“Falimehang”
“Falimehang, ’me le rapele, hore le se kene molekong.”—Matt. 26:41.
1, 2. (a) Ke liketsahalo life tse likolohileng ho bolella ha Jesu baapostola ba hae hore, “Falimehang”? (b) Empa baapostola ba ile ba arabela joang?
HO NE ho etsahala life ha Jesu a bua mantsoe ao? E ne e le nakong e mahlonoko ka ho fetisisa bophelong ba hae lefatšeng—bosiung ba ho ekoa ha hae, ho tšoaroa, ho ba nyeoeng le ho bolaoa. Letsatsi leo le ne le tla ipakahatsa e le la bohlokoa ka ho fetisisang paleng ea batho. Liketsahalo tse neng li tla tloha li etsahala li ne li tla isa ho pholosoeng ha batho bohle. Mohlang oo, Jesu o ne a tla fana ka bophelo ba hae sehlabelong. Joaloka Mora ea ileng a sebeletsa ka botšepehi ho isa qetellong, o ne a tla ba le hona ho tlalehela ho Ntate oa hae ho shoeng ha hae ka mantsoe ana: “Ho phethahetse!”—Joh. 19:30.
2 Leha ho le joalo, baapostola ba Jesu ba ne ba etsa joang? Ba ne ba sa tsoa kopanela le Morena oa bona ho hlomeng ha hae Sehopotso sa lefu la hae. Le hoja ba ne ba hlile ba sa ananele bohlokoa ba sona, ba ne ba tseba hore ke ketsahalo ea bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, ha a rapela, mane serapeng sa Gethsemane, ba robala! O ne a ile a re ho bona: “Moea oa ka o masoabing a maholo, hoo nka shoang: salang mona, le falimehe le ’na.” Leha ho le joalo, e seng hang feela, empa ka makhetlo a mararo, o ile a khutla ho tla ba fumana ba khalehile. Ka lekhetlo la boraro, Jesu a re: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse.” ’Me ka motsotso oo lira tsa hae li ne li le ho eena!—Matt. 26:36-47.
3. (a) Ke hobane’ng ha ena e le nako ea bohlokoa haholo ea ho falimeha? (b) Ke hobane’ng ha ho hlōleha ho ela hloko Tšenolo 16:15 ho le kotsi?
3 Kajeno re eme lintšing tsa ketsahalo e ’ngoe e khōlō paleng ea batho—‘mahlomola a maholo,’ a tla fihla tlhorong ea oona “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone. (Matt. 24:21; Tšen. 7:14; 16:14, 16) Ena har’a linako tsohle ke nako ea ho falimeha! Empa bona boprofeta bo hlalosang ka ntoa eo e tlang bo lemosa ka batho bao mohlomong ba ke keng ba lula ba falimehile. Temoso ena e kentsoe hantle pakeng tsa ho boleloa ha ‘ntooa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ le “Harmagedone.” Ke Morena Jesu Kreste ka boeena ea fanang ka temoso, a re: “Bonang, ke tla joaloka lesholu. Ho lehlohonolo ea falimehang, ea sa hloboleng liaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaea a le feela, ’me batho ba bona tse lihlong tsa hae.” Baa ba tšebeletsong ea boprista ba Molimo kajeno, hape le “bongata bo boholo,” ba tlameha ho ba hlokolosi hore ba se ke ba lahleheloa ke liaparo tseo ba itsebahatsang ka tsona. ’Me ke eng e ba khethollang e le bahlanka ba Molimo kajeno? E, ke mesebetsi ea bona e chesehang, ha ba buisana le batho malapeng a bona le libakeng tsa pontšeng, le ho sebelisa ha bona bophelong ba bona eona metheo eo e metle ea Bokreste eo ba e buellang ho ba bang. Hore mohlanka oa Molimo a otsele moeeng ho ne ho tla mo tlisetsa lihlong tse khōlō. O ne a tla hlobolisoa boitsebahatso ba hae e le paki ea Molimo oa ’nete. Hona ho ne ho tla ba kotsi bosiung ba ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.’—Tšen. 16:14-16.
