La Pele ho Timothea
1 Pauluse, moapostola+ oa Kreste Jesu tlas’a taelo ea Molimo+ Mopholosi+ oa rōna le ea Kreste Jesu, tšepo ea rōna,+ 2 ho Timothea,+ ngoana+ oa ’nete tumelong:
E se eka ho ka ba le mosa o sa tšoanelang, mohau, khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Kreste Jesu Morena oa rōna.+
3 Feela joalokaha ke ile ka u khothaletsa ho lula Efese ha ke ne ke le mothating oa ho ea Macedonia,+ ke etsa joalo hona joale, e le hore u ka laela+ ba bang hore ba se ke ba ruta thuto+ e fapaneng, 4 leha e le ho ela hloko lipale+ tsa bohata le maloko, tseo qetello ea tsona e leng lefeela,+ empa tse hlahisang lipotso bakeng sa phuputso ho e-na le ho aba ntho leha e le efe e tsoang ho Molimo mabapi le tumelo. 5 Ka sebele sepheo sa taelo ena ke lerato+ le tsoang pelong+ e hloekileng le le tsoang letsoalong+ le letle le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.+ 6 Ka ho kheloha linthong tsena ba bang ba kheloselitsoe+ puong+ ea lefeela, 7 ba batla ho ba mesuoe+ ea molao,+ empa ba sa lemohe leha e le lintho tseo ba li buang kapa lintho tseo ka tsona ba buang lipolelo tseo ba li tiisang ka matla.
8 Joale rea tseba hore Molao o motle+ hafeela motho a o tšoara ka mokhoa o lumelloang ke molao+ 9 a tseba ’nete ena, hore molao ha o kenngoe tšebetsong bakeng sa motho ea lokileng, empa o kenngoa tšebetsong bakeng sa batho ba sa eeng ka molao+ le ba sa laoleheng,+ ba se nang bomolimo le baetsalibe, ba hlokang mosa o lerato,+ le ba silafetseng, ba bolaeang bo-ntate le ba bolaeang bo-’mè, babolai, 10 lihlola,+ banna ba robalang le banna, bakoeteli, ba leshano, bahlapanyi ba bohata,+ le ntho efe kapa efe e ’ngoe e hanyetsanang+ le thuto+ e phelisang hantle 11 ho ea ka litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng,+ tse ileng tsa behoa tlhokomelong+ ea ka.
12 Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rōna, ea ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ea tšepahalang+ ka hore a nkabele bosebeletsi,+ 13 le hoja pele ke ne ke le monyefoli le mohlorisi+ le monna oa monyelisi.+ Leha ho le joalo, ke ile ka bontšoa mohau,+ hobane ke ne ke hloka tsebo+ ’me ke etsa ka ho hloka tumelo. 14 Empa mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna o ile oa ata ka ho fetisisa+ hammoho le tumelo le lerato le leng mabapi le Kreste Jesu.+ 15 Polelo+ ena ea tšepahala hape e tšoanela ho amoheloa ka botlalo ea hore Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.+ Ke ’na ea ka pele-pele ho bona.+ 16 Leha ho le joalo, lebaka leo ka lona ke ileng ka bontšoa mohau+ e ne e le hore ka ’na ke le mohlala o ka pele-pele Kreste Jesu a ka bontša tiisetso eohle ea hae hore e be mohlala bakeng sa ba tlang ho beha tumelo+ ea bona ho eena bakeng sa bophelo bo sa feleng.+
17 Joale ho Morena oa bosafeleng,+ ea ke keng a bola,+ ea sa bonahaleng,+ eo e leng eena feela Molimo,+ e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.
