35 MANASE
O Ile a ba le Sebete sa Hore a Fetohe
MANASE o ile a hlaha ka mor’a hore Jehova a etsetse Morena Ezekiase mohlolo. Ezekiase e ne e le ntate oa Manase. Ha Ezekiase a kula a bile a le makhatheng a lefu, Molimo o ile a mo folisa. Ka mor’a moo, o ile a ba le mora ea bitsoang Manase. Ezekiase e ne e le morena ea lokileng a bile a sebeletsa Jehova. Leha ho joalo, ka masoabi Ezekiase o ile a shoa ha Manase a e-na le lilemo li 12. Manase e ile ea e-ba morena, empa ha aa ka a latela mohlala o motle oa ntate oa hae oa ho sebeletsa Jehova.
Libe tsa Manase e ne e le tse tšosang. Ka lilemo tse ngata tsa puso ea hae, o ne a rapela melimo ea bohata le litšoantšo a bile a khothalletsa batho ho etsa se tšoanang. Tlas’a puso ea hae, lintho li ile tsa mpefala. Jehova o ile a utloa bohloko haholo ha a bona sechaba sa hae se etsa lintho tse mpe hakaalo. Kahoo, o ile a romela baprofeta ho mo lemosa hore a fetohe, empa o ile a hana ho mamela. Mohlomong u ka ’na oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho ka thoe Manase e ne e le mohlala o motle oa ho bontša sebete. A re ithuteng se eketsehileng.
Ka letsatsi le leng, bophelo ba Manase bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo. Kaha morena o ne a hanne temoso e tsoang ho baprofeta ba Jehova, Molimo o ile a etsa hore ba hlaseloe ke balaoli ba masole a morena oa Asiria. Bibele e re: “Ba tšoara Manase eaba ba mo haka ka lihakisi, ba mo tlama ka liketane tse peli tsa koporo, ba mo isa Babilona.” E tlameha ebe ho ne ho le thata ebile ho le bohloko ho morena enoa ea neng a ikhohomosa ho tsamaea leeto leo a ea Babilona a tlanngoe ka liketane, ’me mohlomong o ne a soabile haholo.
Manase o ne a le khopo haholo, empa Jehova o ile a mo fa monyetla oa ho fetoha
Ha e le motlamuoa Babilona, o ne a le mahlomoleng a tebileng a ileng a etsa hore a nahanisise ka bophelo ba hae. Ho ka etsahala hore lena e ne e le lekhetlo la pele a se na matla, a se na thuso a bile a le mong. E ne e le kae melimo ea bohata eo a neng a e rapela le eo a neng a e etsetsa mahlabelo ka bana ba hae? O ile a hlokomela hore o lokela ho etsa liphetoho. O ile a qala ka ho rapela Jehova a ikokobelitse haholo. Bibele e re Manase o ile “a ikokobetsa haholo ka pel’a Molimo oa baholo-holo ba hae.” Jehova o ile a hlokomela hore Manase o ntse a fetoha, ’me a arabela lithapelo tsa hae. Ha nako e ntse e e-ea, Manase o ile a bontša boikokobetso le ho feta ’me Jehova o ile a atamela haufi le eena. (Pes. 138:6) Manase o ile a rapela “Jehova Molimo oa hae,” a kopa hore a mo hauhele.
Jehova o ile a ikutloa joang ka lithapelo tseo? Bibele e re: “Molimo a hauloa ke kopo ea hae eaba oa mo mamela.” Kahoo, Molimo oa ’nete o ile a hauhela Manase a ba a mo thusa ka tsela e hlollang. “A mo khutlisetsa Jerusalema hore e be morena hape.” Joale, Manase o ne a boetse a lokolohile hape ’me a se a e-na le monyetla oa ho bontša hore o fetohile e le kannete.
Ha Manase a khutlela Jerusalema, o ne a lokela ho itšetleha ka Jehova e le hore a ka leka ho thusa batho ho fetola liketso tsa bona tse fosahetseng. Naha e ne e tletse batho bao a ileng a ba susumetsa ho etsa liketso tse mpe ka lilemo tse ngata. Mohlomong o ne a tšoenyehile ka hore batho ba ka ’na ba se ke ba mo mamela, kapa ba ka ’na ba mo halefela ka hore o se a fetohile. Le haeba Manase o ne a tšoenyehile ka lintho tsena, o ne a ntse a e-na le sebete sa ho etsa se nepahetseng. O ile a haha lebota le tiileng ho sireletsa Jerusalema, a felisa melimo ea lichaba tse ling le litšoantšo tse rapeloang, ho akarelletsa le tse neng li le tempeleng ea Jehova. O ile a lokisa aletare ea Jehova a ba a mo etsetsa mahlabelo moo. Mohlomong ntho e ileng ea e-ba thata ka ho fetisisa e ile ea e-ba ho bua le batho ba hae. Ho e-na le ho ba khothalletsa ho sebeletsa melimo e fosahetseng, o ile a ba bolella hore “ba sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele.” Manase ea neng a le khopo, o ne a fetohile e le kannete. Mohlaleng oa hae, re ithuta ka makhabane a babatsehang ao Jehova a nang le ’ona hore o “molemo ebile [o] ikemiselitse ho tšoarela.”—Pes. 86:5.
Ka masoabi, Manase ha aa ka a khona ho lokisa liphoso tsohle tseo a li entseng. Jehova o ile a tšoarela Manase empa ha aa ka a tlohella batho ba khopo ba sa fumana kotlo ea lintho tse mpe tseo ba li entseng le lipolao ha Manase e ne e le morena. Ho fapana le morena oa bona, ha ba aa ka ba baka le ho fetoha. Esita le mora oa hae, Amone, ha aa ka a baka empa o ile a tsoela pele a etsa lintho tse mpe. Leha ho le joalo, ho bonahala eka Manase o ile a khona ho thusa setloholo sa hae Josiase ho rata Jehova. E tlameha ebe Josiase o ne a lula a hopola sebete seo ntate-moholo oa hae a ileng a se bontša e le hore a ikokobetse le ho baka. Ka mor’a lilemo tse ngata tseo Manase a li qetileng a le khopo, o ile a fetoha e le kannete, ’me o ile a qeta bophelo bohle ba hae a hopola hore Ntate oa hae ea lerato o mo tšoaretse.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Manase o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Qalong Baamore ke bona ba neng ba lula naheng ea Kanana. Ke hobane’ng ha re ka re Manase “o ile a etsa lintho tse mpe ho feta Baamore ba bileng teng pele ho eena”? (2 Mar. 21:11; w00 10/15 16 ¶5-6; gl 10 ¶5, nal.)
2. Ke eng eo baepolli ba lintho tsa khale ba ileng ba e fumana ho bontša hore Manase o kile a phela le hore ’muso oa Asiria o ne o le matla nakong eo? (it “Manase” No. 4 ¶2-wcgr) A
Setšoantšo A: Lebitso la “Manase, morena oa Juda,” le fumanoeng lejoeng la Morena Esarhaddon oa Asiria
3. Ke eng e bontšang hore Baasiria ba ne ba haka batšoaruoa ba bona ka lihakisi ha ba ba isa bokhobeng? (2 Likron. 33:11; it “Hakisi” ¶4-wcgr) B
Setšoantšo B: Setšoantšo se takiloeng leboteng se bontšang Baasiria ho tloha bohareng ba 800 ho ea ho 700 pele ho mehla ea Jesu.
4. Ke joang Jehova a ileng a “ahlola” le ho “hlakola” Jerusalema? (2 Mar. 21:13; it “Sesebelisoa se Otlollang” ¶2-wcgr)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Re ithuta’ng ka ho baka tlalehong ee?
Ke hobane’ng ha re ka etsa qeto ea hore mohlala oa Manase o bontša hore Jehova o tšoarela baetsalibe ha ba baka, empa seo ha se bolele hore o tlosa liphello tsa sebe? (Jer. 15:3-5) C
Setšoantšo C
Ke ka litsela life re ka etsisang sebete seo Manase a neng a e-na le sona bophelong ba rona?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Manase eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Shebella video e bontšang ka ho hlaka kamoo mohlala oa Manase o ileng oa thusa mor’abo rona ho khutlela ho Jehova.
Haeba u ikutloa u se na thuso ka lebaka la liphoso tsa nakong e fetileng, tlaleho ea Manase e ka u thusa joang?