LOANTŠA HO OTSELA MOEENG
4. Ke’ng se nyarositseng tsamaiso ea lefatše haholo kajeno?
4 Maemo lefatšeng ha ho mohla a kileng a e-ba kotsi ho feta kajeno. Baeta-pele ba lipolotiki ba lumela ’nete ena. Ho oa ha puso le pefo li runya ho pota lefatše. Haesita le ponong ea litaba ea lefatše, tsamaiso ea hona joale ea lintho e thelelisetsa tlase ka potlako, ’me e kotsing ea ho senngoa nakong e tlang e haufinyane. Empa ponong ea Molimo, tsamaiso ee e eme hokae? Jehova o bolela hore o tla e thumakanya likoto e sa eme hantle. (Dan. 2:44, 45) Ho tla hlokahala hore hoo ho etsahale ka potlako e khōlō, lintho li ntse li theoha ka potlako e khōlō mehleng ena ea bonokoane le matsoalo.
5. Jesu o ile a hatisa eng ha a bua ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’?
5 Morena Jesu Kreste o ile a profeta ka mokhoa o hlakileng mabapi le mehla ea rōna. Nako le nako a ntse a pheta boprofeteng bona, a hatisa hore ke ha bohlokoa hore re falimehe. Tse ling tsa lipolelo tsa hae ke tsena, joalokaha li tlalehiloe ka mekhoa e sa tšoaneng:
“Ka hona falimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena oa lōna a tla tla ka lona.”—Matt. 24:42, phet. e ncha.
“Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mor’a Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”—Matt. 24:44, phet. e ncha.
“Ha ho le joalo falimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”—Matt. 25:13, phet e ncha.
“Empa lōna, hlokomelang [falimehang]: Ke le boleletse tsohle e sa le pele.”—Mar. 13:23, phet. e ncha, bapisa le NW.
“Hlokomelang, le falimehe, hobane ha le tsebe hore na nako eo e tla tla neneng.”—Mar. 13:33, phet. e ncha.
“Falimehang, hobane ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla tla neneng.”—Mar. 13:35, phet. e ncha.
“Joale seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: ‘falimehang!’”—Mar. 13:37, phet e ncha.
“Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha mong’a bona a fihla, a ba fumane ba falimehile.”—Luka 12:37, phet. e ncha.
“Le lōna le itokise, kahobane Mor’a Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”—Luka 12:40, phet. e ncha.
“Letsatsi lela la le tsometsa, hobane joaloka sefi, le tla pitla bohle ba ahileng lefatšeng lohle. Falimehang ke hona.”—Luka 21:24-36, phet. E ncha.
6. Jesu o ile a hatisa eng mabapi le ‘lintho tse tla tloha li etsahala’?
6 Hape, tšenolong ea hae ea ho qetela mabapi le ‘lintho tse tla tloha li etsahala,’ Jesu o boetse o hatisa tšohanyetso eo a tlang ka eona:
“Ke tla tla ho uena kapele, . . . Ke tla tla kapele. Khomarela ho seo u nang le sona.”—Tšen. 2:16; 3:11.
“Bona, ke tla tla kapele. . . . E, ke tla tla kapele.” (Tšen. 22:7, 20)
Karabelong ea lipolelo tsena tsa ho qetella tsa Morena oa rōna, ka sebele e mong le e mong ho rōna o kopanela le moapostola Johanne ho re: “Amen. Tloo, Morena Jesu.”
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re falimehile?
7 U se ke ua lahleha! Lefatše lena le potlakile haholo ho leba bofelong ba lona bo hlileng ba boleloa. Le litleneng tsa lona tsa lefu. Ho boleloa pepenene hore metse e mengata e meholo e-ea shoa. Empa Jehova o tla e ntša mahlomoleng a eona pele e ka shoa lefu la eona la tlhaho. Re tlameha ho lula re falimehile, re loketse letsatsi le leholo le hlalositsoeng ke baprofeta ba bangata hakana ba Jehova.—Esa. 2:12, 17; Jer. 30:7; Joele 2:11; Amose 5:18-20.
8. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ‘ho lebella’ Jehova? (Sof 2:3) (b) Ke boemo bofe Machabeng a Kopaneng bo biletsang ho falimeha?
