Mehla ea Rōna e Potlakile Hakae?
“Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka [Jesu]; empa ea tla tiisetsa ho isa qetellong, eena o tla pholosoa.”—Mar. 13:13.
1. Ke mahlomola afe ao Jesu a hlileng a a bolela bakeng sa batho ba Molimo, a phethahalitsoe ho bo-mang, hona joang?
E LE karolo ea boprofeta ba hae bo susumetsang ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho,’ Jesu o itse: “Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatsoe, ’me ba tla le bolaea. Lichaba tsohle li tla le hloea ka baka la lebitso la ka.” (Matt. 24:9, phet. e ncha) Mantsoe ana a hlile a phethahatsoa ho batho bafe mehleng ea kajeno? E, ho Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste! Har’a lihlopha tsohle tsa bolumeli, li ema e le tsona feela tse ileng tsa oeloa ke Bonazi, Bokomonisi, bompoli ba sesole haesita le linaheng tsa puso ea lentsoe la sechaba, kamoo ho ka boleloang, lefatšeng lohle.
2. Lipaki tsa Jehova tse Afrika li talimane joang le khang? (Pes. 37:39)
2 Lilemong tsa morao tjena, tumelo e sa thekeseleng ea Lipaki tsa Malawi har’a lipolao, lipeto, lichapo le litlamo e hapile hlonepho le lerato, e seng tsa baena ba bona ba moea feela, empa hape le tsa batho ba nang le matsoalo a lokolohileng hohle. Le hoja e ka ’na eaba boemo bo khoehlisitse hose hokae Malawi, linaha tse ling tsa Afrika li tlaleha mahloriso a ntseng a phahama.
Sechaba se seng se secha se laetse baahi bohle ba sona hore ba roale libeche tsa bopolotika. Naheng e ’ngoe, bosiung ba Sehopotso, “moena” oa bohata o ile a eka phutheho, hoo mapolesa a ileng a tla ’me a pota sebaka seo ho kopanetsoeng ho sona, ka mabaka a itseng matla a sona se hlile se a tobisa haufi le monyako o ka morao. Eare ha ho letsoa “alarm,” Lipaki tsa fumana monyako o ka pele o sa lebeloa, hoo e leng hore bohle ba tsebile ho pholoha ba hasana har’a lefifi ntle ho ba babeli feela. Bakreste bana ba babeli ba ile ba shapuoa ka sehlōhō, empa tumelo ea bona ha e ka ea sisinyeha ’me ba fana ka bopaki bo babatsehang ka khotla.
Naheng e ’ngoe, Lipaki tse tšepahalang li ile tsa hana ho etsa lepetjo la ho rata naha ’me tsa shapuoa le ho lelekoa metseng ea habo tsona. Tse ling tsa bolelloa, ka mokhoa oa ho soma, “Le ka ea kae le kae, le ho eena Jehova oa lōna.” Mona ho ntse ho e-ba thata haholo ho tsamaea, ’me balebeli ba tsamaeang ba tšoeroe. Leha ho le joalo, “lijo” tsa moea ha li haelle likampong tsa chankane. Lipaki tsena tse litlamong li ’nile tsa lebella ho kopanela likopanong tsa “Tumelo e Hlolang.”
Naha e ’ngoe ea Afrika e tlaleha hore ho tšoeroe Lipaki tse 22, ka bohata li qositsoe ka liketso tsa bopolotiki, tsa shapuoa hampe, tsa hlobolisoa ho fihlela linthong tse ka hare ’me tsa kenngoa litlamong li le boemong bona ba ho apara ka mokhoa o sa fellang ka khoeli e le ’ngoe. Naheng e ’ngoe hape, ba bararo ba ile ba shapuoa hore ba shoe, ’me ba bang ba bangata ba ahloleloa lefu ka khang ea ho se nke lehlakore; li ipilelitse ka kahlolo eo. Hape naheng e ’ngoe ea Afrika, moprista oa “Coptic” o ile a etsa liqoso tsa bohata hore Lipaki tsa Jehova li ameha lipolotiking tsa Bochabela bo Hare, kahoo a etsa hore ho kenngoe litlamong batho ba batona ba 13 le ba batšehali ba 20 ba Lipaki, bao e mong ho bona e neng e le moimana ’me e mong a e-na le morali e monyenyane.
