5 ABRAHAMA
O ne a Ikemiselitse ho Etsa Ntho e Boima ka ho Fetisisa
ABRAHAMA o tsamaea butle a lebile moo a laetsoeng hore a ee teng. Leeto lena le ne le tl’o nka matsatsi a ’maloa feela empa kannete lena e ne e le leeto le boima ka ho fetisisa bophelong ba hae.
O ne a ntse a touta ka ntho eo Jehova a mo kopileng hore a e etse. Molimo o ile a re: “Ke kopa u ee naheng ea Moria le mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo Isaka ’me u etse sehlabelo sa secheso ka eena moo, holim’a e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.” Jehova o ne a tseba hore na Abrahama o ne a rata Isaka hakae. Joale ke hobane’ng ha Molimo a ile a mo kopa hore a etse ntho e tjee? Abrahama o ne a tla etsa’ng e le hore a be le tumelo le sebete, e leng lintho tseo a neng a li hloka e le hore a mamele taelo ee ea Molimo?
Bibele e re Abrahama ke “ntate oa bohle ba nang le tumelo.” (Bar. 4:11) O ne a se a ntse a e-na le tumelo e matla le pele ho moo ’me Jehova o ne a ile a mo thusa hore a matlafatse tumelo eo. Ka mohlala, ka letsatsi le leng lilemo tse mashome tse fetileng, Molimo o ile a bolella Abrahama hore o tl’o felisa metse e khopo ea Sodoma le Gomora. Taba ena e ile ea tšoenya Abrahama haholo hoo a ileng a botsa Jehova hore na kannete o tl’o felisa batho ba lokileng le ba khopo. Ka mamello Jehova o ile a bolella Abrahama hore a ke ke a felisa metse eo hafeela a ka fumana batho ba seng bakae feela ba lokileng moo. (Gen. 18:16-33) Abrahama ha aa ka a lebala seo a ithutileng sona ka Jehova, hore o na le toka ebile o mohau.
Ke eng e neng e ka etsa hore Abrahama a be le sebete sa ho mamela ha Jehova a mo kopa ho etsa ntho eo ho seng ntate ea lerato ea ka nahanang ho e etsa?
Ka mor’a nako e seng kae, Jehova o ile a etsetsa Abrahama le Sara ntho e ’ngoe e hlollang. Jehova o ile a etsa hore ba khone ho ba le ngoana ea bitsoang Isaka, le hoja Sara a ne a se a ka ba lilemo li 90 ’me Abrahama a le lilemo tse ka bang 100. (Bar. 4:18, 19) Abrahama o ile a ithuta hore lintho tsohle lia khoneha ho Jehova. Thuto ena le eona Abrahama ha aa ka a e lebala, e ile ea lula pelong ea hae.
Ha Abrahama a le tseleng e eang Moria, ha ho pelaelo hore o ne a ntse a nahana ka lintho tseo tse mo etsahaletseng lilemo tse ka bang 25 tse fetileng. O ne a kholisehile hore le haeba Isaka a ka shoa, Jehova a ka mo tsosa ebile o lakatsa ho etsa joalo. (Baheb. 11:19) Tšepo ena e ile ea mo fa sebete sa hore a tsoele pele ho ea moo a laetsoeng ho ea teng.
Ha Abrahama a atamela sebaka seo Jehova a se khethileng, o ile a bolella bahlanka ba hae hore ba sale eaba eena le Isaka ba hloa thaba ho ea etsa sehlabelo. O ile a bua a kholisehile hore o tla khutla le Isaka. Nako ea hore Abrahama a etse ntho eo Molimo a neng a mo kopile eona e ile ea fihla ha ba se ba le babeli feela thabeng. Le hoja Isaka a ne a le mocha a bile a le matla ho feta ntate oa hae, o ile a lumella hore Abrahama a mo fase maoto le matsoho le hore a mo behe aletareng. Abrahama a ntša thipa, a phahamisa letsoho a le malala-a-laotsoe ho etsa ntho eo ho seng ntate ea neng a ka nahana ho e etsa. Empa a thijoa ke lentsoe la lengeloi ha le mo bitsa ka lebitso le re: “U se ke oa bolaea moshanyana eo.”
Molimo o ile a babatsa Abrahama ka lebaka la tumelo ea hae le hobane a ile a mo mamela. O ile a tiisa tšepiso ea hore o tla hlohonolofatsa Abrahama, ka hore a etse hore bana ba hae ba be bangata le hore “lichaba tsohle tsa lefatše” li fumane tlhohonolofatso ka lebaka la seo Abrahama a neng a ikemiselitse ho se etsa.
Tšepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama e ntse e tsoela pele ho phethahala. Tšepiso eo e tla ruisa batho molemo oa ka ho sa feleng. Pale ea Abrahama le Isaka e re senolela ho hong ka Jehova. O ile a re fa leseli ka bohloko boo a neng a tla feta ho bona e le hore a boloke batho bohle ba tšepahalang. Joalokaha Abrahama a ne a ikemiselitse ho fana ka Mora oa hae eo a mo ratang, Jehova le eena o ne a ikemiselitse ho fana ka Mora oa hae ea mong, e leng Jesu, molemong oa batho bohle. (Joh. 3:16) Kahoo, ha re bala ka boitelo boo Abrahama a bo bontšitseng, re ithuta kamoo Jehova a re ratang kateng.
Joaloka Abrahama, tumelo ea rona e tla ba matla haeba re sa lebale lintho tseo Jehova a li buileng le tseo a li entseng nakong e fetileng. Ha tumelo ea rona e matlafala, re tla ba sebete le ho feta. Ha rea lokela ho tšoenyeha ka hore Molimo o tla re kopa ho etsa ntho eo a ileng a kopa hore Abrahama a e etse. Ha a e-s’o kope motho e mong hape hore a etse ntho e joalo. Empa re kholisehile hore haeba Molimo a re kopa hore re etse ntho e itseng, tumelo ea rona e tla re thusa hore re be le sebete sa ho e phetha. Haeba re mamela re tla fumana litlhohonolofatso ho feta kamoo re ka nahanang kateng.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Tlalehong ee, Abrahama o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Abrahama e ne e le motho oa sebele? (g 5/12 18, lebokose; it “Abrahama” ¶22-23-wcgr) A
Setšoantšo A: Lebota le takiloeng le Karnak, Egepeta, le bua ka “Tšimo ea Abrame”
2. Ho tlile joang hore Abrahama a ithute ka Jehova Molimo? (ia 26 ¶4-5)
3. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amohela borapeli ba Abrahama? (rr 20 ¶18)
4. Tšepiso eo Jehova a e etselitseng Abrahama ho Genese 22:17 e tiisa joang hore Bibele e nepahetse litabeng tsa saense? (g88 4/8 23) B
Setšoantšo B
Setšoantšo B
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Tšepo ea Abrahama e mo thusitse joang hore a be sebete? Ha re lula re nahana ka tšepo ea rona, ntho eo e tla re thusa joang hore re be sebete? C
Setšoantšo C
Re ka etsisa Abrahama joang ka hore re be sebete ’me re fane ka sehlabelo . . .
ha re bona monyetla oa hore re qoqe le batho ka Bibele? (Baheb. 13:15)
ha re etsa qeto ea hore na re tla sebelisa lintho tsa rona joang? (Liprov. 3:9)
ha re utloa hore balumeli-’moho le rona ba hloka thuso ea rona? (Bafil. 4:18)
U ka etsisa sebete seo Abrahama a ileng a se bontša joang tlalehong ee?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Abrahama kapa Isaka eng ha ba se ba tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Bona lintho tse ileng tsa etsahala tlalehong ena.
Ho tlile joang hore Abrahama e be motsoalle ea haufi oa Jehova? U ka etsa joang hore le uena u matlafatse setsoalle sa hao le eena?