Ho Ea ka Mareka
1 Tšimoloho ea litaba tse molemo mabapi le Jesu Kreste: 2 Feela joalokaha ho ngoliloe ho moprofeta Esaia: “(Bona! Ke romela lenģosa la ka ka pel’a sefahleho sa hao, le tla lokisa tsela ea hao;)+ 3 mamelang! e mong oa hoeletsa lefeelleng, ‘Lokisang tsela ea Jehova, le otlolle mebila+ ea hae,’” 4 Johanne mokolobetsi o ile a hlaha lefeelleng, a bolela ka kolobetso tšoantšetsong ea pako bakeng sa tšoarelo ea libe.+ 5 Ka lebaka leo sebaka sohle sa Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba leba ho eena, ’me a ba kolobetsa Nōkeng ea Jordane, ba bolela libe+ tsa bona pepenene. 6 Joale Johanne o ne a apere boea ba kamele ’me a itlamme lethekeng+ ka senyepa sa letlalo, ’me o ne a ja litsie+ le mahe a linotši+ a naheng. 7 O ne a bolela, a re: “E mong ea matla ho mpheta oa tla ka mor’a ka; ha ke tšoanelehe ho inama le ho tlamolla maqhoele a meqathatso+ ea hae. 8 Ke le kolobelitse ka metsi, empa o tla le kolobetsa ka moea o halalelang.”+
9 Matsatsing ao Jesu a tsoa Nazaretha ea Galilea ’me a kolobetsoa Jordane ke Johanne.+ 10 Kapele-pele ha a nyoloha a tsoa ka metsing a bona maholimo a ntse a aroha, ’me moea o theohela holim ’a hae joaloka leeba;+ 11 eaba lentsoe le tsoa maholimong: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.”+
12 Kapele-pele moea oa mo susumelletsa ho kena lefeelleng.+ 13 Kahoo a hlola lefeelleng ka matsatsi+ a mashome a mane, a ntse a lekoa ke Satane,+ ’me o ne a e-na le libata, empa mangeloi a ne a mo sebeletsa.+
14 Joale ka mor’a hore Johanne a tšoaroe Jesu a kena Galilea,+ a ntse a bolela litaba tse molemo tsa Molimo+ 15 a re: “Nako e behiloeng e phethehile,+ ’me ’muso oa Molimo o atametse. Bakang,+ ’me le be le tumelo litabeng tse molemo.”
16 Ha a ntse a tsamaea haufi le leoatle la Galilea a bona Simone+ le Andrease mor’abo Simone ba akhela matlooa a bona mona le mane ka leoatleng, kaha e ne e le batšoasi+ ba litlhapi. 17 Kahoo Jesu a re ho bona: “Ntšaleng morao, ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho.”+ 18 Hang-hang ba tlohela matlooa a bona ’me ba mo latela.+ 19 Ka mor’a hore a tsamaele pejana a bona Jakobo mora oa Zebedea le Johanne mor’abo, ha e le hantle, ha ba ntse ba le ka sekepeng sa bona ba lokisa matlooa+ a bona; 20 a ba bitsa ntle ho tieho. Eaba ba siea ntat’a bona Zebedea ka sekepeng hammoho le banna ba hiriloeng ’me ba tloha ba mo sala morao. 21 Ba tsamaea ho ea kena Kapernauma.+
Hang-hang ha e e-ba sabatha a kena ka synagogeng ’me a qala ho ruta. 22 Ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta,+ etsoe bonang! o ne a ba ruta joaloka ea nang le bolaoli, eseng joaloka bangoli.+ 23 Hape, ka eona nako eo ka synagogeng ea bona ho ne ho e-na le motho ea laoloang ke moea o sa hloekang, ’me a hooa,+ 24 a re: “Taba ea rōna le uena ke efe, Jesu Monazaretha?+ Na u tlil’o re timetsa? Ke tseba+ hantle hore na u mang, Mohalaleli+ oa Molimo.”+ 25 Empa Jesu a o khalemela ka matla, a re: “Khutsa, ’me u tsoe ho eena!”+ 26 Eaba moea o sa hloekang, ka mor’a ho mo tsitsipanya le ho hooa ka lentsoe le phahameng, o tsoa ho eena.+ 27 Joale, batho bohle ba ne ba maketse haholo hoo ba ileng ba qala ho buisana, ba re: “Hona ke eng? Thuto e ncha! Ka bolaoli o laela le meea e sa hloekang, ’me ea mo mamela.”+ 28 Kahoo tlaleho e mabapi le eena ea hasana kapele-pele ka ’nģa tsohle ho pholletsa le naha eohle e potolohileng Galilea.+
29 Kapele-pele ba tsoa synagogeng ’me ba kena lapeng la Simone+ le Andrease ba e-na le Jakobo le Johanne. 30 Joale mohoehali+ oa Simone o ne a robetse a kula a tšoeroe ke feberu,+ ’me hang-hang ba mo bolella ka eena. 31 Ha a e-ea ho eena a mo tsosa, a mo tšoara ka letsoho; feberu ea mo tlohela,+ eaba o qala ho ba sebeletsa.+
32 Ka mor’a hore shoalane e tšoare, ha letsatsi le liketse, batho ba qala ho mo tlisetsa bohle ba neng ba kula+ le ba nang le bademona;+ 33 ’me motse oohle oa bokana hona monyako. 34 Kahoo a phekola ba bangata ba neng ba kula ba tšoeroe ke maloetse+ a sa tšoaneng, ’me a leleka bademona ba bangata, empa o ne a sa lumelle bademona hore ba bue, kahobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.+
35 Hoseng haholo, ho sa ntse ho le lefifi, a tsoha ’me a tsoela ka ntle eaba oa tloha o ea sebakeng+ se thōko, ’me ha a le moo a qala ho rapela.+ 36 Leha ho le joalo, Simone le ba nang le eena ba mo tsoma 37 ’me ba mo fumana, eaba ba re ho eena: “Bohle baa u batla.” 38 Empa a re ho bona: “A re eeng sebakeng se seng sesele, litoropong tse haufi tsa metsana, e le hore nka bolela+ le moo, kaha ke tsoile ka morero ona.”+ 39 A fela a ea, a bolela ka lisynagogeng tsa bona ho pholletsa le Galilea eohle ’me a leleka bademona.+
40 Ha boela ha tla molepera ho eena, a mo kōpa ka tieo a bile a khumame, a re ho eena: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 41 Eaba o susumetsoa ke khauho,+ ’me o otlolla letsoho oa mo ama, o re ho eena: “Kea batla. Hloeka.”+ 42 Kapele-pele lepera la nyamela ho eena, ’me a hloeka.+ 43 Ho feta moo, a mo fa litaelo tse tiileng ’me hang-hang a re a tsamaee, 44 a re ho eena: “Tiisa hore u se ke ua bolella le ea mong letho, empa u ee u iponahatse ho moprista+ ’me bakeng sa ho hloekisoa ha hao u nyehele lintho tseo Moshe a li laetseng,+ hore e be bopaki ho bona.”+ 45 Empa ka mor’a hore a tlohe monna eo a qala ho ho phatlalatsa haholo le ho hasa tlaleho eo hohle, hoo Jesu a neng a se a sa khone ho kena motseng pepenene, empa a hlola ka ntle libakeng tse thōko. Empa leha ho le joalo ba ’na ba tla ho eena ba hlaha ka mahlakoreng ’ohle.+
2 Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a itseng a boela a kena Kapernauma ’me ha tlalehoa hore o teng lapeng.+ 2 Ka lebaka leo ba bangata ba bokana, hoo ho neng ho se ho se na sebaka, esita le pel’a monyako, ’me a qala ho ba bolella lentsoe.+ 3 Eaba banna baa tla ba mo tlisetsa motho ea shoeleng litho a kakasitsoe ke batho ba bane.+ 4 Empa ha ba sa khone ho mo tlisa ho Jesu ka lebaka la bongata, ba tlosa marulelo ka holim ’a moo a neng a le teng, ’me ha ba phuntse lesoba ba theola lempara leo motho ea shoeleng litho a neng a robetse+ ho lona. 5 Ha Jesu a bona tumelo+ ea bona a re ho motho ea shoeleng litho: “Ngoana, u tšoaretsoe libe.”+ 6 Joale ho ne ho e-na le ba bang ba bangoli moo, ba lutse ’me ba nahana ka lipelong+ tsa bona: 7 “Ke hobane’ng ha monna enoa a bua ka mokhoa oo? Oa nyefola. Ke mang ea ka tšoarelang libe haese a le mong, Molimo?”+ 8 Empa Jesu, ha a lemohile kapele-pele ka moea oa hae hore ba ne ba nahana ka tsela eo ka ho bona, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tsee ka lipelong+ tsa lōna? 9 Ke hofe ho bonolo, ho re ho motho ea shoeleng litho, ‘U tšoaretsoe libe,’ kapa ho re, ‘Ema ’me u nke lempara la hao u tsamaee’?+ 10 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho+ o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng,”+—a re ho motho ea shoeleng litho: 11 “Ke re ho uena, Ema, u nke lempara la hao, ’me u ee lapeng+ la hao.” 12 Eaba oa ema, ’me kapele-pele o nka lempara la hae o tsoa ka pel’a bona kaofela,+ hoo kaofela ba ileng hlolloa, ’me ba tlotlisa Molimo, ba re: “Le ka mohla ha re e-s’o bone ho kang hona.”+
13 A boela a tsoa a ea ka thōko ho leoatle; bongata kaofela ba ’na ba tla ho eena, ’me a qala ho bo ruta. 14 Empa eare ha a fetela pele, a re heli! ’me a bona Levi+ mora oa Alfiase a lutse ofising ea lekhetho, ’me a re ho eena: “E-ba molateli oa ka.” Ha a ema a mo latela.+ 15 Hamorao o ne a otlile ka lehlakore tafoleng ka tlung ea hae, ’me babokelli+ ba lekhetho le baetsalibe ba bangata ba ne ba otlile ka lehlakore le Jesu le barutuoa ba hae, kaha ba ne ba le bangata ’me ba qala ho mo latela.+ 16 Empa bangoli ba Bafarisi, ha ba bona hore o ne a ja le baetsalibe le babokelli ba lekhetho, ba qala ho re ho barutuoa ba hae: “Na o ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 17 Ha Jesu a utloa sena a re ho bona: “Ba matla ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng.”+
18 Joale barutuoa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba tloaetse ho itima lijo. Kahoo ba tla ’me ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba Johanne le barutuoa ba Bafarisi ba tloaetse ho itima lijo, empa barutuoa ba hao ba sa tloaela ho itima lijo?”+ 19 Eaba Jesu o re ho bona: “Metsoalle ea monyali e ke ke ea itima lijo+ ha monyali a ntse a e-na le eona, na ha ho joalo? Hafeela e e-na le monyali har’a eona e ke ke ea itima lijo.+ 20 Empa matsatsi a tla tla ha monyali a tla tlosoa ho eona, ’me joale e tla itima lijo letsatsing leo.+ 21 Ha ho ea rōkellang setsiba sa lesela le sa honyelang seaparong sa ka ntle sa khale; haeba a etsa joalo, matla a sona a feletseng a rutla ho sona, se secha ho sa khale, ’me ho taboha hoo ho ba hobe haholo.+ 22 Hape, ha ho ea tšelang veine e ncha ka makukeng a veine a khale; haeba a etsa joalo, veine e phatlola makuka, ’me veine hammoho le makuka lia senyeha.+ Empa batho ba tšela veine e ncha ka makukeng a veine a macha.”+
23 Joale o ne a feta har’a masimo a lijo-thollo ka sabatha, ’me barutuoa ba hae ba qala ho tsamaea ba kha+ lihloohoana tsa lijo-thollo.+ 24 Kahoo Bafarisi ba qala ho re ho eena: “Bona! Ke hobane’ng ha ba etsa ho sa lumelloeng ke molao ka sabatha?”+ 25 Empa a re ho bona: “Na ha ho mohla le kileng la bala seo Davida+ a ileng a se etsa ha a hloka e ba oa lapa, eena le banna ba neng ba e-na le eena?+ 26 Kamoo a ileng a kena ka tlung ea Molimo, tlalehong e mabapi le moprista ea ka sehloohong Abiathare,+ ’me a ja mahobe a nyehelo,+ ao ho sa lumelloeng ke molao+ hore motho leha e le mang a a je haese baprista, ’me a fa le banna ba neng ba e-na le eena a mang?”+ 27 Kahoo a tsoela pele ho re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho,+ eseng hore motho o bile teng ka lebaka la sabatha;+ 28 kahoo Mor’a motho ke Morena esita le oa sabatha.”+
3 A boela a kena ka synagogeng, ’me ho ne ho e-na le monna e mong ea omeletseng letsoho.+ 2 Kahoo ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o ne a tla phekola monna eo ka sabatha, e le hore ba ka mo qosa.+ 3 Eaba o re ho monna eo ea omeletseng letsoho: “Phahama ’me u tle bohareng.” 4 Ka mor’a moo a re ho bona: “Na ho lumelloa ke molao ho etsa ketso e molemo kapa ho etsa ketso e mpe ka sabatha, ho pholosa kapa ho bolaea moea?”+ Empa ba khutsa. 5 Ka mor’a ho ba ea ka mahlo ka khalefo, a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo+ tsa bona, a re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” Eaba oa le otlolla, ’me letsoho la hae la tsosolosoa.+ 6 Eaba Bafarisi baa tsoa ’me kapele-pele ba qala ho tšoara seboka le balateli ba sehlopha sa Heroda+ khahlanong le eena, e le hore ba mo timetse.+
7 Empa Jesu le barutuoa ba hae ba tloha ho ea leoatleng; ’me letšoele le leholo le tsoang Galilea le le tsoang Judea la mo latela.+ 8 Letšoele le leholo, ha le utloa hore na o ne a etsa lintho tse ngata hakae, la tla ho eena le tsoa Jerusalema le Idumea le ka mose ho Jordane le ho potoloha Tyre+ le Sidone. 9 A bolella barutuoa ba hae hore ba ’ne ba be le seketsoana seo a tla se sebelisa e le hore bongata bo se ke ba mo petetsa. 10 Etsoe o ne a phekola ba bangata, hoo bohle ba neng ba e-na le mafu a bohloko ba neng ba itihela holim ’a hae ho mo ama.+ 11 Esita le meea+ e sa hloekang, neng kapa neng ha e ne e mo bona, e ne e itihela fatše ka lifahleho ka pel’a hae ’me e hoeletsa, e re: “U Mora oa Molimo.”+ 12 Empa ka makhetlo a mangata a e laela ka thata-thata hore e se ke ea mo tsebahatsa.+
13 Eaba o nyoloha thaba ’me o bitsa bao a neng a ba batla,+ ’me ba tloha ho ea ho eena.+ 14 Eaba o theha sehlopha sa ba leshome le metso e ’meli, bao hape a ileng a ba bitsa “baapostola,” e le hore ba ka ba le eena le hore a ba romele ho ea bolela+ 15 le ho ba le matla a ho leleka bademona.+
16 Sehlopha sa ba leshome le metso e ’meli seo a ileng a se theha e ne e le Simone, eo a ileng a boela a mo reha lebitso le leng, Petrose,+ 17 le Jakobo mora oa Zebedea le Johanne mor’abo Jakobo+ (a boela a reha bana lebitso le leng, Boanergese, le bolelang Bara ba Sealuma), 18 le Andrease le Filipi le Bartholome le Matheu le Thomase le Jakobo mora oa Alfiase le Thadiase le Simone Mokanana 19 le Judase Iskariota, eo hamorao a ileng a mo eka.+
Eaba o kena ka tlung e ’ngoe. 20 Bongata ba boela ba bokana, hoo ba neng ba sa khone le ho ja lijo.+ 21 Empa ha beng+ ka eena ba utloa ka hona, ba tsoa ho ea mo tšoara, kaha ba ne ba re: “O lahlehetsoe ke kelello.”+ 22 Hape, bangoli ba ileng ba theoha Jerusalema ba ne ba re: “O na le Beelzebube, ’me o leleka bademona ka ’musi oa bademona.”+ 23 Kahoo, ka mor’a ho ba bitsetsa ho eena, a qala ho re ho bona ka lipapiso: “Ke joang Satane a ka lelekang Satane? 24 Ka sebele, haeba ’muso o arohana, ’muso oo o ke ke oa ema;+ 25 ’me haeba ntlo e arohana, ntlo eo e ke ke ea khona ho ema.+ 26 Hape, haeba Satane o itsohetse matla ’me o arohane, a ke ke a ema, empa o tla fela.+ 27 Ha e le hantle, ha ho ea keneng ka tlung ea monna ea matla ea khonang ho phahla+ thepa ea hae e nkehang ntle le hore pele a tlame monna eo ea matla, ’me joale o tla phahla ntlo+ ea hae. 28 Kannete ke re ho lōna bara ba batho ba tla tšoareloa lintho tsohle, ho sa tsotellehe hore na ke libe le linyefolo life tseo ba li etsang ka bonyefoli.+ 29 Leha ho le joalo, mang kapa mang ea nyefolang moea o halalelang a ke ke a tšoareloa, ka ho sa feleng, empa o molato oa sebe+ se sa feleng.” 30 A bua sena, hobane ba ne ba re: “O na le moea o sa hloekang.”+
31 Joale ’m ’ae le barab’abo+ ba tla, ’me, ha ba ntse ba eme ka ntle, ba romeletsa hore a bitsoe.+ 32 Bongata bo ne bo lutse bo mo potolohile, kahoo ba re ho eena: “Bona! ’M’ao le barab’eno baa u batla ka ntle.”+ 33 Empa ha a araba a re ho bona: “’Mè le barab’eso+ ke bo-mang?” 34 Ha a thalalitse ka mahlo ba lutseng ba mo etselitse sakana-la-nkope, a re: “Bonang, ’Mè le barab’eso!+ 35 Mang kapa mang ea etsang thato ea Molimo, enoa ke mor’eso le morali’eso le ’Mè.”+
4 A boela a qala ho ruta ka thōko ho leoatle.+ Eaba bongata bo boholo haholo bo bokana haufi le eena, hoo a ileng a palama sekepe ’me a lula ka leoatleng hōle le lebōpo, empa bongata kaofela bo neng bo le ka thōko ho leoatle bo ne bo le lebōpong.+ 2 Kahoo a qala ho bo ruta lintho tse ngata ka lipapiso+ a re ho bona thutong ea hae:+ 3 “Mamelang. Bonang! Mojali o ile a tsoa ho ea jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peō e ’ngoe ea oela haufi le tsela, linonyana tsa tla ’me tsa e ja.+ 5 Peō e ’ngoe ea oela sebakeng se majoe moo, ka ho hlakileng, e sa kang ea e-ba le mobu o mongata, ’me kapele-pele ea mela ka lebaka la ho se be le botebo mobung.+ 6 Empa ha letsatsi le chaba, ea tlaboha, ’me ea omella ka lebaka la ho se be le metso.+ 7 Peō e ’ngoe ea oela har’a meutloa, ’me meutloa ea nyoloha ea e bipetsa, ea se ke ea beha litholoana.+ 8 Empa tse ling tsa oela mobung+ o motle, ha li nyoloha ’me li hōla, tsa qala ho beha litholoana, ’me li ne li beha tse mashome a mararo, le tse mashome a tšeletseng le tse lekholo.”+ 9 Kahoo a eketsa ka lentsoe lena: “Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele.”+
10 Joale ha a le mong, ba mo potolohileng hammoho le ba leshome le metso e ’meli ba qala ho mo botsa ka lipapiso+ tseo. 11 Eaba o tsoela pele ho re ho bona: “Le nehiloe sephiri se halalelang+ sa ’muso oa Molimo, empa ho ba ka ntle lintho tsohle li etsahala ka lipapiso,+ 12 e le hore, le hoja ba talimile, ba ka talima ’me leha ho le joalo ba se ke ba bona, ’me, le hoja ba utloa, ba ka utloa ’me leha ho le joalo ba se ke ba utloisisa, leha e le hore le ka mohla ba ka khutla ’me ba tšoareloa.”+ 13 Ho ekelletsa moo, a re ho bona: “Ha le tsebe papiso ena, kahoo le tla utloisisa lipapiso tse ling kaofela joang?
14 “Mojali o jala lentsoe.+ 15 Joale, bana ke ba haufi le tsela moo lentsoe le jaloang; empa hang ha ba le utloile Satane oa tla+ ’me o tlosa lentsoe le ileng la jaloa ho bona.+ 16 Ka ho tšoanang bana ke ba jetsoeng libakeng tse majoe: hang ha ba utloile lentsoe, ba le amohela ka thabo.+ 17 Leha ho le joalo ha ba na metso ho bona, empa ba tsoela pele ka nakoana; joale hang ha matšoenyeho kapa mahloriso a tsoha ka lebaka la lentsoe, baa khoptjoa.+ 18 Ho sa ntse ho e-na le ba bang ba jetsoeng har’a meutloa; bana ke ba utloileng lentsoe,+ 19 empa matšoenyeho+ a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo+ le litakatso+ tsa lintho tse ling kaofela lia hlasela ’me li bipetsa lentsoe, ’me e ba le sa beheng.+ 20 Qetellong, ba ileng ba jaloa mobung o motle ke ba mamelang lentsoe ’me ba le amohela hamolemo ’me ba beha litholoana tse mashome a mararo le tse mashome a tšeletseng le tse lekholo.”+
21 A tsoela pele ho re ho bona: “Lebone ha le tlisetsoe hore le behoe ka tlas’a baskete e lekanyang kapa ka tlas’a bethe, na ha ho joalo? Le tlisetsoa ho behoa holim ’a seluloana sa lebone, na ha ho joalo?+ 22 Etsoe ha ho letho le patiloeng haese ka morero oa hore le pepesoe; ha ho letho le patiloeng ka hloko haese ka morero oa hore le hlahe pepeneneng.+ 23 Mang kapa mang ea nang le litsebe ho mamela, a ke a mamele.”+
24 A eketsa ka ho re ho bona: “Elang hloko seo le se utloang.+ Ka ntho e lekanyang eo le lekanyetsang ka eona, le tla lekanyetsoa ka eona,+ e, le tla ekeletsoa ho eketsehileng.+ 25 Etsoe ea nang le letho o tla fuoa ho eketsehileng; empa ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona.”+
26 Kahoo a tsoela pele ho re: “Ka tsela ena ’muso oa Molimo o joalokaha motho a lahlela peō mobung,+ 27 ’me a robala bosiu ’me a tsoha motšehare, ebe peō ea hlaha ’me ea hōla e ba telele, hore na joang ha a tsebe.+ 28 Mobu o beha litholoana butle-butle, lekhasi la joang pele, e ntan’o ba hloohoana ea lehlaka, qetellong lithollo tse tletseng hloohoaneng. 29 Empa hang ha litholoana li ho lumella, o akhela sekele, hobane nako ea kotulo e tlile.”
30 A tsoela pele ho re: “Re tla tšoantša ’muso oa Molimo le eng, kapa re tla o hlalosa ka papiso efe?+ 31 O joaloka thollo ea mosetareta, eo nakong ea ha e ne e jaloa mobung e neng e le nyenyane ka ho fetisisa ho lipeō tsohle tse lefatšeng+— 32 empa ha e jetsoe, ea nyoloha ’me e ba khōlō ho feta meroho e meng kaofela ’me e hlahisa makala+ a maholo, hoo linonyana tsa leholimo+ li khonang ho fumana bolulo tlas’a moriti oa eona.”+
33 Kahoo o ne a ba bolella lentsoe ka lipapiso+ tse ngata tsa mofuta oo, ho fihlela ba khona ho mamela. 34 Ka sebele, o ne a sa bue le bona kantle ho papiso, empa o ne a hlalosetsa barutuoa ba hae lintho tsohle boinotšing.+
35 Letsatsing leo, ha shoalane e tšoere, a re ho bona: “A re tšeleleng lebōpong le leng.”+ 36 Kahoo, ka mor’a hore ba bolelle bongata boo hore bo tsamaee, ba mo nka ka sekepe, feela joalokaha a ne a le ka ho sona, ’me ho ne ho e-na le likepe tse ling tse neng li e-na le eena.+ 37 Joale ha tsoha sefefo se seholo se matla, ’me maqhubu a ’na a khahlellana ka sekepeng, hoo sekepe se neng se le haufi le ho tlala.+ 38 Empa o ne a le karolong e ka morao ea sekepe, a robetse mosamong. Kahoo ba mo tsosa ’me ba re ho eena: “Mosuoe, na ha u tsotelle hore re makhatheng a ho timela?”+39 Eaba oa tsoha ’me o khalemela moea ka matla o re ho leoatle: “Thōla! Khutsa!”+ Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.+ 40 Kahoo a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le le boi? Na ha le e-s’o be le tumelo?” 41 Empa ba ikutloa ba e-na le tšabo e sa tloaelehang, ’me ba ne ba buisana ba re: “Ha e le hantle enoa ke mang, hobane esita le moea le leoatle lia mo mamela?”+
5 Joale, ba fihla ka lehlakoreng le leng la leoatle naheng ea Bagerasa.+ 2 Kapele-pele ka mor’a hore a tsoe ka sekepeng monna e mong ea laoloang ke moea o sa hloekang a mo khahlanyetsa a tsoa har’a mabitla a khopotso.+ 3 O ne a lula har’a mabitla; ’me ho fihlela ka nako eo ho hang ho ne ho se ea neng a khona ho mo tlama ka thata esita le ka ketane, 4 hobane o ne a ’nile a tlangoa hangata ka litlamo le ka liketane, empa o ne a poma liketane likoto ’me o ne a robakanya litlamo; ’me ho ne ho se ea neng a e-na le matla a ho mo hlōla. 5 Bosiu le motšehare, o ne a hoeletsa a sa khaotse mabitleng le lithabeng ’me a itšeha ka majoe. 6 Empa ha a re heli! ’me a bona Jesu a le hōjana a matha ’me a mo inamela, 7 ’me, ha a hoelelitse ka lentsoe le phahameng,+ a re: “Taba ea ka le uena ke efe, Jesu, Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa?+ Ke u hlapantša+ ka Molimo hore u se ke ua ntlhokofatsa.”+ 8 Etsoe o ne a ntse a o bolella: “Tsoa ho monna eo, uena moea o sa hloekang.”+ 9 Empa a qala ho mo botsa: “Lebitso la hao u mang?” Eaba o re ho eena: “Lebitso la ka ke Legione,+ hobane re bangata.”+ 10 A mo kōpa ka tieo ka makhetlo a mangata hore a se ke a lelekela meea eo ka ntle ho naha.+
11 Joale mohlape o moholo oa likolobe+ o ne o le teng moo thabeng o fula.+ 12 Kahoo ea mo kōpa ka tieo, e re: “Re romele likolobeng, e le hore re ka kena ho tsona.” 13 A e lumella. Eaba meea e sa hloekang ea tsoa ’me e kena likolobeng; ’me mohlape oo oa tsubella selomong oa oela ka leoatleng, tse ka bang likete tse peli tsa tsona, ’me tsa khangoa ke metsi e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ka leoatleng.+ 14 Empa balisa ba tsona ba baleha ’me ba ho tlaleha motseng le libakeng tse ka thōko; ’me batho ba tla ho tla bona hore na e ne e le eng e neng e etsahetse.+ 15 Kahoo ba tla ho Jesu, ’me ba bona monna ea neng a e-na le modemona a lutse a apere ’me a e-na le kelello e hlaphohileng, monna enoa ea neng a bile le legione; ’me ba tšoha. 16 Hape, ba neng ba ho bone ba ba phetela kamoo sena se neng se etsahetse kateng ho monna eo ea neng a e-na le modemona le ka likolobe. 17 Kahoo ba qala ho mo kōpa ka tieo hore a tlohe literekeng+ tsa bona.