3. Batho ba Jehova ba bonahatsa tumelo ea bona joang?
3 Le hoja mona ho supiloe haholo liketsahalong tsa haufinyane Afrika, linaha tse ling tse ngata lefatšeng li ’nile tsa koalla Lipaki tsa Jehova, hoo e leng hore ho bolela ho etsoang ka mehla le ho lokisetsoa ha likopano tsa Bokreste ho thatafetse haholoanyane. Baromuoa ba ’nile ba lelekoa linaheng tse ’maloa, ’me ho ntse ho thatafala haholoanyane ho rōmela baromuoa libakeng tse ncha. Ho joalokaha Jehova a hlile a bolela ka moprofeta oa hae Jeremia, a re: “Ba tla u loantša.” Ba etsa sona seo! Empa har’a mashano le mahloriso a chesang, batho ba Jehova ba tsoela pele ho fana ka bopaki bo phethahetseng. Ba na le tumelo e feletseng pallong ea Jehova hore: “Ba ke ke ba u hlōla, hobane [’na Jehova] ke na le uena ho u namolela.”—Jer. 1:19.
‘JOALOKA MEHLENG EA NOE’
4. Ke hobane’ng ha Noe a ne a ka mamella? (Jak. 1:2-4)
4 Mopatriareka Noe ke e mong ea ileng a phela a haola har’a mehla e lekang ka ho khethehileng. Mosebetsi oa hae o khethehileng oa ho lokisetsa moroallo o ile oa nka ho feta lilemo tse 60—nako e ka lekanang le boboleli ba rōna ka ho theoa ha ’muso oa Molimo mehleng ea kajeno. Le hoja ‘lefatše le ne le bolile mahlong a Molimo oa ’nete ’me le tletse ho bolaeana,’ Noe o ne a ka mamella kaha o ne a etsa hore tumelo ea hae e sebetse. Ho tšoana le Lipaki tsa Jehova tsa mehleng ea joale, o ile a tsoela pele ho sebeletsa ka cheseho e le ‘’moleli oa ho loka.’—Gen. 6:11; 2 Pet. 2:5.
5, 6. (a) Ke lipapiso life tse ka etsoang ka mehla ea Noe le mehla ea rōna? (b) Bakreste ba lokela ho nkeha ho eng, hona hobane’ng?
5 Leha ho le joalo, batho ba bangata morao koo ba ne ba tšoana le lefatše la batho kajeno. “Ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” Ho latela phetolelo ea Luka ea mantsoe ana a Jesu:
“Ho no ho jeoa, ho nooa, ho nyaloa, ho nyalisoa, ho fihlela letsatsi leo Noe a ileng a kena arekeng ka lona, moroallo oa metsi oa ba oa fihla, oa ba timetsa kaofela.”
Kajeno, lefatše le nang le maikutlo a joalo le le khopo le talimane le ‘mahlomola a maholo’ a makhaola-khang a lefatše lohle!—Matt. 24:21, 37-39; Luka 17:26, 27.
6 Na mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a Jesu a bolela hore ke phoso ho Bakreste mehleng ee ea bofelo ho ja, ho noa le ho nyala? Che, Jesu o ne a sa bolele joalo. Ho hotle ho thabela lijo tse ntle le lino ka mokhoa o itekanetseng. Ka mokhoa o tšoanang, lenyalo ke tokisetso ea Molimo bakeng sa batho. Se neng se boleloa ke Jesu ke hore ha rea lokela ho nka lintho tsena e le eona mesebetsi e bohlokoa kahohle ea bophelo, re nkeha ke eona ho isa moo re ntšang lithahasello tsa moea. (1 Pet. 4:3; 1 Ba-Kor. 7:8, 29) Ho e-na le hoo, re lokela ho itlhophisa ka tsela eo re tlang ho bea sebaka sa pele e le sa mosebetsi o moholo oa ‘ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng e le bopaki,’ pele bofelo bo e-tla.—Matt. 24:14.
‘JOALOKA MEHLENG EA LOTA’
7. Ke ho potlaka hofe ho ileng ha hlaha mehleng Lota?
7 Nakong eo ka eona Abrahama le Lota ba neng ba sebeletsa e le Lipaki tsa Molimo lefatšeng, Jehova o ile a ba hlokomelisa ka kahlolo ea hae khahlanong le Sodoma le Gomorrha. Ho ne ho se teng le batho ba 10 ba lokileng ba neng ba ka fumanoa moo! Eitse ha lengeloi la Jehova le lokisetsa ho tlisa timetso e hlileng ea boleloa, Lota a ’na a phehella batho ba neng ba lebelelitse barali ba hae: “Tsohang, le tsoe nqalong ena, hobane Jehova o ea timeletsa motse.” Leha ho le joalo, bao bao e neng e tla ba bakhoenyana ba hae, ho tšoana le batho ba lefatše lena la kajeno le se nang boitšoaro, ba fetisa temoso ea bomolimo joalokaha e le mosoaso feela. Empa nako ea papali e ne e le sieo. “Mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, u nke mosali oa hao, le barali ba hao ba babeli ba leng mona, e se re mohlomong ua timela tšenyong [phosong, NW] ea motse ona.”—Gen. 19:14, 15.
8. (a) Ke “phoso” efe e ileng ea hlahisa ho timetsoa ha Sodoma le Gomorrha? (b) Ke hobane’ng ha hona ho lokela ho sebeletsa e le temoso ho rōna kajeno?
8 “Phoso” eo e ne e le efe? E ne e akarelletsa liketso tse sothehileng tsa botona le botšehali tseo e leng karolo e kholo ea bophelo metseng e mengata e meholo ea lefatše lena la kajeno, ho bileng ho tlotlisoang sethalleng le libaesekopong. “Ho bile joalo le Sodoma le Gomorrha, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootsoa o le bong, ka ho khelohela ho batla nama esele.” Hape, ka ho se nahane ka ho loka ha Molimo, “ho no ho jeoa, ho nooa, ho rekoa, ho rekisoa, ho lengoa, ho hahuoa matlo.” Ba ne ba nkehile ho hang ke tsela ea bona ea bophelo ea boithati. Eaba ho etsahala joang ka bona? “leholimo la nesoa mollo le sebabole, ba ba ba timetsoa kaofela ke tsona.” Jesu o lemosa hore o tla liha kahlolo e tšoanang le eo ha a senoloa, haufinyane, e le “Mor’a motho.”—Gen. 19:24-26; Luka 17:28-30; Juda 7.
9. Ke ho potlaka hofe ho hlokoang ho rōna kajeno, ’me re ka sireletsoa joang?
9 E se eka re ka tšoana le Lota ea lokileng ho potlakiseng molaetsa oa kahlolo oa Jehova bakeng sa mehla ea rōna. ’Me re se ke ra tšoana le mosali oa Lota, empa, ho e-na le hoo, re itebele ho hetleng morao ka takatso ea melemo e bonahalang ea lefatše lena le ahlotsoeng. (Luka 17:31, 32) Ho ameha ha rōna ka ho feletseng ho etseng thato ea Molimo bakeng sa kajeno ho tla sebeletsa e le tšireletso ho rōna. Hopola, ho bile joalo mabapi le ho lopolloa ha Noe moo Petrose a ileng a re: “Morena o tseba ho loela barapeli molekong, le ho bolokela bakhopo hlokofatso ea letsatsi la kahlolo.”—2 Pet. 2:6-9.
HO FANA KA ‘BOPAKI BO PHETHAHETSENG’
10. (a) Ke ho potlaka hofe ho neng le teng ha Jesu le baapostola ba hae ba ne ba le lefatšeng? (b) Ke joang, hona e le ka morero ofe, Jesu a ileng a ruta barutuoa ba hae?
10 Ha Jesu le baapostola ba hae ba ne ba le lefatšeng, ho ne ho potlakile hore ho fanoe ka bopaki bo phethahetseng letsatsing leo la kahlolo. Jesu ka boeena o ile a beela mosebetsi oo mohlala, “A tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso.” Baapostola ba 12 le ba bang, ho kopanyelletsa le basali, ba ne ba tsamaea le eena. Ka morero ofe? E ne e le hore a ka ba hlakisa ho haha bophelo ba bona hore bo likolohe tšebeletsong ea bona ho Molimo. Kahoo, hape ba ne ba ka ba le hona ho kopanela ho boleleng temoso ka timetso e tlang ea ‘tsamaiso ea lintho’ ea Sejode, le ho tšeliseng batho ba hateletsoeng. Ho feta moo, ba ne ba tla thusoa hore ba apare botho ba Bokreste, bophelong ba bona ba bonahatsa litšoaneleho tsona tseo tsa ho loka le botšepehi tseo ba neng ba li bona ho Morena oa bona.—Matt. 9:35–10:15; Luka 8:1, 2; 9:1-6; 10:1, 13-15; Ba-Ef. 4:24.
11. Barutuoa ba bontšitse joang hore ba ithutile thuto ea bona hantle?
11 Barutuoa bao ba pele ba ile ba ithuta thuto ea bona hantle. Ba ikakhela ka setotsoana tšebeletsong e mafolo-folo ea ’Muso, ka kutloelo bohloko ba kena har’a batho kae le kae moo ba ka ba fumanang teng—libakeng tsa thekiso le libakeng tse ling tsa pontšeng, matlong a thapelo (ho latela tloaelo ea mehleng eo) le malapeng a bona. Leha ba ne ba hasane hohle ke hloriso, ba ’na ba tsoela pele, ‘ho bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.’—Lik. 5:42; 8:4; 16:13; 17:17.
12. Ho ile ha fanoa ka bopaki ba mofuta ofe mehleng ea baapostola, hona ka phello efe?
12 Ho ea qetellong ea lilemo tse telele haholo tsa boboleli bo chesehang, moapostola Pauluse o ne a ka bolella baholo hammoho le eena hore: “kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le e ’ngoe, ea tse le tšoanelang, ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna, ke ntse ke khothalletsa ba-Jode le ba-Gerike [ka ho phethahetseng] ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Lik. 20:20, 21) Mabapi le bopaki bo potlakileng bo fanoeng ke baapostola le ba neng ba sebetsa le bona, mantsoe “phetheho” le “phethahetseng” (NW) a hlaha khafetsa bukeng ea Liketso. (Lik. 2:40; 8:25; 10:42; 20:24; 23:11; 28:23) Pheletso ea bopaki boo bo “phethahetseng” e bile efe? Liphutheho tsa balumeli tsa hlaha ’me tsa atleha kae le kae moo ho neng ho boleloa ‘litaba tse molemo,’ ’me ha balebeli ba tsamaeang ba etela tsena ho li khothatsa tšebeletsong ea tsona, liphutheho li ne li tiisoa. “Likereke li ne li itiisa tumelong, ’me li ne li anafala ka matsatsi ’ohle.”—Lik. 15:36–16:5.
13. Jehova o ile a phethahatsa kahlolo efe lekholong la pele la lilemo, empa phutheho ea Bokreste e ile ea pholoha hobane’ng?
13 Phethahatsong ea temoso eo ho neng ho fanoe ka eona ke Jesu le barutuoa ba hae, Jehova ka mokhoa o loketseng a phethahatsa kahlolo holim’a moloko o khopo oa Bajode, moloko o neng o bolaile “Moemeli e Moholo oa bophelo,” Morena Jesu Kreste. (Lik. 2:40; 3:15) Phutheho ea Bokreste e ile ea tsoella joang—sehlopha seo se senyenyane se neng se ile sa potlakela ho mamela taelo ea Morena oa sona ho etsa hore ‘litaba tse molemo tsa ’muso li ka boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki’? Eitse ha bofelo bo fela bo e-tla, tumelo ea bona e sebetsang e ile ea bolela ho bolokeha ha bona. Mamello ea bona ea fumana moputso.—Matt. 24:13-16.
RE HOKAE MOLATSOANENG OA LIKETSAHALO
14. Ha ho bapisoa, ‘litaba tse molemo’ li boletsoe ho isa hokae kajeno, ’me ka katleho efe?
14 Hang hape, tlhorong ea mehla, ‘litaba tse molemo’ li ’nile tsa boleloa popong eohle tlas’a leholimo.’ (Ba-Kol. 1:23) Empa kajeno tšimo eo ho boleloang ho eona e kopa lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona, ho kopanyelletsa libaka tsa “morena oa leboea” le “morena oa boroa,” hammoho le linaha tse ling tse ngata Afrika, Amerika, Asia, Australasia le lihleke-hleke tsa leoatle. E ka ba feela ka moea oa Jehova bopaki bo joalo bo nkang lefatše kaofela bo ka fanoang ka nakoana e khutšoanyane ea lilemo tse ka bang 60. Empa leha ho le joalo ba bacha ba ntse ba tsoela pele ho khobokellana phuthehong ea Jehova! Sebaka se bile seholo haholo ho feta mehleng ea baapostola, ha ho ile ha nka nako e ka tlase ho lilemo tse 40 ho utloahatsa temoso ea ho qetela ho batho ba Bajode ba hasaneng hohle.
15. “Meea e mene” ea Tšenolo 7 e tšoeroe ka lebaka lefe?
15 Leha ho le joalo, hantle-ntle re hokae molatsoaneng oa liketsahalo? Tšenolo khaolo ea 7 e ea re bolella. Mona, moapostola Johanne a “bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’ne tsa lefatše, a thibetse meea e mene ea lefatše.” Ena ke meea ea timetso, hobane ka nako e tšoanelehang e tla ‘senya lefatše le leoatle le lifate.’ Pele, leha ho le joalo, “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba tlameha ho tšoauoa, liphatleng. Morao koana ka 1914, nakong eo ka eona ‘’muso oa lefatše o fetohang ’muso oa Morena oa bona [Jehova] le oa Kreste oa hae,’ bahlanka bana ba ile ba laba-labela hore bofelo bo tle, e le hore ba ka bokelloa ho Morena oa bona leholimong. Empa che—Jehova o ne a sa ntsane a e-na le mosebetsi bakeng sa bona hore ba o etse mona lefatšeng lena. Hape, bona ka bobona ba ne ba tlameha ho hloekisoa le ho lokisetsoa nako ea bona e tlang tšebeletsong ea boprista ’musong oa Kreste oa lilemo tse 1 000. Kahoo, ‘meea e mene ea lefatše’ e ile ea tšoaroa ka lebaka.—Tšen. 7:1-4; 11:15.
16. Ke sehlopha sefe se seng se hauhetsoeng ke ho ‘tšoara ha mangeloi meea ka tieo,’ ’me tšepo ea sona ke efe?
16 Ka mohau oa hae o mongata le mosa o lerato, Jehova o ile a sebelisa “bahlanka” bana ba Iseraele oa hae oa moea, “Iseraele oa Molimo,” mosebetsing o moholo lebitsong la sehlopha se seng—“bongata bo boholo ba batho, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Ha litho tsohle tse 144 000 tsa Iseraele oa moea li se li kene tšebeletsong ea tsona maholimong, ‘’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae’ o tlameha ho busa ka ho tsoetseng pele holim’a batho mona lefatšeng. Ho tloha bohareng ba bo-1930 ho ea pele, “bongata bo boholo” bona bo bonahetse, hoo e leng hore kajeno batho ba fetang likete-tsa-likete tse peli ba lebelletse ho sebeletsa ka ho tsoetseng pele e le bafo ba lefatšeng ba ’Muso. Ke bona setsi sa “lefatše le lecha” batho ba lokileng ba tlang ho phela ka ho sa feleng tlas’a borena ba Jehova Molimo. (Tšen. 7:9, 10; 21:1, 3-5; 2 Pet. 3:13) Leha ho le joalo, mangeloi a sa ntsane a ‘tiisitse ka matla meea e mene ea lefatše.’ Hobane’ng?
17. Ke ka lebaka lefe mangeloi a ntseng a ‘tšoere meea’?
17 Ho ka etsahala feela hore ebe Jehova o sa na le mosebetsi o mong bakeng sa lipaki tsa hae hore li o etse mona lefatšeng. Ho sa na le ba bangata ba “bongata bo boholo” bao ho hlokahalang hore ba bokelloe. Ho ba teng ha batho ba baloang ka likete-tsa-likete moketeng oa Sehopotso lilemong tsa morao tjena, hammoho le keketseho e tlang e iketlile ea Lipaki linaheng tse ngata tsa Asia, lihleke-hleke tsa leoatle le linaheng tsa K’hatholike tsa Europe, ho bontša hore mosebetsi oa ho bokella ha o-oa phethoa. Ho potlakile hore batho bohle ba Jehova ba itšebelise tšebeletsong ea hae ho theosa ho ea fihla qetellong ea tsamaiso ena e khopo.—Mar. 13:10; Ba-Ef. 5:15, 16.
18. (a) Hona joale ho bonahala e le ho hlokola hofe ho etsahalang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho hlokomelisisa keletso ea Pauluse e ho 2 Ba-Korinthe 13:5?
18 Hape, joalokaha ho ile ha hlokoloa ka matla har’a masala a tlotsitsoeng lilemong tse leshome kamorao ho 1914, joale ho bonahala hore ho hlokoloa joale ho teng har’a bao ba ipolelang hore ke ba “bongata bo boholo.” Mantsoe a moapostola Pauluse a hlile a sebetsa ho bohle har’a rōna mehleng ena e thata: “Itekoleng, ’me le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo.”—(2 Ba-Kor. 13:5; phet. e ncha) Na kannete re nka boineelo ba rōna ho Jehova e le ba bohlokoa—kamano e haufi haholo eo re nang le eona le eena, le eo ho bileng bonolo hore e be teng ka sehlabelo sa Jesu? Na re ananela kopano ea rōna le Ntate le Mora mosebetsing o moholo oo re filoeng tokelo ea ho kopanela ho oona nakong ee? Na re sebetsa re khannoa ke lerato la ’nete bakeng sa Jehova le bao re ahisaneng le bona? Kapa, na sepheo sa rōna e bile feela ‘hore re ipholose’ ntoeng ea Harmagedone? Haeba re ba “bongata bo boholo,” na re tla tsoela pele ho sebeletsa Molimo “motšehare le bosiu” ho feta ‘mahlomoleng a maholo’? Kapa, na re tla nyehlisa, re lumela Satane hore a re hlōle ka menyaka, boitšoaro bo bobe kapa ka lipelaelo tsa bophelo?
19. (a) Ke hobane’ng re ka thabelang hore mangeloi ‘a sa tiisitse meea’ ho tla fihlela nakong ee? (b) Joalokaha ho bontšitsoe ke 2 Ba-Korinthe 13:11, re ka nka leoto joang le mohato o nkelang pele oa phutheho ea Molimo kajeno?
19 Mangeloi a mane a ke ke ‘a tšoara’ meea e mene ea lefatše hore e se ke ea foka ka ho sa feleng. Re ka nyakallela hore a entse joalo ho tla fihlela nakong ena, le hore ho tla fella ka hore ho bolokoe batho ba baloang ka likete-tsa-likete. Empa nako e fela ka potlako. Ho hlokahala hore re lule re phela, re falimehile, nako le nako re tsoela pele le phutheho ea Molimo e lefatšeng. Ke thabo e kaakang eo re nang le eona ea ho ba karolo ea boena bo le bong feela lefatšeng lohle bo leng khotsong, le bo leng kopanong ho roriseng lebitso la Jehova mehleng ee e thata! Hore re ka nka leoto, ho ka ’na ha hlokahala hore re lokise boikutlo ba rōna ba botho kapa pono ea litaba ka linako tse ling. Empa ka mehla re ikemisetse ho etsa joalo ka boikokobetso, e le hore re ka sebeletsa ka potlako ’me ra tsoela pele thabong eo re e kopanelang le batho bohle ba Molimo. Joalokaha Pauluse a ile a eletsa: “Joale, bana beso, ke qetela ka ho re: thabang, phethahalang, khothalang, e-bang le maikutlo a le mang, le phele ka khotso, ’me Molimo oa lerato, le oa khotso o tla ba le lōna.”—2 Ba-Kor. 13:11, phet. e ncha.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
‘HA BA LEMOHE’ Joaloka mehleng ea Noe le Lota, batho ba bangata ba tšoarehile haholo litabeng tsatsatsi le leng le le leng tsa bophelo hoo ba hlokomolohang ho potlaka ha linako