Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 38 leq. 170-leq. 175
  • Ba Ile ba Pholoha Seboping se Tukang sa Mollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Pholoha Seboping se Tukang sa Mollo
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O ne “a ke ke a Itšilafatsa”
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Moemeli oa Lekala
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 38 leq. 170-leq. 175

38 BAHEBERU BA BARARO

Ba Ile ba Pholoha Seboping se Tukang sa Mollo

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

HA Hanania, Mishaele le Azaria bao Bababilona ba neng ba fetotse mabitso a bona hore e be Shadrake, Meshake le Abednego ba tobana le teko eo ba neng ba sa e lebella, ba ile ba lakatsa eka motsoalle oa bona Daniele a ka be a le teng. E ne e le motsoalle oa bona oa hlooho ea khomo ’me a e-na le tumelo e matla. Empa ka masoabi o ne a le sieo letsatsing leo.

Taba ena e ile ea qala ha Morena Nebukadnezare a ne a etsa setšoantšo se seholohali. Bolelele ba sona bo ne bo ka lekana le mohaho o nang le mekato e robong ’me se le bophara ba limithara tse ka bang tharo. Morena o ile a etsa mokete o moholo e le hore a bontše batho setšoantšo seo a se entseng, eaba o laela hore batho bohle ba mo sebeletsang ’musong oa hae ba be teng moketeng oo. Kahoo, bahlankana bana ba bararo ba Baheberu ba ile ba tlameha ho ba teng moketeng oo.

Ho ile ha thola tu! ha mohlanka oa morena a bolella batho hore na ho tla etsahala’ng. Pele ho ne ho tla letsoa ’mino, mohlomong morena o ile a etsa hore ho letsoe ’mino oo e le ho susumetsa batho hore ba etse ntho eo a e batlang. Ka mor’a moo, batho bohle ba ne ba lokela ho ‘khumama ba rapele setšoantšo’ seo sa khauta. Bahlankana bana ba bararo ba Baheberu ba ne ba tseba Molao oa Jehova oa hore ha baa lokela ho rapela litšoantšo. Joale ke’ng seo ba neng ba tla se etsa?—Ex. 20:​4, 5.

Ba ile ba tšepisoa lefu ba le ka pel’a letšoele, haeba ba ne ba ka hana ho khumamela setšoantšo

’Mino o ile oa qala. Hang-hang batho bohle ba khumama ba rapela setšoantšo. Empa bahlankana bana ba bararo bona ba ile ba sala ba eme. E tlameha ebe batho bohle ba ile ba ba makalla. Ba bang ba Bakalde ba ile ba nka monyetla ’me ba ba qosa le ho ba senya lebitso, ba re ho morena: “Banna bana ha ba u hlomphe morena. Ha ba sebeletse melimo ea hao ebile ba hana ho rapela setšoantšo sa khauta seo u se hlommeng.” Morena o ile a re bahlankana bao ba bararo ba tlisoe ho eena, ’me ka bohale a ba botsa hore na liqoso tseo ke ’nete. Le pele ba ka araba, morena o ile a ba tšosa a re o tla ba fa monyetla oa ho qetela oa hore ba mamele taelo ea hae. Haeba ba ne ba sa e mamele ba ne ba “tla lahleloa ka seboping se tukang sa mollo.” A ba a re ha ho na molimo ea tla ba pholosa.

Ka sebete Hanania, Mishaele le Azaria ba eme ka har’a letšoele le leholo le khumametseng setšoantšo se seholo sa khauta sa Nebukadnezare. Banna ba bararo ba hlometseng ba ea ho bona.

Empa Hanania, Mishaele le Azaria ha baa ka ba checha, ba ne ba ikemiselitse ho tšepahalla Jehova. Ba ile ba bolella morena hore ‘le haeba ba ka lahleloa ka mollong,’ Molimo oa bona o tla ba pholosa lefung leo le sehloho. Ba ile ba boela ba re: “Le haeba a ke ke a re pholosa, morena, re kopa u tsebe hore re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao kapa ra rapela setšoantšo sa khauta seo u se hlommeng.” Nebukadnezare o ile a tuka ke bohale. A re sebopi sa mollo se beseletsoe haholo ho feta kamoo ho neng ho tloaelehile kateng eaba o re ba tlangoe ’me ba lahleloe ka moo. Mollo oo o ne o le bohale haholo hoo malakabe a oona a ileng a bolaea banna ba neng ba laetsoe hore ba lahlele bahlankana ba Baheberu ka mollong.

Empa Nebukadnezare o ile a bona ntho e ileng ea mo tšosa haholo. Har’a malakabe ao, o ile a bona banna ba bane, eseng ba bararo. Ba ne ba itsamaela feela har’a mollo empa ba sa che. Morena o ile a re e mong oa banna bao “o tšoana le mora oa melimo.” Nebukadnezare o ile a atamela seboping seo sa mollo eaba o bitsa banna bao hore ba tsoe.

Baheberu ba bararo ba eme ka har’a mollo ba maketse haholo. Lengeloi la Jehova le eme le bona. Ka ntle ho sebopi sa mollo, Nebukadnezare le balebeli ba hae ba shebile se etsahalang ba tšohile.

Nahana feela hore na batho ba ile ba makala hakae ha ba bona banna bao ba tsoa ka mollong ba sa cha, moriri oa bona o sa tlaboha, liaparo tsa bona li sa cha ebile ba sa nkhe le mosi feela. Ba ile ba khutla ba se ba sa tlangoa le matsohong. Morena Nebukadnezare le eena o ne a hloletsoe. O ile a babatsa bahlankana bana ba bararo ka hore ebe ba ile ba mamela Molimo oa bona. O ile a re: ‘Ba ne ba tšepile Molimo oa bona eaba ba hana ho mamela taelo ea ka ’me ba ne ba ikemiselitse ho shoa ho e-na le ho sebeletsa kapa ho rapela molimo e mong ntle le Molimo oa bona.’

Morena o ile a laela hore haeba motho leha e le ofe pusong ea hae a ka bua Jehova hampe o lokela ho bolaoa. Ka mor’a moo, o ile a beha banna bana ba bararo boemong bo phahameng le ho feta. Empa Jehova o ile a ba putsa le ho feta kaha ha aa ka a lebala tumelo eo ba ileng ba e bontša. Ka mohlala, lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a susumelletsa moapostola Pauluse hore a ngole ka batho ba ileng “ba tima mollo o bohale” ka lebaka la tumelo ea bona e ikhethang. Ha a bua mantsoe ana, e tlameha ebe o ne a nahanne ka bahlankana bana ba sebete, e leng Hanania, Mishaele le Azaria.

Bala litemana tsena:

  • Daniele 3:​1-30

  • Baheberu 11:​33, 34

U ka re’ng?

Hanania, Mishaele le Azaria ba ile ba bontša joang hore ba sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba ileng ba li fumana Babilona ea boholo-holo li bontša joang hore Daniele khaolo ea boraro e nepahetse? (w23.07 31) A

    © The Trustees of the British Museum. Licensed under CC BY-NC-SA 4.0. Source. Modifications: Box added

    Setšoantšo A: Setene se nang le lebitso la Nebukadnezare

  2. 2. Mabitso a Bababilona a neng a fuoe Baheberu ba bararo a bolela’ng? (dp 36 ¶14)

  3. 3. Ke’ng e bontšang hore Nebukadnezare o ne a rata bolumeli? (dp 69 ¶3) B

    Morena Nebukadnezare o eme holim’a ntlo, o shebile mohaho oo a o entseng.

    Setšoantšo B: Nebukadnezare o ile a haha le ho tsosolosa litempele tse ngata tsa melimo ea Bababilona

  4. 4. Ke hobane’ng ha batho ba “lichaba tsohle, merabe le batho ba buang lipuo tse fapaneng” ba ne ba se na bothata ba ho rapela setšoantšo sa Nebukadnezare, le hoja ba ne ba e-na le melimo ea bona? (Dan. 3:7; dp 73 ¶10)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Baheberu ba bararo ba ile ba lula ba tiile ka hore ba hane ho ja lijo tse haneloang ke Molao oa Jehova. Hamorao ha bophelo ba bona bo ne bo le kotsing ba ile ba lula ba tšepahala. Taba ee e re ruta’ng ka ho lula re tšepahala le linthong tse ka bonahalang eka li nyenyane? (Luka 16:10) C

    Litšoantšo: Litsela tse tharo tse ka bonahalang li le nyenyane tseo re ka bontšang ka tsona hore rea tšepahala. Litšoantšo tse latelang li hlahisa litsela tsena. Morali’abo rona o batlana le liaparo tse hlomphehang Inthaneteng. Ho na le limakasine tsa feshene pel’a k’homphieutha ea hae. Mor’abo rona o fihla mosebetsing ka 7:​29 hoseng. Haufi le eena ho na le basebetsi ba bang ba shebileng ho hong fonong. Morali’abo rona o fasa lebanta pele a khanna koloi.

    Setšoantšo C

  • Ha re hlorisoa re ka etsisa makhabane aa a Baheberu ba bararo joang? (Dan. 3:​16-18)

    • Boikokobetso

    • Bonolo

    • Botšepehi

  • U ka etsisa sebete seo bahlankana ba bararo ba ileng ba se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Hanania, Mishaele le Azaria eng ha ba se ba tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Mokreste a ka bontša tlhompho joang empa a sa nke lehlakore ha a le moo ho lebeletsoeng hore a tšepahalle naha ea habo?

Lula u sa Nke Lehlakore Maemong ’Ohle (4:25)

Iketsetse setšoantšo ka tlaleho ena ka kelellong ea hao ’me u bone hore na u ka ithuta’ng ho eona.

“Ba Pholosoa Seboping sa Mollo!” (Sehlooho se websaeteng “Tsa Bacha”)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela