4 ABRAHAMA
Motho oa Pele ea Ileng a Loana Ntoa ea Jehova
JEHOVA o ile a tšepisa motsoalle oa hae Abrahama hore o tla mo etsetsa ntho e kholo, e neng e tla ama bokamoso ba batho bohle lefatšeng. O ile a re: “Ke tla u etsa sechaba se seholo.” Molimo o ile a boela a bontša Abrahama naha e ntle eo sechaba seo se neng se tla lula ho eona. (Gen. 12:2; 13:14, 15) Empa Satane o ne a ikemiselitse ho felisa Abrahama e le hore sechaba seo se se ke sa e-ba teng. Diabolose o ne a tseba hore “ngoana” eo ho neng ho boletsoe esale pele hore o tla felisa puso ea hae e khopo ’me qetellong a timetse eena Satane, o ne a tla hlaha sechabeng seo.—Gen. 3:15.
Satane o ne a ikemiselitse ho hlasela Abrahama le lelapa la hae. E mong oa batho ba ileng ba hlaseloa haholo ke ngoana oa ngoan’abo Abrahama, e leng Lota. Abrahama o ile a ba mosa eaba o re Lota a khethe pele hore na o batla ho lula hokae Naheng e Tšepisitsoeng. Kahoo, Lota o ile a khetha sebaka se setle ka ho fetisisa, se mobu o nonneng. Sebaka seo se ne se le haufi le Sodoma, moo ho neng ho lula banna ba “khopo, e le baetsalibe ba baholo ho Jehova.” (Gen. 13:8-13) Morena oa Sodoma o ne a ikopantse le marena a mang a mane a Kanana ’me ba ne ba se ba khathetse ke ho patala morena oa Elame lekhetho. Kahoo, ba ile ba fetohela morena oa Elame eaba morena oa Elame le eena o ikopanya le marena a mang a mararo a hlahang libakeng tse hole. Ba tla ba hlaha ka leboea ’me ba loantša marena ao a Bakanana eaba baa ba hlola. Marena ao a hlotseng a ile a leba hae a hapile lintho tse ngata le batho ho akareletsa le lelapa la Lota.
Abrahama o ile a etella pele sehlopha sa banna ba 318 ho ea loantša marena a mane a matla
Abrahama o ne a tla etsa joang? Mohlomong o ne a ka ’na a re Lota o tebetebeng ena ka lebaka la liqeto tseo a li entseng. Kapa mohlomong o ne a ka ’na a tšoenyeha ka hore haeba a batla ho pholosa Lota, o tla lokela ho loantša marena ao ’me e mong oa ’ona e ne e le morena oa Shinare. Abrahama e ne e le motho ea lulang a tsamaea, a le motle ka ho lisa eseng ka ho loana. Joale na o ne a ka hlola mabotho a ikopantseng a marena a mane a matla? Ho feta moo, Abrahama le eena o ne a tsoa Shinare. Haeba e ne e le motho e mong, o ne a ka ’na a nahana hore haeba a ka loantša morena oa Shinare, o ne a tla be a itšenyetsa monyetla oa ho khutlela mabothobothong Ure. Empa Abrahama ha aa ka a nahana joalo. O ne a tseba seo Jehova a batlang hore a se etse.
E ka ’na eaba ka nako eo, ho ne ho se ho e-na le batho ba ka holimo ho 1 000 lelapeng la Abrahama. O ile a bokella basebeletsi ba hae ba banna ba 318 ba koetlisitsoeng bakeng sa ntoa. A boela a ikopanya le batho ba bang eaba ba il’o loantša morena oa Elame. Ba ile ba nka leeto le lelelele ho ea Dane e ka leboea ’me ba fumana lira tsa bona moo. Abrahama o ile a arola banna ba hae ka lihlopha tse peli eaba ba hlasela lira tsa bona e le bosiu. Le hoja masole a Abrahama e ne e le sehlotšoana se senyenyane, a ile a hlola lira tsa ’ona eaba lia baleha. Ha lira tsa bona e leng marena a mane le banna ba ’ona ba balehela hole ka leboea, Abrahama o ile a tsoela pele ho ba lelekisa. Qetellong ha ba le haufi le Damaseka, Abrahama o ile a ba hlola ka ho feletseng eaba o ba nkela lintho tsohle le batho bao ba ba hapileng Kanana. Ena ke tsela eo Lota le ba lelapa la hae ba ileng ba pholoha ka eona.
Jehova o ile a ikutloa joang ka sebete le tumelo eo Abrahama a ileng a e bontša? Karabo e ile ea hlaka ha Abrahama a feta haufi le motse oa Saleme. Morena oa motse oo, e leng Melkizedeke, e ne e boetse e le moprista oa Jehova. Melkizedeke o ile a tsoa motseng ho ea khahlanyetsa Abrahama ’me a mo hlohonolofatsa. Abrahama ka ho rata o ile a fa Melkizedeke karolo ea leshome ea lintho tse ntle ka ho fetisisa tseo a neng a li hapile.
Ho hlakile hore Abrahama ha aa ka a hlola ntoa eo ka matla a hae hobane ntoa eo e ne e se ea hae, e ne e le ntoa ea Molimo. Bibele e bua ka “buka ea Lintoa tsa Jehova.” (Num. 21:14) Ho ka etsahala hore ntoa ena eo Abrahama a ileng a e loana, ke eona ea pele e ileng ea ngoloa bukeng eo. Lilemo tse makholo hamorao, ha litloholo tsa Abrahama li ne li loana le Bakanana ba khopo ba neng ba lula Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ne a lula a loanela bahlanka ba hae ba tšepahalang ’me ba ne ba hlola.
Leha ho le joalo, Molimo o ne a sa sireletse batho ba hae haeba ba mo lahla. Qetellong, Jehova o ile a ba lahla ka ho feletseng ha ba ne ba hana ho amohela Mora oa hae, e leng Mesia. Ho e-na le hore Jehova a hlohonolofatse sechaba sa Baiseraele, o ile a qala ho hlohonolofatsa sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng se etelloang pele ke Kreste. Jesu ha aa ka a lumella barutuoa ba hae ho kenella lintoeng. (Mat. 26:52) Ho e-na le hoo, o ile a ba ruta hore ba loane khahlanong le Satane le lithuto tsa bohata hammoho le boitšoaro bo bobe boo a bo khothaletsang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a re bontša hore e le hore re loane ntoa eo re tl’o hloka ho ba sebete.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Tlalehong ee, Abrahama o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore lintlha tse hlahang tlalehong ee li nepahetse? (w89 7/1 5 ¶4–6 ¶1)
2. Ke bopaki bofe bo tšehetsang tlaleho ea Bibele ea Sodoma le Gomora? (it “Leoatle la Letsoai” ¶6-wcgr) A
BestTravelPhotography/iStock via Getty Images Plus
Setšoantšo A: Le kajeno lifate tsa palema le limela tse ling li ngata sebakeng seo e ka ’nang eaba e ne e le Sodoma ea boholo-holo
3. Melkizedeke e ne e le morena le moprista motseng oa Saleme. Saleme e ne e le hokae? (it “Saleme”-wcgr)
4. Melkizedeke o ne a tšoantšetsa Jesu joang? (it “Moprista ea phahameng” ¶27-28-wcgr) B
Setšoantšo B
Nahana ka Seo U Ithutileng Sona
Abrahama o ile a lumella Lota hore a nke sebaka se setle ka ho fetisisa. Re ka etsisa Abrahama joang tseleng eo re tšoarang ba malapa a rona, Bakreste-’moho le rona le batho ba bang ka eona? C
Setšoantšo C
Taba ea hore Abrahama o ne a ikemiselitse ho thusa Lota e re ruta’ng?
U ka etsisa sebete seo Abrahama a ileng a se bontša joang tlalehong ee?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Abrahama kapa Lota eng ha ba se ba tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Sheba hore na ke eng e ileng ea etsa hore Abrahama a qetelle a tšepa Jehova ka ho feletseng.
Abrahama o ile a bontša joang hore o sebete le pele a tloha Ure?