18 Taelo+ ena ke e beha ho uena, ngoana, Timothea, tumellanong le lipolelo tse boletsoeng esale pele+ tse ileng tsa lebisa ka ho toba ho uena, e le hore ka tsona u ka tsoela pele u loana ntoa+ e ntle; 19 u e-na le tumelo le letsoalo+ le letle, leo ba bang ba le qheletseng ka thōko+ eaba ba senyeheloa ke tumelo+ joaloka sekepe se soahlamaneng. 20 Hymenea+ le Alexandere+ ke ba bona bana, ’me ke nehelane ka bona ho Satane+ e le hore ba ka rutoa ka taeo hore ba se ke ba nyefola.+
2 Ka hona kea eletsa, pele ho tsohle, hore lithapeli, lithapelo,+ lithapello, ho fanoa ha liteboho, li etsoe malebana le batho ba mefuta eohle,+ 2 malebana le marena+ le bohle ba boemong bo phahameng;+ e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo+ bo feletseng. 3 Sena se setle ’me sea khahlisa+ mahlong a Mopholosi oa rōna, Molimo,+ 4 eo thato ea hae e leng hore batho+ ba mefuta eohle ba pholohe+ ’me ba fihle tsebong e nepahetseng+ ea ’nete.+ 5 Etsoe ho na le Molimo+ a le mong, le mokena-lipakeng+ a le mong pakeng tsa Molimo+ le batho,+ motho, Kreste Jesu,+ 6 ea ileng a inehela e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle+—sena se tla pakoa ka linako tsa sona. 7 Ka morero oa bopaki+ bona ke ile ka behoa ’moleli le moapostola+—ke bolela ’nete,+ ha ke bue leshano—mosuoe oa lichaba+ tabeng ea tumelo+ le ’nete.
8 Ka hona ke lakatsa hore sebakeng se seng le se seng banna ba tsoele pele ho rapela, ba phahamisa matsoho+ a tšepahalang, kantle le khalefo+ le ho pheha khang.+ 9 Ka ho tšoanang ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho+ le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo+ tsa theko e boima haholo, 10 empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo+ tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi+ e molemo.
11 Mosali a ke a ithute a khutsitse ka ho ipeha tlaase ho feletseng.+ 12 Ha ke lumelle mosali ho ruta,+ kapa ho sebelisa matla holim ’a monna,+ empa hore a khutse. 13 Etsoe Adama o ile a bōptjoa pele, ha ntan’o bōptjoa Eva.+ 14 Hape, Adama ha aa ka a thetsoa,+ empa mosali o ile a thetsoa+ ka ho phethahetseng ’me a ba tlōlong.+ 15 Leha ho le joalo, o tla sireletsoa ka ho tsoala bana,+ hafeela ba tsoela pele tumelong le leratong le khalaletsong hammoho le ho hlaphoheloa kelellong.+
Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli,+ o lakatsa mosebetsi o motle. 2 Ka hona molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng,+ monna oa mosali a le mong, ea itekanetseng+ mekhoeng, ea hlaphohetsoeng kelellong,+ ea hlophisehileng,+ ea amohelang baeti,+ ea tšoanelehelang ho ruta,+ 3 eseng ea likomang tsa botahoa,+ eseng ea otlang,+ empa ea nang le kahlolo e molemo,+ eseng ea ratang ntoa,+ eseng ea ratang chelete,+ 4 motho ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle,+ ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle;+ 5 (haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?) 6 eseng motho ea sa tsoa sokoloha,+ esere a ikhohomosa ka boikakaso+ eaba o oela kahlolong eo Diabolose+ a ahlotsoeng ka eona. 7 Ho feta moo, hape o lokela ho ba le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle,+ e le hore a se ke a oela nyelisong le lerabeng+ la Diabolose.
8 Bahlanka ba sebeletsang+ ka ho tšoanang ba lokela ho nka lintho ka botebo, ba se ke ba ba teme-peli, ba se ke ba inehella veine e ngata, ba se ke ba ba meharo ea leruo la ho se tšepahale,+ 9 e be ba tšoereng sephiri se halalelang+ sa tumelo ka letsoalo+ le hloekileng.
10 Hape, ba ke ba lekoe+ pele mabapi le ho tšoaneleha, ba ntan’o sebeletsa e le basebeletsi, ha ho se seo ba qosoang+ ka sona.
