Mosuoe, bolella mor’eso hore a nkarolele lefa.” 14 A re ho eena: “Monn ’a heso, ke mang ea mpehileng moahloli+ kapa moaroleli oa lōna?” 15 Joale a re ho bona: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono+ ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+ 16 Eaba o ba bolella papiso, o re: “Tšimo ea motho ea itseng ea ruileng e ile ea beha hantle. 17 Ka lebaka leo a qala ho nahana, a re, ‘Ke tla etsa joang, kaha joale ha ke na moo ke bokellelang lijalo tsa ka teng?’ 18 Kahoo a re, ‘Ke tla etsa sena:+ Ke tla qhaqha matlo a ka a polokelo ’me ke hahe a maholo, ’me ke tla bokellela lijo-thollo tsohle tsa ka le lintho tsohle tsa ka tse molemo moo;+ 19 ’me ke tla re+ ho moea oa ka: “Moea, u na le lintho tse ngata tse molemo tse bolokiloeng ka lilemo tse ngata; khatholoha, u je, u noe, u ithabise.”’+ 20 Empa Molimo a re ho eena, ‘Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena.+ Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?’+ 21 Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”+
22 Joale a re ho barutuoa ba hae: “Ka lebaka lena ke re ho lōna, Le khaotse ho tšoenyeha ka meea ea lōna mabapi le hore na le tla ja’ng kapa ka ’mele ea lōna mabapi le hore na le tla apara’ng.+ 23 Etsoe moea ke oa bohlokoa ho feta lijo le ’mele ke oa bohlokoa ho feta liaparo. 24 Lemohang hore makhoaba+ ha a jale peō leha e le ho kotula, ’me ha a na moliko kapa ntlo ea polokelo, leha ho le joalo Molimo oa a fepa. Le ba bohlokoa hakaakang ho feta linonyana?+ 25 Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea hae ea bophelo ka setsoe?+ 26 Ka hona, haeba le ke ke la etsa ntho e nyenyane, ke hobane’ng ha le tšoenyeha+ ka lintho tse ling? 27 Lemohang kamoo likhahla li hōlang kateng;+ ha li sehle leha e le ho ohla; empa kea le bolella, Le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsona.+ 28 Joale, haeba Molimo a apesa joalo limela tse naheng tseo kajeno li leng teng ’me hosasane li lahleloa ka ontong, ho e-na le hoo o tla le apesa hakaakang, lōna ba nang le tumelo e nyenyane!+ 29 Kahoo khaotsang ho batla seo le ka se jang le seo le ka se noang, ’me le khaotse ho tšoenngoa ke lipelaelo;+ 30 etsoe tsena tsohle ke lintho tseo lichaba tsa lefatše li li phehellang ka tabatabelo, empa Ntat’a lōna oa tseba hore le hloka lintho tsena.+ 31 Leha ho le joalo, le batle ’muso oa hae le sa khaotse, ’me lintho tsena le tla li ekeletsoa.+
32 “Le se ke la tšaba,+ mohlatsoana,+ hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.+ 33 Rekisang+ lintho tsa lōna ’me le fane ka limpho tsa mohau.+ Iketsetseng lipache tse sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng le ka mohla maholimong,+ moo lesholu le sa atameleng kapa hona hore tšoèlè e je. 34 Etsoe moo letlotlo la lōna le leng teng, lipelo tsa lōna le tsona li tla ba moo.+
35 “Matheka+ a lōna a ke a tlangoe ’me mabone+ a lōna a ke a tuke, 36 ’me le be joaloka batho ba letetseng mong’a+ bona ha a khutla lenyalong,+ e le hore ha a fihla ’me a kokota+ hang-hang ba ka mo bulela. 37 Ho thaba makhoba ao monghali ha a fihla a a fumanang a lebetse!+ Kannete ke re ho lōna, O tla itlama+ ’me a etse hore a otle ka lehlakore tafoleng ’me o tla atamela a a sebeletse.+ 38 Haeba a fihla tebelong ea bobeli, esita le haeba e le ho ea boraro, ’me a a fumana a le joalo, ho thaba ’ona!+ 39 Empa tsebang sena, hore haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le ne le tla tla ka hora efe, a ka be a lutse a lebetse ’me a sa tlohela ntlo ea hae hore e thuhuoe.+ 40 Le lōna, le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.”+
41 Joale Petrose a re: “Morena, na papiso ee u e bolella rōna kapa le bohle?” 42 Eaba Morena o re: “Ha e le hantle ke mang eo e leng motsamaisi+ ea tšepahalang, ea masene,+ eo mong’a hae a tla mo beha hore a okamele sehlopha sa hae sa bahlanka hore a ’ne a ba fe tekanyo ea bona ea lijo ka nako e tšoanetseng?+ 43 Ho thaba lekhoba leo, haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo!+ 44 Kannete kea le bolella, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.+ 45 Empa haeba lekhoba leo le ka re ka pelong ea lona, ‘Mong’a ka o lieha ho tla,’+ ’me la qala ho otla bahlanka le makhabunyane, la ja la noa la tahoa,+ 46 mong’a lekhoba leo o tla tla ka letsatsi leo le sa mo lebellang ka lona le ka hora eo le sa e tsebeng,+ ’me o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa ’me a le abele karolo le ba sa tšepahaleng.+ 47 Joale lekhoba le ileng la utloisisa thato ea mong’a lona empa la se ke la itokisa kapa la etsa se tumellanong le thato ea hae le tla otloa ka lichapo tse ngata.+ 48 Empa le sa kang la utloisisa+ ’me kahoo la etsa lintho tse tšoaneloang ke lichapo le tla otloa ka tse seng kae.+ Ka sebele, e mong le e mong ea fuoeng ho hongata, ho tla batloa+ ho hongata ho eena; ’me eo batho ba behileng ho hongata taolong ea hae, ba tla batla ho fetang ho tloaelehileng ho eena.+
49 “Ke tletse ho qala mollo+ lefatšeng, ’me ke hofe hape hoo nka ho lakatsang haeba o se o hotelitsoe? 50 Ka sebele, ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetsoa ka eona, ’me ke khathatsehile hakaakang ho fihlela e phetheha!+ 51 Na le nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng? Che, ka sebele, kea le bolella, empa ho e-na le hoo ke tletse ho tlisa karohano.+ 52 Etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le ba bahlano ka tlung e le ’ngoe ba arohaneng, ba bararo khahlanong le ba babeli le ba babeli khahlanong le ba bararo.+ 53 Ba tla arohana, ntate khahlanong le mora le mora khahlanong le ntate, ’mè khahlanong le morali le morali khahlanong le ’m ’ae, ’mè matsale khahlanong le ngoetsi ea hae le ngoetsi khahlanong le ’mè matsale oa eona.”+
54 Joale a tsoela pele ho re le ho bongata: “Ha le bona leru le nyoloha likarolong tse ka bophirimela, hang-hang le re, ‘Sefefo sea tla,’ ’me ho ba joalo.+ 55 ’Me ha le bona hore moea oa boroa oa foka, le re, ‘Ho tla ba le leqhubu la mocheso,’ ’me le ba teng. 56 Baikaketsi, le tseba ho hlahloba ponahalo ea ka ntle ea lefatše le leholimo, empa ho tla joang hore ebe ha le tsebe ho hlahloba nako ee?+ 57 Hape ke hobane’ng ha le sa ikahlolele se lokileng?+ 58 Ka mohlala, ha u ea le mohanyetsi oa hao molaong ho ’musi, ha u ntse u le tseleng, u sebeletse hore u itokolle phehisanong le eena, e le hore le ka mohla a se ke a u hulela ka pel’a moahloli, ’me moahloli a nehelana ka uena ho molaoli oa lekhotla, ’me molaoli oa lekhotla a u lahlela chankaneng.+59 Kea u bolella, Ka sebele u ke ke ua tsoa moo ho fihlela u lefa cheletana ea tšepe ea ho qetela ea bohlokoa bo bonyenyane haholo.”+
13 Ka eona nako eo ho ne ho le teng ba bang ba ileng ba mo tlalehela ka Bagalilea+ bao Pilato a neng a tsoakile mali a bona le mahlabelo a bona. 2 Kahoo ha a araba a re ho bona: “Na le nahana hore Bagalilea baa ba ile ba pakoa e le baetsalibe+ ba babe ho feta Bagalilea ba bang kaofela ka lebaka la hore ba utloisitsoe bohloko ke lintho tsee? 3 Che, ka sebele, kea le bolella; empa, ntle le hore le bake, kaofela le tla timetsoa ka ho tšoanang.+ 4 Kapa ba leshome le metso e robeli bao tora ea Siloame e ileng ea ba oela holimo, ea ba bolaea, na le nahana hore ba ile ba pakoa e le ba nang le molato ho feta batho ba bang kaofela ba ahileng Jerusalema? 5 Che, ka sebele, kea le bolella; empa, ntle le hore le bake, kaofela le tla timetsoa ka tsela e tšoanang.”+
6 Joale a tsoela pele ho bolela papiso ena: “Monna ea itseng o ne a e-na le sefate sa feiga se lenngoeng serapeng sa hae sa morara,+ eaba oa tla o batla litholoana ho sona,+ empa a se ke a fumana letho.+ 7 Joale a re ho molemi oa morara, ‘Bona ke lilemo+ tse tharo ke ntse ke tla ke batla litholoana sefateng sena sa feiga, empa ha kea fumana letho. Se reme!+ Ha e le hantle ke hobane’ng ha se ka boloka mobu oo o se na thuso?’ 8 Ha a araba a re ho eena, ‘Monghali, se tlohele+ le selemong sena, ho fihlela ke cheka ho se potoloha ’me ke tšela monontša; 9 ’me haeba joale se hlahisa litholoana ka moso, e tla ba hantle; empa haeba se sa li hlahise, u tla se rema.’”+
10 Joale o ne a ruta ho e ’ngoe ea lisynagoge ka sabatha. 11 Bonang! Mosali e mong ea bileng le moea+ o mo fokolisitseng ka lilemo tse leshome le metso e robeli, ’me o ne a finahane haholo ’me ho hang a sa khone ho inamoloha. 12 Ha Jesu a mo bona, a bua le eena ’me a re ho eena: “Mosali, u lokolotsoe+ bofokoling ba hao.” 13 Eaba o beha matsoho holim ’a hae; hang-hang a otloloha,+ ’me a qala ho tlotlisa Molimo. 14 Empa ha molaoli ea okamelang oa synagoge a arabela, a halefile kahobane Jesu a phekotse ka sabatha, a qala ho re ho bongata: “Ho na le matsatsi a tšeletseng ao ka ’ona mosebetsi o tšoanelang ho etsoa;+ ka hona, tloong ka ’ona ’me le phekoloe, eseng ka letsatsi la sabatha.”+ 15 Leha ho le joalo, Morena a mo araba a re: “Baikaketsi,+ na ka sabatha e mong le e mong oa lōna ha a tlamolle poho ea hae kapa esele ea hae setaleng le ho e tsamaisa ho ea e noesa?+ 16 Joale, na ho ne ho sa lokela hore mosali enoa eo e leng morali oa Abrahama,+ le eo Satane a ileng a mo boloka a tlamiloe, bonang! ka lilemo tse leshome le metso e robeli, a lokolloe litlamong tsee ka letsatsi la sabatha?” 17 Joale, ha a bua lintho tsena, bahanyetsi ba hae kaofela ba qala ho ikutloa ba hlabiloe ke lihlong;+ empa bongata kaofela ba qala ho thabela lintho tsohle tse khanyang tseo a neng a li etsa.+
18 Ka hona a tsoela pele ho re: “’Muso oa Molimo o joaloka eng, ’me ke tla o bapisa le eng?+ 19 O joaloka thollo ea mosetareta eo motho a ileng a e nka ’me a e kenya serapeng sa hae, ea hōla ’me ea fetoha sefate, ’me linonyana tsa leholimo+ tsa lula makaleng+ a sona.”
20 A boela a re: “Ke tla bapisa ’muso oa Molimo le eng? 21 O joaloka tomoso, eo mosali a ileng a e nka ’me a e pata ka har’a litekanyo tse tharo tse khōlō tsa phofo ho fihlela hlama kaofela e betse.”+
22 Eaba o pholletsa ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a ruta ’me a tsoela pele leetong la hae ho ea Jerusalema.+ 23 Joale monna ea itseng a re ho eena: “Morena, na ba ntseng ba pholosoa ke ba seng bakae?”+ A re ho bona: 24 “Ikitlaetseng+ ka matla ho kena ka monyako+ o moqotetsane, hobane kea le bolella, ba bangata, ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba khona,+ 25 hang ha mong’a ntlo a eme ’me a notletse monyako, ’me le qala ho ema ka ntle le ho kokota monyako, le re, ‘Mohlomphehi, re bulele.’+ Empa ha a araba o tla re ho lōna, ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa hokae.’+ 26 Joale le tla qala ho re, ‘Re ile ra ja ’me ra noa ka pel’a hao, ’me u ile ua ruta litseleng tsa rōna tse sephara.’+ 27 Empa o tla bua ’me a re ho lōna, ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa hokae. Tlohang ho ’na, lōna kaofela basebetsi ba ho se loke!’+ 28 Ke moo ho lla ha lōna le ho tsikitlanya meno+ ho tla ba teng, ha le bona Abrahama le Isaka le Jakobo le baprofeta bohle ’musong oa Molimo,+ empa lōna le lahletsoe ka ntle. 29 Ho feta moo, batho ba tla tla ba tsoa likarolong tse ka bochabela le tse ka bophirimela, le leboea le boroa,+ ’me ba tla otla ka lehlakore tafoleng ’musong oa Molimo.+ 30 Bonang! Ho na le ba ho qetela bao e tla ba ba pele, ’me ho na le ba pele bao e tla ba ba ho qetela.”+
31 Ka eona hora eo Bafarisi ba itseng ba tla, ba re ho eena: “Tsoa ’me u tlohe mona, hobane Heroda o batla ho u bolaea.” 32 Eaba o re ho bona: “E-eang ’me le bolelle phokojoe eo,+ ‘Bona! Ke ntša bademona ’me ke phetha pholiso kajeno le hosasane, ’me ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’+ 33 Leha ho le joalo, ke tla tsamaea kajeno le hosasane le letsatsing le latelang, hobane ha ho lumellehe hore moprofeta a timetsoe ka ntle ho Jerusalema.+ 34 Jerusalema, Jerusalema, ’molai+ oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe+ ba rometsoeng ho eena—ke batlile hangata hakaakang ho bokella bana ba hao ka mokhoa oo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo+ a eona, empa le ne le sa batle!+ 35 Bonang! Ntlo+ ea lōna e tlohetsoe ho lōna. Kea le bolella, Ho hang le ke ke la mpona ho fihlela le re, ‘Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova!’”+
14 Ka lekhetlo le leng ha a kena ka tlung ea e mong oa babusi ba Bafarisi ka sabatha ho ja lijo,+ ba ne ba mo shebile ka hloko.+ 2 Bonang! Ka pel’a hae ho ne ho e-na le monna ea itseng ea neng a khotše seema. 3 Kahoo ha Jesu a arabela a bua le ba rutehileng Molaong le Bafarisi, a re: “Na ho lumelloa ke molao ho phekola ka sabatha kapa che?”+ 4 Empa ba khutsa. Eaba o tšoara monna eo, oa mo folisa ’me o re a tsamaee. 5 Eaba o re ho bona: “Ke mang ho lōna eo, haeba mora oa hae kapa poho e oela ka selibeng,+ a ke keng a e nyollela ka ntle kapele-pele ka letsatsi la sabatha?”+ 6 Ha baa ka ba khona ho araba linthong tsena.+
7 Joale a tsoela pele ho bolella batho ba memiloeng papiso, ha a lemoha kamoo ba neng ba ikhethela libaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa, a re ho bona:+ 8 “Ha u memiloe ke e mong moketeng oa lenyalo, u se ke ua sekama sebakeng se hlaheletseng ka ho fetisisa.+ Mohlomong ka nako eo e mong ea hlaheletseng ho u feta e ka ’na eaba o memiloe ke eena, 9 ’me ea memileng uena le eena o tla tla ’me a re ho uena, ‘E-re motho enoa a fumane sebaka sena.’ Joale u tla qala ho tloha ka lihlong ho ea lula sebakeng se tlaase-tlaase.+ 10 Empa ha u memiloe, u ee ’me u otle ka lehlakore sebakeng+ se tlaase-tlaase, e le hore ha motho ea u memileng a tla a tle a re ho uena, ‘Motsoalle, nyolohela holingoana.’ Joale u tla hlompheha ka pel’a baeti-’moho le uena kaofela.+ 11 Etsoe e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
12 Ka mor’a moo a tsoela pele ho re le ho motho ea mo memileng: “Ha u lokisetsa lijo tsa motšehare kapa lijo tsa shoalane, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao kapa barab’eno kapa beng ka uena kapa baahelani ba ruileng. Mohlomong ka nako e ’ngoe le bona ka ho tšoanang ba ka ’na ba u mema ’me e ne e tla ba puseletso ho uena. 13 Empa ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng;+ 14 ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona. Etsoe u tla buseletsoa tsohong+ ea ba lokileng.”
15 Ha e mong oa baeti-’moho a utloa lintho tsena a re ho eena: “Ho thaba ea jang bohobe ’musong oa Molimo.”+
16 Jesu a re ho eena: “Motho ea itseng o ne a lokisetsa lijo tse khōlō tsa shoalane, eaba o mema ba bangata.+ 17 Eaba o roma lekhoba la hae ka hora ea lijo tseo tsa shoalane hore le re ho ba memiloeng, ‘Tloong,+ hobane joale lintho li lokile.’ 18 Empa kaofela ba qala ho ikhula ka ho tšoanang.+ Oa pele a re ho eena, ‘Ke rekile tšimo ’me ho hlokahala hore ke tsoe ’me ke e bone; kea u kōpa, E-re ke lokolohe.’+ 19 E mong a re, ‘Ke rekile lijoko tse hlano tsa likhomo ’me ke il’o li hlahloba; kea u kōpa, E-re ke lokolohe.’+ 20 E mong hape a re, ‘Ke sa tsoa nyala+ mosali ’me ka lebaka lena nke ke ka tla.’ 21 Kahoo lekhoba leo la tla ’me la tlalehela mong’a lona lintho tsena. Joale mong’a ntlo a halefa eaba o re ho lekhoba la hae, ‘Tsoela litseleng tse sephara le litselaneng tsa motse kapele, ’me u tlise mafutsana le ba hlotsang le ba foufetseng le ba holofetseng.’+ 22 Ka mor’a nako lekhoba leo la re, ‘Monghali, seo u se laetseng se entsoe, ’me leha ho le joalo ho sa na le sebaka.’ 23 Eaba monghali eo o re ho lekhoba, ‘Tsoela litseleng+ le libakeng tse etselitsoeng metero, ’me u ba susumelletse ho kena, e le hore ntlo ea ka e ka tlala.+ 24 Etsoe ke re ho lōna, Ha ho le ea mong oa banna bao ba neng ba memiloe ea tla latsoa lijo tsa ka tsa shoalane.’”+
25 Joale bongata bo boholo bo ne bo tsamaea le eena, eaba oa reteleha ’me o re ho bona: 26 “Haeba leha e le mang a tla ho ’na ’me a sa hloee ntat’ae le ’m ’ae le mosali le bana ba hae le barab’abo le baralib’abo, e, esita le moea+ oa hae, e ke ke ea e-ba morutuoa+ oa ka. 27 Mang kapa mang ea sa jareng thupa ea hae ea tlhokofatso le ho ntšala morao e ke ke ea e-ba morutuoa+ oa ka. 28 Ka mohlala, ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo,+ ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha? 29 Ho seng joalo, a ka ’na a beha motheo oa eona empa a se ke a khona ho e qeta, ’me bashebelli bohle ba ka qala ho mo soma, 30 ba re, ‘Motho enoa o qalile ho haha empa a se ke a khona ho qeta.’ 31 Kapa ke morena ofe, ea il’o kopana le morena e mong ntoeng, ea sa luleng fatše pele ’me a tšoare therisano ho bona hore na o tla khona ka masole a likete tse leshome ho thulana ka katleho le ea mo futuhelang ka a likete tse mashome a mabeli?+ 32 Ka sebele, haeba a ke ke a etsa joalo, joale ha eo a sa ntse a le hōle o roma sehlopha sa manģosa ’me o kōpa khotso.+ 33 Kahoo, le ka kholiseha hore ha ho le ea mong oa lōna ea sa reng lintho tsohle tsa hae+ li sale hantle eo e ka bang morutuoa oa ka.
