June
Mantaha, la 1 June
Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.—Pes. 86:5.
Re se re ntse re rua molemo sehlabelong sa Kreste. Ka mohlala, Jehova o re tšoarela libe ka lebaka la tefo ea topollo. Ha se setlamo hore a re tšoarele empa o re tšoarela hobane a batla. (Pes. 103:3, 10-13) Ba bang ba ka utloa ba sa tšoaneloe ke hore Jehova a ba tšoarele. Ha e le hantle, kaofela ha rona ha re tšoaneloe ke hore Jehova a re tšoarele. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ha a “tšoanelehe ho bitsoa moapostola.” Empa o ile a re: “Ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo, ke moapostola.” (1 Bakor. 15:9, 10) Ha re bakela libe tsa rona, Jehova o re tšoarela hobane a re rata eseng hobane re tšoaneleha. Haeba u nahana hore ha u tšoaneloe ke hore Jehova a u tšoarele, hopola hore Jehova ha aa fana ka tefo ea topollo bakeng sa batho ba lokileng. O fane ka eona bakeng sa baetsalibe ba bakelang libe tsa bona.—Luka 5:32; 1 Tim. 1:15. w25.01 26-27 ¶3-4
Labobeli, la 2 June
Motho ea mosa o itsoela molemo empa motho ea sehloho o ipakela likhathatso.—Liprov. 11:17.
Re ke ke ra laola lintho tseo batho ba li buang ho rona kapa tseo ba re etsang tsona empa re ka leka ho laola tsela eo re itšoarang ka eona. Hangata tsela e molemo ka ho fetisisa ke ho tšoarela motho ea re foselitseng. Hobane’ng? Hobane re rata Jehova, e leng eena ea batlang hore re tšoarele batho ba bang. Haeba re lula re halefile ’me re sa batle ho tšoarela batho ba bang, re ka etsa lintho tse se nang kelello ra ba ra kula. (Liprov. 14:17, 29, 30) Haeba re khaotsa ho koata, seo se etsa hore re qobe ho tšoara batho ba bang hampe. Hape re itsoela molemo hobane re tla khona ho tsoela pele ka bophelo ’me re boele re thabe. U ka etsa’ng hore u khaotse ho utloa bohloko? Tsela e ’ngoe ke hore u iphe nako ea ho fola maikutlong. Re ka bapisa taba ena le motho ea lemetseng. Ho ka hlokahala hore ho fete nako e itseng e le hore a fole. Ka tsela e tšoanang, ho ka nka nako pele re ikemisetsa ho tšoarela motho ea re utloisitseng bohloko. (Moek. 3:3; 1 Pet. 1:22) Rapela Jehova hore a u thuse hore u be motho ea tšoarelang. w25.02 15-17 ¶8-11
Laboraro, la 3 June
Lijo tse tiileng ke tsa batho ba holileng kelellong.—Baheb 5:14.
Mehlala ea lithuto tseo e akareletsa ho baka, ho ba le tumelo, ho kolobetsoa le tsoho ea bafu. (Baheb. 6:1, 2) Lithuto tsena ke mokokotlo oa thuto ea Bokreste. Ke ka lebaka leo moapostola Petrose a ileng a ruta ka tsona ha a ne a bua le letšoele ka Pentekonta. (Lik. 2:32-35, 38) Re tlameha ho lumela lithuto tsena tsa motheo e le hore re be barutuoa ba Kreste. Ka mohlala, Pauluse o ile a re re ke ke ra re re barutuoa ba Kreste haeba re sa lumele tsohong ea bafu. (1 Bakor. 15:12-14) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho khotsofalla lithuto tsa motheo feela. Lijo tse tiileng li fapane le lithuto tsa motheo hobane tsona li akareletsa melao ea Jehova le melao-motheo ea hae e re thusang ho utloisisa hore na o nahana joang. E le hore re fumane molemo lijong tseo, re lokela ho ithuta, ho nahanisisa le ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo. Ha re etsa joalo, re ikoetlisetsa ho etsa liqeto tse tla thabisa Jehova. w24.04 5 ¶12-13
Labone, la 4 June
Ka letsatsi la kahlolo,batho ba Ninive ba tla tsoha bafung.—Mat. 12:41.
Molimo o ile a hopotsa Jonase moprofeta eo oa hae ea neng a halefile haholo hore Baninive ba ne ‘ba sa tsebe phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Jon. 1:1, 2; 3:10; 4:9-11) Lilemo hamorao Jesu o ile a sebelisa mohlala oo ho ruta hore Jehova o mohau ebile o na le toka. Empa ho boleloa’ng ha ho thoe “ka letsatsi la kahlolo, batho ba Ninive ba tla tsoha bafung”? Jesu o ile a re ho na le batho ba tla ‘tsohela kahlolo.’ (Joh. 5:29) O ne a bua ka Puso ea Lilemo Tse Sekete eo ho eona “batho ba lokileng le ba sa lokang” ba tla tsosoa. (Lik. 24:15) Batho ba sa lokang ba tla ‘tsohela kahlolo.’ Sena se bolela hore ka mor’a hore ba tsosoe, Jehova le Jesu ba tla be ba ba shebile hore na ba tla mamela le ho etsa lintho tseo ba ithutang tsona. Haeba Moninive ea tsositsoeng a hana ho rapela Jehova, Jehova a ke ke a mo lumella hore a ’ne a tsoele pele a phela. (Esa. 65:20) Empa bohle ba khethang ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Dan. 12:2. w24.05 5 ¶13-14
Labohlano, la 5 June
Etsoe Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa batho ba lahlehileng.—Luka 19:10.
