10 MOSHE
O Ile a Etsa Qeto e Nepahetseng
MOSHE o ne a rehiloe lebitso ke morali oa Faro oa Moegepeta ea mo holisitseng, eseng batsoali ba hae ba Baheberu. Morali eo oa Faro o ile a mo reha lebitso leo ho ka etsahalang hore le bolela “Ea Pholositsoeng Metsing” hobane o ne a pholositse moshanyana eo metsing. O ne a tšepa hore o tla hola ’me e be monna oa bohlokoa lelapeng la borena Egepeta. E ka ’na eaba o ile a thaba ha a bona Moshe “a fumana thuto ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa Egepeta,” joalokaha Bibele e bontša.
Ha Moshe a ntse a hola, e ile ea e-ba motho oa bohlokoa sechabeng. Bibele e re: “E ne e le kheleke a bile a etsa mesebetsi e meholo.” O ne a ka ’na a sebetsa ka thata hore e be morui, a hlahelle le hore a phele hamonate Egepeta. Empa Moshe o ne a tseba hore ha a ka shebana le lintho tseo, o tla suthela hole le Jehova. Kahoo, Moshe o ne a lokela ho khetha hore na o tla etsa’ng ka bophelo ba hae.
Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a etsa hore batho bohle ba bone hore na o khethile’ng. Bibele e re ka eena: “Ha Moshe a se a holile, o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a hane ho bitsoa mora oa morali oa Faro. O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele ho etsa sebe ka nakoana.” O ile a etsa qeto e bohlale e ileng ea bontša hore o na le tumelo ebile o sebete. Leha ho le joalo, o ile a ’na a etsa liphoso.
Moshe o ne a batla ho thusa “bana babo” ba Baiseraele hobane ba ne ba tšoeroe hampe. Ka letsatsi le leng, o ile a e’o sheba hore na bana babo ba sotloa hakae. O ile a bona Moegepeta e mong a otla lekhoba le leng la Moheberu. Mohlomong Moegepeta eo e ne e le molebeli oa makhoba. Na Moshe o ile a re Moegepeta eo a tlohele ho otla lekhoba leo? Ha re tsebe. Leha ho le joalo, Moshe o ile “a sheba koana le koana,” mohlomong e le hore a bone hore na ho na motho ea ka thusetsang lekhoba leo. Empa ho ne ho se motho ea le thusetsang. Kahoo, Moshe o ile a thusetsa lekhoba leo, “a bolaea Moegepeta” eo. Na o ne a ikemiselitse ho etsa joalo? Kapa na ebe o ile a nkoa ke pelo eaba o tiisa letsoho ho feta kamoo a neng a rerile kateng? Bibele ha e bolele hore na ho etsahetse’ng. Leha ho le joalo, Moshe o ne a tseba hore bophelo ba hae bo kotsing, ke kahoo a ileng a pata setopo sa Moegepeta eo lehlabatheng.
Letsatsing le hlahlamang, o ile a ea ho Baheberu hape. Lekhetlong lena o ile a fumana makhoba a mabeli a loantšana eaba o leka ho a namola. Empa lekhoba le molato le ile la bua mantsoe a tšosang ho Moshe, la re: “Ke mang ea u behileng hore u be khosana le moahloli oa rona? Na u rerile ho mpolaea joalokaha u bolaile Moegepeta?” Moshe o ile a hlokomela hore batho ba se ba tseba hore na o entse’ng ’me taba ena e ile ea mo beha tsietsing.
Lintho ha lia ka tsa tsamaea ka tsela eo Moshe a neng a e lebeletse. O ne a lebeletse hore ho etsahale eng? Bibele e re: “O ne a nahana hore bana babo ba tla nka hore Molimo o ba pholosa ka eena empa ha baa ka ba nahana joalo.” Ho bonahala eka Moshe o ne a lumela hore Molimo o mo khethile hore a ntše sechaba sa Iseraele bokhobeng Egepeta. Empa e ne e e-s’o be nako ea hore Jehova a lokolle batho ba hae hape o ne a sa tsebe hore na bana babo ba tla itšoara joang. Le hoja e ne e le Moheberu o ne a holisitsoe ke Baegepeta, kahoo ba ne ba sa mo tšepe.
