37 DANIELE
O ne “a ke ke a Itšilafatsa”
DANIELE o ne a le hole le hae. Bababilona ba ile ba nka lelapa labo le malapa a mang a mangata a Juda, ba ba isa Babilona. E ka ’na eaba ho nkile likhoeli tse ’nè ho fihla Babilona. Ka mor’a moo, masole a morena a ile a nka Daniele le bacha ba bang eaba ba ba isa ntlong ea morena Babilona. Bahlankana bana ba ile ba arohana le ba malapa a bona ka tsela eo. Ba bang ba bahlankana bana e ne e le Baheberu ba bararo, e leng Hanania, Mishaele le Azaria. Ha hoa ka ha nka nako hore Daniele le metsoalle ena ea hae e hlokomele hore ha e le hantle Bababilona bana, ba ba koetlisetsa hore ba tšoane le bona.
Daniele o ne a hloka sebete e le hore a lule a tšepahalla Jehova le ha a le hole le ba lelapa labo
Hang ha ba fihla moo, Morena Nebukadnezare o ile a laela mosebeletsi oa hae Ashpenaze hore a fetole mabitso a bona. Mabitso a mangata a Seheberu a ne a rorisa Molimo oa ’nete. Ka mohlala, lebitso “Daniele,” le bolela “Moahloli oa ka ke Molimo.” Empa batho ba bangata Babilona ba ne ba fuoa mabitso a rorisang melimo ea bona ea bohata. Daniele o ile a rehoa Beltsatsare, e leng lebitso la Bababilona leo e neng e le karolo ea thapelo eo ho eona ho neng ho koptjoa molimo oa bohata Bele ho sireletsa bophelo ba morena. Morena o ne a boetse a batla hore bahlankana bana ba nahane le ho itšoara joaloka Bababilona. O ile a laela basebeletsi ba hae hore ba rute bahlankana bana ho ngola le ho bua puo ea Bababilona, e le hore ba tle ba khone ho sebeletsa ntlong ea hae. Ke’ng hape eo morena a neng a batla hore Daniele le metsoalle ea hae ba e etse?
Morena o ile a khetha Ashpenaze hore ebe eena ea li etellang pele ho koetlisa bahlankana bana. Morena enoa oa Babilona o ne a batla hore ba je lijo tsa hae tsa maemo le veine eo a e noang. Mohlomong bahlankana ba bang ba ne ba thabela ho tšoaroa ka tsela ena e khethehileng. Empa Daniele o ile a hlokomela hore eena le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Hobane’ng?
Daniele o ne a tseba hore Molao oa Jehova ha o ba lumelle hore ba je nama e nang le mali hammoho le lijo tse ling tseo Bababilona ba neng ba li ja. Ba ne ba boetse ba lokela ho ba hlokolosi hobane tse ling tsa lijo tseo, e ne e le tse etselitsoeng melimo ea bohata. Hape haeba ba ne ba ka noa veine e ngata, ho ne ho tla ba thata hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Kahoo, ba ile ba hlokomela hore Bababilona ba ne ba leka ho etsa hore ba se ke ba mamela Jehova ka ho ba fa lijo tsa bona le veine.a
E tlameha ebe Daniele o ile a rapela haholo ka taba ena a ba a bua le metsoalle ea hae e meraro ka eona. O ne a se ‘a entse qeto ka pelong ea hae’ ea hore na o tla etsa’ng hore a thabise Jehova. Ka mor’a moo o ile a bua le Ashpenaze ka tlhompho, a mo kopa hore eena le metsoalle ea hae ba lumelloe hore ba se ke ba ja lijo tsa morena. Jehova o ile a thusa Daniele ka ho etsa hore Ashpenaze a se ke a mo halefela. Empa Ashpenaze o ne a tšoenyehile ka hore Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba tla fokola haeba ba sa je lijo tseo ba li fuoeng. O ne a tseba hore Nebukadnezare o tl’o mo fa kotlo haeba a ka fumana bahlankana bana ba otile. Daniele o ile a utloisisa eaba o nahana ka taba ena. Hamorao, Daniele o ile a ea ho mohlokomeli eo Ashpenaze a neng a mo khethile hore a hlokomele bahlankana bana. Eaba o mo kopa hore ba mpe ba lumelloe ho ja meroho le ho noa metsi feela ka matsatsi a leshome, ebe ka mor’a moo o bapisa tsela eo ba shebahalang ka eona le eo bacha ba bang ba shebahalang ka eona. Mohlokomeli eo o ile a lumela kopo ea bona.
Ka mor’a matsatsi a leshome, Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba shebahala ba phetse hantle ho feta bacha ba bang kaofela. Kaha ba ne ba le batle ebile ba phetse hantle, ba ile ba lumelloa ho tsoela pele ba ja meroho le ho noa metsi feela. Sena e bile bopaki ba hore kannete Jehova o ne a hlohonolofalitse bahlanka bana ba hae, hobane ba bontšitse tumelo le sebete. Ha baa ka ba lebala seo Jehova a ba etselitseng sona.
Khaolong e latelang, re tla bona hore hamorao metsoalle ea Daniele e ile ea hloka ho ba le sebete sa ho mamela Jehova boemong bo neng bo le kotsi haholo. Daniele le eena o ile a tsoela pele ho bontša sebete bophelo bohle ba hae, ho fihlela a hlokahala a le lilemo tse ka bang 100. Ka mohlala, ha Jehova a ne a etsa hore Nebukadnezare a lore, Daniele o ne a hloka sebete sa hore a hlalosetse morena hore litoro tseo li bolela hore ho na le lintho tse mpe tse tl’o etsahala pusong ea hae. Lilemo tse ngata ka mor’a moo, ha ho se ho busa Belshatsare, Daniele o ile a mo hlalosetsa hore mongolo o leboteng o bolela hore Belshatsare o tl’o felisoa. Ha Daniele a se a tsofetse, o ile a lahleloa ka sekoting sa litau. Ho ntse ho le joalo, o ile a tsoela pele ho bontša sebete maemong ana ’ohle feela joalokaha a ile a se bontša ho tloha ha e sa le mohlankana. Ke kahoo, le leng la mangeloi a Jehova le ileng la re Daniele ke “monna ea ratoang haholo.”
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Daniele o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Na lengolo la Daniele 1:1 le hanyetsana le la Jeremia 25:1? (dp 18-19 ¶14-15)
2. Letlapa le nang le mongolo oa Babilona le fana ka bopaki bofe ba hore Nebukadnezare o ne a e-na le moo a behang ‘matlotlo a molimo’ oa hae teng? (Dan. 1:2; it “Ntlong ea Polokelo” ¶3-wcgr) A
© The Trustees of the British Museum. Licensed under CC BY-NC-SA 4.0. Source. Modifications: Box added
Setšoantšo A: Letlapa la boholo-holo le ngotseng mantsoe a Nebukadnezare, le buang ka “ntlo ea matlotlo” e tempeleng ea Merodake
3. Mosebetsi oa ‘baprista ba maselamose’ e ne e le ofe? (Dan. 1:20; it “Boloi le Boselamose” ¶2-6-wcgr) B
Setšoantšo B: Letlapa la Babilona le hlalosang hore na motho eo ho nahanoang hore o hlasetsoe ke sethotsela a ka “folisoa” joang
4. E ka ’na eaba ke meroho efe eo Daniele le metsoalle ea hae ba neng ba e ja? (Dan. 1:12; dp 40 ¶25)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Bacha ba Bakreste ba ka etsisa mohlala oa Daniele oa ho tšepahala joang le haeba ba le hole le ba malapa a bo bona?
Daniele “o ile a etsa qeto ka pelong ea hae” ea hore o tla mamela Jehova. Ntho eo e ile ea mo thusa joang hore a be sebete? (Dan. 1:8) Re ka mo etsisa joang? C
Setšoantšo C
Ke ka litsela life tse ling tseo re ka etsisang sebete seo Daniele a ileng a se bontša?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Daniele eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Shebella tšoantšiso e buang ka tlaleho ena ea Bibele.
Kajeno bacha ba ka etsisa sebete le botšepehi ba Daniele joang?