34 “Ka sebele, letsoai le letle. Empa haeba esita le letsoai le lahleheloa ke matla a lona, le tla nōkoa ka eng?+ 35 Ha le tšoanelehe bakeng sa mobu kapa bakeng sa monontša. Batho ba le lahlela ka ntle. Ea nang le litsebe ho mamela, a ke a mamele.”+
15 Joale babokelli ba lekhetho+ le baetsalibe+ bohle ba ’na ba atamela ho eena ho mo utloa. 2 Ka lebaka leo Bafarisi le bangoli ba ’na ba honotha, ba re: “Monna enoa o amohela baetsalibe ’me o ja le bona.”+ 3 Joale a ba bolella papiso ena, a re: 4 “Ke motho ofe ho lōna ea nang le linku tse lekholo, eo ha a lahleheloa ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a siea tse mashome a robong a metso e robong lefeelleng ’me a e’o batla e lahlehileng ho fihlela a e fumana?+ 5 Ha a e fumane o e jara mahetleng ’me oa thaba.+ 6 Ha a fihla lapeng o bokella metsoalle ea hae le baahelani ba hae, o re ho bona, ‘Thabang le ’na, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.’+ 7 Kea le bolella hore ho tla ba le thabo e eketsehileng leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang+ ho feta ka e bang teng ka lebaka la ba mashome a robong a metso e robong ba lokileng ba sa hlokeng pako.+
8 “Kapa ke mosali ofe ea nang le lichelete tsa tšepe tsa drakema tse leshome, eo haeba a lahleheloa ke chelete ea tšepe ea drakema e le ’ngoe, a sa boneseng lebone le ho fiela ntlo ea hae ’me a e batle ka hloko ho fihlela a e fumana? 9 Ha a e fumane o bokella basali bao e leng metsoalle le baahelani ba hae, o re, ‘Thabang le ’na, hobane ke fumane chelete ea tšepe ea drakema e neng e ntahlehetse.’ 10 Ka tsela eo, kea le bolella, thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.”+
11 Joale a re: “Motho ea itseng o ne a e-na le bara ba babeli.+ 12 Eaba e monyenyane oa bona o re ho ntat’ae, ‘Ntate, mphe karolo ea thepa e oelang ho seo ke se abetsoeng.’+ Joale a ba arolela mokhoa oa hae oa ho iphelisa.+ 13 Hamorao, ka mor’a matsatsi a seng makae, mora e monyenyane a bokella lintho tsohle ’me a etela naheng e hōle, ’me ha a le moo a hafa thepa ea hae ka ho phela bophelo ba ho inehella litakatso tsa nama.+ 14 Ha a sebelisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, tlala e khōlō ea e-ba teng ho pholletsa le naha eo, ’me a qala ho hloka. 15 A ba a ea ’me a ikamahanya le e mong oa baahi ba naha eo, eaba o mo romela masimong a hae ho ea alosa likolobe.+ 16 O ne a lakatsa ho ja makhapetla a karoba ao likolobe li neng li a ja, ’me ho ne ho se ea neng a mo fa letho.+
17 “Ha a hlaphoheloa kelellong, a re, ‘Ke banna ba bangata hakae ba hiriloeng ba Ntate ba atetsoeng ke bohobe, ha ’na ke bolaoa ke tlala moo! 18 Ke tla ema ’me ke ee+ ho Ntate ’me ke re ho eena: “Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena.+ 19 Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao. Nketse ea joaloka e mong oa banna ba hao ba hiriloeng.”’ 20 Kahoo a ema ’me a ea ho ntat’ae. Ha a sa ntse a le hōle, ntat’ae a re heli! ’me a mo bona ’me a susumetsoa ke khauho, eaba oa matha o itihela molaleng oa hae ’me o mo aka ka lerato. 21 Joale mora a re ho eena, ‘Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena.+ Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao. Nketse ea joaloka e mong oa banna ba hao ba hiriloeng.’+ 22 Empa ntate eo a re ho makhoba a hae, ‘Potlakang! tlisang seaparo se selelele sa ka holimo, se setlehali, ’me le mo apese+ sona, le mo kenye lesale+ letsohong ’me le mo roese meqathatso. 23 Le tlise pohoana e nontšitsoeng,+ le e hlabe ’me re jeng re ithabise, 24 hobane mora enoa oa ka o ne a shoele ’me a boela a phela;+ o ne a lahlehile ’me a fumanoa.’ Eaba ba qala ho ithabisa.
25 “Joale mora+ oa hae e moholo o ne a le tšimong; eare ha a tla ’me a atamela ntlo a utloa konsarete ea ’mino le motjeko. 26 Kahoo a bitsetsa e mong oa bahlanka ho eena ’me a botsisisa hore na lintho tsena li bolela’ng. 27 A re ho eena, ‘Mor’eno+ o tlile, ’me ntat’ao+ o hlabile pohoana e nontšitsoeng, hobane o mo fumane a phela hantle.’ 28 Empa a halefa ’me o ne a sa rate ho kena. Joale ntat’ae a tsoa ’me a qala ho mo kōpa.+ 29 Ha a araba a re ho ntat’ae, ‘Bona ke lilemo tse ngata haholo ke ntse ke le lekhoba la hao ’me ha ho mohla nkileng ka tlōla taelo ea hao, ’me leha ho le joalo ’na ha ho mohla u kileng ua mpha potsanyane hore ke ithabise le metsoalle+ ea ka. 30 Empa hang ha mora+ enoa oa hao ea ileng a ja mokhoa oa hao oa ho iphelisa le liotsoa+ a fihla, u mo hlabetse pohoana e nontšitsoeng.’+ 31 Joale a re ho eena, ‘Ngoana, u ’nile ua ba le ’na kamehla, ’me lintho tsohle tsa ka ke tsa hao;+ 32 empa re ne re tlameha ho ithabisa le ho thaba, hobane mor’eno o ne a shoele eaba oa phela, o ne a lahlehile eaba oa fumanoa.’”+
16 Joale a tsoela pele ho re le ho barutuoa: “Motho ea itseng o ne a ruile ’me a e-na le motsamaisi,+ eaba o qosoa ho eena ka hore o senya thepa ea hae.+ 2 Kahoo a mo bitsa ’me a re ho eena, ‘Ke eng see seo ke se utloang ka uena? Nehelana ka tlaleho+ ea botsamaisi ba hao, kaha u ke ke ua hlola u tsamaisa ntlo ena.’ 3 Joale motsamaisi eo a ipolella a re, ‘Ke tla etsa’ng, kaha mong’a+ ka o tla nkamoha botsamaisi? Ha ke matla ka ho lekaneng ho cheka, ke lihlong ho kōpa. 4 Eke! Ke tseba seo ke tla se etsa, e le hore, ha ke tlosoa botsamaising, batho ba tle ba nkamohele ka malapeng+ a bona.’ 5 Ha a bitsetsa ho eena e mong le e mong oa ba nang le molato ho mong’a hae a qala ho re ho oa pele, ‘U kolota mong’a ka bokae?’ 6 A re, ‘Litekanyo tse lekholo tsa libate tsa oli ea mohloaare.’ A re ho eena, ‘Khutla le tumellano ea hao e ngotsoeng ’me u lule fatše ’me kapele u ngole tse mashome a mahlano.’ 7 Ka mor’a moo, a re ho e mong, ‘Joale uena, u kolota bokae?’ A re, ‘Litekanyo tse lekholo tsa likore tsa koro.’ A re ho eena, ‘Khutla le tumellano ea hao e ngotsoeng ’me u ngole tse mashome a robeli.’ 8 Eaba mong’a hae o babatsa motsamaisi eo, le hoja a ne a sa loka, hobane o ile a etsa ka bohlale+ bo sebetsang; etsoe bara ba tsamaiso ena ea lintho ba bohlale ka tsela e sebetsang mabapi le moloko oa bona ho feta kamoo bara ba leseli ba leng kateng.+
9 “Hape, ke re ho lōna, Iketsetseng metsoalle+ ka maruo+ a sa lokang, e le hore, ha a fela, ba ka le amohela libakeng tsa bolulo+ tse sa feleng. 10 Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo, ’me motho ea sa lokang ho se senyenyane ha aa loka le ho se seholo.+ 11 Ka hona, haeba le sa tšepahala maruong a sa lokang, ke mang ea tla beha sa ’nete+ tlhokomelong ea lōna? 12 Haeba le sa tšepahala ho sa e mong,+ ke mang ea tla le fa sa lōna? 13 Ha ho mohlanka oa ntlo eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha, o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”+
14 Joale Bafarisi, ba neng ba rata chelete, ba ne ba mametse lintho tsena kaofela, eaba ba qala ho mo tšeha ka ho nyefola.+ 15 Ka lebaka leo a re ho bona: “Le ipolela hore le lokile ka pel’a batho,+ empa Molimo o tseba lipelo+ tsa lōna; hobane se phahameng har’a batho ke ntho e nyonyehang mahlong+ a Molimo.
16 “Molao le Baprofeta ba ne ba le teng ho fihlela ho Johanne.+ Ho tloha ka nako eo ho ea pele ’muso oa Molimo o ntse o boleloa e le litaba tse molemo, ’me motho oa mofuta o mong le o mong o hahamalla pele ho oona.+ 17 Ka sebele, ho bonolo hore leholimo le lefatše li fete+ ho e-na le hore phatsa+ e le ’ngoe ea tlhaku ea Molao e se ke ea qala ho phethahala.+
18 “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae ’me a nyala e mong oa feba, ’me ea nyalang mosali ea hlaliloeng ke monna oa feba.+
19 “Empa monna+ ea itseng o ne a ruile, ’me o ne a ikhabisa ka bopherese le line, a ithabisa letsatsi le letsatsi ka botle bo hlollang.+ 20 Empa mokōpa-kōpa o itseng o bitsoang Lazaro o ne o behoa hekeng ea hae, o tletse liso 21 ’me o lakatsa ho ja lintho tse oang tafoleng ea morui. E, hape, lintja li ne li tla ’me li nyeka liso tsa oona. 22 Joale ka mor’a nako mokōpa-kōpa oo oa shoa+ ’me mangeloi a o nkela sefubeng+ sa Abrahama.+
“Hape, morui a shoa+ ’me a patoa. 23 Ha a le Hadese a phahamisa mahlo, a le litlhokofatsong,+ eaba o bona Abrahama a le hōle ’me Lazaro a le sefubeng sa hae. 24 Kahoo a hoeletsa a re, ‘Ntate Abrahama+, nkhauhele ’me u romele Lazaro hore a qopetse ntlha ea monoana oa hae ka metsing ’me a pholise leleme+ la ka, hobane ke bohlokong bo boholo mollong+ ona o tukang.’ 25 Empa Abrahama a re, ‘Ngoana, hopola hore u ile ua amohela ka botlalo lintho tsa hao tse molemo nakong ea bophelo ba hao, empa Lazaro ka ho tšoanang o ile a amohela lintho tse mpe. Leha ho le joalo, joale o fumana matšeliso mona empa uena u bohlokong+ bo boholo. 26 Ntle ho lintho tsena tsohle, khohlo+ e khōlō e tiisitsoe pakeng tsa rōna le lōna,+ hoo ba batlang ho tšelela ho lōna ba tloha mona ba sitoang, leha e le hore batho ba ka tšelela ho rōna ba tloha moo.’+ 27 Joale a re, ‘Ha ho le joalo kea u kōpa, ntate, hore u mo romele tlung ea Ntate, 28 kaha ke na le barab’eso ba bahlano, e le hore a ka ba fa bopaki bo phethahetseng, hore le bona ba se ke ba kena sebakeng sena sa tlhokofatso.’ 29 Empa Abrahama a re, ‘Ba na le Moshe+ le Baprofeta;+ ba ke ba ba mamele.’+ 30 Joale a re, ‘Che, ka sebele, ntate Abrahama, empa haeba e mong ea tsoang bafung a ea ho bona ba tla baka.’ 31 Empa a re ho eena, ‘Haeba ba sa mamele Moshe+ le Baprofeta, ba ke ke ba susumetsoa haeba e mong a tsoha bafung.’”
17 Joale a re ho barutuoa ba hae: “Ho ke ke ha qojoa hore lisosa tsa ho khoptjoa li tle.+ Leha ho le joalo, ho malimabe eo li tlang ka eena!+ 2 Ho ne ho tla ba molemo ho eena haeba leloala le ne le ka fanyehoa molaleng oa hae eaba o akheloa ka leoatleng+ ho e-na le hore a khopise e mong oa ba banyenyane bana.+ 3 Ikeleng hloko. Haeba mor’eno a etsa sebe u mo khalemele ka matla,+ ’me haeba a baka u mo tšoarele.+ 4 Esita le haeba a u siteloa ka makhetlo a supileng ka letsatsi ’me a khutlela ho uena ka makhetlo a supileng, a re, ‘Ke bakile,’ u mo tšoarele.”+
5 Joale baapostola ba re ho Morena: “Re fe tumelo+ e eketsehileng.” 6 Joale Morena a re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo, ‘Fothoha ’me u lengoe ka leoatleng!’ ’me se ne se tla le mamela.+
7 “Ke mang ho lōna ea nang le lekhoba le lemang kapa le hlokomelang mohlape ea tla re ho lona ha le tsoa tšimong, ‘Tloo mona hang-hang ’me u otle ka lehlakore tafoleng’? 8 Ho e-na le hoo, na a ke ke a re ho lona, ‘Ntokisetse ho hong hore ke je lijo tsa ka tsa shoalane, u apare foreskoto ’me u ntšebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho noa, ’me ka mor’a moo u ka ja oa noa’? 9 A ke ke a leboha lekhoba leo hobane le ile la etsa lintho tseo le li abetsoeng, na ha ho joalo? 10 Kahoo le lōna, ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba+ a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’”
11 Ha a ntse a e-ea Jerusalema o ne a feta bohareng ba Samaria le Galilea.+ 12 Eare ha a kena motsaneng o itseng banna ba leshome ba nang le lepera+ ba kopana le eena, empa ba emella hōle. 13 Eaba ba phahamisa mantsoe ba re: “Jesu, Morupeli, re hauhele!”+ 14 Ha a ba bona a re ho bona: “E-eang ’me le iponahatse ho baprista.”+ Joale eare ha ba tloha ba hloeka.+ 15 E mong oa bona, ha a bona hore o folisitsoe, a khutla, a tlotlisa+ Molimo ka lentsoe le phahameng. 16 Eaba o itihela fatše ka sefahleho maotong+ a Jesu, oa mo leboha; ho feta moo, e ne e le Mosamaria.+ 17 Ha Jesu a araba a re: “Ho hloekisitsoe ba leshome, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba hokae? 18 Na ha hoa fumanoa ba khutlileng ho tla tlotlisa Molimo haese monna enoa oa sechaba se seng?” 19 Eaba o re ho eena: “Ema u tsamaee; tumelo ea hao e u folisitse.”+
20 Empa ha Bafarisi ba mo botsa hore na ’muso oa Molimo o tla+ neng, a ba araba a re: “’Muso oa Molimo ha o tle ka ho hlokomeleha ho totobetseng, 21 leha e le hore batho ba tla re, ‘Bonang mona!’ kapa, ‘Mane!’+ Etsoe, bonang! ’muso oa Molimo o har’a lōna.”+
22 Joale a re ho barutuoa: “Matsatsi a tla tla ha le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mor’a motho empa le ke ke la le bona.+ 23 Batho ba tla re ho lōna, ‘Bonang mane!’ kapa, ‘Bonang mona!’+ Le se ke la tsoa kapa la matha ka mor’a bona.+ 24 Etsoe esita le joalokaha lehalima,+ ka ho halima ha lona, le khanya ho tloha karolong e ’ngoe tlas’a leholimo ho ea karolong e ’ngoe tlas’a leholimo, Mor’a motho+ o tla ba joalo. 25 Leha ho le joalo, pele o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke moloko ona.+ 26 Ho feta moo, feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe,+ ho tla ba joalo le matsatsing a Mor’a motho:+ 27 ba ne ba ja, ba ne ba noa, banna ba ne ba nyala, basali ba ne ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo ha Noe a kena ka arekeng, ’me moroallo o fihla ’me o ba timetsa kaofela.+ 28 Ka ho tšoanang, feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Lota:+ ba ne ba ja, ba ne ba noa, ba ne ba reka, ba ne ba rekisa, ba ne ba lema, ba ne ba haha. 29 Empa letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona ho ile ha na mollo le sebabole ho tsoa leholimong ’me tsa ba timetsa kaofela.+ 30 Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mor’a motho a tla senoloa.+
31 “Letsatsing leo motho ea ka holim ’a ntlo empa eo lintho tsa hae tse nkehang li leng ka tlung a se ke a theoha ho tla li nka, le motho ea tsoetseng tšimong, ka ho tšoanang a se ke a khutlela linthong tse ka morao. 32 Hopolang mosali oa Lota.+ 33 Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona, empa mang kapa mang ea lahleheloang ke oona o tla o boloka o phela.+ 34 Kea le bolella, Bosiung boo banna ba babeli ba tla be ba le betheng e le ’ngoe; e mong o tla nkoa, empa e mong o tla tloheloa.+ 35 Ho tla be ho e-na le basali ba babeli ba silang leloaleng le le leng; e mong o tla nkoa, empa e mong o tla tloheloa.”+ 36 —— 37 Kahoo ha ba arabela ba re ho eena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo setopo se leng teng,+ lintsu le tsona li tla bokana teng.”+
18 Joale a tsoela pele ho ba bolella papiso mabapi le hore ho hlokahala hore ba rapele kamehla ’me ba se ke ba tela,+ 2 a re: “Motseng o itseng ho ne ho e-na le moahloli ea itseng ea neng a sa tšabe Molimo ’me a sa hlomphe motho. 3 Empa ho ne ho e-na le mohlolohali motseng oo ’me a ’na a ea+ ho eena, a re, ‘Tiisa hore ke fumana toka ho mohanyetsi oa ka molaong.’ 4 Joale, ka nakoana o ne a sa rate, empa ka mor’a moo a ipolella, ‘Le hoja ke sa tšabe Molimo kapa ke sa hlomphe motho, 5 leha ho le joalo, ka lebaka la ho tsoela pele ha mohlolohali enoa ho nkhathatsa,+ ke tla tiisa hore o fumana toka, e le hore a tle a se ke a ’na a tla ’me a nteteka+ ka ho feletseng.’” 6 Joale Morena a re: “Utloang seo moahloli eo, le hoja a sa loka, a se buileng! 7 Joale, na ka sebele Molimo a ke ke a etsa hore toka+ e etsetsoe bakhethoa ba hae ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare, esita le hoja a e-na le tiisetso+ ho bona? 8 Kea le bolella, O tla etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako.+ Leha ho le joalo, ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”
9 Empa a bolela papiso ena le ho ba bang ba neng ba itšepa hore ba lokile+ ’me ba nka ba bang kaofela e se letho:+ 10 “Banna ba babeli ba ile ba nyolohela ka tempeleng ho ea rapela, e mong e le Mofarisi ’me e mong e le ’mokelli oa lekhetho. 11 Mofarisi a ema+ ’me a qala ho rapella+ lintho tsena ka pelong, ‘Molimo, kea u leboha ka hore ebe ha ke joaloka batho ba bang kaofela, bahanyapetsi, ba sa lokang, bafebi, kapa esita le joaloka ’mokelli enoa oa lekhetho.+ 12 Ke itima lijo habeli ka beke, ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke li fumanang.’+ 13 Empa ’mokelli oa lekhetho a eme hōjana o ne a sa rate le ho phahamisetsa mahlo a hae nģ’a leholimong, empa a ’na a ikotla sefuba,+ a re, ‘Molimo, e-ba mosa ho ’na moetsalibe.’+ 14 Kea le bolella, Monna enoa o ile a theohela lapeng la hae e le ea lokileng+ ho feta monna eane; hobane e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, empa ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
15 Joale batho ba qala ho mo tlisetsa le bana ba bona ba banyenyane hore a ba ame; empa ha barutuoa ba bona seo ba qala ho ba nyatsa ka matla.+ 16 Leha ho le joalo, Jesu a bitsetsa bana bao ba banyenyane ho eena, a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na, ’me le se ke la leka ho ba thibela. Etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.+ 17 Kannete ke re ho lōna, Mang kapa mang ea sa amoheleng ’muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+
18 Eaba ’musi ea itseng oa mo botsa, o re: “Mosuoe ea Molemo, ke tla rua bophelo bo sa feleng ka ho etsa’ng?”+ 19 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.+ 20 U tseba litaelo,+ ‘U se ke ua feba,+ U se ke ua bolaea,+ U se ke ua utsoa,+ U se ke ua beha bopaki ba bohata,+ Hlompha ntat’ao le ’m ’ao.’”+ 21 Joale a re: “Ke bolokile tsena tsohle ho tloha bocheng ho ea pele.”+ 22 Ka mor’a ho utloa seo, Jesu a re ho eena: “Ho sa ntse ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Rekisa lintho tsohle tseo u nang le tsona ’me u abele mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo maholimong; u tle ’me u be molateli oa ka.”+ 23 Ha a utloa sena, a sareloa haholo, kaha o ne a ruile haholo.+
24 Jesu a mo talima ’me a re: “E tla ba ntho e thata hakaakang bakeng sa ba nang le chelete ho kena ’musong oa Molimo!+ 25 Ha e le hantle, ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ea ho rōka ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.”+ 26 Ba ileng ba utloa sena ba re: “Ke mang eo ho ka khonehang hore a pholohe?” 27 A re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.”+ 28 Empa Petrose a re: “Bona! Re siile lintho tsa rōna ’me ra u latela.”+ 29 A re ho bona: “Kannete ke re ho lōna, Ha ho ea siileng ntlo kapa mosali kapa barab’abo kapa batsoali kapa bana ka lebaka la ’muso oa Molimo+ 30 eo ka tsela leha e le efe a ke keng a fumana ho eketsehileng ka makhetlo a mangata nakong ena, ’me tsamaisong ea lintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng.”+
31 Joale a nkela ba leshome le metso e ’meli ka thōko eaba o re ho bona: “Bonang! Re nyolohela Jerusalema, ’me lintho tsohle tse ngotsoeng ka baprofeta+ mabapi le Mor’a motho li tla phetheha.+ 32 Ka mohlala, ho tla nehelanoa ka eena ho batho ba lichaba ’me o tla fetoloa litšeho+ le ho nyelisoa+ le ho tšoeloa ka mathe;+ 33 ’me ka mor’a ho mo shapa+ ba tla mo bolaea,+ empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.”+ 34 Leha ho le joalo, ha baa ka ba utloisisa leha e le efe ea lintho tsena; empa polelo ena ba ne ba e patetsoe, ’me ba ne ba sa tsebe lintho tse boleloang.+
35 Joale eare ha a atamela Jeriko monna ea itseng ea foufetseng o ne a lutse ka thōko ho tsela a kōpa.+ 36 Ka lebaka la hore o ile a utloa bongata bo fetang a qala ho botsisisa hore na ekaba sena se bolela’ng. 37 Ba mo tlalehela: “Jesu Monazaretha oa feta!”+ 38 Eaba oa hoeletsa, o re: “Jesu, Mora oa Davida, nkhauhele!”+ 39 Ba neng ba tsamaea ka pele ba qala ho mo bolella ka thata-thata hore a khutse, empa a ’na a hooa ka ho eketsehileng: “Mora oa Davida, nkhauhele.”+ 40 Joale Jesu a ema ’me a laela hore monna eo a tlisoe ho eena.+ Ka mor’a hore a atamele, Jesu a mo botsa: 41 “U batla hore ke u etsetse’ng?”+ A re: “Morena, e-re ke boele ke bone.”+ 42 Kahoo Jesu a re ho eena: “U boele u bone; tumelo ea hao e u folisitse.”+ 43 Hang-hang a boela a bona,+ ’me a qala ho mo latela, a tlotlisa Molimo.+ Hape, ha batho bohle ba bona seo, ba fana ka thoriso ho Molimo.
19 Eaba o kena Jeriko+ ’me oa feta. 2 Joale mona ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Zakiase; e ne e le ’mokelli oa lekhetho ea ka sehloohong, ’me o ne a ruile. 3 Joale, o ne a batla ho bona+ hore na Jesu enoa ke mang, empa ka lebaka la bongata o ne a sitoa, hobane o ne a le mokhutšoanyane ka seemo. 4 Kahoo a mathela sebakeng se pele ’me a hloella sefateng sa feiga-monokotšoai e le hore a mo bone, hobane o ne a le haufi le ho feta ka tsela eo. 5 Joale ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelala eaba o re ho eena: “Zakiase, potlaka ’me u theohe, etsoe kajeno ke tla lula ka tlung ea hao.” 6 Eaba oa potlaka oa theoha ’me o mo amohela ka thabo e le moeti. 7 Empa ha ba bona seo, kaofela ba honotha,+ ba re: “O kene ho ea lula le monna oa moetsalibe.” 8 Empa Zakiase a ema eaba o re ho Morena: “Bona! Morena, halofo ea lintho tsa ka, ke e fa mafutsana, ’me eng kapa eng eo ke ileng ka e nka ho mang kapa mang ka ho hanyapetsa ka qoso+ ea bohata ke e busetsa hane.”+ 9 Eaba Jesu o re ho eena: “Letsatsing lena poloko e tlile ntlong ena, hobane le eena ke mora oa Abrahama.+ 10 Etsoe Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.”+
11 Ha ba ntse ba mametse lintho tsena a eketsa ka ho bolela papiso e ’ngoe, hobane o ne a le haufi le Jerusalema ’me ba ne ba nahana hore ’muso oa Molimo o ne o tla iponahatsa hang-hang.+ 12 Ka hona a re: “Monna ea itseng oa tsoalo ea borena o ile a etela naheng e hōle ho ea iphumanela matla a borena ’me a khutle.+ 13 Ha a bitsa makhoba a hae a leshome a a fa limina tse leshome eaba oa a bolella, ‘Hoebang ho fihlela ke tla.’+ 14 Empa baahi ba ha habo ba ne ba mo hloile+ eaba ba roma sehlopha sa manģosa ka mor’a hae, ho re, ‘Ha re batle hore monna enoa e be morena oa rōna.’+
15 “Qetellong ha a khutla ka mor’a ho iphumanela matla a borena, a laela hore ho bitsetsoe makhoba ana ho eena ao a neng a a file chelete ea silevera, e le hore a fumane hantle hore na a ne a fumane phaello efe khoebong.+ 16 Joale la pele la itlhahisa, le re, ‘Morena, mina ea hao e fumane phaello ea limina+ tse leshome.’ 17 Kahoo a re ho eena, ‘U entse hantle, lekhoba le molemo! Ka lebaka la hore u tšepahetse tabeng e nyenyane haholo, e-ba le bolaoli metseng+ e leshome.’ 18 Joale la bobeli la tla, le re, ‘Morena, mina ea hao e entse limina+ tse hlano.’ 19 Le ho lona a re, ‘Le uena, laola metse+ e mehlano.’ 20 Empa le leng la tla, le re, ‘Morena, mina ea hao ke ena, eo ke ileng ka e boloka ka har’a lesela. 21 Ke ne ke u tšaba, hobane u motho ea sa utloeleng bohloko; u nka seo u sa kang ua se boloka ’me u kotula seo u sa kang ua se jala.’+ 22 A re ho lona, ‘Ke u ahlola ka se tsoang molomong+ oa hao, lekhoba le khopo. U tsebile hore ke motho ea sa utloeleng bohloko, ea nkang seo ke sa kang ka se boloka le ea kotulang seo ke sa kang ka se jala, na ha ho joalo?+ 23 Kahoo ke hobane’ng ha u sa ka ua kenya chelete ea ka ea silevera bankeng? Joale ha ke fihla nka be ke e nkile le phaello.’+
24 “Eaba o re ho ba emeng haufi, ‘Mo amoheng mina ’me le e fe ea nang le limina+ tse leshome.’ 25 Empa ba re ho eena, ‘Morena, o na le limina tse leshome!’— 26 ‘Ke re ho lōna, E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng; empa ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona.+ 27 Ho feta moo, lira tsena tsa ka tse neng li sa batle hore ke be morena oa tsona li tliseng mona ’me le li bolaee ka pel’a ka.’”+
28 Kahoo, ka mor’a hore a bue lintho tsena, a qala ho fetela pele, a nyolohela Jerusalema.+ 29 Ha a atamela Bethefage le Bethani thabeng e bitsoang Thaba ea Mehloaare,+ a romela barutuoa ba babeli,+ 30 a re: “Kenang motsaneng oane oo le o bonang, ’me ka mor’a hore le kene ho oona le tla fumana petsana e tlamiloeng ea esele, eo ho seng le ea mong oa moloko oa batho ea kileng a e palama. E lokolleng ’me le e tlise.+ 31 Empa haeba leha e le mang a le botsa, ‘Ke hobane’ng ha le e lokolla?’ le bue ka tsela ena, ‘Morena oa e hloka.’”+ 32 Kahoo ba ileng ba romeloa ba tloha ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ba boleletse.+ 33 Empa ha ba ntse ba lokolla petsana eo ea esele beng ba eona ba re ho bona: “Ke hobane’ng ha le lokolla petsana eo ea esele?”+ 34 Ba re: “Morena oa e hloka.”+ 35 Eaba ba e isa ho Jesu, ’me ba lahlela liaparo tsa bona tsa ka ntle holim ’a petsana eo ea esele ’me ba palamisa Jesu holim ’a eona.+
36 Ha a ntse a e-ea pele+ ba ’na ba ala liaparo tsa bona tsa ka ntle tseleng.+ 37 Hang ha a atamela tsela e theohang Thabeng ea Mehloaare letšoele lohle la barutuoa la qala ho thaba le ho rorisa Molimo ka lentsoe le phahameng malebana le mesebetsi eohle e matla eo le e boneng,+ 38 la re: “Ho hlohonolofetse Ea tlang e le Morena ka lebitso+ la Jehova! Khotso leholimong, le khanya libakeng+ tse phahameng ka ho fetisisa!” 39 Leha ho le joalo, ba bang ba Bafarisi bongateng boo ba re ho eena: “Mosuoe, khalemela barutuoa+ ba hao ka matla.” 40 Empa ha a araba a re: “Kea le bolella, Haeba bana ba ne ba ka khutsa, majoe+ a ne a tla hoeletsa.”
41 Ha a atamela, a talima motse oo ’me a o llela,+ 42 a re: “Hoja u lemohile+ lintho tse amanang le khotso letsatsing lena—empa joale li patetsoe mahlo a hao.+ 43 Hobane matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello+ e nang le lithupa+ tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota+ li u bakele mahlomola+ ka mahlakoreng ’ohle, 44 ’me li tla u tabanya fatše+ le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim ’a lejoe+ ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa+ ha hao.”
45 A kena ka tempeleng ’me a qala ho phahla ba neng ba rekisa,+ 46 a re ho bona: “Ho ngoliloe, ‘Ntlo ea ka e tla ba ntlo ea thapelo,’+ empa le e entse lehaha la masholu.”+
47 Ho feta moo, a qala ho ruta letsatsi le leng le le leng ka tempeleng. Empa baprista ba ka sehloohong le bangoli le ba ka sehloohong ba sechaba ba ne ba batla ho mo timetsa;+ 48 leha ho le joalo ha baa ka ba fumana letho le atlehang leo ba ka le etsang, kaha batho kaofela ba ile ba ’na ba mo khomarela hore ba mo utloe.+
20 Ka le leng la matsatsi ha a ntse a ruta batho ka tempeleng ’me a bolela litaba tse molemo, baprista ba ka sehloohong le bangoli hammoho le banna ba baholo ba atamela,+ 2 ’me ba bua, ba re ho eena: “Re bolelle hore na u etsa lintho tsena ka matla afe, kapa hore na ke mang ea u fileng matla ana.”+ 3 Ha a araba a re ho bona: “Le ’na ke tla le botsa potso, ’me le mpolelle:+ 4 Na kolobetso ea Johanne e ne e tsoa leholimong kapa ho batho?”+ 5 Joale ba nahana har’a bona, ba re: “Haeba re re, ‘E tsoa leholimong,’ o tla re, ‘Ke hobane’ng ha le sa ka la mo lumela?’+ 6 Empa haeba re re, ‘E tsoa ho batho,’ batho kaofela ba tla re tlepetsa ka majoe,+ kaha ba kholisehile hore Johanne+ e ne e le moprofeta.”+ 7 Kahoo ba araba ka hore ha ba tsebe mohloli oa eona. 8 Eaba Jesu o re ho bona: “Le ’na ha ke le bolelle hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.”+
9 Joale a qala ho bolella batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema serapa+ sa morara ’me a se hirisetsa balemi, eaba o etela hōle ka nako e telele.+ 10 Empa ka nako e loketseng a romela lekhoba+ ho balemi bao,+ e le hore ba ka le fa tse ling tsa litholoana tsa serapa+ sa morara. Leha ho le joalo, balemi bao ba le khutlisa le se na letho,+ ka mor’a ho le khakhatha. 11 Empa a boela a ba romela lekhoba le leng. Leo le lona ba le khakhatha ’me ba le hlompholla eaba ba le khutlisa le se na letho.+ 12 A boela a romela la boraro;+ lena le lona ba le ntša maqeba eaba ba le lahlela ntle. 13 Eaba mong’a serapa seo sa morara o re, ‘Ke tla etsa joang? Ke tla romela mora oa ka ea ratoang.+ Mohlomong ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba re heli! ’me ba mo bona ba qala ho buisana, ba re, ‘Enoa ke eena mojalefa; a re mo bolaeeng, e le hore lefa e ka ba la rōna.’+ 15 Eaba ba mo lahlela ka ntle+ ho serapa sa morara ’me baa mo bolaea.+ Ka hona, mong’a serapa sa morara o tla ba etsa’ng?+ 16 O tla tla ’me a timetse balemi bana ’me o tla fa ba bang serapa seo sa morara.”+
Ha ba utloa sena ba re: “Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala!” 17 Empa a ba sheba ’me a re: “Joale, see se ngotsoeng se bolela’ng, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla,+ le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho’?+ 18 E mong le e mong ea oelang holim ’a lejoe leo o tla tamukana.+ Ha e le mang kapa mang eo le oelang holim ’a hae,+ le tla mo silakanya.”+
19 Joale bangoli le baprista ba ka sehloohong ba batla ho mo isa matsoho ka eona hora eo, empa ba tšaba batho; kaha ba ile ba lemoha hore o ne a bolela papiso ena a hopotse bona.+ 20 Ka mor’a ho mo sheba ka hloko, ba romela banna ba hiriloeng ka sephiri hore ba iketse eka ba lokile, e le hore ba ka mo tšoasa+ ka puo, e le hore ba nehelane ka eena ’musong le bolaoling ba ’musisi.+ 21 Eaba baa mo botsa, ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u bua le ho ruta ka nepo ’me ha u bontše leeme, empa u ruta tsela ea Molimo tumellanong le ’nete:+ 22 Na ho lumelloa ke molao hore re lefe lekhetho ho Cesare kapa che?”+ 23 Empa a lemoha mano a bona eaba o re ho bona:+ 24 “Mpontšeng denari. E na le setšoantšo le mongolo tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Cesare.”+ 25 A re ho bona: “Joale, ka sebele le lefe Cesare lintho tsa Cesare,+ empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”+ 26 Joale, ha baa ka ba khona ho mo tšoara polelong ena ka pel’a batho, empa, ka ho makatsoa ke karabo ea hae, ba se ke ba re letho.+
27 Leha ho le joalo, ba bang ba Basaduse, ba reng ha ho na tsoho, ba tla+ ’me ba mo botsa, 28 ba re: “Mosuoe, Moshe+ o ile a re ngolla, ‘Haeba mor’abo motho a shoa a e-na le mosali, empa a se na bana, mor’abo+ o tla nka mosali eo ’me a hlahisetse mor’abo bana ka eena.’+ 29 Tumellanong le hoo ho ne ho e-na le bara ba motho ba supileng; eaba oa pele o nka mosali ’me o shoa a se na bana.+ 30 Kahoo oa bobeli, 31 le oa boraro ba mo nka. Ka ho tšoanang esita le ba supileng: ha baa ka ba siea bana, empa ba shoa.+ 32 Qetellong, mosali eo le eena a shoa.+ 33 Ka lebaka leo, tsohong, e ba mosali oa ofe ho bona? Etsoe bao ba supileng ba ile ba mo nka hore e be mosali oa bona.”+
34 Jesu a re ho bona: “Bana ba tsamaiso ena ea lintho baa nyala+ ’me baa nyalisoa, 35 empa ba nkiloeng ba tšoaneloa+ ke ho rua tsamaiso eo ea lintho+ le ho tsoha bafung+ ha ba nyale leha e le ho nyalisoa. 36 Ha e le hantle, ha ba sa tla hlola ba shoa,+ kaha ba joaloka mangeloi, ’me ke bana ba Molimo ka ho ba bana ba tsoho.+ 37 Empa hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a ho senola, tlalehong e mabapi le sehlahla+ se meutloa, ha a bitsa Jehova ‘Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.’+ 38 Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.”+ 39 Ha ba bang ba bangoli ba arabela ba re: “Mosuoe, u buile hantle.” 40 Etsoe ha baa ka ba hlola ba sa ba le sebete sa ho mo botsa potso leha e le ’ngoe.
41 Eaba o re ho bona: “Ho tla joang hore ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 42 Etsoe Davida o re bukeng ea Lipesaleme, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto+ a hao.”’ 44 Ka hona, Davida o mo bitsa ‘Morena’; kahoo ke mora oa hae joang?”
45 Joale, ha batho kaofela ba ntse ba mametse a re ho barutuoa:+46 “Hlokomelang bangoli ba lakatsang ho tsamaea ba apere liaparo tse telele tsa ka holimo ’me ba rata litumeliso limmarakeng le litulo tse ka pele ka lisynagogeng le libaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane,+ 47 le ba harolang matlo a bahlolohali+ ’me ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele. Ba tla amohela kahlolo+ e boima haholo.”
21 Joale eare ha a phahamisa mahlo a bona barui ba akhela limpho tsa bona ka matlōleng a polokelo ea matlotlo.+ 2 Joale a bona mohlolohali ea itseng ea hlokang a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo moo,+ 3 eaba o re: “Kannete kea le bolella, Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho fetang hoo bohle ba ho akhetseng.+ 4 Etsoe bana bohle ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.”+
5 Hamorao, ha ba bang ba ntse ba bua malebana le tempele, kamoo e neng e khabisitsoe kateng ka majoe a matle le ka lintho tse nehetsoeng,+ 6 a re: “Ha e le lintho tsena tseo le li bonang, matsatsi a tla tla ao ka ’ona ho seng lejoe le tla tloheloa holim ’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.”+ 7 Joale ba mo botsa, ba re: “Mosuoe, ha e le hantle lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ha lintho tsee li reretsoe hore li etsahale?”+ 8 A re: “Hlokomelang hore le se ke la khelosoa;+ kaha ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, ‘’Na ke eena,’ hape ba re, ‘Nako e loketseng e atametse.’+ Le se ke la ba sala morao. 9 Ho feta moo, ha le utloa ka lintoa le ho hloka taolo, le se ke la tšoha.+ Etsoe lintho tsena li tla ba teng pele, empa bofelo ha bo be teng kapele-pele.”
10 Joale a tsoela pele ho re ho bona: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla,+ le ’muso o tla tsohela ’muso matla;+ 11 ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello+ tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng; ’me ho tla ba le lipono tse tšabehang le lipontšo+ tse khōlō tse tsoang leholimong.
12 “Empa pele ho lintho tsena tsohle batho ba tla le tšoara ba le hlorise,+ ba nehelane ka lōna lisynagogeng le lichankaneng, le ntse le hulanyetsoa ka pel’a marena le babusisi ka lebaka la lebitso+ la ka. 13 Ho tla le hlahela hore e be bopaki.+ 14 Ka hona etsang qeto ka lipelong tsa lōna hore le se ke la pheta esale pele kamoo le tla itšireletsang+ kateng, 15 kaha ke tla le fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba lōna ba ke keng ba khona ho li hanyetsa kapa ho li phehisa.+ 16 Ho feta moo, esita le batsoali+ le barab’abo lōna le beng ka lōna le metsoalle ba tla nehelana ka lōna, ’me ba tla bolaea+ ba bang ba lōna; 17 le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso+ la ka. 18 Leha ho le joalo ho hang ha ho moriri+ oa lihlooho tsa lōna o tla timela. 19 Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.+
20 “Ho feta moo, ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe+ ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse.+ 21 Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona;+ 22 hobane ana ke matsatsi a ho phethahatsa toka, e le hore lintho tsohle tse ngotsoeng li ka phethahala.+ 23 Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang masea matsatsing ao!+ Kaha ho tla ba le ho hloka ho hoholo naheng le khalefo bathong bana; 24 ba tla oa ka bohale ba sabole ’me ba isoe ba holehiloe lichabeng+ tsohle; ’me Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng+ tsa lichaba li phethahala.
25 “Hape, ho tla ba le lipontšo letsatsing+ le khoeling le linaleling, ’me lefatšeng lichaba li tla ba matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa ka lebaka la ho luma ha leoatle+ le ho tsukutleha+ ha lona, 26 ha batho ba ilibana ke tšabo+ le tebello ea lintho tse tlang holim ’a lefatše+ leo ho ahiloeng ho lona; etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha.+ 27 Joale ba tla bona Mor’a motho+ a tla ka leru ka matla le khanya+ e khōlō. 28 Empa ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.”
29 Eaba o ba bolella papiso: “Hlokomelang sefate sa feiga le lifate+ tse ling kaofela: 30 Ha li se li fupile, ka ho li lemoha lea tseba hore joale lehlabula le haufi.+ 31 Ka tsela ena le lōna, ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.+ 32 Kannete ke re ho lōna, Ho hang moloko ona o ke ke oa feta ho fihlela lintho tsohle li etsahala.+ 33 Leholimo le lefatše li tla feta,+ empa ho hang mantsoe a ka a ke ke a feta.+
34 “Empa ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo+ le matšoenyeho+ a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim ’a lōna+ hang-hang 35 joaloka leraba.+ Etsoe le tla tla holim ’a bohle ba lulang holim ’a lefatše+ lohle. 36 Joale, le lule le falimehile+ ka nako eohle le etsa thapeli+ e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”+
37 Kahoo motšehare o ne a ruta ka tempeleng,+ empa bosiu o ne a tsoa ’me a lula thabeng e bitsoang Thaba ea Mehloaare.+ 38 Batho+ bohle ba ne ba tla ho eena hoseng ka tempeleng ho tla mo utloa.
22 Joale mokete oa mahobe a sa lomosoang, oo ho thoeng ke Paseka,+ o ne o atamela. 2 Hape, baprista ba ka sehloohong le bangoli ba ne ba batla tsela e atlehang ea hore ba mo bolaee,+ kaha ba ne ba tšaba batho.+ 3 Empa Satane a kena ka ho Judase, ea bitsoang Iskariota, ea neng a balelloa har’a ba leshome le metso e ’meli;+ 4 eaba oa tloha ’me o bua le baprista ba ka sehloohong le batsamaisi ba tempele ka tsela e atlehang ea ho ba ekela eena.+ 5 Joale, ba thaba ’me ba lumela ho mo fa chelete+ ea silevera. 6 Kahoo a lumela, ’me a qala ho batla monyetla o motle oa ho ba ekela eena ho se bongata bo mo potolohileng.+
7 Joale ha fihla letsatsi la mahobe a sa lomosoang, leo ka lona phofu ea paseka e etsoang sehlabelo;+ 8 eaba o roma Petrose le Johanne, o re: “E-eang ’me le lokise+ paseka hore re e je.” 9 Ba re ho eena: “Ke hokae moo u batlang hore re e lokisetse teng?” 10 A re ho bona:+ “Bonang! Ha le kena motseng le tla khahlanyetsoa ke monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi. Mo lateleng ho kena ka tlung eo a kenang+ ho eona. 11 Le tla re ho mong’a ntlo eo, ‘Mosuoe o re ho uena: “E kae kamore ea baeti eo nka jelang paseka ho eona le barutuoa+ ba ka?”’ 12 Monna eo o tla le bontša kamore e khōlō e ka holimo e nang le thepa. E lokiseng moo.”+ 13 Kahoo ba tloha ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ba boleletse, eaba ba lokisa paseka.+
14 Qetellong ha hora e fihla, a otla ka lehlakore tafoleng, hammoho le baapostola.+ 15 Eaba o re ho bona: “Ke lakalitse haholo ho ja paseka ena le lōna pele ke utloa bohloko; 16 etsoe kea le bolella, nke ke ka e ja hape ho fihlela e phethahala ’musong oa Molimo.”+ 17 Ha a amohela senoelo,+ a leboha eaba o re: “Se nkeng ’me le se neheletsane; 18 etsoe kea le bolella, Ho tloha joale ho ea pele nke ke ka noa sehlahisoa sa sefate sa morara hape ho fihlela ’muso oa Molimo o fihla.”+
19 Hape, a nka bohobe,+ a leboha, a bo qhetsola, ’me a ba fa bona, a re: “Sena se bolela ’mele+ oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna.+ Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”+ 20 A etsa ka tsela e tšoanang ka senoelo+ ka mor’a hore ba je lijo tsa shoalane, a re: “Senoelo sena se bolela selekane+ se secha motheong oa mali+ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.+
21 “Empa, bonang! letsoho la moeki+ oa ka le na le ’na tafoleng.+ 22 Hobane Mor’a motho oa tsamaea ho ea ka se tšoailoeng;+ leha ho le joalo, ho malimabe motho eo a ekoang ka eena!”+ 23 Kahoo ba qala ho buisana har’a bona ka taba ea hore na ke ofe ho bona eo ka sebele a neng a le haufi le ho etsa sena.+
24 Leha ho le joalo, ha boela ha tsoha phehisano e chesang har’a bona ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.+ 25 Empa a re ho bona: “Marena a lichaba a rena ka thata holim ’a tsona, le ba nang le matla holim ’a tsona ba bitsoa Ba Tsoelang Molemo.+ 26 Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ba ka tsela eo.+ Empa e moholo har’a lōna a ke a be joaloka e monyenyane,+ le ea ka sehloohong a ke a be joaloka ea sebeletsang.+ 27 Etsoe ke ofe e moholo, ea otlileng ka lehlakore tafoleng kapa ea sebeletsang? Na hase ea otlileng ka lehlakore tafoleng? Empa ’na ke har’a lōna joaloka ea sebeletsang.+
28 “Leha ho le joalo, ke lōna ba nkhomaretseng+ litekong+ tsa ka; 29 ’me ke etsa selekane+ le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso,+ 30 e le hore le ka ja+ le ho noa tafoleng ea ka ’musong+ oa ka, le ho lula literoneng+ ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.