8 Moprofeta Sofonia, eo e neng e le khosana lesikeng la Davida, o ile a bolela ho re:
“Ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka; hobane ka mollo oa poulelo ea ka lefatše lohle le tla chesoa. (Sof. 3:8)
Letsatsi leo la ‘bohale bo tukang’ ba Jehova le atamela ka potlako e sisimosang. Boprofeta boo e leng ba Jesu bo boholo mabapi le ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ hona joale bo phethahetse ka mokhoa o tsotehang lekholong la rōna la mashome a mabeli la lilemo ho tloha ka 1914. Ka ho totobetseng re bona mekha ea sesole ea ‘manyala ane a bofeliso,’ mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, a eme a tsepame ho etsa tšenyo sebakeng sa Bojakane. Mebuso ea karolelano ea thepa ha e-ea ho etsa patuoe hore e hloile bolumeli—“mootselisi oa batho” kamoo ba bo bolelang kateng. U se ke ua lahleha! Ka nako e tšoanelehang ea Molimo, “linaka” tsa sebata se ’mala oa sekarelata, Machaba a Kopaneng, li tla hlanohela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—bona boo e leng khale bo silafatsa lebitso la Jehova—ho o ripitla le ho o timetsa.—Matt. 24:15; Tšen. 17:3-6, 16.
9. Ke hobane’ng ha ‘mahlomola a maholo’ e tla ba nako e lekang tumelo bakeng sa batho ba Molimo lefatšeng?
9 ‘Mahlomola a maholo’ ntle ho pelaelo e tla ba nako ea teko ea tumelo ho batho ba Molimo mona lefatšeng. Hobane “linaka tse leshome” hape li tla loana le Morena Jesu Kreste, eo e leng “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” (Tšen. 17:14) Mebuso ena ea lefatše e ke ke ea mo ama koana holimo leholimong, joale ke mang hape eo ba tla mo hlasela haese baemeli ba tšepahalang ba hae ba mona lefatšeng, ’me haholo-holo masala a lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova? Empa ba ke ke ba atleha. “Konyana e tla [ba] hlōla, hobane eona ke Morena oa marena, le Khosi ea likhosi. Ba bitsitsoeng, ba khethiloeng, ba tšepahalang, le bona ba tla hlōla hammoho le eona.” Tšenolo 19:11-21 (phet. e ncha) e fana ka lintlha tse qaqileng tsa ho haptjoa ha mebuso ea lipolotiki ea lefatše ke “morena oa marena le ’Musi oa babusi.”
BANNA BA LIPERE BA PALAME
10. Ke hobane’ng re ka bang le tšepo hore Jesu o tla hlōla lebitsong la rōna?
10 Mohlabani ea matla oa Harmagedone o loana a tsoa leholimong. Moapostola Johanne o mo tšoantšetsa e le ea palameng pere e tšoeu, tšoantšetsong ea ntoa ea ho loka. O itse: “Joale ka bona leholimo le butsoe, ka ba ka bona pere e tšoeu, mopalami oa eona e le ea bitsoang Ea tšepahalang, Oa ’nete; o na le toka ha a ahlola, leha a loana.” Ntoa eo e tla felella ka tlhohonolofatso bakeng sa ba ratang ho loka. (Tšen. 19:11, phet. e ncha) Pelenyana Tšenolong, Johanne o ile a ngola pono e ’ngoe ea mopalami ena enoa oa pere, ka mantsoe ana: “Ka talima, ’me ka bona pere e tšoeu, ea e palameng a tšoere seqha. Eaba o neoa mofapa-hlooho, ’me a tsamaea e le ea hlōtseng, ea tla ’ne a hlōle.” (Tšen. 6:2) Mona, he, re na le pono ea Jesu a etla ka matla a ’Muso ka 1914, e seng e le lesea le sa tsebeng ho iketsetsa letho ka sejelong, kapa setopo se sa pheleng sefateng, empa e le mohlabani ea matla ea kileng a tsejoa lebaleng la ntoa. (Tšen. 11:15, Matt. 25:31) Re na le tšepo e tiileng ea hore ’Morena enoa oa marena’ o tla hlōla lebitsong la rōna.
11. (a) Ke hobane’ng ha banna ba bang ba lipere ba Tšenolo 6 ba le tlase mabapi le tlhōlo? (b) Ea palameng ‘pere e khunong’ o finyelletse eng, hona ho tloha neng?
11 Leha ho le joalo, banna ba bang ba lipere ba bonoa ponong. Ha ho boleloe letho ka ho hlōla ha bona, empa, ho e-na le hoo, ba etsetsa batho sehlōhō. Tlhōlo e boloketsoe feela mopalami oa pere e tšoeu, hobane ke ho loka ho tla hlōla le eena. Empa Johanne o ile a bua life ka bapalami baa ba bang? “Eaba ho tsoa pere e ’ngoe hape, e khunong. Ea e palameng a neoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, e le hore batho ba tla ba bolaeane. A ba a neoa sabole e kholohali.” (Tšen. 6:4, phet. e ncha) Mona ho tšoantšetsoa ntoa e mahlo-a-mafubelu le e tšabehang ea mofuta o ileng oa haola holim’a lefatše ka lekhetlo la pele ka 1914, ho seo bangoli ba lipale ba ileng ba se bitsa “Ntoa e Kholo.” Empa polao ea e-ba kholo ka makhetlo a mane ho feta ha “lerumo le leholo” le tsokotsoa Ntoeng ea II ea lefatše e kholo, ho tloha ka 1939 ho ea ho 1945. ’Me pefo e ntse e tsoela pele ho runya har’a lefatše lohle. Ho tloha ka 1914 ho ea pele, khotso ea ’nete ha e-ea ba teng, ha pere e khubelu e ntse e kholopa ka ho tšosang. Le hoja Lipaki tsa Jehova li sa jele pate ntoeng, le tsona li ’nile tsa hlomoha ka mokhoa o tobileng kapa o sa tobang pefong, mahlorisong le mathata a tsamaeang le ho ‘tlosoa hona ha khotso lefatšeng.’
12. Monna oa pere ea boraro o tšoantšetsa eng, ’me hona ho ama batho ba Molimo joang?
12 Johanne ea falimehileng a boela a bona monna e mong oa pere a kena a kaletse ponong. “Ka talima, ’me ka bona pere e ntšo, ea e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae. Ka utloa ho kang lentsoe . . . le re: “Seroto sa koro se rekoa ka denare; liroto tse tharo tsa kharese li rekoa ka denare; empa le se ke la senya oli le veine.’” (Tšen. 6:5, 6) Monna enoa oa boraro oa pere o tšoantšetsa tlala, ’me tlala e tsamaea le ho abjoa ha lijo ka tekanyetso, joaloka nakong ea ntoa e feletseng. Le tsona lintho tse hlileng li hlokahalang, koro le harese, lia haella. Barui ba thothomela, esere menono ea bona, e kang “oli le veine,” tsa nkuoa. Monna enoa oa pere o palame ka mokhoa o senyang lefatšeng lohle ho tloha ka 1914. Theko e phahameng, khaello, tsamaiso e thekeselang ea lichelete le tlokotsi ea matla a sebelisoang kaofela li amana le ho kholopa ha hae. Leha ho le joalo, batho bao e leng ba Jehova, ha ba ea lokela ho nyahamisoa ke tekanyetso leha e le efe e nyenyane kapa mathata a tsa moruo eo ba tlamehang ho e mamella ka nakoana. Hopola, ea palameng pere e tšoeu ke eena ea ka pele-pele, ’me o tla felisa lintho tse joalo.
