6 REBEKA
O Ile a ea Moo a sa Tsebeng
REBEKA ke eo a atamela seliba a nkile nkho ea metsi. E se e le mantsiboea, letsatsi le haufi le ho sunya nko mobung. O ne a tloaetse ho khella lelapa labo metsi ka nako ena letsatsi le leng le le leng. Empa letsatsing leo a bona sehlopha sa banna bao a sa ba tsebeng se eme le likamele pel’a seliba. Leha ho le joalo, ha aa ka a khutla, o ile a ea selibeng eaba o kha metsi.
Ha a qeta ho nka nkho ea hae e boima a leba hae, e mong oa banna bao a mo atamela. E ne e le monna ea holileng ’me o ile a re ho eena: “Ke kopa u mphe metsinyana ka nkhong ea hao.” Rebeka ha aa ka a iphapanyetsa banna bao le hoja a ne a sa ba tsebe empa o ile a ba thusa. O ile a re ho ntate-moholo eo: “Noa moren’a ka.” Eaba o theola nkho ’me o mo thusa hore a noe ho fihlela a khotsoe.
Ha aa ka a fella moo. O ile a ithaopela le ho khella likamele tsa banna bao ba leshome bao a sa ba tsebeng metsi. Monna eo o ne a shebile a maketse ha moroetsana enoa ea motle a ntse a ea holimo le tlase ka nkho, a tlatsa a bile a tlatseletsa senoelo ho fihlela likamele kaofela li noele ebile li khotsofetse. O ile a mo botsa hore na ke ngoan’a mang le hore na ba ka robaletsa habo bosiung boo. Rebeka o ile a lumela hang-hang, a ba a re o tla fa liphoofolo tsa bona lijo.
Rebeka o ne a sa tsebe empa Jehova ke eena ea neng a entse hore a kopane le monna enoa ea holileng. O ne a tsoa hole ’me e ka ’na eaba e ne e le Eliezere, e leng mosebeletsi oa Abrahama ea tšepahalang. Libeke pele ho moo, mong’a hae Abrahama o ile a mo kopa hore a e’o batlela mora oa hae Isaka mosali. Isaka e ne e le mojalefa oa Abrahama, kahoo Abrahama o ne a batla hore a mo khethele ngoanana lelapeng le rapelang Jehova. Taba ena e ile ea etsa hore Eliezere a kope thuso ho Jehova ka thapelo. O ile a rapella hore ngoanana eo Molimo a mo khethileng a tle a ba amohele ka tsela e khethehileng ’me Rebeka o ile a fela a etsa joalo.
Rebeka ha aa ka a qea-qea ho thusa banna bao a sa ba tsebeng a bile a qala ho kopana le bona. Mehleng eo, ho ne ho ntse ho bolokehile hore motho a ka amohela baeti le hoja a sa ba tsebe empa batho ba mehleng ena ke batho “ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle.” (2 Tim. 3:1, 3) Rebeka o ile a beha mohlala o motle nakong eo. O ile a bontša sebete le maemong a mang.
Ha ba fihla lapeng, Rebeka o ile a utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ile ba nka leeto le lelelele hakaalo. Bethuele, ntate oa Rebeka le abuti oa hae Labane ba ile ba re Eliezere a lule fatše ba je. Empa o ile a re a ke ke a ja pele a ba bolella hore na o tletse’ng moo. O ile a ba hlalosetsa hore na Jehova o mo thusitse joang ho fumana Rebeka ’me banna bao ba babeli ba ile ba hlokomela hore taba ena ke ’nete, eaba ba re: “Taba ena e tsoa ho Jehova.”
Rebeka o ne a tla etsa’ng ha a utloa hore ke thato ea Molimo hore a tlohe ha habo a ee sebakeng se hole ho ea nyalana le motho eo a sa mo tsebeng?
