Khetho ea ho Hlala
“Haeba molekane oa hao oa lenyalo a e-shoa, batho baa u utloela esita le haeba u ne u se molekane ea molemo ka ho fetisisa. Empa ha monna oa hao a u siea—teng, ba bang ba nahana hore ha ua etsa boiteko bo lekaneng. Ka kōpo, THUSANG hle!”—’Mali oa Tsoha! Afrika Boroa.
HO SE tšepahale ha molekane e mong le tlhalo e ka ba liphihlelo tse sithabetsang haholo. Le hoja ba bangata ba ile ba e-ba le mabaka a etsang hore ba boelane le balekane ba bona ’me ba boloka manyalo a bona, ba bang ba na le mabaka a utloahalang a ho khetha ho sebelisa monyetla oo Molimo a faneng ka oona oa ho hlala molekane ea febang. (Matheu 5:32; 19:9) Ka mohlala, tšireletseho, bomoea le boiketlo ba mosali ea tšepahalang ka kakaretso le ba bana li ka ’na tsa e-ba kotsing. Hape a ka ’na a tšoenyeha ka ho tšoaetsoa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Kapa mohlomong o tšoaretse molekane oa hae tabeng ea bofebe, empa ha ho na tšepo e kaalo ea hore o sa tla ke a boele a mo tšepe le hore a ka hlola a tsoela pele ho lula le eena e le monna oa hae.
Mosali e mong ea sithabetseng maikutlo o ile a lumela: “Ena e bile e ’ngoe ea liqeto tse boima ka ho fetisisa bophelong ba ka.” Ka sebele ke qeto e boima—eseng feela hobane ho lahloa ho le bohloko empa hobane ho hlala ho boetse ho e-na le liphello tse tebileng tse tla mo ama bophelo bohle ba hae. Ka hona, taba ea hore na mosali o hlala monna oa hae ea sa tšepahaleng kapa ha a mo hlale ke qeto ea motho ka mong. Tokelo eo Bibele e fanang ka eona ho molekane ea se nang molato ea hore a iketsetse qeto e lokela ho hlomphuoa ke ba bang.
Leha ho le joalo, ho utloisang bohloko ke hore batho ba bangata ba potlakela ho hlala empa ba sa bala litšenyehelo ka ho loketseng. (Bapisa le Luka 14:28.) Ke lintlha life tse ling tse amehang ha motho a khetha ho hlala?
Haeba Bana ba le Teng
Buka ea Couples in Crisis e re: “Hangata litlhoko tsa bana lia lebaloa kapa li hlokomolohuoe ke batsoali ba amehileng haholo ka mathata a bona.” Ka hona, ha u nahana ka tlhalo, nahana ka bomoea le boiketlo ba bana ba hao. Bafuputsi ba bangata ba bolela hore haeba tlhalo e ka etsoa ka moea oa khotso, e batla e sa ame bana habohloko hakaalo. Esita le tlas’a maemo a boima, bonolo bo tla thusa motho hore a se ke a ‘loana, empa a be bonolo ho bohle, a ithibe bobeng.’—2 Timothea 2:24, 25.a
Haeba motho a khetha ho hlala, ho lokela ho hopoloe hore ke monna le mosali ba hlalanang—eseng bana. Bana ba ntse ba hloka ’Mè le Ntate. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le maemo a mang a feteletseng, a kang a ha ngoana a le kotsing ea ho hlekefetsoa. Empa liphapang tsa bolumeli kapa tsa botho ha li ea lokela ho sebelisetsoa ho thibela bana ho thabela tokelo ea ho ba le batsoali ba babeli.
Ntho e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa ke maikutlo a fokolang a bana ba banyenyane le hore ba hloka ho fuoa tiisetso e matla, lerato le kameho e mofuthu. Buka e ’ngoe e re: “Ntšetso-pele ena ea lerato, e tla ba fa tšehetso le motheo tseo ba li hlokang bakeng sa ho sebetsana ka katleho le boemo bona bo bocha.” Ho phaella moo, ho ela hloko litlhoko tsa bona tsa moea tsa letsatsi le letsatsi ho ka ba thusa ho ba le botsitso.—Deuteronoma 6:6, 7; Matheu 4:4.
Lichelete le Linyeoe Tsa Makhotla
’Nete e ke keng ea qojoa ke hore tlhalo e amoha molekane e mong le e mong karolo e itseng ea chelete le thepa, boiketlo bo itseng, mohlomong le ntlo eo a neng a e rata haholo. Kaha motho a ka ’na a tlameha ho jara litšenyehelo tse eketsehileng ka chelete e fokotsehileng, ke bohlale ho etsa moralo oa tšebeliso ea lichelete u talimile lintho ka tsela ea sebele ho latela lintho tsa bohlokoa tse hlokang chelete. Tšekamelo ea ho itebatsa litsietsi ka ho sebelisa chelete e ngata kapa ho ikenya likolotong tse eketsehileng e lokela ho qojoa.
Haeba qeto e le ho hlala, ke habohlokoa hore le hlophise le molekane oa hao hore na chelete e libukaneng tse kopanetsoeng tsa banka e tla sebelisoa joang. Ka mohlala, e le ho thibela hore chelete e bukaneng e kopanetsoeng ea banka e se ke ea sebelisoa hampe, e ka ’na ea e-ba bohlale hore le kōpe mookameli oa banka hore a batle motekeno oa banyalani ka bobeli ha ho ntšuoa chelete ho fihlela e mong le e mong a butse bukana ea hae.
Hape ke bohlale hore ho bolokoe litlaleho tse nepahetseng tsa chelete e kenang le litšenyehelo bakeng sa ho lokisetsa ho batla chelete ea ho iphelisa. Hape, linaheng tse ngata molao o tlama hore batho ba tsebise lekala la lekhetho ha maemo a bona a fetoha.
Ho feta moo, batho ba bangata ba rua molemo ka ho batla keletso ea setsebi sa molao—seo ka ho khetheha se nang le phihlelo linyeoeng tsa tlhalano. Linaha tse ling li lumella babuelli kapa bakena-lipakeng ho thusa banyalani ho sebelisana ’moho ho fihlela litumellano tse amohelehang le tse finyelloang ka khotso, tseo joale li tiisoang ka molao ke lekhotla la molao. Haholo-holo ha bana ba ameha, batsoali ba bangata ba khetha ho sebelisa litšebeletso tsa setsebi se se nang moea oa ntoa. Ho e-na le hore e mong le e mong a batle hore boholo ba thepa bo oele ka ho eena, sepheo sa batsoali e lokela ho ba ho fokotsa khohlano le ho kokobetsa bohloko boo ba bo utloileng. Ke ’nete hore ho abeloa thepa e itseng ha ho lokafatse tahlehelo e bang teng maikutlong le licheleteng hore motho a fumane thepa eo.
Likamano Tse Fetohileng
Mofuputsi e mong o re: “Ha rea lokela ho khella fatše ho ferekana le ho tsieleha ho bang teng ho batho ba bangata ka metsoalle ea bona e hlalaneng.” Esita le haeba molekane ea tšepahalang a sebelisa litokelo tseo a nang le tsona tsa molao, tsa boitšoaro le tsa Mangolo, ho ka ’na ha e-ba le ba bang ba talimang mosali e le eena sesosa sa ho qhalana ha lenyalo. Tsela eo ba ikutloang ka eona ba ka ’na ba e bontša ka tumeliso e se nang botsoalle kapa ka ho mo qoba ka ho feletseng. Ho hobe le ho feta ke hore a ka ’na a hlouoa le ke bao e neng e le metsoalle ea hae.
Ba bangata ka ho se hlokomele hore motho ea hlalang o hlile o hloka tšehetso e matla; ba ka ’na ba nahana hore ho romela lengolo le ngotsoeng melanyana e seng mekae kapa karete ho lekane. Leha ho le joalo, buka ea Divorce and Separation e bolela hore hangata ho na le metsoalle e “hlokomelang hore ho na le seo motsoalle a se hlokang, ’me e tla u etela ho bona haeba u hloka ho felehetsoa ho isoa sebakeng se itseng, u batla ho etsa ntho e itseng kapa u batla feela motho eo u ka qoqang le eena.” Ka sebele, ke nakong e kang ena bophelong, moo motho a hlokang, joalokaha Bibele e bontša, ‘motsoalle ea khomarelang motho ho fetisa ngoan’abo motho.’—Liproverbia 18:24.
Ho Sebeletsa ho Hlaphoheloa
Ka mor’a lilemo tse 16 ba hlalane le monna oa hae, ’mè e mong oa lumela: “Ho ntse ho e-ba le linako tse ling tseo ka tsona ke jeoang ke bolutu ka tsela e makatsang—esita leha ke le ka har’a batho.” O sebetsana ka katleho joang le boemo boo? O re: “Ke itebatsa seo ka ho etsa lintho tse ngata, ka ho ipoloka ke tšoarehile mosebetsing oa ka, ka ho hlokomela mor’a ka le ka ho boloka ntlo ea ka e le boemong bo botle. Hape ke qalile ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, ho arolelana tumelo ea ka le baahisani, le ho etsetsa ba bang lintho. Seo se nthusitse haholo.”
Linako tse itseng tsa selemo li ka ’na tsa khutlisa mehopolo le maikutlo a bohloko: letsatsi leo ho se tšepahale ha molekane ho ileng ha senoleha ka lona, nako eo a ileng a tloha lapeng ka eona, letsatsi leo nyeoe e ileng ea buuoa ka lona. Liketsahalo tse thabisang tseo banyalani ba neng ba tloaetse ho li etsa ’moho—joaloka ho ea libakeng tsa phomolo le ho ikhopotsa letsatsi la bona la lechato—e ka ba liphihlelo tse amang maikutlo habohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Pat o re: “Ka matsatsi ao ke lokisetsa ho qeta nako le lelapa leso kapa metsoalle ea ka e haufi e tsebang boemo ba ka. Re etsa lintho tse tla ntebatsa mehopolo ea nakong e fetileng ’me li ntlisetse e mecha. Empa thuso ea ka e khōlō ka ho fetisisa ke kamano ea ka le Jehova—kea tseba hore o utloisisa tsela eo ke ikutloang ka eona.”
U se ke ua Nyahama
Balekane ba se nang molato ba sebelisang melao-motheo ea Bibele ’me ba ikhethela ho sebelisa tokelo eo Molimo a ba fileng eona ea ho hlala balekane ba febang ha baa lokela ho ikutloa ba le molato kapa ba tšohile hore Jehova o ba lahlile. Tsela e bolotsana ea molekane ea febang—e bakileng ‘lillo le mefehelo’—ke eona eo Molimo a e hloileng. (Malakia 2:13-16) Esita le Jehova, Molimo ea nang le “qenehelo e bonolo,” o tseba tsela eo motho a ikutloang ka eona ha a lahliloe ke eo a mo ratang. (Luka 1:78; Jeremia 3:1; 31:31, 32) Ka hona tiiseha hore “Jehova o rata toka, ’me ha a na ho tlohela ba hae ba tšepahalang.”—Pesaleme ea 37:28, NW.
Ke ’nete hore e ne e tla ba ho molemo haholo haeba ho se tšepahale ha molekane e mong lenyalong le liphello tsa hona tse bohloko li ne li ka qojoa ho tloha qalong. Lekunutu la Thabo ea Lelapa,b e leng tataiso ea lelapa e sebetsang, e thusa batho ba bangata lefatšeng ho pota ho haha manyalo a thabileng le ho qoba ho se tšepahale lenyalong. E na le likhaolo tse buang ka ho haha lenyalo le thabileng, ho koetlisa bana le ho sebetsana ka katleho le mathata lenyalong. Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa bahatisi ba makasine ena ba tla thabela ho u fa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bo eketsehileng bo ka fumanoa letotong la lihlooho tse buang ka tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana le sehloohong se reng, “Ho Thusa Bana ba Batsoali ba Hlalaneng,” tokollong ea Tsoha! ea December 8, 1997, le ea May 8, 1991.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 10]
BANA HA BAA TŠOANELA HO BA LE BATSOALI BA HLALANENG
Ka 1988 mofu Diana, Khosatsana ea Wales, o ile a bolela hore Brithani feela, letsatsi le leng le le leng bana ba ka bang 420 ba bona ha batsoali ba bona ba hlalana. Ho bana bana ba etsang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ba ka tlaase ho lilemo tse hlano. Ho utloisang bohloko ke hore bana ba etsang hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ha ba sa kopana le motsoali e mong ka mor’a tlhalo.
Mongoli e mong ea hlomphehang oa litaba tsa bophelo le bongaka o hlokomela hore ho fapana le seo batho ba bangata ba se nahanang, “ke bana ba seng bakae feela bao batsoali ba bona ba hlalaneng ba thabelang karohano eo. Bana ba bangata ba ne ba tla thabela ho bona batsoali ba bona ba le ’moho le haeba ho ne ho e-na le tsitsipano ka lapeng.” Esita le haeba banyalani ba lula ba ngangisana nakong eo ho se tšepahale ha molekane e mong ho senolehang, ha baa lokela ho potlakela ho etsa qeto ea hore ho qhala lenyalo ho tla ba molemong oa bana. Ho fetola maikutlo a bona le boitšoaro ba bona ho ka ’na ha etsa hore ba khone ho tsoela pele ba lula ’moho e leng ho molemong oa lelapa kaofela.
Mongoli Pamela Winfield o re: “Ha banna ba kopanela boitšoarong bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali ba lokela ho nahana ka bohloko boo bana ba bona ba tlang ho bo utloa ha lelapa le qhalana ka lebaka la ketso ea bona e booatla.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
NA KE TLHALO EOHLE EO MOLIMO A E HLOILENG?
Pat oa lumela: “Ntho e neng e ntšoenya haholo e ne e le khopolo ea hore ‘Jehova o hloile tlhalo.’ Potso e neng e lula e tla kelellong ea ka e ne e le ea hore, ‘Na ke etsa se khahlisang Jehova?’”
A re hlahlobeng moelelo oa Malakia 2:16 ho arabela potso eo. Mehleng ea Malakia banna ba bangata ba Baiseraele ba ne ba hlala basali ba bona, mohlomong e le hore ba nyale basali ba bacha, ba bahetene. Molimo o ile a nyatsa boitšoaro bona ba ho thetsa, ba bolotsana. (Malakia 2:13-16) Ka hona, seo Molimo a se hloileng ke hore motho a lahle molekane oa hae ka mabaka a sa utloahaleng e le hore a nyalane le e mong. Motho eo ka thetso a febang ’me joale ebe o hlala molekane oa hae kapa a mo khannele hore a mo hlale o entse sebe sa bolotsana le sa lehloeo.
Leha ho le joalo, litemana tsena ha li nyatse tlhalo e ’ngoe le e ’ngoe. Sena se tiisoa ke mantsoe a Jesu: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong o etsa bofebe.” (Matheu 19:9) Mona Jesu o ile a lumela hore bohlola ke motheo o amohelehang bakeng sa tlhalo ea Mangolo—ha e le hantle, ke oona feela motheo o amohelehang o lumellang motho ho boela a kena lenyalong. Molekane ea se nang molato a ka ’na a etsa qeto ea ho tšoarela molekane ea entseng phoso. Leha ho le joalo, motho ea khethang ho sebelisa polelo ea Jesu e le motheo oa ho hlala molekane ea febang ha a etse seo Jehova a se hloileng. Ke boitšoaro ba thetso ba molekane ea sa tšepahaleng boo Molimo a bo hloileng.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Balekane ba se nang molato le bana ba bona ba rua molemo tšehetsong e lerato