11 Ka ho tšoanang basali ba lokela ho nka lintho ka botebo, e se ke ea e-ba ba etselletsang,+ e be ba itekanetseng+ mekhoeng, ba tšepahalang linthong tsohle.+
12 Bahlanka ba sebeletsang e ke e be banna ba nang le mosali a le mong,+ ba okamelang bana le ba matlo+ a bona ka mokhoa o motle. 13 Etsoe banna ba sebeletsang ka mokhoa o motle ba iphumanela boemo+ bo botle le ho bua ka bolokolohi bo boholo+ tumelong mabapi le Kreste Jesu.
14 Ke u ngolla lintho tsena, le hoja ke e-na le tšepo ea ho tla ho uena haufinyane,+ 15 empa haeba nka lieha, e le hore u ka tseba kamoo u tšoanelang ho itšoara kateng ka tlung+ ea Molimo, eo e leng phutheho ea Molimo ea phelang, tšiea le setšehetso+ sa ’nete. 16 Ka sebele, sephiri se halalelang+ sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo: ‘O ile a bonahatsoa nameng,+ ha boleloa hore o lokile moeeng,+ a bonahala ho mangeloi,+ a boleloa har’a lichaba,+ a lumeloa lefatšeng,+ a amoheloa holimo khanyeng.’+
4 Leha ho le joalo, polelo e bululetsoeng e bolela ka tieo hore linakong+ tsa morao ba bang ba tla oa+ tumelong, ba ela hloko lipolelo+ tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona,+ 2 ka boikaketsi ba batho ba buang mashano,+ ba tšoailoe matsoalong+ a bona joalokaha eka ke ka tšepe e chesang e tšoaeang; 3 ba hanela ho nyala,+ ba laela hore ho iloe lijo+ tseo Molimo a li bōpileng+ hore li jeoe ka liteboho ke ba nang le tumelo+ le ba tsebang ’nete ka mokhoa o nepahetseng. 4 Lebaka la sena ke hore pōpo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molimo e ntle,+ ’me ha ho letho le lokelang ho lahloa+ haeba le amoheloa ka liteboho,+ 5 etsoe le halaletsoa ka lentsoe la Molimo le ka ho le rapella.
6 Ka ho fana ka likeletso tsena ho barab’abo rōna u tla ba mosebeletsi ea khabane oa Kreste Jesu, ea fepiloeng ka mantsoe a tumelo le a thuto+ e ntle eo u e latetseng haufi-ufi.+ 7 Empa u hane lipale+ tsa bohata tse silafatsang se halalelang le tseo basali-baholo ba li bolelang. Ka lehlakoreng le leng, u ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.+ 8 Etsoe koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo+ bo molemo bakeng sa lintho tsohle,+ kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.+ 9 Polelo+ eo ea tšepahala hape e tšoanela ho amoheloa ka botlalo. 10 Etsoe ho finyella sena re sebetsa ka thata ’me rea ikitlaetsa,+ hobane re behile tšepo+ ea rōna ho Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi+ oa batho ba mefuta eohle,+ haholo-holo oa ba tšepahalang.+
11 U ’ne u fane ka litaelo+ tsena ’me u li rute.+ 12 Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha+ ba hao tlaase. Ho fapana le hoo, ho ba tšepahalang+ u be mohlala+ ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.+ 13 Ha ke ntse ke tla, u tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng+ phatlalatsa,+ ho eletseng, ho ruteng. 14 U se ke ua hlokomoloha mpho+ e ho uena eo u ileng ua e fuoa ka polelo e boletsoeng esale pele+ le ha sehlopha sa banna ba baholo se u beha matsoho.+ 15 Nahanisisa ka lintho+ tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele+ ea hao e ka bonahala ho batho bohle. 16 Ikele+ hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta+ ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.+
5 U se ke ua nyatsa monna e moholo+ ka matla. Ho fapana le hoo, u mo kōpe ka tieo joaloka ntate, banna ba bacha joaloka barab’eno, 2 basali ba baholo+ joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli+ tsa hao ka tlhoeko eohle.
