1995—Ho Thoe’ng ka Bokamoso ba Rōna?
“Lefatše le hloka tataiso e molemo ho feta boipiletso feela pusong ea sechaba ka sechaba le moruong oa khoebo e lokolohileng—empa ha ho letho le fumanehang.”—Will Hutton, Guardian Weekly.
HO EA ka pono ea motho, polelo eo e ka ’na ea bonahala eka ke ’nete. Lefatše le bonahala le haelloa ke tataiso e tšepahalang ea ho supa tsela e lebisang khotsong, tšireletsehong, tokeng, ho hlokeng leeme le pusong e molemo. Motho o lekile hoo e ka bang tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe ea puso, ho tloha lipusong tsa marena ho ea lirephabliking, ho tloha lipusong tsa bohatelli ho ea ho tsa sechaba ka sechaba, ’me leha ho le joalo o fumana hore lefatše la hae le batla le sa laolehe. Joale o lokela ho leba kae?
Ho bonahala khetho e le teng—ke tsela e lebisang tlaase lefatšeng le nang le pefo e eketsehileng, tlōlo ea molao, bobolu, ho hloka toka, boikaketsi bolumeling le lipolotiking, lehloeo la bochaba le ho sebelisa mafutsana hampe. Eo ke tsela eo ba bang ba reng e lebisa mofere-fereng.
Kapa ho na le tsela e thata, ea ho nyolohela ka boitelo lefatšeng le molemonyana le thehiloeng tharollong ea Molimo ea puso, e fumanoang ka Bibeleng. E thata hobane e hloka hore motho a be sebete, a itele, a be le pono ea moea bophelong le ho lumela ho Molimo ea nang le morero. Empa hore ho nyoloha hoo ho tle ho atlehe motho o tlameha hore hape a ikokobetse—a ikokobetse pel’a ’Mōpi oa hae. O tlameha ho retelehela ho Molimo bakeng sa puso e lokileng. Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a eletsa: “Le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.”—1 Petrose 5:6, 7; Tšenolo 4:11.
Ke Mang ea Susumetsang Lehloeo?
Motho a ’notši a ke ke a fetola lefatše lena ka ho feletseng hore le be molemo—litšobotsi tsa boithati le tsa bokhopo li ngata haholo ebile li matla haholo. Moprofeta Jeremia o ne a nepile ha a ne a ngola: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ntle ho Molimo, motho a ke ke a tsamaisa mehato ea hae ka katleho molemong oa lelapa lohle la motho. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Kahobane ho phaella ho se phethahaleng ha rōna ha tlhaho kamehla ho na le sera seo se sa bonahaleng Satane, ea lutseng e le malala-a-laotsoe ho sebelisa tšusumetso ea hae, joalokaha a ile a etsa Rwanda, ka ho bakela batho hore ba be le khohlano e bakang tšollo ea mali.—Genese 8:21; Mattheu 4:1-11.
E le hore a ka susumetsa leeme, lehloeo le polao lipelong le likelellong tsa batho, Satane o rutile lichaba ka ho pheta-phetang likhopolo tsa ho iphahamisetsa lichaba, merabe le malumeli a mang. Thuto ena e tebileng ea lehloeo e hatisoa likelellong ho tloha boseeng ke batsoali bao likelello tsa bona li e tšoereng ka matla, hangata e le ka neano ea lilemo tse makholo. Neano ena joale e tiisoa ke litsamaiso tsa sekolo le lithuto tsa bolumeli. Ka hona batho ba limilione ba hōlisoa ba e-na le lehloeo le leeme lipelong tsa bona. Ba fetotsoe sebōpeho le ho foqoa likhopolo ho tloha boseeng, hore ba fetohele motho e mong ka lebaka la litaelo tsa baeta-pele ba sa tšepahaleng ba lipolotiki le ba bolumeli. Ho etsoa ha mapetjo ka mokhoa o se nang kelello le lipolelo tse hasoang litabeng li ka susumetsa, tsa hotetsa mollo o kotsi, o fellang ka “ho felisoa ha morabe o itseng” kapa polao e sehlōhō.
Martin van Creveld, rahistori oa sesole Iseraele, ha a bontša seo e ka ’nang eaba se fuperoe ke bokamoso bo haufi, o ile a ngola ho The Transformation of War: “Ka lebaka la boemo bo teng hona joale, ho bonahala ho na le monyetla o mong le o mong oa hore . . . ho chesehela bolumeli ka ho feteletseng ho tla phetha karolo e khōloanyane ho susumetseng khohlano ea ntoa” lefatšeng la Bophirimela ho feta nakong leha e le efe “lilemong tse 300 tse fetileng.” Ka hona, ho e-na le hore bolumeli e be tšusumetso ea khotso le ea ho phahamisa bomoea ba moloko oa batho, bo ntse bo poqa historing ea bona ka ho hlohlelletsa lehloeo, khohlano le polao.
Bokamoso bo Fapaneng bo Tšepisitsoe
Haeba moloko oa batho o tla tšoanelehela bophelo lefatšeng le lecha le nang le toka, joale o tlameha ho kopanela phethahatsong ea boprofeta ba Esaia: “O [Jehova] tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona. . . . O tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:3, 4.
Kajeno ke bo-mang ba elang hloko boprofeta boo bo hlollang? Ke bo-mang ba ileng ba shoa Rwanda ho e-na le ho bolaea balumeli-’moho le bona ba morabe osele? Ke bo-mang ba ileng ba shoa likampong tsa mahloriso tsa Bonazi ho e-na le ho sebeletsa mabothong a Hitler? Ke bo-mang ba qetileng nako ba le literonkong tsa linaha tse ngata ho e-na le ho ithuta ntoa? Ke ba thabetseng phethahatso ea Esaia 54:13: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.”
Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li na le khotso eo hona joale hobane li amohetse thuto ea Jehova e tsoang Lentsoeng la hae, Bibele. Li latela lithuto le mohlala oa Kreste Jesu. O ile a re’ng? “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joalo ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Lipaki tsa Jehova li sebelisa lerato lena ho isa bohōleng ba hore, le hoja pele e ne e le Mak’hatholike le Maprostanta, hona joale li sebetsa hammoho ka kutloano Ireland Leboea. Le hoja pele e ne e lira tsa bolumeli, hona joale li sebelisana ’moho e le Bakreste ba leng Iseraele, Lebanon le linaheng tse ling. Ha li sa ithuta ntoa. E ne e tla ba ho fapaneng hakaakang hoja batho ba mefuta eohle ba lefatše ba ne ba ela hloko mantsoe a Jesu ’me ba a sebelisa bophelong ba bona!
Lipaki tsa Jehova li lumela hore lefatše le lecha le tšepisitsoeng la Molimo le haufi, lefatše le tla busoa ke puso ea leholimo. Li na le motheo ofe bakeng sa tšepo e tiileng joalo?
Khato e Tiileng e Tšepisitsoeng ea Molimo
Lentsoeng la hae, Bibele, Molimo o tšepisitse puso e lokileng bakeng sa moloko oohle oa batho o utloang. Ka moprofeta oa hae Daniele, o profetile hore nakong ea bofelo ba tsamaiso ea joale, o ne a tla theha puso ea kamehla le e lokileng. “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Ena ke eona puso ea ’Muso eo Kreste a rutileng balumeli ho e kōpa thapelong ea hae e tsebahalang haholo: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Thapelong eo re kōpa hore Molimo a phethahatse litšepiso tsa hae mabapi le puso ea hae e lokileng. ’Me rea tseba hore Molimo a ke ke a thetsa. Pauluse o buile ka “bophelo bo sa feleng, boo Molimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatše ha le ne le e-so ho be teng.” (Tite 1:2; Ba-Heberu 6:17, 18) ’Me ke’ng seo Molimo a se tšepisitseng? Moapostola Petrose o-oa araba: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13; Esaia 65:17; Tšenolo 21:1-4.
Pele puso eo e lokileng e ka thabeloa ka ho feletseng mona lefatšeng, tlhoekiso e khōlō e lokela ho etsahala. Boprofeta ba Bibele bo kopane bo bontša hore haufinyane ketso ena ea ho hloekisa lefatše ka ho tlosa Satane le makhotla a hae a khopo e tla etsahala. (Bona Mattheu, khaolo ea 24; Luka, khaolo ea 21; le Mareka, khaolo ea 13.) Ketso ena ea ho qetela ea ho hloekisa e bitsoa ntoa ea Armageddone, “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.”—Tšenolo 16:14, 16.
Ho sa tsotellehe seo ba bangata ba ka ’nang ba se nahana, selemo sa 2000 hase sa bohlokoa. Etsoe nako eo, ke e loketseng Bokreste-’mōtoana feela. Litso tse ling li na le mekhoa ea tsona ea ho bala linako. Hoo e leng habohlokoa ke hore hona joale ke nako ea ho retelehela ho Molimo le Lentsoeng la hae hore u iponele ka bouena “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Ba-Roma 12:1, 2, NW) Hoo e leng taba ke hore hona joale ke nako ea hore u khethe—ebang ke ho leba bokamosong bo hlohonolofalitsoeng ke Molimo kapa ho theohela ka tsela ea pherekano eo lefatše la Satane le fanang ka eona. Re u khothalletsa ho khetha tsela ea Molimo. Khetha bophelo!—Deuteronoma 30:15, 16.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
“Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha.”—2 Petrose 3:13
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lichaba li ka tea lisabole tsa tsona mehoma e le ka ’nete tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo feela