13. Monna oa pere ea bone o tlisa eng, ’me ka phello efe ho batho ba Jehova?
13 Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho hlaha monna e mong oa pere. Johanne o fana ka tlhaloso ena: “Ka talima, ’me ka bona pere e tšehla ba litau, lebitso la ea e palameng e le Lefu, ’me a setsoe morao ke Qalo ea bafu. Eaba ba neoa matla holima’ karolo ea bone ea lefatše, hore ba bolaee ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka libatana tsa naha.” (Tšen. 6:8) Ke enoa oa ho qetela har’a ba palameng, ’me e le ea tšabehang ka ho fetisisa, hobane o tlisa ho kula ho bolaeang lefatšeng. O hlile a qalisa ka matla kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše ha a bolaea batho ba ka bang likete-tsa-likete tse 20 ka mokakallane oa Spania ka 1918-1919. ’Me monna enoa oa pere o sa ntsane a kholopa. Ho sa tsotellehe tsoelopele e babatsehang lebaleng la bongaka, moloko oa motho o sa ntsane o hlomohile ke lioa le kajeno. Ho nooa ha lipilisi le meriana e meng ho ntse ho phahama haholo. Empa lefu la pelo, ho qhashoha ha methapo, kankere, mafu a litšila le lintho tse ling tse hlaselang ka bongata li ntse li kenya ba bangata litleneng tsa Qalo ea bafu lebitla le tloaelehileng la batho bohle. Haholoholo ‘matsatsing ana a bofelo,’ Qalo ea bafu (Sheol ka Seheberu) ha e re “Ho lekane!” (Liprov. 30:15, 16) Joaloka batho ba sekametseng maloetseng, batho ba Jehova le bona ba ’nile ba hlomoha, ke ho palama ho bolaeang ha monna oa pere e tšehla ba litau. Empa ba tseba lebaka la ho fokola ha ’mele ea bona, ’me ba hlomelletsoe hore ba mamelle ka tlhasimoloho ka tsebo ea hore topollo ea Jesu e tla tloha e fella ka hore ho tlosoe seoa sohle sa mofuta ona—haesita le eena monna oa pere Lefu ka boeena. Le hoja e ka ’na ea e-ba babolauoa ba Qalo ea bafu (lebitla) ba tiisetsoa hore ba tla tsohela taolong e ncha ea ho loka.—Joh. 5:28, 29.
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha pono ee, ’me e lokela ho re susumetsa joang?
14 Ho palama ha banna ba lipere ho totobetse kajeno. Ntoa e feletseng, khaello ea lijo, mafu a seoa le polao e sabaletseng hona joale e le phihlelo e sisimosang ea batho bohle. Empa ke feela ba bonang ka leihlo la tumelo ba lemohang pere e tšoeu, e nang le “Morena oa marena” ea hapang kahohle, Monna ea nkileng seqha ea teroneng. Re lokela ho leboha hakaakang bakeng sa pono ena e tiisang tumelo! E lokela ho re susumelletsa hore re be mafolofolo haholo ho pakeng mabapi le lintho tsena. Ho sena, re ka tšepahala thōmong ea rōna e tsoang ho Jehova re etsisa mohlala oa Jesu, ea ileng a bitsoa “Ea tšepahalang le oa ’nete”—“paki e tšepehang, ea ’nete.”—Tšen. 3:14; 19:11.
U SE KE UA KHELOHELA KA THOKO!
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela Lentsoe la Molimo pele ho la motho?
15 Lefatše ha le lumele hore bofelo ba lona bo haufi. Le rata ho re etsa hore re se ka ra lumela boo, le rōna. Empa u tla kholoa mang—lentsoe la bona kapa Lentsoe la Molimo? Ke Lentsoe la Molimo le hlakisang hore re ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho.’ Leha e le lihlomo tse chefu tsa “molimo oa liqhobosheane”—ea tlotlisoang ke “morena oa leboea”—a ke ke a ema ho loantša “Morena oa marena” ea hapang kahohle.—Dan. 11:38, 45.
16. Ke keletso efe e ntle e fetisoang ke Pauluse ho Ba-Roma 13:11, 12, ’me re ka arabela joang?
16 Moapostola Pauluse o fetisa keletso e ntle a e lebisa ho mang le mang eo mohlomong a seng a otsela, a re:
“E se e le nako ea hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholosoa ho haufi le rōna ho feta mohla re qalang ho lumela. Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho chaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ea lefifi, re apare lihlomo tsa leseli.” (Ba-Roma 13:11, 12, phet. e ncha)
Lihlomo tsa leseli re li tseba hantle haholo, hobane e bile tokelo e khōlō ea rona ho li sebelisa ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ lefatšeng lohle e le bopaki.—Matt. 24:14; Ba-Ef. 6:11-17.
17. Re ka qoba ‘mesebetsi ea lefifi’ joang?
17 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka “mesebetsi ea lefifi”? Ena ke mesebetsi ea lefatše, lintho tseo batho ba ratang lintho tse bonahalang ba nyakallelang ho li etsa ba sa nahane ka Molimo le tsela ea hae ea leseli. Ka hona re lokela ho e qoba. “A re pheleng ka mokhoa o tšoanelang; joalokaha e ka ke motšeare, e seng ka bonyollo le ka botahoa, e seng ka bohlola le ka liketso tsa manyala, e seng ka likhang le ka mohono.” (Ba-Roma 13:13, phet. e ncha) Tsena ke lintho tsa lefatše tse ka khukhunelang ka bophelong ba rōna ba Bokreste le ka phuthehong haeba li lumelloa. Li lokela ho alosoa. Linaheng tse hlileng li tsoetseng pele naleng, batho ka kakaretso ba amahanya bohlokoa bo boholo le ho phela ka boiketlo le lintho tse bonahalang. Libakeng tse ngata, beke ea mosebetsi e ntse e fokotsoa haholoanyane, lerato la menyaka le le leholo ka mokhoa o tšoanang, ’me batho ba Molimo ba hatelloa hore ba tšoane le lefatše. Na re tla thulana le phephetso ena ka moea oa Bokreste oa boitelo?
18. Ho nahanisisa ka litaba tsa moea ho tla re sireletsa joang?
18 Haeba re le mafolo-folo mosebetsing oa Molimo, re lula re falimehile re tsohetse tšebeletso eo, joale re ke ke ra ba le nako ea ho lohelloa “bonyollong le botahoeng,” le bohloleng le liketsong tse manyala. Lerato la rōna ho Jehova le tšebeletso ea hae, le ho etelletsa tsena pele, ho tla sebeletsa e le tšireletso. (Matt. 6:33) Ka likelello tsa rōna li le litabeng tsa moea, le ho holiseng tholoana ea moea, re tla ikokobetsa le ho utloisisa likamanong tsa rōna le malapa a rona le baena ba rōna. Re tla qoba “likhang le . . . mohono.”
19, 20. (a) Jesu o ile a re siela mohlala ofe o motle? (b) Ho ela hloko Ba-Roma 13:14 ha rōna ho tla re fumantša molemo joang?
19 Moapostola Pauluse o tsoela pele: “Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, ’me le khaotse ho khotsofatsa litakatso tsa botho.” (Ba-Roma 13:14, phet. e ncha) Ke mohlala o motle hakaakang, ka sebele, oo re nang le oona ho Morena Jesu Kreste! Tšebeletsong eohle ea hae lefatšeng ha ho mohla a kileng a roballa tokelo e kholo haholo ea ho etsa thato ea Jehova. Ha ho mohla a kileng a kheloha le ka motsotsoana feela tšebeletsong ea hae ea moea ’ohle ho tsebahatseng ho ba bang lebitso la Ntate oa hae. Le mohla a neng a tšoanela ho shoa, e bile ea sa ikhabang le eo e seng moithati hakaakang ho bokelleng nakong e ’ngoe le e ’ngoe e neng e le teng e mo saletseng taeo e neng e tšoaneleha le e neng e hlokahala ho barutuoa ba hae! (Joh. likhaoh. 13 ho ea ho 17) Ha Jesu a ne a fihla qetellong ea sefate sa tlhokofatso, o ile a hana sethethefatsi se neng se ka ’na sa bebofatsa mahlomola a hae. O ne a batla hore kelello ea hae e felelle hantle, e le ea bolokileng botšepehi ho isa qetellong.—Matt. 27:34.
20 E se eka rona bohle re ka balelloa hammoho le ba ‘apereng tsa Morena Jesu Kreste,’ re latela mehato ea hae haufi-ufi. (1 Pet. 2:21; Matt. 16:24, 25) Ka ho lokisetsa lintho tsa moea e seng tsa nama pele, re ka lula re falimehile tšebeletsong ea Jehova joaloka Jesu. A re falimeheng, ka baka leo, re tlatse bophelo ba rōna ka tšebeletso ea ’Muso ho tla fihlela nakong eo ka eona “Mor’a motho” a tlang ho tla phethahatsa kahlolo. Moputso oa rōna e tla ba o moholo!