September
Labobeli, la 1 September
Le ’ne le itlhahlobe hore na tumelo ea lona e tiile.—2 Bakor. 13:5.
Re lokela ho sebetsa ka thata, eseng feela hore re be Bakreste ba holileng empa le hore re lule re le bona. Taba ena e bolela hore re tlameha ho qoba ho itšepa ho tlola. (1 Bakor. 10:12) Re lokela hore ‘re ’ne re itlhahlobe’ e le ho etsa bonnete ba hore re tsoela pele re ntse re hola. Moapostola Pauluse o ile a boela a totobatsa bohlokoa ba ho ba Bakreste ba holileng lengolong la hae le eang ho Bakolose. Le hoja Bakolose e ne e se e le Bakreste ba holileng, Pauluse o ile a ba lemosa hore ba itlhokomele hore ba se ke ba nahana joaloka batho ba lefatše. (Bakol. 2:6-10) Epafrase eo ho bonahalang hore o ne a tseba Bakreste ba Kolose hantle, o ile a ba rapella hangata hore ba ‘eme ba tiile’ kapa re ka re ba lule ba holile. (Bakol. 4:12) Re ithuta’ng? Pauluse le Epafrase ba ne ba utloisisa hore ho lula re le Bakreste ba holileng ho hloka boiteko ba rona le thuso ea Molimo. Ba ne ba batla hore Bakolose ba lule e le Bakreste ba holileng ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tobane le ’ona. w24.04 6 ¶16-17
Laboraro, la 2 September
Jehova o na le rona. Le se ke la ba tšaba.—Num. 14:9.
Ho tšaba Jehova ho bolela hore re mo rata haholo hoo re ke keng ra etsa letho ho mo halefisa. Re na le tabatabelo ea ho ithuta ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, le ’nete ho leshano, e le hore re ka fumana kamohelo ea Jehova. (Liprov. 2:3-6; Baheb. 5:14) Haeba re ne re ka tšaba batho ho feta Molimo, re ne re tla khelosoa ’neteng. Nahana ka banna ba 12 ba likhosana ba ileng ba hloela naha eo Jehova a neng a tšepisitse ho e fa Baiseraele. Ba leshome ba bona ba ile ba tšaba Bakanana ho feta ho rata Jehova. Ba ile ba re ho Baiseraele: “Re ke ke ra khona ho loantša batho bao hobane ba matla ho re feta.” (Num. 13:27-31) Ho ea ka pono ea motho, Bakanana ba ne ba le matla. Empa motho ea neng a re Baiseraele ba ke ke ba khona ho hlola lira tsa bona o ne a sa nahane ka Jehova. w24.07 9 ¶5-6
Labone, la 3 September
U Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.—Gen. 18:25.
Na re ka kholiseha ka ho feletseng hore likahlolo tsohle tsa Jehova li nepahetse? Hantle haholo. Abrahama le eena o ne a tseba hore Jehova o phethahetse, o bohlale ebile ke “Moahloli oa lefatše lohle” ea mohau. O koetlisitse Mora oa hae a ba a mo fa mosebetsi oa ho ahlola motho e mong le e mong. (Joh. 5:22) Ka bobeli Ntate le Mora oa hae ba khona ho bona se ka pelong ea motho e mong le e mong. (Mat. 9:4) Maemong ’ohle ba tla lula ba ‘ahlola ka toka.’ A re ikemisetseng ho tšepa Jehova liqetong tsohle tseo a li etsang. Rea hlokomela hore rona re ke ke ra khona ho ahlola ka toka empa eena a ka khona. (Esa. 55:8, 9) Ke ka lebaka leo re tšepang Jehova le Mora oa hae hore ba fane ka likahlolo tsohle. Hape rea tseba hore Morena oa rona Jesu o tla etsisa ka ho phethahetseng toka le mohau oa Ntate oa hae.—Esa. 11:3, 4. w24.05 7 ¶18-19
Labohlano, la 4 September
Jehova o nyonya motho ea bolotsana, empa ke motsoalle oa ba lokileng.—Liprov. 3:32.
Ho bohlokoa hore motho a bue ’nete ka pelong ea hae. Re ka bona sena ka se ileng sa etsahala ha Filipi a ne a mema motsoalle oa hae Nathanaele hore a kopane le Jesu. Le hoja Jesu a ne a qala ho kopana le Nathanaele, o ile a re ka eena: “Enoa kannete ke Moiseraele ea se nang bolotsana.” (Joh. 1:47) Jesu o ne a tseba hore Nathanaele o ne a tšepahala ka tsela e ikhethileng. Nathanaele o ne a sa phethahala joaloka rona empa o ne a tšepahala linthong tsohle. Jesu o ne a rata sena ka eena ’me o ile a mo babatsa. Pesaleme ea 15 e bua haholo ka hore na re lokela ho tšoara batho ba bang joang e le hore re thabise Jehova. Pesaleme ea 15:3 e re moeti tenteng ea Jehova “ha a etselletse ka leleme la hae, ha a etse letho le lebe ho moahisani oa hae ebile ha a bue hampe ka metsoalle ea hae.” Ho bua batho ba bang hampe ho ka ba utloisa bohloko haholo ebile ho ka etsa hore Jehova a se ke a re amohela tenteng ea hae.—Jak. 1:26. w24.06 10 ¶7, 9; 11 ¶10
Moqebelo, la 5 September
Morena, esita le bademona baa re mamela ha re ba leleka ka lebitso la hao.—Luka 10:17.
Haeba u lokisetsa hantle pele u etsa mosebetsi oa boboleli, u tla ba le sebete sa ho bua le batho ba bang. Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba lokisetse pele ba etsa mosebetsi oa boboleli. (Luka 10:1-11) Kaha ba ile ba etsa lintho tseo Jesu a ba rutileng tsona, ba ile ba khona ho etsa lintho tse ngata tse ntle ’me seo se ile sa ba thabisa haholo. Re ka lokisetsa joang pele re ea mosebetsing oa boboleli? Re hloka ho nahana ka hore na re batla ho re’ng ho batho le hore na re ka bua le bona joang re sebelisa mantsoe a rona. Ntho e ’ngoe e ka thusang ke ho nahana ka hore na batho ba bang bao re kopanang le bona ha re etsa mosebetsi oa boboleli ba ka itšoara joang le hore na re tla re’ng ha ba itšoara ka tsela eo. Ha re etsa joalo, re tla khona ho bua le batho re phutholohile, re bososela ’me re le botsoalle. w24.04 16 ¶6-7
Sontaha, la 6 September
Jehova Molimo oa rona, u tšoaneloa ke ho ba matla, ho rorisoa le ho hlomphuoa hobane u bopile lintho tsohle.—Tšen. 4:11.
Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re bolelang litaba tse monate ke hobane re rata Jehova Molimo le lebitso la hae le halalelang. Re nka mosebetsi oa rona oa boboleli e le tsela eo re rorisang Molimo oa rona eo re mo ratang. Rea lumela hore Jehova Molimo oa rona ea matla o tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa. Re rorisa Jehova le ho mo hlompha ha re bolella batho ba bang bopaki bo bontšang hore o “bopile lintho tsohle” le hore rea phela hobane a re bopile. Re fa Jehova matla a rona ha re sebelisa nako ea rona le lintho tseo re nang le tsona ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang litaba tse monate. (Mat. 6:33; Luka 13:24; Bakol. 3:23) Ka mantsoe a bonolo feela, re rata ho bua ka Molimo oa rona eo re mo ratang. Re ikutloa re susumeletseha ho bolella batho ba bang ka lebitso la hae le hore na ke Molimo ea joang. w24.05 17 ¶11
Mantaha, la 7 September
O putsa ba mo batlang e le kannete.—Baheb. 11:6.
Jehova o re fa khotso ebile o re thusa hore re khotsofale hona joale, hape o tla re fa bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Re ka tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla re putsa le hore o na le matla a ho etsa joalo. Ka lebaka leo, re tsoela pele re mo fa sohle se matleng a rona ha re mo sebeletsa feela joalokaha bahlanka ba hae ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ne ba etsa joalo. Sena ke seo Timothea a ileng a se etsa. (Baheb. 6:10-12) Timothea o ne a e-na le tšepo ea hore Molimo ea phelang o ne a tla mo putsa. (1 Tim. 4:10) Ke kahoo a ileng a sebetsa ka thata le ho ikitlaetsa. O ile a etsa seo joang? Moapostola Pauluse o ile a mo khothaletsa hore a ntlafatse tsela eo a rutang ka eona mosebetsing oa boboleli le ka phuthehong. O ile a boela a mo khothaletsa hore a behele balumeli-’moho le eena mohlala o motle ebang ba baholo kapa ba banyenyane. Hape Timothea o ile a fuoa mesebetsi e boima eo a neng a lokela ho e etsa e akareletsang ho fana ka khalemelo e matla ho ba e hlokang empa a etsa joalo ka tsela e lerato. (1 Tim. 4:11-16; 2 Tim. 4:1-5) Timothea o ne a ka kholiseha hore Jehova o ne a tla mo putsa.—Bar. 2:6, 7. w24.06 22-23 ¶10-11
Labobeli, la 8 September
Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae.—2 Mar. 17:13.
Jehova o ne a roma baprofeta ba hae hangata hore ba lemose le ho khalemela batho ba hae. Ka mohlala, o ile a roma Jeremia hore a re ho bona: “Khutla, uena Iseraele oa mokoenehi. Nke ke ka u halefela hobane kea tšepahala . . . Nke ke ka lula ke u halefetse ho ea ho ile. Amohela feela hore u entse phoso hobane u sitetsoe Jehova.” (Jer. 3:12, 13) O ile a boela a re Joele a re ho bona: “Le khutlele ho ’na ka lipelo tsohle.” (Joele 2:12, 13) Hape o ile a roma Esaia hore a re ho bona: “Itlhoekiseng, tlosang mesebetsi ea lona e khopo mahlong a ka. Khaotsang ho etsa bobe.” (Esa. 1:16-19) O ile a ba a re Ezekiele a re: “Ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa. Nka thabela hore a fetole litsela tsa hae tse mpe ’me a tsoele pele a phela. . . . Ha ke thabele ho bona motho leha e le ofe a shoa. Ka lebaka leo, fetolang lintho tseo le li etsang e le hore le phele.” (Ezek. 18:23, 32) Jehova oa thaba ha batho ba bakela libe tsa bona hobane o batla hore ba phele ka ho sa feleng. w24.08 9 ¶5-6
Laboraro, la 9 September
Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo. A molemo.—2 Tim. 3:16.
Jehova o fa bahlanka bohle ba hae lintho tse ba thusang hore ba be le kamano e ntle le eena ebile oa ba tataisa le ho ba sireletsa. Jehova ha a leeme hobane o entse hore Bibele e fumanehe bakeng sa batho bohle lefatšeng kajeno. Mangolo a Halalelang a ne a ngotsoe ka lipuo tse tharo e leng Seheberu, Searame le Segerike. Na ebe batho ba khonang ho bala Bibele ka lipuo tsee ke bona feela ba nang le kamano e haufi le Jehova ho feta ba sa khoneng? Che, ha ho joalo. (Mat. 11:25) Jehova ha a re meme hore re be metsoalle ea hae hobane feela re rutehile haholo kapa re tseba lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele. Ho e-na le hoo, Jehova ha a etsa hore bohlale ba hae bo tsejoe feela ke batho ba rutehileng empa o entse hore bo tsejoe ke batho bohle lefatšeng ho sa tsotellehe hore na ba rutehile kapa ha baa ruteha. Lentsoe la hae Bibele le fetoletsoe ka lipuo tse makholo. Kahoo, batho bohle lefatšeng ba ka fumana molemo ho lona ’me ba ithuta hore na ba ka etsa’ng e le hore e be metsoalle ea hae.—2 Tim. 3:16, 17. w24.06 6-7 ¶13-15
Labone, la 10 September
[Jerusalema] e haufi le ho timetsoa.—Luka 21:20.
Nako ea hore Jerusalema e timetsoe e ne e le haufinyane, joaloka Jesu a ne a ile a bolela esale pele. Bakreste ba ne ba lokela ho sebelisa nako eo ba nang le eona bakeng sa ho itokisa e le hore ba matlafatse tumelo le mamello ea bona. (Baheb. 10:25; 12:1, 2) Re haufi le ho tobana le mahlomola a maholo a fetang hole a ileng a hlahela Bakreste ba Baheberu. (Mat. 24:21; Tšen. 16:14, 16) Hlahloba tse ling tsa likeletso tseo Jehova a ileng a li fa Bakreste bao, tseo le rona li ka re tsoelang molemo kajeno. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba ithute le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. (Baheb. 5:14–6:1.) Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu e le ho bontša hore tsela eo Bakreste ba rapelang Jehova ka eona e betere haholo ho feta eo Bajuda ba neng ba mo rapela ka eona pele. Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba ithute le ho utloisisa haholoanyane linnete tse tsoang ka Mangolong e le hore ba ka lemoha lithuto tsa bohata le ho li hanyetsa. w24.09 8-9 ¶2-3; 10 ¶6
Labohlano, la 11 September
Kannete Morena o tsositsoe.—Luka 24:34.
Barutuoa ba Jesu ba ne ba hloka ho khothatsoa. Hobane’ng? Ba bang ba ne ba siile ba malapa a bona, matlo a bona le likhoebo tsa bona e le hore ba latele Jesu. (Mat. 19:27) Ba bang bona ba ile ba tšoaroa hampe hobane e le balateli ba Jesu. (Joh. 9:22) Ba ile ba etsa liphetoho tsena hobane ba ne ba lumela hore Jesu ke Mesia eo esale ba mo lebella. (Mat. 16:16) Empa ka mor’a hore Jesu a bolaoe ba ile ba utloa bohloko haholo ba ba ba nyahama hobane ba ne ba sa tsebe se neng se tla etsahala. Jesu o ne a utloisisa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba hae ba ne ba utloile bohloko ka mor’a lefu la hae. O ne a tseba hore ha se hobane ba haelloa ke tumelo. Hang ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a qala ho khothatsa metsoalle ea hae. Ka mohlala, o ile a bua le Maria Magdalena nakong eo a ntseng a lla a le lebitleng la hae. (Joh. 20:11, 16) O ile a boela a hlaha ho balateli ba hae ba babeli ba neng ba ea motseng oa Emmause. Ka mor’a moo, o ile a hlaha ho moapostola Petrose. w24.10 13 ¶5-6
Moqebelo, la 12 September
Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona.—1 Pet. 3:15.
Thusa ngoana oa hao hore a khone ho hlalosetsa ba bang hore na ke hobane’ng ha a lumela hore ’Mopi o teng. Le ka sheba lihlooho tse hlahang websaeteng ea jw.org/st karolong e reng “Bacha Baa Botsa—Li Bopiloe kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?” Ka mor’a moo, ngoana a ka khetha hore na o tla hlalosetsa ba bang joang ho ba kholisa hore ho na le ’Mopi. A ka bua ka tsela e bonolo le e utloahalang ha a ba hlalosetsa seo a se lumelang. Ka mohlala, ngoana e mong a ka re: “Ke lumela ntho eo ke e bonang. Molimo eena ha ke e-s’o mo bone.” Mocha oa Paki a ka araba ka ho re: “A re re u tsamaea ka har’a moru hole haholo le batho ’me u kopana le seliba se hahiloeng hantle. U ne u tla nahana’ng ka sona? Ho hlakile hore u ne u tla nahana hore ho na le motho ea se entseng. Ka tsela e tšoanang, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore le lintho tsohle tse teng lefatšeng li bopiloe.” w24.12 18 ¶16
Sontaha, la 13 September
Na bohlale ha bo fumanoe bathong ba holileng, ’me na batho bao e leng khale ba phela ha se bona ba nang le kutloisiso?—Jobo 12:12.
Kaofela re hloka ho eletsoa e le hore re etse liqeto tsa bohlokoa bophelong. Re ka fumana likeletso tseo ho baholo le ho Bakreste-’moho ba holileng tsebong. Haeba ba le baholo haholo ho rona, ha rea lokela hore ha li tloha feela re iphapanyetse keletso ea bona re re e siiloe ke nako. Jehova o batla hore re ithute ho batho ba holileng. Ba phetse nako e telele ho re feta e leng se etsang hore ba be le boiphihlelo, kutloisiso le bohlale. Mehleng ea Bibele, Jehova o ile a sebelisa batho ba holileng ba tšepahalang ho khothatsa le ho tataisa batho ba hae. Ka mohlala, nahana ka Moshe, Davida le moapostola Johanne. Ba phetse linakong tse sa tšoaneng le maemong a fapaneng haholo. Ha ba se ba le haufi le ho shoa, ba ile ba eletsa batho ba bacha. E mong le e mong oa banna bana ba holileng, ba tšepahalang o ile a hatisa bohlokoa ba ho mamela Molimo. Kaofela ha rona re ka rua molemo likeletsong tsa bona, ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re holile.—Bar. 15:4; 2 Tim. 3:16. w24.11 8 ¶1-2
Mantaha, la 14 September
Kea le tiisetsa hore le ke ke la fumana bophelo ha le sa je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae.—Joh. 6:53.
Mehleng ea Noe, Molimo o ile a re batho ba se ke ba ja mali. (Gen. 9:3, 4) Hamorao Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja mali. Mang kapa mang ea neng a ka ja mali o ne a tla ‘bolaoa.’ (Lev. 7:27) Jesu o ne a mamela Molao oo. (Mat. 5:17-19) Kahoo, ha se taba e utloahalang hore o ne a ka khothaletsa letšoele la Bajuda hore le je nama ea hae ea sebele le ho noa mali a hae. Jesu o ne a bua ka tsela ea tšoantšetso joalokaha a ile a etsa ha a ne a bolella mosali oa Mosamaria a re: Motho ea noang metsi ao ke mo fang ’ona o tla fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 4:7, 14) Jesu o ne a sa bolele hore mosali oa Mosamaria o tla fumana bophelo bo sa feleng hafeela a ka noa metsi a tsoang selibeng se itseng. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ne a sa bolele hore letšoele leo a neng a bua le lona Kapernauma le ne le tla fumana bophelo bo sa feleng ka hore le je nama ea hae ea sebele le ho noa mali a hae. w24.12 9 ¶4-6
Labobeli, la 15 September
Le mo fe ’mele ea lona le bophelo ba lona joalokaha eka ke sehlabelo se halalelang seo a tla se amohela le be le mo sebeletse ka kelello eohle.—Bar. 12:1.
Banna ba Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba e-ba le pono e fosahetseng ka basali joalokaha lefatše lena le e-na le eona. Hobane’ng? Lebaka ke hobane tsela eo motho a nahanang ka eona e susumetsa tsela eo a etsang lintho ka eona. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Roma hore ba “khaotse ho etsisa batho ba lefatše lena.” (Bar. 12:1, 2) Ha a ne a ba ngolla, ba ne ba se ba e-na le lilemo tse ’maloa ba le ka phuthehong, empa mantsoe a Pauluse a bontša hore ba bang ba bona ba ne ba ntse ba susumetsoa ke litloaelo le tsela eo lefatše le nahanang ka eona. Ke kahoo a ileng a ba khothaletsa hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba itšoarang ka eona. Khothaletso eo e ntse e sebetsa le ho banna ba Bakreste mehleng ena. Ka masoabi, ba bang ba bona ba susumelitsoe ke tsela eo lefatše le nahanang ka eona, ba ba ba qetella ba hlekefelitse basali ba bona. w25.01 9 ¶4
Laboraro, la 16 September
Le lise mohlape oo Molimo a le fileng oona hore le o hlokomele.—1 Pet. 5:2.
Le mehleng ena baholo ba phathahane. Ke baevangeli. (2 Tim. 4:5) Ba beha mohlala o motle ka hore ba chesehele tšimo, ba hlophisa mosebetsi oa boboleli tšimong ea phutheho ea habo bona ebile ba koetlisa ba bang hore ebe mesuoe e hloahloa. Hape ke baahloli ba mohau ba se nang khethollo. Ha Mokreste a etsa sebe se tebileng, baholo ba leka ka matla ho mo thusa ho lokisa kamano ea hae le Jehova. Ha ka nako e tšoanang, ba leka ho boloka phutheho e hloekile. (1 Bakor. 5:12, 13; Bagal. 6:1) Mosebetsi o ka sehloohong oo baholo ba o etsang ke ho ba balisa. (1 Pet. 5:1-3) Ba fana ka lipuo tse lokiselitsoeng hantle tse thehiloeng Bibeleng, ba etsa boiteko ba ho tseba motho e mong le e mong ka phuthehong ebile ba etsa maeto a bolisa. Holim’a mesebetsi e meng eo ba seng ba ntse ba e etsa, baholo ba bang baa thusetsa ha ho hahoa le ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso le ha ho hlophisetsoa likopano. Ba bang ke litho tsa Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele le Lihlopha Tsa ba Etelang Bakuli. Kannete baholo ba sebetsa ka thata molemong oa rona. w24.10 20 ¶9
Labone, la 17 September
Feela joalokaha bohle ba shoa ka lebaka la Adama, bohle ba tla phelisoa ka lebaka la Kreste.—1 Bakor. 15:22.
Ka Bibeleng, ho lopolloa ho bolela ho pholosoa nthong e itseng ka lebaka la tefo ea topollo e ileng ea pataloa. Moapostola Petrose o ile a re: “Lea tseba hore ha lea lopolloa ka lintho tse senyehang tse kang silevera le khauta bophelong ba lona bo se nang thuso boo le bo fetiselitsoeng ke baholo-holo ba lona. Le lopollotsoe ka mali a bohlokoa a Kreste a joaloka a konyana e phetseng hantle, e hloekileng.” (1 Pet. 1:18, 19) Re lopollotsoe sebeng le lefung ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. (Bar. 5:21) Ke ho utloahalang hore re ikutloe re le molato re bile re kolota Jehova le Jesu ka lebaka la ho re lopolla ka mali a bohlokoa a Jesu. w25.02 5 ¶15-16
Labohlano, la 18 September
Ho thaba motho ea lulang a falimehile.—Liprov. 28:14.
Re ka itebela joang? Ela hloko seo re ithutang sona ho mohlankana eo ho builoeng ka eena ho Liproverbia khaolo ea 7. O ile a etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le mosali ea boitšoaro bo bobe. Temana ea 22 e re mohlankana eo o ile a sala mosali eo morao “hang-hang.” Empa joalokaha litemana tse tlang pele ho eo li bontša, o ne a ile a etsa liqeto tse booatla pele a sala mosali eo morao tse ileng tsa qetella li entse hore a etse sebe. O ile a etsa’ng hore a qetelle a entse sebe? Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke hore ka shoalane, “o ile a feta pel’a seterata sa mosali eo” ea boitšoaro bo bobe. Ka mor’a moo, o ile a nka tsela e eang ntlong ea mosali eo. (Liprov. 7:8, 9) Hape, ha aa ka a tloha sebakeng seo ha a bona mosali eo. Ho e-na le hoo, o ile a lumela ha a mo suna eaba oa mamela ha mosali eo a ntse a mo bolella ka mahlabelo ao a neng a a entse, mohlomong a mo bolella ka ’ona ka sepheo sa hore a se ke a mo bona e le motho e mobe. (Liprov. 7:13, 14, 21) Haeba mohlankana eo a ne a qobile likotsi tse ileng tsa etsa hore a qetelle a entse sebe, a ka be a ile a khona ho itebela tekong eaba o qetella a sa etsa sebe. w24.07 16 ¶8-9; 19 ¶19
Moqebelo, la 19 September
Le mo tšoarele ho tsoa pelong le be le mo tšelise.—2 Bakor. 2:7.
Jehova ha a lumelle moetsalibe ea sa bakeng hore a lule a le ka phuthehong. Ba bang ba ne ba ka nahana hore kaha Jehova o “mohau,” o ne a ka lumella motho eo ea sa bakeng hore a lule a le ka phuthehong. Empa eo ha se tsela eo Jehova a bontšang mohau ka eona. Le hoja Jehova e le Molimo ea mohau, a ke ke a re tlohela feela ha re etsa lintho tse fosahetseng ebile ha a nyehlise melao ea hae ea se lokileng le se fosahetseng. (Juda 4) Haeba Jehova a ne a ka lumella moetsalibe ea sa bakeng hore a lule a le ka phuthehong, o ne a tla be a sa bontše mohau hobane phutheho e ne e ka ba kotsing ea hore e tšoaetsoe ke moetsalibe eo. (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33) Leha ho le joalo, re ithuta hore Jehova ha a batle hore mang kapa mang a timetsoe. O batla ho pholosa batho bohle. O hauhela batho ba batlang ho mo sebeletsa, ba fetolang tsela eo ba nahanang ka eona le ba itšoarang hantle. (Ezek. 33:11; 2 Pet. 3:9) Ke kahoo ha monna eloa ea phuthehong ea Korinthe a ne a baka ’me a fetola tsela eo a neng a etsa lintho ka eona, Jehova a ileng a sebelisa moapostola Pauluse ho hlalosetsa phutheho hore e lokela ho mo tšoarela le ho mo amohela ka mofuthu. w24.08 17 ¶7; 18-19 ¶14-15
Sontaha, la 20 September
Ha le etselitse e mong oa ba banyenyane bana bao e leng bana beso lintho tsena, le ’na le nketselitse tsona.—Mat. 25:40.
Papisong ea linku le lipoli Jesu o ile a re o tla ahlola batho ho latela hore na ba ile ba etsa’ng ho tšehetsa bana babo. (Mat. 25:31-46) O tla fana ka kahlolo nakong ea “mahlomola a maholo,” pele ho Armagedone. (Mat. 24:21) Joalokaha molisa a arola linku ho lipoli, Jesu le eena o tla arola batho ba ileng ba tšehetsa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ho ba sa kang ba ba tšehetsa. Bibele e re ha Jesu a ahlola bakeng sa Jehova, o tla ahlola ka toka. (Esa. 11:3, 4.) O hlahloba lintho tseo batho ba li etsang, ba li nahanang le tseo ba li buang ho akareletsa le tsela eo ba tšoarang batlotsuoa ka eona. (Mat. 12:36, 37) Jesu o tla tseba hore na ke bo-mang ba ileng ba tšehetsa bana ba bo ba tlotsitsoeng le mosebetsi oa bona. Tsela ea bohlokoa eo re ka tšehetsang bana babo Kreste ka eona ke ka ho ba thusa mosebetsing oa boboleli. w24.09 20-21 ¶3-4
Mantaha, la 21 September
Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.—1 Bathes. 5:21.
Re ka netefatsa hore maikutlo a rona a lumellana le seo Bibele e se buang. Ha re nke mohlala oa mocha ea belaellang hore Jehova oa mo tsotella. Ha aa lokela ho iphapanyetsa boikutlo boo. Empa o lokela ‘ho etsa bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse’ ka ho ithuta hore na maikutlo a Jehova ke afe tabeng eo. Ha re bala Lentsoe la Molimo, ho joalokaha eka re mo mametse ha a bua le rona. Kahoo, haeba ho e-na le lipotso tseo re ipotsang tsona, re ka batla likarabo tsa tsona ka Bibeleng. Re ka batlisisa taba eo re sebelisa lingoloa tseo mokhatlo oa Jehova o re fang tsona. (Liprov. 2:3-6) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho fumana likarabo tsa lipotso tseo re ipotsang tsona, ebe re batla melao-motheo ea Bibele e ka re thusang boemong boo re leng ho bona. w24.10 25 ¶4-5
Labobeli, la 22 September
[Motho ea lerato] ha a ichebe boeena feela.—1 Bakor. 13:5.
Jehova a ke ke a hlohonolofatsa boiteko ba motho leha e le ofe ea susumetsoang ke ho ikhohomosa kapa ho ikutloa a le bohlokoa. (1 Bakor. 10:24, 33; 13:4) Ka linako tse ling, le metsoalle ea Jesu e haufi e ile ea batla litokelo ka sepheo se sebe. Nahana ka seo moapostola Jakobo le Johanne ba ileng ba se etsa. Ba ile ba kopa Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng ’Musong oa hae. Jesu ha aa ka a ba babatsa hobane ba ne ba batla ho inka e le ba bohlokoa ho feta ba bang. Ho e-na le hoo, o ile a re ho baapostola bohle ba 12: “Ea batlang ho ba moholo har’a lona e lokela ho ba mosebeletsi oa lona. Ea batlang ho ba oa pele har’a lona e lokela ho ba mohlanka oa bohle.” (Mar. 10:35-37, 43, 44) Bara ba bo rona ba nang le sepheo se setle sa ho batla ho ba bahlanka ba sebeletsang, e leng ho sebeletsa ba bang e tla ba tlhohonolofatso e kholo liphuthehong tsa habo bona.—1 Bathes. 2:8. w24.11 16 ¶7-8
Laboraro, la 23 September
Ha baeletsi ba le bangata ho ba le katleho.—Liprov. 15:22.
Ha re etsa liqeto, lerato le tla re susumeletsa hore re etse lintho tse tla tsoela “ba bang” molemo le hore re itlhomphe. (1 Bakor. 10:23, 24, 32; 1 Tim. 2:9, 10) Kahoo, re tla etsa liqeto tse bontšang hore re rata batho ba bang ebile rea ba hlompha. Haeba u lokela ho etsa qeto ea bohlokoa haholo, nahana ka hore na u lokela ho etsa’ng e le hore e atlehe. Jesu o re rutile hore re lokela ho “bala litšenyehelo.” (Luka 14:28) Kahoo, nahana ka hore na ho tla u hloka nako e kae, litšenyehelo tse kae le matla a makae hore qeto ea hao e atlehe. Maemong a mang, u ka ’na oa buisana le ba lelapa ka hore na ba ka kenya letsoho joang hore qeto eo e atlehe. Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Ho ka ’na ha etsa hore u hlokomele hore u hloka ho etsa liphetoho tse itseng kapa hore u etse qeto e fapaneng. Hape haeba u kenyeletsa ba lelapa ebile u mamela maikutlo a bona, ba tla ikemisetsa ho u thusa ho etsa hore qeto eo e atlehe. w25.01 18-19 ¶14-15
Labone, la 24 September
Thabang ’me le nyakalle.—Esa. 65:18.
Esaia o fana ka lebaka la hore na ke hobane’ng ha re ‘thabile ebile re nyakalletse’ ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Mokhatlo ona o thehiloe ke Jehova. (Esa. 65:18, 19) Ke kahoo a sebelisang rona ho thusa batho hore ba tsoe mekhatlong ea lefatše lena e sa ruteng ’nete ka eena le ho ba thusa hore ba tle ka mokhatlong oa hae. Rea thaba ka lebaka la litlhohonolofatso tseo re li fumanang hobane re le ka mokhatlong oa Jehova ebile re ikemiselitse ho bolella batho ba bang ka tsona. (Jer. 31:12) Re boetse re ananela le ho thabisoa ke tšepo eo re nang le eona ka lebaka la kamano eo re nang le eona le Jehova. Bibele e re: “re tla ‘haha matlo ’me re lule ho ’ona ebile re tla lema lirapa tsa morara ’me re je litholoana tsa tsona.’ Re ‘ke ke ra sebeletsa lefeela hobane re tla ba “ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova.” Molimo o re tšepisa hore re tla lula re sireletsehile ’me re thabele bophelo. Oa tseba hore na re hloka eng ebile o tla “khotsofatsa lintho tsohle tse phelang.”—Esa. 65:20-24; Pes. 145:16. w24.04 22-23 ¶11-12
Labohlano, la 25 September
Molimo ke lefika la ka le matla le setšabelo sa ka.—Pes. 62:7.
Re etsa Jehova Lefika la rona ha re mo tšepa ka ho feletseng. Re kholisehile hore ho mo mamela le haeba ho le boima ho tla re tsoela molemo. (Esa. 48:17, 18) Ha re bona kamoo a re thusang kateng, re tla mo tšepa le ho feta. Re tla kholiseha hore ke Jehova feela ea tla re thusa ho mamella mathata afe kapa afe ao re kopanang le ’ona ho sa tsotellehe hore na a maholo hakae. Joaloka lefika, Jehova o tsitsitse ebile ha a fetohe. Botho ba hae le morero oa hae ha li fetohe. (Mal. 3:6) Ha aa ka a fetola morero oa hae ka batho ka mor’a hore Adama le Eva ba mo fetohele. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola, Jehova “a ke ke a itatola.” (2 Tim. 2:13) Sena se bolela hore ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng kapa hore na batho ba etsa’ng, Jehova a ke ke a fetola botho ba hae, morero oa hae kapa melao ea hae. Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ha re e-na le mathata le hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tsa nakong e tlang hobane ha a fetohe.—Pes. 62:6, 7. w24.06 27-28 ¶7-8
Moqebelo, la 26 September
Le bontše botle ba lona ka seo le leng sona pelong.—1 Pet. 3:4.
Haeba ho na le motho eo u ratanang le eena, ke’ng e tla le thusa hore le etse qeto ea hore na le tla nyalana kapa che? Le ka thusoa ke ho tsebana hantle. E ka ’na eaba ho na le lintho tse ling tseo u ileng oa li tseba ka motho eo u ratanang le eena pele le qala ho ratana. Empa hona joale u na le monyetla oa hore u tsebe ‘seo a leng sona pelong.’ Taba ena e akareletsa ho tseba hore na kamano ea hae le Jehova e matla hakae, o na le botho bo joang le hore o nahana joang. Ha nako e ntse e ea, u lokela ho tseba likarabo tsa lipotso tse kang: ‘Na motho eo e tla ba molekane ea ntoketseng?’ (Liprov. 31:26, 27, 30; Baef. 5:33; 1 Tim. 5:8) ‘Na rea ratana le ho hlokomelana? Na re khona ho hlokomoloha liphoso tseo re li etsang?’ (Bar. 3:23) Ha le ntse le tsebana, hopola hore ntho ea bohlokoa ha se hore na ke lintho life tseo le tšoanang ka tsona empa ke hore na le khona ho mamellana haeba ho e-na le lintho tseo le sa tšoaneng ka tsona. w24.05 27 ¶5
Sontaha, la 27 September
Ke sitetsoe Jehova.—2 Sam. 12:13.
Morena Davida o ile a siteloa Jehova ka ho tebileng. Empa ha moprofeta Nathane a mo bolella hore na Jehova o ikutloa joang ka sebe seo, ka boikokobetso Davida o ile a baka. (Pes. 51:3, 4, 17, sehlooho) Morena Ezekiase le eena o ile a siteloa Jehova. (2 Likron. 32:25) Empa joaloka Davida, ka boikokobetso Ezekiase o ile a baka. (2 Likron. 32:26) Kahoo, Jehova o ile a mo nka e le morena ea tšepahalang ea ileng “a etsa lintho tse thabisang Jehova.” (2 Mar. 18:3) Re ithuta’ng? Re lokela ho bakela libe tsa rona ’me re etse seo re ka se khonang hore re se ke ra li pheta. Ho thoe’ng haeba re fumana keletso ho baholo ba phutheho le litabeng tse bonahalang li se kaalo? Ha rea lokela ho ikutloa re lahliloe kherehloa ke Jehova kapa bona baholo. Esita le marena a lokileng a Iseraele a ne a fuoa likeletso le ho khalemeloa. (Baheb. 12:6) Haeba re khalemeloa, re lokela ho (1) arabela ka boikokobetso, (2) re etse liphetoho tse hlokahalang, re be (3) re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsa rona tsohle. Haeba re bakela libe tsa rona, Jehova o tla re tšoarela.—2 Bakor. 7:9, 11. w24.07 22 ¶8-9, 11
Mantaha, la 28 September
Tlosang moetsalibe eo har’a lona.—1 Bakor. 5:13.
Moetsalibe o tla tlosoa ka phuthehong haeba a hana ho amohela thuso le hoja baholo ba lekile ka makhetlo ho mo thusa hore a bake. (2 Mar. 17:12-15) Liketso tsa hae li bontšitse ka ho hlaka hore ha a sa batla ho mamela Jehova. (Deut. 30:19, 20) Ho tla etsoa tsebiso ea hore ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Tsebiso ena ha e etsoe ka morero oa ho mo hlabisa lihlong. Ho e-na le hoo, e etsoa ka sepheo sa hore phutheho e mamele taelo ea Mangolo e reng ‘re khaotse ho itsoakanya’ le motho eo, ‘le ho ja re se ke ra ja’ le eena. (1 Bakor. 5:9-11) Tataiso ena e fanoa ka lebaka le utloahalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela.” (1 Bakor. 5:6) Sena se bolela hore baetsalibe ba sa bakeng ba ka thefula boikemisetso ba batho ba lekang ho phela ka melao ea Jehova e lokileng.—Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33. w24.08 27 ¶3-4
Labobeli, la 29 September
Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.—Bafil. 4:13.
Kaha rona ha re khone ho fa ba bang matla ao re nang le ’ona, re ka a sebelisa ho ba thusa. Ka mohlala, re ka khona ho thusa Bakreste-’moho le rona ba kulang kapa ba holileng ka ho hloekisa malapeng a bona kapa re ba ele mabenkeleng. Kapa re ka ithaopela ho hloekisa le ho hlokomela Holo ea ’Muso. Ntho e ’ngoe eo re sa lokelang ho e lebala ke hore re ka khona ho khothatsa ba bang ka seo re se buang. Na ho na le motho eo u mo tsebang eo u ka mo khothatsang ka hore u mo babatse? Na ho na le motho eo u mo tsebang ea hlokang ho tšelisoa? Haeba ho joalo, u se ke oa lieha ho ea ho motho eo. U ka ea ho motho eo ka ho toba, kapa oa mo founela kapa oa mo romela molaetsa o khothatsang ka karete, e-mail kapa ka fono. U se ke oa tšoenyeha haholo ka hore na u tla re’ng. Mantsoe a seng makae feela a tsoang pelong, e ka ba sona seo Mokreste-’moho le uena a se hlokang e le hore a tsoele pele ho tšepahalla Jehova kapa hore a mamelle boemo boo a leng ho bona.—Liprov. 12:25; Baef. 4:29. w24.09 27 ¶8-10
Laboraro, la 30 September
Haeba monna a etsa boiteko ba ho ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.—1 Tim. 3:1.
Haeba u se u e-na le nako u le mohlanka ea sebeletsang, e ka ’na eaba u sebelitse ka thata ho ba le litšoaneleho tse hlokahalang hore u be moholo. Kahoo, etsa boiteko ba ho etsa “mosebetsi o motle” oo baholo ba o etsang. Mosebetsi oa moholo o akarelletsa eng? O akarelletsa ho bolela litaba tse monate ka cheseho le phutheho, ho etsa maeto a bolisa, ho ruta le ho sebetsa ka thata ho khothatsa ba bang ka phuthehong ka seo a se buang le seo a se etsang. Ha ho makatse hore ebe Bibele e bitsa baholo bana ba sebetsang ka thata “limpho e leng banna.” (Baef. 4:8) U ka etsa’ng hore u tšoanelehe ho ba moholo? Lintho tse hlokahalang hore motho a tšoanelehe ho ba moholo li fapane hole le lintho tse hlokahalang ha motho a batla mosebetsi oa boipheliso. Hangata e le hore motho a fumane mosebetsi, ho hlokahala feela hore a tsebe ho etsa mosebetsi oo a o hiretsoeng. Ho fapana le hoo, e le hore u khetheloe ho ba moholo, ho hlokahala ho fetang feela ho ba le tsebo ea ho bolela le ea ho ruta. U boetse u hloka ho ba le litšoaneleho tsa Mangolo tse hlahang ho 1 Timothea 3:1-7 le Tite 1:5-9. w24.11 20 ¶1-3