Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 1/1 maq. 21-24
  • “Litaba Tse Molemo” li Fihla “Pheletsong” ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Litaba Tse Molemo” li Fihla “Pheletsong” ea Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • OFISI EA NTLO-KHOLO LE KHATISO
  • “HO FEPETLA” KA “METEBONG”
  • HO FIHLA BAROMUOA
  • BATALA BA UTLOA ‘LITABA TSE MOLEMO’
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 1/1 maq. 21-24

“Litaba Tse Molemo” li Fihla “Pheletsong” ea Lefatše

AUSTRALIA, “sehleke-hleke se kang lefatše,” e bitsoa naha e ka “botebong,” e khōlō ho feta naha leha e le efe ea Europe e ka bophirimela. Empa ke lehae la batho ba ka bang likete-tsa-likete tse 131⁄2 ba lichaba tse fapakaneng.

Naheng ea batho ba hahileng mona le mane eo boholo ba eona e ka bang likhilomithara tse ka bang 7 770 000 tse lekanang mobu oa teng le mocheso le mohatsela li fapana haholo. U ka fumana moo ho chesang haholo ka leboea ho isa hare ho naha moo ho leng lehoatata, ea e-ba mafikeng a maholo ho feta ’ohle lefatšeng a leoatle, ho fihla Mokoallong o Moholo oa Mafika, o nyeunyang bophelo, ua fihla le lefikeng le leholohali le nyopileng la Ayers, le lutseng sebakeng se nahathothe. Karolo e ka bochabela ea Australia e enne haholo ka limela tse kang ’moba, koro, le lijo tse ling tse lithollo. Mona ho ka fumaneha karolo ea 61 lekholong ea baahi.

Empa ha motho ea tsamaeang a haola Lithaba tse Khōlō tse Khabahanyang tse saballang ho tloha leboea ho isa boroa a sikile ka kou e ka bochabela, pono ea naha e ea fetoha, e qala ka kou e tletseng joang ho ea fihla maralleng a theosang joale ho fella ka lithotanyana le seka-mahoatata, bohareng ba Australia, moo Lefika la Ayers le leng hona teng, ho tletse matša a letsoai le mahoatata. Boemo ba komello ba thōtanyana e khōlō ea Australia bo entse sehleke-hleke sena se kang lefatše se be setle bakeng sa lintho tse etsoang ka boea ba linku le hore se ratehe bakeng sa ho rua likhomo. Libakeng tse thokoana, kapa moo batho ba fuoang naha e kholo, kapa “metebo” e meholo haholo.

Ka mabaka ana ho phethahatsoa ha taelo ea Jesu ea ‘ho ba lipaki tsa ka ho isa pheletsong ea lefatše’ e bile phephetso eo ho talimanoang le eona. (Lik. 1:8) A re ke re khutleleng morao ka lilemo tse ka bang 70 kapa hona moo ho tloha qalehong ’me re tsose hape liphihlelo tsa ba bang ba ileng ba Kopanela ho boleleng “litaba tsena tse molemo” karolong ena e hole ea lefatše.

Ho isa qetellong ea lekholo la lilemo la bo19, ka ho etsoa ha likoloni ho e-na le lilemo tse ka bang 100, batho ba bang ba neng ba sekametse Bibeleng, ba ile ba amohela libuka tse tsoang ho beng ka bona le metsoalle e mose ho maoatle tsa Liithuti tsa Bibele tsa Lichaba Tsohle, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Hape, hona nakong ena, Liithuti tsa Bibele tse neng li falla Brithani li ile tsa fihla Perth, Australia e ka Bophirimela, le Brisbane, Queensland, ’me tsa hloma liphutheho metseng ena.

OFISI EA NTLO-KHOLO LE KHATISO

Ho ile ha hlongoa ofisi ea lekala ea Liithuti tsa Bibele Melbourne, Victoria, ka 1904, ho hlokomela mosebetsi Australia le New Zealand. Kopanong e neng e le Melbourne ka 1915, ho ne ho le teng batho ba 250 ’me ha kolobetsoa ba 14. Ka 1935, ho ne ho le teng libaka tsa khaso tse 30 tsa sea-le-moea tse neng li fihla libakeng tse thōko haholo tsa Australia, haesita le litsi tse nang le baahi ba bangata, ka ’nete ea Bibele.

Liofisi tsa ntlo-kholo li ile tsa tlosoa Melbourne tsa isoa Sydney ka Tlhakubele 1929. Tsa atolosoa ka 1932. Joale ho ile ha hlongoa khatiso e khōlō setšeng seo ka 1972, ho hatisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Hona joale, mohaho o boetse o-oa atolosoa. Ofising ena ea lekala ho sebeletsa banna le basali ba ka bang 60.