3 Hlompha bahlolohali bao ka sebele e leng bahlolohali.+ 4 Empa haeba mohlolohali leha e le ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana ba ke ba ithute pele ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo+ ea bona le ho ’na ba lefa puseletso e loketseng ho batsoali+ le batsoali ba batsoali ba bona, kaha hona hoa khahlisa mahlong+ a Molimo. 5 Joale mosali eo ka sebele e leng mohlolohali ’me a setse a le lesitsi+ o behile tšepo ea hae ho Molimo+ ’me o phehella lithapeling le lithapelong bosiu le motšehare.+ 6 Empa ea kenellang ho khotsofatseng+ nama o shoele+ le hoja a phela. 7 Kahoo u ’ne u fane ka litaelo tsena,+ e le hore e ka ba ba sa nyatseheng.+ 8 Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae,+ ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa+ la hae, o latotse+ tumelo+ ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.
9 Mohlolohali a ke a kenngoe lethathamong ea seng ka tlaase ho lilemo tse mashome a tšeletseng, mosali oa monna a le mong,+ 10 ea pakoang ka mesebetsi+ e metle, haeba a ile a hōlisa bana,+ haeba a ile a amohela basele,+ haeba a ile a hlatsoa maoto a bahalaleli,+ haeba a ile a imolla ba matšoenyehong,+ haeba a ile a latela ka khothalo mosebetsi+ o mong le o mong o molemo.
11 Ka lehlakoreng le leng, u hane bahlolohali ba banyenyane, etsoe ha litšusumetso tsa bona tsa botšehali li kene pakeng tsa bona le Kreste,+ ba batla ho nyaloa, 12 ba fumana kahlolo hobane ba hlokomolohile polelo ea bona ea pele ea tumelo.+ 13 Ka nako e tšoanang ba boetse ba ithuta ho se tšoarehe ka letho, ba chalakela matlong; e, eseng feela ho se tšoarehe ka letho, empa hape e ba basebi le ba kena-kenanang le litaba+ tsa batho ba bang, ba bua ka lintho tseo ba sa tšoanelang ho bua ka tsona. 14 Ka hona ke lakatsa ha bahlolohali ba banyenyane ba nyaloa,+ ba tsoala bana,+ ba hlokomela matlo, ba sa fe mohanyetsi tlhohlelletso ea ho hlapaola.+ 15 Ha e le hantle, ba bang ba se ba khelositsoe hore ba latele Satane. 16 Haeba mosali leha e le ofe ea lumelang a e-na le bahlolohali, a ke a ba imolle,+ ’me phutheho e se ke ea imeloa. Joale e ka imolla bao ka sebele e leng bahlolohali.+
17 Banna ba baholo ba okamelang+ ka tsela e ntle ba ke ba nkoe ba tšoaneloa ke tlhompho+ e habeli, haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.+ 18 Etsoe lengolo le re: “U se ke ua tlama poho molomo ha e pola lithollo”;+ hape: “Mosebetsi o tšoaneloa ke moputso+ oa hae.” 19 U se ke ua lumela qoso khahlanong le monna e moholo, haese feela ka bopaki ba lipaki+ tse peli kapa tse tharo. 20 Khalemela+ ka pel’a bashebelli bohle batho ba tloaetseng ho etsa sebe,+ e le hore ba bang kaofela le bona ba ka ba le tšabo.+ 21 Ke u laela ka tieo ka pel’a Molimo le Kreste Jesu+ le mangeloi a khethiloeng hore u boloke lintho tsena kantle ho ho ahlola esale pele, u sa etse letho ho ea ka tšekamelo+ e leeme.
22 Le ka mohla u se ke ua beha matsoho+ a hao ka potlako holim ’a monna+ leha e le ofe; hape u se ke ua kopanela libeng tsa ba bang;+ ipoloke u hloekile.+
23 U se ke ua hlola u noa metsi, empa u sebelise veine+ e nyenyane ka lebaka la mala a hao le maemo a hao a ho kula khafetsa.
24 Libe tsa batho ba bang li bonahala+ phatlalatsa, li lebisa ka ho toba kahlolong, empa ha e le batho ba bang libe tsa bona le tsona li bonahala hamorao.+ 25 Ka tsela e tšoanang le mesebetsi e metle e bonahala+ phatlalatsa ’me e seng joalo e ke ke ea lula e patehile.+
6 Ba bangata bao e leng makhoba tlas’a joko ba ke ba tsoele pele ho nka beng ba bona ba tšoaneloa ke tlhompho+ e feletseng, e le hore le ka mohla ho se ke ha buuoa hampe+ ka lebitso la Molimo le thuto. 2 Ho feta moo, ba nang le benghali+ ba lumelang ba se ke ba ba khella tlaase,+ hobane ke barab’abo bona.+ Ho fapana le hoo, ka ho ithatela haholo e be makhoba, hobane ba amohelang molemo oa tšebeletso e molemo ea bona ke balumeli le baratuoa.
U ’ne u rute lintho+ tsena le ho fana ka likeletso tsena. 3 Haeba motho leha e le ofe a ruta thuto+ e ’ngoe ’me a sa lumellane le mantsoe a phelisang hantle,+ a Morena oa rōna Jesu Kreste, kapa thuto e lumellanang le boinehelo ba bomolimo,+ 4 o ikhohomositse ka boikakaso,+ a sa utloisise letho,+ empa a kula kelellong+ ka lebaka la litsekisano le ho pheha khang ka mantsoe.+ Linthong tsena ho hlaha mohono,+ ho qabana, lipuo tse nyefolang,+ lipelaello tse khopo, 5 liphehisano tse mabifi ka mafeela tse etsoang ke batho ba bolileng kelellong+ le ba tlatlapuoeng ’nete,+ ba nahanang hore boinehelo ba bomolimo ke mokhoa oa ho rua.+ 6 Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua+ ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo+ hammoho le ho khotsofala.+ 7 Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho.+ 8 Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.+
9 Leha ho le joalo, ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong+ le lerabeng le litakatsong+ tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.+ 10 Etsoe lerato+ la chelete ke motso+ oa mefuta eohle ea lintho tse mpe,+ ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko+ bo boholo.
11 Leha ho le joalo, uena, motho oa Molimo, u balehele lintho+ tsena. Empa u phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.+ 12 Loana ntoa e ntle ea tumelo,+ u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng boo u ileng ua bo bitsetsoa eaba u etsa boipolelo bo botle ba+ phatlalatsa ka pel’a lipaki tse ngata.
13 Mahlong a Molimo, ea bolokang lintho tsohle li phela, le a Kreste Jesu, eo joaloka paki+ a ileng a etsa boipolelo+ bo botle ba phatlalatsa ka pel’a Ponse Pilato,+ ke u fa litaelo+ 14 hore u boloke taelo ena ka tsela e se nang letheba le e sa nyatseheng ho fihlela ponahalong+ ea Morena oa rōna Jesu Kreste. 15 Ea thabileng le eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo+ o tla bontša ponahalo ena linakong+ tsa eona tse behiloeng, eena Morena+ oa ba busang e le marena le Khosi+ ea ba busang e le likhosi, 16 eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe,+ ea lulang leseling+ le sa atameleheng, eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.+ Ho eena e be tlhompho+ le bonatla bo sa feleng. Amen.
17 Fana ka litaelo ho ba ruileng+ tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa,+ le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong+ a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele;+ 18 hore ba sebetse se molemo,+ hore ba rue mesebetsing+ e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana,+ 19 ba ipolokele+ ka mokhoa o sireletsehileng motheo+ o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo+ ba sebele.
20 Uena Timothea, u lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao,+ u furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang “tsebo.”+ 21 Ka lebaka la ho etsa mponeng ka tsebo e joalo ba bang ba khelohile tumelo.+
E se eka mosa o sa tšoanelang o ka ba le lōna.