Sesepa—‘Setlhare sa ho Ikenta’
MAKASINE ea The Economist ea tlaleha: “’Molai oa bobeli ea moholohali oa bana lefatšeng hase malaria, lefuba, kapa eona AIDS. Ke . . . letšollo.” Leha ho le joalo, bongata ba bahlaseluoa bana ba banyenyane ba ka be ba ntse ba phela le kajeno hoja bona hammoho le malapa a bo bona ba ne ba hlapa matsoho nako le nako ka sesepa.
The Economist e re bafuputsi ba London School of Hygiene and Tropical Medicine ba fumane hore “ho hlapa matsoho ka ho nepahetseng ho ka fokotsa lefu la letšollo ka 43%. Ho ka thusa ka ho lekanang le tabeng ea tšoaetso ea matšoafo, e leng ’molai ea ka sehloohong oa bana. Phuputso e khōlō e entsoeng lebothong la sesole la Amerika e fumane hore ho hloephetsa mamina ho bakoang ke sefuba le ho khohlola ho fokotseha ka 45% ha masole a hlapa matsoho a ’ona makhetlo a mahlano ka letsatsi.” Linaheng tse tsoelang pele, malapa a mangata a ka fumana sesepa ka chelete e tlaase. Ka hona, ho loketse hore ebe se hlalosoa e le “mofuta oa setlhare seo motho a ikentang ka sona ho iphekola.” Le hona ke ente e seng bohloko!
Bibele le eona e khothalletsa bohloeki. Bakorinthe ba Bobeli 7:1 e re: “A re . . . itlhatsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka re silafatsang nameng kapa moeeng.” (The New English Bible) Le hoja Molimo a amehile ka ho khetheha ka ho hloeka ha rōna moeeng, o boetse o nka bohloeki ba ’mele e le ba bohlokoa. (Levitike, likhaolo 12-15) Ke ’nete hore ha aa lebella hore re fetelletse litaba. Empa re lokela ho itloaetsa ho hlapa matsoho ka mor’a ho sebelisa ntloana, ka mor’a ho hlatsoa ngoana kapa ho mo chencha leleiri, pele re lokisa lijo kapa re e-ja, le neng le neng ha ho e-na le monyetla oa hore re ka fetisetsa likokoana-hloko kapa livaerase ho ba bang. Ka ho hlatsoa matsoho a rōna kamehla, re bontša lerato la Bokreste ho malapa a rōna le ho bohle bao re ka ’nang ra kopana le bona.—Mareka 12:31.