Rebeka o ne a tla etsa’ng? Na o ne a e-na le boikhethelo tabeng ee? Abrahama o ne a ile a re ngoanana eo a ka ’na a hana ho ea Kanana le Eliezere. Hoseng letsatsing le hlahlamang, Eliezere o ile a kopa hore na a ka tsamaea le Rebeka hang-hang. Lelapa labo Rebeka le ile la etsa qeto ea ho mo botsa hore na eena o ikutloa joang ka taba eo. Ha ba mo botsa, o ile a re feela: “Ke tla tsamaea le eena.” O ne a ikemiselitse ho siea ba lelapa labo a ee naheng e hole, a sa tsebe hore na o tla ke a ba bone hape. Ke’ng e neng e etsa hore a be sebete hakaalo? Ho bonahala eka le eena o ne a bona hore Jehova o batla hore a tsamaee.
Ka mor’a ho qeta libeke ba tsamaea ka likamele, qetellong ba ile ba fihla litenteng tsa Abrahama, Kanana. Ha Rebeka a sheba tšimong, a bona monna ea ntseng a tsamaea a le mong a tebisitse maikutlo. Letsatsi le ne le se le likela. Ha a utloa hore ke Isaka, a ikoahela ka lesira le roaloang hloohong. O ne a bontša hore o hlompha monna ea tl’o mo nyala. Isaka o ne a le lilemo li 40. E ne e le motho ea bonolo kahoo o ne a ntse a utloile bohloko hobane a ile a hlokahalloa ke ’mè oa hae Sara lilemo tse tharo pele ho moo. Molimo o ne a file Rebeka boikarabelo bo boholo. O ne a lokela ho tšehetsa monna oa hae ka lerato, a be a mo thuse hore a sebeletse Jehova e le hlooho ea lelapa. Na o ne a tla ba le sebete seo a se hlokang ho phetha boikarabelo boo? Bibele e bontša hore o ile a fela a etsa joalo. Ha Bibele e hlalosa kamoo Isaka a neng a rata Rebeka kateng, e re: “A mo rata ’me Isaka a fumana matšeliso ka mor’a ho shoeloa ke ’mè oa hae.”
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Rebeka o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ha Abrahama a e-ba le bana, ntho eo e ile ea ama Eliezere joang, hona ke’ng e bontšang hore Eliezere ha aa ka a ba mona? (Gen. 15:2-4; 24:12; w97 1/1 30 ¶2)
2. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a batla hore Rebeka a tlohe naheng ea habo a tle naheng ea Kanana, ho e-na le hore Isaka a tlohe naheng ea Kanana a ee naheng ea habo Rebeka? (w97 1/1 30 ¶3)
3. Limpho tse ileng tsa fuoa Rebeka le ba lelapa labo li ne li bolela’ng? (it “Rebeka” ¶4-wcgr)
4. Hlalosa hore na leeto la Rebeka ha a ne a tloha Harane a ea habo Isaka, Negebe, le ne le le joang. (wp16.3 15 ¶1) A
www.LifeintheHolyLand.com
Setšoantšo A: Mehleng ea khale ho ne ho e-na le batho ba bangata ba phelang Negebe hape ho e-na le lekhulo le leholo bakeng sa liphoofolo tsa Abrahama.
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Re ka ithuta’ng ho Abrahama, Rebeka le Isaka ha re khetha molekane oa lenyalo? (Gen. 24:2, 3; 27:46–28:1)
Rebeka o ne a khothetse, a fana a bile a hlompha batho. Kajeno, barali ba bo rona ba ka mo etsisa joang? B
Setšoantšo B
U ka etsisa sebete seo Rebeka a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Rebeka eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Hlokomela kamoo Rebeka e ileng ea e-ba mosali le ’mè ea sebete le ea tšepahalang kateng.
“Rebeka Mosali ea Neng a le Mafolofolo a Bile a Tšaba Molimo” (w04 4/15 8-11)
Bana ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Rebeka?
“Litšobotsi Tse Ntle Tsa Rebeka” (Sehlooho se Inthaneteng “Litšoantšo Tse ka Torouoang”)