Ho entsoe boiteko bo boima le ho mamella mathata ho fihla ho batho ba libakeng tse thōko. Le hona kajeno, ke ’mila o le mong feela o kopanyang karolo e ka bochabela ea naha le karolo e ka bophirimela—sebaka sa lik’hilomithara tse 4 000. Ntle ho karolo e ka bochabela e nang le baahi ba bangata, mekhoa feela e kopanyang leboea le boroa ke tselana e parolang bohareng ba naha le ’mila o thōkoana haholo o nyolohelang lebopong le ka bophirimela le enneng ka lirafshoang.

“HO FEPETLA” KA “METEBONG”

Bert Horton eo e seng e le mofu o ile a qala ho kopanela le Liithuti tsa Bibele ka 1921, motseng oa merafo oa Kalgoorlie Australia e ka Bophirimela. Horton o kile a re: “Ke ile ka rōmella kōpo ea ka ea hore ke be ‘pula-maliboho’ (kamoo ho bitsoang ’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso). Kabelo ea ka ea fihla—sebaka sohle sa Australia e ka Bophirimela!” Horton, hammoho le Frank Rice le banna ba bang ba babeli, ba hlomella “van” e nang le libethe tse peli ka lintho tsa ho pheha le tse ling tse hlokahalang bophelong ba hloma-u-hlomole. Ba lebisa “van” ea bona ka mose ho Nullarbor Plain e khōlō, ba etela metsana eohle e ka thōkō ho eona. E mong oa banna bana o sa hopola: “Mebila e ne e le sieo ka nako eo, eaba re fumana mehlalanyana kompaneng e ’ngoe ea oli ’me ra tsamaea re kena sebakeng se seng le se seng se ka thōko moo metsi a neng a ka fumaneha. Re ne re tsamaea re nkile litoromolo tse peli tse khōlō tsa peterolo le metsi le lijo. Re ne re tsamaea re fapohela metebong ’me re buisana le bona ka Bibele.”

“Pula-maliboho” e mong ea nkileng boholo ba nako ea hae metebong ke Arthur Willis. O ile a tsoa le metsoalle e mebeli ka 1933, ho ea koahela Australia e ka Bophirimela e thōko, ho khabahanya tlhorong ea naha. Willis o tlaleha ho re: “Mehleng eo motho ea tsamaeang o ne a neoa tokelo ea nama e sa lefelloeng, Motebong ofe le ofe moo re kenang re ne re ikhethela. Har’a batho ba metebong le metsaneng re ne re fumana ba bang ba neng ba utloa ’me ba amohele ’nete.” Ho tloha Darwin ka leboea, ba leba boroa ho Katherine eaba joale ba retelehela bochabela ho leba Queensland le lebopong. “Ka nako eo ho ne ho se mebila e entsoeng ka boka, ’me ke hopola ke fihla ka Queensland e ka bophirimela, moo re ileng ra tsamaea lik’hilomithara tse 160 ka matsatsi a mararo mobung oa selokoe. Seretse se ne se bokellana mabiling ho fihlela ha a sitoa ho bilika. Joale re tlamehe ho ntša lintho tse sireletsang seretse hore feela re tsamaise.”

Arthur Willis le Bill Newlands ba nka leeto le le teletsana ka 1936, ho ea fihla metebong e hole ea naha. Ba nka teraka e khōlō ho tloha Sydney leetong le neng le tla nka lik’hilomithara tse 19 300 ’me ba nka nako e fetang selemo ho le phetha. Ba qhoba le ka bophirimela ho Sydney, ba qetella ba fihlile bohareng ba naha ’me ba leba ka leboea ho ea Darwin, joale ba theosetsa lebopong le ka bophirimela ho ea Perth. Ba sa le leetong lena lik’hilomithara tse 800 ho kenella hare le ka leboea ho Adelaide ka Australia e ka Boroa, ba kopana le Charles Bernhardt. Monna enoa o ne a ile a kopana le molaetsa oa ’Muso lilemo tse tharo pelenyana, ha “bo-pula-maliboho” ba babeli ba mamella mocheso le ho ba ka thōko ho nka leeto le tlohang Adelaide ho ea Alice Springs le ho khutla. Eare ha Willis le Newlands ba fihla, Bernhardt a lakatsa ho kolobetsoa. O ne a e-na le matlo a baeti a mabeli Coward Springs le William Creek, ’me ba bangata ba ile ba ithuta ‘litaba tse molemo’ ka eena ho tloha ka nako eo ho ea pele. Bernhardt o ntse a sebeletsa e le “pula-maliboho” a le lilemo li 85, a nka maeto a mangata ka koloi e tsamaeang ka mabeli a mane ho kenella libakeng tse thōko tsa Australia e ka Boroa selemo se seng le se seng.

Moea oona ona o bontšoa phihlelong e latelang ea “pula-maliboho e mong oa metebong,” Joe Bell. Ka nako eo kabelo ea hae e le lik’hilomithara tse 480 ka leboea le ka bophirimela ho Brisbane, Bell o ne a tsamaea ka baesekele ho pota le “metebo” e thōko-thōko. O re e ne e le mosebetsi o boima le o chesang. O re: “Ke ne ke tlameha ho jara baesekele ea ka libakeng tse ngata hobane hangata ke ne ke khetšemela malumeleng a lehlabathe moo ho hang tsela e neng e le sieo. A mang maetong ana a ne a le kotsi haholo. Har’a naha koana libopuoa tse phelang feela tse neng li bonoa e ne e le mehlape e ntseng e lelera ea lipoho. Tlas’a maemo a mang li ne li e-ba kotsi haholo, kaha li bohele-hele haholo ’me li ne li tla ho tla bona hore na ke’ng se li atamelang. Ka makhetlo a mangata ho ne ho hlokahala hore ke balehele sefateng ke eme moo lihora tse itseng ho fihlela li tsamaea, li mpha sebaka sa hore ke tsoele pele leetong la ka.”

“Pula-maliboho” e mong, Aubrey Baxter, o ne a tsamaea lik’hilomithara tse likete ho haola Queensland e bohareng le e ka leboea. O sa hopola phihlelo ea hae: “Re ne re fihlela maemo a mang a thabisang. Ke bile moeti bosiu bo le bong motebong o moholo oa likhomo ’me bosiu bo latelang ka bo qeta lik’hilomithara tse ngata ke le hole ha setsomi sa “kangaroo,” ke robetse fatše moo ho leng litšila ka ntlonyaneng ea hae e potapotuoeng ke matlalo a nkhang a “likangaroo.” Ke leka ho robala har’a lerata la lintja tse hlaha tsa moo, le hona ho ne ho se bonolo.”

HO FIHLA BAROMUOA

Karolong e qetellang lilemo tsa 1940 ba bang ba ithutileng Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, sekolo sa baromuoa sa Lipaki se thèiloeng Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, ba ile ba fihla ho thusa ho jaleng ‘litaba tse molemo.’ Ba babeli ho bana e ne e le John Cutforth le Donald MacLean, ba tsoang Canada. Ka bobeli ba ne ba sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang ba potoloho ka lilemo tse ngata. MacLean o sa hopola ho re: “Ke ile ka tšoha hakaakang ho utloa hore potoloho ea ka ea pele Australia e ne e le sebakeng se shebaneng le Sekolo sa Gileade—Australia e ka boroa bo ka bophirimela! Ke ne ke rōmeloa “pheletsong” ea lefatše. Ha a pheta phihlelo e ’ngoe ea hae o re: “Rōna bafihli re ne re e-ba le linako tse hapang maikutlo ha re tsamaea libakeng tse thōko. Lekhetlo la pele leo ke kopaneng le liemu [linonyana tse khōlō tse kang limpshe] e bile le tšehisang empa le ferekanyang. Tseleng ea ka ha ke feta libakeng tse hole ka sethuthuthu ka kopana le sehlopha sa linonyana tsena se thibile tsela. Ke linonyana tse bohele-hele haholo ’me ho ne ho bonahala li hlile li hapehile ke seipone sa ka se benyang le matsoho a benyang a sethuthuthu. Ke sa tsebe hore “emu” e sebetsoa joang, ka ikutloa ke tsila-tsila ho fohla ka har’a mohlape ’me mohlomong ke bea bophelo ba ka kotsing, eaba ke emisa sethuthuthu. Ke sa rera ho sisinyeha, linonyana tse khōlō tsa lula moo nakoana, joale ka rera ho sisinyeha. Ka letsa lenaka ka lumisa enjine. Eaba linonyana li atamella haufi haholo, bohele-hele ba tsona ba phahama. Hona ho ne ho hlile ho tena! Ka rera hore ke leke hore ke fohle mohlape, o mpileng o siruha hanyenyane feela hore ke fete. Eaba linonyana li qala ho ntelekisa eare ha ke eketsa lebelo ho tsamaea likhilomithara tse 56 ka hora ka fumana hore linonyana le tsona li ntse li mpheta ka lebelo. E bile feela ha ke tsamaea ka lik’hilomithara tse 64 ka hora ke bileng le hona ho li sia, ke ba ke lopoloha!”

MacLean o hopola leeto la hae la pele ntlong ea baeti ea Charles Bernhardt ea boletsoeng pelenyana: “Ha ke fihla William Creek ka fumana hore terene e ema nako e teletsana, ha banna ba potlakela ka bareng ho ea fumana biri e pholileng. Ha ke kena ka bareng, ka makala ha ke fumana pontšo leboteng e memang banna hore ba ‘bale “Molula-Qhooa o tsebahatsang ’muso oa Jehova, tšepo ea lefatše.’ Pontšo ea bobeli e ne e phehella ‘Bala makasine ea Tsoha!,’ libukana le libuka tse khōlō li ne li fumaneha hona ka bareng. Ha bohle ba sebelelitsoe ’me ba khotsofetse, Bernhardt o ne a re banna ba mo mamele: ‘Banna ba heso, mamelang. Ke le kōpa hore le iphumanele limakasine tse molemo ho feta tsohle lefatšeng kajeno.’ Monna e mong le e mong o ne a ee a fumane likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ba li lefella, ba li kenya lipokothong, ba jara mekotlana ea biri, joale ba khutlele tereneng. Ha ba ntse ba e-noa ka bareng ha Bernhardt ho ne ho se monna lea mong ea etsang manyala kapa a sebelisa puo e mahlapa leha e le efe, ka baka la ho hlonepha botumo ba Bokreste ba mookameli. Joale Bernhardt o ne a neelana ka ‘litaba tse molemo’ ho bohle ba ka tereneng, ho qala ka moqhobi.”

Kajeno, Australia eohle e utloa ‘litaba tse molemo’ ka mehla ka boiteko ba liphutheho tse 525. Balebeli ba tsamaeang ba etela likarolo tsohle tsa naha, ’me ho na le lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo tse fetang 28 000 naheng eo.

BATALA BA UTLOA ‘LITABA TSE MOLEMO’

Ho latela palo ea sechaba ea 1971, ho teng Batala ba ka bang 106 000 feela, bao boholo ba bona ba phelang libakeng tse ka thōko tsa naha le metebong. Ho entsoe boiteko bo matla ho fihla ho bona. Ben Brikell, ea ileng a qeta lilemo tse 44 mosebetsing oa nako e tletseng ho fihlela a e-shoa lilemong tse ngata tse fetileng, o ile a koahela lik’hilomithara tse ngata ka baesekele, sethuthuthu le koloi, a buisana le Batala ba metebong le libakeng tse ling. E le hore ho ka hlakisoa molaetsa, o ile a sebelisa litšoantšo le lipapiso. Leetong le leng karolong e ka Leboea, ea Wave Hill, Brikell o ile a qeta nako e ka etsang hora a e-na le batala ba ka bang 80 ba lutse ba ipharile ha a ba hlalosetsa ka morero oa Molimo ho bona, ka thuso ea litšoantšo tse bontšang liketsahalo tsa Bibele le lipallo. Brikell o ile a tsebisahala Australia ka mosebetsi oa hae har’a batala le metebong. Ka lekhetlo le leng, lik’hilomithara tse seng kae ho tloha Alice Springs, bohareng ba naha, o ile a buisana le sehlopha sa Batala ba ka fetang 100. Batala ba seng bakae ba fetohile baboleli ba tšepahalang ba ’Muso.

Australia, ka libaka tsa eona tse arohaneng haholo, karolo ea eona e khōlō e le sebaka sa eona se hare se seng setle ho batho, le se ahiloeng mona le mane, se hlahisitse phephetso, empa lipeō tsa Lentsoe la Molimo tse hasaneng har’a baahi ba eona ka lilemo li beile litholoana, ka nako e ’ngoe ka litsela tse tsotehang.

Ho tloha metseng e meholo e nang le baahi ba bangata le metse e meholo ea mesebetsi e meholo, ho ea bohareng bo bobe ba lefatše, litaba tse molemo tsa ’muso oa lefatše o tlang oa Molimo lia boleloa. Ho bile teng karolelano ea Lipaki tsa Jehova e le ’ngoe ho baahi ba 2 764 ka 1940. Empa hona joale bakeng sa motho a le mong ho ba 483 ba Australia ke paki ea Jehova e mafolo-folo. Ka hona mona, ho se seng sa libaka tse hole haholo tsa lefatše, taelo ea Jesu e-ea phethahatsoa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela