Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 1/1 maq. 19-20
  • Lebaka la ho Thaba le ho Nyakallela ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka la ho Thaba le ho Nyakallela ho Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bahlanka ba Molimo oa Rōna” le Bathusi ba Bona Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Ho Loka Hoa Mela Sione
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • “Jehova oa Makhotla” Pholosong!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Seo ho Tsoaloa ha Sechaba ho se Boletseng ho Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 1/1 maq. 19-20

Lebaka la ho Thaba le ho Nyakallela ho Molimo

1. Ke hobane’ng ha masala a Baiseraele ba moea kajeno a tletsoe ke thabo phethahatsong ea Esaia 61:10?

HO BA le thabo e ke keng ea hlalosoa ha motho a lokolloa botlamuoeng Babylona e Moholo, ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Lebaka le teng la hore motho a nyakallele ho khutlisetsoa leratong le mohaung oa Molimo oa bolumeli ba ’nete. Ha masala a tlotsitsoeng le a Baiseraele ba moea a kajeno a ntse a nahana ka topollo ea oona le ho tsosolosoa ha oona ke eena, a tlaloa ke thabo. Moprofeta ea bululetsoeng Esaia o kenya mantsoe ka melomong ea oona ha a re: “Ke tla ithabela ho Jehova, moea oa ka o nyakalle ho Molimo oa ka, hobane o nkapesitse ka liaparo tsa poloko, o nkoahetse ka kobo ea ho loka, joale ka monyali ea khabisitsoeng ka moqhaka, le joale ka monyaluoa ea itlhophisang ka mekhabo ea hae.”—Esa. 61:10.

2. Na masala a tlotsitsoeng a sa ntsane a apara “liaparo tsa poloko,” hona ke hobane’ng e ke keng ea hlola e e-ba balelekoa paradeiseng ea moea?

2 Ho tloha selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919 ho ea pele Jehova o ’nile a betla “poloko” bakeng sa masala a tlotsitsoeng a Baiseraele ba moea ka ho ba lopolla ho Babylona e Moholo le metsoalle ea eona ea lefatše. Ho sa tsotellehe mahloriso oohle a bolumeli a fihletsoeng ho tloha ka nako eo, masala a tlotsitsoeng a sa ntsane a iphumana a apere “liaparo tsa poloko.” Masala a ntse a ikemiselitse ho lula a apere liaparo tsena tse khethollang ho fihlela Babylona e Moholo le metsoalle ea eona ea boitšoaro bo bobe li timetsoa “mahlomoleng a maholo” a tlang. Ka ho etsa sena ha ho mohla ba tla ke ba lelekoe kapa ba isoe botlamuoeng ba ntšoa paradeiseng ea moea eo Jehova a ba kentseng ho eona ho tloha ka 1919.

3. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore masala a tlotsitsoeng a phuthoe ka “kobo ea ho loka”?

3 “Kobo ea ho loka” ke ntho e ekelletsoang ‘liaparong tsa poloko’ tseo Jehova a khabisang masala a hae a khutlisitsoeng ka tsona. Mahlong a lefatše, haholo-holo ka baka la ho etselletsoa ke baruti ba Bojakane, masala a Baiseraele ba moea a ile a bonahala a sa loka ka tsela ea bolumeli. A ile a phatlalatsoa e le bakhelohi, baprofeta ba bohata, bo-Kreste ba bohata, bathetsi, bana ba Diabolose. Ho hlorisoa ha bona lefatšeng lohle ho ile ha bonahala ho tiisa liqoso tse joalo tse ba tsoang, haholo ho bile joalo Bojakaneng. Empa Jehova o ile a ba talima joang?

4. Jehova o bontšitse joang hore o talima masala a bakileng a batlang Molimo e le a lokileng, a a tumisa?

4 Moahloli e moholo ho bohle ha ka a ba ahlola ’me a ba apesa ka liaparo tsa chankane, a ba leleka phuthehong ea hae. Ka baka la ho mo batla le Lentsoe la hae, o ile a boela a amohela masala a bakileng hape mohaung oa hae. A ba nea tokelo e hlomphehang ea ho ba lipaki tsa hae, manqosa a hae, ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle le ahiloeng” bakeng sa bopaki machabeng pele tsamaiso ena e khopo ea lintho e fela. A etsa hore lebitso la hae, Jehova, ba bitsoe ka Iona. (Matt. 24:14; Esa. 43:10) Joale a ba sebelisa ka matla ho tsebahatsa lebitso la hae le merero likhutlong tse ’ne tsa lefatše. Hona ha bolela ho tumisoa ha masala!

5. Ka hoo, ha ho boleloa ka tšoantšetso, ke phetoho efe ea liaparo e ileng ea fihleloa ke masala, ka thabo e joalo ketsahalong efe?

5 Hona ho ipakahalitse e le ho lokafatsoa ha masala, ho a bolela a lokile ka pel’a lefatše lohle. Ka tšoantšetso, ea e-ba ho a phutha ka “kobo ea ho loka.” Ka tsela ena ba fihlela ho apara liaparo lisele, ba hlobola tse silafetseng ba apara tse hlomphehang. (Esa. 52:1, 2) Thabo ea bona e ile ea hatisoa pelenyana sehloohong se seholo sa maqephe a tšeletseng tokollong ea la 1 Tlhakola, 1925 ea Watch Tower, se neng se re “Kobo ea ho Loka,” kamoo se neng se thèiloe ho Esaia 61:10. Thabo ea bona e bile e tšoanang le ea monyali le monyaluoa oa hae ka letsatsi la bona la lechato!

6. Thabo ea masala ana a tumisitsoeng e bile ea nako e kae, ’me ke bo-mang ba thabileng le oona, ka pontšo efe e sebetsang?

6 Mabapi le ho thaba, seo boprofeta ba Esaia bo se boletseng pelenyana se ipakahalitse e le ’nete: ‘Ba tla ’ne ba thabe ka ho sa feleng.” (Esa. 61:7) Kajeno, lilemo tse 43 ho tloha ka 1935 C.E. masala a pholositsoeng le a tumisitsoeng a ntse a thabile ruri, empa, ho feta moo, “bongata bo boholo” ba bathusi ba bona bo kopanetse thabong. Bo nka pono ea litaba ea Bibele, bo talima masala a tlotsitsoeng e le “baprista ba Jehova” le “bahlanka ba Molimo oa rōna.” Bo hlokomela sehlopha seo se tlotsitsoeng se apesitsoe ka “liaparo tsa poloko” ’me se phuthiloe ka “kobo ea ho loka.” Thabo ea bona ho sena bo e bontša ka ho sebeletsa Jehova Molimo bo ipapisitse le bahlanka bana ba pontšeng ba amohelehang ba boprista. Le hoja “bongata bo boholo” bo boleloa e le “balichaba” le “basele” ’me bo tšoantšoa le balisa, balemi le bahlokomeli ba merara, tekanyetso ea phallelo le thuso tseo ba li tliselitseng masala a tlotsitsoeng li bile khōlō haholo. Paradeise ea moea e fumana molemo ka boteng ba bona.—Matt. 25:31-46.

7. Ke hobane’ng ha mohlolo ona ohle oa lekholong la lilemo la bo20 o ne o tlameha ho tla, joalokaha selemo kamehla se tlela Palestina?

7 Mohlolo ona oohle oa lekholong la lilemo la bo20 o ne o tlameha ho tla phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, joalokaha selemo se tlameha ho tlela naha ea Palestina ka ’nete. Boprofeta ba Esaia 61:11 bo ne bo ke ba hlōleha: “Hobane joale ka ha lefatše le melisa limela tsa Iona, le joale ka tšimo ha e melisa tse jaliloeng ho eona, ho joalo Morena Jehova o tla melisa ho loka le lithoko pontšeng ea lichaba kaofela.”

8. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ke ke a tlohela lintho li sa lokisoa, hona o neile bahlanka ba hae “meputso” ho isa kae?

8 Jehova Molimo o entse ka ’nete hakaakang lentsoeng la hae! O ne a ke ke a tlohela lintho li sa lokisoa. Ke Molimo o ratang ho lokileng, ’me o ‘hloile bosholu le bolotsana.’ (Esa. 61:8) Nakong ea ho ntša meputso o ile a lokela ho nea bahlanka ba hae ba sebetsang ka thata “meputso ea bona e ba lokelang.” A tlabola “selekane se secha” seo a neng a se tšepisitse bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng, ’me ka sena “bongata bo boholo” le bona bo fumane molemo. (Jer. 31:31-34) O se a tumisitse lipaki tsa hae tsa Bakreste e le bahlanka ba hae ba amohelehang ’me o sa ntsane a tla ba tumisa haholoanyane “har’a lichaba.” Hona ho tla etsa hore ho loka hoo e leng ha hae ho hlahe bakeng sa bokahoohleng bohle hore bo ho bone. ’Me hape ho tla phaella thorisong ea ka ho sa feleng e tsoang melomong ea barati bohle ba ’nete, ho loka le borapeli bo hloekileng.

9. Re lokela ho itsebahatsa le kobo efe?

9 O ke o fele, he, moea oa ho tepella’? A re ke re itsebahatseng kamehla re le “kobo ea khanya” ’me re nyakallele Jehova Molimo ka Moprista e Moholo oa hae ea tlotsitsoeng, Jesu Kreste.—Esa. 61:1-3.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela