Ho Ea ka Johanne
1 Tšimolohong+ Lentsoe+ o ne a le teng, ’me Lentsoe o ne a e-na le Molimo,+ ’me Lentsoe e ne e le molimo.+ 2 Enoa o ne a e-na le Molimo+ tšimolohong.+ 3 Lintho tsohle li bile teng ka eena,+ ’me kantle ho eena ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.
Se bileng teng 4 ka eena e ne e le bophelo,+ ’me bophelo e ne e le leseli+ la batho. 5 Leseli le khanya lefifing,+ empa lefifi ha lea le hlōla ka matla.
6 Ho ile ha hlaha motho ea neng a rometsoe e le moemeli oa Molimo:+ lebitso la hae e ne e le Johanne.+ 7 Motho enoa o ile a tla hore a fane ka bopaki,+ e le hore a pake mabapi le leseli,+ e le hore batho ba mefuta eohle ba ka lumela ka eena.+ 8 E ne e se leseli+ leo, empa o ne a reretsoe ho paka+ mabapi le leseli leo.
9 Leseli+ la ’nete le fanang ka leseli+ ho motho+ oa mofuta o mong le o mong le ne le le mothating oa ho tla lefatšeng. 10 O ne a le lefatšeng,+ ’me lefatše le bile teng ka eena,+ empa lefatše ha lea ka la mo tseba. 11 O ile a tla ha habo, empa batho ba habo ha baa ka ba mo amohela.+ 12 Leha ho le joalo, ba bangata ba ileng ba mo amohela,+ o ile a ba fa matla a ho ba bana+ ba Molimo, hobane ba ne ba bontša tumelo lebitsong+ la hae; 13 ’me ha baa ka ba tsoaloa, ka mali kapa ka thato ea nama kapa ka thato ea motho, empa ba tsoetsoe ke Molimo.+
14 Kahoo Lentsoe o ile a fetoha nama+ ’me a lula har’a rōna, ’me ra bona khanya ea hae, khanya e joaloka ea mora+ ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate; ’me o ne a tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete.+ 15 (Johanne o ile a paka ka eena, e, a hla a hoeletsa—enoa ke eena ea ileng a ho bolela—a re: “Ea tlang ka mor’a ka o tlile ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.”)+ 16 Etsoe kaofela re ile ra amohela mosa o sa tšoanelang holim ’a mosa+ o sa tšoanelang ho tsoa botlalong+ ba hae. 17 Hobane Molao o ile oa fanoa ka Moshe,+ mosa+ o sa tšoanelang le ’nete+ ea e-ba teng ka Jesu Kreste. 18 Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako+ leha e le efe; molimo+ ea tsoetsoeng a ’notši ea sefubeng+ sa Ntate ke eena ea mo hlalositseng.+
19 Joale bona ke bopaki ba Johanne ha Bajuda ba romela baprista le Balevi ho eena ho tsoa Jerusalema ho mo botsa: “U mang?”+ 20 A bolela ’me a se ke a latola, empa a bolela: “Ha ke Kreste.”+ 21 Eaba baa mo botsa: “Joale, u mang? Na u Elia?”+ ’Me a re: “Ha ke eena.” “Na u Moprofeta?”+ Eaba oa araba: “Che!” 22 Ka hona ba re ho eena: “U mang? e le hore re ka fana ka karabo ho ba re romileng. U re’ng ka uena?”+ 23 A re: “’Na ke lentsoe la e mong ea hoeletsang lefeelleng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”+ 24 Joale ba romiloeng ba ne ba tsoa ho Bafarisi. 25 Kahoo ba mo botsa ’me ba re ho eena: “Joale, ke hobane’ng ha u kolobetsa+ haeba u se Kreste kapa Elia kapa Moprofeta?” 26 Johanne a ba araba, a re: “Ke kolobetsa ka metsi. Har’a+ lōna ho eme e mong eo le sa mo tsebeng,+ 27 ea tlang ka mor’a ka, empa eo leqhoele la moqathatso oa hae ke sa tšoaneleheng ho le tlamolla.”+ 28 Lintho tsena li ile tsa etsahala Bethani ka mose ho Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa+ teng.
29 Ka letsatsi le hlahlamang a bona Jesu a tla ho eena, ’me a re: “Bonang, Konyana+ ea Molimo e tlosang sebe+ sa lefatše!+ 30 Enoa ke eena eo ke itseng ka eena, Ka mor’a ka ho tla monna ea tlileng ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.+ 31 Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa lebaka leo ke tlileng ke kolobetsa ka metsi ka lona e ne e le hore a ka bonahatsoa ho Iseraele.”+ 32 Johanne a boela a paka, a re: “Ke bone moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o lula holim ’a hae.+ 33 Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa Ea nthometseng+ ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim ’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea+ o halalelang.’ 34 Ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.”+
35 Ka letsatsi le hlahlamang Johanne o ne a boetse a eme le barutuoa ba hae ba babeli, 36 ’me ha a ntse a shebile Jesu a tsamaea a re: “Bonang, Konyana+ ea Molimo!” 37 Barutuoa bao ba babeli ba mo utloa a bua, ’me ba latela Jesu. 38 Joale Jesu a reteleha ’me, ha a bona ba latela, a re ho bona: “Le batla’ng?” Ba re ho eena: “Rabi, (eo ha e fetoleloa, e bolelang, Mosuoe,) u lula hokae?” 39 A re ho bona: “Tloong, ’me le tla bona.”+ Tumellanong le hoo ba ea ’me ba bona moo a lulang teng, ’me ba lula le eena letsatsing leo; e ne e le hoo e ka bang ka hora ea leshome. 40 Andrease+ mor’abo Simone Petrose e ne e le e mong oa ba babeli ba ileng ba utloa seo Johanne a ileng a se bua eaba ba latela Jesu. 41 Pele enoa o ile a fumana mor’abo, Simone, ’me a re ho eena: “Re fumane Mesia”+ (eo ha e fetoleloa, e bolelang, Kreste).+ 42 A mo isa ho Jesu. Ha Jesu a mo sheba+ a re: “U Simone+ mora oa Johanne;+ u tla bitsoa Kefase” (e fetoleloang e le Petrose).+
43 Ka letsatsi le hlahlamang a lakatsa ho tloha ho ea Galilea. Kahoo Jesu a fumana Filipi+ ’me a re ho eena: “E-ba molateli+ oa ka.” 44 Joale Filipi o ne a tsoa Bethsaida,+ motseng oa habo Andrease le Petrose. 45 Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane eo Moshe, Molaong,+ le Baprofeta+ ba ileng ba ngola ka eena, Jesu, mora oa Josefa,+ ea tsoang Nazaretha.” 46 Empa Nathanaele a re ho eena: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?”+ Filipi a re ho eena: “Tloo ’me u bone.” 47 Jesu a bona Nathanaele a tla a mo lebile ’me a re ka eena: “Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso+ ho eena.” 48 Nathanaele a re ho eena: “Ho tla joang hore ebe ua ntseba?” Ha Jesu a araba a re ho eena: “Ke ile ka u bona pele Filipi a u bitsa, ha u ntse u le tlas’a sefate sa feiga.” 49 Nathanaele a mo araba: “Rabi, u Mora oa Molimo,+ u Morena+ oa Iseraele.” 50 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Na u lumela kahobane ke u boleletse hore ke ile ka u bona tlas’a sefate sa feiga? U tla bona lintho tse khōlō ho feta tsena.” 51 A eketsa ka ho re ho eena: “Kannete-nete ke re ho lōna, Le tla bona leholimo le bulehile ’me mangeloi+ a Molimo a nyoloha le ho theohela ho Mor’a motho.”+
2 Joale ka letsatsi la boraro ha e-ba le mokete oa lenyalo Kana+ ea Galilea, ’me ’mè+ oa Jesu o ne a le teng moo. 2 Jesu le barutuoa ba hae le bona ba ne ba memetsoe moketeng oa lenyalo.
3 Ha veine e fela ’mè+ oa Jesu a re ho eena: “Ha ba na veine.” 4 Empa Jesu a re ho eena: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe?+ Hora ea ka ha e e-s’o fihle.”+ 5 ’M’ae a re ho ba sebeletsang: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.”+ 6 Ho ne ho e-na le linkho tsa metsi tsa lejoe tse tšeletseng li lutse moo ho ea kamoo ho neng ho hlokoa ke melao ea tlhoekiso+ ea Bajuda, e ’ngoe le e ’ngoe e khona ho tšela litekanyo tse peli kapa tse tharo. 7 Jesu a re ho bona: “Tlatsang linkho tsa metsi ka metsi.” ’Me ba li tlatsa tsoete! 8 Eaba o re ho bona: “A kheng joale ’me le a ise ho motsamaisi oa mokete.” Kahoo ba a isa. 9 Joale, ha motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a neng a fetotsoe veine+ empa a sa tsebe hore na mohloli oa ’ona e ne e le ofe, le hoja ba sebeletsang ba neng ba khile metsi ba ne ba tseba, motsamaisi oa mokete a bitsa monyali 10 ’me a re ho eena: “Motho e mong le e mong o ntša veine e ntle pele,+ ’me ha batho ba tahiloe, a ntše ea boleng bo tlaasana. U bolokile veine e ntle ho fihlela joale.” 11 Jesu a etsa sena Kana ea Galilea e le tšimoloho ea lipontšo tsa hae, ’me a bonahatsa khanya+ ea hae; ’me barutuoa ba hae ba beha tumelo ea bona ho eena.
12 Ka mor’a sena eena le ’m ’ae le barab’abo+ le barutuoa ba hae ba theohela Kapernauma,+ empa ha baa ka ba lula moo matsatsi a mangata.
13 Joale paseka+ ea Bajuda e ne e le haufi, ’me Jesu a nyolohela Jerusalema.+ 14 A fumana ka tempeleng ba rekisang likhomo le linku le maeba+ le ba ananyang chelete litulong tsa bona. 15 Kahoo, ka mor’a ho etsa sephali sa liropo, a lelekela bohle ba nang le linku le likhomo ka ntle ho tempele, ’me a tšolla lichelete tsa tšepe tsa ba ananyang chelete le ho phethola litafole+ tsa bona. 16 Eaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona! Khaotsang ho etsa ntlo+ ea Ntate ntlo ea thekiso!”+ 17 Barutuoa ba hae ba hopola hore ho ngoliloe: “Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.”+
18 Ka hona, ha Bajuda ba araba ba re ho eena: “Ke pontšo+ efe eo u nang le eona eo u ka re bontšang eona, kaha u etsa lintho tsee?” 19 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Qhaqhang tempele+ ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” 20 Ka hona Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ea hahuoa ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng, ’me na u tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” 21 Empa o ne a bua ka tempele+ ea ’mele oa hae. 22 Leha ho le joalo, ha a tsosoa bafung, barutuoa ba hae ba hopola+ hore o ne a ee a bue sena; ’me ba lumela Lengolo le polelo eo Jesu a e buileng.
23 Leha ho le joalo, ha a le Jerusalema pasekeng, moketeng+ oa eona, batho ba bangata ba beha tumelo ea bona lebitsong+ la hae, ba bona lipontšo tsa hae tseo a neng a li etsa.+ 24 Empa Jesu o ne a sa ipehe tlhokomelong+ ea bona ka lebaka la ho ba tseba kaofela 25 le kahobane o ne a sa hloke hore leha e le mang a pake mabapi le motho, etsoe o ne a tseba se leng ho motho.+
3 Joale ho ne ho e-na le monna e mong oa Bafarisi, lebitso la hae e le Nikodemase,+ ’musi oa Bajuda. 2 A tla ho eena bosiu+ ’me a re ho eena: “Rabi,+ rea tseba hore uena joaloka mosuoe+ u tlile u tsoa ho Molimo;+ kaha ha ho ea ka etsang lipontšo+ tsena tseo u li etsang ntle leha Molimo a e-na le eena.”+ 3 Ha Jesu a araba a re ho eena:+ “Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape,+ a ke ke a bona ’muso oa Molimo.”+ 4 Nikodemase a re ho eena: “Ke joang motho a ka tsoaloang ha a le moholo? A ke ke a kena ka pōpelong ea ’m ’ae ka lekhetlo la bobeli ’me a tsoaloa, na ha ho joalo?” 5 Jesu a araba: “Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe ka metsi+ le ka moea,+ a ke ke a kena ’musong oa Molimo. 6 Se tsoetsoeng ka nama ke nama, ’me se tsoetsoeng ka moea ke moea.+ 7 U se ke ua hlolloa hobane ke u boleletse, Le tsoaloe hape.+ 8 Moea+ o fokela moo o batlang, ’me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe hore na o tsoa hokae le hore na o ea hokae. Ho joalo ka e mong le e mong ea tsoetsoeng ka moea.”+
9 Ha Nikodemase a araba a re ho eena: “Lintho tsee li ka etsahala joang?” 10 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Na u mosuoe oa Iseraele ’me leha ho le joalo ha u tsebe lintho tsee?+ 11 Kannete-nete ke re ho uena, Seo re se tsebang rea se bua ’me seo re se boneng re paka ka sona, empa lōna ha le amohele bopaki+ boo re fanang ka bona.+ 12 Haeba ke le boleletse lintho tsa lefatše ’me leha ho le joalo le sa lumele, le tla lumela joang haeba ke le bolella lintho tsa leholimo?+ 13 Ho feta moo, ha ho motho ea nyolohetseng leholimong+ haese ea theohileng leholimong,+ Mor’a motho.+ 14 ’Me feela joalokaha Moshe a ile a phahamisa noha+ lefeelleng, kahoo Mor’a motho o tla phahamisoa,+ 15 e le hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a ka ba le bophelo bo sa feleng.+
16 “Etsoe Molimo o ratile+ lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora+ oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo+ ho eena a se ke a timetsoa+ empa a be le bophelo bo sa feleng.+ 17 Etsoe Molimo o rometse Mora oa hae lefatšeng, eseng hore a ahlole+ lefatše, empa hore lefatše le pholosoe+ ka eena. 18 Ea bontšang tumelo ho eena a ke ke a ahloloa.+ Ea sa bontšeng tumelo o se a ahlotsoe, hobane ha aa bontša tumelo lebitsong la Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.+ 19 Joale ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli+ le tlile lefatšeng+ empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli,+ kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo. 20 Etsoe ea tloaetseng ho etsa lintho tse mpe+ o hloile leseli ’me ha a tle leseling, e le hore mesebetsi ea hae e se ke ea khalemeloa.+ 21 Empa ea etsang ’nete o tla leseling,+ e le hore mesebetsi ea hae e ka bonahatsoa e le e sebelitsoeng tumellanong le Molimo.”
22 Ka mor’a lintho tsena Jesu le barutuoa ba hae ba kena naheng ea Judea, ’me a qeta nako e itseng moo le bona a kolobetsa.+ 23 Empa Johanne+ le eena o ne a kolobetsa Aenone haufi le Salime, hobane ho ne ho e-na le metsi+ a mangata moo, ’me batho ba ’na ba tla ’me ba kolobetsoa;+ 24 kaha Johanne o ne a e-s’o lahleloe chankaneng.+
25 Ka hona ha tsoha phehisano har’a barutuoa ba Johanne le Mojuda e mong malebana le tlhoekiso.+ 26 Kahoo ba tla ho Johanne ’me ba re ho eena: “Rabi, motho ea neng a e-na le uena ka mose ho Jordane, eo u mo paketseng,+ bona, oa kolobetsa ’me bohle ba ea ho eena.”+ 27 Ha Johanne a araba a re: “Motho a ke ke a amohela ntho le e ’ngoe ntle leha a e filoe ho tsoa leholimong.+ 28 Lea mpakela hore ke itse, ha ke Kreste,+ empa, ke rometsoe ka pel’a eo.+ 29 Ea nang le monyaluoa ke monyali.+ Leha ho le joalo, motsoalle oa monyali, ha a ema ’me a mo utloa, o ba le thabo e khōlō ka lebaka la lentsoe la monyali. Ka hona thabo ena ea ka e tlatsitsoe.+ 30 Eo o tla tsoela pele ho eketseha, empa ’na ke tla tsoela pele ho fokotseha.”
31 Ea tsoang holimo o okametse ba bang kaofela.+ Ea tsoang lefatšeng o tsoa lefatšeng ’me o bua ka lintho tsa lefatše.+ Ea tsoang leholimong o okametse ba bang kaofela.+ 32 O paka+ seo a se boneng le ho se utloa empa ha ho motho ea amohelang bopaki+ ba hae. 33 Ea amohetseng bopaki ba hae o behile tiiso ea hae ho bona hore Molimo ke oa ’nete.+ 34 Etsoe eo Molimo a mo rometseng o bua lipolelo tsa Molimo,+ kaha ha a fane ka moea ka tekanyo.+ 35 Ntate o rata+ Mora ’me o fane ka lintho tsohle letsohong+ la hae. 36 Ea bontšang tumelo+ ho Mora o na le bophelo+ bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo,+ empa khalefo ea Molimo e sala holim ’a hae.+
4 Joale, ha Morena a hlokomela hore Bafarisi ba ne ba utloile hore Jesu o ne a etsa barutuoa ba fetang Johanne ’me a ba kolobetsa+— 2 le hoja, ka sebele, Jesu a ne a sa kolobetse empa e le barutuoa ba hae ba neng ba kolobetsa— 3 a tloha Judea ’me a boela a ea Galilea. 4 Empa ho ne ho hlokahala hore a pholletse le Samaria.+ 5 Ka lebaka leo a fihla motseng oa Samaria o bitsoang Sikare haufi le tšimo eo Jakobo a ileng a e fa mora oa hae Josefa.+ 6 Ha e le hantle, seliba+ sa Jakobo se ne se le moo. Joale Jesu, a khathetse ka lebaka la leeto, o ne a lutse selibeng feela kamoo a neng a le kateng. E ne e ka ba hora ea botšelela.
7 Mosali oa Samaria a tla ho kha metsi. Jesu a re ho eena: “Mphe metsi ke noe.”8 (Etsoe barutuoa ba hae ba ne ba ile motseng ho ea reka lijo.) 9 Ka hona mosali oa Mosamaria a re ho eena: “Ho tla joang hore uena, le hoja u le Mojuda, u nkōpe se nooang, ha ’na ke le mosali oa Mosamaria?” (Etsoe Bajuda ha ba na litšebelisano le Basamaria.)+ 10 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Haeba u ne u tsebile mpho+ e sa lefelloeng ea Molimo le hore na ke mang+ ea reng ho uena, ‘Mphe metsi ke noe,’ u ka be u mo kōpile, ’me a ka be a u file metsi+ a phelang.” 11 A re ho eena: “Mohlomphehi, ha u na leha e le nkho ea ho kha metsi, ’me seliba se tebile. Ka hona, metsi aa a phelang ao u nang le oona a tsoa mohloling ofe? 12 Ha u moholo+ ho moholo-holo oa rōna Jakobo, ea ileng a re fa seliba sena le eo eena hammoho le bara ba hae le likhomo tsa hae ba ileng ba noa ho sona, na ha ho joalo?” 13 Ha Jesu a araba a re ho eena: “E mong le e mong ea noang metsi ana o tla boela a nyoroe. 14 Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla,+ empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi+ a tšikhunyang ho fana ka bophelo+ bo sa feleng.” 15 Mosali eo a re ho eena: “Mohlomphehi, mphe metsi ana, e le hore ke se ke ka nyoroa kapa ka ’na ka tla sebakeng sena ho kha metsi.”
16 A re ho eena: “Tsamaea, u bitse monna oa hao ’me u tle sebakeng sena.” 17 Ha mosali eo a araba a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho eena: “U boletse hantle, ‘Ha ke na monna.’ 18 Etsoe u bile le banna ba bahlano, ’me monna eo u nang le eena hona joale hase monna oa hao. U boletse ’nete ho sena.” 19 Mosali eo a re ho eena: “Mohlomphehi, kea lemoha hore u moprofeta.+ 20 Baholo-holo ba rōna ba ile ba rapela thabeng+ ena; empa lōna le re Jerusalema ke sona sebaka seo batho ba tšoanelang ho rapela+ ho sona.” 21 Jesu a re ho eena: “Mosali, ntumele, Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela+ Ntate thabeng ena kapa Jerusalema.+ 22 Le rapela seo le sa se tsebeng;+ rōna re rapela seo re se tsebang, hobane poloko e simoloha ho Bajuda.+ 23 Leha ho le joalo, hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea+ le ka ’nete,+ etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.+ 24 Molimo ke Moea,+ ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.”+ 25 Mosali eo a re ho eena: “Kea tseba hore Mesia+ oa tla, ea bitsoang Kreste.+ Neng kapa neng ha a fihla, o tla re bolella lintho tsohle pepenene.” 26 Jesu a re ho eena: “’Na ea buang le uena ke eena.”+
27 Joale nakong ena barutuoa ba hae ba fihla, ’me ba qala ho makala hobane o ne a bua le mosali. Ka ho hlakileng, ha ho ea ileng a re: “U batla’ng?” kapa, “Ke hobane’ng ha u bua le eena?” 28 Ka hona, mosali eo a siea nkho ea hae ea metsi ’me a kena motseng eaba o bolella batho: 29 “Tloong mona, le bone motho ea mpoleletseng lintho tsohle tseo ke li entseng. Na enoa mohlomong hase eena Kreste?”+ 30 Ba tsoa motseng ’me ba qala ho tla ho eena.
31 Ho sa le joalo barutuoa ba ne ba mo phehella, ba re: “Rabi,+ ja.” 32 Empa a re ho bona: “Ke na le lijo tseo ke lokelang ho li ja tseo le sa tsebeng ka tsona.” 33 Ka hona barutuoa ba qala ho buisana ba re: “Na ho na le ea mo tliselitseng letho le jeoang?” 34 Jesu a re ho bona: “Lijo+ tsa ka ke hore ke etse thato+ ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi+ oa hae. 35 Na ha le re ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse ’nè pele kotulo e tla? Bonang! Ke re ho lōna: Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.+ 36 Mokotuli o se a amohela moputso le ho bokella litholoana bakeng sa bophelo+ bo sa feleng, e le hore mojali le mokotuli+ ba ka thaba hammoho.+ 37 Tabeng ena, ka sebele, polelo ena ke ’nete, E mong ke mojali ’me e mong ke mokotuli. 38 Ke le romile hore le kotule seo le sa sebetsang ho sona. Ba bang ba sebelitse,+ ’me le ruile molemo oa mosebetsi oa bona.”
39 Joale Basamaria ba bangata ba tsoang motseng oo ba beha tumelo+ ho eena ka lebaka la lentsoe la mosali eo ea ileng a re ha a paka: “O mpoleletse lintho tsohle tseo ke li entseng.”+ 40 Ka hona ha Basamaria ba tla ho eena, ba qala ho mo kōpa hore a lule le bona; eaba o lula moo matsatsi+ a mabeli. 41 Ka lebaka leo ba bangata haholo ba lumela ka lebaka la seo se buileng,+ 42 ’me ba qala ho re ho mosali eo: “Ha re sa lumela ka lebaka la puo ea hao; etsoe re ikutloetse+ ’me rea tseba hore monna enoa kannete-nete ke mopholosi+ oa lefatše.”
43 Ka mor’a matsatsi a mabeli a tloha moo a ea Galilea.+ 44 Leha ho le joalo, Jesu a paka hore moprofeta ha a hlomphuoe+ naheng ea habo. 45 Ka hona, ha a fihla Galilea, Bagalilea ba mo amohela, hobane ba bone lintho tsohle tseo a li entseng Jerusalema moketeng,+ kaha le bona ba ne ba ile moketeng.+
46 Ka lebaka leo a boela a tla Kana+ ea Galilea, moo a neng a fetotse metsi veine.+ Joale ho ne ho e-na le mohlanka ea itseng oa morena eo mora oa hae a neng a kula Kapernauma.+ 47 Ha monna enoa a utloa hore Jesu o ne a tsoile Judea ho kena Galilea, a tloha a ea ho eena ’me a qala ho mo kōpa hore a theohe ’me a folise mora oa hae, kaha o ne a le makhatheng a ho shoa. 48 Leha ho le joalo, Jesu a re ho eena: “Ntle le hore le bone lipontšo+ le limakatso,+ le ke ke la lumela.” 49 Mohlanka oa morena a re ho eena: “Morena, theoha pele ngoana oa ka e monyenyane a shoa.” 50 Jesu a re ho eena: “Tsamaea;+ mora oa hao oa phela.”+ Monna eo a lumela lentsoe leo Jesu a ileng a mo bolella lona eaba oa tsamaea. 51 Empa ha a ntse a le tseleng a theoha makhoba a hae a mo khahlanyetsa ho bolela hore moshanyana oa hae oa phela.+ 52 Ka hona a qala ho a botsisisa hora eo a ileng a hlaphoheloa ka eona. Ka lebaka leo a re ho eena: “Maobane ka hora ea bosupa feberu+ e ile ea mo tlohela.” 53 Ka hona ntate eo a tseba hore e ne e le ka eona hora+ eo Jesu a ileng a re ho eena: “Mora oa hao oa phela.” ’Me eena le ba ntlo ea hae kaofela ba lumela.+ 54 Hape ena e ne e le pontšo+ ea bobeli eo Jesu a ileng a e etsa ha a tsoa Judea a kena Galilea.
5 Ka mor’a lintho tsena ho ne ho e-na le mokete+ oa Bajuda, ’me Jesu a nyolohela Jerusalema. 2 Joale Jerusalema hekeng+ ea linku ho na le letamo le bitsoang Bethzatha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano. 3 Letšoele la ba kulang, lifofu, ba holofetseng le ba omeletseng litho, le ne le robetse ho ’ona. 4 —— 5 Empa ho ne ho e-na le monna ea itseng ea neng a kutse ka lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli. 6 Ha a bona monna enoa a robetse fatše, ’me a hlokomela hore o ne a se a kutse nako+ e telele, Jesu a re ho eena: “Na u batla ho phela hantle?”+ 7 Monna ea kulang a mo araba: “Mohlomphehi, ha ke na motho ea ka nkenyang ka letamong ha metsi a fuluhuoa; empa ha ke ntse ke tla e mong o theohela pele ho ’na.” 8 Jesu a re ho eena: “Ema, u nke lempara la hao ’me u tsamaee.”+ 9 Eaba kapele-pele monna eo o phela hantle, ’me o nka lempara la hae o qala ho tsamaea.
Joale letsatsing leo e ne e le sabatha.+ 10 Ka hona Bajuda ba qala ho re ho monna ea phekotsoeng: “Ke Sabatha, ’me ha ho lumelloe ke molao+ hore u nke lempara la hao.” 11 Empa a ba araba: “Ea entseng hore ke phele hantle o itse ho ’na, ‘Nka lempara la hao ’me u tsamaee.’” 12 Ba mo botsa: “Ke mang motho ea itseng ho uena, ‘Le nke ’me u tsamaee’?” 13 Empa monna ea folisitsoeng o ne a sa tsebe hore na ke mang, etsoe Jesu o ne a khelohetse ka thōko, kaha ho ne ho e-na le bongata sebakeng seo.
14 Ka mor’a lintho tsena Jesu a mo fumana ka tempeleng ’me a re ho eena: “Bona, u phetse hantle. U se ke ua hlola u etsa sebe, e le hore u se ke ua etsahalloa ke ho hobe haholo.” 15 Monna eo a tloha ’me a bolella Bajuda hore ke Jesu ea entseng hore a phele hantle. 16 Kahoo ka lebaka lena Bajuda ba qala ho hlorisa+ Jesu, kahobane o ne a etsa lintho tsena ka Sabatha. 17 Empa a ba araba: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.”+ 18 Ka sebele, ka lebaka lena, Bajuda ba qala ho batla ka ho eketsehileng ho mo bolaea,+ hobane o ne a sa tlōle Sabatha feela empa hape o ne a re Molimo ke Ntat’ae,+ a iketsa ea lekanang+ le Molimo.
19 Ka hona, ha Jesu a araba, a tsoela pele ho re ho bona: “Kannete-nete ke re ho lōna, Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa.+ Etsoe lintho life kapa life tseo A li etsang, Mora le eena o etsa lintho tsena ka mokhoa o tšoanang. 20 Etsoe Ntate o rata Mora+ ’me o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang, ’me o tla mo bontša mesebetsi e meholo ho ena, e le hore le ka hlolloa.+ 21 Etsoe feela joalokaha Ntate a tsosa bafu ’me a ba phelisa,+ kahoo Mora le eena o phelisa bao a batlang ho ba phelisa.+ 22 Etsoe ho hang ha ho eo Ntate a mo ahlolang, empa o file Mora ho ahlola hohle,+ 23 e le hore bohle ba ka hlompha Mora+ feela joalokaha ba hlompha Ntate. Ea sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ea mo romileng.+ 24 Kannete-nete ke re ho lōna, Ea utloang lentsoe la ka ’me a lumela ea nthomileng o na le bophelo+ bo sa feleng, ’me ha a tle kahlolong empa o fetile lefung ho ea bophelong.+
25 “Kannete-nete ke re ho lōna, Hora ea tla, ’me ke eona hona joale, ea ha bafu+ ba tla utloa lentsoe+ la Mora oa Molimo ’me ba etseng hloko ba tla phela.+ 26 Etsoe feela joalokaha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena,+ kahoo o nehile le Mora hore a be le bophelo ka ho eena.+ 27 O mo file matla a ho ahlola,+ hobane ke Mor’a motho.+ 28 Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng+ a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae 29 ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo,+ ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.+ 30 Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na; feela joalokaha ke utloa, kea ahlola; ’me kahlolo eo ke fanang ka eona e lokile,+ hobane ha ke batle thato ea ka, empa ke batla thato+ ea ea nthomileng.
31 “Haeba ’na ke le mong ke ipaka,+ bopaki ba ka hase ’nete.+ 32 Ho na le e mong ea mpakang, ’me kea tseba hore bopaki boo a mpakang+ ka bona ke ’nete. 33 Le rometse batho ho Johanne, ’me o paketse ’nete.+ 34 Leha ho le joalo, ha ke amohele bopaki bo tsoang ho motho, empa ke bolela lintho tsena e le hore le ka pholoha.+ 35 Monna eo e ne e le lebone le tukang le le khanyang, ’me lōna ka nako e khutšoanyane le ne le rata ho thaba haholo leseling+ la hae. 36 Empa ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne, etsoe mesebetsi eo Ntate a nkabetseng eona hore ke e phethe, mesebetsi eo ke e etsang,+ ea mpaka hore Ntate o nthomile. 37 Hape, Ntate ea nthomileng o mpakile.+ Ha lea utloa lentsoe la hae ka nako leha e le efe kapa la bona sebōpeho+ sa hae; 38 ’me lentsoe la hae ha lea lula ho lōna, hobane ha le lumele eo a mo romileng.
39 “Le phenya Mangolo,+ hobane le nahana hore ka ’ona le tla ba le bophelo bo sa feleng; ’me ke ’ona a mpakang.+ 40 Leha ho le joalo ha le batle ho tla ho ’na e le hore le ka ba le bophelo.+ 41 Ha ke amohele thoriso e tsoang ho batho,+ 42 empa ke tseba hantle hore ha le na lerato la Molimo ka ho lōna.+ 43 Ke tlile ka lebitso la Ntate,+ empa ha le nkamohele; haeba e mong osele a ne a ka fihla ka lebitso la hae, le ne le tla mo amohela. 44 Le ka lumela joang, ha le rorisana+ ’me le sa batle thoriso e tsoang ho eo e leng eena feela Molimo?+ 45 Le se ke la nahana hore ke tla le qosa ho Ntate; ho na le ea le qosang, Moshe,+ eo le behileng tšepo ea lōna ho eena. 46 Ha e le hantle, hoja le ne le lumela Moshe le ne le tla ntumela, kaha o ile a ngola ka ’na.+ 47 Empa haeba le sa lumele lingoliloeng tsa hae,+ le tla lumela lipolelo tsa ka joang?”
6 Ka mor’a lintho tsena Jesu a tšelela ka mose ho leoatle la Galilea, kapa Tiberiase.+ 2 Empa bongata bo boholo ba ’na ba mo latela, kahobane bo ne bo bona lipontšo tseo a neng a li etsetsa ba kulang.+ 3 Kahoo Jesu a nyolohela thabeng,+ ’me o ne a lutse le barutuoa ba hae moo. 4 Joale paseka,+ mokete oa Bajuda, e ne e le haufi. 5 Ka hona, ha Jesu a phahamisa mahlo ’me a hlokomela hore bongata bo boholo bo ne bo tla ho eena, a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore bongata bona bo boholo bo je?”+ 6 Leha ho le joalo, o ne a bua sena ho mo leka, etsoe o ne a tseba seo a neng a le haufi le ho se etsa. 7 Filipi a mo araba: “Mahobe a rekoang ka lidenari tse makholo a mabeli ha aa lekana bakeng sa bona, hoo e mong le e mong a ka fumanang ho honyenyane.”+ 8 E mong oa barutuoa ba hae, Andrease mor’abo Simone Petrose, a re ho eena: 9 “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe+ a mahlano a harese le litlhapi tse nyenyane tse peli. Empa ana ke eng har’a batho ba bangata hakaale?”+
10 Jesu a re: “E-reng batho ba otle ka lehlakore joaloka lijong.”+ Joale ho ne ho e-na le joang bo bongata sebakeng seo. Ka hona batho ba otla ka lehlakore, ba ka bang likete tse hlano ka palo.+ 11 Kahoo Jesu a nka mahobe ’me, ka mor’a ho leboha, a a abela ba otlileng ka lehlakore, ka ho tšoanang a ba abela le litlhapi tse nyenyane tse ngata ho ea kamoo ba batlang+ kateng. 12 Empa ha ba khotše+ a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lingoathoana tse setseng, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senngoang.” 13 Ka hona ba li bokella, ’me ba tlatsa libaskete tse leshome le metso e ’meli ka lingoathoana tsa mahobe a mahlano a harese, tse neng li siiloe ke ba jeleng.+
14 Kahoo ha batho ba bona lipontšo tseo a ileng a li etsa, ba qala ho re: “Kannete-nete enoa ke moprofeta+ ea neng a tla tla lefatšeng.” 15 Ka hona Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tšoara hore ba mo etse morena, a boela a tloha+ a ea thabeng a le mong feela.
16 Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba hae ba theohela leoatleng,+ 17 ’me, ha ba palama sekepe, ba tšelela ka mose ho leoatle ho ea Kapernauma. Joale, ka nako ena ho ne ho se ho le lefifi ’me Jesu o ne a e-s’o tle ho bona. 18 Hape, leoatle la qala ho loebehlana kahobane moea o matla o ne o foka.+ 19 Leha ho le joalo, ha ba sokile hoo e ka bang lik’hilomithara tse hlano kapa tse tšeletseng, ba bona Jesu a tsamaea holim ’a leoatle ’me a fihla haufi le sekepe; ’me ba tšoha.+ 20 Empa a re ho bona: “Ke ’na; le se ke la tšaba!”+ 21 Ka hona ba ne ba rata ho mo kenya ka sekepeng, ’me kapele sekepe se ne se le moo ho omileng moo ba neng ba leka ho ea+ teng.