31 “Simone, Simone, bona! Satane+ o le batlile hore a le sefe joaloka koro.+ 32 Empa ke u etselitse thapeli+ hore tumelo ea hao e se ke ea fela; ’me uena, hang feela ha u khutlile, u matlafatse+ barab’eno.” 33 Joale a re ho eena: “Morena, ke loketse ho ea le uena chankaneng le lefung.”+ 34 Empa a re: “Kea u bolella, Petrose, Mokōkō o ke ke oa lla kajeno ho fihlela u latotse ka makhetlo a mararo hore ua ntseba.”+
35 A boela a re ho bona: “Ha ke le romela+ le se na sepache le mokotla oa lijo le meqathatso, ha lea ka la hloka letho, na ha ho joalo?” Ba re: “Che!” 36 Joale a re ho bona: “Empa joale ea nang le sepache a ke a se nke, le mokotla oa lijo ka ho tšoanang; ’me ea se nang sabole a ke a rekise seaparo sa hae sa ka ntle ’me a e reke. 37 Etsoe kea le bolella hore sena se ngotsoeng se tla phethahala ho ’na, e leng, ‘O ile a balelloa le ba sa eeng ka molao.’+ Kaha se nkamang sea phethahala.”+ 38 Joale ba re: “Morena, bona! lisabole tse peli ke tsena.” A re ho bona: “Ho lekane.”
39 Ha a tsoa o ile a ea Thabeng ea Mehloaare kamoo e neng e le tloaelo; eaba barutuoa le bona baa mo latela.+ 40 Ha a fihla sebakeng seo a re ho bona: “Tsoelang pele ho rapela, hore le se ke la kena molekong.”+ 41 Eaba o ikhula ho bona hoo e ka bang sebaka sa ha ho betsoa lejoe, ’me a khumama eaba o qala ho rapela, 42 a re: “Ntate, haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena ho ’na. Leha ho le joalo, ho ke ho etsahale thato ea hao,+ eseng ea ka.”+ 43 Joale lengeloi le tsoang leholimong la bonahala ho eena ’me la mo matlafatsa.+ 44 Empa ha a e-ba bohlokong bo otlang pelo a tsoela pele ho rapela ka tieo+ haholo; ’me mofufutso oa hae oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.+ 45 Eaba oa ema ka mor’a ho rapela, o ea ho barutuoa ’me o ba fumana ba otsela ka lebaka la ho sareloa;+ 46 eaba o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le robetse? Tsohang ’me le tsoele pele ho rapela, hore le se ke la kena molekong.”+
47 Ha a sa ntse a bua, bonang! bongata, ’me monna ea bitsoang Judase, e mong oa ba leshome le metso e ’meli, o ne a tsamaea ka pel’a bona;+ eaba o atamela Jesu ho mo aka.+ 48 Empa Jesu a re ho eena: “Judase, na u eka Mor’a motho ka kako?”+ 49 Ha ba mo potolohileng ba bona se neng se tla etsahala, ba re: “Morena, re hlathe ka sabole?”+ 50 E mong oa bona a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ’me a le tlosa tsebe e tona.+ 51 Empa ha Jesu a araba a re: “Tlohelang, ho lekane.” Eaba o ama tsebe eo ’me oa le folisa.+ 52 Joale Jesu a re ho baprista ba ka sehloohong le batsamaisi ba tempele le banna ba baholo ba neng ba tlil’o mo nka: “Na le tsoile le nkile lisabole le melangoana joalokaha eka le tlil’o tšoara lesholu?+ 53 Ha ke sa ntse ke e-na le lōna ka tempeleng+ letsatsi le letsatsi ha lea ka la otlolla matsoho a lōna khahlanong le ’na.+ Empa ena ke hora+ ea lōna le matla+ a lefifi.”+
54 Joale ba mo tšoara ’me ba mo tsamaisa+ eaba ba mo tlisa ka tlung ea moprista+ ea phahameng; empa Petrose o ne a latela a le hōjana.+ 55 Ha ba besa mollo bohareng ba lebala ’me ba lula fatše hammoho, Petrose o ne a lutse har’a bona.+ 56 Empa lekhabunyane le itseng la mo bona a lutse pel’a mollo o khanyang ’me la mo shebisisa eaba le re: “Monna enoa le eena o ne a e-na le eena.”+ 57 Empa a latola,+ a re: “Mosali, ha ke mo tsebe.”+ 58 Ka mor’a nako e khutšoanyane motho e mong ea mo bonang a re: “Le uena u e mong oa bona.” Empa Petrose a re: “Monn ’a heso, ha ke eena.”+ 59 Ka mor’a hore ho fete hoo e ka bang hora monna e mong a qala ho tsitlella ka matla: “Kannete-nete monna enoa le eena o ne a e-na le eena; etsoe, ha e le hantle, ke Mogalilea!”+ 60 Empa Petrose a re: “Monn ’a heso, ha ke tsebe seo u se buang.” Hang-hang, ha a sa ntse a bua, mokōkō oa lla.+ 61 Eaba Morena oa reteleha o sheba Petrose, ’me Petrose a hopola polelo ea Morena ha a re ho eena: “Pele mokōkō o lla kajeno u tla ntatola ka makhetlo a mararo.”+ 62 Eaba o tsoela ka ntle ’me o lla habohloko.+
63 Joale banna ba neng ba mo kentse litlamong ba qala ho mo fetola litšeho,+ ba mo+ otla;+ 64 ’me ka mor’a hore ba mo koahele ba ne ba mo botsa ba re: “Profeta. Ke mang ea u otlileng?”+ 65 Ba tsoela pele ho bua lintho tse ling tse ngata ka ho mo nyefola.+
66 Qetellong ha e e-ba motšehare, sehlopha sa banna ba baholo ba sechaba, baprista ba ka sehloohong le bangoli, sa bokana,+ ’me ba mo hulanyetsa ka holong ea bona ea Sanhedrine, ba re:+ 67 “Haeba u Kreste,+ u re bolelle.” Empa a re ho bona: “Esita le haeba ke ne nka le bolella, ho hang le ne le ke ke la lumela.+ 68 Ho feta moo, haeba ke ne nka le botsa, ho hang le ne le ke ke la araba.+ 69 Leha ho le joalo, ho tloha joale ho ea pele Mor’a motho+ o tla be a lutse ka letsohong le letona+ le matla la Molimo.”+ 70 Eaba kaofela ba re: “Ka hona, na u Mora oa Molimo?” A re ho bona: “Ke lōna ba reng+ ke eena.” 71 Ba re: “Ke hobane’ng ha re hloka bopaki bo eketsehileng?+ Etsoe re utloile molomong oa hae.”+
23 Kahoo letšoele la ema, kaofela, ’me la mo isa ho Pilato.+ 2 Joale ba qala ho mo qosa,+ ba re: “Re fumane monna enoa a khelosa+ sechaba sa habo rōna ’me a hanela ho lefshoa ha makhetho+ ho Cesare ’me a re ke eena Kreste morena.”+ 3 Joale Pilato a mo botsa potso: “Na u morena oa Bajuda?” Ha a mo araba a re: “Ke uena ea bolelang joalo.”+ 4 Joale Pilato a re ho baprista ba ka sehloohong le bongata: “Ha ke fumane molato ho monna enoa.”+ 5 Empa ba qala ho tsitlella, ba re: “O ferekanya batho ka ho ruta ho pholletsa le Judea eohle, esita le ho qala Galilea ho tla fihla mona.” 6 Ha Pilato a utloa seo, a botsa hore na monna eo ke Mogalilea, 7 ’me, ka mor’a ho fumana hantle hore o ne a tsoa sebakeng se taolong ea Heroda,+ a mo romela ho Heroda, eo le eena a neng a le Jerusalema matsatsing ana.
8 Ha Heroda a bona Jesu a thaba haholo, kaha ka nako e telele o ne a batla ho mo bona+ ka lebaka la hore o ne a utloile+ ka eena, ’me o ne a tšepile ho bona pontšo e ’ngoe e etsoang ke eena. 9 Joale a qala ho mo botsa ka mantsoe a mangata haholo; empa ha aa ka a mo araba.+ 10 Leha ho le joalo, baprista ba ka sehloohong le bangoli ba ’na ba ema ’me ba mo qosa+ ka matla. 11 Joale Heroda hammoho le balebeli ba hae ba masole ba mo nyelisa,+ ’me a mo fetola litšeho+ ka ho mo apesa seaparo se khanyang eaba o mo khutlisetsa ho Pilato. 12 Joale Heroda le Pilato+ ba fetoha metsoalle letsatsing lona leo; etsoe pele ho moo ba ne ba ntse ba e-na le bora pakeng tsa bona.
13 Joale Pilato a bokella baprista ba ka sehloohong le babusi le sechaba 14 eaba o re ho bona: “Le tlisitse monna enoa ho ’na le re o susumelletsa batho ho etsa bofetoheli, ’me, bonang! ke mo hlahlobile ka pel’a lōna empa ha kea fumana ho monna enoa lebaka+ la liqoso tseo le mo qosang ka tsona. 15 Ha e le hantle, le Heroda ha aa ka a le fumana, kaha o ile a mo khutlisetsa ho rōna; ’me, bonang! ha aa etsa letho le tšoaneloang ke lefu.+ 16 Ka hona ke tla mo shapa+ ’me ke mo lokolle.” 17 —— 18 Empa bona hammoho le letšoele lohle ba hoeletsa ba re: “Tlosa enoa,+ empa u re lokollele Barabase!”+ 19 (E leng monna ea neng a lahletsoe chankaneng ka lebaka la bofetoheli bo itseng bo etsahalang motseng le ka lebaka la polao.) 20 Pilato a boela a hoeletsa ho bona, hobane o ne a batla ho lokolla Jesu.+ 21 Joale ba qala ho hooa, ba re: “Mo khokhothele thupeng! Mo khokhothele thupeng!”+ 22 A re ho bona ka lekhetlo la boraro: “Hobane’ng, ke ntho efe e mpe eo monna enoa a e entseng? Ha kea ka ka fumana letho le tšoaneloang ke lefu ho eena; ka hona ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.”+ 23 Eaba ba qala ho phehella ka potlako, ka mantsoe a phahameng, ba batla hore a khokhotheloe thupeng; ’me mantsoe a bona a qala ho hlōla.+ 24 Kahoo Pilato a fana ka kahlolo ea hore seo ba se batlang se khotsofatsoe:+ 25 a lokolla+ monna ea neng a lahletsoe chankaneng ka lebaka la bofetoheli le polao le eo ba neng ba mo batla, empa a nehelana ka Jesu thatong+ ea bona.
26 Joale eare ha ba mo tsamaisa, ba tšoara Simone, letsoalloa le itseng la Cyrene, ea neng a tsoa sebakeng se ka thōko, ’me ba beha thupa ea tlhokofatso holim ’a hae hore a e jare a latetse Jesu.+ 27 Empa ho ne ho e-na le letšoele le leholo le neng le mo latela la batho le la basali ba neng ba ntse ba ikotla ka ho sareloa le ho mo llela. 28 Jesu a retelehela ho basali bao eaba o re: “Barali ba Jerusalema, khaotsang ho ntelela. Ho fapana le hoo, le itelele ’me le llele bana+ ba lōna; 29 hobane, bonang! matsatsi aa tla ao ka ’ona batho ba tla re, ‘Ho thaba linyopa, le lipōpelo tse sa kang tsa tsoala le matsoele a sa kang a anyesa!’+ 30 Joale ba tla qala ho re ho lithaba, ‘Re oeleng holimo!’ le ho maralla, ‘Re koaheleng!’+ 31 Hobane haeba ba etsa lintho tsena ha sefate se le mongobo, ho tla etsahala’ng ha se omeletse?”+
32 Empa banna ba bang ba babeli, baetsi ba bobe, le bona ba ne ba tsamaisoa ho ea bolaoa le eena.+ 33 Ha ba fihla sebakeng se bitsoang Lehata,+ ba mo khokhothela thupeng le baetsi bao ba bobe, e mong ka ho la hae le letona ’me e mong ka ho le letšehali.+ 34 [[Empa Jesu o ne a re: “Ntate, u ba tšoarele,+ kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.”]] Ho feta moo, ba lahla lotho+ e le hore ba abe liaparo tsa hae. 35 Batho ba ema ba shebeletse.+ Empa babusi ba ne ba tšeha ka ho nyefola, ba re: “O pholositse ba bang; a ke a ipholose,+ haeba enoa ke eena Kreste oa Molimo, Mokhethoa.”+ 36 Esita le masole a mo fetola litšeho,+ a atamela ’me a mo fa veine+ e bolila 37 ’me a re: “Haeba u morena oa Bajuda, ipholose.” 38 Hape ho ne ho e-na le mantsoe a ngotsoeng ka holim ’a hae: “Enoa ke morena oa Bajuda.”+
39 Empa e mong oa baetsi ba bobe ba neng ba fanyehiloe a qala ho mo nyefola a re:+ “U Kreste, na ha ho joalo? Ipholose le rōna u re pholose.” 40 Ha e mong a araba a mo khalemela ka matla ’me a re: “Na ha u tšabe Molimo ho hang, kaha joale u kahlolong e tšoanang?+ 41 Ka sebele, rōna re ho eona ka ho loketseng, kaha re amohela ka botlalo se re tšoanelang bakeng sa lintho tseo re ileng ra li etsa; empa monna enoa ha aa ka a etsa letho le tsoileng tseleng.”+ 42 Eaba o tsoela pele ho re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong+ oa hao.” 43 Eaba o re ho eena: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na+ Paradeiseng.”+
44 Joale, ka nako ena e ne e ka ba hora ea botšelela, ’me leha ho le joalo lefifi la aparela lefatše lohle ho fihlela ka hora+ ea borobong, 45 hobane khanya ea letsatsi e ile ea fela; joale lesira+ la sehalalelo la hahoha ka lehare.+46 Eaba Jesu o hoeletsa ka lentsoe le phahameng o re: “Ntate, ke beha moea+ oa ka matsohong a hao.” Ha a buile sena, a shoa.+ 47 Ka lebaka la ho bona se etsahetseng molaoli oa lebotho a qala ho tlotlisa Molimo, a re: “Ka sebele monna enoa o ne a lokile.”+ 48 Bongata kaofela bo neng bo bokane moo bakeng sa sebonoang sena, ha bo bona lintho tse ileng tsa etsahala, ba qala ho khutla, bo ikotla lifubeng. 49 Ho feta moo, bohle ba neng ba tloaelane le eena ba ne ba eme hōjana.+ Hape, basali, ba neng ba mo latetse hammoho ho tloha Galilea, ba ne ba eme ba talimile lintho+ tsena.
50 Bonang! Monna e mong ea bitsoang Josefa, eo e neng e le setho sa Lekhotla, monna+ ea molemo le ea lokileng— 51 monna enoa o ne a sa vouta ho tšehetsa morero le ketso+ ea bona—o ne a tsoa Arimathea, motse oa Bajudea, ’me o ne a letetse ’muso oa Molimo;+ 52 monna enoa a ea ho Pilato ’me a kōpa setopo sa Jesu.+ 53 A se theola+ eaba o se phuthela ka line ea boleng bo botle, ’me o mo beha ka lebitleng+ le fatiloeng lefikeng, leo ho neng ho e-s’o be motho ea robalang+ ka ho lona. 54 Joale e ne e le letsatsi la Tokisetso,+ ’me khanya ea shoalane ea sabatha+ e ne e atamela. 55 Empa basali, ba neng ba tlile le eena ho tsoa Galilea, ba latela ’me ba sheba lebitla+ la khopotso le kamoo setopo sa hae se neng se behiloe+ kateng; 56 eaba baa khutla ho ea lokisa linōko le lioli+ tse nkhang hamonate. Empa, ka ho hlakileng, ba phomola ka sabatha+ ho ea ka taelo.
24 Leha ho le joalo, ka letsatsi la pele la beke, ba ea lebitleng hoseng haholo, ba nkile linōko tseo ba neng ba li lokisitse.+ 2 Empa ba fumana lejoe le phikoloselitsoe thōko le lebitla+ la khopotso, 3 ’me ha ba kena ba se ke ba fumana setopo sa Morena Jesu.+ 4 Ha ba ntse ba tsielehile ke sena, bonang! banna ba babeli ba liaparo li phatsimang ba ema haufi le bona.+ 5 Ha basali bao ba ntse ba tšohile ’me ba inamiselitse lifahleho fatše, banna bao ba re ho bona: “Ke hobane’ng ha Ea phelang le mo batla har’a bafu? 6 [[Ha a eo mona, empa o tsositsoe.]]+ Hopolang kamoo a ileng a bua le lōna kateng ha a sa ntse a le Galilea,+ 7 a re ho tla nehelanoa ka Mor’a motho matsohong a batho ba nang le sebe ’me a khokhotheloe thupeng ’me leha ho le joalo a tsohe ka letsatsi la boraro.”+ 8 Kahoo ba hopola+ lipolelo tsa hae, 9 eaba ba khutla lebitleng la khopotso ’me ba tlalehela ba leshome le motso o mong le ba bang kaofela lintho tsena tsohle.+ 10 E ne e le Maria Magdalena, le Joanna,+ le Maria ’mè oa Jakobo. Hape, basali+ ba bang kaofela ba neng ba e-na le bona ba ne ba bolella baapostola lintho tsena. 11 Leha ho le joalo, lipolelo tsena tsa bonahala li se na kelello ho bona ’me ba ne ba sa lumele+ basali bao.
12 [[Empa Petrose a ema ’me a mathela lebitleng la khopotso, ’me, ha a nyarela, a bona masela a tlamisang feela. Kahoo a tloha, a makaletse se neng se etsahetse.]]
13 Empa, bonang! letsatsing lona leo ba babeli ba bona ba ne ba ea motsaneng o bitsoang Emmause, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema, 14 ’me ba ne ba buisana ka lintho+ tsena tsohle tse neng li etsahetse.
15 Joale ha ba ntse ba qoqa le ho buisana, Jesu a atamela+ ’me a qala ho tsamaea le bona; 16 empa mahlo a bona a ne a thibiloe hore a se ke a mo hlokomela.+ 17 A re ho bona: “Litaba tsee tseo le phehisanang ka tsona ha le ntse le tsamaea ke life?” Eaba ba ema ka lifahleho tse hlomohileng. 18 Ha e mong ea bitsoang Cleopase a araba a re ho eena: “Na u lula u le mojaki u le mong Jerusalema ’me kahoo ha u tsebe lintho tse etsahetseng teng matsatsing aa?” 19 Eaba o re ho bona: “Lintho life?” Ba re ho eena: “Lintho tse malebana le Jesu Monazaretha,+ eo e neng e le moprofeta+ ea matla mosebetsing le lentsoeng ka pel’a Molimo le batho bohle; 20 le kamoo baprista ba ka sehloohong le babusi ba rōna ba ileng ba nehelana ka eena kahlolong ea lefu le ho mo khokhothela+ thupeng. 21 Empa re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele;+ e, ’me ntle ho lintho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro ho tloha ha lintho tsena li etsahala. 22 Ho feta moo, basali+ ba itseng ba tsoang har’a rōna le bona ba ile ba re makatsa, hobane ba ne ba tsoheletse lebitleng la khopotso 23 empa ba se ke ba fumana setopo sa hae ’me ba tla ba re ba boetse ba bone pono e phahametseng matla a tlhaho ea mangeloi, a ileng a re oa phela. 24 Ho ekelletsa moo, ba bang ba neng ba e-na le rōna ba tloha ho ea lebitleng+ la khopotso; ’me ba fumana ho le joalo, feela joalokaha basali bao ba ne ba boletse, empa ha baa ka ba mo bona.”
25 Kahoo a re ho bona: “Lōna ba se nang kelello le ba lipelo li liehang ho lumela linthong tsohle tseo baprofeta ba ileng ba li bua!+ 26 Na ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a utloisoe bohloko+ ke lintho tsee le hore a kene khanyeng+ ea hae?” 27 ’Me ha a qala ka Moshe+ le Baprofeta+ kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.
28 Qetellong ba atamela motsana oo ba neng ba e-ea ho oona, ’me a etsa joalokaha eka o ne a ea pejana. 29 Empa ba mo hatella, ba re: “Lula le rōna, hobane e se e tla ba shoalane ’me letsatsi le se le sekame.” Eaba oa kena hore a lule le bona. 30 Ha a ntse a otlile ka lehlakore le bona lijong a nka bohobe, a bo hlohonolofatsa, a bo qhetsola eaba o qala ho ba neha bona.+ 31 Eaba mahlo a bona a buleha ka botlalo ’me ba mo hlokomela; eaba oa nyamela ho bona.+ 32 Ba buisana ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” 33 Eaba ka eona hora eo baa ema ’me ba khutlela Jerusalema, ’me ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba bokane, 34 ba re: “Kannete Morena o tsositsoe ’me o bonahetse ho Simone!”+ 35 Joale ba pheta tse etsahetseng tseleng le kamoo ba ileng ba mo tseba ka ho qhetsola bohobe.+
36 Ha ba ntse ba bua ka lintho tsena a ema har’a bona [[’me a re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso.”]] 37 Empa ka lebaka la hore ba ne ba harohile matsoalo, ’me ba tšohile,+ ba ne ba nahana hore ba bona moea. 38 Kahoo a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le khathatsehile, ’me ke hobane’ng ha lipelaelo li hlaha ka lipelong tsa lōna? 39 Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke ’na; nkameng+ ’me le bone, hobane moea ha o na nama le masapo+ feela joalokaha le bona hore ’na ke na le tsona.” 40 [[Eare ha a bua sena a ba bontša matsoho a hae le maoto a hae.]] 41 Empa ha ba sa ntse ba sa lumele+ ka lebaka la ho thaba haholo ’me ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho jeoang moo?”+ 42 Eaba ba mo neha sekotoana sa tlhapi+ e besitsoeng; 43 eaba oa e nka ’me oa e ja+ ka pel’a mahlo a bona.
44 Joale a re ho bona: “Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lōna,+ hore lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng+ le Lipesalemeng+ mabapi le ’na li tla phethahala.” 45 Joale a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo,+ 46 eaba o re ho bona: “Ka tsela ena ho ngoliloe hore Kreste o ne a tla utloa bohloko le ho tsoha har’a bafu ka letsatsi la boraro,+ 47 ’me ka lebitso la hae pako bakeng sa tšoarelo ea libe+ e ne e tla boleloa lichabeng+ tsohle—ho qala Jerusalema,+ 48 le tla ba lipaki+ tsa lintho tsena. 49 Bonang! Ke le romela se tšepisitsoeng ke Ntate. Leha ho le joalo, lōna le lule motseng ho fihlela le apesoa matla a tsoang holimo.”+
50 Empa a ba etella pele ho ea fihla Bethani, eaba o phahamisa matsoho ’me oa ba hlohonolofatsa.+ 51 Ha a ntse a ba hlohonolofatsa a arohanngoa le bona ’me a qala ho nkeloa leholimong.+ 52 Ba mo inamela ’me ba khutlela Jerusalema ka thabo+ e khōlō. 53 ’Me ka ho tsoelang pele ba ne ba le ka tempeleng ba boka Molimo.+