Tsela eo Jesu a neng a tšoara batho ka eona e ne e bontša hantle hore Jehova o mohau. (Joh. 14:9) O ile a bontša ka mantsoe le ka liketso hore Ntate oa hae ea mosa le ea mohau o rata baetsalibe ebile o batla ho thusa e mong le e mong oa bona. Jesu o ile a thusa baetsalibe hore ba batle ho fetola mekhoa ea bona ’me e be balateli ba hae. (Luka 5:27, 28) Jesu o ne a tseba hore na ho tl’o etsahala’ng ka eena. O ile a bolella barutuoa ba hae ka makhetlo hore o tla rekisoa a be a bolaeloe palong. (Mat. 17:22; 20:18, 19) O ne a tseba hore ho fana ka bophelo ba hae ho tla tlosa sebe sa lefatše. O ile a boela a re ka mor’a hore a shoe o ne a tla “hulela batho ba lichaba tsohle” ho eena. (Joh. 12:32) Batho ba baetsalibe ba ne ba ka thabisa Jehova ka ho amohela Jesu e le Morena oa bona le ka ho mo etsisa. Ha ba ne ba ka etsa joalo, qetellong ba ne ba tla “lokolloa sebeng.” (Bar. 6:14, 18, 22; Joh. 8:32) Kahoo, Jesu o ile a ba sebete ’me a ikemisetsa ho shoa lefu leo le sehloho.—Joh. 10:17, 18. w24.08 5 ¶11-12
Moqebelo, la 6 June
Litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.—Mar. 13:10.
Nahana ka hore na u ile oa ikutloa joang ha u ne u qala ho ithuta linnete tse ka Lentsoeng la Molimo. U ile oa ithuta hore Ntate oa hao ea leholimong oa u rata le hore o batla hore u be karolo ea barapeli ba hae le hore o u tšepisa ho felisa bohloko le mathata, le hore u tla boela u bone baratuoa ba hao ba hlokahetseng ba phela hape lefatšeng le lecha le tse ling tse ngata. (Mar. 10:29, 30; Joh. 5:28, 29; Bar. 8:38, 39; Tšen. 21:3, 4) Lithuto tsena li ile tsa u thabisa. (Luka 24:32) U ile oa rata seo u ithutileng sona ’me oa batla ho bolella batho ba bang lintho tseo u ithutileng tsona. (Bapisa le Jeremia 20:9) Ho hlakile hore ha re rata seo re ithuta’ng sona ka Bibeleng, re susumeletseha ho bolella ba bang ka sona. (Luka 6:45) Re ikutloa joaloka barutuoa ba Jesu ba ileng ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) Re rata lithuto tsa Bibele haholo hoo re batlang ho li bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng. w24.05 15 ¶5; 16 ¶7
Sontaha, la 7 June
Sebeletsang Jehova le thabile.—Pes. 100:2.
Kaha re batho ba Jehova, re bolella batho ba bang litaba tse monate hobane re rata Ntate oa rona hape re batla ho thusa le batho ba bang hore ba mo tsebe. Leha ho le joalo, ba bang ba fumana ho le thata hore ba thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli. Hobane’ng? Lebaka ke hobane ba bang ba bona ba lihlong hape ba nahana hore ha ba tsebe ho ruta. Ba bang ba utloa ba sa phutholoha ho ea malapeng a batho ba sa mengoa. Ba bang ba tšaba hore batho ba tla ba halefela. Ba bang e ka ’na eaba ba rutiloe hore ba se ke ba ngangisana le batho ba bang. Bara le barali bana ba bo rona ba utloa ho le thata hore ba bolelle batho bao ba sa ba tsebeng litaba tse monate. Na ka linako tse ling le uena u utloa u sa thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli? Haeba ho joalo u se ke oa nyahama. E ka ’na eaba ho ikutloa ka tsela eo ho bontša hore u ikokobelitse le hore ha u batle ho ipitsetsa mahlo a batho. Ho ka boela ha bontša hore ha u batle ho ngangisana le batho ba bang. Ha ho na motho ea batlang ho halefeloa, haholo ha a leka ho etsetsa batho ba bang lintho tse ntle. Ntate oa hao ea leholimong o tseba hantle hore na u ikutloa joang ebile o batla ho u thusa.—Esa. 41:13. w24.04 14 ¶1-2
Mantaha, la 8 June
Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.—Liprov. 11:2.