22 Ka letsatsi le hlahlamang bongata bo neng bo eme ka lehlakoreng le leng la leoatle ba bona hore ho ne ho se sekepe moo haese se senyenyane, le hore Jesu o ne a sa kena ka sekepeng le barutuoa ba hae empa hore ke barutuoa ba hae feela ba neng ba tlohile; 23 empa likepe tse tsoang Tiberiase tsa fihla haufi le sebaka seo ba ileng ba jela bohobe ho sona ka mor’a hore Morena a lebohe. 24 Ka hona ha bongata bo bona hore Jesu kapa barutuoa ba hae ba ne ba le sieo moo, ba palama liketsoana tsa bona ’me ba tla Kapernauma ho tla batla+ Jesu.
25 Kahoo ha bo mo fumana ka mose ho leoatle ba re ho eena: “Rabi,+ u fihlile neng moo?” 26 Jesu a bo araba a re: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ha le mpatle kahobane le bone lipontšo, empa le mpatla kahobane le jele mahobe ’me la khora.+ 27 Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang,+ empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng,+ tseo Mor’a motho a tla le fa tsona; kaha Ntate, eena Molimo, o behile tiiso ea hae ea kamohelo holim ’a hae.”+
28 Ka hona ba re ho eena: “Re tla etsa joang hore re sebetse mesebetsi ea Molimo?” 29 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Ona ke mosebetsi oa Molimo, hore le bontše tumelo+ ho eo A mo romileng.”+ 30 Ka hona ba re ho eena: “Joale, ke eng eo u e etsang e le pontšo,+ e le hore re e bone ’me re u lumele? U etsa mosebetsi ofe? 31 Baholo-holo ba rōna ba ile ba ja manna+ lefeelleng, feela joalokaha ho ngoliloe, ‘O ile a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba bo je.’”+ 32 Kahoo Jesu a re ho bona: “Kannete-nete ke re ho lōna, Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong, empa Ntate o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong.+ 33 Etsoe bohobe ba Molimo ke ea theohang leholimong ’me a fa lefatše bophelo.” 34 Ka hona ba re ho eena: “Morena, u re fe bohobe+ bona kamehla.”
35 Jesu a re ho bona: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang, ’me ea bontšang tumelo ho ’na ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla.+ 36 Empa ke itse ho lōna, Le bile le mpone ’me leha ho le joalo ha le lumele.+ 37 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Ntate a mphang eona e tla tla ho ’na, ’me ea tlang ho ’na nke ke ka mo leleka+ ho hang; 38 kahobane ha kea theoha leholimong+ ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.+ 39 Ena ke thato ea ea nthomileng, hore ke se ke ka lahleheloa ke letho ho tsohle tseo a mphileng tsona empa hore ke ho tsose+ ka letsatsi la ho qetela. 40 Etsoe ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng,+ ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi+ la ho qetela.”
41 Ka hona Bajuda ba qala ho mo korotlela kahobane a itse: “Ke ’na bohobe bo theohileng leholimong”;+ 42 ’me ba qala ho re:+ “Na enoa hase Jesu mora oa Josefa,+ eo ntat’ae le ’m ’ae re ba tsebang? Ho tla joang hore ebe joale o re, ‘Ke theohile leholimong’?” 43 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Khaotsang ho korotla har’a lōna. 44 Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa+ ke Ntate ea nthomileng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.+ 45 Ho ngoliloe Baprofeteng, ‘’Me kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’+ E mong le e mong ea utloileng ho Ntate le ea ithutileng o tla ho ’na.+ 46 Eseng hore motho leha e le ofe o bone Ntate,+ haese ea tsoang ho Molimo; enoa o bone Ntate.+ 47 Kannete-nete ke re ho lōna, Ea lumelang o na le bophelo+ bo sa feleng.
48 “Ke ’na bohobe+ ba bophelo. 49 Baholo-holo ba lōna ba ile ba ja manna+ lefeelleng ’me leha ho le joalo ba shoa. 50 Bona ke bohobe bo theohang leholimong, e le hore leha e le mang a ka bo ja ’me a se ke a shoa. 51 Ke ’na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong; haeba leha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng; ’me, kannete, bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama+ ea ka bakeng sa bophelo ba lefatše.”+
52 Ka hona Bajuda ba qala ho phehisana, ba re: “Ke joang monna enoa a ka re fang nama ea hae hore re e je?” 53 Ka lebaka leo Jesu a re ho bona: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ntle le hore le je nama+ ea Mor’a motho le ho noa mali+ a hae, ha le na bophelo+ ka ho lōna. 54 Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o na le bophelo bo sa feleng, ’me ke tla mo tsosa+ ka letsatsi la ho qetela; 55 etsoe nama ea ka ke lijo tsa ’nete, le mali a ka ke seno sa ’nete. 56 Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o lula bonngoeng le ’na, le ’na ke bonngoeng le eena.+ 57 Feela joalokaha Ntate ea phelang+ a nthomile ’me ke phela ka lebaka la Ntate, le ea ntjang, o tla phela ka lebaka la ka.+ 58 Bona ke bohobe bo theohileng leholimong. Ha ho joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba ja ’me leha ho le joalo ba shoa. Ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+ 59 O buile lintho tsena ha a ntse a ruta sebokeng sa phatlalatsa Kapernauma.
60 Ka hona ba bangata ho barutuoa ba hae, ha ba utloa sena, ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?”+ 61 Empa Jesu, ka ho tseba ka ho eena hore barutuoa ba hae ba ne ba korotla ka sena, a re ho bona: “Na see sea le khopisa?+ 62 Ka hona, ho thoe’ng haeba le ka bona Mor’a motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?+ 63 Ke moea o fanang ka bophelo;+ nama ha e na thuso ho hang. Lipolelo tseo ke le boleletseng tsona ke moea+ ’me ke bophelo.+ 64 Empa ho na le ba bang ba lōna ba sa lumeleng.” Etsoe ho tloha tšimolohong Jesu o ne a tseba hore na ke bo-mang ba sa lumeleng le hore na ke mang ea neng a tla mo eka.+ 65 Kahoo a tsoela pele ho re: “Ke ka lebaka lena ke itseng ho lōna, Ha ho ea ka tlang ho ’na ntle leha a ho nehoa ke Ntate.”+
66 Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao+ ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.+ 67 Ka hona Jesu a re ho ba leshome le metso e ’meli: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” 68 Simone Petrose+ a mo araba: “Morena, re tla tloha re ee ho mang?+ Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo+ bo sa feleng; 69 ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.”+ 70 Jesu a ba araba: “Ke khethile lōna ba leshome le metso e ’meli,+ na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo e mong oa lōna ke moetselletsi.”+ 71 Ha e le hantle, o ne a bua ka Judase mora oa Simone Iskariota; etsoe o ne a tla mo eka,+ le hoja e ne e le e mong oa ba leshome le metso e ’meli.
7 Joale ka mor’a lintho tsena Jesu a tsoela pele a pholletsa le Galilea, kaha o ne a sa batle ho tsamaea Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea.+ 2 Leha ho le joalo, mokete oa Bajuda, mokete oa litabernakele,+ o ne o le haufi. 3 Ka hona barab’abo+ ba re ho eena: “Fetela pele ho tloha mona ’me u kene Judea, e le hore barutuoa ba hao le bona ba ka bona mesebetsi eo u e etsang. 4 Etsoe ha ho ea etsang letho sephiring ha a batla ho tsejoa phatlalatsa. Haeba u etsa lintho tsena, u iponahatse ho lefatše.” 5 Ha e le hantle, barab’abo+ ba ne ba sa bontše tumelo ho eena.+ 6 Ka hona Jesu a re ho bona: “Nako ea ka e loketseng ha e e-s’o fihle,+ empa nako ea lōna e loketseng e teng kamehla. 7 Lefatše ha le na lebaka la ho le hloea, empa ’na le ntlhoile, hobane ke paka malebana le lona hore mesebetsi ea lona e khopo.+ 8 Lōna nyolohelang moketeng; ’na ha ke e-s’o nyolohele moketeng ona, hobane nako+ ea ka e loketseng ha e e-s’o fihle+ ka botlalo.” 9 Kahoo ka mor’a hore a ba bolelle lintho tsena, a sala Galilea.
10 Empa ha barab’abo ba nyolohetse moketeng, joale le eena a nyoloha, eseng pepenene empa joalokaha eka ke ka sephiring.+ 11 Ka hona Bajuda ba qala ho mo batla+ moketeng ’me ba re: “Monna eloa o hokae?” 12 Ho ne ho e-na le menyenyetsi e mengata ka eena har’a bongata.+ Ba bang ba ne ba re: “Ke monna ea molemo.” Ba bang ba ne ba re: “Ha a molemo, empa o khelosa bongata.” 13 Ka ho hlakileng, ha ho ea neng a bua ka eena phatlalatsa ka lebaka la ho tšaba Bajuda.+
14 Joale ha mokete o le hare, Jesu a nyolohela ka tempeleng ’me a qala ho ruta.+ 15 Ka hona Bajuda ba makala, ba re: “Monna enoa o na le tsebo ea lingoliloeng+ joang, ha a sa ka a ithuta likolong?”+ 16 Jesu, le eena, a ba araba ’me a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.+ 17 Haeba leha e le mang a lakatsa ho etsa thato ea Hae, o tla tseba malebana le thuto eo hore na ebe e tsoa ho Molimo+ kapa ke bua ka ho iqalla. 18 Ea buang ka ho iqalla o ipatlela thoriso; empa ea batlang thoriso+ ea ea mo romileng, enoa ke oa ’nete, ’me ha ho na ho se loke ho eena. 19 Moshe o le file Molao,+ na ha ho joalo? Empa ha ho le ea mong oa lōna ea mamelang Molao. Ke hobane’ng ha le batla ho mpolaea?”+ 20 Bongata ba araba: “U na le modemona.+ Ke mang ea batlang ho u bolaea?” 21 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Ke entse ketso e le ’ngoe,+ ’me kaofela lea makala. 22 Ka lebaka lena Moshe o le file lebollo+—eseng hore le tsoa ho Moshe, empa le tsoa ho baholo-holo+—’me le bolotsa motho ka sabatha. 23 Haeba motho a amohela lebollo ka sabatha e le hore molao oa Moshe o se ke oa tlōloa, na le nkhalefela ka mabifi kahobane ke entse hore motho a phele hantle ka ho feletseng ka sabatha?+ 24 Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo+ e lokileng.”
25 Ka hona baahi ba bang ba Jerusalema ba qala ho re: “Enoa ke eena monna eo ba batlang ho mo bolaea,+ na ha ho joalo? 26 Leha ho le joalo, bonang! o bua phatlalatsa,+ ’me ha ba re letho ho eena. Kannete-nete babusi ha ba tsebe hore enoa ke Kreste, na ha ho joalo?+ 27 Ho fapana le hoo, rea tseba hore na monna enoa o tsoa hokae;+ empa leha ho le joalo ha Kreste a tla, ha ho ea tla tseba hore na o tsoa hokae.”+ 28 Ka hona Jesu a hoeletsa ha a ntse a ruta ka tempeleng ’me a re: “Lea ntseba ’me le tseba le hore na ke tsoa hokae.+ Hape, ha kea tla e le ho itsoelang ho ’na,+ empa ea nthomileng ke oa sebele,+ ’me ha le mo tsebe.+ 29 ’Na kea mo tseba,+ hobane ke moemeli ea tsoang ho eena, ’me Eo o nthomile.”+ 30 Kahoo ba qala ho batla ho mo tšoara,+ empa ha ho ea ileng a tšoara, kahobane hora+ ea hae e ne e e-s’o fihle. 31 Ho ntse ho le joalo, ba bangata ho bongata ba beha tumelo ho eena;+ ’me ba qala ho re: “Ha Kreste a fihla, a ke ke a etsa lipontšo+ tse ngata ho feta tseo monna enoa a li entseng, na ha ho joalo?”
32 Bafarisi ba utloa bongata bo korotla ka lintho tsena mabapi le eena, ’me baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba roma balaoli ho ea mo tšoara.+ 33 Ka hona Jesu a re: “Ke tsoela pele ke e-na le lōna ka nakoana e eketsehileng pele ke e-ea ho ea nthomileng.+ 34 Le tla mpatla,+ empa le ke ke la mphumana, ’me moo ke leng teng le ke ke la tla.”+ 35 Ka hona Bajuda ba buisana ba re: “Monna enoa o rera ho ea hokae, hoo re ke keng ra mo fumana? Ha a rere ho ea ho Bajuda ba qhalakaneng+ har’a Bagerike le ho ruta Bagerike, na ha ho joalo? 36 Polelo ee eo a e buileng e bolela’ng, ‘Le tla mpatla, empa le ke ke la mphumana, ’me moo ke leng teng le ke ke la tla’?”
37 Joale letsatsing la ho qetela, letsatsi le leholo la mokete,+ Jesu o ne a eme ’me a hoeletsa, a re: “Haeba leha e le mang a nyoriloe,+ a ke a tle ho ’na ’me a noe. 38 Ea behang tumelo ho ’na,+ feela joalokaha Lengolo le boletse, ‘Melapo ea metsi a phelang e tla phalla ho tsoa karolong ea hae e ka hare-hare.’”+ 39 Leha ho le joalo, o ile a bua sena malebana le moea oo ba behang tumelo ho eena ba neng ba le haufi le ho o amohela; kaha ho fihlela ka nako eo ho ne ho se na moea,+ hobane Jesu o ne a e-s’o tlotlisoe.+ 40 Ka hona ba bang ba bongata ba ileng ba utloa mantsoe ana ba qala ho re: “Kannete-nete enoa ke Eena Moprofeta.”+ 41 Ba bang ba ne ba re: “Enoa ke eena Kreste.”+ Empa ba bang ba ne ba re: “Ha e le hantle Kreste+ ha a tsoe Galilea, na ha ho joalo?+ 42 Na Lengolo ha lea re Kreste o tsoa baneng ba Davida,+ le hore o tsoa Bethlehema+ motsana oo Davida a neng a le ho oona?”+ 43 Ka hona ha hlaha karohano mabapi le eena har’a bongata.+ 44 Leha ho le joalo, ba bang ba bona ba ne ba batla ho mo tšoara, empa ha ho ea ileng a mo tšoara.
45 Ka hona balaoli ba khutlela ho baprista ba ka sehloohong le Bafarisi, ’me ba re ho bona: “Ke hobane’ng ha le sa ka la mo tlisa?” 46 Balaoli ba araba: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.”+ 47 Eaba Bafarisi baa araba: “Le lōna ha lea khelosoa, na ha ho joalo? 48 Ha ho le ea mong oa babusi kapa oa Bafarisi ea behileng tumelo ho eena, na ha ho joalo?+ 49 Empa bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.”+ 50 Nikodemase, ea neng a tlile ho eena pele, le eo e neng e le e mong oa bona, a re ho bona: 51 “Molao oa rōna ha o ahlole motho ntle leha o utloile ho eena pele+ le ho tseba seo a se etsang, na ha ho joalo?” 52 Ha ba araba ba re ho eena: “Ha u tsoe Galilea le uena, na ha ho joalo? Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta+ ea tla hlahisoa Galilea.”
Libuka tse ngotsoeng ka letsoho Codex Sinaiticus, Codex Vaticanus, le codex ea Sinaitic Syriac li siea litemana 53 ho ea ho khaolo ea 8, temana ea 11, tse balehang (ka ho se tšoane ho itseng litabeng tse ngotsoeng le liphetolelong tse sa tšoaneng tsa Segerike) ka mokhoa o latelang:
53 Kahoo e mong le e mong a ea lapeng la hae.
8 Empa Jesu a ea Thabeng ea Mehloaare. 2 Leha ho le joalo, ka meso, a itlhahisa hape tempeleng, ’me batho bohle ba qala ho tla ho eena, ’me a lula fatše eaba o qala ho ba ruta. 3 Joale bangoli le Bafarisi ba tlisa mosali ea tšoeroeng a feba, ’me, ka mor’a ho mo emisa har’a bona, 4 ba re ho eena: “Mosuoe, mosali enoa o tšoeroe a feba. 5 Molaong Moshe o re laetse hore re tlepetse basali ba mofuta o joalo ka majoe. Ha e le hantle, uena u re’ng?” 6 Ka ho hlakileng, ba ne ba bua sena ho mo leka, e le hore ba be le ntho eo ba ka mo qosang ka eona. Empa Jesu a inama ’me a qala ho ngola fatše ka monoana. 7 Ha ba phehella ho mo botsa, a inamoloha ’me a re ho bona: “E mong ho lōna ea hlokang sebe e be oa pele ho mo betsa ka lejoe.” 8 Ha a inama hape a ’na a tsoela pele ho ngola fatše. 9 Empa ba ileng ba utloa sena ba qala ho tsoa, ka bomong, ho qala ka banna ba baholo, ’me a sala a le mong, le mosali ea neng a le har’a bona. 10 Ha Jesu a inamoloha, a re ho eena: “Mosali, ba hokae? Na ha ho ea ileng a u ahlola?” 11 A re: “Ha a eo, mohlomphehi.” Jesu a re: “Le ’na ha ke u ahlole. Tsamaea; ho tloha joale ho ea pele u se ke ua hlola u tloaela ho etsa sebe.”
12 Ka hona Jesu a bua le bona hape, a re: “Ke ’na leseli+ la lefatše. Ea ntatelang ho hang a ke ke a tsamaea lefifing,+ empa o tla ba le leseli la bophelo.” 13 Kahoo Bafarisi ba re ho eena: “Ua ipaka; bopaki ba hao hase ’nete.” 14 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Esita le haeba ke ipaka, bopaki+ ba ka ke ’nete, hobane kea tseba hore na ke tsoa hokae le hore na ke ea hokae.+ Empa lōna ha le tsebe hore na ke tsoa hokae le hore na ke ea hokae. 15 Le ahlola ho ea ka nama;+ ho hang ha ke ahlole motho leha e le ofe.+ 16 Leha ho le joalo haeba ke ahlola, kahlolo ea ka ke ea ’nete, hobane ha ke mong, empa Ntate ea nthomileng o na le ’na.+ 17 Hape, Molaong oa lōna ho ngoliloe, ‘Bopaki ba batho ba babeli ke ’nete.’+ 18 Ke ’na ea ipakang, ’me Ntate ea nthomileng oa mpaka.”+ 19 Ka hona ba tsoela pele ho re ho eena: “Ntat’ao o hokae?” Jesu a araba: “Ha le tsebe ’na kapa Ntate.+ Haeba le ne le ntseba, le ka be le tseba le Ntate.”+ 20 Lipolelo tsena o ile a li bua polokelong ea matlotlo+ ha a ntse a ruta ka tempeleng. Empa ha ho ea ileng a mo tšoara,+ hobane hora+ ea hae e ne e e-s’o fihle.
21 Kahoo a boela a re ho bona: “Kea tloha, ’me le tla mpatla,+ ’me leha ho le joalo le tla shoa sebeng+ sa lōna. Moo ke eang le ke ke la tla.” 22 Ka hona Bajuda ba qala ho re: “A ke ke a ipolaea, na ha ho joalo? Hobane o re, ‘Moo ke eang le ke ke la tla.’”+ 23 Kahoo a tsoela pele ho re ho bona: “Lōna le tsoa libakeng tse tlaase; ’na ke tsoa libakeng tse holimo.+ Lōna le tsoa lefatšeng+ lena; ’na ha ke tsoe lefatšeng+ lena. 24 Ka hona ke itse ho lōna, Le tla shoa libeng+ tsa lōna. Etsoe haeba le sa lumele hore ’na ke eena, le tla shoa libeng+ tsa lōna.” 25 Ka hona ba qala ho re ho eena: “U mang?” Jesu a re ho bona: “Ebile ha e le hantle ke buela’ng le lōna? 26 Ke na le lintho tse ngata tseo nka li buang malebana le lōna le ho liha kahlolo ho tsona. Ha e le hantle, ea nthomileng ke oa ’nete, ’me lintho tseo ke li utloileng ho eena ke li bua lefatšeng.”+ 27 Ha baa ka ba utloisisa hore o ne a bua le bona ka Ntate. 28 Ka hona Jesu a re: “Hang ha le phahamisitse+ Mor’a motho,+ joale le tla tseba hore ’na ke eena,+ le hore ha ke etse letho le itsoelang ho ’na;+ empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho+ tsena. 29 Ea nthomileng o na le ’na; ha aa ka a ntlohela ke ’notši, hobane kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.”+ 30 Ha a ntse a bua lintho tsena, ba bangata ba beha tumelo ho eena.+
31 Kahoo Jesu a tsoela pele ho re ho Bajuda ba neng ba mo lumetse: “Haeba le lula lentsoeng la ka,+ ka sebele le barutuoa ba ka, 32 le tla tseba ’nete,+ ’me ’nete e tla le lokolla.”+ 33 Ba mo araba: “Re bana+ ba Abrahama ’me le ka mohla ha re e-s’o be makhoba a motho leha e le mang.+ Ho tla joang hore ebe u re, ‘Le tla lokoloha’?” 34 Jesu a ba araba: “Kannete-nete ke re ho lōna, Moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe.+ 35 Ho feta moo, lekhoba ha le lule ka lapeng ka ho sa feleng; mora o lula ka ho sa feleng.+ 36 Ka hona haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.+ 37 Kea tseba hore le bana ba Abrahama; empa le batla ho mpolaea,+ hobane lentsoe la ka ha le hatele pele har’a lōna.+ 38 Lintho tseo ke li boneng ho Ntate+ kea li bua;+ ka hona, le lōna le etsa lintho tseo le li utloileng ho ntat’a lōna.” 39 Ha ba araba ba re ho eena: “Ntat’a rōna ke Abrahama.”+ Jesu a re ho bona: “Haeba le bana+ ba Abrahama, le etse mesebetsi ea Abrahama. 40 Empa joale le batla ho mpolaea, ’na motho ea le boleletseng ’nete eo ke e utloileng ho Molimo.+ Abrahama ha aa ka a etsa sena.+ 41 Le etsa mesebetsi ea ntat’a lōna.” Ba re ho eena: “Ha rea ka ra tsoaloa bohloleng; re na le Ntate+ a le mong, Molimo.”
42 Jesu a re ho bona: “Haeba Molimo e ne e le Ntat’a lōna, le ka be le nthata,+ kaha ke tlile ke tsoa ho Molimo ’me ke mona.+ Hape ho hang ha kea tla e le ho itsoelang ho ’na, empa Eo o nthomile.+ 43 Ke hobane’ng ha le sa tsebe seo ke se buang? Hobane le ke ke la mamela lentsoe+ la ka. 44 Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose,+ ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a+ lōna. E ne e le ’molai ha a qala,+ ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.+ 45 Ka lehlakoreng le leng, hobane ’na ke bolela ’nete, ha le ntumele.+ 46 Ke mang ho lōna ea pakang hore ke molato oa sebe?+ Haeba ke bua ’nete, ke hobane’ng ha le sa ntumele? 47 Ea tsoang ho Molimo o mamela lipolelo tsa Molimo.+ Ke ka lebaka lena le sa mameleng, hobane ha le tsoe ho Molimo.”+
48 Ha Bajuda ba araba ba re ho eena: “Na ha rea nepa ha re re, U Mosamaria+ ’me u na le modemona?”+ 49 Jesu a araba: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate,+ ’me lōna lea ntlhompholla. 50 Empa ha ke ipatlele+ thoriso; ho na le Ea e batlang le ea ahlolang.+ 51 Kannete-nete ke re ho lōna, Haeba leha e le mang a boloka lentsoe la ka, ho hang a ke ke a bona lefu le ka mohla.”+ 52 Bajuda ba re ho eena: “Joale re hlile rea tseba hore u na le modemona.+ Abrahama o ile a shoa,+ le bona baprofeta;+ empa u re, ‘Haeba leha e le mang a boloka lentsoe la ka, ho hang a ke ke a latsoa+ lefu le ka mohla.’ 53 Ha u moholo+ ho Ntat’a rōna Abrahama, ea ileng a shoa, na ha ho joalo? Hape, baprofeta ba ile ba shoa.+ Uena u ipolela hore u mang?” 54 Jesu a araba: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ea ka hase letho. Ke Ntate ea ntlotlisang,+ eena eo le reng ke Molimo oa lōna; 55 leha ho le joalo ha lea mo tseba.+ Empa ’na kea mo tseba.+ Hoja ke ile ka re ha ke mo tsebe ke ne ke tla ba leshano joaloka lōna. Empa ke hlile kea mo tseba ’me ke boloka lentsoe+ la hae. 56 Ntat’a lōna Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi+ la ka, ’me o ile a le bona ’me a thaba.”+ 57 Ka hona Bajuda ba re ho eena: “Ha u e-s’o be lilemo li mashome a mahlano, ’me ho ntse ho le joalo u bone Abrahama?” 58 Jesu a re ho bona: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ke bile teng pele Abrahama a e-ba teng.”+ 59 Ka hona ba nka majoe hore ba mo betse ka ’ona;+ empa Jesu a ipata ’me a tsoa ka tempeleng.
9 Joale eare ha a fetela pele a bona monna ea tsoetsoeng a foufetse. 2 Barutuoa ba hae ba mo botsa: “Rabi,+ ke mang ea entseng sebe,+ na ke monna enoa kapa batsoali+ ba hae, hoo a tsoetsoeng a foufetse?” 3 Jesu a araba: “Hase monna enoa ea entseng sebe kapa batsoali ba hae, empa e ne e le hore mesebetsi ea Molimo e ka bonahatsoa ho eena.+ 4 Re tla etsa mesebetsi ea ea nthomileng ha e sa ntse e le motšehare;+ bosiu+ boa tla ba ha ho se motho ea ka sebetsang. 5 Hafeela ke ntse ke le lefatšeng, ke ’na leseli la lefatše.”+ 6 Ka mor’a hore a bue lintho tsena, a tšoela mathe fatše ’me a etsa seretse ka mathe, eaba o beha seretse sa hae mahlong+ a monna eo 7 ’me a re ho eena: “E-ea u itlhatsoe+ ka letamong la Siloame”+ (e fetoleloang e le ‘Rometsoe’). Kahoo a tloha eaba oa itlhatsoa,+ ’me o khutla a bona.+
8 Ka hona baahelani le bao pele ba neng ba bone hore ke mokōpa-kōpa ba qala ho re: “Enoa ke monna ea neng a lula a kōpa, na ha ho joalo?”+ 9 Ba bang ba ne ba re: “Ke eena enoa.” Ba bang ba ne ba re: “Le hanyenyane, empa o tšoana le eena.” Monna eo o ne a re: “’Na ke eena.” 10 Ka lebaka leo ba qala ho re ho eena: “Joale, mahlo a hao a bulehile joang?”+ 11 A araba: “Monna ea bitsoang Jesu o ile a etsa seretse ’me a se tlotsa mahlong a ka eaba o re ho ’na, ‘E-ea Siloame+ ’me u itlhatsoe.’ Ka hona ke ile ka ea ’me ka itlhatsoa eaba kea bona.” 12 Eaba ba re ho eena: “Monna eo o hokae?” A re: “Ha ke tsebe.”
13 Ba isa monna eo e kileng ea e-ba sefofu ho Bafarisi. 14 E ne e le Sabatha+ letsatsing leo ka lona Jesu a ileng a etsa seretse ’me a bula mahlo+ a hae. 15 Ka hona, lekhetlong lena, Bafarisi le bona ba qala ho mo botsa hore na ho tlile joang hore a bone.+ A re ho bona: “O ile a beha seretse mahlong a ka, eaba kea itlhatsoa ’me kea bona.” 16 Ka hona Bafarisi ba bang ba qala ho re: “Enoa hase motho ea tsoang ho Molimo, hobane ha a boloke Sabatha.”+ Ba bang ba qala ho re: “Ke joang motho oa moetsalibe a ka etsang lipontšo+ tsa mofuta oo?” Kahoo ha e-ba le karohano+ har’a bona. 17 Kahoo ba boela ba re ho monna eo ea foufetseng: “U re’ng ka eena, kaha o butse mahlo a hao?” Monna eo a re: “Ke moprofeta.”+
18 Leha ho le joalo, Bajuda ha baa ka ba lumela hore o ne a foufetse le hore o se a bona, ho fihlela ba bitsa batsoali ba monna ea neng a bona. 19 Ba ba botsa: “Na enoa ke mora oa lōna eo le reng o tsoetsoe a foufetse? Joale, ho tla joang hore ebe oa bona hona joale?” 20 Joale batsoali ba hae ha ba araba ba re: “Rea tseba hore enoa ke mora oa rōna le hore o ile a tsoaloa a foufetse. 21 Empa hore na ho tla joang hore ebe oa bona hona joale ha re tsebe, kapa hore na ke mang ea butseng mahlo a hae ha re tsebe. Mo botseng. O lilemong. O tla ipuella.” 22 Batsoali ba hae ba ile ba bua lintho tsena hobane ba ne ba tšaba+ Bajuda, kaha Bajuda ba ne ba se ba fihletse tumellano ea hore, haeba leha e le mang a mo bolela hore ke Kreste, o lokela ho lelekoa synagogeng.+ 23 Ke ka lebaka lena batsoali ba hae ba ileng ba re: “O lilemong. Mo botseng.”
24 Ka hona ka lekhetlo la bobeli ba bitsa monna ea neng a foufetse ’me ba re ho eena: “Tlotlisa Molimo;+ rea tseba hore monna enoa ke moetsalibe.” 25 Eena a araba: “Hore na ke moetsalibe ha ke tsebe. Ntho e le ’ngoe eo ke hlileng ke e tsebang, ke hore, le hoja ke ne ke foufetse, hona joale kea bona.” 26 Ka hona ba re ho eena: “O entse’ng ho uena? O butse mahlo a hao joang?” 27 A ba araba: “Ke se ke le boleletse, ’me leha ho le joalo ha lea ka la mamela. Ke hobane’ng ha le batla ho utloa seo hape? Le lōna ha le batle ho ba barutuoa ba hae, na ha ho joalo?” 28 Eaba baa mo hlapaola ’me ba re: “U morutuoa oa monna eo, empa rōna re barutuoa ba Moshe. 29 Rea tseba hore Molimo o buile le Moshe;+ empa ha e le monna enoa, ha re tsebe hore na o tsoa hokae.”+ 30 Ha monna eo a araba a re ho bona: “Ka sebele ona ke mohlolo,+ hore ha le tsebe hore na o tsoa hokae, ’me leha ho le joalo o butse mahlo a ka. 31 Rea tseba hore Molimo ha a mamele baetsalibe,+ empa haeba leha e le mang a tšaba Molimo ’me a etsa thato ea hae, oa mo mamela.+ 32 Ho tloha khale ha ho e-s’o ka ho utloahala hore leha e le mang o kile a bula mahlo a ea tsoetsoeng a foufetse. 33 Haeba monna enoa a ne a sa tsoe ho Molimo,+ ho hang o ne a ke ke a etsa letho.” 34 Ha ba araba ba re ho eena: “U tsoaletsoe libeng+ ka ho feletseng, ’me leha ho le joalo na ua re ruta?” Eaba ba mo lahlela ntle!+
35 Jesu a utloa hore ba ne ba mo lahletse ntle, ’me, ha a mo fumana, a re: “Na u beha tumelo ho Mor’a+ motho?” 36 Monna eo a araba: “Eo ke mang, mohlomphehi, e le hore nka beha tumelo ho eena?” 37 Jesu a re ho eena: “U mo bone ’me, ntle ho moo, ea buang le uena ke eena eo.”+ 38 Joale a re: “Ke hlile ke beha tumelo ho eena, Morena.” Eaba oa mo inamela.+ 39 ’Me Jesu a re: “Ke tlile lefatšeng lena bakeng sa kahlolo+ ena: e le hore ba sa boneng ba ka bona+ ’me ba bonang e ka ba ba foufetseng.”+ 40 Ba bang ba Bafarisi ba neng ba e-na le eena ba utloa lintho tsena, eaba ba re ho eena: “Le rōna ha rea foufala,+ na ha ho joalo?” 41 Jesu a re ho bona: “Haeba le ne le foufetse, le ka be le se na sebe. Empa joale le re, ‘Rea bona.’+ Sebe+ sa lōna sea sala.”
10 “Kannete-nete ke re ho lōna, Ea sa keneng ka lesakeng la linku ka monyako+ empa a hloa sebakeng se seng, ke lesholu le motlatlapi.+ 2 Empa ea kenang ka monyako+ ke molisa+ oa linku.+ 3 Molebeli+ oa monyako oa mo bulela, linku+ li mamela lentsoe la hae, ’me o bitsa linku tsa hae ka mabitso o li etella pele ha li tsoa. 4 Ha a ntšitse tsa hae kaofela, o tsamaea ka pel’a tsona, ’me linku lia mo latela,+ hobane li tseba lentsoe+ la hae. 5 Ho hang li ke ke tsa latela osele empa li tla mo baleha,+ hobane ha li tsebe mantsoe a basele.”+ 6 Jesu a ba bolella papiso ena; empa ba ne ba sa tsebe hore na lintho tseo a neng a ba bolella tsona li bolela’ng.+
7 Ka hona Jesu a boela a re: “Kannete-nete ke re ho lōna, ke ’na monyako+ oa linku. 8 Bohle ba tlileng sebakeng sa ka ke masholu le batlatlapi;+ empa linku ha lia ba mamela.+ 9 Ke ’na monyako;+ mang kapa mang ea kenang ka ’na o tla pholoha, o tla kena a tsoe ’me a fumane lekhulo.+ 10 Lesholu+ ha le tle ntle leha e le ho tla utsoa le ho bolaea le ho timetsa.+ Ke tlile e le hore li ka ba le bophelo le hore li be le bona bo le bongata. 11 Ke ’na molisa+ ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.+ 12 Monna ea hiriloeng,+ eo e seng molisa le eo linku e seng tsa hae, o bona phiri e tla ’me o tlohela linku oa baleha—phiri ea li hloibila ’me ea li hasanya+— 13 hobane ke monna ea hiriloeng+ ’me ha a tsotelle linku.+ 14 Ke ’na molisa ea khabane, ’me ke tseba linku+ tsa ka le linku tsa ka lia ntseba,+ 15 feela joalokaha Ntate a ntseba le ’na ke tseba Ntate;+ ’me ke nehelana ka moea oa ka molemong oa linku.+
16 “Ke na le linku+ tse ling, tseo e seng tsa lesaka+ lena; le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe+ la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa+ a be mong. 17 Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang,+ hobane ke nehelana ka moea+ oa ka, e le hore nka o amohela hape. 18 Ha ho motho ea nkamohileng oona, empa ke nehelana ka oona e le ho itsoelang ho ’na. Ke na le matla a ho nehelana ka oona, ’me ke na le matla a ho o amohela hape.+ Taelo+ ea sena ke e amohetse ho Ntate.”
19 Karohano+ ea boela ea hlaha har’a Bajuda ka lebaka la mantsoe ana. 20 Ba bangata ba bona ba ne ba re: “O na le modemona+ ’me oa hlanya. Ke hobane’ng ha le mo mamela?” 21 Ba bang ba ne ba re: “Tsena hase lipolelo tsa monna ea kenoeng ke modemona. Modemona a ke ke a bula mahlo a batho ba foufetseng, na ha ho joalo?”
22 Ka nako eo mokete oa nehelo oa e-ba teng Jerusalema. E ne e le mariha, 23 ’me Jesu o ne a tsamaea ka tempeleng mathuleng a Solomone.+ 24 Ka hona Bajuda ba mo pota-pota ’me ba qala ho re ho eena: “U tla tlohela meea ea rōna e tsielehile halelele hakae? Haeba ke uena Kreste,+ re bolelle ka ho toba.”+ 25 Jesu a ba araba: “Ke le boleletse, ’me leha ho le joalo ha le lumele. Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ea mpaka.+ 26 Empa ha le lumele, hobane ha le linku+ tsa ka. 27 Linku+ tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.+ 28 Ke li fa bophelo+ bo sa feleng, ’me ho hang li ke ke tsa timetsoa+ le ka mohla, ’me ha ho le ea mong ea tla li hloibila letsohong+ la ka. 29 Hoo Ntate+ a mphileng hona ho feta lintho+ tse ling kaofela, ’me ha ho ea ka li hloibilang letsohong la Ntate.+ 30 ’Na le Ntate re bang.”+
31 Hape Bajuda ba thonaka majoe hore ba mo tlepetse ka ’ona.+ 32 Jesu a ba araba: “Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle e tsoang ho Ntate. Le ntlepetsa ka majoe ka lebaka la mosebetsi ofe ho eona?” 33 Bajuda ba mo araba: “Ha re u tlepetse ka majoe ka lebaka la mosebetsi o motle, empa ke ka lebaka la nyefolo,+ esita le ka lebaka la hore uena, le hoja u le motho, u iketsa molimo.”+ 34 Jesu a ba araba: “Na ha hoa ngoloa Molaong+ oa lōna, ‘Ke itse: “Le melimo”’?+ 35 Haeba a bitsitse bao lentsoe la Molimo le tlileng khahlanong le bona ‘melimo,’+ ’me leha ho le joalo Lengolo le ke ke la etsoa lefeela,+ 36 na le re ho ’na eo Ntate a mo halalelitseng le ho mo roma lefatšeng, ‘Ua nyefola,’ kahobane ke itse, ke Mor’a+ Molimo? 37 Haeba ha ke etse mesebetsi+ ea Ntate, le se ke la ntumela. 38 Empa haeba kea e etsa, esita le hoja le sa ntumele, le lumele mesebetsi,+ e le hore le ka tseba le hore le ka tsoela pele ho tseba hore Ntate o bonngoeng le ’na ’me le ’na ke bonngoeng le Ntate.”+ 39 Ka hona ba boela ba leka ho mo tšoara;+ empa a tloha ba se ke ba mo fihlela.+
40 Kahoo a boela a tšelela ka mose ho Jordane ho ea sebakeng seo Johanne a neng a kolobeletsa+ ho sona pele, ’me a lula moo. 41 Batho ba bangata ba tla ho eena, ’me ba qala ho re: “Ka sebele, Johanne ha aa ka a etsa pontšo leha e le ’ngoe, empa lintho tse ngata tseo Johanne a ileng a li bua ka monna enoa kaofela e ne e le ’nete.”+ 42 Ba bangata ba beha tumelo ho eena moo.+
11 Joale ho ne ho e-na le monna ea itseng ea kulang, Lazaro oa Bethani, motsaneng oa habo Maria le Maretha+ morali’abo. 2 Ha e le hantle, ke eena Maria ea ileng a tlotsa Morena ka oli+ e nkhang hamonate ’me a mo hlakola maoto ka moriri+ oa hae, eo khaitseli ea hae Lazaro a neng a kula. 3 Ka hona likhaitseli tsa hae tsa romela lentsoe ho eena, tsa re: “Morena, bona! eo u mo ratang+ oa kula.” 4 Empa ha Jesu a utloa hoo a re: “Boloetse bona ha bo ise lefung, empa ke bakeng sa thoriso ea Molimo,+ e le hore Mora oa Molimo a ka tlotlisoa ka bona.”
5 Joale Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro. 6 Leha ho le joalo, ha a utloa hore o ne a kula, joale a lula matsatsi a mabeli sebakeng seo a neng a le ho sona. 7 Joale ka mor’a sena a re ho barutuoa: “A re keneng Judea hape.” 8 Barutuoa ba re ho eena: “Rabi,+ morao tjena Bajudea ba ne ba batla ho u tlepetsa+ ka majoe, ’me na u ea moo hape?” 9 Jesu a araba: “Ho na le lihora tse leshome le metso e ’meli tsa motšehare,+ na ha ho joalo? Haeba leha e le mang a tsamaea motšehare ha a thule letho, hobane o bona leseli la lefatše lena. 10 Empa haeba leha e le mang a tsamaea bosiu,+ o thula ho hong, hobane leseli ha le eo ho eena.”
11 A bolela lintho tsena, ’me ka mor’a sena a re ho bona: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.”+ 12 Ka hona barutuoa ba re ho eena: “Morena, haeba a phomotse, o tla fola.” 13 Leha ho le joalo, Jesu o ne a bua ka lefu la hae. Empa ba ne ba nahana hore o bua ka ho phomola borokong. 14 Ka hona, ka nako eo, Jesu a re ho bona ka ho toba: “Lazaro o shoele,+ 15 ’me kea thaba ka lebaka la lōna hore ebe ke ne ke le sieo, e le hore le lumele. Empa a re eeng ho eena.” 16 Ka hona Thomase, ea neng a bitsoa Lefahla, a re ho barutuoa-’moho le eena: “Le rōna a re eeng, e le hore re ka shoa le eena.”+
17 Ka lebaka leo ha Jesu a fihla, a fumana hore o ne a se a bile matsatsi a mane ka lebitleng+ la khopotso. 18 Joale Bethani e ne e le haufi le Jerusalema ka bohōle ba hoo e ka bang lik’hilomithara tse tharo. 19 Ka lebaka leo Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria e le hore ba ba tšelise+ malebana le khaitseli ea bona. 20 Ka hona ha Maretha a utloa hore Jesu oa tla, a mo khahlanyetsa; empa Maria+ a ’na a lula lapeng. 21 Ka hona Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.+ 22 Leha ho le joalo hona joale kea tseba hore lintho tse ngata tseo u li kōpang ho Molimo,+ Molimo o tla u fa tsona.” 23 Jesu a re ho eena: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.”+ 24 Maretha a re ho eena: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong+ ka letsatsi la ho qetela.” 25 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsoho le bophelo.+ Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela;+ 26 e mong le e mong ea phelang ’me a bontša tumelo ho ’na ho hang a ke ke a shoa le ka mohla.+ Na u lumela see?” 27 A re ho eena: “E, Morena; ke lumetse hore ke uena Kreste Mora oa Molimo, Ea tlang lefatšeng.”+ 28 Ha a boletse sena, a tloha ’me a bitsa Maria morali’abo, a re ka sephiri: “Mosuoe+ o teng ’me oa u bitsa.” 29 Maria, ha a utloa sena, a ema kapele ’me a ea ho eena.
30 Ha e le hantle, Jesu o ne a e-s’o kene motsaneng, empa o ne a sa ntse a le sebakeng seo Maretha a ileng a mo khahlanyetsa ho sona. 31 Ka hona Bajuda ba neng ba e-na le eena ka tlung+ le ba neng ba mo tšelisa, ha ba bona Maria a ema kapele ’me a tsoa, ba mo latela, ba nahana hore o ne a ea lebitleng+ la khopotso ho ea llela teng. 32 Kahoo ha Maria a fihla moo Jesu a neng a le teng ’me a mo re heli!, a itihela maotong a hae, a re ho eena: “Morena, hoja u ne u le teng mona, khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.”+ 33 Ka hona, ha Jesu a mo bona a lla le Bajuda ba tlileng le eena ba lla, a bobola moeeng ’me a khathatseha;+ 34 eaba o re: “Le mo behile hokae?” Ba re ho eena: “Morena, tloo ’me u bone.” 35 Jesu a ntša meokho.+ 36 Ka hona Bajuda ba qala ho re: “Bonang, kamoo a neng a mo rata kateng!”+ 37 Empa ba bang ba bona ba re: “Na monna enoa ea ileng a bula mahlo+ a monna ea foufetseng ha aa ka a khona ho thibela enoa ho shoa?”
38 Kahoo Jesu, ka mor’a hore a bobole hape ka hare ho eena, a tla lebitleng+ la khopotso. Ha e le hantle, e ne e le lehaha, ’me lejoe+ le ne le tšetlehiloe ka lona. 39 Jesu a re: “Tlosang lejoe+ leo.” Maretha, khaitseli ea mofu, a re ho eena: “Morena, joale o se a nkha, kaha ke matsatsi a mane.” 40 Jesu a re ho eena: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?”+ 41 Ka hona ba tlosa lejoe leo. Joale Jesu a lelaletsa mahlo nģ’a leholimong+ ’me a re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile.+ 42 Ke ’nete, ke tsebile hore kamehla ua nkutloa; empa ke buile ka lebaka la bongata+ bo emeng ho pota-pota, e le hore bo ka lumela hore u nthomile.”+ 43 Ha a buile lintho tsena, a hoeletsa ka lentsoe le phahameng: “Lazaro, tsoa!”+ 44 Monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela a thatelang,+ ’me sefahleho sa hae se ne se thatetsoe hohle ka lesela. Jesu a re ho bona: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.”
45 Ka hona Bajuda ba bangata ba neng ba tlile ho Maria le ba boneng seo a se entseng ba beha tumelo ho eena;+ 46 empa ba bang ba bona ba tloha ba ea ho Bafarisi ’me ba ba bolella lintho tseo Jesu a ileng a li etsa.+ 47 Ka lebaka leo baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba bokella Sanhedrine+ ’me ba qala ho re: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo+ tse ngata? 48 Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena,+ ’me Baroma+ ba tla tla ba nka sebaka+ sa rōna le sechaba sa rōna.” 49 Empa e mong oa bona, Kaifase, eo e neng e le moprista ea phahameng selemong+ seo, a re ho bona: “Ho hang ha le tsebe letho, 50 ’me ha le nahane hore ho molemong oa lōna hore motho a le mong a shoe+ molemong oa batho eseng hore sechaba kaofela se timetsoe.”+ 51 Leha ho le joalo, ha aa ka a bua sena ka ho iqalla; empa kahobane e ne e le moprista ea phahameng selemong seo, o ile a profeta hore Jesu o ne a reretsoe ho shoela sechaba, 52 eseng sechaba feela, empa e le hore le bana ba Molimo ba hasa-hasaneng+ a ka ba bokella hore ba be bang.+ 53 Ka hona ho tloha letsatsing leo ho ea pele ba rerisana ho mo bolaea.+
54 Kahoo Jesu ha aa ka a hlola a tsamaea phatlalatsa+ har’a Bajuda,+ empa a tloha moo ho ea sebakeng se ka thōko se haufi le lefeella, ho kena motseng o bitsoang Efraime,+ ’me a lula moo le barutuoa. 55 Joale paseka+ ea Bajuda e ne e le haufi, ’me batho ba bangata ba nyoloha ho tsoa sebakeng se ka thōko ho ea Jerusalema pele ho paseka e le hore ba itlhoekise ka mokhoa o laetsoeng.+ 56 Ka hona ba qala ho batla Jesu ’me ha ba ntse ba eme ka tempeleng ba ne ba buisana ba re: “Maikutlo a lōna ke afe? Hore ho hang a ke ke a tla moketeng?” 57 Baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba ne ba fane ka litaelo tsa hore haeba leha e le mang a ka tseba moo a neng a le teng, o lokela ho ho senola, e le hore ba ka mo tšoara.
12 Ka lebaka leo, matsatsi a tšeletseng pele ho paseka, Jesu a fihla Bethani,+ moo Lazaro+ eo Jesu a neng a mo tsositse bafung a neng a le hona teng. 2 Ka hona ba mo lokisetsa lijo tsa shoalane moo, ’me Maretha+ o ne a sebeletsa,+ empa Lazaro e ne e le e mong oa ba otlileng ka lehlakore tafoleng le eena.+ 3 Ka hona, Maria a nka ponto ea oli e nkhang hamonate, nareda+ ea ’nete, e theko e boima haholo, ’me a tlotsa maoto a Jesu eaba o mo hlakola maoto ka moriri+ oa hae. Ntlo ea tlala monko oa oli e nkhang hamonate. 4 Empa Judase Iskariota,+ e mong oa barutuoa ba hae, ea neng a le haufi le ho mo eka, a re: 5 “Ke hobane’ng ha oli ena e nkhang hamonate + e ne e sa rekisoe ka lidenari tse makholo a mararo ’me li fuoe mafutsana?”+ 6 Leha ho le joalo, ha aa ka a bua sena kahobane a amehile ka mafutsana, empa kahobane e ne e le lesholu+ ’me a tšoara lebokose+ la chelete ’me o ne a nka lichelete tse kenngoang ka ho lona. 7 Ka hona Jesu a re: “Mo tloheleng, e le hore a ka boloka moetlo ona ka lebaka la letsatsi la lepato+ la ka. 8 Etsoe le na le mafutsana+ kamehla, empa le ke ke la ba le ’na kamehla.”
9 Ka hona bongata bo boholo ba Bajuda ba tseba hore o teng moo, ’me ha boa ka ba tla ka lebaka la Jesu feela, empa le ho tla bona Lazaro, eo a mo tsositseng bafung.+ 10 Joale baprista ba ka sehloohong ba rerisana hore ba bolaee le Lazaro,+ 11 hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ea moo ka lebaka la hae ’me ba beha tumelo ho Jesu.+
12 Letsatsing le hlahlamang bongata bo boholo bo neng bo tlile moketeng, ha bo utloa hore Jesu o ne a tla Jerusalema, 13 ba nka makala a lifate+ tsa palema ’me ba tsoa ho ea kopana le eena. Ba qala ho hooa:+ “Rea u rapela,+ pholosa! Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso+ la Jehova, morena+ oa Iseraele!” 14 Empa ha Jesu a fumane esele+ e nyenyane, a e palama, feela joalokaha ho ngoliloe: 15 “U se ke ua tšaba, morali oa Sione. Bona! Morena oa hao oa tla,+ a palame petsana ea esele.”+ 16 Barutuoa ba hae ha baa ka ba elelloa lintho tsena pele,+ empa ha Jesu a tlotlisoa,+ joale ba hopola hore lintho tsena li ne li ngoliloe ka eena le hore ba ile ba mo etsa lintho tsena.+
17 Ka lebaka leo bongata bo neng bo e-na le eena ha a bitsa Lazaro+ hore a tsoe ka lebitleng la khopotso le ho mo tsosa bafung ba ’na ba paka.+ 18 Ka lebaka lena bongata, kahobane bo utloile hore o entse pontšo+ ena, le bona ba mo khahlanyetsa. 19 Ka hona Bafarisi+ ba buisana ba re: “Lea hlokomela hore ho hang ha ho moo le eang. Bonang! Lefatše le mo setse morao.”+
20 Joale ho ne ho e-na le Bagerike+ ba bang har’a ba ileng ba nyoloha ho tla rapela moketeng. 21 Ka hona, ba atamela Filipi+ ea neng a tsoa Bethsaida ea Galilea, ’me ba qala ho mo kōpa, ba re: “Mohlomphehi, re batla ho bona Jesu.”+ 22 Filipi a tla ’me a bolella Andrease. Andrease le Filipi ba tla ’me ba bolella Jesu.
23 Empa Jesu a ba araba, a re: “Hora ea hore Mor’a motho a tlotlisoe e fihlile.+ 24 Kannete-nete ke re ho lōna, Ntle le hore thollo ea koro e oele mobung ’me e shoe, e sala e le thollo e le ’ngoe feela; empa haeba e shoa,+ joale e beha litholoana tse ngata. 25 Ea ratang moea oa hae oa o timetsa, empa ea hloeang moea+ oa hae lefatšeng lena o tla o sireletsa bakeng sa bophelo bo sa feleng.+ 26 Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, a ke a ntatele, ’me moo ke leng teng le mosebeletsi oa ka o tla ba moo.+ Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.+ 27 Joale moea oa ka o khathatsehile,+ ’me ke tla re’ng? Ntate, mpholose horeng+ ena. Leha ho le joalo, ke ka lebaka lena ke fihlileng horeng ena. 28 Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Ka hona lentsoe+ la tsoa leholimong: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.”+
29 Kahoo bongata bo neng bo eme haufi le bo ileng ba le utloa ba qala ho re ho bile le sealuma. Ba bang ba qala ho re: “Lengeloi le buile le eena.” 30 Ha Jesu a araba a re: “Lentsoe lena ha lea ba teng ka lebaka la ka, empa le bile teng ka lebaka la lōna.+ 31 Joale lefatše lena lea ahloloa; joale ’musi oa lefatše+ lena o tla lahleloa ntle.+ 32 Leha ho le joalo, haeba ke phahamisoa+ ho tsoa lefatšeng, ke tla hulela batho ba mefuta eohle ho ’na.”+ 33 O ne a hlile a bua sena ho bontša hore na o ne a le haufi le ho shoa+ lefu la mofuta ofe. 34 Ka hona bongata ba mo araba: “Re utloile Molaong hore Kreste o hlola ka ho sa feleng;+ ’me ho tla joang hore ebe u re Mor’a motho o tla phahamisoa?+ Mora enoa oa motho+ ke mang?” 35 Ka hona Jesu a re ho bona: “Leseli le tla ba har’a lōna ka nakoana e eketsehileng. Tsamaeang ha le sa na le leseli, e le hore lefifi+ le se ke la le hlōla ka matla; ’me ea tsamaeang lefifing ha a tsebe moo a eang.+ 36 Ha le sa na le leseli, le bontše tumelo leseling, e le hore le be bara ba leseli.”+
Jesu a bua lintho tsena eaba oa tloha ’me o ipatela bona. 37 Empa le hoja a ne a entse lipontšo tse ngata hakaalo ka pel’a bona, ba ne ba sa behe tumelo ho eena, 38 hoo lentsoe la moprofeta Esaia le ileng la phethahala leo a ileng a le bua: “Jehova, ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng?+ Ha e le letsoho la Jehova, le senoletsoe mang?”+ 39 Lebaka leo ka lona ba neng ba sa khone ho lumela ke hore hape Esaia o itse: 40 “O foufalitse mahlo a bona ’me o thatafalitse+ lipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le ho utloisisa ka lipelo tsa bona le ho sokoloha ’me ka ba folisa.”+ 41 Esaia o buile lintho tsena hobane a bone khanya+ ea hae, ’me a bua ka eena. 42 Leha ho le joalo, ba bangata esita le ho babusi ba hlile ba beha tumelo ho eena,+ empa ka lebaka la Bafarisi ba ne ba sa bolele hore ba na le tumelo ho eena, e le hore ba se ke ba lelekoa synagogeng;+ 43 kaha ba ne ba rata thoriso ea batho esita le ho feta thoriso ea Molimo.+
44 Leha ho le joalo, Jesu a hoeletsa ’me a re: “Ea behang tumelo ho ’na ha a behe tumelo ho ’na feela, empa o e beha le ho ea nthomileng;+ 45 ’me ea mponang o bona le ea nthomileng.+ 46 Ke tlile joaloka leseli lefatšeng,+ e le hore e mong le e mong ea behang tumelo ho ’na a se ke a lula lefifing.+ 47 Empa haeba leha e le mang a utloa lipolelo tsa ka ’me a sa li boloke, ha ke mo ahlole; kaha ha kea tlela ho ahlola lefatše,+ empa ke tletse ho pholosa lefatše.+ 48 Ea ntlhokomolohang ’me a sa amohele lipolelo tsa ka o na le ea tla mo ahlola. Lentsoe+ leo ke le buileng ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la ho qetela; 49 hobane ha kea bua ka tšusumetso e tsoang ho ’na, empa Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.+ 50 Hape, kea tseba hore taelo ea hae e bolela bophelo+ bo sa feleng. Ka hona lintho tseo ke li buang, feela joalokaha Ntate a mpoleletse tsona, ke li bua joalo.”+
13 Joale, kahobane a ne a tseba pele ho mokete oa paseka hore hora ea hae ea hore a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate+ e fihlile, + Jesu, kaha a ratile ba hae ba neng ba le lefatšeng,+ o ile a ba rata ho isa bofelong. 2 Kahoo, ha lijo tsa shoalane li ntse li tsoela pele, Diabolose a se a ho kentse ka pelong ea Judase Iskariota,+ mora oa Simone, hore a mo eke,+ 3 Jesu, kaha a tseba hore Ntate o ne a nehelane ka lintho tsohle matsohong+ a hae le hore o tsoa ho Molimo ’me o ea ho Molimo,+ 4 a ema lijong tsa shoalane ’me a behella liaparo tsa hae tsa ka ntle ka thōko. Ha a nka thaole, a itlama.+ 5 Ka mor’a moo a tšela metsi ka beisineng ’me a qala ho hlatsoa maoto+ a barutuoa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka eona. 6 Kahoo a tla ho Simone Petrose. A re ho eena: “Morena, na u hlatsoa maoto+ a ka?” 7 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Seo ke se etsang ha u se utloisise hona joale, empa u tla utloisisa ka mor’a lintho+ tsena.” 8 Petrose a re ho eena: “Ka sebele u ke ke ua hlatsoa maoto a ka le ka mohla.” Jesu a mo araba: “Ntle le hore ke u hlatsoe,+ ha u na kabelo ho ’na.” 9 Simone Petrose a re ho eena: “Morena, eseng maoto a ka feela, empa le matsoho a ka le hlooho ea ka.” 10 Jesu a re ho eena: “Ea itlhatsoitseng+ ha ho hlokahale hore a hlatsuoe ho hong haese maoto, empa o hloekile ka ho feletseng. Lōna le hloekile, empa eseng kaofela.” 11 Ka sebele, o ne a tseba monna ea mo ekang.+ Ke ka lebaka lena a ileng a re: “Hase lōna kaofela ba hloekileng.”
12 Joale, ha a hlatsoitse maoto a bona ’me a apere liaparo tsa hae tsa ka ntle ’me a sekame tafoleng hape, a re ho bona: “Na le tseba seo ke se entseng ho lōna? 13 Le mpitsa, ‘Mosuoe,’+ le, ‘Morena,’+ ’me le bua ka nepo, etsoe ke eena.+ 14 Ka hona, haeba ’na, le hoja ke le Morena le Mosuoe, ke hlatsoitse maoto+ a lōna, le lōna le tšoanela ho hlatsoana maoto.+ 15 Etsoe ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.+ 16 Kannete-nete ke re ho lōna, Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona, leha e le hore ea romiloeng o moholo ho ea mo romileng.+ 17 Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.+ 18 Ha ke bue ka lōna kaofela; ke tseba bao ke ba khethileng.+ Empa ke hore Lengolo le ka phethahala,+ ‘Ea neng a ja bohobe ba ka o mphahamiselitse serethe.’+ 19 Ho tloha motsotsong ona ho ea pele ke le bolella pele ho etsahala,+ e le hore ha ho fela ho etsahala le ka lumela hore ’na ke eena. 20 Kannete-nete ke re ho lōna, Ea amohelang leha e le mang eo ke mo romang le ’na oa nkamohela.+ Hape ea nkamohelang, o amohela le ea nthomileng.”+
21 Ka mor’a ho bua lintho tsena, Jesu a khathatseha moeeng, ’me a paka eaba o re: “Kannete-nete ke re ho lōna, E mong oa lōna o tla nkeka.”+ 22 Barutuoa ba qala ho talimana, ba qakehile hore na ke ofe eo a neng a bua hoo ka eena.+ 23 E mong oa barutuoa ba Jesu o ne a otlile ka lehlakore ka pel’a sefuba sa hae, ’me Jesu o ne a mo rata.+ 24 Ka hona Simone Petrose a qhoaea enoa ka hlooho eaba o re ho eena: “Bolela hore na ke mang eo a buang hoo ka eena.” 25 Kahoo enoa a itšetleha sefubeng sa Jesu ’me a re ho eena: “Morena, ke mang?”+ 26 Ka hona Jesu a araba: “Ke eo ke tla mo fa sengoathoana seo ke se qopetsang.”+ Kahoo, ha a qopelitse sengoathoana, a se nka ’me a se fa Judase, mora oa Simone Iskariota. 27 Joale ka mor’a sengoathoana seo Satane a kena ho eena.+ Ka hona, Jesu a re ho eena: “Seo u se etsang se etse kapele.” 28 Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa ba otlileng ka lehlakore tafoleng ea neng a tseba hore na o ile a bua sena ho eena ka morero ofe. 29 Ha e le hantle, ba bang ba ne ba nahana hore, kaha Judase o ne a tšoere lebokose+ la chelete, Jesu o ne a mo bolella hore: “Reka lintho tseo re li hlokang bakeng sa mokete,” kapa hore o lokela ho fa mafutsana+ ho hong. 30 Ka hona, ka mor’a hore a amohele sengoathoana, a tsoa kapele-pele. E ne e le bosiu.+
31 Kahoo ha a tsoile, Jesu a re: “Joale Mor’a motho oa tlotlisoa,+ ’me Molimo o tlotlisoa ka eena. 32 Molimo o tla mo tlotlisa,+ ’me o tla mo tlotlisa kapele-pele. 33 Bana+ ba banyenyane, ke sa na le lōna ka nakoana. Le tla mpatla; ’me feela joalokaha ke itse ho Bajuda, ‘Moo ke eang le ke ke la tla,’+ ke boetse ke rialo ho lōna hona joale. 34 Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane+ feela joalokaha ke le ratile.+ 35 Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”+
36 Simone Petrose a re ho eena: “Morena, u ea hokae?” Jesu a araba: “Moo ke eang u ke ke ua ntatela hona joale, empa u tla latela hamorao.”+ 37 Petrose a re ho eena: “Morena, ke hobane’ng ha nke ke ka u latela hona joale? Ke tla nehelana ka moea oa ka bakeng sa hao.”+ 38 Jesu a araba: “Na u tla nehelana ka moea oa hao bakeng sa ka? Kannete-nete ke re ho uena, Ho hang mokōkō o ke ke oa lla ho fihlela u ntatotse ka makhetlo a mararo.”+
14 “Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe.+ Bontšang tumelo ho Molimo,+ le bontše tumelo le ho ’na.+ 2 Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo.+ Ho seng joalo, nka be ke le boleletse, hobane ke il’o le lokisetsa sebaka.+ 3 Hape, haeba ke il’o le lokisetsa sebaka, ke tla boela ke tle+ ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na,+ e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.+ 4 Le tseba tsela ea moo ke eang teng.”
5 Thomase+ a re ho eena: “Morena, ha re tsebe moo u eang.+ Re tseba tsela joang?”
6 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsela+ le ’nete+ le bophelo.+ Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.+ 7 Haeba le ne le ntsebile, le ka be le tsebile le Ntate; ho tloha motsotsong ona ho ea pele lea mo tseba ’me le mo bone.”+
8 Filipi a re ho eena: “Morena, re bontše Ntate, ’me ho lekane bakeng sa rōna.”
9 Jesu a re ho eena: “Na ke bile le lōna ka nako e telele hakaale, ’me leha ho le joalo, Filipi, ha u ntsebe? Ea mponeng o bone le Ntate.+ Ho tla joang hore ebe u re, ‘Re bontše Ntate’?+ 10 Na ha u lumele hore ke bonngoeng le Ntate ’me Ntate o bonngoeng le ’na?+ Lintho tseo ke le bolellang tsona ha ke li bue ka ho iqalla; empa Ntate ea lutseng bonngoeng le ’na o etsa mesebetsi+ ea hae. 11 Ntumeleng hore ke bonngoeng le Ntate ’me Ntate o bonngoeng le ’na; ho seng joalo, le lumele ka lebaka la mesebetsi.+ 12 Kannete-nete ke re ho lōna, Ea bontšang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo+ ho ena, hobane ke ea ho Ntate.+ 13 Hape, eng kapa eng eo le e kōpang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka Mora.+ 14 Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15 “Haeba lea nthata, le tla boloka litaelo+ tsa ka; 16 ke tla kōpa Ntate ’me o tla le fa mothusi e mong hore a be le lōna ka ho sa feleng,+ 17 moea oa ’nete,+ oo lefatše le ke keng la o amohela,+ kahobane ha le o bone leha e le hore lea o tseba. Lea o tseba, hobane o lula le lōna ’me o ho lōna.+ 18 Nke ke ka le siea le lahlehetsoe.+ Ke tla ho lōna. 19 E tla ba nakoana e seng kae ’me lefatše ha le sa tla hlola+ le mpona, empa lōna le tla mpona,+ kahobane kea phela ’me le tla phela.+ 20 Letsatsing leo le tla tseba hore ke bonngoeng le Ntate ’me lōna le bonngoeng le ’na ’me ’na ke bonngoeng le lōna.+ 21 Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang.+ Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata ’me ke tla ipontša eena ka ho hlaka.”
22 Judase,+ eseng Iskariota, a re ho eena: “Morena, ho etsahetse’ng ha u rera ho iponahatsa ho rōna ka ho hlaka eseng ho lefatše?”+
23 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka+ lentsoe la ka, Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena re lule le eena.+ 24 Ea sa nthateng ha a boloke mantsoe a ka; ’me lentsoe leo le le utloang hase la ka, empa ke la Ntate ea nthomileng.+
25 “Ha ke ntse ke lutse le lōna ke le boleletse lintho tsena. 26 Empa mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.+ 27 Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka.+ Ha ke le fe eona ka tsela eo lefatše le fanang ka eona. Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe kapa la li lumella hore li ikhule ke tšabo. 28 Le utloile hore ke itse ho lōna, kea tsamaea ’me ke khutlela ho lōna. Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ea ho Ntate, hobane Ntate o moholo+ ho ’na. 29 Kahoo joale ke le boleletse pele ho etsahala, e le hore, ha ho fela ho etsahala,+ le ka lumela. 30 Ha ke sa tla hlola ke bua le lōna haholo, kaha ’musi+ oa lefatše oa tla. ’Me ha ho moo a ntšoarang+ teng, 31 empa, e le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, esita le joalokaha Ntate a mphile taelo+ hore ke etse, ke etsa joalo. Emang, a re tloheng mona.
15 “Ke ’na sefate+ sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi.+ 2 Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana oa le tlosa,+ ’me le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa,+ e le hore le ka beha litholoana+ tse eketsehileng. 3 Le se le hloekile ka lebaka la lentsoe leo ke le boleletseng lona.+ 4 Lulang bonngoeng le ’na, le ’na ke lule bonngoeng le lōna.+ Feela joalokaha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona ntle le hore le lule sefateng sa morara, ka tsela e tšoanang le lōna le ke ke la beha litholoana ka bolōna, ntle le hore le lule bonngoeng le ’na.+ 5 Ke ’na sefate sa morara, lōna le makala. Ea lulang bonngoeng le ’na, le ’na ke lula bonngoeng le eena, enoa o beha litholoana+ tse ngata; hobane kantle le ’na ho hang le ke ke la etsa letho. 6 Haeba leha e le mang a sa lule bonngoeng le ’na, o lahleloa ntle joaloka lekala ’me oa omella; ’me batho ba bokella makala ao ba a lahlela mollong ebe aa chesoa.+ 7 Haeba le lula bonngoeng le ’na le lipolelo tsa ka li lula ho lōna, le kōpe eng kapa eng eo le e lakatsang ’me e tla le etsahalla.+ 8 Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa+ ba ka. 9 Feela joalokaha Ntate a nthatile+ ’me ’na ke le ratile, le lule leratong la ka. 10 Haeba le boloka litaelo+ tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate+ ’me ke lula leratong la hae.
11 “Ke le boleletse lintho tsena, e le hore thabo ea ka e ka ba ho lōna ’me thabo ea lōna e be e feletseng.+ 12 Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile.+ 13 Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle+ ea hae. 14 Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.+ 15 Ha ke sa le bitsa makhoba, hobane lekhoba ha le tsebe seo mong’a lona a se etsang. Empa ke le bitsitse metsoalle,+ hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.+ 16 Ha lea nkhetha, empa ke le khethile, ’me ke le behile hore le tsoele pele ’me le ’ne le behe litholoana+ le hore litholoana tsa lōna li ka sala; e le hore ho sa tsotellehe hore na ke eng eo le e kōpang ho Ntate ka lebitso la ka a ka le fa eona.+
17 “Lintho tsena ke le laela tsona, hore le ratane.+ 18 Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea.+ 19 Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona.+ Joale kahobane ha le karolo ea lefatše,+ empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.+ 20 Hopolang lentsoe leo ke ileng ka le bolella lona, Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa;+ haeba ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna. 21 Empa ba tla etsa lintho tsena tsohle khahlanong le lōna ka lebaka la lebitso la ka, hobane ha ba tsebe ea nthomileng.+ 22 Hoja ke ne ke sa tla ’me ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe;+ empa joale ha ba na boikemelo bakeng sa sebe+ sa bona. 23 Ea ntlhoeang o hloea le Ntate.+ 24 Hoja ke ne ke sa etsa har’a bona mesebetsi eo ho seng ea ileng a e etsa,+ ba ka be ba se na sebe;+ empa joale ba bone ’me ba hloile ’na hammoho le Ntate.+ 25 Empa ke hore lentsoe le ngotsoeng Molaong oa bona le ka phethahala, ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’+ 26 Ha mothusi a fihla eo ke tla le romella eena ho tsoa ho Ntate,+ moea oa ’nete, o tsoang ho Ntate, eo o tla mpaka;+ 27 ka lehlakoreng le leng, le tla paka,+ hobane le bile le ’na ho tloha ha ke qala.
16 “Ke le boleletse lintho tsena hore le se ke la khoptjoa.+ 2 Batho ba tla le leleka synagogeng.+ Ha e le hantle, hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo+ tšebeletso e halalelang. 3 Empa ba tla etsa lintho tsena hobane ha ba tsebe Ntate kapa ’na.+ 4 Leha ho le joalo, ke le boleletse lintho tsena e le hore, ha hora ea tsona e fihla, le ka hopola hore ke ile ka le bolella tsona.+
“Leha ho le joalo, lintho tsena ha kea ka ka le bolella tsona pele, hobane ke ne ke e-na le lōna. 5 Empa joale ke ea ho ea nthomileng,+ ’me leha ho le joalo ha ho le ea mong oa lōna ea mpotsang, ‘U ea hokae?’ 6 Empa kahobane ke le boleletse lintho tsena mesarelo+ e tletse ka lipelong tsa lōna. 7 Leha ho le joalo, ke le bolella ’nete, Ke tsamaea molemong oa lōna. Etsoe haeba ke sa tsamaee, ho hang mothusi+ a ke ke a tla ho lōna; empa haeba ke fela ke tsamaea, ke tla mo romela ho lōna. 8 Ha a fihla o tla fa lefatše bopaki bo kholisang malebana le sebe le malebana le ho loka le malebana le kahlolo:+ 9 tabeng ea pele, malebana le sebe,+ hobane ha ba bontše tumelo ho ’na;+ 10 e ntan’o ba malebana le ho loka,+ hobane ke ea ho Ntate ’me le ke ke la hlola le mpona; 11 e ntan’o ba malebana le kahlolo,+ hobane ’musi oa lefatše lena o ahlotsoe.+
12 “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.+ 13 Leha ho le joalo, ha eo a fihla, moea oa ’nete,+ o tla le tataisetsa ’neteng eohle, kaha a ke ke a bua ka ho itšusumetsa, empa o tla bua lintho tseo a li utloang, ’me o tla le bolella lintho tse tlang.+ 14 Eo o tla ntlotlisa,+ hobane o tla amohela ho seo e leng sa ka ’me o tla le bolella sona.+ 15 Lintho tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka.+ Ke ka lebaka leo ke itseng o amohela ho seo e leng sa ka ’me o le bolella sona. 16 Ka mor’a nakoana le ke ke la hlola+ le mpona, ’me, hape, ka mor’a nakoana le tla mpona.”
17 Ka hona ba bang ba barutuoa ba hae ba buisana ba re: “Sena se bolela’ng ha a re ho rōna, ‘Ka mor’a nakoana le ke ke la mpona, ’me, hape, ka mor’a nakoana le tla mpona,’ le hore, ‘hobane ke ea ho Ntate’?” 18 Kahoo ba ne ba re: “Sena se bolela’ng ha a re, ‘ka nakoana’? Ha re tsebe hore na o bua ka eng.” 19 Jesu a tseba+ hore ba ne ba batla ho mo botsa, kahoo a re ho bona: “Na le botsisisa ka see har’a lōna, hobane ke itse, Ka mor’a nakoana le ke ke la mpona, ’me, hape, ka mor’a nakoana le tla mpona? 20 Kannete-nete ke re ho lōna, Le tla lla ’me le bokolle, empa lefatše le tla thaba; le tla sareloa,+ empa mesarelo ea lōna e tla fetoha thabo.+ 21 Mosali, ha a beleha, o ba le mesarelo, hobane hora ea hae e fihlile;+ empa ha a hlahisitse ngoana e monyenyane, ha a sa hopola matšoenyeho ka lebaka la thabo ea hore motho o tsoetsoe lefatšeng. 22 Ka hona, le lōna joale, le saretsoe; empa ke tla le bona hape ’me lipelo tsa lōna li tla thaba,+ ’me ha ho ea tla le amoha thabo ea lōna. 23 Letsatsing+ leo ho hang le ke ke la mpotsa potso. Kannete-nete ke re ho lōna, Haeba le kōpa Ntate ntho leha e le efe+ o tla le fa eona ka lebitso+ la ka. 24 Ho fihlela nakong ena ea hona joale ha lea kōpa ntho le e ’ngoe ka lebitso la ka. Kōpang ’me le tla amohela, e le hore thabo ea lōna e ka ba e feletseng.+
25 “Ke le boleletse lintho tsena ka lipapiso.+ Hora ea tla ea ha nke ke ka hlola ke bua le lōna ka lipapiso, empa ke tla le tlalehela ka ho hlaka malebana le Ntate. 26 Letsatsing leo le tla kōpa ka lebitso la ka, ’me ha ke re ho lōna ke tla etsa kōpo ho Ntate malebana le lōna. 27 Etsoe Ntate oa le rata, hobane le nthatile+ ’me le lumetse hore ke tsoile ke le moemeli+ oa Ntate. 28 Ke tsoile ho Ntate ’me ke tlile lefatšeng. Ho ekelletsa moo, ke tloha lefatšeng ’me ke ea ho Ntate.”+
29 Barutuoa ba hae ba re: “Bona! Joale u bua ka ho hlaka, ’me ha u bolele papiso.30 Joale rea tseba hore u tseba lintho+ tsohle le hore ha ho hlokahale hore leha e le mang a u botse.+ Rea lumela ka sena hore u tsoile ho Molimo.”+ 31 Jesu a ba araba: “Na lea lumela hona joale? 32 Bonang! Hora ea tla, ka sebele, e fihlile, ea ha le tla hasana e mong le e mong ho ea tlung+ ea hae ’me le tla ntšiea ke le mong; leha ho le joalo ha ke mong, hobane Ntate o na le ’na.+ 33 Ke le boleletse lintho tsena e le hore le ka ba le khotso ka ’na.+ Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.”+
17 Jesu a bua lintho tsena, ’me, ha a phahamisetsa mahlo leholimong,+ a re: “Ntate, hora e fihlile; tlotlisa mora oa hao, e le hore mora oa hao a ka u tlotlisa,+ 2 ho ea kamoo u mo fileng matla holim ’a nama+ eohle, e le hore, mabapi le palo e feletseng eo u mo fileng eona,+ a ka e fa bophelo bo sa feleng.+ 3 Sena se bolela bophelo bo sa feleng,+ ho tsoela pele ba rua tsebo+ ka uena, Molimo+ a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.+ 4 Ke u tlotlisitse+ lefatšeng, kaha ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona hore ke o etse.+ 5 Kahoo joale, Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.+
6 “Ke senotse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng.+ E ne e le ba hao, ’me u mphile bona, ’me ba bolokile lentsoe la hao. 7 Joale baa tseba hore lintho tsohle tseo u mphileng tsona li tsoa ho uena; 8 hobane ke ba file lipolelo tseo u mphileng tsona,+ ’me ba li amohetse ’me ka sebele baa tseba hore ke tsoile ke le moemeli+ oa hao, ’me ba lumetse hore u nthomile.+ 9 Ke etsa kōpo malebana le bona; ha ke etse kōpo malebana le lefatše,+ empa ke etsa kōpo malebana le bao u mphileng bona; hobane ke ba hao, 10 ’me lintho tsohle tsa ka ke tsa hao ’me tsa hao ke tsa ka,+ ’me ke tlotlisitsoe har’a bona.
11 “Hape, ha ke sa le lefatšeng, empa bona ba lefatšeng+ ’me ke tla ho uena. Ntate ea halalelang, ba lebele+ ka lebaka la lebitso la hao leo u mphileng lona, e le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.+ 12 Ha ke ne ke e-na le bona ke ne ke ba lebela+ ka lebaka la lebitso la hao leo u mphileng lona; ke ba bolokile, ’me ha ho le ea mong oa bona ea timetseng+ haese mora oa timetso,+ e le hore lengolo le ka phethahala.+ 13 Empa joale ke tla ho uena, ’me ke bua lintho tsena lefatšeng e le hore ba ka ba le thabo ea ka ka botlalo.+ 14 Ke ba file lentsoe la hao, empa lefatše le ba hloile,+ hobane hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.+
15 “Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kōpa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo.+ 16 Hase karolo ea lefatše,+ feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.+ 17 Ba halaletse+ ka ’nete; lentsoe+ la hao ke ’nete.+ 18 Feela joalokaha u nthometse lefatšeng, le ’na ke ba rometse lefatšeng.+ 19 Kea ikhalaletsa molemong oa bona, e le hore le bona ba ka halaletsoa+ ka ’nete.
20 “Ha ke etse kōpo malebana le bana feela, empa hape ke etsa kōpo malebana le ba behang tumelo ho ’na ka lentsoe+ la bona; 21 e le hore kaofela ba ka ba bang,+ feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena,+ e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna,+ e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile.+ 22 Hape, ke ba file khanya eo u mphileng eona, e le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.+ 23 ’Na ke be bonngoeng le bona le uena u be bonngoeng le ’na, e le hore ba ka ba bang ka botlalo,+ e le hore lefatše le ka ba le tsebo ea hore u nthomile le hore u ba ratile feela joalokaha u nthatile. 24 Ntate, ha e le ka seo u mphileng sona, ke lakatsa hore, moo ke leng teng, le bona ba ka ba le ’na,+ e le hore ba bone khanya ea ka eo u mphileng eona, hobane u nthatile pele lefatše+ le thehoa.+ 25 Ntate ea lokileng,+ ka sebele, lefatše ha le u tsebe;+ empa ’na kea u tseba, ’me bana baa tseba hore u nthomile.+ 26 Ke ba tsebisitse+ lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.”+
18 Ha Jesu a boletse lintho tsena, a tsoa le barutuoa ba hae ba tšelela ka mose ho molapo o phoroselang oa mariha oa Kidrone+ ho ea moo ho neng ho e-na le serapa, ’me eena le barutuoa ba hae ba kena ho sona.+ 2 Joale Judase, moeki oa hae, le eena o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu o ne a ile a kopana le barutuoa+ ba hae moo ka makhetlo a mangata. 3 Ka hona Judase a nka sehlopha sa masole le balaoli ba baprista ba ka sehloohong le ba Bafarisi ’me ba tla moo ba nkile lirumula le mabone le lihlomo.+ 4 Ka hona, Jesu ka ho tseba lintho tsohle tse mo tlelang,+ a ea ’me a re ho bona: “Le batla mang?” 5 Ba mo araba: “Jesu Monazaretha.”+ A re ho bona: “Ke ’na enoa.” Joale Judase, moeki+ oa hae, le eena o ne a eme le bona.
6 Leha ho le joalo, ha a re ho bona: “Ke ’na enoa,” ba chechela morao+ ’me ba oela fatše. 7 Ka hona a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” 8 Jesu a araba: “Ke le boleletse hore ke ’na enoa. Ka hona, haeba ke ’na eo le mo batlang, le tlohele bana ba tsamaee”; 9 e le hore lentsoe le ka phethahala leo a ileng a le bua: “Ho bao u mphileng bona ha kea lahleheloa ke le ea mong.”+
10 Joale Simone Petrose, kaha a ne a e-na le sabole, a e tsomula ’me a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ’me a le khaola+ tsebe e tona. Lebitso la lekhoba leo e ne e le Malkuse. 11 Leha ho le joalo, Jesu a re ho Petrose: “Kenya sabole ka selateng+ sa eona. Na ruri ha kea lokela ho noa senoelo seo Ntate a mphileng sona?”+
12 Joale sehlopha sa masole le molaoli oa sesole le balaoli ba Bajuda ba tšoara Jesu ’me ba mo tlama, 13 eaba ba mo isa ho Anase pele; etsoe e ne e le mohoe oa Kaifase, eo e neng e le moprista ea phahameng selemong+ seo. 14 Ha e le hantle, Kaifase ke eena ea ileng a eletsa Bajuda hore ho ne ho le molemong oa bona hore motho a le mong a shoe molemong oa sechaba.+
15 Joale Simone Petrose hammoho le morutuoa e mong o ne a latela Jesu.+ Morutuoa eo o ne a tsejoa ke moprista ea phahameng, ’me a kena le Jesu ka lebaleng la moprista ea phahameng, 16 empa Petrose o ne a eme ka ntle monyako.+ Ka hona morutuoa eo e mong, ea neng a tsejoa ke moprista ea phahameng, a tsoa ’me a bua le molebeli oa monyako eaba o tlisa Petrose ka hare. 17 Joale lekhabunyane, molebeli oa monyako, la re ho Petrose: “Na le uena ha u e mong oa barutuoa ba monna enoa?” A re: “Ha ke eena.”+ 18 Joale makhoba le balaoli ba ne ba eme haufi, kaha ba ne ba besitse mollo oa mashala+ a patsi, hobane ho ne ho bata, ’me ba ne ba iphuthumatsa. Petrose le eena o ne a eme le bona ’me a iphuthumatsa.
19 Kahoo moprista ea ka sehloohong a botsa Jesu mabapi le barutuoa ba hae le mabapi le thuto ea hae. 20 Jesu a mo araba: “Ke buile le lefatše phatlalatsa. Kamehla ke ile ka ruta ka synagogeng le ka tempeleng,+ moo Bajuda kaofela ba phuthehang; ’me ha kea ka ka bua letho sephiring. 21 Ke hobane’ng ha u mpotsa? Botsa ba utloileng seo ke ba boleletseng sona. Bona! Bana ba tseba seo ke se boletseng.” 22 Ka mor’a hore a bue lintho tsena, e mong oa balaoli ea neng a eme haufi a jabela+ Jesu sefahlehong ’me a re: “Na eo ke tsela eo u arabang moprista ea ka sehloohong ka eona?” 23 Jesu a mo araba: “Haeba ke buile ka phoso, paka malebana le phoso eo; empa haeba ke ka nepo, u nkotlela’ng?” 24 Joale Anase a mo romela a tlamiloe ho moprista ea phahameng Kaifase.+
25 Joale Simone Petrose o ne a eme ’me a iphuthumatsa. Joale ba re ho eena: “Na le uena ha u e mong oa barutuoa ba hae?” A latola ’me a re: “Ha ke eena.”+ 26 E mong oa makhoba a moprista ea phahameng, e le mong ka monna eo Petrose a ileng a mo khaola+ tsebe, a re: “Ke u bone ka serapeng u e-na le eena, na ha ho joalo?” 27 Leha ho le joalo, Petrose a boela a latola; ’me kapele-pele mokōkō oa lla.+
28 Joale ba tlosa Jesu ho Kaifase ba mo isa ntlong+ ea ’muso ea ’musisi. Joale e ne e le hoseng. Empa ha baa ka ba kena ka tlung ea ’muso ea ’musisi, e le hore ba se ke ba silafala+ empa e le hore ba je paseka. 29 Ka hona Pilato a tsoela ho bona ka ntle ’me a re: “Ke qoso efe eo le e tlisang khahlanong le monna enoa?”+ 30 Ha ba araba ba re ho eena: “Hoja monna enoa e ne e se mofosi, re ka be re sa nehelana ka eena ho uena.” 31 Kahoo Pilato a re ho bona: “Mo nkeng ’me le mo ahlole ho ea ka molao oa lōna.”+ Bajuda ba re ho eena: “Ha ho lumelloe ke molao hore re bolaee mang kapa mang.”+ 32 Sena, e le hore lentsoe la Jesu le ka phethahala leo a ileng a le bua ho bontša hore na o ne a reretsoe ho shoa+ lefu la mofuta ofe.
33 Kahoo Pilato a boela a kena ka tlung ea ’muso ea ’musisi eaba o bitsa Jesu ’me o re ho eena: “Na u morena oa Bajuda?”+ 34 Jesu a araba: “Na u bua see ka ho iqalla, kapa ba bang ba u boleletse ka ’na?”+ 35 Pilato a araba: “Na ke Mojuda? Sechaba sa heno le baprista ba ka sehloohong ba nehelane ka uena ho ’na.+ U entse’ng?” 36 Jesu a araba:+ “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.+ Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne+ hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” 37 Ka hona Pilato a re ho eena: “Joale, he, na u morena?” Jesu a araba: “Ke uena ea reng ke morena.+ Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.+ E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete+ o mamela lentsoe+ la ka.” 38 Pilato a re ho eena: “’Nete ke eng?”
’Me ka mor’a ho bua sena, a boela a tsoa a ea ho Bajuda ’me a re ho bona: “Ha ke fumane molato ho eena.+ 39 Ho feta moo, le na le tloaelo ea hore ke le lokollele motho ka paseka.+ Ka hona, na le lakatsa hore ke le lokollele morena oa Bajuda?” 40 Joale ba boela ba hooa, ba re: “Eseng monna enoa, empa Barabase!” Joale Barabase e ne e le lesholu.+
19 Ka hona, ka nako eo, Pilato a nka Jesu ’me a mo shapa.+ 2 Eaba masole a loha moqhaka oa meutloa a mo roesa oona ’me a mo apesa seaparo+ sa ka ntle se pherese; 3 ’me a qala ho nyolohela ho eena a re: “Lumela, uena Morena oa Bajuda!” Hape, a ne a mo jabela sefahlehong.+ 4 Pilato a boela a tsoela ka ntle eaba o re ho bona: “Bonang! Ke mo tlisa ho lōna ka ntle e le hore le tsebe hore ha ke fumane molato ho eena.”+ 5 Ka lebaka leo Jesu a tsoela ka ntle, a roetse moqhaka o meutloa ’me a apere seaparo sa ka ntle se pherese. A re ho bona: “Bonang! Monna!” 6 Leha ho le joalo, ha baprista ba ka sehloohong le balaoli ba mo bona, ba hooa, ba re: “Mo khokhothele thupeng! Mo khokhothele+ thupeng!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng le mo khokhothele thupeng, kaha ’na ha ke fumane molato leha e le ofe ho eena.”+ 7 Bajuda ba mo araba: “Re na le molao,+ ’me ho ea ka molao oo o tšoanela ho shoa, hobane o ikentse mor’a+ Molimo.”
8 Ka hona, ha Pilato a utloa polelo ena, a tšoha haholo; 9 eaba o kena ka tlung ea ’muso ea ’musisi hape ’me o re ho Jesu: “U tsoa hokae?” Empa Jesu a se ke a mo fa karabo.+ 10 Kahoo Pilato a re ho eena: “Na ha u mpuise?+ Na ha u tsebe hore ke na le matla a ho u lokolla ’me ke na le matla a ho u khokhothela thupeng?” 11 Jesu a mo araba: “U ka be u se na matla ho hang khahlanong le ’na hoja u ne u sa a nehoa ho tsoa holimo.+ Ke ka lebaka lena motho ea nehelaneng ka ’na ho uena a nang le sebe se seholo.”
12 Ka lebaka lena Pilato a ’na a tsoela pele a batla kamoo a ka mo lokollang kateng. Empa Bajuda ba hooa, ba re: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare. Motho e mong le e mong ea iketsang morena o bua Cesare hampe.”+ 13 Ka hona Pilato, ka mor’a ho utloa mantsoe ana, a tlisa Jesu ka ntle, ’me a lula setulong sa kahlolo sebakeng se bitsoang Mokato oa Majoe, empa, ka Seheberu, Gabbatha. 14 Joale e ne e le tokisetso+ ea paseka; e ne e ka ba hora ea botšelela. Eaba o re ho Bajuda: “Bonang! Morena oa lōna!” 15 Leha ho le joalo, ba hooa: “Mo tlose! Mo tlose! Mo khokhothele thupeng!” Pilato a re ho bona: “Ke khokhothele morena oa lōna thupeng?” Baprista ba ka sehloohong ba araba: “Ha re na morena haese Cesare.”+ 16 Ka hona, ka nako eo, a nehelana ka eena ho bona hore a khokhotheloe+ thupeng.
Joale ba nka boikarabelo ka Jesu. 17 A itjaretse+ thupa ea tlhokofatso, a tsoa+ ho ea moo ho thoeng ke Sebaka sa Lehata, se bitsoang Golgotha ka Seheberu;+ 18 ’me moo ba mo khokhothela+ thupeng, le banna ba bang ba babeli hammoho le eena, e mong ka lehlakoreng lena ’me e mong ka ho lane, empa Jesu a le hare.+ 19 Hape Pilato a ngola mongolo ’me a o beha thupeng ea tlhokofatso. O ne o ngotsoe: “Jesu Monazaretha Morena oa Bajuda.”+ 20 Ka hona Bajuda ba bangata ba bala mongolo ona, hobane sebaka seo Jesu a neng a khokhothetsoe thupeng ho sona se ne se le haufi le motse;+ ’me o ne o ngotsoe ka Seheberu, ka Selatine, ka Segerike. 21 Leha ho le joalo, baprista ba ka sehloohong ba Bajuda ba qala ho re ho Pilato: “U se ke ua ngola ‘Morena oa Bajuda,’ empa hore o itse, ‘Ke ’na Morena oa Bajuda.’” 22 Pilato a araba: “Seo ke se ngotseng ke se ngotse.”
23 Joale ha masole a khokhothetse Jesu thupeng, a nka liaparo tsa hae tsa ka ntle ’me a li etsa likarolo tse ’nè, karolo bakeng sa lesole ka leng, le seaparo sa ka hare. Empa seaparo sa ka hare se ne se se na mōrōko, se lohiloe ho tloha holimo ho theosa le bolelele+ ba sona. 24 Ka hona a buisana a re: “A re se keng ra se tabola, empa re se etsetseng qeto ka lotho hore na e tla ba sa mang.” Sena e ne e le hore lengolo le ka phethahala: “Ba arolelane liaparo tsa ka tsa ka ntle, ’me ba lahla lotho+ bakeng sa liaparo tsa ka.” Kahoo ka sebele masole a ile a etsa lintho tsena.
25 Leha ho le joalo, haufi le thupa ea tlhokofatso ea Jesu, ho ne ho eme ’m ’ae+ le morali’abo ’m ’ae; Maria+ mosali oa Clopase, le Maria Magdalena.+ 26 Ka hona Jesu, ha a bona ’m ’ae le morutuoa eo a neng a mo rata+ ba eme haufi, a re ho ’m ’ae: “Mosali, bona! Mora oa hao!” 27 Ka mor’a moo a re ho morutuoa eo: “Bona! ’M’ao!” Ho tloha horeng eo ho ea pele morutuoa eo a mo nkela lapeng la hae.
28 Ka mor’a sena, ha Jesu a tseba hore joale lintho tsohle li ne li phethehile, e le hore lengolo le ka phethahala a re: “Ke nyoriloe.”+ 29 Sejana se ne se lutse moo se tletse veine e bolila. Ka hona ba beha seponche se tletseng veine e bolila lehlakeng la hysopa ’me ba se tlisa molomong+ oa hae. 30 Joale, ha a amohetse veine eo e bolila, Jesu a re: “Ho phethehile!”+ ’me, ha a inamisa hlooho, a nehelana ka moea+ oa hae.
31 Joale Bajuda, kaha e ne e le Tokisetso,+ e le hore litopo li se ke tsa sala+ lithupeng tsa tlhokofatso ka Sabatha, (kaha letsatsi la Sabatha eo e ne e le le leholo,)+ ba kōpa Pilato hore ba rojoe meomo le hore litopo tseo li tlosoe. 32 Ka hona, masole a tla, ’me a roba meomo ea monna oa pele le ea monna e mong ea neng a khokhothetsoe thupeng le eena. 33 Empa ha a tla ho Jesu, kaha a ile a bona hore o se a shoele, a se ke a mo roba meomo. 34 Empa leha ho le joalo le leng la masole la mo hlaba lehlakore ka lerumo,+ ’me kapele-pele ha tsoa mali le metsi. 35 Ea ho boneng o pakile, ’me bopaki ba hae ke ba ’nete, ’me monna eo oa tseba hore o bolela lintho tsa ’nete, e le hore le lōna le ka lumela.+ 36 Ha e le hantle, lintho tsena li ile tsa etsahala e le hore lengolo le phethahale: “Ha ho lesapo la hae le tla silakanngoa.”+ 37 Hape, lengolo le fapaneng le re: “Ba tla talima Eo ba mo hlabileng.”+
38 Joale ka mor’a lintho tsena Josefa ea tsoang Arimathea, eo e neng e le morutuoa oa Jesu empa oa sephiri ka lebaka la ho tšaba Bajuda,+ a kōpa Pilato hore a tlose setopo sa Jesu; ’me Pilato a mo fa tumello.+ Ka hona a tla ’me a tlosa+ setopo sa hae. 39 Nikodemase le eena, monna ea ileng a tla ho eena bosiu ka lekhetlo la pele, a tlisa moqolo oa myra le makhala, hoo e ka bang liponto tse lekholo tsa oona.+ 40 Kahoo ba nka setopo sa Jesu ’me ba se tlama ka masela a tlamisang a nang le linōko,+ hantle feela ka tsela eo Bajuda ba nang le tloaelo ea ho lokisetsa lepato ka eona. 41 Hape, sebakeng seo a neng a khokhothetsoe thupeng ho sona ho ne ho e-na le serapa, ’me serapeng seo ho e-na le lebitla+ la khopotso le lecha, leo ho neng ho e-s’o be le ea kileng a behoa ka ho lona. 42 Joale, ka lebaka la tokisetso+ ea Bajuda, ba beha Jesu moo, hobane lebitla la khopotso le ne le le haufi.
20 Ka letsatsi+ la pele la beke Maria Magdalena a tla lebitleng la khopotso hoseng, ha ho sa ntse ho le lefifi, ’me a bona lejoe le se le tlositsoe lebitleng+ la khopotso. 2 Ka hona a matha ’me a tla ho Simone Petrose le ho morutuoa+ e mong, eo Jesu a neng a mo rata, ’me a re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng+ la khopotso, ’me ha re tsebe hore na ba mo behile hokae.”
3 Joale Petrose+ le morutuoa eo e mong ba tsoa ’me ba ea lebitleng la khopotso. 4 E, ba le babeli hammoho ba qala ho matha; empa morutuoa eo e mong a siea Petrose ka lebelo le leholo ’me a fihla lebitleng la khopotso pele. 5 Ha a nyarela, a bona masela a tlamisang fatše,+ empa leha ho le joalo ha aa ka a kena. 6 Joale Simone Petrose le eena a tla a mo latela, ’me a kena ka lebitleng la khopotso. A bona masela a tlamisang fatše,+ 7 le lesela le neng le le hloohong ea hae le ne le se fatše le masela a tlamisang empa le phuthiloe le le ka thōko sebakeng se le seng. 8 Ka hona, ka nako eo, morutuoa eo e mong ea neng a fihlile lebitleng la khopotso pele le eena a kena, ’me a bona le ho lumela. 9 Etsoe ba ne ba e-s’o lemohe lengolo hore o tla tsoha bafung.+ 10 Kahoo barutuoa ba khutlela mahaeng a bona.
11 Leha ho le joalo, Maria a ’na a ema ka ntle haufi le lebitla la khopotso, a lla. Joale, ha a ntse a lla, a nyarela ho sheba ka lebitleng la khopotso 12 ’me a bona mangeloi+ a mabeli a apere bosoeu le leng le lutse hloohong ’me le leng maotong moo setopo sa Jesu se neng se robetse teng. 13 A re ho eena: “Mosali, u llela’ng?” A re ho ’ona: “Ba tlositse Morena oa ka, ’me ha ke tsebe hore na ba mo behile hokae.” 14 Ka mor’a ho bua lintho tsena, a reteleha ’me a bona Jesu a eme, empa a se ke a lemoha hore ke Jesu.+ 15 Jesu a re ho eena: “Mosali, u llela’ng? U batla mang?”+ Eena, ka ho nahana hore e ne e le mohlokomeli oa serapa, a re ho eena: “Mohlomphehi, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile hokae, ’me ke tla mo tlosa.” 16 Jesu a re ho eena: “Maria!”+ Ha a reteleha, a re ho eena, ka Seheberu: “Rabboni!”+ (ho bolelang “Mosuoe!”) 17 Jesu a re ho eena: “Khaotsa ho ’mamarela. Etsoe ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate. Empa e-ea ho barab’eso+ ’me u re ho bona, ‘Ke nyolohela ho Ntate+ le Ntat’a lōna le ho Molimo+ oa ka le Molimo+ oa lōna.’” 18 Maria Magdalena a tla ’me a tlisa litaba tsena ho barutuoa: “Ke bone Morena!” le hore o mo boleletse lintho tsena.+
19 Ka hona, ha nako e se e ile letsatsing leo, la pele bekeng,+ ’me, le hoja menyako e ne e notletsoe moo barutuoa ba neng ba le hona teng ka lebaka la ho tšaba+ Bajuda, Jesu a tla+ ’me a ema har’a bona eaba o re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso.”+ 20 Ka mor’a hore a bue sena a ba bontša matsoho le lehlakore+ la hae. Joale barutuoa ba thaba+ ha ba bona Morena. 21 Ka hona, Jesu a boela a re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso. Feela joalokaha Ntate a nthomile,+ le ’na kea le roma.”+ 22 Ka mor’a hore a bue sena a ba bululela ’me a re ho bona: “Amohelang moea o halalelang.+ 23 Haeba le tšoarela libe tsa batho+ leha e le bafe, li lula li tšoaretsoe bona; haeba le boloka tsa batho leha e le bafe, li lula li bolokiloe.”+
24 Empa Thomase,+ e mong oa ba leshome le metso e ’meli, ea neng a bitsoa Lefahla, o ne a le sieo ho bona ha Jesu a tla. 25 Ka lebaka leo barutuoa ba bang ba ne ba re ho eena: “Re bone Morena!” Empa a re ho bona: “Ntle le hore ke bone masoba a lipekere matsohong a hae ’me ke kenye monoana masobeng a lipekere le ho kenya letsoho lehlakoreng+ la hae, ka sebele nke ke ka lumela.”+
26 Joale, matsatsi a robeli hamorao barutuoa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, ’me Thomase a e-na le bona. Jesu a tla, le hoja menyako e ne e notletsoe, ’me a ema har’a bona eaba o re: “E se eka le ka ba le khotso.”+ 27 Ka mor’a moo a re ho Thomase: “Kenya monoana oa hao mona, u bone matsoho a ka, ’me u nke letsoho+ la hao u le kenye lehlakoreng la ka, ’me u khaotse ho se lumele empa u lumele.” 28 Ha Thomase a araba a re ho eena: “Morena oa ka le Molimo+ oa ka!” 29 Jesu a re ho eena: “Na u lumetse kahobane u mpone? Ho thaba ba sa boneng ’me leha ho le joalo ba lumela.”+
30 Ka sebele, Jesu o ile a etsa lipontšo tse ling tse ngata ka pel’a barutuoa, tse sa ngoloang moqolong+ ona. 31 Empa tsena li ngotsoe fatše+ e le hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo, le hore, ka lebaka la ho lumela,+ le ka ba le bophelo ka lebitso la hae.
21 Ka mor’a lintho tsena Jesu a boela a iponahatsa ho barutuoa leoatleng la Tiberiase; empa a etsa ponahatso eo ka tsela ena. 2 Simone Petrose le Thomase, ea neng a bitsoa Lefahla+ ba ne ba le hammoho, le Nathanaele+ ea tsoang Kana ea Galilea le bara ba Zebedea+ le barutuoa ba bang ba hae ba babeli. 3 Simone Petrose a re ho bona: “Ke il’o tšoasa litlhapi.” Ba re ho eena: “Le rōna re ea le uena.” Ba tsoa ’me ba palama sekepe, empa bosiung boo ha baa ka ba tšoasa letho.+
4 Leha ho le joalo, hantle feela ha e e-ba hoseng, Jesu a ema lebōpong, empa ka ho hlakileng, barutuoa ha baa ka ba lemoha hore ke Jesu.+ 5 Joale Jesu a re ho bona: “Bana ba banyenyane, na ha le na letho le jeoang?” Ha ba mo araba ba re “Che!” 6 A re ho bona: “Lahlelang letlooa ka lehlakoreng le letona la sekepe ’me le tla li fumana.”+ Joale ba le lahlela, empa ba se ke ba hlola ba khona ho le hula ka lebaka la litlhapi+ tse ngata haholo. 7 Ka hona morutuoa eane eo Jesu a neng a mo rata+ a re ho Petrose:+ “Ke Morena!” Kahoo ha Simone Petrose a utloa hore ke Morena, a itlama ka seaparo sa hae sa ka holimo, kaha o ne a hlobotse, ’me a itahlela ka leoatleng. 8 Empa barutuoa ba bang ba tla ka seketsoana, kaha ba ne ba se hōle le moo ho omileng, hoo e ka bang bohōle ba limithara tse mashome a robong feela, ba hula letlooa la litlhapi.
9 Leha ho le joalo, ha ba theohela moo ho omileng ba bona mollo+ oa mashala a patsi ’me litlhapi li le holim ’a oona le bohobe. 10 Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ling tsa litlhapi tseo le sa tsoa li tšoasa hona joale.” 11 Ka hona, Simone Petrose a hloella ’me a hulela letlooa moo ho omileng le tletse litlhapi tse khōlō, tse lekholo le mashome a mahlano a metso e meraro. Empa le hoja li ne li le ngata hakaalo letlooa ha lea ka la phatloha. 12 Jesu a re ho bona: “Tloong, le je lijo tsa lōna tsa hoseng.”+ Ha ho le ea mong oa barutuoa ea neng a e-na le sebete sa ho mo botsisisa: “U mang?” hobane ba ne ba tseba hore ke Morena. 13 Jesu a tla ’me a nka bohobe a ba fa bona,+ a ba fa le litlhapi. 14 Joale lena e ne e le lekhetlo+ la boraro leo Jesu a ileng a bonahala ka lona ho barutuoa ka mor’a hore a tsosoe bafung.
15 Joale, ha ba jele lijo tsa hoseng, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta tsee?”+ A re ho eena: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.”+ A re ho eena: “Fepa likonyana+ tsa ka.” 16 Hape a re ho eena, ka lekhetlo la bobeli: “Simone mora oa Johanne, na ua nthata?”+ A re ho eena: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” A re ho eena: “Lisa linku+ tsa ka tse nyenyane.” 17 A re ho eena ka lekhetlo la boraro: “Simone mora oa Johanne, na ua nthata?” Petrose a sareloa ka hore o itse ho eena ka lekhetlo la boraro: “Na ua nthata?” Kahoo a re ho eena: “Morena, u tseba lintho+ tsohle; ua hlokomela hore kea u rata.” Jesu a re ho eena: “Fepa linku+ tsa ka tse nyenyane. 18 Kannete-nete ke re ho uena, Ha u ne u le monyenyane, u ne u itlama ’me u tsamaea hohle moo u batlang teng. Empa ha u tsofala u tla otlolla matsoho ’me motho e mong o tla u tlama+ a u ise moo u sa lakatseng.”+ 19 Sena o ile a se bua ho bontša hore na o ne a tla tlotlisa Molimo+ ka lefu+ la mofuta ofe. Kahoo, ha a buile sena, a re ho eena: “Tsoela pele u ntatela.”+
20 Ha Petrose a reteleha a bona morutuoa eo Jesu a neng a mo rata+ a latela, eo hape lijong tsa shoalane a neng a ile a itšetleha sefubeng sa hae ’me a re: “Morena, ke mang ea u ekang?” 21 Ka lebaka leo, ha Petrose a re heli! ’me a mo bona a re ho Jesu: “Morena, monna enoa o tla etsa’ng?” 22 Jesu a re ho eena: “Haeba ke thato ea ka hore a sale ho fihlela ke tla,+ hoo ho u ama ka eng? Uena tsoela pele u ntatela.” 23 Ka lebaka leo, polelo ena ea tsoa har’a barab’abo, hore morutuoa eo o ne a ke ke a shoa. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a re ho eena o ne a ke ke a shoa, empa o ile a re: “Haeba ke thato ea ka hore a sale+ ho fihlela ke tla, hoo ho u ama ka eng?”
24 Enoa ke eena morutuoa+ ea pakang lintho tsena le ea ngotseng lintho tsena, ’me rea tseba hore bopaki boo a fanang ka bona ke ba ’nete.+
25 Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a ileng a li etsa, tseo ke nahanang hore, haeba li ne li ka ngoloa ka ho qaqa ho feletseng, lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa meqolo e ngotsoeng.+