Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 3 leq. 24-leq. 27
  • Ha aa ka a Nahana ka Lintho Tseo a li Siileng Morao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha aa ka a Nahana ka Lintho Tseo a li Siileng Morao
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo U Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • “U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Molimo o Ile a mo Reha “Khosatsana”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Abrahama le Sara ba ba le Mora
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Abrahama le Sara—U ka Etsisa Tumelo ea Bona!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 3 leq. 24-leq. 27

3 SARA

Ha aa ka a Nahana ka Lintho Tseo a li Siileng Morao

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

SARA o ne a nyetsoe ke monna eo a mo ratang, e leng Abrahama. Ba ne ba lula Ure, naheng ea Shinare, motseng o pota-potiloeng ke marako lebopong la noka e kholo ea Eufrate. Batho ba motseng oo ba ne ba kene tloara! ka har’a borapeli ba litšoantšo empa Abrahama o ne a sa tšoane le bona. O ne a rapela Molimo a le mong feela oa ’nete, e leng Jehova. Sara le eena o ne a lumela ho Molimo oa ’nete. Empa haufinyane, o ne a tl’o tobana le liteko tse neng li tl’o hloka hore a be le tumelo e matla le sebete.

E tlameha ebe Sara o ile a thaba haholo ha Abrahama a mo bolella hore Jehova o buile le eena. Leha ho le joalo, ntho eo Jehova a neng a itse Abrahama a e etse e ne e se bonolo. O ne a itse Abrahama le Sara ba fallele naheng e hole, ba siee ntlo ea bona le beng ka bona Ure. E ne e tl’o ba leeto le lelelele ebile ba ne ba tl’o lula litenteng. Kahoo, Sara o ne a ke ke a hlola a lula motseng o sirelelitsoeng, o nang le balebeli. O ne a sa tl’o hlola a lula ka har’a ntlo ea hae e kholo e ntle, eo mohlomong e neng e na le metsi ka hare. Sara o ne a se a sa tl’o khona ho ea limmarakeng Ure. Ho ne ho ka ba thata hore a tele lintho tsena kaofela. Empa Sara o ne a ikemiselitse ho tsamaea. Kaha o ne a tšepa Jehova o ile a paka thoto ea hae, a salisa beng ka eena le metsoalle hantle eaba o tsamaea le Abrahama, o ea moo a sa tsebeng.

Sara ha aa ka a qobella Abrahama hore ba khutlele Ure, ho e-na le hoo o ile a tšehetsa qeto ea hae ea hore ba ee hohle moo Jehova a neng a re ba ee teng

Sara o ile a boela a bontša sebete ka tsela e ’ngoe. Ha moapostola Pauluse a bua ka Sara le monna oa hae, o ile a re: “Hoja ba ile ba ’na ba nahana ka naha eo ba e siileng, ba ka be ba fumane monyetla oa ho khutla.” (Baheb. 11:15) Sara o ne a ka ’na a hopola ntlo ea hae e Ure moo a neng a ikutloa a sireletsehile. Ho e-na le hoo, sebete se ile sa mo thusa hore a se ke a nahana ka lintho tseo a li siileng morao.

Sara le Abrahama ba tloha Ure. Ba palame likamele ’me ba tsamaea le basebeletsi ba bona ba bangata.

Ha ba fihla naheng ea Kanana, Sara o ile a hlokomela hore ho ne ho se na noka e kholo joaloka ea Eufrate, eo likepe li neng li ka e sebelisa ho tla ba rekisetsa lijo le lintho tse ling. Kahoo, ha ho e-ba le tlala naheng ea Kanana, ba ile ba tlameha ho falla. Le hoja ho ne ho le thata haholo, Sara ha aa ka a qobella monna oa hae hore ba khutlele lehaeng la bona Ure. Ho e-na le hoo, o ile a ikhethela ho tsamaea le monna oa hae Abrahama ho ea Egepeta.

Sara o ne a le motle haholo. Kahoo, Abrahama o ne a tšohile hore motho e mong a ka ’na a mo bolaea ebe o utsoa mosali oa hae. Ke kahoo a ileng a kopa Sara hore a ikhakanye, a etse eka ke khaitseli ea hae. Empa leqheka leo ha lea ka la sebetsa ha morena oa Egepeta, e leng Faro, a bolelloa ka botle ba Sara. O ile a laela bahlanka ba hae hore ba il’o mo lata ho Abrahama, ba mo tlise ho eena. Ha ho pelaelo hore ntlong ea morena o ne a ka phela hamonate a bile a sireletsehile, e leng bophelo bo fapaneng hole le ba litenteng ba hloma-u-hlomolle. Empa na Sara o ile a fetohela Abrahama eaba o khetha ho lula ha Faro? Ho hang. O ile a ba sebete ’me a tšepahalla monna oa hae. Jehova o ile a mo pholosa eaba ka mor’a moo Sara o khutlisetsoa ho monna oa hae ea mo ratang.a

Jehova o ne a tšepisitse hore sechaba se seholo se tla tsoa ho Abrahama. Empa Sara o ne a e-s’o ka a khona ho ba le ngoana ’me ntho eo e ne e mo utloisa bohloko haholo. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ngata a le Kanana, Jehova o ile a mo putsa. Le hoja a ne a le lilemo li 90, Jehova o ile a hlohonolofatsa Sara ka hore a phethahatse tabatabelo ea hae ea hore a be le mora. Jehova o ile a laela hore moshanyana eo a rehoe lebitso la Isaka le bolelang “Ho Tšeha.” Lebitso leo le ne le tšoaneleha hobane Abrahama le Sara ba ne ba ile ba tšeha ka lebaka la thabo ha ba utloa hore ba tl’o ba le mora. Sara o ne a kholisehile hore batho ba ne ba tla thaba ba be ba tšehe le eena ha ba utloa ka mohlolo oo Jehova a mo etselitseng ’ona.

Sara o ile a phela nako e telele ka ho lekaneng hore a holise mora oa hae le ho mo bona e ba monna ea molemo. O ile a ba sebete ’me a etsa bonnete ba hore o sireletsa mora oa hae joalokaha ’mè e mong le e mong a ka etsa. Le ka mohla, ha aa ka a nahana ho khutlela morao moo a neng a phela hamonate. Ho e-na le hoo, o ile a lula a nahana ka bokamoso bo babatsehang boo a neng a bo lebeletse. Sara le ba lelapa la hae ha baa ka ba bona ha litšepiso tsa Jehova li phethahala. Empa re kholisehile hore ba tla bona ha litšepiso tseo li phethahala.

Bala litemana tsena:

  • Genese 12:​1-20; 15:18; 16:​1, 2; 17:​3-8, 15-19; 18:​9-15; 20:​1-17; 21:​1-13

  • Liketso 7:​1-7

U ka re’ng?

Sara o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Na ho ne ho fosahetse hore ebe Sara o ile a nyalana le Abrahama le hoja e ne e le bana ba ntate a le mong? (wp17.3 12 ¶5, nal.)

  2. 2. Hlalosa hore na Sara o ile a tela eng ha a ne a tloha Ure. (wp17.3 13 ¶4–14 ¶2) A

    Lebenyane le entsoeng ka majoe a bohlokoa a mebala-bala.

    Photograph taken by courtesy of the British Museum

    Setšoantšo A: Lebenyane le epolotsoeng motseng oa Ure oa boholo-holo

  3. 3. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Abrahama o ne a le bohlale ha a ne a pata hore Sara ke mosali oa hae? (wp17.3 14 ¶6–15 ¶2)

  4. 4. Le hoja Sara a ne a ikokobeletsa monna oa hae Abrahama, na seo se bolela hore o ne a sa ntše maikutlo a hae haeba ba sa lumellane? Hlalosa. (g 1/08 29 ¶4-5) B

    Sara o bua le Abrahama a sa tšabe ’me ho bonahala Abrahama a sa thaba.

    Setšoantšo B

Nahana ka Seo U Ithutileng Sona

  • Bapisa Sara le mosali oa Lota.

    • Ba ne ba tšoana ka litsela life? (Gen. 12:1; 13:​5-7; 19:​12, 15)

    • Ba ne ba fapane ka litsela life? (Gen. 19:​17, 26; Luka 17:​28-32)

    • Re ka ithuta’ng liqetong tseo ba ileng ba li etsa le ho litla-morao tsa liqeto tsa bona?

  • Sara o ne a le motle haholo ebile monna oa hae e ne e le morui. Re ka ithuta’ng haeba re le maemong a tšoanang le a hae? (Liprov. 31:30; 1 Tim. 6:​17-19)

  • U ka etsisa sebete seo Sara a ileng a se bontša joang? C

    Litšoantšo: 1. Banyalani ba paka lithoto tsa bona ba thabile. Ba tloha foleteng ea bona e turang e ka toropong. 2. Banyalani bao ba bua le molemi e mong ka Bibele mahaeng.

    Setšoantšo C

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Sara eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Na ke basali feela ba ka ruang molemo mohlaleng oa Sara? Kapa na le banna ba ka rua molemo mohlaleng oa hae?

Ithute Mohlaleng oa Bona—Sara (6:27)

Hlokomela hore na Abrahama le Sara ba ile ba etsa’ng e le hore ka bobeli ba ikutloe ba hlomphuoa.

“Etsa Hore ‘Lelakabe la Jah’ le Lule le Tuka” (w23.05 24-25 ¶15-17)

a Hamorao Sara o ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang ha morena ea bitsoang Abimeleke a mo nka ho Abrahama. O ile a ba sebete ’me a mamela litaelo tsa Abrahama. Le lekhetlong leo Jehova o ile a mo pholosa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela