Na u ka Lumela ha u le Phoso?
“KE LITHOTO feela le bafu bao ho seng mohla ba fetolang maikutlo a bona.” Ke mongoli J. R. Lowell ea kileng a bua joalo bonyane. Leha ho le joalo ke bofokoli bo tloaelehileng haholo ba botho ho itšoarella ka maikutlo ntle ho mabaka kapa ho hana ho lumela ha re le phoso.
Pontšo e totobetseng ea boikutlo bona e ile ea etsahala selemong sa 33 C.E. Nakoana pele ho letsatsi leo, Jesu oa Nazaretha o ne a ntse a ruta le ho etsa barutuoa ho pota Palestina. Baeta-pele ba Bajode ba ne ba ile ba mo hanyetsa ka qophello, ba hana bopaki ba Mangolo ba hore ke Messia le lipontšo tsa mohlolo tse neng li tsamaea le tšebeletso ea hae. Joale, selemong seo, Jesu a etsa mosebetsi o matla haufi le Jerusalema o neng o tlameha ho kholisa bahanyetsi ba bangata ba ikemiselitseng. Mahlong a batho ba bangata, a tsosa monna ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele!—Joh. 11:30-34.
Kannete, haeba ntho e teng e neng e ka bontša ’nete ea hore Jehova o tšehelitse Jesu, ke mohlolo ona. Tsoho bafung e ne e ka hlalosoa ka tsela efe hape? Bajode ba bangata ba ile ba mo amohela ka baka la eona. Empa ho thoe’ng ka baeta-pele ba Bajode? Tlaleho e bolela hore ba ‘rera hammoho ho bolaea Jesu.’ E seng hoo feela, empa “baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaea le eena Lazaro,” monna ea neng a tsositsoe ke Jesu.—Joh. 11:53; 12:10, 11.
Manganga
E, ho e-na le hore ba lumele hore ba phoso, Bajode ba lakatsa ho tlosa bopaki bohle. Ka sebele re susumeletseha hore re nyatse manganga a bona. Motho o ne a ka ’na a nahana hore, kamor’a ho bontša manganga a makaalo, matsoalo a bona a ne a tla ba susumelletsa hore ba nahane boikutlo ba bona kahosele. Empa ba tsoela pele ’me, hamorao, ba bolaea le eena Jesu—phoso e mpe ho feta tsohle le bonokoane bo bobe ho feta bohle bo kileng ba etsoa.—1 Ba-Kor. 2:6-8.
Joale, ho sa tsotellehe bopaki bohle ba tsoho ea Jesu, ba rata ho felisa baapostola, bao e neng e le lipaki tsa ketso ena e matla ea Molimo. Empa e mong oa baetapele ba bona ba hlomphuoang ka ho fetisisa, le hoja a sa ka a lumela hore Jesu ke Messia, a ba eletsa ka tsela eo bonyane e ka beng e ile ea ba etsa hore ba hle ba lokise monahano oa bona hona hoo. Monna enoa e ne e le moruti Gamaliele ea tsebisahalang. Kamora’a hore a qotse mehlala ea banna ba neng ba ile ba itlhahisa e le bo-Messia ba maiketsetso le ho hlōleha ha mekhatlo ea bona eo ba neng ba e qalile, Gamaliele a eletsa ka hore: “Khaohanang le batho bao, le ba tlohele; hobane ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tsoang ho batho, o tla fela. Empa ha eba o tsoa ho Molimo, le ke ke la ba la o felisa; ’me le iponele, e se re mohlomong la fumanoa le loantšitse Molimo.”—Lik. 5:34-39.
Leha ho le joalo, babusisi ba Bajode ha baa ka ba ela hloko temoso ea Gamaliele. Hobane, nakoana hamorao, ha Mokreste Setefane a ba toba ka seo ba se entseng, ’me a ba bolela hore ke batho ba manganga, “ba tlaloa ke lipelo, [e seng ka ho baka kapa ho nolofala] ’me ba mo tsikitlanyetsa meno.” Joale “ba phahamisa mantsoe, ba hoa, ba ithiba litsebe,” eaba ba qetella ba tlepelitse Setefane ka majoe hore a shoe.—Lik. 7:51-60.
Le har’a mehlala e joalo, manganga a ntse a thooletsoa lefatšeng. Bibele, leha ho le joalo, e a bolela e le borabele le pelo e mpe—lintho tseo Bakreste ba lokelang ho li qoba. (Pes. 78:8) Hape ho fanoa ka mehlala, e kang ea Faro oa Egepeta le Bajode mehleng ea Baahloli, le ka mahlomola a bona ka lebaka la manganga a bona.—Ex. 14:8, 26-28; Baahl. 2:19-23.
Ka hoo, haeba motho a itlhahloba ’me a fumana hore ka tlhaho o manganga, kapa bothong ba hae ha a hlile ha a mosa haholo hore a ka mamela maikutlo a batho ba bang, ho hotle ho hlokomela hona e le bothata. Koana, hase ba manganga, empa ‘ba bonolo bao Molimo o ba hauhelang.’ Ho phaella moo, hase ba manganga kapa ba ikhopolang bobona, empa ba bonolo ba tla “rua lefatše.”—Liprov. 3:34, Pes. 37:11.
Boikhohomoso
Ka linako tse ling bothata hase manganga. Mohlomong bo amana le tšobotsi e ’ngoe—boikhohomoso. Ho ka ba joalo joang? Ak’u nahane. Na u tseba ka motsamaisi mosebetsing ea eeng a etse phoso ’me, ha e senoloa, a hane ho lumela kapa a leke ho bea molato holim’a e mong osele? Kapa, mohlomong, u kile ua utloa moholo ka phuthehong a bua ntho e phoso e se ka maikemisetso, ebe joale ha a rate ho e lumela. Hona ho ka etsahala ka baka la boikhohomoso, boikutlo ba hore motho boemong ba hae a ke ke a fumanoa a fositse. Batsoali le matichere a likolo ka linako tse ling ba itšoara joalo, ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke hlompheho le tšusumetso haeba ba ka lumela phoso, ka hoo ba fokolisa matla a bona.
Ho amanang le maikutlo a boikhohomoso ke ho ipolokela setumo. Bochabela motho a ka ba mpa a shoa ho e-na le hore a lahleheloe ke setumo. Empa bongata ba rona, le haeba re Bochabela kapa Bophirimela, re batla ho ipolokela setumo, boemo kapa sebopeho seo re ratang ho hlahela ka sona. Hona ho susumetsoa haholo ke boikhohomoso.
Na boikhohomoso ke tšoaneleho eo Bakreste ba lokelang ho e hlaolela? Joale, ha re hopola ka batho ba ikhohomosang, ke bomang ba tlang pele mohopolong? Banna ba kang Sankeribe, Faro le morena oa Babylona (le Diabolose ka boeena). (1 Tim. 3:6) Ke ’nete, marena ana a ile a rorisoa le ho tšajoa ke batho ba phetseng nakong e le ’ngoe le oona, empa Jehova o ne a a talima joang? Bibele e re: “[’Na Jehova] ke hloile boikhantšo le boikhohomoso.” (Liprov. 8:13) E kae khanya ea banna baa kajeno?
Lihlong le Tšabo
Batho ba bang, ka lebaka le leng, ba ka ’na ba hana ho lumela ha ba fositse. Mohlomong ba tšohile kapa ba lihlong. Ha ba entse ntho e ’ngoe eo ba leng lihlong ke eona, ’me ba biletsoa ho tla ikarabella, lihlong tse se nang mabaka li ka ’na tsa ba etsa hore ba latole linnete kapa ba leke ho itokofatsa boitekong ba bona ba hore matsoalo a bona a ba emele. Batho ba joalo ho hlokahala hore ba hlaolele litšoaneleho tsa tumelo le boikokobetso le lerato ho Molimo. Jehova o ikemiselitse ho tšoarela le libe tse tebileng haholo. Haeba moetsalibe a bontša ho tšepa le ho kholloa ho Molimo le sehlabelong sa Mora oa hae ’me ka bolokolohi a ipolela sebe sa hae ho Molimo, letsoalo la hae le tla hloekisoa. (Ba-Heb. 9:14) Hobane Mangolo a bua ka sebopeho sa kutloelo-bohloko sa Moprista e Moholo oa rōna Jesu Kreste, ’me a re eletsa, a re: “Ka baka leo, a re atameleng ka tšepo terone ea mohau, hore re tle re bone mohau, ’me re fumane lereko, re tle re thusoe nakong e loketseng.”—Ba-Heb. 4:15, 16; 1 Joh. 2:1, 2.
Bonneteng ba taba, ke’ng se hlileng se fumanoang ka ho hana ho jara phoso ea se entsoeng? Ke ’nete, mohlomong re ke ke ra khalemeloa ka nako eo, empa “seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) Le hoja batho ba bang ba ke ke ba koaholla libe tsa rōna, “Jehova ke eena ea lekanyang lipelo.” (Liprov. 21:2) Moapostola Pauluse o-oa re lemosa, a re: “Bohle re tla emisoa pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo. Hobane ho ngoliloe, ho thoe: Ka ’na ea phelang, ho rialo Morena, ke re: Mangole ’ohle a tla khumama pel’a ka, ’me maleme ’ohle a tla tlotlisa Molimo. Ka mokhoa o joalo, motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae.”—Ba-Roma 14:10-12.
Kutloisiso le Bonolo
Koana, ka manganga ha re bolele tieo morerong eo Mokreste a lokelang ho e bontša. Ke ho babatsehang haeba mohlanka oa Molimo ‘a tiile a sa sisinyehe’ borapeling ba hae. (1 Ba-Kor. 15:58) Ena e tsoaloa ke sepheo se setle, ’me ke ho tiea bakeng sa maikutlo le melao motheo ea Jehova, e seng ea rōna. Ho phaella moo, e amahana le litšoaneleho tse peli tsa bohlokoa—bonolo le kutloisiso.
Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore bonolo le kutloisiso hase litšoaneleho tse lokelang batho ba boholong. Leha ho le joalo Moshe, eo e neng e le molebeli oa batho ba ka bang likete-tsa-likete tse tharo, “e ne e le monna ea mosa, ea mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Num. 12:3) ’Me ho boleloa ka ho toba hore baholo ba Bakreste ka phuthehong ea Molimo ba lokela ho ‘utloisisa.’ (1 Tim. 3:1-3) E, motho ea bonolo le ea utloisisang a ke ke a ho fumana ho le thata ho lumela ha a le phoso. A ke ke a ba lihlong haholo, a iphahamisa haholo kapa a ikutloa a le boemong bo sa sireletsehang haholo ho ba feta, kapa hona hore ho ipolokela setumo e ka ba ha bohlokoa haholo ho eena ho feta ho bua ’nete. Ho e-na le hoo, o tla bonahatsa bohlale bo tsoang holimo, bo nang “le khotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le litholoana tse monate.”—Jak. 3:17.
Koana, bongata ba rōna bo ke ke ba lumella manganga hore a re etse hore re bolaee, joalokaha ho ile ha etsa baeta-pele ba Bajode. Empa haeba re le manganga le linthong tse nyenyane, hona ha ho khahlise Jehova. (Luka 16:10) Haeba re etsa sebe re lokela ho potlakela ho lumela molato oa rōna ’me re tlohe sebeng, re sa tsoelepele ho “ama” ntho e joalo, ebe joale re potlakela ho ea ho Jehova ka puo e lokolohileng e le hore re ka fumana pelo e hloekileng. Haeba ho e-na le ntho e thibang tsela ea rōna ho atamela Molimo—boikhohomoso, lihlong, tšabo kapa ntho e ’ngoe esele—re lokela ho fumana thuso ea Mokreste e mong ho kopanela le rōna thapelong. (Jak. 5:16) Hase lihlong kapa ho lumela phoso tseo re lokelang ho li tšaba, empa ho se thabe ha Molimo ka ho se ipolele ho eena. Hape re lokela ho ela hloko mohau oa oona o moholo ho ba tlang ho oona ka pelo e hloekileng, hobane o re: “Eo ke tla mo talima ke ea hlomohileng, ea robehileng pelo, le ea thothometsoang ke lentsoe la ka.”—Esa. 66:2.