34 EZEKIASE
“O Ile a Lula a Tšepahalla Jehova”
EZEKIASE ke e mong oa marena a ’maloa a Juda a neng a rata Jehova haholo empa ntate oa hae, Akaze, e ne e le morena ea khopo. O ne a khothalletsa batho hore ba rapele litšoantšo. O ile a ba a chesa e mong oa bara ba hae e le sehlabelo borapeling ba melimo ea bohata. (2 Mar. 16:2-4; 2 Likron. 28:1, 3) Ho ka etsahala hore ha Ezekiase a sa le monyenyane, o ile a bona lintho tse tšosang tseo ntate oa hae a neng a li etsa. Empa ha a se a le moholo, ha aa ka a latela mohlala o mobe oa ntate oa hae. Ha Ezekiase a le lilemo li 25, ntate oa hae o ile a hlokahala eaba e ba morena ’me ka sebete a felisa borapeli ba litšoantšo.
Ezekiase o ile a bula le ho lokisa tempele ea Jehova e Jerusalema, a tlosa litšoantšo tsohle tse neng li le ka moo a ba a kopa baprista le Balevi hore ba khutlele mosebetsing oa bona. Ka mor’a moo, o ile a roma baromuoa hore ba e’o mema batho bohle ’musong o ka leboea oa Iseraele hore ba tle moketeng oa Paseka, Jerusalema. Baiseraele ba bang ba ile ba tšeha baromuoa bao, empa ba bang ba ile ba tla. Mohlala oa Ezekiase o ile oa thusa batho ba lulang Iseraele le ba lulang Juda hore ba be le sebete ’me ba senye litšoantšo tse rapeloang le libaka tseo ho etsetsoang borapeli ba bohata ho tsona. Ba ile ba ba ba senya le noha ea koporo eo Jehova a neng a ile a re Moshe a e etse lilemo tse ka bang 700 tse fetileng hobane Baiseraele ba ne ba se ba qalile ho e rapela. Ezekiase o ne a laetse hore e felisoe.
E ne e se e le lilemo tse ngata Ezekiase a ntse a hlokomela hore ’muso oa hae o tl’o hlaseloa. Jehova o ile a qeta nako e telele a ntse a lemosa ’muso o ka leboea oa Iseraele hore naha ea bona e tl’o felisoa. Sena ke se ileng sa etsahala lilemo tse ’maloa ka mor’a hore Ezekiase e be morena Juda. Baasiria ba ile ba hlasela ’muso oo, ba isa Baiseraele ba bangata Asiria. Mohlomong Ezekiase o ne a ipotsa hore na Baasiria ba tl’o hlasela motse oa bona oa Juda na. Bajuda le bona ba ne ba sa tšepahalle Jehova joaloka Baiseraele, ebile ho ka etsahala hore bona ba ne ba fetelletse. Jehova o ne a ile a sebelisa baprofeta ho lemosa sechaba sena sa Juda hore o tla se fa kotlo haeba se sa fetohe ’me lentsoe la hae le lula le phethahala. Ezekiase o ne a e-na le mabaka a ho khathatseha kaha joale lebotho la Baasiria le ne le ntse le hapa metse e haufi le Juda.
Ho e-s’o ee kae, mabotho a Baasiria a ile a leka ho hlasela Juda, a eteletsoe pele ke Morena Sankeribe ea mabifi. Qetellong a ile a hapa metse e mengata ea Juda. Kaha litsietsi lia bitsana, nakong ena eo a neng a ntse a tšohile Morena Sankeribe, o ile a hlaheloa ke bothata bo bong hape ba hore a tšoaroe ke boloetse bo kotsi bo neng bo ka ’na ba mo bolaea. Kaha o ne a e-s’o be le mora, haeba a ne a ka shoa ho ne ho sa tl’o ba le morena ea tsoang lelokong la Davida. Kahoo, o ile a kopa Jehova ka tieo hore a mo thuse. Jehova o ile a araba thapelo ea hae. O ile a mo hauhela ’me a mo ekelletsa bophelo ka lilemo tse ling tse 15. Leha ho le joalo, Baasiria ba ne ba ntse ba leka ho hlasela Jerusalema.
E le ho sireletsa motse o halalelang oa Jehova, e leng Jerusalema, Ezekiase o ile a leka ho bopa khotso ka hore a romelle Sankeribe chelete eo a neng a e batla. Morena enoa oa Asiria o ile a nka chelete empa o ne a ntse a batla ho hapa motse oa Jerusalema. Leha ho le joalo, Ezekiase o ile a ’na a sebetsa ka thata ho tiisa motse oa Jerusalema, ka hore a hahe lebota le leng. A boela a haha kotopo e tlisang metsi motseng e le hore ha lira tsa bona li ka pota-pota motse, ba be ba e-na le metsi. O ile a tsoela pele ho khothatsa batho ba hae hore ba tšepe Jehova. A ba bolella hore Jehova o matla ho feta lebotho leha e le lefe ho akarelletsa le la Sankeribe.
Ezekiase o ile a khothatsa baahi ba Jerusalema ha sera sa bona se matla se ne se leka ho ba tšosa
Sankeribe o ile a halefa le ho feta. O ile a romela moromuoa oa hae ea phahameng Rabshake hore a il’o tšosa le ho nyahamisa batho ba Jerusalema. Monna enoa ea tellang o ile a rohaka Morena Ezekiase le Jehova. Empa Ezekiase o ile a tsoela pele ho beha tšepo ea hae ho Jehova. Hape Sankeribe o ile a romella Ezekiase mangolo a tla mo tšosa le ho mo nyahamisa. Ezekiase o ile a nka mangolo ao a ea le ’ona tempeleng a fihla a a ala ka pel’a Jehova. Ka ho etsa joalo, o ne a lahlela bothata bona ho Jehova Molimo ea matla ’ohle. Jehova o ile a mo araba ka ho mo romella molaetsa o khothatsang a sebelisa moprofeta oa hae, Esaia. Moprofeta eo o ile a mo bolella hore Jehova o itse Sankeribe a ke ke a kena Jerusalema. Banna ba hae ba ne ba ke ke ba khona le ho betsetsa motsu moo.
Bosiung boo, Jehova o ile a romela lengeloi la hae litenteng tsa Baasiria. Lengeloi leo le ile la bolaea masole a Sankeribe a 185 000 ka ho panya ha leihlo. U ka inahanela feela hore na Sankeribe o ile a tšoha hakae ha a tsoha hoseng ’me a bona litopo tse ngata hakaalo. O ile a balehela naheng ea habo a soabile nko ho feta molomo. Hamorao ha a le tempeleng ea molimo oa hae Nisroke, bara ba hae ba ile ba mo bolaea.
Jehova o ile a pholosa Ezekiase le batho ba hae ka tsela e hlollang. Kaha tlhaselo ea Baasiria e ne e se e felile le eena a se a folile, o ile a khona ho ba le mora. Empa ka masoabi, Ezekiase o ile a qala ho ikhohomosa. Leha ho le joalo, o ile a amohela phoso ea hae ha Jehova a mo khalemela. Ezekiase e ile ea e-ba e mong oa marena a molemo a kileng a busa batho ba Jehova. O ile a ba sebete linakong tse thata haholo ’me a itšetleha ka Jehova ho fihlela a shoa.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Ezekiase o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane eng e bontšang hore lintho tseo Bibele e li buang ka Ezekiase ke ’nete? (w11 5/1 15 ¶1-3) A
Zev Radovan/Alamy Stock Photo
Setšoantšo A: Setempe sa letsopa sa mehleng ea Ezekiase, seo ho sona ho ngotsoeng: “Ke sa Ezekiase [mora oa] Akaze, Morena oa Juda”
2. Ezekiase o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia bo buang ka “noha ea mollo e fofang” joang? (Esa. 14:28, 29; ip-1 190-191 ¶4-6)
3. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane letlapa la letsopa Ninive le nang le mantsoe a Sankeribe ha a ithorisa. O ne a ithorisa ka eng? Ke eng seo a sa kang a bua ka sona, hona ke hobane’ng ha taba ee e thahasellisa? (g 12/10 27 ¶3-5) B
© The Trustees of the British Museum. Licensed under CC BY-NC-SA 4.0. Source
Setšoantšo B: Letlapeng lena la letsopa le bitsoang Taylor Prism, Sankeribe o bua ka linaha tseo a li hlotseng
4. Ka 2003, bafuputsi ba bang ba ile ba batlisisa hore na ehlile Kotopo ea Ezekiase e ile ea hahoa nakong ea puso ea hae. Ba ile ba fumana eng? (w09 5/1 27 ¶3-5)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Mohlala oa Ezekiase o ka khothatsa Mokreste eo ntate kapa ’mè oa hae eseng Paki ea Jehova joang? C
Setšoantšo C
Ke ntho efe eo Ezekiase a neng a amehile ka eona haholo ha Baasiria ba ne ba tšosa Jerusalema? (2 Mar. 19:15-19) Re ka mo etsisa joang kajeno?
U ka etsisa sebete seo Ezekiase a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Ezekiase eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Shebella video e latelang hore u bone lintho tse ho 2 Marena 19:14-36 ha li etsahala.
Lengolo la Mikea 5:5 le ile la phethahala joang mehleng ea Ezekiase, hona le phethahala joang kajeno?
“Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno” (w13 11/15 18-20 ¶9-18)