Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Obadia 1-21
  • Obadia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Obadia
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Obadia

OBADIA

1 Pono ea Obadia:*

Ona ke molaetsa o tsoang ho Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle oo Obadia a o bolelang mabapi le Edomo:+

“Re utloile tlaleho e tsoang ho Jehova,

Moromuoa o rometsoe har’a lichaba o re:

‘Emang, re itokisetseng ho loantša Edomo.’”+

 2 “Ke u entse ea se nang thuso har’a lichaba.

Li u nyatsa haholo.+

 3 Boikhohomoso ba hao bo u thetsitse,+

Uena ea balehelang* lefikeng,

Ea lulang holimo lithabeng, u ntse u re ka pelong,

‘Ke mang ea tla ntiha?’

 4 Le haeba u ka lula holimo* joaloka ntsu

Kapa oa hahela har’a linaleli,

Ke tla u theola hona moo,” ke Jehova ea chong.

 5 “Haeba masholu a ka tla ho uena, le linokoane tsa tla bosiu,

(U ne u tla felisoa)*

Na li ne li ke ke tsa utsoa lintho tseo li li batlang feela?

Kapa haeba batho ba kotulang morara ba ka tla ho uena,

Na ba ne ba ke ke ba siea o mong?+

 6 Uena Esau, lintho tsohle tsa hao li fumanoe.

Maruo ’ohle a hao ao u a patileng a nkiloe.

 7 Ba u tebetse naheng ea habo bona.

Bohle ba entseng tumellano le uena ba u thetsitse.

Banna ba entseng khotso le uena ba u hlotse.

Ba jang bohobe le uena ba tla u chehela leraba

Empa u ke ke oa lemoha.

 8 Letsatsing leo,” ke Jehova ea chong,

“Ke tla timetsa ba bohlale ba tsoang Edomo+

Le ba nang le temoho ba tsoang lithabeng tsa Esau.

 9 Bahlabani ba hao ba tla tšoha,+ uena Temane+

Hobane e mong le e mong ea lithabeng tsa Esau o tla bolaoa.+

10 Kaha u kentse letsoho ho loantša ngoan’eno Jakobo+

U tla soaba haholo+

’Me u tla timella ruri.+

11 Letsatsing leo u neng u emeletse ka thoko,

Mohla ba lireng* ba isang masole a Jakobo botlamuoeng,+

Ha ba lireng ba kena motseng* oa hae ’me ba arolelana maruo a Jerusalema ka lotho,+

U ne u le har’a bona.

12 U ne u sa lokela ho thabela ho bona litsietsi tsa ngoan’eno letsatsing la tlokotsi ea hae,+

U ne u sa lokela ho thabela batho ba Juda letsatsing la ho timela ha bona+

Ebile u ne u sa lokela ho ba soma letsatsing la mahlomola a bona.

13 U ne u sa lokela ho kena motseng oa batho ba ka mohla ba neng ba oeloa ke koluoa,+

U ne u sa lokela ho thabela ho bona tlokotsi ea hae mohla a neng a hlaheloa ke koluoa.

U ne u sa lokela ho inkela maruo a hae letsatsing la koluoa ea hae.+

14 U ne u sa lokela ho ema mateanong a litsela ho lalla ba phonyohileng ba hae e le hore u ba bolaee.+

U ne u sa lokela ho nehelana ka bona ho lira tsa hae letsatsing la mahlomola.+

15 Etsoe letsatsi la hore Jehova a ahlole lichaba tsohle le haufi.+

Ho tla etsoa ho uena joalokaha u entse ho eena.+

U tla tšoaroa ka tsela eo u tšoereng ba bang ka eona.

16 Tsela eo le noeleng veine ka eona holim’a thaba ea ka e halalelang,

Ke tsela eo ka eona lichaba tsohle li tla ’ne li noe khalefo ea ka.+

Li tla noa khalefo ea ka le ho e menyeletsa.

Li tla nyamela joalokaha eka ha li e-s’o ka li e-ba teng.

17 Empa ba phonyohileng ba tla lula Thabeng ea Sione,+

E tla halalela+

’Me ba ntlo ea Jakobo ba tla lata thepa ea bona.+

18 Ba ntlo ea Jakobo e tla ba mollo,

Ba ntlo ea Josefa e be lelakabe,

Ba ntlo ea Esau bona ba be joaloka litlhaka.

Ba tla ba chesa ’me ba ba felise.

Ha ho motho ho ba ntlo ea Esau ea tla phonyoha+

Hobane Jehova o chulo.

19 Ba tla nka Negebe le sebaka se lithaba sa Esau,+

Sa Shefela le naha ea Bafilista.+

Ba tla nka naha ea Efraime le naha ea Samaria,+

Benjamine eena a nke Gileade.

20 Ha e le baphaphathehi ba tsoang totomeng ena+

E leng Baiseraele, ba tla nka naha ea Bakanana ho ea fihla Sarepta.+

Baphaphathehi ba Jerusalema ba neng ba le Sefarade ba tla nka metse ea Negebe.+

21 Bapholosi ba tla nyolohela Thabeng ea Sione

Ho ahlola batho ba lulang lithabeng tsa Esau+

’Me Jehova e tla ba Morena.”+

E bolelang “Mohlanka oa Jehova.”

Kapa: “ea tšabelang.”

Kapa mohlomong: “fofela holimo.”

Kapa mohlomong: “Li ne li ka senya hakae?”

Ka Seheberu: “batho bao u sa ba tsebeng.”

Ka Seheberu: “keiting.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela