33 JEHOJADA
O Ile a Sireletsa Borena
JEHOJADA o ne a se a tsofetse. Leha ho le joalo, o ne a ntse a le matla a bile a phathahane mosebetsing oa Jehova ’me a chesehela ho etsa se nepahetseng. Jehojada e ne e le moprista ea phahameng tempeleng e Jerusalema. Ka hona, o ne a e-na le boikarabelo ba hore a thuse batho hore ba rapele Jehova ka tsela e nepahetseng.
Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo hobane batho ba bangata ba ne ba rapela melimo ea bohata, ba bile ba etsa lintho tse mpe. Lebaka le leng le neng le etsa hore batho ba bangata ba etse lintho tse mpe, ke bokhopo ba mosali ea neng a bitsoa Athalia. E ne e le morali oa Jezebele le Morena Akabe oa Iseraele, ba neng ba le khopo hoo Jehova a ileng a laela hore leloko lohle la bona le felisoe. Le hoja Athalia a ne a nyetsoe ke morena oa Juda, o ne a hloile borapeli ba ’nete. Ka mor’a hore monna oa hae a hlokahale, mora oa hae e ile ea e-ba morena, empa Jehova o ile a laela hore a bolaoe. Ka mor’a moo, Athalia o ile a ipeha hore e be eena ea busang Juda. Ena e ne e se ntho eo Jehova a neng a e batlang. O ne a batla hore e be banna ba tsoang lelokong la Davida feela ba busang sechaba sa hae. E le ho sireletsa setulo sa hae sa borena, o ile a etsa qeto ea ho bolaea mang kapa mang ea ka batlang ho mo nkela sona. O ile a ba a laela hore ho bolaoe litloholo tsohle tsa hae hobane kaofela ha tsona e ne e le majalefa a borena ba Iseraele.
Moprista ea phahameng le mosali oa hae ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ho sireletsa ngoana eo mosali ea khopo a neng a batla ho mo bolaea
Jehojada o ne a nyetse mosali ea sebete ea bitsoang Josheba, eo hape a neng a bitsoa Joshabeathe, a bile a tsoa lelapeng la borena. Jehojada le mosali oa hae ba ne ba utloa ba sa khone ho ema feela ba phuthile matsoho ebe ba shebella Athalia ha a bolaea bashanyana bohle ba tsoang lelokong la Davida. Ba ne ba tseba hore Jehova o ne a tšepisitse hore se seng sa litloholo tsa Davida se ne se tla busa ka ho sa feleng. (2 Sam. 7:12, 13) Josheba o ile a etsa qeto ea ho sireletsa e mong oa majalefa ao. Ngoana eo e ne e le lesea le e-s’o qete le selemo. Josheba o ile a iteta sebete eaba o ea ntlong ea borena, a fihla a utsoa lesea leo. Ka mor’a moo, o ile a tlisa moshanyana eo le mohlokomeli oa hae ho monna oa hae Jehojada. Jehojada o ile a beha lesea leo ka tempeleng, kamoreng e neng e patehile, moo batho ba neng ba ke ke ba le bona.
Jehojada o ile a pata Joase ka tempeleng ea Molimo ka lilemo tse tšeletseng a mo sirelelitse. E tlameha ebe lilemong tseo kaofela, ho ne ho le boima haholo, hobane ha Athalia a ne a ka tseba ntho eo eena le mosali oa hae ba e entseng, o ne a tl’o ba bolaea ka sehlooho ho akarelletsa le ngoana eo. Qetellong, nako e ile ea fihla ea hore Jehojada a etse qeto e neng e hloka hore a be sebete. O ile a bolella balaoli ba masole ba bahlano ba tšepahallang Jehova, sephiri sa hore ho na le moshanyana ea tsoang lelokong la Davida, ea neng a e-na le tokelo ea ho ba morena oa Iseraele. O ile a re ba tlise masole a 500 a tl’o lebela tempele le sebaka se pel’a eona. Nakong eo Jehojada a neng a hlomamisa Joase, masole ao a ne a pota-potile moshanyana eo, a hlometse ka libetsa le lithebe. Batho ba ne ba opa liatla ba bile ba entse mohoo o moholo, eaba Athalia o tla a matha.
A fihla a itahlela ka lebaleng la tempele. O ile a hla a bona li sa tloha feela hore na ho etsahala’ng, eaba o leka ho thibela hore Joase ebe morena. A hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!” le hoja motho ea neng a e-na le molato oa borabele e ne e le eena. Haeba o ne a nahana hore ho na le batho ba tla mo tšehetsa, o ne a fositse. Jehojada o ile a ba sebete, a laela balaoli ba masole hore ba ntšetse mosali eo ea khopo ka ntle ho tempele. Ba ile ba etsa joalo, eaba ba mo bolaela hona moo. Jehova o ne a ile a re: “Ke tla bolaea bohle ba lelapa la Akabe.” (2 Mar. 9:8) Ho ka etsahala hore ebe Athalia e ne e le eena oa ho qetela oa ho bolaoa lelapeng leo le khopo.
Ka mor’a hore Athalia a bolaoe, Jehojada o ile a etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa. O ile a thusa sechaba le morena ho tšepisa Jehova Molimo hore ba tla mo tšepahalla. A boela a laela hore ho heletsoe tempele ea Baale le hore baprista ba neng ba sebeletsa tempeleng eo ba bolaoe. Ka mor’a moo, Jehojada o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho koetlisa Joase hore e be morena ea molemo le ea tšepahalang. Ha Jehojada a ntse a phela, Joase o ile a lula a tšepahala ho Molimo. Empa qetellong Jehojada o ile a hlokahala a le lilemo li 130. O ile a bolokoa le marena a neng a busa Jerusalema. Ena e ne e le tlotla hobane ho ne ho sa tloaeleha hore baprista ba phahameng ba bolokoe le marena.
Ka masoabi, ka mor’a hore monna eo ea tšepahalang a hlokahale, Joase o ile a kheloha. O ile a susumetsoa ke likhosana tse khopo tsa Juda, ’me a qala ho khothalletsa borapeli ba bohata. Ha aa ka a mamela ha baprofeta ba Jehova ba mo khalemela. E mong oa baprofeta bao e ne e le Zakaria, mora oa Jehojada. O ile a botsa sechaba, a re: “Ke hobane’ng ha le sa mamele litaelo tsa Jehova?” Ntho eo e ile ea etsa hore Joase a tuke ke bohale eaba o laela hore Zakaria a bolaoe. Leha ho le joalo, joaloka ntate oa hae, Zakaria o ile a tsoela pele ho bontša sebete ho fihlela lefung. Lilemo tse makholo hamorao, Jesu Kreste o ile a bua hantle ka Zakaria. Joaloka Ntate oa hae, Jesu ha a lebale sebete seo banna le basali ba tšepahalang ba se bontšang.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Jehojada o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Litsebi tse ling tsa Bibele li re “balebeli ba Bakaria” ba ileng ba thusa Jehojada ho tlosa Athalia boreneng ke bo-mang? (2 Mar. 11:4, 19; it “Balebeli ba Bakaria”-wcgr)
2. Ho ka etsahala hore e be “Bopaki” ke eng, hona ke hobane’ng ha Jehojada a ile a bo beha holim’a Joase? (2 Mar. 11:12, nal.; w91 2/1 31 ¶5-6) A
Setšoantšo A
3. Ke hobane’ng ha Joase a ile a fana ka taelo ea hore ho lokisoe ntlo ea Jehova? (2 Likron. 24:4-7, 11-14; it “Joase” No. 1 ¶5-wcgr)
4. Zakaria e ne e le mora oa Jehojada. Joale ke hobane’ng ha Jesu a ile a mo bitsa “mora oa Barakia”? (“mora oa Barakia” tlhaloso ea mantsoe e ho Mat. 23:35, Bibeleng ea Senyesemane)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ho ka etsahala hore ha Jehojada a ne a pata Joase, o ne a le ka holimo ho lilemo tse 100. Mohlala oa hae o ka thusa bahlanka ba Jehova ba seng ba holile joang? (Pes. 92:12, 14) B
Setšoantšo B
Ha Joase a ne a mamela Jehojada, lintho li ne li mo tsamaela hantle. Ke’ng seo bacha ba ka ithutang sona tabeng ee?
U ka etsisa sebete seo Jehojada a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Jehojada eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Bana ba ka ithuta eng ho Joase tabeng ea ho khetha metsoalle ka hloko?
“Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe” (w09 4/1 24-25)
Bona kamoo Jehojada a re behetseng mohlala o motle kateng tabeng ea ho fana ka monehelo ho tšehetsa borapeli ba ’nete.