Na Moshe o ne a tla sebeletsa maruo le botumo kapa o ne a tla khetha ho thusa batho ba Jehova?
Moshe o ne a nahana hore a ka ntša batho ba Jehova Egepeta, leha ho le joalo maemo a ne a e-s’o mo lumelle hore a ka etsa joalo. Molimo o ne a tseba hore Moshe o sa ntse a hloka ho koetlisoa. Bonneteng, o ne a le sebete, a le matla ebile “e le kheleke.” Empa o ne a hloka ho ba bonolo, e leng e ’ngoe ea litšobotsi tseo Jehova a li nkang li le bohlokoa haholo. O ile a nkoa ke pelo eaba o potlakela ho bolaea Moegepeta ’me Faro o ile a tseba ntho eo a e entseng.
Faro o ile a leka ho bolaea Moshe a sa mo fa le monyetla oa ho hlalosa hore na ho etsahetse’ng. Ke kahoo Moshe a ileng a baleha Egepeta. O ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka eena, hape o ne a lokela ho siea maruo, bophelo bo monate le botumo Egepeta. O ne a lokela ho ba sebete. O ne a hloka ho ba sebete e le hore a tlohe lehaeng la habo Egepeta a ee Midiane e neng e le hole haholo. O ne a tla qeta lilemo tse ngata lehoatateng e le ‘molichaba naheng eo e seng ea habo.’ Na o ne a tla ba le sebete sa hore a fetole botho ba hae? Na e ne e tla ba monna ea bonolo le ea ikokobelitseng eo Jehova a neng a batla hore e be eena? A re bone.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Moshe o ile a bontša joang hore o sebete tlalehong ee?
Etsa Lipatlisiso
1. Histori e fana ka bopaki bofe bo bontšang hore tlaleho ea Bibele e reng Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta ke ’nete? (w20.03 30) A
Courtesy Brooklyn Museum, gift of Theodora Wilbour
Setšoantšo A: Karoloana ea lethathamo la mabitso a makhoba a Egepeta le nang le mabitso a ka bang 40 a puo ea Seheberu, Searame le Searabia la mehla ea boholo-holo, e leng se bontšang hore Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta
2. Batsoali ba Moshe ba ile ba mo ruta eng? Baegepeta bona ba ile ba mo ruta eng? (Lik. 7:22; w02 6/15 10 ¶2-5)
3. Baegepeta ba ne ba pata bafu ba bona joang? E ka ’na eaba ba ile ba ikutloa joang ha Moshe a bolaea e mong oa bona ebe ka mor’a moo oa mo tsetela ho e-na le ho mo tlotsa ka lioli le linoko a be a mo boloke ka tsela eo ba e tloaetseng? (it “Egepeta, Baegepeta” ¶28-wcgr) B
Setšoantšo B: Setopo sa Moegepeta se phuthetsoeng musiamong
4. Moshe o ile a balehela Midiane. Baiseraele le Bamidiane ba ne ba tšoana joang? (it “Midiane” No. 2 ¶1-2-wcgr)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Re ithuta’ng mohlaleng oa Moshe ka ho laola khalefo?
Mohlala oa Moshe o ka thusa bacha joang hore ba be le sebete sa ho etsa liqeto tse nepahetseng? C
Setšoantšo C
U ka etsisa sebete seo Moshe a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
Ha Moshe a se a tsositsoe, u ka rata ho mo botsa eng ka bophelo ba hae ha e sa le mocha?
Ithute Lintlha Tse Ling
Bona hore na re ka etsisa boitelo ba Moshe joang.
Etsisa Batho ba Nang le Tumelo, Eseng ba se Nang Eona—Moshe, Eseng Faro (2:27)
Moshe o ile a tela maruo hore a khone ho sebeletsa Jehova. Na ke bohlale ho etsa ntho e tšoanang le mehleng ee?