Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 39 leq. 176-leq. 179
  • “Haeba ke Shoa, ke Shoe”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Haeba ke Shoa, ke Shoe”
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Buka ea Bibele ea 17—Esthere
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Emela Batho ba Molimo
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 39 leq. 176-leq. 179

39 ESTHERE

“Haeba ke Shoa, ke Shoe”

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

MOSALI e mocha o ea ntlong ea morena, a ntse a atamela moo morena a lutseng teng teroneng ea hae. O ne a tseba hore a ka ’na a shoa haeba a ea ho morena a sa bitsoa. O ne a tšohile haholo, empa a ’na a tsoela pele ho atamela ho morena. Mosali eo e ne e le mang, hona ho tlile joang hore a iphumane a le boemong boo?

Lebitso la hae e ne e le Esthere. Batsoali ba hae ba ile ba shoa a sa le monyenyane, ’me Mordekai motsoal’ae a mo holisa le ho mo hlokomela ’me “ea e-ba morali oa hae.” Ba ne ba lula Shushane, motse-moholo oa Persia, moo Mordekai a neng a sebetsa e le mohlanka oa morena. Esthere o hotse e le moroetsana e “motle a bile a le seemo se setle.”

Ka letsatsi le leng Morena Asueruse (mohlomong e ne e le Xerxes I) o ile a etsa qeto ea hore bahlanka ba hae ba mo khethele mofumahali e motle e mocha, ea neng a e-s’o nyaloe. Kahoo, bahlanka ba morena ba ile ba bona Esthere a le motle eaba ba mo tlisa ntlong ea morena. Pele Esthere a tlosoa ho Mordekai, Mordekai “o ne a mo laetse hore a se ke a bolella mang kapa mang” hore ke Mojuda.

Ka tlung ea morena, “Esthere o ne a ratoa ke bohle ba neng ba mo bona.” O ile a fuoa litlolo tse etsang hore a be motle eaba ka mor’a selemo o isoa ho morena. “Morena a khahloa ke Esthere haholo ho feta basali ba bang bohle.” Esthere e ile ea e-ba mosali oa monna ea matla oa Mopersia. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele a mamela taelo ea Mordekai ’me ha aa ka a bolella mang kapa mang hore ke Mojuda.

Ka nako eo, morena o ile a etsa Hamane tona-kholo, ea e-ba eena moeletsi ea ka sehloohong le letsoho la morena. Hamane o ne a hloile Mordekai hobane o ne a hana ho mo khumamela. Mordekai o ne a hana hobane e ne e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo.Ho bonahala eka Hamane o ne a tsoa sechabeng seo batho ba sona e neng e le lira tsa Jehova. Hamane o ile a halefela Mordekai haholo ’me a rera hore Bajuda bohle ba bolaoe. Ha Mordekai a utloa ka seo, o ile a tšoenyeha haholo, eaba o romella Esthere molaetsa, a mo kopa hore a bue le morena hore a pholose sechaba sa bona sa Bajuda. Esthere o ne a hloka sebete sa ho etsa joalo.

Esthere o ile a hlalosetsa Mordekai hore ho latela molao oa Persia haeba a ka hlaha ka pel’a morena a sa mo bitsa, a ka ’na a ahloleloa lefu. Morena eo o ne a tsebahala e le motho ea bohale. Ho ntse ho le joalo, Mordekai o ile a mo khothatsa a ba a mo hopotsa hore mohlomong e bile mofumahali hore a tle a khone ho pholosa batho ba Jehova. Kahoo, Esthere o ile a ba sebete. O ile a re: “Haeba ke shoa, ke shoe.” Esthere o ile a ba a kopa sechaba sa habo hore se itime lijo ka matsatsi a mararo. Ha ho pelaelo hore eena le sechaba sa Bajuda ba ile ba rapela Jehova ka makhetlo a mangata, ba mo kopa hore a ba thuse. Ka mor’a moo, Esthere o ile a ea ho morena.

Mofumahali Esthere o rapela a buela fatše a le lebaleng le ka hare la ntlo ea borena. Morena Asueruse o lutse teroneng ea hae ha Esthere a tla a lebile ho eena. Balebeli ba morena ba mo shebile ha a rapela.

Ha Asueruse a bona Esthere a eme lebaleng le ka hare la ntlo ea borena, ha aa ka a halefa ebile ha aa ka a mo ahlolela lefu. Ho e-na le hoo, o ile a mo botsa hore na o batla’ng. Esthere o ile a araba ka hore o kopa ho mo mema, eena le Hamane hore ba tl’o thabela lijo tseo a ba etselitseng tsona. Nakong eo, Esthere o ile a ba bohlale, a ba hlokolosi ka seo a se buang. Ha aa ka a bua ka morero oa Hamane oa ho bolaea Bajuda. Letsatsing le latelang, o ile a boela a mema morena le Hamane moketeng oa bobeli. Pele Hamane a ea moketeng ona oa bobeli o ile a hloma palo eo Mordekai a neng a tla bolaeloa ho eona. Empa leqheka la hae le ile la etsa hore lintho li mo tsamaele hampe.

O ile a tlameha ho susumetsa monna oa hae hore a se ke a felisa batho ba Molimo

Moketeng oa bobeli, Asueruse o ile a boela a botsa Esthere hore na o batla hore a mo etsetse eng. Lekhetlong lena o ile a bua. Ka tlhompho o ile a bolella morena hore ho na le motho ea batlang ho mo felisa le batho ba habo. O ile a re o ne a sa batle ho bua empa a hlokomela hore taba ena e ne e tl’o ama le morena. Morena ka ho makala o ile a botsa hore na motho eo ke mang. Esthere o ile a bolella morena hore monna eo ea khopo ke Hamane. Morena a halefile haholo, a fana ka taelo ea hore Hamane a bolaoe. Hamorao, Hamane o ile a fanyehoa palong eo a neng a e hlometse Mordekai.

Hamane o ne a batla ho felisa Mordekai le batho ba Molimo kaofela Persia. Ho e-na le hore seo se etsahale, Hamane ke eena ea ileng a bolaoa hammoho le lira tsohle tsa Jehova. Kahoo, Jehova o ile a sebelisa mosali enoa ea nang le sebete le tumelo ho pholosa batho ba hae.

Bala litemana tsena:

  • Esthere 1:1–9:​1, 5, 13-17

U ka re’ng?

Esthere o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore tlaleho ee ke ’nete? (ia 138, lebokose) A

    Ungnad, Arthur. “Neubabylonische Privaturkunden aus der Sammlung Amherst.” Archiv für Orientforschung, vol. 19, 1959, pp. 74–82

    Setšoantšo A: Letlapa la boholo-holo la Persia le ngotsoeng Marduka (Mordekai)

  2. 2. Ke hobane’ng ha Mordekai a ile a hana ho khumamela Hamane? (ia 131 ¶18)

  3. 3. Ke eng e bontšang hore Satane le bademona ba hae ba ne ba rerile ho felisa Bajuda kaofela? (g02 9/8 23 ¶3–24 ¶2) B

    Cube. Lot of Yahali, puru. Neo-Assyrian Clay. (YPM BC 021122). Courtesy of the Peabody Museum, Division of Anthropology, Babylonian Collection, Yale University; peabody.yale.edu

    Setšoantšo B: Ntho e neng e sebelisetsoa ho lahla lotho mehleng ea khale

  4. 4. Esthere le Mordekai ba ile ba thusa ho phethahatsa boprofeta bofe? (ia 142, lebokose)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Esthere o ne a le bohlale a bile a mamela le hoja a ne a le hole le batho ba sebeletsang Jehova. Kajeno ke’ng seo bacha ba ka ithutang sona mohlaleng oa hae?

  • Asueruse o ile a mamela Esthere hobane e ne e le motho ea nang le mamello, ea hlomphang a bile a tšepahala. Basali ba Bakreste ba ka etsisa mohlala oa hae joang? C

    Morali’abo rona o bua le monna oa hae eo e seng Paki ha ba ntse ba thabela ho noa kofi pel’a mollo. O butse Bibele ea hae ’me o bua a shebile tlhaho.

    Setšoantšo C

  • Ke ka litsela life tse ling tseo u ka etsisang sebete seo Esthere a ileng a se bontša?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Esthere eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Videong e latelang ea ’mino, hlokomela seo bana ba ka ithutang sona mohlaleng oa Esthere.

Esthere o ne a le Sebete (2:09)

Ke ka litsela life tseo bara le barali ba bo rona mehleng ee ba etsisitseng mohlala oa Esthere oa ho hlokomela Bakreste-’moho le bona?

Etsisa ba Ileng ba Fumana Litšepiso ka Lebaka la Mamello ea Bona—Mordekai le Esthere (3:05)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela