Na Ruri Ana ke “Matsatsi a Bofelo”?
NA MEHLA ena ea pefo e bolela hore joale re phela ‘matsatsing a bofelo’? Ba botsang potso ena ka tieo eohle ba tla fumana karabelo e khotsofatsang. Empa ba bang ba botsa ka sepheo se fosahetseng, ka bana moapostola Petrose o ile a ngola, a re: “Mehleng ea bofelo ho tla tla basomi ba laoloang ke litakatso tsa bona, ba some, ba re: “E kae tšepiso ea hore [Morena Jesu Kreste] o tla khutla? Haesale bontat’a rōna ba ithoballa, lintho tsohle li ntse li tšoana le mohla li hloloang.” (2 Pet. 3:3, 4) Lefatšeng la kajeno le se nang bomolimo, basomi ba joalo ba Lentsoe la Molimo ba ngatafetse—hona ka bohona e le sesupo sa hore re kene ‘matsatsing a bofelo.’
Petrose o hlokomelisa basomi ka thipitlo ea lefatše la mehleng ea Noe ka moroallo, ’me o phaella ka hore:
“Ka taelo ea Molimo . . . ha e le maholimo le lefatše la kajeno, li boloketsoe ho chesoa, ho ea ka eona taelo eo, mohl’a letsatsi la kahlolo, ha ho timetsoa batho ba khopo.” (2 Pet. 3:5-7, phet. e ncha.)
Matla a mebuso le litsamaiso tsa batho tsa lefatše lena le khopo li hlile li talimane le timetso e joalo. Empa na re ka hla ra tiisa hore ana ke “matsatsi a bofelo”?
BOPAKI BA “MATSATSI A BOFELO”
Moapostola Pauluse o re bolella hore “mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata,” ’me o-oa eketsa, a re:
“Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhatši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphieo, ba sōrō, baikhōhōmosi. Ba tla rata menate ea lefatše ho e-na le Molimo.”
Joale Pauluse o re bolella hore re furalle ba joalo. (2 Tim. 3:1-5) Na ha re ho bone ho haelloa hona ke lerato la sebele, boikutlo “ba ’na pele” bo phahameng ho pota lefatše lohle kajeno? Bo tlatsetsa haholo mathateng a tsielehisang a kajeno.
Moea ona oa lintho tse bonahalang oa lefatše o bile o beile le phutheho ea Bokreste kotsing. Ke ka lona lebaka lena ngoan’abo Jesu Jakobo a lemosang batho ba nang le mokhoa oa bophelo ka ho phela menyakeng, kapa boithabisong, a ba bolella hore ‘matsatsing a bofelo ba ipokelletse ho kang mollo.’ (Jak. 5:1-5, NW) Ka hoo, “matsatsi a bofelo” hase nako ea hore Bakreste ba ’nete ba phehelle litsela tsa boikhotsofatso tsa lefatše le ikarotseng ho Molimo.
Re ile ra hlokomela sehloohong se fetileng hore mehla ea ntoa e feletseng le matsoalo li qalile ka selemo sa 1914 lefatšeng. Ke ba seng bakae ba tla belaela hore 1914 e ile ea tšoaea ho fetoha ho se nang ho kileng ha tšoana le hona pele litabeng tsa batho, ‘qalo ea mahlomola a tlokotsi,’ joalokaha Jesu a ile a ho hlalosa. E, “qalo,” ’me boprofeta bo boholo ba Jesu, bo tlalehiloeng ho Mattheu likhaolo 24 le 25, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21, li qaqisa ntle ho tekanyo tsieleho e ’nileng ea fihleloa ke batho ho tloha ka 1914: lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, ponahalo ea lintho tse tšosang, tlōlo ea molao, ho hloka lerato, tšabo, tsieleho. “Manyala a bofeliso,” ao hape ho Tšenolo 17:3, 8 a tsejoang e le “sebata se ’mala oa sekarelata,” le oona a hlahile, pele e le Selekane sa Lichaba ’me hamorao e le Machaba a Kopaneng, empa ha a ea fana ka tsela ea ho tsoa bakeng sa batho.—Matt. 24:15, 16; Dan. 11:31.
Hammoho le lefatše ka kakaretso, balateli ba Kreste ba ile ba tlameha ho mamella tsieleho ena. Bakreste hape ba fetile mathateng a eketsehileng a hlalositsoeng ke Jesu boprofeteng ba hae: liteko tsa makhotla, lichapo, mahloeo le mahloriso. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ba ne ba tsongoa le ho hatelloa, leha e le hona linaheng tsa puso ea lentsoe la sechaba. Pele le nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, e bile setsi sa mahloeo a Manazi le Mafasi a Mashinto. Haufinyane haholo, linaha tse ngata tsa Bokomonisi le tse seng kae tse fetohang tsa Afrika li ’nile tsa otlolla leqala la tsona holim’a Lipaki. Empa, Bakreste, betefalang! Hona hohle ho etsahetse e le hore “tumelo ea lona e tla bonahala e le ea sebele, ea bohlokoahali ho feta khauta e senyehang, leha le eona e lekoa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantša thoriso, tlōtla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatsoang.”—1 Pet. 1:7, phet. e ncha.
BOPAKI BO MATLA
Bopaki bo kholisang ba hore joale re ‘matsatsing a bofelo’ bo ka fumanoa mosebetsing oo Morena Jesu Kreste a o laetseng lefatšeng lena ho tloha selemong seo sa lefu sa 1914. Ke phethahatsong ea karolo eo ea boprofeta bona bo boholo bo tlalehiloeng ho Mattheu 24:14:
“Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”
Ho elella hare boprofeteng bona bona, Jesu o hlalositse kamoo mosebetsi ona o neng o tla phethahatsoa lefatšeng tlas’a taolo ea hae le mangeloi a halalelang a leholimo, a re:
“Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.”
Sehlopha sa “linku” tse lokileng se kena bophelong bo sa feleng, empa “lipōli” tse se nang kananelo li kena timetsong ea ka ho sa feleng.—Matt. 25:31-46.
Kahoo, ‘matsatsing a bofelo,’ bopaki bo boholo bo neng bo tla etsoa lefatšeng ka bophara bo tlameha ho fanoa mabapi le ’muso o tlang oa Kreste. Na bopaki bo joalo bo ile ba bonahala ho tloha ka 1914? Ho bile joalo ka sebele! Bangoli ba kajeno ba lipale ba tlaleha hore Lipaki tsa Jehova li koahetse lefatše ka boboleli ba tsona. E le ka phello efe? Ka 1977 ba ne ba ile ba aba Libibele le lingoliloeng tse hlalosang Bibele tse etsang lenane la tse 4 831 823 111 ka lipuo tse sa tšoaneng tse 210, ba etsa barutuoa ba Kreste ka batho ba fetang likete-tsa-likete tse fetang bobeli linaheng le libakeng tse 216 ’me ba tšelisa ba likete-tsa-likete ba bang ka lithuto tse sa lefelloeng tsa Bibele malapeng a bona. Mosebetsi ona, o phethahatsoang ho tiisoeng ha boprofeta ba Jesu, ruri ke bopaki bo matla ba hore ana ruri ke “matsatsi a bofelo.”
‘MEHLA EA BOFELO’
Boprofeta bo bong ba Bibele, ka ho hlokomelehang Esaia khaolo ea 2 le Mikea khaolo ea 4, bo supa ‘mehla ea bofelo.’ Bopaki ba boprofeta bona ka bobeli bo batla bo tšoana, bo phetoa, ntle ho pelaelo, ho etsa khatiso. Hlokomela se boleloang ke Mikea 4:1, 2:
“Mehleng ea bofelo, thaba ea ntlo ea Jehova e tla be e theoe qhooeng tsa lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyolohele thabeng ea Jehova, tlung ea Molimo oa Jakobo, a tle a re rute litsela tsa hae, re tsamaee ka ’mila oa hae.”
Kahoo, ka puo e ntle e tšoantšetsang, moprofeta o hlalosa kamoo, nakong ea bofelo ba lefatše, tempele ea Jehova ea moea—ntlo ea hae ea borapeli—e phahamisoang ka holimo ho borapeli bohle ba batho, e, “e okamele maralla.” Batho ba lichaba tsohle ba kena ba phalla joaloka nōkana ntlong ea Jehova ea borapeli, moo ba fumanang ho lauoa ke eena le ho ithuta ho tsamaea ka litsela tsa hae tsa ho loka. Ho teng nako e le ’ngoe feela paleng ea motho ha batho ba ‘mefuta eohle, meloko eohle, le lichaba tsohle, le lipuo tsohle,’ hohle ho pota lefatše, ba fetohileng ba kopaneng borapeling bo le bong ba Molimo oa ’nete. (Tšen. 7:9) Boprofeta bona bo amanang le ‘mehla ea bofelo’ bo phethahatsoa ka pel’a mahlo a rona kajeno, har’a Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste.
Leha ho le joalo, boprofeta bo boetse bo na le phethahatso e ’ngoe ea bohlokoa kajeno. Ke efe eona eo? Mamela mantsoe ana a tsoelang pele:
“Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Mik. 4:3.
Na marumo a etsoa mehoma kajeno? Hona ho hang hase ho etsoang ke lichaba tsa lefatše! Li ntse li itlhomella ho ea pele, ’me e le ka lintho tse fetang marumo le lisabole! Li ntse li tsoela pele ho bokella lihlomo tse sisimosang tse ka bolaeang batho ba bangata ka nakoana, li lebelong la ho itlhomella ka lihlomo le sa laoleheng. Lintho tse ka ’nang tsa etsahala lia nyarosa. Joalokaha Richard J. Barnet a ile a ngola ka ho New York Times ea la 6 Phuptjane, 1978:
“Re ka fetola melao eo ka eona mebuso e meholo e bapalang—ka ho hloboloa ha libetse ho etsoang ka tieo le ka matla, ho etsoa metheo e lekanyelitsoeng, sephethe-phetheng sa lihlomo tsa lefatše, ka mesebetsi ea meharo—ho seng joalo papali eo re leng ho eona e tla fella ka ntoa ea libetsa tse chefu mehleng ea rona.”
Leha ho le joalo, ho teng batho mehleng ea rōna ba sa kenang “papaling” eo. Bana ke sehlopha sa lichaba tsohle se tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. Haeba ba ka ‘ithuta ho loana,’ hona ho ne ho tla ba etsa hore ba oele holim’a bana babo bona ba Bakreste likarolong tse ling tsa lefatše. Ba ikhethela ho hlaolela lerato ho Bakreste hammoho le bona, le ho batho bohle, ’me kahoo ba kopanele ho phethahatseng boprofeta ba Mikea. Ho se nke lehlakore ha Lipaki ho li hapetse hlonepho likarolong tse ngata tsa Afrika, Ireland, Lebanon le libakeng tse ling moo bolumeli bo arotseng batho ho ba etsa lihlopha tse loanang. Ka hore li phehelle ‘ho tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma,’ le tlas’a khatello ea mahloriso, batho ba Jehova ba khetholloa e le ba phethahatsang boprofeta bona “mehleng ea bofelo.”
Ka thabo, “mehleng ea bofelo” ho teng batho ba le bang lefatšeng, ba kopane lefatšeng ka bophara tlamong ea lerato, ba ikemiselitseng ho tsamaea, e seng ho ea ka “melimo” ea litumelo tsa lihlopha, empa ka lebitso la bohlokoa la ‘Jehova Molimo oa bona,’ ka ho sa feleng. (Mik. 4:5) Ba lumela ka tieo, motheong oa phethahatso ea boprofeta, hore re hlile re phela re haola har’a “matsatsi a bofelo,” le hore, joalokaha Petrose a hlalositse, ‘letsatsi la Morena le tla tla joaloka lesholu’ ho tla felisa tsamaiso e khopo e laolang lefatše la Molimo hona joale. Ba bohlale, ka baka leo, ka hore ba hlokomele keletso ena:
“Lintho li tla qhibilisoa ke mocheso, ’me lefatše le tsohle tse ho lona li tla felisoa. Ha e le moo lintho tsohle li tla felisoa joalo, lona e ka khona le halalele haholo metsamaong le borapeling ba lona, ha le ntse le lebeletse letsatsi la Molimo.”—2 Pet. 3:10-12, phet. e ncha.
“Letsatsi” leo le ke ke la phetha ‘ho tsamaea ha bona ka lebitso la Jehova Molimo oa bona,’ kaha ba lebelletse ho etsa hona ka ho sa feleng. Kahoo, ha ho lebelletsoe tokisetso e babatsehang ea Jehova ea taolo e ncha, ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ipakahatsa ba tšoaneleha hore ba ka kena taolong eo e khanyang. Tšepo e khanyang ea bona e hlalositsoe ka mantsoe a tsoelang pele a Petrose, a reng:
“Ka ho ea ka tšepiso ea Molimo, re lebeletse maholimo a macha le lefatše le lecha, moo ho loka ho ahileng teng.” (2 Pet. 3:13, phet e ncha)
Ena ke tšepo ea sebele, tšepo ea hona joale, hobane bopaki bohle bo phaella ho bontša hore ana ruri ke “matsatsi a bofelo” a tsamaiso ea hona joale ea lefatše. Ho potlakile hore re a hlokomele e le a joalo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha no mohla batho ba tsoang lichabeng tsohle ho pota lefatše ba kileng ba kopana borapeling bo hloekileng motheong oa Bibele