Ha u ntse u bala Bibele, ho e-na le hore u leke ho ntlafatsa lintho tsohle tseo u fumaneng hore u hloka ho etsa liphetoho ho tsona, leka ho sebeletsa ho e le ’ngoe ka nako. U ka leka sena: Ngola lintho tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona, ebe ka mor’a moo u khetha e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka qalang ka tsona, ebe tse ling u tla li bona hamorao. U lokela ho qala ka life? U ka qala ka ntho eo ho leng bonolo hore u sebeletse ho eona kapa u ka khetha ho sebeletsa nthong eo u haellang haholo ho eona. Ha u se u khethile ntho eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona, u ka etsa lipatlisiso u sebelisa lingoloa tsa rona. Kopa Jehova hore a u fe ‘tabatabelo le matla a hore u etse lintho tse mo khahlisang.’ (Bafil. 2:13) Ka mor’a moo, u sebelise seo u ithutileng sona. Ha u hlokomela hore u khonne ho ntlafatsa nthong e le ’ngoe eo u neng u batla ho sebeletsa ho eona, seo se ka etsa hore u bone hore u ka khona ho ntlafatsa ho tse ling. w24.09 6 ¶13-14
Labobeli, la 9 June
Le ile la etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle e le hore le lokise bothata bona.—2 Bakor. 7:11.
Ho ka etsahala hore ebe u tšoenyehile ka lintho tseo u li entseng nakong e fetileng tse ileng tsa utloisa batho ba bang bohloko. U ka thusoa ke eng? U kope tšoarelo ’me u sebetse ka thata hore le lokise bothata bo teng. Kopa Jehova hore a thuse batho bao u ba utloisitseng bohloko. A ka le thusa hore le be le khotso hape le be le tsoele pele le mo sebeletsa. Ithute liphosong tsa hao ’me u itumelle hore Jehova a u sebelise. U hopole mohlala oa Jonase, eitse ha Molimo a mo roma Ninive a baleha. Jehova o ile a mo khalemela eaba Jonase o ithuta phosong eo ea hae. (Jon. 1:1-4, 15-17; 2:7-10) Ka mor’a moo, Jehova o ile a nka Jonase e ntse e le moprofeta oa hae, a mo fa monyetla o mong hape oa ho ea Ninive eaba lekhetlong lena Jonase oa mamela. Le hoja Jonase a ne a ikoahlaela phoso eo a e entseng, ha aa ka a itumella hore boikutlo boo bo mo sitise ho amohela mosebetsi oo Jehova a mo fang oona.—Jon. 3:1-3. w24.10 8-9 ¶10-11
Laboraro, la 10 June
Bakang ’me le sokolohe, libe tsa lona li tle li hlakoloe e le hore Jehova a ka le khatholla.—Lik. 3:19.
Ha Jehova a hlakola likoloto tsa rona kapa libe tsa rona, o li hlakola ka ho felletseng. Ha re bua ka ho hlakoloa ha sekoloto, re ka nahana ka motho ea nang le buka eo a ngolang mabitso a batho ba mo kolotang ho eona. Ha motho a mo patala, o hlakola lebitso la hae le sekoloto seo ka pene. Leha ho le joalo, re ntse re ka bona lebitso le sekoloto seo. Empa e le hore re utloisisa tsela eo Jehova a hlakolang libe tsa rona ka eona, re ka nahana ka enke e neng e sebelisoa mehleng ea pele e neng e ka hlakoloa ka seponche se metsi. Kahoo, ha sekoloto se ne se ‘hlakoloa,’ re ne re ke ke ra khona ho bona se neng se ngotsoe. Re ananela haholo hore ebe ha Jehova a re tšoarela, o hlakola libe tsa rona ka ho felletseng joalokaha eka ha re e-s’o li etse.—Pes. 51:9. w25.02 10 ¶11
Labone, la 11 June
U se ke oa halefa ebe u etsa lintho tse mpe.—Pes. 37:8.
Ha ba bang ba re ahlola kapa ba re tšoara hampe, re kholisehile hore Jehova o tseba ’nete. Ho tseba hore qetellong Jehova o tla lokisa lintho, ho tla re thusa hore re mamelle ho tšoaroa ka ho hloka toka. Ha re tlohela lintho matsohong a Jehova, re ke ke ra lula re halefile kapa ra hloea batho ba bang hobane maikutlo ao a tla etsa hore re etse lintho tse mpe, a re amohe thabo a be a senye kamano ea rona le Jehova. Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho etsisa Jesu ka ho feletseng. Maemong a mang, re ka bua kapa ra etsa lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona. (Jak. 3:2) Ka linako tse ling, ho hloka toka ho ka ’na ha re siea re utloile bohloko haholo re bile re e-na le maqeba bophelo bohle ba rona. Haeba le uena u boemong boo, kholiseha hore Jehova oa tseba hore na u ikutloa joang. Jesu o u utloela bohloko hobane le eena o ile a tšoaroa ka ho hloka toka. (Baheb. 4:15, 16) Jehova o boetse o re fa keletso e re thusang ho sebetsana le ho hloka toka. w24.11 6 ¶12-13
Labohlano, la 12 June
Molimo o batla hore le bontše hore le lumela ho eo a mo rommeng.—Joh. 6:29.
Ba ne ba lokela ho bontša tumelo ho Jesu e le hore ba tle ba “fumane bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16-18, 36; 17:3) Bajuda ba bangata ba ne ba sa lumele hore ba lokela ho bontša tumelo ho Jesu. Ba ile ba mo botsa ba re: “U tl’o re bontša mohlolo ofe e le hore re u kholoe?” (Joh. 6:30) Ba ile ba re batho ba mehleng ea Moshe ba ne ba fuoa manna ka mohlolo e le hore ba je ’me ho bona a ne a tšoana le bohobe ba letsatsi le letsatsi. (Neh. 9:15; Pes. 78:24, 25) Ho hlakile hore bona ba ne ba tšoenyehile feela ka ho fumana bohobe hore ba je. Ha baa ka ba batla le ho tseba hore na Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka “bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong,” bo neng bo tšoana le manna a tsoang leholimong a neng a fana ka bophelo bo sa feleng. (Joh. 6:32) Ba ne ba tšoenyehile ka litlhoko tsa bona hoo ba sa kang ba nkela Jesu hloohong ha a ne a leka ho ba ruta hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng. w24.12 5-6 ¶10-11
Moqebelo, la 13 June
Ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.—Baheb. 3:4.
Ha ngoana oa hao a le sekolong, a ka ithuta ka libopeho tse ngata tse fumanoang linthong tsa tlhaho. Ka mohlala, pepa e le ’ngoe ea lehloa (snowflake) e entsoe ka mela e tšoanang e ntseng e ipheta-pheta hangata e bitsoang li-fractal. Lintho tse ling tsa tlhaho le tsona li entsoe ka tsela e tšoanang. Empa moqapi oa lintho tsee tse ntle ke mang? Ha ngoana a nahanisisa ka lintho tse ntle tseo Jehova a li bopileng, tumelo ea hae ea hore Jehova ke eena ea bopileng lintho tsohle e tla matlafala. Ha a ntse a hola, u ka mo botsa potso e kang: “Haeba Molimo ke eena ea re bopileng, na ha ho utloahale ho etsa qeto ea hore a ka re fa tataiso eo re e hlokang e ka etsang hore re thabe bophelong?” Ka mor’a moo, u ka mo hlalosetsa hore Molimo o re file Bibele e le ho re bontša hore na re ka thaba joang bophelong. w24.12 16 ¶8
Sontaha, la 14 June
Ke utloile hore har’a lona ho na le ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Le batho bao e seng balumeli ha ba etse boitšoaro bo bobe joalo ba hore monna a nke mosali oa ntate oa hae.—1 Bakor. 5:1.
Jehova o ile a susumeletsa moapostola Pauluse hore a ngolle phutheho lengolo le neng le hlalosa hore moetsalibe ea sa bakeng a tlosoe ka phuthehong. (1 Bakor. 5:13) Bakreste ba tšepahalang ba ne ba lokela ho tšoara motho ea joalo joang? Pauluse o ile a ba bolella a re: “Le khaotse ho itsoakanya” le motho eo. Seo se ne se bolela’ng? Pauluse o ile a hlalosa hore taelo eo e ne e akareletsa le hore ‘ba se ke ba ja le motho ea joalo.’ (1 Bakor. 5:11) Ha batho ba le lijong, ba qeta nako ’moho ba ntse ba qoqa ’me ba ka qetella e se e le metsoalle. Kahoo, ho hlakile hore Pauluse o ne a bolella phutheho hore ha ea lokela ho qeta nako le monna eo. Ho etsa joalo ho ne ho tla sireletsa phutheho hore e se ke ea susumetsoa ke mekhoa e mebe ea monna eo. (1 Bakor. 5:5-7) Ho ekeletsa moo, ho qoba ho qeta nako le eena ho ne ho ka mo thusa ho hlokomela hore o utloisitse Jehova bohloko ebe oa baka. w24.08 15 ¶4-5
Mantaha, la 15 June
Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong.—Joh. 3:16.
Jehova o ile a etsa tokisetso ea hore Baiseraele ba tšoareloe libe tsa bona e le hore e ka ba metsoalle ea hae. Tokisetso ena e ne e tšoaroa hanngoe ka selemo ’me e ne e bitsoa Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe. Ka letsatsi leo, moprista ea phahameng o ne a nyehela liphoofolo bakeng sa sechaba. ’Nete ke hore mahlabelo a liphoofolo a ne a ke ke a hlakola libe tsa batho ka ho felletseng hobane batho ba bohlokoa ho feta liphoofolo. Empa hafeela Baiseraele ba ne ba nyehela mahlabelo ho bontša hore ba bakile e le kannete, e leng ntho eo Jehova a neng a ba laetse hore ba e etse, Jehova o ne a ikemiselitse ho ba tšoarela. (Baheb. 10:1-4) Tokisetso eo le mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba lokela ho a etsa, a ne a ba hopotsa hore ke baetsalibe. Empa, Jehova o ne a e-na le tharollo ea moshoelella e le hore a tšoarele batho libe. O ile a lumella hore Mora oa hae ea ratoang a ‘fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo hanngoe ebile e le la ho qetela hore a jare libe tsa ba bangata.’ (Baheb. 9:28) Jesu o ile a “fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”—Mat. 20:28. w25.02 4 ¶9-10
Labobeli, la 16 June
Falimehang ’me le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.—Mat. 26:41.
“Ka ho ho hlakile, hore pelo e na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” (Mat. 26:41b) Mantsoe ao a Jesu a bontša hore o ne a utloisisa hore re batho ba sa phethahalang ’me re etsa liphoso. Empa hape o ne a re lemosa hore re qobe ho itšepa ho tlola. Pejana bosiung boo, barutuoa ba hae ba ne ba buile ka kholiseho hore ba ikemiselitse ho lula ba mo khomaretse. (Mat. 26:35) Ba ne ba batla ho etsa ntho e nepahetseng. Empa ba ne ba sa hlokomele hore ka ho panya ha leihlo ba ka fokola ’me ba etsa ntho e fosahetseng. Ke kahoo Jesu a ileng a ba lemosa ka mantsoe a hlahang temaneng ea kajeno. Ka bomalimabe, barutuoa ba ile ba hloleha ho falimeha. Ha Jesu a ne a tšoaroa, na ba ile ba ema le eena kapa ba ile ba tšoha eaba baa baleha? Kaha barutuoa ha baa ka ba lula ba falimehile, ba ile ba etsa eona ntho eo ba neng ba itse ba ke ke ba e etsa, eaba ba lahla Jesu.—Mat. 26:56. w24.07 14 ¶1-2
Laboraro, la 17 June
Re ile ra ba metsoalle ea hae ka lebaka la lefu la mora oa hae.—Bar. 5:10.
Ha Adama le Eva ba etsa sebe ka hore ba se ke ba mamela Molimo, ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Hape ba ile ba fetoha lira tsa Ntate oa bona Jehova. Adama le Eva e ne e le karolo ea lelapa la Molimo. (Luka 3:38) Empa ka mor’a hore ba se ke ba mo mamela, o ile a ba leleka lelapeng la hae le pele ba e-ba le bana. (Gen. 3:23, 24; 4:1) Kahoo, bana ba bona e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lelapa la Jehova ho akarelletsa le rona. Kaha re bana ba bona, re hloka ho boelana le Jehova. (Bar. 5:10, 11) Ka mantsoe a mang, re lokela ho loanela ho ba metsoalle ea hae. Ho ea ka tlhaloso e ’ngoe, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona e le “ho boelana,” le ka bolela “ho ba motsoalle le motho eo e neng e le sera sa hao.” Se thabisang ke hore Jehova o nkile bohato ba ho re thusa e le hore re be metsoalle ea hae. Joang? Ka sehlabelo sa ho tšoareloa libe e leng tokisetso eo Jehova a e entseng e le hore batho ba baetsalibe ba ka boela ba e-ba le kamano e ntle le eena. O ile a etsa tokisetso ea hore seo Adama a neng a se lahlile re boele re se fumane. w25.02 3-4 ¶7-8
Labone, la 18 June
Ho utloa bohloko ka tsela e khahlisang Molimo ho re tsoela molemo hobane ho re susumeletsa ho baka hape hoa re pholosa.—2 Bakor. 7:10.
Pauluse o ile a re: “Le mo khalemetse ho lekane.” (2 Bakor. 2:5-8) Ka mantsoe a mang, ka mor’a hore monna eo a tlosoe ka phuthehong, ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le mosali oa ntate oa hae. (1 Bakor. 5:1) O ile a hlokomela hore o lokela ho baka ’me kaha o ile a baka, ho ne ho se ho sa hlokahale hore a ’ne a khalemeloe. (Baheb. 12:11) Pauluse o ile a bolella baholo ba phutheho hore ba khutlisetse monna eo ka phuthehong. O ile a boela a ba bolella hore ‘ba mo tšoarele ho tsoa pelong ba be ba mo tšelise . . . ba mo kholise hore baa mo rata.’ Pauluse o ne a batla hore ba kholise monna eo ea bakileng hore kannete ba mo tšoaretse ebile baa mo rata, ka mantsoe le ka liketso. Mor’abo rona eo o ne a tla bona hore ba thabetse hore ebe o khutletse ka phuthehong. w24.08 15 ¶4; 16-17 ¶6-8
Labohlano, la 19 June
Le ne le tlotlolloa le ho hlorisoa ka pel’a batho.—Baheb. 10:33.
Moapostola Pauluse o ne a tseba hantle hore na ho hlokahala eng e le hore motho a mamelle. O ile a hopotsa Bakreste hore ha ba ntse ba mameletse liteko, ha baa lokela ho itšepa empa ba lokela ho tšepa Jehova. Ba ne ba ka ba sebete ha ba ne ba ka hopola mantsoe a Pauluse a reng: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka.” (Baheb. 13:6) Bara ba bo rona ba bang ba mamelletse mahloriso hona joale. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore rea ba rata ke ka ho ba rapella le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Leha ho le joalo, Bibele e bua ka ho hlaka hore “barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re lokela ho itokisetsa liteko tse tlang. Re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng hona joale, re e-na le kholiseho ea hore o tla re thusa ho mamella liteko tse ka ’nang tsa re hlahela. Ka nako e loketseng, o tla imolla bahlanka ba hae ba tšepahalang.—2 Bathes. 1:7, 8. w24.09 13 ¶17-18
Moqebelo, la 20 June
Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa lentsoe le bona ba lumela ’me ba kolobetsoa.—Lik. 18:8.
Ke eng e thusitseng Bakorinthe hore ba kolobetsoe? (2 Bakor. 10:4, 5) Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang o matla, o ile oa ba thusa hore ba etse liphetoho tse kholo bophelong ba bona. (Baheb. 4:12) Batho ba lulang Korinthe ba ileng ba amohela litaba tse monate ka Kreste, ba ile ba khona ho tlohella lintho tse mpe tse kang botahoa, bosholu le ho etsa thobalano le batho ba bong bo tšoanang. (1 Bakor. 6:9-11) Hlokomela hore le hoja batho ba bang ba Korinthe ba ne ba e-na le litloaelo tse metseng ka metso tseo ba neng ba lokela ho li hlola, ha baa ka ba etsa qeto ea hore ho tla ba thata haholo hore ebe Bakreste. Ba sebelitse ka thata hore ba kene tseleng e patisaneng e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 7:13, 14) Na u thatafalloa ke ho hlola mokhoa kapa tloaelo e mpe e le hore u kolobetsoe? U se ke oa khathalloa ke pere. Kopa Jehova ka tieo hore a u fe moea oa hae o halalelang o tla u thusa hore u hlole takatso ea ho etsa ntho e mpe. w25.03 6 ¶15-17
Sontaha, la 21 June
Haeba mang kapa mang ho lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a bo kope ho Molimo.—Jak. 1:5.
Jehova o re tšepisa hore o tla re fa bohlale ba ho lemoha hore na qeto e itseng e tla mo thabisa kapa che. O fana ka bohlale bo joalo “ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.” Ha u se u rapeletse tataiso ea Jehova, leka kahohle ho bona tsela eo a tla u araba ka eona. Ka mohlala, haeba ho na le moo u eang ebe oa lahleha, u ka ’na oa kopa motho ea lulang sebakeng seo hore a u thuse. Empa na u ne u tla tsamaea pele a u araba? Che. U ne u tla mamela ka hloko hore na o re u tsamaee ka tsela efe. Ka tsela e tšoanang, ka mor’a ho kopa bohlale ho Jehova, leka ho lemoha karabo ea hae ka hore u fumane hore na ke melao le melao-motheo efe e amang boemo ba hao. Ka mohlala, ha u lokela ho etsa qeto ea hore na u tla ea ’mokeng, u ka ’na oa lokela ho nahana ka hore na Bibele e re’ng ka liphathi tse sa laoleheng, ho tloaelana le batho ba fosahetseng le bohlokoa ba ho etsa hore ’Muso oa Molimo ebe eona ntho e tlang pele bophelong ba hao.—Mat. 6:33; Bar. 13:13; 1 Bakor. 15:33. w25.01 16 ¶6-7
Mantaha, la 22 June
Bahlanka ba ka ba tla ja empa lona le tla lapa.—Esa. 65:13.
Boprofeta ba Esaia bo bontša phapang e teng pakeng tsa batho ba sebeletsang Jehova le ba sa mo sebeletseng. Jehova o fa bahlanka ba hae ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang e le hore ba lule ba e-na le tumelo e matla. O re fa moea oa hae o halalelang, Lentsoe la hae Bibele, lingoloa le livideo e le hore re ka ‘ja, ra noa ’me ra thaba.’ (Bapisa le Tšenolo 22:17) Empa batho ba sa sebeletseng Jehova bona baa ‘lapa, baa nyoroa ebile baa soaba.’ Ha ba na kamano e ntle le Molimo. (Amose 8:11) Jehova o fa batho ba hae lintho tseo ba li hlokang e le hore ba ka lula ba e-na le tumelo e matla. Lintho tsena li akareletsa litaelo tse tsoang ka Bibeleng. (Joele 2:21-24) O sebelisa Bibele le lingoloa tsa rona, websaete ea rona, liboka, likopano tse nyenyane le tse kholo. Ha re sebelisa lintho tsena kamehla, re tla phela hantle re be re khatholohe le ho feta. w24.04 21 ¶5-6
Labobeli, la 23 June
Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla.—Bakol. 4:6.
Haeba u batla ho ratana le motho e mong, u ka etsa tokisetso ea hore le kopane sebakeng se itseng kapa le buisane ka fono. Mo bolelle ka ho hlakileng hore oa mo rata le hore u ka rata ho mo tseba haholoanyane. (1 Bakor. 14:9) Haeba ho hlokahala, u ka mo fa nako ea hore a nahane ka taba ena. (Liprov. 15:28) Haeba motho eo a se na maikutlo a hore le ka ratana, u lokela ho hlompha maikutlo a hae. U ka etsa’ng haeba motho e mong a u bolella hore oa u rata? Hopola hore motho eo o ile a hloka hore a be sebete hore a tle ho uena. Kahoo, e-ba mosa ’me u mo hlomphe. Haeba u hloka nako ea ho inahana ka hore na u batla ho qala ho ratana le eena, mo bolelle. Leha ho le joalo, leka ho mo bolella kapele kamoo ho ka khonehang kateng. (Liprov. 13:12) Haeba u sa batle ho ratana le eena, leka ho mo bolella seo ka tsela e mosa le e hlakileng. Haeba u ka thabela ho ratana le motho ea itseng, mo hlalosetse maikutlo a hao le seo u se lebeletseng haeba le tl’o ratana. Seo u se lebeletseng ho motho eo u batlang ho ratana le eena se ka fapana le seo eena a se lebeletseng. w24.05 24 ¶12-13
Laboraro, la 24 June
Ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho.—1 Sam. 17:45.
Ha Davida a ntse a le lilemong tsa bocha, o ile a ea litenteng tsa masole a Baiseraele. O ile a fumana masole ao a tšohile hobane Goliathe, e leng seqhenqha sa Mofilista, o ne a ‘batla ho bona hore na masoleng a Iseraele ke mang ea nang le sebete sa mo loantša.’ (1 Sam. 17:10, 11) Masole ao a ne a tšohile hobane a ne a shebile tsela eo Goliathe a neng a shebahala ka eona le lintho tseo a neng a ba bolella tsona. (1 Sam. 17:24, 25) Leha ho le joalo, Davida o ne a amehile ka ntho e ’ngoe e fapaneng. Davida o ne a tseba hore Goliathe o ne a sa loantše masole a Iseraele feela empa ha e le hantle, o ne a loantša “lebotho la sesole la Molimo ea phelang.” (1 Sam. 17:26) Davida o ne a nahana ka Jehova. O ne a kholisehile hore Molimo ea ileng a mo thusa ha e ne e le molisa o ne a tla boela a mo thuse le boemong bona. Kahoo, Davida o ile a loantša Goliathe ’me o ile a mo hlola kaha o ne a kholisehile hore Molimo o tla mo thusa.—1 Sam. 17:45-51. w24.06 21 ¶7
Labone, la 25 June
U se ke oa tšoha kaha ke na le uena.U se ke oa tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa hao.Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa.Ke tla u tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.—Esa. 41:10.
Nahana ka hore na bophelo ba rona bo ne bo tla ba joang haeba re ne re sa sebeletse Jehova. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re lule re tšepahalla Jehova ’me joaloka mopesaleme re tla re: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.” (Pes. 73:28) Re ka sebetsana le mathata leha e le afe ao re ka kopanang le ’ona matsatsing ana a ho qetela hobane re ‘sebeletsa Molimo ea phelang le oa ’nete.’ (1 Bathes. 1:9) Molimo oa rona ke oa sebele ebile o thusa batho bohle ba mo sebeletsang. O ile a ba le bahlanka ba hae nakong e fetileng ’me o ntse a tsoela pele a e-na le rona le kajeno. Haufinyane re tla kopana le mahlomola a maholo a e-s’o kang a e-ba teng lefatšeng. Empa re tla be re se bang hobane Jehova o tla re thusa. E se eka kaofela ha rona re ka ba sebete ’me ra re: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka.”—Baheb. 13:5, 6. w24.06 25 ¶17-18
Labohlano, la 26 June
Le tla [bona] phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea khopo.—Mal. 3:18.
Bibele e bua ka banna ba fetang 40 ba ileng ba busa e le marena, Iseraele. Marena a lokileng a ile a etsa lintho tse mpe. Nahana ka Morena Davida. Jehova o ile a re mohlanka oa hae Davida o ile a etsa lintho tse nepahetseng feela mahlong a hae ka pelo eohle ea hae (1 Mar. 14:8) Leha ho le joalo, monna eo o ile a etsa bohlola le mosali oa motho a ba a etsa hore monna oa hae a bolaoe ntoeng. (2 Sam. 11:4, 14, 15) Bibele e boetse e re bolella ka lintho tse ntle tseo marena a sa kang a tšepahalla Jehova a ileng a li etsa. Nahana ka Roboame. Jehova o ile a re ha Roboame e ne e le morena, “o ile a etsa lintho tse mpe.” (2 Likron. 12:14) Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ntle tseo Roboame a ileng a li etsa. Ka mohlala, o ile a mamela Molimo ha a re a se ke a loantša meloko e leshome ea Iseraele le hore a e lumelle hore e ikhethele morena. O ile a boela a haha metse e sirelelitsoeng ka marako e le hore batho ba Molimo ba se ke ba hlaseloa ke lira tsa bona. (1 Mar. 12:21-24; 2 Likron. 11:5-12) Jehova o ne a etsa qeto ea hore morena oa tšepahala kapa che a ipapisitse le eng? Ho hlakile hore o ne a sheba hore na morena o ne a mo rata ka pelo ea hae eohle, hore na o ne a baka e le kannete le hore na o ne a tsoela pele ho mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng. w24.07 20 ¶1-3
Moqebelo, la 27 June
Le tsoele pele ho ba holisa ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang.—Baef. 6:4.
Ha ngoana ea kolobelitsoeng ea lilemo li ka tlase ho 18 a entse sebe se tebileng, baholo ba sebetsa taba ea hae joang? Sehlopha sa baholo se tla kopa baholo ba babeli hore ba kopane le ngoana eo le batsoali ba hae ba Lipaki. Baholo bao ba lokela ho fumana hore na batsoali ba entse’ng ho leka ho thusa ngoana oa bona hore a bake. Haeba ngoana eo a mamela khalemelo ea batsoali ba hae ’me a fetola tsela eo a nahanang le ho itšoara ka eona, baholo bao ba babeli ba ka etsa qeto ea hore taba eo e felle moo hobane ha e le hantle Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho khalemela bana ba bona. (Deut. 6:6, 7; Liprov. 6:20; 22:6; Baef. 6:2-4) Ka mor’a moo, baholo ba tla ’ne ba etele lelapa leo ho netefatsa hore ngoana o ntse a fumana thuso eo a e hlokang. Leha ho le joalo, haeba ngoana eo a sa bake, komiti ea baholo e tla kopana le eena le batsoali ba hae ba Lipaki. w24.08 24 ¶18
Sontaha, la 28 June
Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.—Lik. 20:35.
Kaofela ha rona rea tseba hore rea thaba ha re fuoa mpho. Empa re thaba le ho feta ha e le rona ba fanang. Tsela ena eo Jehova a re bopileng ka eona, e fa rona monyetla oa hore re eketse thabo ea rona. Re ka eketsa thabo ea rona ka hore re batle menyetla ea ho fana. Hoa thabisa hore ebe Jehova o re bopile ka tsela ena. (Pes. 139:14) Bibele e re bolella hore ho fana hoa thabisa. Ke kahoo re nolofalloang ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha e re Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:11) Molimo ke eena oa pele oa ho fana ebile ha ho na motho ea ka fanang ho mo feta. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke ka eena re phelang, re sisinyehang ’me re leng teng.” (Lik. 17:28) Kannete “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng” e tsoa ho Jehova. (Jak. 1:17) Boholo ba rona re ka thabela ho utloa hore na ho joang ho thaba haholoanyane ka lebaka la ho fana. Re ka etsa joalo ka hore re etsise tsela eo Jehova a fanang ka eona.—Baef. 5:1. w24.09 26 ¶1-4
Mantaha, la 29 June
Leha ho le joalo, a re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
Ba bang ba bahlanka ba sebeletsang ba ka ’na ba ikutloa eka le ka mohla ba ke ke ba tšoaneleha ho ba baholo hobane ba utloa eka ho na le litšoaneleho tse ngata tseo ba lokelang ho ba le tsona e le hore e be baholo. Empa hopola hore Jehova le mokhatlo oa hae ha baa lebella hore u bontše litšoaneleho tsena ka tsela e phethahetseng. (1 Pet. 2:21) Hape Jehova o tla u thusa a sebelisa moea oa hae o matla e le hore u be le litšoaneleho tsena. (Bafil. 2:13) Na ho na le moo u batlang ho ntlafatsa teng ka ho khetheha? Haeba ho joalo, rapela Jehova ka taba eo. Etsa lipatlisiso ’me u kope moholo ea nang le boiphihlelo ho u fa litlhahiso tsa hore na u ka ntlafatsa joang. Tsoela pele u etsa boiteko. Kopa Jehova a u koetlise e le hore u ka mo sebeletsa haholoanyane le ho sebeletsa phutheho. (Esa. 64:8) E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa haholo ha u ntse u etsa boiteko ba hore u be moholo. w24.11 24 ¶17-18
Labobeli, la 30 June
Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa lona le kamoo le bontšitseng kateng hore le rata lebitso la hae ka hore ebe le sebelelitse balumeli-’moho le lona ’me le hona joale le ntse le ba sebeletsa.—Baheb. 6:10.
Ha rea lokela ho nahana hore ke setlamo hore Jehova a re tšoarele hobane feela re mo sebelelitse ka lilemo tse ngata. Ke ’nete hore o hopola lintho tsohle tseo re mo etselitseng tsona. Empa o re file Mora oa hae e le mpho, eseng hobane a re patalla ho mo sebeletsa. Kahoo, ho tla be ho fosahetse ho nahana hore ke setlamo hore Jehova a re tšoarele hobane feela re mo etselitse lintho tse ngata. Haeba re nahana joalo, ho tla be ho tšoana le ha re re ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a re shoele. (Bapisa le Bagalata 2:21.) Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ha se setlamo hore Molimo a mo tšoarele ho sa tsotellehe hore na o mo sebelelitse ka thata hakae. Joale ke hobane’ng ha a ne a sebeletsa Jehova ka thata hakaalo? Hobane o ne a batla ho bontša hore o ananela kamoo Jehova a mo bontšitseng mosa le mohau kateng. (Baef. 3:7) Joaloka Pauluse, re tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo ho bontša hore re ananela mosa oa hae. w25.01 27 ¶5-6