18 Joale eare ha a palama sekepe, monna eo ea neng a e-na le modemona a qala ho mo kōpa ka tieo hore na a ka ba le eena.+ 19 Leha ho le joalo, ha aa ka a mo lumella, empa a re ho eena: “E-ea lapeng ho beng+ ka uena, ’me u ba tlalehele lintho tsohle tseo Jehova+ a u etselitseng tsona le mohau+ oo a o bontšitseng oona.” 20 Eaba oa tloha ’me o qala ho phatlalatsa ka har’a Dekapolise+ lintho tsohle tseo Jesu a ileng a mo etsetsa tsona, ’me batho bohle ba qala ho makala.+
21 Ka mor’a hore Jesu a boele a tšelele ka sekepe lebōpong le ka mose oane bongata bo boholo ba bokana ho eena; ’me o ne a le ka thōko ho leoatle.+ 22 Joale e mong oa balaoli ba okamelang ba synagoge, eo lebitso la hae e neng e le Jairuse, a tla ’me, ha a re heli! ’me a mo bona, a itihela maotong+ a hae 23 a mo kōpa ka tieo ka makhetlo a mangata, a re: “Moralinyana oa ka o boemong bo bobe ka ho fetisisa. Na ka kōpo u ka tla ’me ua mo beha matsoho+ e le hore a ka fola ’me a phela.”+ 24 Eaba o tloha le eena. Bongata bo boholo bo ne bo mo latela ’me bo mo petetsa.+
25 Joale ho ne ho e-na le mosali e mong ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali+ ka lilemo+ tse leshome le metso e ’meli, 26 ’me lingaka+ tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo hape o ne a sebelisitse sohle seo a nang le sona ’me o ne a sa rua molemo empa, ho e-na le hoo, o ne a bile mobe haholo. 27 Ha a utloa lintho tse mabapi le Jesu, a tla ka morao ka har’a bongata ’me a ama+ seaparo sa hae sa ka ntle; 28 kaha o ne a ntse a re: “Haeba nka ama liaparo tsa hae tsa ka ntle feela ke tla fola.”+ 29 Kapele-pele seliba sa hae sa mali sa psha, ’me a utloa ’meleng oa hae hore o ne a folisitsoe boloetse bo bohloko.+
30 Kapele-pele, hape, Jesu a hlokomela ka ho eena hore matla+ a ne a tsoile ho eena, eaba o reteleha ka har’a bongata ’me o qala ho re: “Ke mang ea amileng liaparo tsa ka tsa ka ntle?”+ 31 Empa barutuoa ba hae ba qala ho re ho eena: “U bona bongata bo u petelitseng,+ ’me na u re, ‘Ke mang ea nkamileng?’” 32 Leha ho le joalo, o ne a ntse a qamaka ho bona mosali ea neng a entse sena. 33 Empa mosali eo, a tšohile ’me a thothomela, ka ho tseba se neng se etsahetse ho eena, a tla ’me a itihela fatše ka pel’a hae eaba o mo bolella ’nete eohle.+ 34 A re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso,+ ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.”+
35 Ha a sa ntse a bua, banna ba bang ba tsoang lapeng la molaoli ea okamelang oa synagoge ba tla ’me ba re: “Morali oa hao o shoele! U sa tšoenyetsa’ng mosuoe?”+ 36 Empa ha Jesu a utloa lentsoe le ntseng le buuoa, a re ho molaoli ea okamelang oa synagoge: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo.”+ 37 Joale ha aa ka a lumella mang kapa mang hore a mo latele haese Petrose le Jakobo le Johanne mor’abo Jakobo.+
38 Kahoo ba tla ntlong ea molaoli ea okamelang oa synagoge, ’me a bona moferefere o lerata le ba llang le ho bokolla haholo, 39 ’me, ka mor’a hore a kene, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le baka moferefere o lerata ’me le lla? Ngoana e monyenyane ha aa shoa, empa o robetse.”+ 40 Eaba ba qala ho mo tšeha ka ho nyefola. Empa, ha a ba ntšitse kaofela, a nka ntat’a ngoana eo e monyenyane le ’m ’ae hammoho le ba neng ba e-na le eena ’me a tsamaea le bona, a kena ka moo ngoana eo e monyenyane a neng a le ka teng.+ 41 Ha a tšoara ngoana eo e monyenyane ka letsoho, a re ho eena: “Talitha kumi,” eo, ha e fetoleloa, e bolelang: “Moroetsana, ke re ho uena, Ema!”+ 42 Kapele-pele moroetsana eo a ema ’me a qala ho tsamaea, etsoe o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli. Hang-hang ba hlolloa haholo.+ 43 Empa a ba laela nako le nako hore ho se ke ha e-ba le ea tsebang+ ka sena, ’me a re a fuoe se jeoang.
6 Eaba o tloha moo o kena sebakeng sa habo, ’me barutuoa ba hae ba mo latela.+ 2 Ha e e-ba sabatha, a qala ho ruta ka synagogeng; ’me ba bangata ho ba mametseng ba hlolloa ’me ba re: “Motho eo o fumane lintho tsee hokae?+ Ke hobane’ng ha bohlale boo bo lokela hore ebe bo fuoe motho eo, ’me mesebetsi e matla joalo e etsoe ka matsoho a hae? 3 Enoa ke ’metli oa mapolanka+ mora oa Maria+ le mor’abo Jakobo+ le Josefa le Judase le Simone,+ na ha ho joalo? Baralib’abo ba mona hammoho le rōna, na ha ho joalo?” Kahoo ba qala ho khoptjoa ka lebaka la hae.+ 4 Empa Jesu a tsoela pele ho re ho bona: “Moprofeta ha a hlompholloe haese sebakeng sa habo+ le har’a beng ka eena le ka tlung+ ea hae.” 5 Kahoo ha aa ka a khona ho etsa mosebetsi o matla moo haese ho beha matsoho holim ’a ba seng bakae ba likulane le ho ba phekola. 6 Ka sebele, o ile a makalla ho hloka tumelo ha bona. A ea le metsana a potoloha, a ruta.+
7 Joale a bitsa ba leshome le metso e ’meli, a qala ho ba roma ka bobeli,+ ’me a qala ho ba fa matla holim ’a meea e sa hloekang.+ 8 Hape, a ba fa litaelo tsa hore ba se ke ba nka letho bakeng sa leeto haese lere feela, ba se ke ba nka bohobe, ba se ke ba nka mokotla+ oa lijo, ba se ke ba nka chelete ea koporo ka lipacheng+ tsa bona tsa senyepa, 9 empa ba fase meqathatso, le hore ba se ke ba apara liaparo+ tse peli tsa ka tlaase. 10 Ho ekelletsa moo, a re ho bona: “Kae kapa kae moo le kenang lapeng,+ le lule moo ho fihlela le tsoa sebakeng seo.+ 11 Sebakeng sefe kapa sefe moo ba ke keng ba le amohela kapa ba le utloa, ha le tsoa moo le hlohlore lerōle le ka tlas’a maoto a lōna hore e be bopaki ho bona.”+ 12 Kahoo ba tsoa ’me ba bolela e le hore batho ba ka baka;+ 13 ba ne ba leleka bademona+ ba bangata ’me ba tlotsa batho ba bangata ba likulane ka oli+ ’me ba ba phekola.+
14 Joale ha fihla litsebeng tsa Morena Heroda, kaha lebitso la Jesu le ile la tsebahala, ’me batho ba ne ba re: “Johanne mokolobetsi o tsositsoe bafung, ka lebaka leo mesebetsi e matla e sebetsa ka ho eena.”+ 15 Empa ba bang ba ne ba re: “Ke Elia.”+ Hape ba bang ba ne ba re: “Ke moprofeta ea joaloka e mong oa baprofeta.”+ 16 Empa ha Heroda a ho utloa a qala ho re: “Johanne eo ke ileng ka mo khaola hlooho, o tsositsoe.”+ 17 Etsoe Heroda o ne a ile a romeletsa ’me a tšoara Johanne a mo tlama chankaneng ka lebaka la Herodiase mosali oa Filipi mor’abo, hobane o ne a mo nyetse.+ 18 Kaha ka ho pheta-pheta Johanne o ne a ’nile a re ho Heroda: “Ha ho lumelloe ke molao hore ebe u na le mosali oa mor’eno.”+ 19 Empa Herodiase o ne a mo jere ka pelo+ ’me o ne a batla ho mo bolaea, empa o ne a sitoa.+ 20 Etsoe Heroda o ne a tšaba+ Johanne, a tseba hore ke monna ea lokileng le ea halalelang;+ ’me o ne a mo sirelelitse. Ka mor’a hore a mo utloe+ o ne a qakehile haholo hore na a etse joang, empa leha ho le joalo a tsoela pele ho mo mamela ka nyakallo.
21 Empa letsatsi+ le loketseng la fihla ha Heroda a lokisetsa lijo tsa shoalane ka letsatsi la tsoalo+ ea hae bakeng sa banna ba hae ba boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ka pele-pele ba Galilea. 22 Morali oa eena Herodiase enoa a kena ’me a tjeka ’me a khahlisa Heroda le ba otlileng ka lehlakore+ le eena. Morena a re ho moroetsana eo: “Nkōpe eng kapa eng eo u e batlang, ke tla u fa eona.” 23 E, a mo hlapanyetsa: “Eng kapa eng eo u nkōpang eona, ke tla u fa eona,+ ho fihlela halofong ea ’muso oa ka.”+ 24 Eaba oa tsoa ’me o re ho ’m ’ae: “Ke lokela ho kōpa eng?” A re: “Hlooho ea Johanne mokolobetsi.”+ 25 Kapele-pele a kena ka potlako ka ho morena ’me a etsa kōpo ea hae, a re: “Ke batla hore u mphe hang-hang ka mokeke hlooho ea Johanne Mokolobetsi.” 26 Le hoja morena a ile a sareloa haholo, empa leha ho le joalo o ne a sa batle ho mo hlokomoloha, ka lebaka la likano tseo le ka lebaka la ba neng ba otlile ka lehlakore tafoleng.+ 27 Kahoo kapele-pele morena a roma mohlabani oa sehlopha sa balebeli ’me a mo laela hore a tlise hlooho ea hae. Eaba oa tloha ’me o mo khaola hlooho chankaneng+ 28 ’me o tlisa hlooho ea hae ka mokeke, o e fa moroetsana, ’me moroetsana o e fa ’m ’ae.+ 29 Ha barutuoa ba hae ba utloa ka hona ba tla eaba ba nka setopo sa hae ’me ba se beha ka lebitleng la khopotso.+
30 Baapostola ba bokana ka pel’a Jesu ’me ba mo tlalehela lintho tsohle tseo ba neng ba li entse le ho li ruta.+ 31 Eaba o re ho bona: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thōko+ ’me le phomole hanyenyane.”+ Etsoe ho ne ho e-na le ba bangata ba tlang le ba tsamaeang, ’me ba ne ba se na nako ea phomolo esita le ea ho ja lijo.+ 32 Kahoo ba tloha ka sekepe ba ea sebakeng se thōko ba le bang.+ 33 Empa batho ba ba bona ha ba tsamaea ’me ba bangata ba ho tseba, ba mathela moo hammoho ka maoto ba tsoa metseng eohle ’me ba ba fihlela pele.+ 34 Joale, ha a tsoa, a bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho+ bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa.+ A qala ho bo ruta lintho tse ngata.+
35 Joale nako e ne e se e ile, eaba barutuoa ba hae ba tla ho eena ’me ba qala ho re: “Sebaka sena se thōko, ’me nako e se e ile.+ 36 E-re bo tsamaee, e le hore bo ka kena libakeng tse ka thōko le metsaneng e pota-potileng ’me bo ithekele se jeoang.”+ 37 Ha a araba a re ho bona: “Bo feng se jeoang.” Eaba ba re ho eena: “Re tlohe ’me re e’o reka mahobe a rekoang ka lidenari tse makholo a mabeli ’me re a fe batho baa hore ba je?”+ 38 A re ho bona: “Le na le mahobe a makae? E-eang le bone!” Ka mor’a hore ba fumane hantle, ba re: “A mahlano, ntle ho litlhapi tse peli.”+ 39 A laela batho bohle hore ba otle ka lehlakore ka lihlopha+ holim ’a joang+ bo botala. 40 Ba lula ka lihlopha tsa ba lekholo le tsa ba mashome a mahlano.+ 41 Joale ha a nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tseo tse peli a lelalla leholimong ’me a kōpa tlhohonolofatso,+ ’me a qhetsola+ mahobe eaba o qala ho a fa barutuoa, e le hore ba ka a beha ka pel’a batho; ’me a arolela bohle litlhapi tseo tse peli. 42 Kahoo bohle ba ja ’me ba khora;+ 43 ’me ba nka lingoathoana, libaskete tse leshome le metso e ’meli tse tletseng, ntle ho litlhapi. 44 Ho feta moo, ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna+ ba likete tse hlano.
45 Ntle ho tieho, a susumelletsa barutuoa ba hae hore ba palame sekepe ’me ba fetele pele lebōpong le ka mose oane nģ’a Bethsaida, ha a sa ntse a bolella bongata+ hore bo tsamaee. 46 Empa ka mor’a hore a re ba tsamaee hantle a tloha a ea thabeng ho rapela.+ 47 Kaha joale shoalane e ne e se e tšoere, sekepe se ne se le bohareng ba leoatle, empa o ne a le mong moo ho omileng.+ 48 Ha a ba bona ba thatafaletsoe+ ke ho soka, kaha moea o ne o le khahlanong le bona, a tla ho bona hoo e ka bang ka tebelo ea bone ea bosiu, a tsamaea holim ’a leoatle; empa a etsa eka oa ba feta. 49 Ha ba re heli! ’me ba mo bona a tsamaea holim ’a leoatle ba nahana: “Ke pono ea mohlolo!” ’me ba hoeletsa haholo.+ 50 Etsoe kaofela ba ile ba mo bona ’me ba khathatseha. Empa kapele-pele a bua le bona, ’me a re ho bona: “E-bang sebete, ke ’na; le se ke la tšaba.”+ 51 Eaba o hloella ka sekepeng le bona, ’me moea oa kokobela. Eaba ba makala haholo ka hare ho bona,+ 52 kaha ba ne ba sa utloisisa se boleloang ke mahobe, empa lipelo tsa bona tsa tsoela pele li thatafetse li sa utloisise.+
53 Ha ba tšeletse mose moo ho omileng, ba kena Genesarete ’me ba emisa sekepe haufi ka ankora.+ 54 Empa hang ha ba tsoa ka sekepeng, batho ba mo hlokomela, 55 ’me ba phasa-phasa sebakeng seo kaofela ’me ba qala ho jara ka mampara ba neng ba kula ho ba isa moo ba utloileng hore o hona teng. 56 Kae kapa kae moo a neng a kena metsaneng kapa metseng kapa libakeng tse ka thōko+ ba ne ba beha ba kulang limmarakeng, ’me ba ne ba mo kōpa ka tieo hore ba mpe ba ame+ feela mophetho o litjellane+ oa seaparo sa hae sa ka ntle. Ba bangata ba ileng ba o ama ba ile ba fola.+
7 Joale Bafarisi le ba bang ba bangoli ba neng ba tsoa Jerusalema ba bokana pel’a hae.+ 2 Ha ba bona ba bang ba barutuoa ba hae ba ja lijo tsa bona ka matsoho a silafetseng, ke hore, a sa hlatsuoang+— 3 kaha Bafarisi le Bajuda bohle ha ba je ntle le hore ba hlatsoe matsoho a bona ho fihlela litsoeng, ba khomaretse neano ea banna ba linakong tsa pele, 4 ’me, ha ba khutla ’marakeng, ha ba je ntle le hore ba itlhoekise ka ho iphafatsa; ’me ho na le lineano+ tse ling tse ngata tseo ba li amohetseng hore ba li khomarele, ho ina linoelo le lijeke le lijana+ tsa koporo metsing;— 5 kahoo Bafarisi le bangoli bana ba mo botsa: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa itšoare ho latela neano ea banna ba linakong tsa pele, empa ba ja lijo tsa bona ka matsoho a silafetseng?”+ 6 A re ho bona: “Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lōna baikaketsi, joalokaha ho ngoliloe,+ ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa lipelo tsa sona li suthetse hōle le ’na.+ 7 Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’+ 8 Ha le tlohela taelo ea Molimo, le khomarela neano ea batho.”+
9 Ho ekelletsa moo, a tsoela pele ho re ho bona: “Ka masene le behella taelo+ ea Molimo ka thōko e le hore le boloke neano ea lōna. 10 Ka mohlala, Moshe o ile a re, ‘Hlompha ntat’ao le ’m ’ao,’+ ’me, ‘Ea hlapaolang ntat’ae kapa ’m ’ae phello ea hae e be lefu.’+ 11 Empa lōna le re, ‘Haeba motho a re ho ntat’ae kapa ’m ’ae: “Eng kapa eng eo ke nang le eona eo u ka fumanang molemo ka eona ho ’na ke korbane,+ (ke hore, mpho e nehetsoeng+ ho Molimo,)”’— 12 lōna ha le sa mo lumella ho etsetsa ntat’ae kapa ’m ’ae+ ntho leha e le ’ngoe, 13 ’me ka tsela eo le etsa lentsoe la Molimo+ lefeela ka neano ea lōna eo le ileng la e fetisa. Le etsa lintho+ tse ngata tse tšoanang le ena.” 14 Kahoo, ha a boela a bitsetsa bongata ho eena, a tsoela pele ho re ho bona: “’Mameleng, kaofela ha lōna, ’me le utloisise se boleloang.+ 15 Ha ho letho le tsoang ka ntle ho motho le fetelang ka ho eena le ka mo silafatsang; empa lintho tse tsoang ka ho motho ke tsona tse silafatsang motho.”+ 16 ——
17 Joale ha a kene ka tlung thōko le bongata boo, barutuoa ba hae ba qala ho mo botsa ka papiso+ eo. 18 Kahoo a re ho bona: “Na le lōna le hloka temoho joaloka bona?+ Na ha le hlokomele hore ha ho letho le tsoang ka ntle le fetelang ka ho motho le ka mo silafatsang, 19 kaha ha le fetele ka pelong ea hae, empa le fetela ka maleng a hae, ’me le fetela ka ntle ka sekoting se koahetsoeng sa likhoere-khoere?”+ Ka hona a bolela hore lijo tsohle li hloekile.+ 20 Ho ekelletsa moo, a re: “Se tsoang ka ho motho ke sona se silafatsang motho;+ 21 etsoe ka hare, ka lipelong tsa batho,+ ho hlaha menahano e kotsi: bohlola,+ bosholu, lipolao,+ 22 bofebe, ho chacheha ka mohono,+ liketso tsa bokhopo, thetso, boitšoaro bo hlephileng,+ leihlo le mohono, nyefolo, boikhohomoso, ho se be le kahlolo e molemo. 23 Lintho tsena tse khopo kaofela li tsoa ka hare ’me li silafatsa motho.”+
24 Ho tloha moo a ema ’me a kena libakeng tsa Tyre le Sidone.+ Eaba o kena ka tlung e ’ngoe ’me o ne a sa batle hore mang kapa mang a ho tsebe. Leha ho le joalo a eloa hloko;+ 25 empa kapele-pele mosali eo moralinyana oa hae a neng a e-na le moea o sa hloekang a utloela ka eena eaba oa tla ’me o itihela fatše ka sefahleho maotong+ a hae. 26 Mosali eo e ne e le Mogerike, Mosyria oa Foenisia ka bochaba; ’me a ’na a mo kōpa hore a leleke modemona ho morali+ oa hae. 27 Empa a qala ka ho re ho eena: “Tlohela bana ba khore pele, kaha ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana+ le ho bo akhella lintjanyana.”+ 28 Leha ho le joalo, ha a araba, a re ho eena: “E, mohlomphehi, ’me leha ho le joalo lintjanyana tse ka tlas’a tafole li ja makumane+ a bana ba banyenyane.”+ 29 Eaba o re ho eena: “Ka lebaka la ho bolela sena, tsamaea; modemona o tsoile ho morali+ oa hao.” 30 Kahoo a tloha a ea lapeng la hae ’me a fumana+ ngoana eo e monyenyane a robalitsoe holim ’a bethe ’me modemona a tsoile.
31 Joale ha a khutla libakeng tsa Tyre a pholletsa le Sidone ho ea leoatleng la Galilea a pholletsa libakeng tsa Dekapolise.+ 32 Ba mo tlisetsa monna ea sa utloeng litsebeng le ea nang le leleme le rarahaneng, ’me ba mo kōpa ka tieo hore a mo behe letsoho.+ 33 Eaba o mo tlosa ho bongata ka lenyele ’me o kenya menoana ka litsebeng tsa monna eo ’me, ka mor’a ho tšoela mathe, a ama leleme+ la hae. 34 Ha a lelalla leholimong+ a feheloa+ haholo ’me a re ho eena: “Effatha,” ke hore, “Buleha.” 35 Joale, matla a hae a ho utloa a buleha,+ ’me ho rarahana ha leleme la hae ha lokoloha, ’me a qala ho bua ka mokhoa o tloaelehileng. 36 Eaba o ba laela hore ba se ke ba bolella leha e le mang;+ empa ha a ne a ba laela haholo, ba ne ba mo phatlalatsa le ho feta.+ 37 Ka sebele, ba ne ba ntse ba hlolloa+ ka tsela e sa tloaelehang haholo ’me ba re: “O entse lintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utloeng litsebeng ba utloe le ba sa khoneng ho bua ba bue.”+
8 Matsatsing ao, ha ho ne ho boetse ho e-na le bongata bo boholo ’me bo se na letho leo bo le jang, a bitsa barutuoa a re ho bona:+ 2 “Ke hauhela+ bongata bona, hobane e se e le matsatsi a mararo bo lutse pel’a ka ’me ha bo na letho leo bo le jang; 3 haeba nka re bo ee malapeng a bona bo lapile, bo tla felloa ke matla tseleng. Ka sebele, bo bong ba bona bo tsoa hōle.” 4 Empa barutuoa ba hae ba mo araba: “Sebakeng see se thōko motho o tla khona ho khorisa batho baa ka mahobe a tsoang hokae?”+ 5 Ho ntse ho le joalo a tsoela pele ho ba botsa: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng.”+ 6 Eaba o laela bongata hore bo otle ka lehlakore fatše, ’me a nka mahobe ao a supileng, a leboha,+ a a qhetsola, ’me a qala ho a fa barutuoa ba hae hore ba a abe, ’me ba a abela bongata.+ 7 Hape ba ne ba e-na le litlhapi tse seng kae tse nyenyane; ’me, ha a li hlohonolofalitse, a ba bolella hore ba boele ba li abe.+ 8 Ka lebaka leo ba ja ’me ba khora, eaba ba nka lingoathoana tse setseng, tse tletseng libaskete tsa mofaho tse supileng.+ 9 Empa leha ho le joalo ho ne ho e-na le banna ba ka bang likete tse ’nè. Qetellong a re ba tsamaee.+
10 Kapele-pele a palama sekepe le barutuoa ba hae ’me ba kena likarolong tsa Dalmanutha.+ 11 Bafarisi ba tsoa ’me ba qala ho phehisana le eena, ba mo batla pontšo e tsoang leholimong, ho mo leka.+ 12 Kahoo a bobola haholo+ moeeng, ’me a re: “Ke hobane’ng ha moloko oo o batla pontšo? Kannete ke re, Ha ho pontšo e tla fuoa moloko+ ona.” 13 Eaba oa ba siea, o boetse oa palama, ’me oa tloha ho ea lebōpong le ka mose oane.
14 Ba lebala ho nka mahobe, ’me ba ne ba se na letho ho bona ka sekepeng+ haese bohobe bo le bong. 15 A qala ho ba laela ka ho hlaka a re: “Lulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda.”+ 16 Kahoo ba qala ho phehisana ka taba ea hore ba ne ba se na mahobe.+ 17 Ha a elelloa sena, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe?+ Na le ntse le e-s’o lemohe le ho utloisisa se boleloang? Na le na le lipelo tse thatafetseng tse sa utloisiseng?+ 18 ‘Le hoja le e-na le mahlo, na ha le bone; ’me le hoja le e-na le litsebe, na ha le utloe?’+ ’Me na ha le hopole, 19 ha ke qhetsolela banna ba likete tse hlano mahobe+ a mahlano, le ile la nka libaskete tse kae tse tletseng lingoathoana?” Ba re ho eena: “Tse leshome le metso e ’meli.”+ 20 “Ha ke qhetsolela banna ba likete tse ’nè a supileng, le ile la nka libaskete tse kae tsa mofaho tse tletseng lingoathoana?” Ba re ho eena: “Tse supileng.”+ 21 Eaba o re ho bona: “Na le ntse le e-s’o utloisise se boleloang?”+
22 Joale ba kena Bethsaida. Batho ba mo tlisetsa monna ea foufetseng, ’me ba mo kōpa ka tieo hore a mo ame.+ 23 A tšoara monna ea foufetseng ka letsoho, a mo isa ka ntle ho motsana, ’me, ha a mo tšoetse ka mathe+ mahlong, a beha matsoho holim ’a hae ’me a qala ho mo botsa: “Na ho na le seo u se bona’ng?” 24 Eaba monna eo o phahamisa mahlo ’me o qala ho re: “Ke bona batho, hobane ke hlokomela se bonahalang eka ke lifate, empa lia tsamaea.” 25 Joale a boela a beha matsoho mahlong a monna eo, ’me monna eo a bona ka ho hlaka, ’me a tsosolosoa, ’me o ne a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o hlakileng. 26 Kahoo a mo romela lapeng, a re: “Empa u se ke ua kena motsaneng.”+
27 Joale Jesu le barutuoa ba hae ba tloha ho ea metsaneng ea Cesarea Filipi, ’me tseleng a qala ho botsa barutuoa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?”+ 28 Ba re ho eena: “U Johanne Mokolobetsi,+ ’me ba bang ba re, u Elia,+ ho ntse ho le joalo ba bang ba re, U e mong oa baprofeta.”+ 29 Eaba o ba botsa potso ena: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?” Ha Petrose a araba a re ho eena: “U Kreste.”+ 30 Eaba o ba laela ka thata hore ba se ke ba bolella leha e le mang ka eena.+ 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli le ho bolaoa,+ ’me a tsohe matsatsi a mararo hamorao.+ 32 Ka sebele, o ne a bua polelo eo ka ho toba. Empa Petrose a mo nkela ka thōko ’me a qala ho mo khalemela ka matla.+ 33 A reteleha, a talima barutuoa ba hae ’me a khalemela Petrose ka matla, a re: “Suthela ka mor’a ka, Satane, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”+
34 Joale a bitsetsa bongata ho eena le barutuoa ba hae ’me a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.+ 35 Etsoe mang kapa mang ea batlang ho pholosa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona; empa mang kapa mang ea lahleheloang ke moea oa hae ka lebaka la ka le litaba tse molemo o tla o pholosa.+ 36 Ka sebele, ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle ’me a lahleheloa ke moea+ oa hae? 37 Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moea+ oa hae? 38 Etsoe mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka le mantsoe a ka molokong ona o febang le o nang le sebe, Mor’a motho le eena o tla hlajoa ke lihlong+ ka lebaka la hae ha a fihla ka khanya ea Ntat’ae a e-na le mangeloi a halalelang.”+
9 Ho feta moo, a tsoela pele ho re ho bona: “Kannete ke re ho lōna, Ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona ’muso oa Molimo o se o tlile ka matla.”+ 2 Tumellanong le hoo matsatsi a tšeletseng hamorao Jesu a nka Petrose le Jakobo le Johanne, ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang. A fetoha sebōpeho ka pel’a bona,+ 3 le liaparo tsa hae tsa ka ntle tsa phatsima, tsa e-ba tšoeu haholo ho feta kamoo mohloekisi leha e le ofe oa liaparo lefatšeng a neng a ka li soeufatsa kateng.+ 4 Hape, Elia le Moshe ba bonahala ho bona, ’me ba ne ba buisana le Jesu.+ 5 Eaba Petrose o re ho Jesu: “Rabi, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia.”+ 6 Ha e le hantle, o ne a sa tsebe hore na o lokela ho re’ng, kaha ba ile ba tšoha haholo. 7 ’Me leru la bōpeha, la ba koahela, eaba lentsoe+ le tsoa lerung: “Enoa ke Mora+ oa ka, ea ratoang; mo mameleng.”+ 8 Leha ho le joalo, ka tšohanyetso ba qamaka ’me ha ho eo ba ileng ba mo bona a e-na le bona, haese Jesu a le mong.+
9 Ha ba ntse ba theoha thabeng, a ba laela ka ho hlaka hore ba se ke ba phetela+ mang kapa mang seo ba ileng ba se bona, ho fihlela Mor’a motho a tsohile bafung.+ 10 Ba tebisetsa lentsoe leo pelong, empa ba buisana har’a bona hore na ho tsoha bafung hona ho ne ho bolela’ng. 11 Ba qala ho mo botsa, ba re: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Elia+ o tla tla pele?”+ 12 A re ho bona: “Elia o tla pele ’me o tsosolosa lintho tsohle;+ empa ho tla joang hore ebe ho ngoliloe mabapi le Mor’a motho hore o tla feta litlhokofatsong+ tse ngata le ho tšoaroa joaloka eo e seng oa bohlokoa?+ 13 Empa ke re ho lōna, Elia,+ ha e le hantle, o tlile, ’me ba ile ba mo etsa lintho tse ngata kamoo ba neng ba batla kateng, feela joalokaha ho ngoliloe mabapi le eena.”+
14 Joale, ha ba tla ba lebile barutuoa ba bang, ba hlokomela bongata bo boholo bo ba potolohile le bangoli ba phehisana le bona.+ 15 Empa hang ha bongata kaofela bo re heli! ’me bo mo bona ba tsieleha, ’me, ha bo mathela ho eena, ba qala ho mo lumelisa. 16 Eaba oa ba botsa: “Ke eng eo le phehisanang le bona ka eona?” 17 Eaba e mong oa bongata oa mo araba: “Mosuoe, ke tlisitse mora oa ka ho uena hobane o na le moea+ o sa khoneng ho bua; 18 kae kapa kae moo o mo tšoarang teng o mo tabanya fatše, ’me o khethetsa makoeba o tsikitlanya meno ’me o felloa ke matla. Ke ile ka bolella barutuoa ba hao hore ba o leleke, empa ha baa ka ba khona.”+ 19 Ha a arabela a re ho bona: “Lōna moloko+ o se nang tumelo, ke tla lula le lōna halelele hakae? Ke tla le mamella halelele hakae? Mo tlise ho ’na.”+ 20 Kahoo ba mo tlisa ho eena. Empa ha moea o mo bona hang-hang oa tsitsipanya ngoana eo, ’me ka mor’a hore a oele fatše a ’na a pitika, a khethetsa makoeba.+ 21 Eaba o botsa ntat’ae: “Ke nako e kae see se ntse se etsahala ho eena?” A re: “Ho tloha bongoaneng; 22 ’me nako le nako o ne o mo lahlela mollong le ka metsing ho mo timetsa.+ Empa haeba ho na le seo u ka se etsang, re hauhele ’me u re thuse.” 23 Jesu a re ho eena: “Polelo eo, ‘Haeba u ka’! Ka sebele, lintho tsohle li ka etsahala ho motho haeba motho a e-na le tumelo.”+ 24 Kapele-pele ha a hoeletsa, ntate oa ngoana eo e monyenyane o ne a re: “Ke na le tumelo! Nthuse moo ke hlokang tumelo!”+
25 Joale Jesu, ka ho hlokomela hore bongata bo ne bo subuhlellana holim ’a bona, a khalemela+ moea oo o sa hloekang ka matla, a re ho oona: “Uena moea o sa khoneng ho bua le o sa utloeng litsebeng, kea u laela, tsoa ho eena ’me u se ke ua hlola u kena ho eena.” 26 Eaba ka mor’a ho hoeletsa le ho tsitsipana hangata oa tsoa;+ ’me a ba joalokaha eka o shoele, hoo ba bangata ho bona ba neng ba re: “O shoele!” 27 Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho ’me a mo phahamisa, eaba oa ema.+ 28 Kahoo ka mor’a hore a kene ka tlung barutuoa ba hae ba qala ho mo botsa boinotšing: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho o leleka?”+ 29 Eaba o re ho bona: “Mofuta ona o ke ke oa tsoa ka ntho leha e le efe haese ka thapelo.”+
30 Ba tloha moo ’me ba tsamaea ho pholletsa le Galilea, empa o ne a sa batle hore leha e le mang a ho tsebe. 31 Etsoe o ne a ruta barutuoa ba hae ’me a ba bolella: “Mor’a motho ho tla nehelanoa ka eena matsohong a batho, ’me ba tla mo bolaea,+ empa, ho sa tsotellehe ho bolaoa, o tla tsoha matsatsi a mararo hamorao.”+ 32 Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise polelo eo, ’me ba ne ba tšaba ho mo botsa.+
33 Ba kena Kapernauma. Joale ha a le ka har’a ntlo a ba botsa potso ena: “Le ne le phehisana ka’ng tseleng?”+ 34 Ba khutsa, kaha tseleng ba ne ba phehisane har’a bona hore na e moholo ke mang.+ 35 Kahoo a lula fatše ’me a bitsa ba leshome le metso e ’meli eaba o re ho bona: “Haeba leha e le mang a batla ho ba oa pele, e tla ba oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.”+ 36 A nka ngoana e monyenyane, a mo emisa har’a bona ’me a mo kopa ka matsoho eaba o re ho bona:+ 37 “Mang kapa mang ea amohelang e mong oa bana ba banyenyane tjena ka lebitso la ka, oa nkamohela; ’me mang kapa mang ea nkamohelang, ha a amohele ’na feela, empa o amohela le ea nthomileng.”+
38 Johanne a re ho eena: “Mosuoe, re ile ra bona monna ea itseng a leleka bademona a sebelisa lebitso la hao ’me ra leka ho mo thibela,+ hobane o ne a sa tsamaee le rōna.”+ 39 Empa Jesu a re: “Le se ke la leka ho mo thibela, etsoe ha ho ea tla etsa mosebetsi o matla ka lebitso la ka eo kapele a tla khona ho ntlhapaola;+ 40 kaha ea seng khahlanong le rōna o eme le rōna.+ 41 Etsoe mang kapa mang ea le fang senoelo+ sa metsi hore le noe ka lebaka la hore le ba Kreste,+ kannete kea le bolella, ho hang a ke ke a lahleheloa ke moputso oa hae. 42 Empa mang kapa mang ea khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba lumelang, ho ne ho tla ba molemo haeba leloala le kang le sothoang ke esele le ne le ka tlamelloa molaleng oa hae ’me a lahleloa ka leoatleng.+
43 “Haeba letsoho la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole; ho molemo hore u kene bophelong u qhoalile ho e-na le hore u kene Gehena, mollong o ke keng oa tingoa, u e-na le matsoho a mabeli.+ 44 —— 45 Haeba leoto la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole; ho molemo hore u kene bophelong u holofetse+ ho e-na le hore u lahleloe Gehena u e-na le maoto a mabeli.+ 46 —— 47 Haeba leihlo la hao le etsa hore u khoptjoe, u le lahlele hōle;+ ho molemo hore u kene ’musong oa Molimo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le hore u lahleloe Gehena,+ u e-na le mahlo a mabeli, 48 moo tšenyane ea bona e sa shoeng le mollo o sa tingoeng.+
49 “Etsoe e mong le e mong o lokela ho nōkoa+ ka mollo. 50 Letsoai le letle; empa haeba letsoai le lahleheloa ke matla a lona, le tla le nōka ka’ng?+ Le be le letsoai+ ka ho lōna, ’me le boloke khotso+ mahareng a lōna.”
10 Ho tloha moo a ema ’me a tla meeling ea Judea le ka mose ho Jordane, hape bongata ba phuthehela ho eena, ’me joalokaha a ne a tloaetse ho etsa a boela a qala ho bo ruta.+ 2 Joale Bafarisi ba atamela ’me, e le ho mo leka, ba qala ho mo botsa hore na ho lumelloa ke molao hore monna a hlale mosali.+ 3 Ha a araba a re ho bona: “Ke eng seo Moshe a ileng a le laela sona?” 4 Ba re: “Moshe o ile a lumella ho ngoloa ha lengolo la bopaki la ho mo bolella hore a tsamaee le ho mo hlala.”+ 5 Empa Jesu a re ho bona: “O ile a le ngolla taelo ena ka lebaka la bothata ba lipelo+ tsa lōna. 6 Leha ho le joalo, tšimolohong ea pōpo ‘O ba entse e le e motona le e motšehali.+ 7 Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m ’ae, 8 ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’;+ e leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. 9 Ka hona seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”+ 10 Hape ha ba le ka tlung+ barutuoa ba qala ho mo botsa malebana le sena. 11 Eaba o re ho bona: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae ’me a nyala e mong oa feba,+ ’me oa mo siteloa, 12 ’me haeba mosali, ka mor’a ho hlala monna oa hae, a nyaloa ke e mong, oa feba.”+
13 Joale batho ba qala ho mo tlisetsa bana ba banyenyane hore a ba ame; empa barutuoa ba ba nyatsa ka matla.+ 14 Ha Jesu a bona sena o ne a halefile ’me a re ho bona: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela, etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.+ 15 Kannete ke re ho lōna, Mang kapa mang ea sa amoheleng ’muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+ 16 Eaba o sika bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.+
17 Eare ha a tsamaea, monna ea itseng a matha ’me a oa ka mangole ka pel’a hae a mo botsa potso ena: “Mosuoe ea Molemo, ke etse’ng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”+ 18 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo?+ Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.+ 19 U tseba litaelo, ‘U se ke ua bolaea,+ U se ke ua feba,+ U se ke ua utsoa,+ U se ke ua beha bopaki ba bohata,+ U se ke ua etsa bolotsana,+ Hlompha ntat’ao le ’m ’ao.’”+ 20 Monna eo a re ho eena: “Mosuoe, ke bolokile lintho tsena tsohle ho tloha bocheng ba ka.” 21 Jesu a mo sheba ’me a ikutloa a mo rata eaba o re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: E-ea, u rekise lintho tseo u nang le tsona ’me u fe mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo leholimong, u tle ’me u be molateli oa ka.”+ 22 Empa a nyahamisoa ke polelo eo ’me a tloha a saretsoe, kaha o ne a e-na le matlotlo a mangata.+
23 Ka mor’a ho qamaka Jesu a re ho barutuoa ba hae: “E tla ba ntho e thata hakaakang bakeng sa ba nang le chelete+ ho kena ’musong oa Molimo!”+ 24 Empa barutuoa ba makala+ ka lebaka la mantsoe a hae. Ha Jesu a arabela a boela a re ho bona: “Bana, ke ntho e thata hakaakang ho kena ’musong oa Molimo! 25 Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.”+ 26 Ba ’na ba hlolloa ka ho eketsehileng ’me ba re ho eena: “Ke mang, ha e le hantle, ea ka pholohang?”+ 27 A ba shebile ka ho toba Jesu a re: “Ho batho ho ke ke ha khoneha, empa ho Molimo ha ho joalo, kaha lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”+ 28 Petrose a qala ho re ho eena: “Bona! Re siile lintho tsohle ’me re ’nile ra u latela.”+ 29 Jesu a re: “Kannete ke re ho lōna, Ha ho ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo+ 30 ea ke keng a fumana halekholo+ hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso,+ ’me tsamaisong ea lintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng. 31 Leha ho le joalo, ba bangata ba pele e tla ba ba ho qetela, ’me ba ho qetela e be ba pele.”+
32 Joale ba ne ba nyoloha tseleng ba ea Jerusalema, ’me Jesu o ne a tsamaea ka pel’a bona, ’me ba makala; empa ba ileng ba latela ba qala ho tšoha. A boela a nkela ba leshome le metso e ’meli ka thōko ’me a qala ho ba bolella lintho tsena tse reretsoeng hore li mo hlahele:+ 33 “Ke rōna bana, re nyolohela Jerusalema, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho ho baprista ba ka sehloohong le bangoli, ba tla mo ahlolela lefu ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba,+ 34 ’me ba tla mo fetola litšeho ’me ba tla mo tšoela ka mathe le ho mo shapa ’me ba mo bolaee, empa o tla tsoha matsatsi a mararo hamorao.”+
35 Eaba Jakobo le Johanne, bara ba babeli ba Zebedea,+ ba ea ho eena ’me ba re ho eena: “Mosuoe, re batla hore u re etsetse eng kapa eng eo re u kōpang eona.”+ 36 A re ho bona: “Le batla hore ke le etsetse’ng?” 37 Ba re ho eena: “Re lumelle hore e mong a lule ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho la hao le letšehali, khanyeng ea hao.”+ 38 Empa Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe seo le se kōpang. Na le ka khona ho noa senoelo seo ke se noang, kapa ho kolobetsoa ka kolobetso eo ke ntseng ke kolobetsoa ka eona?”+ 39 Ba re ho eena: “Re ka khona.” Eaba Jesu o re ho bona: “Senoelo seo ke se noang le tla se noa, ’me kolobetso eo ke ntseng ke kolobetsoa ka eona le tla kolobetsoa ka eona.+ 40 Leha ho le joalo, ha e le ho lula ka ho la ka le letona kapa ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona,+ empa ke ha ba ho lokiselitsoeng.”
41 Joale, ha ba bang ba leshome ba utloa ka hona, ba qala ho halefela Jakobo le Johanne.+ 42 Empa Jesu, ka mor’a ho ba bitsetsa ho eena, a re ho bona: “Lea tseba hore bao ho bonahalang ba busa lichaba ba rena ka thata holim ’a tsona ’me ba baholo ba tsona ba sebelisa bolaoli holim ’a tsona.+ 43 Ha hoa lokela ho ba ka tsela ena har’a lōna; empa mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna,+ 44 ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e tla ba lekhoba la bohle.+ 45 Etsoe esita le Mor’a motho ha aa a tlela ho sebeletsoa,+ empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae ho ba thekollo+ e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”+
46 Eaba ba kena Jeriko. Empa ha eena le barutuoa ba hae le bongata bo boholo ba tsoa Jeriko, Bartimiase (mora oa Timiase), mokōpa-kōpa o foufetseng, o ne a lutse ka thōko ho tsela.+ 47 Ha a utloa hore ke Jesu Monazaretha, a qala ho hooa a re: “Jesu, Mora oa Davida,+ nkhauhele!”+ 48 Eaba ba bangata ba qala ho mo bolella ka thata-thata hore a khutse; empa a ’na a hooa ka ho eketsehileng: “Mora oa Davida, nkhauhele!”+ 49 Kahoo Jesu a ema ’me a re: “Mo bitseng.” Eaba ba bitsa monna eo ea foufetseng, ba re ho eena: “E-ba sebete, u eme, oa u bitsa.”+ 50 Ha a lahla seaparo sa hae sa ka ntle, a tlōla ’me a ea ho Jesu. 51 Ha Jesu a mo araba a re: “U batla hore ke u etsetse’ng?”+ Monna eo ea foufetseng a re ho eena: “Rabboni, e-re ke boele ke bone.”+ 52 Eaba Jesu o re ho eena: “Tsamaea, tumelo ea hao e u folisitse.”+ Kapele-pele a boela a bona,+ ’me a qala ho mo latela tseleng.+
11 Joale ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethani+ Thabeng ea Mehloaare, a roma barutuoa+ ba hae ba babeli 2 ’me a ba bolella: “Kenang motsaneng oane oo le o bonang, ’me hang ha le kena ho oona le tla fumana petsana e tlamiloeng ea esele, eo ho seng le ea mong oa moloko oa batho ea seng a kile a e palama; e lokolleng ’me le e tlise.+ 3 Haeba leha e le mang a re ho lōna, ‘Ke hobane’ng ha le etsa see?’ le re, ‘Morena oa e hloka, ’me o tla e romela hang-hang hore e khutlele mona.’”+ 4 Kahoo ba tloha ’me ba fumana petsana e tlamiloeng ea esele monyako, ka ntle seterateng se ka thōko, eaba baa e lokolla.+ 5 Empa ba bang ho ba emeng moo ba qala ho re ho bona: “Le etsa’ng ha le lokolla petsana eo ea esele?”+ 6 Ba ba bolella feela joalokaha Jesu a ne a boletse; ’me ba ba tlohela ba ea.+
7 Ba tlisa petsana+ eo ea esele ho Jesu, ’me ba beha liaparo tsa bona tsa ka ntle holim ’a eona, ’me a e palama.+ 8 Hape, ba bangata ba ala liaparo+ tsa bona tsa ka ntle tseleng, empa ba bang ba poma makala+ a nang le makhasi masimong.+ 9 Ba tsamaeang ka pele le ba tlang ka morao ba ’na ba hoeletsa: “Rea rapela,+ pholosa! Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova!+ 10 Ho hlohonolofetse ’muso o tlang oa ntat’a rōna Davida!+ Rea rapela, pholosa, bophahamong bo holimo!” 11 Eaba o kena Jerusalema, ka tempeleng; a qamaka lintho tsohle, ’me, kaha nako e ne e se e ile, a tsoa ho ea Bethani le ba leshome le metso e ’meli.+
12 Letsatsing le hlahlamang, ha ba tsoile Bethani, a lapa.+ 13 A le hōjana a re heli! ’me a bona sefate sa feiga se neng se e-na le makhasi, ’me a ea bona hore na mohlomong o ne a tla fumana ho hong ho sona. Empa, ha a fihla ho sona, a fumana ho se letho haese makhasi, kaha e ne e se nako ea lifeiga.+ 14 Kahoo, ha a arabela, a re ho sona: “Ho se ke ha hlola ho e-ba le ea jang litholoana tse tsoang ho uena ka ho sa feleng.”+ Barutuoa ba hae ba ne ba mametse.
15 Joale ba tla Jerusalema. Moo a kena ka tempeleng ’me a qala ho phahla ba rekisang le ba rekang ka tempeleng, ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba;+ 16 ’me o ne a sa tlohele leha e le mang hore a fete ka tempeleng a nkile sejana, 17 empa a ’na a ruta ’me a re: “Na ha hoa ngoloa, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo+ bakeng sa lichaba tsohle’?+ Empa le e entse lehaha la masholu.”+ 18 Eaba baprista ba ka sehloohong le bangoli ba utloa ka hona, ’me ba qala ho batla kamoo ba ka mo timetsang kateng;+ etsoe ba ne ba mo tšaba, kaha bongata bohle bo ne bo hlolloa ka ho tsoelang pele ke thuto ea hae.+
19 Ha e se e le mantsiboea, ba ne ba tsoa motseng. 20 Empa ha ba feta moo hoseng haholo, ba bona sefate sa feiga se se se omeletse ho tloha metsong.+ 21 Kahoo Petrose, ha a se hopola, a re ho eena: “Rabi, bona! sefate sa feiga seo u ileng ua se rohaka se omeletse.”+ 22 Ha Jesu a araba a re ho bona: “E-bang le tumelo ho Molimo. 23 Kannete ke re ho lōna mang kapa mang ea bolellang thaba ena, ‘Phahama ’me u lahleloe ka leoatleng,’ ’me a sa belaele ka pelong ea hae empa a e-na le tumelo hore seo a se bolelang se tla etsahala, ho tla ba joalo ho eena.+ 24 Ke ka lebaka lena ke le bolellang, Lintho tsohle tseo le li rapellang le ho li kōpa le be le tumelo hore le se le hlile le li amohetse, ’me le tla ba le tsona.+ 25 Ha le ema le rapela, le tšoarele+ eng kapa eng eo le nang le eona khahlanong le mang kapa mang; e le hore Ntat’a lōna ea leng maholimong le eena a ka le tšoarela litšito tsa lōna.”+ 26 ——
27 Ba boela ba tla Jerusalema. Ha a ntse a tsamaea ka tempeleng, baprista ba ka sehloohong le bangoli le banna ba baholo ba tla ho eena+ 28 ’me ba qala ho re ho eena: “U etsa lintho tsee ka matla afe? kapa ke mang ea u fileng matla aa a ho etsa lintho tsee?”+ 29 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le ’ngoe. Le nkarabe, ’me le ’na ke tla le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.+ 30 Na kolobetso+ ea Johanne e ne e tsoa leholimong kapa ho batho? Nkarabeng.”+ 31 Kahoo ba qala ho buisana, ba re: “Haeba re re, ‘E tsoa leholimong,’ o tla re, ‘Ka hona, ke hobane’ng ha le sa ka la mo lumela?’+ 32 Empa na re ka iteta lifuba ra re, ‘E tsoa ho batho’?”—Ba ne ba tšaba bongata, kaha bona kaofela bo ne bo nka hore ka sebele Johanne e ne e bile moprofeta.+ 33 Joale, ha ba araba Jesu ba re: “Ha re tsebe.” Eaba Jesu o re ho bona: “Le ’na ha ke le bolelle hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.”+
12 Hape, a qala ho bua le bona ka lipapiso: “Motho e mong o ile a lema serapa sa morara,+ ’me a etsa motero ho se potoloha, eaba o cheka sekhakeletsi sa sehatelo sa veine ’me o emisa tora,+ eaba o se hirisetsa balemi,+ ’me o etela hōle.+ 2 Joale ka nako e loketseng a romela lekhoba ho balemi, e le hore a ka fumana tse ling tsa litholoana tsa serapa sa morara ho balemi.+ 3 Empa ba le nka, ba le khakhatha ’me ba le khutlisa le se na letho.+ 4 Eaba o boetse o roma lekhoba le leng ho bona; ’me lona ba le otla hloohong ’me ba le hlompholla.+ 5 Eaba o roma le leng, ’me lona ba le bolaea; le a mang a mangata, ao a mang a ’ona ba ileng ba a khakhatha ’me a mang a ’ona ba a bolaea. 6 O ne a e-na le e mong hape, mora+ ea ratoang. A mo roma ho bona qetellong, a re, ‘Ba tla hlompha mora+ oa ka.’ 7 Empa balemi bao ba buisana ba re, ‘Enoa ke eena mojalefa.+ Tloong, a re mo bolaeeng, ’me lefa e tla ba la rōna.’+ 8 Kahoo ba mo nka ’me ba mo bolaea,+ eaba ba mo lahlela ka ntle ho serapa sa morara.+ 9 Mong’a serapa sa morara o tla etsa’ng? O tla tla ’me a timetse balemi bao, ’me o tla fa ba bang+ serapa seo sa morara.+ 10 Na ha le e-s’o ka le bala lengolo lee, ‘Lejoe+ leo lihahi li ileng tsa le lahla, le fetohile lejoe+ la sekhutlo la sehlooho. 11 Le bile teng le tsoa ho Jehova, ’me ke le hlollang mahlong+ a rōna’?”
12 Eaba ba qala ho batla kamoo ba ka mo tšoarang kateng, empa ba tšaba bongata, kaha ba ile ba elelloa hore o bolela papiso eo a hopotse bona. Kahoo ba mo siea ’me ba tsamaea.+
13 Ka mor’a moo ba roma ba bang ba Bafarisi le ba balateli ba sehlopha sa Heroda+ ho eena, ho mo tšoasa ka puo ea hae.+ 14 Ha bana ba fihla ba re ho eena: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore ha u tsotelle motho leha e le mang, etsoe ha u talime ponahalo ea ka ntle ea batho, empa u ruta tsela ea Molimo tumellanong le ’nete:+ Na ho lumelloa ke molao ho lefa lekhetho la hlooho ho Cesare kapa che? 15 Re lefe, kapa re se ke ra lefa?”+ Ha a lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekela’ng? Ntlisetseng denari ke e bone.”+ 16 Ba e tlisa. ’Me a re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho eena: “Ke tsa Cesare.”+ 17 Joale Jesu a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare,+ empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”+ Eaba ba qala ho mo tsota.+
18 Joale Basaduse ba tla ho eena, ba reng ha ho na tsoho, ’me ba mo botsa potso ena:+ 19 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla hore haeba mor’abo motho a shoa ’me a siea mosali empa a sa siee ngoana, mor’abo+ o tla nka mosali eo ’me a hlahisetse mor’abo+ bana ka eena. 20 Ho ne ho e-na le bara ba motho ba supileng; eaba oa pele o nka mosali, empa ha a shoa a se ke a siea bana.+ 21 Eaba oa bobeli oa mo nka, empa a shoa a sa siee bana; le oa boraro ka tsela e tšoanang. 22 Bao ba supileng ha baa ka ba siea bana. Qetellong ho bohle mosali eo le eena a shoa.+ 23 Tsohong e tla ba mosali oa ofe ho bona? Etsoe bao ba supileng ba ile ba mo nka hore e be mosali oa bona.”+ 24 Jesu a re ho bona: “Na hase ka lebaka lee le fositseng, ho se tsebe ha lōna Mangolo leha e le ’ona matla a Molimo?+ 25 Etsoe ha ba tsoha bafung, banna ha ba nyale kapa hona hore basali baa nyalisoa, empa ba joaloka mangeloi maholimong.+ 26 Empa malebana le bafu, hore baa tsosoa, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, kamoo Molimo a ileng a re ho eena, ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo’?+ 27 Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu. Le fositse haholo.”+
28 Joale e mong oa bangoli ba neng ba tlile ’me a ba utloile ha ba phehisana, ka ho tseba hore o ne a ba arabile ka tsela e ntle, a mo botsa: “Ke taelo efe eo e leng ea pele ho tsohle?”+ 29 Jesu a araba: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rōna ke Jehova+ a le mong, 30 ’me u rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla+ a hao ’ohle.’ 31 Ea bobeli ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’+ Ha ho taelo e ’ngoe e khōlō ho feta tsena.” 32 Mongoli eo a re ho eena: “Mosuoe, u boletse hantle tumellanong le ’nete, ‘O Mong, ’me ha ho e mong ntle ho Eena’;+ 33 ’me ho mo rata ka pelo eohle ea motho le ka kutloisiso eohle ea motho le ka matla ’ohle a motho le ho rata moahelani oa motho joalokaha motho a ithata ke habohlokoa haholo ho feta linyehelo tsohle tse feletseng tsa secheso le mahlabelo+ ’ohle.” 34 Eaba Jesu, ha a lemoha hore o ne a arabile ka kelello, o re ho eena: “Ha u hōle le ’muso oa Molimo.” Empa ha ho motho ea ileng a hlola a e-ba le sebete sa ho mo botsa.+
35 Leha ho le joalo, ha Jesu a araba, a qala ho re ha a ntse a ruta ka tempeleng: “Ho tla joang hore bangoli ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 36 Ka moea o halalelang+ Davida o ile a re, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto+ a hao.”’ 37 Davida o mo bitsa ‘Morena,’ empa ho tla joang hore ebe ke mora+ oa hae?”
Bongata bo boholo bo ne bo mo mametse ka nyakallo.+ 38 ’Me thutong ea hae a tsoela pele ho re: “Hlokomelang bangoli+ ba batlang ho tsamaea ba apere liaparo tse telele tsa ka holimo ’me ba batla litumeliso limmarakeng 39 le litulo tse ka pele ka lisynagogeng le libaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane.+ 40 Ke bona ba harolang matlo+ a bahlolohali ’me ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele; ba tla amohela kahlolo+ e boima haholo.”
41 Eaba o lula fatše moo a neng a ka bona matlōle+ a polokelo ea matlotlo ’me o qala ho hlokomela kamoo bongata bo neng bo akhela chelete ka matlōleng a polokelo ea matlotlo; barui ba bangata ba ne ba akhela lichelete tse ngata tsa tšepe.+ 42 Joale mohlolohali e mong oa mofutsana a tla ’me a akhela licheletana tse peli tsa tšepe, tsa boleng bo bonyenyane haholo.+ 43 Kahoo a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena ’me a re ho bona: “Kannete ke re ho lōna mohlolohali enoa oa mofutsana o akhetse ho fetang ha bohle ba akhelang chelete ka matlōleng+ a polokelo ea matlotlo; 44 etsoe kaofela ba akhetse ho tsoa botlallong ba bona, empa eena, ho tsoa bohloking ba hae, o akhetse sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela+ ka sona.”
13 Eare ha a tsoa ka tempeleng e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: “Mosuoe, bona! hore na ke majoe a mofuta ofe le mehaho+ ea mofuta ofe!” 2 Leha ho le joalo, Jesu a re ho eena: “Na u bona mehaho+ ee e meholo? Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim ’a lejoe+ le leng mona ’me le se ke la heletsoa.”+
3 Eare ha a lutse Thabeng ea Mehloaare moo a neng a ka bona tempele, Petrose+ le Jakobo le Johanne le Andrease ba qala ho mo botsa boinotšing:+ 4 “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ha lintho tsee tsohle li reretsoe ho phetheha?”+ 5 Kahoo Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang hore ho se ke ha e-ba le ea le khelosang.+ 6 Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, ‘’Na ke eena,’ ’me ba tla khelosa ba bangata.+ 7 Ho feta moo, ha le utloa ka lintoa le litlaleho tsa lintoa, le se ke la tšoha; lintho tsena li tla etsahala, empa ha e e-s’o be bofelo.+
8 “Etsoe sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso+ matla, ho tla ba le litšisinyeho+ tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng, ho tla ba le likhaello+ tsa lijo. Tsena ke tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.+
9 “Ha e le lōna, le itlhokomele; batho ba tla nehelana ka lōna makhotleng+ a libaka, ’me le tla otloa ka lisynagogeng+ ’me le emisoe ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona.+ 10 Hape, litaba tse molemo+ li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.+ 11 Empa ha ba le tsamaisa ho ea nehelana ka lōna, le se ke la tšoenyeha esale pele ka seo le tla se bua;+ empa eng kapa eng eo le e fuoang ka hora eo, le bue eona, kaha hase lōna ba buang, empa ke moea o halalelang.+ 12 Ho feta moo, mor’abo motho o tla nehelana ka mor’abo lefung, le ntate o tla nehelana ka ngoana+ lefung, ’me bana ba tla tsohela batsoali matla ba etse hore ba bolaoe;+ 13 le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.+ Empa ea mameletseng ho isa bofelong+ ke eena ea tla pholoha.+
14 “Leha ho le joalo, ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang+ e bakang lesupi+ e eme moo e sa tšoanelang (’mali a ke a sebelise temoho),+ joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng.+ 15 Monna ea ka holim ’a ntlo a se ke a theoha, kapa a kena ka hare ho ntša ntho leha e le efe ka tlung+ ea hae; 16 le monna ea tšimong a se ke a khutlela linthong tse ka morao ho ea nka seaparo+ sa hae sa ka ntle. 17 Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang masea matsatsing ao!+ 18 Le ’ne le rapele hore ho se ke ha etsahala mariha;+ 19 kaha matsatsi ao e tla ba matsatsi a matšoenyeho+ ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea pōpo eo Molimo a ileng a e bōpa ho fihlela ka nako eo, ’me a ke ke a e-ba teng hape.+ 20 Ha e le hantle, hoja Jehova+ o ne a sa khutsufatsa matsatsi ao, ha ho nama e neng e tla pholoha. Empa ka lebaka la bakhethoa+ bao a ba khethileng+ o khutsufalitse matsatsi ao.+
21 “Joale, hape, haeba leha e le mang a re ho lōna, ‘Bonang! Kreste ke enoa,’ ‘Bonang! Ke eane,’+ le se ke la ho lumela.+ 22 Etsoe ho tla hlaha+ bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata ’me ba tla etsa lipontšo le limakatso+ ho khelosa bakhethoa,+ haeba ho khoneha. 23 Lōna, joale, le lebele;+ ke le boleletse lintho tsohle esale pele.+
24 “Empa matsatsing ao, ka mor’a matšoenyeho ao, letsatsi le tla fifala, ’me khoeli e ke ke ea fana ka leseli la eona, 25 le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimong a tla sisinyeha.+ 26 Joale ba tla bona Mor’a motho+ a tla ka maru ka matla a maholo le khanya.+ 27 Joale o tla romela mangeloi ’me o tla bokella bakhethoa+ ba hae ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong ea lefatše ho isa pheletsong+ ea leholimo.
28 “Joale ithuteng papiso ena sefateng sa feiga: Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi a lona, lea tseba hore lehlabula le haufi.+ 29 Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore o haufi, o menyako.+ 30 Kannete ke re ho lōna ho hang moloko ona o ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.+ 31 Leholimo+ le lefatše li tla feta, empa mantsoe+ a ka a ke ke a feta.+
32 “Malebana le letsatsi leo kapa hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi leholimong kapa Mora, haese Ntate.+ 33 Lulang le talimile, le lule le falimehile,+ kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.+ 34 Ho joaloka motho ea etelang hōle+ ea ileng a siea ntlo ea hae eaba o fa makhoba a hae bolaoli, a fa le leng le le leng mosebetsi oa lona, ’me a laela molebeli oa monyako hore a lule a lebetse. 35 Ka hona le lule le lebetse,+ kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng, ebang ke ha e se e le mantsiboea kapa har’a mp’a bosiu kapa ha mokōkō o lla kapa hoseng+ haholo; 36 e le hore ha a fihla ka tšohanyetso, a se ke a fumana le robetse.+ 37 Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.”+
14 Joale paseka+ le mokete+ oa mahobe a sa lomosoang e ne e tla ba teng matsatsi a mabeli hamorao.+ ’Me baprista ba ka sehloohong le bangoli ba ne ba batla kamoo ba ka mo tšoarang ka leraba la bolotsana le ho mo bolaea;+ 2 kaha ka ho pheta-pheta ba ile ba re: “Eseng moketeng; mohlomong ho ka ’na ha e-ba le moferefere har’a batho.”+
3 Ha a ntse a le Bethani ka tlung ea Simone molepera,+ ha a ntse a otlile ka lehlakore lijong, mosali e mong a tla a nkile pitsana ea alabastera ea oli e nkhang hamonate, nareda ea ’nete, e theko e boima haholo. Ha a bula pitsana ea alabastera ka ho e pshatla a qala ho e tšela hloohong+ ea hae. 4 Ho ne ho e-na le ba bang ba halefileng har’a bona: “Ke hobane’ng ha ho bile le tšenyo ee ea oli e nkhang hamonate?+ 5 Etsoe oli ena e nkhang hamonate e ka be e rekisitsoe ka lidenari tse ka holimo ho makholo a mararo e be li fuoe mafutsana!” ’Me ba ne ba mo halefetse haholo.+ 6 Empa Jesu a re: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le leka ho mo khathatsa? O nketselitse ketso e ntle.+ 7 Etsoe kamehla le na le mafutsana,+ ’me neng kapa neng ha le batla le ka a etsetsa molemo kamehla, empa le ke ke la ba le ’na kamehla.+ 8 O entse seo a neng a ka se khona; o itlamile esale pele ho tšela ’mele oa ka ka oli e nkhang hamonate ka lebaka la lepato.+ 9 Kannete ke re ho lōna, Kae kapa kae moo litaba tse molemo li boleloang teng lefatšeng+ lohle, seo mosali enoa a se entseng le sona se tla boleloa e le sehopotso sa hae.”+
10 Judase Iskariota, e mong oa ba leshome le metso e ’meli, a tloha a ea ho baprista ba ka sehloohong e le hore a ba ekele eena.+ 11 Ha ba ho utloa, ba thaba ’me ba tšepisa ho mo fa chelete+ ea silevera. Kahoo a qala ho batla kamoo a ka mo ekang kateng ha ho loketse.+
12 Joale ka letsatsi la pele la mahobe a sa lomosoang,+ ha ba etsa phofu ea paseka sehlabelo kamoo e neng e le tloaelo, barutuoa+ ba hae ba re ho eena: “Ke hokae moo u batlang hore re ee ’me re u lokisetse ho jela paseka teng?”+ 13 Eaba o roma barutuoa ba hae ba babeli ’me o re ho bona: “Kenang motseng, ’me le tla teana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi.+ Le mo latele, 14 ’me kae kapa kae moo a kenang teng le re ho mong’a ntlo, ‘Mosuoe o re: “E kae kamore ea baeti eo nka jelang paseka+ ho eona le barutuoa+ ba ka?”’ 15 ’Me o tla le bontša kamore e khōlō e ka holimo, e lokisitsoeng e nang le thepa; le re lokisetse moo.”+ 16 Kahoo barutuoa ba tsoa, eaba ba kena motseng ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse; eaba ba lokisetsa paseka.+
17 Ka mor’a hore shoalane e tšoare a tla le ba leshome+ le metso e ’meli. 18 Ha ba ntse ba otlile ka lehlakore tafoleng ’me ba ja, Jesu a re: “Kannete ke re ho lōna, E mong oa lōna, ea jang+ le ’na, o tla nkeka.”+ 19 Ba qala ho sareloa ’me ba re ho eena ka bomong: “Na ke ’na?”+ 20 A re ho bona: “Ke e mong oa ba leshome le metso e ’meli, ea kenyang letsoho le ’na ka sekotlolong+ se kopanetsoeng. 21 Ke ’nete, Mor’a motho oa tloha, feela joalokaha ho ngoliloe malebana le eena, empa ho malimabe motho eo Mor’a motho a ekoang ka eena! Ho ka be ho bile molemo hoja motho eo a ne a sa tsoaloa.”+
22 Ha ba ntse ba tsoela pele ho ja, a nka bohobe, a kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola eaba o ba fa bona, ’me o re: “Bo nkeng, sena se bolela ’mele+ oa ka.” 23 Ha a nka senoelo, a leboha ’me a ba fa sona, ’me kaofela ba noa ho sona.+ 24 Eaba o re ho bona: “Sena se bolela ‘mali+ a selekane’+ a ka, a tlang ho tšolloa+ molemong oa ba bangata.+ 25 Kannete ke re ho lōna, ho hang ha ke sa tla hlola ke noa sehlahisoa sa sefate sa morara ho fihlela letsatsing leo ka lona ke se noang se le secha ’musong oa Molimo.”+ 26 Qetellong, ka mor’a ho bina lithoriso,+ ba tsoa ba ea Thabeng ea Mehloaare.+
27 Eaba Jesu o re ho bona: “Kaofela le tla khoptjoa, hobane ho ngoliloe, ‘Ke tla otla molisa,+ ’me linku li tla hasa-hasana.’+ 28 Empa ka mor’a hore ke tsosoe ke tla le etella pele ho kena Galilea.”+ 29 Empa Petrose a re ho eena: “Esita le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa, leha ho le joalo ’na nke ke ka khoptjoa.”+ 30 Eaba Jesu o re ho eena: “Kannete ke re ho uena, Kajeno, e, bosiung bona, pele mokōkō o lla habeli, u tla ntatola ka makhetlo a mararo.”+ 31 Empa a qala ho re ka tieo: “Haeba ke lokela ho shoa le uena, ho hang nke ke ka u latola.” Ba bang kaofela le bona ba qala ho bua ntho e tšoanang.+
32 Kahoo ba tla nģalong e bitsoang Gethesemane, ’me a re ho barutuoa ba hae: “Lulang mona ha ke ntse ke rapela.”+ 33 A nka Petrose le Jakobo le Johanne+ hore ba tsamaee le eena, ’me a qala ho tsieleha le ho khathatseha+ habohloko. 34 Eaba o re ho bona: “Moea oa ka o saretsoe+ haholo, esita le ho isa lefung. Salang mona ’me le lule le lebetse.”+ 35 Ha a e-ea pejana a qala ho itihela fatše ’me a qala ho rapela hore, haeba ho ne ho khoneha, hora eo e ke e mo fete.+ 36 Eaba o tsoela pele ho re: “Abba, Ntate,+ lintho tsohle lia khoneha ho uena; tlosa senoelo sena ho ’na. Empa leha ho le joalo ho se ke ha etsoa seo ke se batlang, empa ho etsoe seo u se batlang.”+ 37 Eaba oa tla ’me o ba fumana ba robetse, eaba o re ho Petrose: “Simone, na u robetse? Na ha ua ka ua ba le matla a hore u lule u lebetse hora+ e le ’ngoe? 38 Banna, le lule le lebetse ’me le rapela,+ e le hore le se ke la kena molekong. Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”+ 39 A boela a tloha ’me a rapela, a bua lentsoe+ le tšoanang. 40 A boela a tla eaba o ba fumana ba robetse, kaha mahlo a bona a ne a imetsoe, ’me kahoo ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba+ ka ho re’ng. 41 Eaba o tla ka lekhetlo la boraro ’me o re ho bona: “Ka nako e kang ee le robetse ’me le iphomoletse! Ho lekane! Hora e fihlile!+ Bonang! Mor’a motho o ekeloa matsohong a baetsalibe.+ 42 Emang, a re eeng.+ Bonang! Moeki oa ka o atametse.”+
43 Kapele-pele, ha a sa ntse a bua, Judase, e mong oa ba leshome le metso e ’meli, a fihla hammoho le bongata bo nkileng lisabole le melangoana bo tsoa ho baprista ba ka sehloohong le bangoli le banna+ ba baholo. 44 Joale moeki oa hae o ne a ba file pontšo eo ho lumellanoeng ka eona, a re: “Mang kapa mang eo ke mo akang, ke eena; mo iseng litlamong ’me le mo tsamaise ka tšireletseho.”+ 45 A tla ka ho toba ’me a mo atamela a re: “Rabi!” eaba o mo aka+ ka lerato. 46 Kahoo ba mo tšoara ’me ba mo isa litlamong.+ 47 Leha ho le joalo, e mong oa ba neng ba eme haufi a tsomula sabole ea hae ’me a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng a le tlosa tsebe.+ 48 Empa ha Jesu a arabela a re ho bona: “Na le tsoile le nkile lisabole le melangoana ho tla ntšoara joalokaha eka le tlil’o tšoara lesholu?+ 49 Letsatsi le letsatsi ke ne ke e-na le lōna ka tempeleng ke ruta,+ ’me leha ho le joalo ha lea ka la nkisa litlamong. Leha ho le joalo, ke hore Mangolo+ a ka phethahala.”+
50 Kaofela ba mo tlohela+ ’me ba baleha.+ 51 Empa mohlankana ea itseng ea apereng seaparo sa line ea boleng bo botle ’meleng o hlobotseng a qala ho mo latela haufi; eaba ba leka ho mo tšoara,+ 52 empa a siea seaparo sa hae sa line ’me a baleha a hlobotse.
53 Joale ba isa Jesu ho moprista ea phahameng, ’me baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo le bangoli kaofela ba bokana.+ 54 Empa Petrose, a le hōle, a mo latela+ ho ea fihla ka lebaleng la moprista ea phahameng; ’me o ne a lutse hammoho le bahlanka ba ntlo ’me a iphuthumatsa ka pel’a mollo o khanyang. 55 Khabareng baprista ba ka sehloohong le Sanhedrine eohle ba ne ba batla bopaki khahlanong le Jesu hore ba mo bolaee,+ empa ba ne ba sa bo fumane.+ 56 Ka sebele, ba bangata ba ne ba fana ka bopaki ba bohata khahlanong le eena,+ empa bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane.+ 57 Hape, ba bang ba ne ba ema ’me ba beha bopaki ba bohata khahlanong le eena, ba re: 58 “Re utloile a re, ‘Ke tla heletsa tempele ena e ileng ea etsoa ka matsoho ’me ka matsatsi a mararo ke tla haha e ’ngoe e sa etsoang ka matsoho.’”+ 59 Empa leha e le ka mabaka ana bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane.
60 Qetellong moprista ea phahameng a ema har’a bona ’me a botsa Jesu, a re: “Na ha u re letho ho araba? Ke eng seo baa ba se pakang khahlanong le uena?”+ 61 Empa a khutsa ’me a se ke a araba ho hang.+ Moprista ea phahameng a boela a qala ho mo botsa a re ho eena: “Na ke uena Kreste Mora oa Ea Bokoang?”+ 62 Joale Jesu a re: “Ke ’na; ’me lōna le tla bona Mor’a motho+ a lutse ka letsohong le letona+ la matla ’me a tla ka maru a leholimo.”+ 63 Eaba moprista ea phahameng o hahola liaparo+ tsa hae tsa ka hare ’me o re: “Na re sa hloka lipaki tse eketsehileng?+ 64 Le utloile nyefolo eo.+ Le nahana’ng?” Kaofela ba mo ahlola e le ea lokeloang ke lefu. 65 Ba bang ba qala ho mo tšoela ka mathe+ le ho koahela sefahleho sohle sa hae ’me ba mo otla ka litebele le ho re ho eena: “Profeta!” ’Me, ha ba mo jabela sefahlehong, bahlanka ba lekhotla ba mo nka.+
66 Joale ha Petrose a ntse a le tlaase lebaleng, le leng la makhabunyane a moprista ea phahameng la tla,+ 67 ’me, ha le bona Petrose a iphuthumatsa, la mo sheba ka ho toba ’me la re: “Le uena u ne u e-na le Monazaretha, Jesu+ enoa.” 68 Empa a latola, a re: “Ha ke mo tsebe leha e le hona hore ke utloisisa seo u se buang,” eaba o tsoela ka ntle mathuleng.+ 69 Moo lekhabunyane, ha le mo bona, la boela la qala ho re ho ba emeng haufi: “E mong oa bona ke enoa.”+ 70 O ne a boetse a ho latola. Hape ka mor’a nakoana ba emeng haufi ba qala ho re ho Petrose: “Ka sebele u e mong oa bona, etsoe, ha e le hantle, u Mogalilea.”+ 71 Empa a qala ho bitsa bomalimabe le ho hlapanya:+ “Ha ke tsebe motho enoa eo le buang ka eena.”+ 72 Kapele-pele mokōkō oa lla lekhetlo la bobeli;+ ’me Petrose a hopola polelo eo Jesu a ileng a mo bolella eona: “Pele mokōkō o lla habeli, u tla ntatola ka makhetlo a mararo.”+ Eaba o sitoa ho itšoara ’me o qala ho lla.+
15 Kapele-pele ha mafube a hlaha baprista ba ka sehloohong hammoho le banna ba baholo le bangoli, esita le Sanhedrine eohle, ba rerisana,+ ’me ba tlama Jesu eaba baa mo tsamaisa ’me ba nehelana ka eena ho Pilato.+ 2 Kahoo Pilato a mo botsa potso: “Na u morena+ oa Bajuda?” Ha a mo araba a re: “Ke uena ea bolelang joalo.”+ 3 Empa baprista ba ka sehloohong ba qala ho mo qosa ka lintho tse ngata.+ 4 Joale Pilato a qala ho mo botsa hape, a re: “Na ha u na karabo eo u ka fanang ka eona?+ Bona hore na ke liqoso tse ngata hakae tseo ba u qosang ka tsona.”+ 5 Empa Jesu ha aa ka a araba hape, hoo Pilato a ileng a qala ho hlolloa.+
6 Joale, ho tloha moketeng o mong ho ea ho o mong o ne a ee a ba lokollele motšoaruoa a le mong, eo ba neng ba mo kōpa ka matla.+ 7 Ka nako eo ho ne ho e-na le eo ho thoeng ke Barabase litlamong hammoho le bafetoheli, bao bofetoheling ba bona ba neng ba bolaile.+ 8 Kahoo bongata ba nyoloha ’me ba qala ho etsa kōpo e matla ho ea ka seo a neng a ee a bo etsetse sona. 9 Pilato a bo arabela, a re: “Na le batla hore ke le lokollele morena oa Bajuda?”+ 10 Etsoe o ne a hlokomela hore baprista ba ka sehloohong ba nehelane+ ka eena ka lebaka la mohono.+ 11 Empa baprista ba ka sehloohong ba hlohlelletsa bongata hore bo etse hore ho e-na le hoo,+ a bo lokollele Barabase. 12 Ha Pilato a boela a araba a re ho bona: “Joale, ke tla etsa’ng ka eo le mo bitsang morena+ oa Bajuda?”+ 13 Ba boela ba hoeletsa: “Mo khokhothele thupeng!”+ 14 Empa Pilato a tsoela pele ho re ho bona: “Hobane’ng, ke ntho efe e mpe eo a e entseng?” Ho ntse ho le joalo ba hoeletsa ka ho eketsehileng: “Mo khokhothele thupeng!”+ 15 Eaba Pilato, a lakatsa ho khotsofatsa bongata,+ o bo lokollela Barabase, ’me, ka mor’a hore a etse hore Jesu a shapuoe ka sephali, a nehelana ka eena hore a khokhotheloe thupeng.+
16 Joale masole a mo isa ka lebaleng, ke hore, ka tlung ea ’muso ea ’musisi; ’me a bokella sehlopha sohle sa masole,+ 17 eaba a mo khabisa ka bopherese ’me a loha moqhaka oa meutloa a mo roesa oona.+ 18 A qala ho mo lumelisa: “Lumela,+ uena Morena oa Bajuda!” 19 Hape, a ne a mo otla hloohong ka lehlaka ebe a mo tšoela ka mathe ’me, ha a khumama ka mangole, a ne a mo inamela.+ 20 Qetellong, ha a mo fetotse litšeho, a mo hlobolisa bopherese ’me a mo apesa liaparo tsa hae tsa ka ntle. ’Me a mo etella pele ho tsoa ho ea mo khokhothela thupeng.+ 21 Hape, a qobella mofeta-ka-tsela, Simone ea itseng oa Cyrene, ea neng a tsoa sebakeng se ka thōko, ntat’a Alexandere le Rufase, hore a jare thupa ea hae ea tlhokofatso.+
22 Kahoo a mo tlisa sebakeng sa Golgotha, eo ha e fetoleloa, e bolelang, Sebaka sa Lehata.+ 23 A leka ho mo fa veine e tsoakiloeng ka sethethefatsi sa myra,+ empa ha aa ka a e noa.+ 24 Eaba a mo khokhothela thupeng ’me a aba liaparo+ tsa hae tsa ka ntle ka ho lahla lotho bakeng sa tsona mabapi le hore na mang o nka’ng.+ 25 Joale e ne e se e le hora+ ea boraro, eaba a mo khokhothela thupeng. 26 ’Me mantsoe a ngotsoeng a qoso+ khahlanong le eena a ne a ngotsoe ka holimo, “Morena oa Bajuda.”+ 27 Ho feta moo, a khokhothela masholu a mabeli hammoho le eena thupeng, le leng ka ho la hae le letona ’me le leng ka ho le letšehali.+ 28 —— 29 Ba neng ba feta moo ba ne ba mo nyefola,+ ba sisinya lihlooho ’me ba re: “Halala! Uena ea neng a re u tla heletsa tempele ’me u e hahe ka matsatsi a mararo,+ 30 ipholose ka ho theoha thupeng ea tlhokofatso.”+ 31 Ka mokhoa o tšoanang le baprista ba ka sehloohong ba ne ba mo fetola litšeho har’a bona hammoho le bangoli ’me ba re: “O pholositse ba bang; eena o sitoa ho ipholosa!+ 32 Joale Kreste Morena oa Iseraele a ke a theohe thupeng ea tlhokofatso, e le hore re ka bona ’me ra lumela.”+ Esita le ba neng ba khokhothetsoe thupeng hammoho le eena ba ne ba mo nyelisa.+
33 Ha e e-ba hora ea botšelela lefifi la aparela naha eohle ho fihlela ka hora ea borobong.+ 34 Ka hora ea borobong Jesu a hoeletsa ka lentsoe le phahameng: “Eli, Eli, lama sabakthani?” eo ha e fetoleloa, e bolelang: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?”+ 35 Ba bang ho ba emeng haufi, ha ba ho utloa, ba qala ho re: “Bonang! O bitsa Elia.”+ 36 Empa e mong a matha, a kolobisa seponche ka veine e bolila, a se beha holim ’a lehlaka, ’me a qala ho mo fa ho nooang,+ a re: “Mo tloheleng! A re boneng hore na Elia o tla tla a mo theola.”+ 37 Empa Jesu a hoeletsa ka lentsoe le phahameng eaba oa shoa.+ 38 Lesira+ la sehalalelo la hahoha likoto tse peli ho tloha holimo ho ea tlaase.+ 39 Joale, ha molaoli oa lebotho ea neng a eme haufi moo a mo bonang, a bona hore o ne a shoetse tlas’a maemo ana, a re: “Ka sebele motho enoa e ne e le Mor’a Molimo.”+
40 Hape ho ne ho e-na le basali ba neng ba shebile ba le hōjana,+ har’a bona ho e-na le Maria Magdalena hammoho le Maria ’mè oa Jakobo e Monyenyane le oa Jose, le Salome,+ 41 ba neng ba tsamaea le eena+ le ho mo sebeletsa ha a ne a le Galilea, le basali ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse Jerusalema+ hammoho le eena.
42 Kaha joale e ne e le motšehare oa mantsiboea, ’me kaha e ne e le Tokisetso, ke hore, letsatsi le ka pele ho sabatha, 43 ha tla Josefa oa Arimathea, setho sa Lekhotla se nang le botumo bo botle, eo le eena a neng a letetse ’muso oa Molimo.+ A ba sebete ho ea ka pel’a Pilato ’me a kōpa setopo+ sa Jesu. 44 Empa Pilato a ipotsa hore na o se a shoele, ’me, ha a bitsa molaoli oa lebotho, a mo botsa hore na o se a shoele. 45 Kahoo ka mor’a ho fumana hantle ho molaoli oa lebotho, a fa Josefa+ setopo. 46 Ka lebaka leo a reka line ea boleng bo botle ’me a mo theola, a mo phuthela ka line eo ea boleng bo botle ’me a mo beha+ ka lebitleng+ le neng le fatiloe lefikeng; eaba o phikolosetsa lejoe monyakong oa lebitla+ la khopotso. 47 Empa Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jose ba tsoela pele ba shebile moo a neng a behiloe+ teng.
16 Kahoo ha sabatha+ e fetile, Maria Magdalena,+ le Maria ’mè oa Jakobo, le Salome ba reka linōko e le hore ba tl’o mo tlotsa.+ 2 Hoseng haholo ka letsatsi+ la pele la beke ba tla lebitleng la khopotso, ha letsatsi le chabile.+ 3 Ba ne ba buisana ba re: “Ke mang ea tla re phikolosetsa lejoe thōko le monyako oa lebitla la khopotso?” 4 Empa ha ba phahamisa mahlo, ba bona hore lejoe leo le phikoloselitsoe thōko, le hoja le ne le le leholo haholo.+ 5 Ha ba kena ka lebitleng la khopotso, ba bona mohlankana e mong a lutse ka lehlakoreng le letona a apere seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu, ’me ba tsieleha.+ 6 A re ho bona: “Khaotsang ho tsieleha. Le batla Jesu Monazaretha, ea ileng a khokhotheloa thupeng.+ O tsositsoe,+ ha a eo mona. Bonang! Sebaka seo ba neng ba mo behile ho sona.+ 7 Empa e-eang, le bolelle barutuoa ba hae le Petrose, ‘O le etella pele ho kena Galilea;+ le tla mo bona moo, feela joalokaha a ile a le bolella.’”+ 8 Kahoo ha ba tsoa ba baleha lebitleng la khopotso, etsoe ba ne ba tšoeroe ke ho thothomela le boikutlo bo matla. Ha ho eo ba ileng ba mo bolella letho, kaha ba ne ba tšaba.+
SEPHETHO SE SEKHUTŠOANYANE
Libuka tse ngotsoeng ka letsoho le liphetolelo tse ling tsa morao li na le sephetho se sekhutšoanyane ka mor’a Mareka 16:8, ka tsela e latelang:
Empa ka bokhutšoanyane ba phetela ba pota-potileng Petrose lintho tsohle tse neng li laetsoe. Ho ekelletsa moo, ka mor’a lintho tsena, Jesu a romeletsa ka bona ho tloha bochabela ho ea bophirimela phatlalatso e halalelang le e ke keng ea bola ea poloko e sa feleng.
SEPHETHO SE SELELELE
Libuka tse itseng tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho (Codex Alexandrinus, Codex Ephraemi, Codex Bezae) le liphetolelo (Latin Vulgate, Curetonian Syriac, Syriac Peshitta) li eketsa sephetho se latelang se selelele, empa e le seo Codex Sinaiticus, Codex Vaticanus, codex ea Sinaitic Syriac le phetolelo ea Armenian li se sieang ka thōko:
9 Ka mor’a hore a tsohe hoseng ka letsatsi la pele la beke a bonahala pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho eena. 10 A tsamaea ’me a tlalehela ba neng ba bile ’moho le Jesu, ha ba ntse ba siame ’me ba lla. 11 Empa, ha ba utloa hore oa phela le hore o mo bone, ha baa ka ba lumela. 12 Ho feta moo, ka mor’a lintho tsena a bonahala ka sebōpeho se seng ho ba babeli ba bona ba neng ba tsamaea, ha ba ntse ba ea sebakeng se ka thōko; 13 eaba baa khutla ’me ba tlalehela ba bang kaofela. Le bona ha baa ka ba ba lumela. 14 Empa hamorao a bonahala ho ba leshome le motso o mong ha ba ntse ba otlile ka lehlakore tafoleng, ’me a nyatsa ho hloka tumelo le bothata ba lipelo tsa bona, hobane ha baa ka ba lumela ba neng ba mo bone ha a se a tsositsoe bafung. 15 Eaba o re ho bona: “E-eang le kene lefatšeng lohle ’me le bolelle pōpo eohle litaba tse molemo. 16 Ea lumelang ’me a kolobetsoa o tla pholoha, empa ea sa lumeleng o tla ahloloa. 17 Ho feta moo, lipontšo tsena li tla tsamaea le ba lumelang: Ba tla leleka bademona ba sebelisa lebitso la ka, ba tla bua maleme, 18 ba tla tšoara linoha ka matsoho, ’me haeba ba noa ntho leha e le efe e bolaeang e ke ke ea ba ntša kotsi ho hang. Ba tla beha matsoho holim ’a batho ba kulang, ’me ba tla fola.”
19 Kahoo, joale, Morena Jesu, ka mor’a hore a bue le bona, a nkeloa leholimong ’me a lula ka letsohong le letona la Molimo. 20 Ka lebaka leo, ba tsoa ’me ba bolela hohle, ha Morena a ntse a sebetsa le bona ’me a tšehetsa molaetsa ka lipontšo tse tsamaeang le bona.