Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 36 leq. 162-leq. 165
  • O Ile a Thusa Batho Hore ba Boele ba Rapele Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Thusa Batho Hore ba Boele ba Rapele Jehova
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng
    Ruta Bana ba Hao
  • Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 36 leq. 162-leq. 165

36 JOSIASE

O Ile a Thusa Batho Hore ba Boele ba Rapele Jehova

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

JOSIASE o ne a le lilemo li tšeletseng feela ha ntate-moholo oa hae, Morena Manase, a hlokahala. Ho ka etsahala hore ebe moshanyana enoa o ne a tseba hore ntate-moholo oa hae o ile a etsa lintho tse khopo haholo, empa qetellong a fetola litsela tsa hae, a baka ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi. Mohlomong Josiase o ile a lula a hopola hore ntate-moholo oa hae o ile a fetoha le ho etsa lintho tse nepahetseng. Ntate oa hae, Amone, e ile ea e-ba morena ea latelang, empa o ne a le khopo a bile a khothalletsa batho ho etsa lintho tse mpe le ho rapela litšoantšo. Amone o busitse ka lilemo tse peli feela, eaba oa shoa ’me Josiase ea e-ba eena morena ea mocha a le lilemo li robeli.

Ho ka etsahala hore batho ba kang moprofeta Sofonia, Jeremia, moprofeta oa mosali Hulda hammoho le Moprista ea Phahameng Hilkia, ba ile ba ruta Josiase ho sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng. Bibele e re ka Josiase: ‘Ha e sa le moshanyana [a le lilemo li ka bang 16], o ile a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.’ Ha a le lilemo li ka bang 20, o ile a thusa sechaba sa Juda hore se boele se rapele Jehova ka tsela e nepahetseng. Jehova o ile a fa morena enoa e monyenyane sebete sa ho felisa litšoantšo tse rapeloang naheng ea Juda, e leng se ileng sa thusa sechaba ho tlohela ho etsa lintho tse nyonyehang.

Josiase o ile a ba a ea naheng e ka leboea moo ho kileng ha lula maloko a leshome a Iseraele. Naheng eo ho ne ho se ho lula balichaba hobane Baiseraele ba ne ba isitsoe botlamuoeng naheng ea Baasiria. Empa Josiase o ile a senya lialetare le melimo ea litšoantšo e neng e ntse e le teng moo.

Le hoja Morena Josiase a ne a le monyenyane, o ile a ba sebete ’me a sebetsa ka thata ho thusa batho ba Jehova hore ba boele ba mo rapele ka tsela e nepahetseng

Lilemo tse ’maloa hamorao, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe eo Josiase a neng a sa e lebella. Ha batho ba ntse ba lokisa tempele e halalelang ea Jehova, Moprista ea Phahameng Hilkia o ile a fumana ntho e ’ngoe e babatsehang. E ne e le buka ea Molao eo Jehova a neng a e file Moshe. E le buka ea khale haholo, ’me ho ka etsahala hore e ne e hlile e ngotsoe ke Moshe. Buka ena e ile ea tlisoa ho Josiase, ’me o ne a mametse ka hloko ha a ntse a e balloa. Litaba tse tsoang bukeng eo li ile tsa mo utloisa bohloko haholo. O ile a hlokomela hore na batho ba Molimo ba ne ba khelohile hakae tseleng e nepahetseng ’me a bona hantle hore Jehova o ne a ba halefetse haholo. Na Josiase o ne a tla ba le sebete sa ho etsa ho hong ka lintho tsee tseo a qetang ho li utloa?

Morena Josiase o tabola seaparo sa hae sa ka hare ha a ntse a mametse monna ea mo ballang moqolo o nang le melao ea Jehova. Banna ba bang ba shebile Josiase ba maketse.

Kapele-pele Josiase o ile a roma banna ba bahlano hore ba il’o botsa moprofeta Hulda hore na Jehova o tl’o etsa’ng ka taba eo. Moprofeta eo o ile a ba bolella hore Jehova o halefetse batho ba Juda haholo ka lebaka la lintho tse mpe tseo esale ba li etsa ka nako e telele, ’me o tl’o tlisa tlokotsi Juda le Jerusalema. Leha ho le joalo, Jehova o ne a hlokometse hore Josiase o pelo e ntle le hore o sebete hobane o ile a thusa batho hore ba boele ba rapele Jehova ka tsela e nepahetseng. Kahoo, o ne a ke ke a tlisa tlokotsi eo ha Josiase a ntse a phela.

Leha Josiase a se a utloile litaba tseo, ha aa ka a tlohella ho thusa batho hore ba khutlele ho Jehova. Eena le sechaba sa hae ba ile ba etsa selekane sa hore ba tla mamela melao eohle ea Molimo. Eaba o sebetsa ka thata le ho feta ho felisa borapeli ba litšoantšo naheng eo. E le ho khothalletsa batho ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng, morena o ile a etsa mokete o moholo oa Paseka. Eena le likhosana tsa hae ba ile ba nehelana ka liphoofolo tse likete-kete hore ho etsetsoe Jehova mahlabelo ka tsona, ’me libini tsa binela Jehova lipina tsa thoriso. Ona e ne e le o mong oa mekete e meholo ka ho fetisisa ea Paseka eo batho ba Molimo ba kileng ba e tšoara.

Josiase o ile a bontša hore o na le tumelo e matla le hore o sebete haholo ha a ne a thusa batho ba Jehova hore ba tlohelle borapeli ba litšoantšo. Ha a ne a chesetsa masapo a batho holim’a aletare e neng e sebelisetsoa borapeli ba bohata, a bile a e senya, ha e le hantle o ne a phethahatsa boprofeta bo ileng ba buuoa lilemo tse 300 pele ho moo. (1 Mar. 13:2) Naheng ea Juda, Josiase o ile a ba a senya lialetare le litšoantšo tse rapeloang tseo batho ba neng ba li entse ho tloha khale koana mehleng ea ha Morena Solomone a fetohela Jehova. Empa ka masoabi, Josiase o ile a etsa qeto e le ’ngoe e booatla. O ile a ea ntoeng ho ea loantša morena Faro oa Egepeta ea bitsoang Neko. Neko o ile a bolella Josiase hore Jehova o itse ha a ka mo loantša, o tla bolaoa. Empa ho bonahala eka Josiase ha aa ka a kopa keletso ho baprofeta ba Jehova ho netefatsa hore na ehlile seo Neko a se buang se tsoa ho Molimo. Ho e-na le hoo, o ile a loantša Neko. Ho ne ho ka bonahala eka Josiase o sebete ha a etsa qeto ea ho loantša lebotho leo le matla, empa qeto eo e ne e le lepotlapotla ebile e le booatla. Qeto eo e ile ea etsa hore a lahleheloe ke bophelo ba hae a le lilemo li 39 feela.

Na Jehova o ile a lebala lintho tsohle tse ntle tseo Josiase a li entseng? Le letho! Moprofeta Jeremia o ile a ngola koli-ea-malla bakeng sa morena eo ea hlokahetseng. Ho bonahala eka batho ba Molimo ba qetile lilemo tse ngata ba ntse ba bina pina eo e bohloko. Mohlomong ka letsatsi le leng ha Josiase a se a tsositsoe, o tla bala ka lintho tsohle tseo a li entseng ha e ne e le morena le ka mantsoe a monate ao Jeremia a a buileng ka eena pineng eo ea koli-ea-malla. Ho hlakile hore Jehova o ne a rata Josiase ’me ha aa ka a lebala tumelo le sebete seo a ileng a se bontša.

Bala litemana tsena:

  • 2 Marena 22:1–23:30

  • 2 Likronike 33:21–35:27

U ka re’ng?

Josiase o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ke eng seo re se tsebang ka Shafane, eo e neng e le mongoli le mokopitsi oa Josiase? (w02 12/15 19 ¶2-6)

  2. 2. Ke hobane’ng ha Josiase a ile a tabola liaparo tsa hae ha a ne a balloa buka ea Molao? (w14 4/15 32)

  3. 3. Ho latela bo-rahistori, na ehlile Faro Neko o kile a e-ba teng? (2 Likron. 35:22; it “Neko” ¶2-wcgr) A

Lithako tsa motse oa khale oa Megido.

StockStudio/Alamy Stock Photo

Setšoantšo A: Megido, moo Josiase a ileng a loantša Faro Neko teng

Setšoantšo A: Megido, moo Josiase a ileng a loantša Faro Neko teng

StockStudio/Alamy Stock Photo

  1. 4. Hulda o ile a profeta hore Josiase o ne ‘a tla patoa ka khotso.’ Kaha Josiase o ile a shoella ntoeng, boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? (2 Mar. 22:20; w00 9/15 30 ¶2-3)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Bakreste ba bang ba hotse ba hanyetsoa ke batsoali ba sa rapeleng Jehova. Ba ka ithuta’ng ho Josiase, eo ntate oa hae e neng e le mokoenehi?

  • Josiase o ile a kopa thuso hore a utloisise melao ea Jehova. (2 Likron. 34:21) Re ka mo etsisa joang? B

    Mor’abo rona o ngola lintlha ha a ntse a ithuta Bibele. O sebelisa app ea “JW Library” e k’homphieutheng ea hae le Bibele.

    Setšoantšo B

  • U ka etsisa sebete seo Josiase a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Josiase eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

U ka ithuta’ng liqetong tseo Josiase le bahlankana ba bang ba babeli bao e ileng ea e-ba marena a Juda ba ileng ba li etsa?

“Bacha, le Batla Bophelo bo Joang?” (w23.09 8-13)

Na Josiase o ile a hloekisa naha ka matla a hae? Fumana karabo tšoantšisong ena.

Pale ea Josiase e re Ruta ho Rata Jehova le ho Hloea se Sebe—Karolo ea II—Karoloana (3:43)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela