Meharo—E Qojoe Hobane’ng?
“A RE jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.” Ke tsela eo ka eona batho ba bang ba neng ba ikutloa ka eona ka bophelo, kamoo ho bontšang moapostola Pauluse. Empa na motho o phelela ho ja kapa o jella ho phela? Bao Pauluse a neng a bua ka bona ka ho totobetseng ba ne ba fihletse qeto ea hore ba phelela ho ja le ho noa. (1 Ba-Kor. 15:32) Leha ho le joalo, ba ne ba le phoso.
Ke ’nete, Jehova o bōpile motho a e-na le matla a ho ja. Ka lebaka lena, Molimo oa etsa tokisetso ea ho khotsofatsa se hlokoang ke motho bakeng sa lijo, ’me oa re ho motho oa pele, Adama: “U ka jella ho khotsofala.”—Gen. 2:8, 9, 16, NW.
E, motho o ne a lokela ‘ho jella ho khotsofala.’ Hona ho ne ho tla ba hotle bakeng sa litho tsa hae ’me ho mo nolofaletse ho sebeletsa morero oo a o bōpetsoeng hantle. Ke ka lebaka leo motho ea bohlale a ileng a re ka batho ba baetsalibe: “Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlas’a letsatsi [ntle ho ho sebeletsa morero oa Molimo], ha e se ho ja le ho noa le ho itumela; ke seo a se sietsoeng bakeng sa mokhathala oa hae oa matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.”—Moek. 8:15.
MEHARO KE ENG?
Lijo tse ngata tseo Molimo o faneng ka tsona li ne li lokela ho sebeletsa morero ona. Lijo li ne li sa tšoanela ho senngoa, hobane ho senya ho bontša ho haelloa ke kananelo bakeng sa tokisetso ena. Empa ka tloaelo ho ja ka mokhoa o fetisang le hona ho bontša ho haelloa ke teboho e loketseng. Ke ka lebaka leo meharo e lokelang ho qojoa.
Empa meharo ke eng? Webster’s New International Dictionary ea Senyesemane (Khatiso ea Bobeli) e hlalosa “meharo” e le “ho ja ho feteletseng; ho khotsofatsa takatso ea lijo ka mokhoa o senyang; ho khala.” E hlalosa motho ea meharo e le “ea jang ka botlofa, kapa ka ho fetella; senyofu; ea meharo ka tsela leha e le efe.”
MEHARO E NYATSOA KE MOLIMO
Molaong oa oona ho Iseraele ea boholoholo, Jehova Molimo o bontšitse hore na o ikutloa ka matla a makae ka taba ea meharo. O ne a laela batsoali hore ba ise mora ea manganga bo hanang ho loka le oa lerabele ho baholo ba motse ’me ba ba tsebise hore: “Mora enoa oa rona o lonya, oa ikhantša, o hana ho utloa lentsoe la rona; ke mohlakafollela, hape ke letahoa.” Hlokomela litšobotsi tse amanang le meharo. Ho ba ha hae lonya kapa manganga ’me ka sebele le borabele ba hae ba ho se mamele ruri ho ne ho tlontlolla batsoali ba hae, ho ba nyenyefatsa mahlong a ba bang.—Deut. 21:18-21; bapisa Liproverbia 28:7.
Morero oa Mofani ke hore bohle ba thabele lijo tse ntle. Leha ho le joalo, haeba motho a le mong ka meharo a ne a ka leka ho ja ka botlofa sohle se teng, o ne a tla be a sa bontše ho nahanela le lerato bakeng sa ba bang. ’Me kaha “Molimo o lerato,” hona ho ne ho tla hanana le litšoaneleho tsa ’Mōpi.—1 Joh. 4:8.
LEBAKA LA HO E QOBA
Meharo e nyatsuoa ke Molimo, ’me ha e lumellane le tšoaneleho ea bomolimo ea lerato. Ho ja ka mokhoa o tlotseng tekanyo ho ke ke ha tlisa khotsofalo ea ’nete kapa thabo ho ea meharo ka boeena. Mabaka ao ka booona a lokela ho susumelletsa motho ea nahanang hore a qobe meharo. Empa ho na le mabaka a mang a ho e qoba.
Motho ea meharo, a na le takatso e sa kholoeng ea lijo, o amoha ba bang karolo ea bona ea lintho tse molemo tseo Jehova a li lokisetsang hore bohle ba li thabele. Lijong, motho ea meharo a ka ’na a phakela ba bang bao a jang le bona. Ka lebaka lena, motho ea meharo a ka ‘na a se ratehe. E, ka ho ineela takatsong ea boithati, o hlile o ikarola ho ba bang. Ka lebaka la litsela tsa hae tse meharo, ba mo qoba. Kahoo, haeba motho a nka hlonepho le botsoalle ba ba bang e le tsa bohlokoa, o tla qoba meharo. Ho sitoa ho etsa joalo ho tla ba kotsi ho eena ponong ea botho ea litaba.
Kaha Jehova Molimo o bōpile ’mele oa motho ka matla a loketseng bakeng sa lijo, ho ja ka ho tlolisa ho tlameha ho re ama hampe. Hona ho hlokomeleha karolong tsa bongaka kajeno. Ke kahoo Illustrated Medical and Health Encyclopedia e ileng ea hlokomela hore ho ja ka mokhoa o tlolisang ho ka khothalletsa ho nona, hoo ‘ka nako e telele ho hlokomelehileng e le mohloli oa maloetse a mangata, haholo har’a ba seng ba tsofetse le ba tsofalang.”
Jesu Kreste, Mora oa Molimo, o ne a tseba liphello tse mpe tse hlahelang ’mele ka baka la ho ja ho tlolisa. Ke ka baka leo, ha a lemosa barutuoa ba hae, a itseng: “Empa le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe.” (Luka 21:34) Boemo bo joalo bo ka ama kelello ea motho le pelo, ho mo etsa hore a be botsoa, a otsele e be ea sa tsotelleng. A le boemong bona, o tla ba botsoa ho hlonepha thato ea Jehova ka ho loketseng ’me a ka ’na a ba botsoa haholo ho phethahatsa boikarabelo ba hae ho eena. Ntle leha motho a lokisa tsela ena, a ka ’na a ipokellela bohale ba Molimo ’me a lahleheloa ke bophelo ba hae.
Batho ba mehleng ea Noe pele ho moroallo ba ne ba ineetse ho ja ho tlola, le ho noa le ho batla menate ho ise tekanyong eo ba sa kang ba hlokomela temoso ea timetso e haufi, joalokaha e ne e boleloa ke Noe le lelapa la hae. Haele hantle, batho ba ne ba phelela ho ja le ho noa. Ka baka leo, ba lahleheloa ke bophelo ba bona.—Matt. 24:37-39.
Mehleng ea baapostola ba Jesu Kreste, ho bonahala hore ba bang ba ile ba ineela ho etseng lintho ka mokhoa o tlolisang. Kahoo, eare ha Pauluse a laela Timothea le Tite ka hore na ke bo-mang ba ka sebeletsang litulong tsa boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste, a lemosa ka ho khetha batho ba meharo ’me a totobatsa hore ba khethoang ba lokela ‘ho ba le mekhoa e khabane.’ (1 Tim. 3:1-13; Tite 1:5-9, NW) Ka ho totobetseng, hona ho ne ho tla beela kathoko ba meharo. ‘Batho ba meharo’ joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.—1 Ba-Kor. 6:9, 10.
LEBAKA LE EKETSEHILENG LA HO E QOBA
Ka keletso e lerato, Jehova o re: “U se ke ua tloaela manoa-joala le manyolo-nyolo; hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma.” (Liprov. 23:20, 21) Haeba re sa batle ho oela bofumeng ba moea, e, ’me mohlomong le bofuma ba nama, ke hantle ha re ka ela hloko mantsoe ana ’me ra qoba meharo.
Nakong ena, ha batho ba bangata ba nyelisitse melao ea Molimo ’me ba fetohetse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlomphehang, bohle ba ratang bophelo ba batlang ho hapa kamohelo ea bomolimo ho hlokahala hore ba ele hloko keletso e bululetsoeng ea moapostola Petrose, ea itseng: “Li lekane linako tse fetileng tseo re li phetseng re ntse re etsa ho ratoang ke bahedene, ha re ne re itsamaela ka bootsoa, le ka litakatso, le ka botahoa, le ka meharo ea lijo le ea lino, le ka tšebeletso e manyala ea melimo ea bohata.” (1 Pet. 4:3) Kahoo, joale re tlameha ho etsa joang? Joale, kamoo Pauluse a beang litaba, “bosiu bo se bo ea sa, letsatsi le se le atametse, . . . Re tsamaeeng ka mokhoa o tšoanelang, joale ka batho ba tsamaeang motšehare o moholo, e seng ka meharo, le botahoa, . . . Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, ’me le se ke la baballa nama [ka boithati, ’me mohlomong le ka meharo] ho e khorisa litakatsong tsa eona.”—Ba-Roma 13:12-14.
Joalokaha re hlokometse, meharo ha e bontše ho ananela tokisetso e lerato ea Molimo ea lijo bakeng sa batho hore ba je ho khotsofala. Leha e le hore e bontša ho rata Molimo le batho ba bang. Ho feta moo, e kotsi boiketlong boo e leng ba motho ka boeena le thabo. Ka baka leo, ke tsela e bohlale bo fetisisang ho qoba meharo.
Ke ’nete, haeba motho a itloaelitse ho ja ho tlolisa, ho tla hlokahala boiteko bo tiileng hore a tlohe lijong e le hore a qobe ho ja ho tlolisa. Empa, ha ho talingoa kamoo Bibele e nyatsang meharo le ’nete ea hore ba meharo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo, ena ke ntho e ka inahaneloang ka botebo bohle. Ho ka ’na ha hlokahala thapelo e tiileng ho hlōla tšekamelo ea ho ja ho tlolisa. E, ho tla hlokahala hore motho a rapelle moea oa Molimo le thuso ea Jehova ho hlaoleleng tholoana ea oona, e akarelletsang boitšoaro. (Luka 11:13, Ba-Gal. 5:22, 23) Empa ho qoba meharo ke habohlokoa haholo, ’me Jehova o tla thusa ba batlang ka tieo thuso ea hae mabapi le sena.
Kajeno, ka lebaka la meharo ka lehlakoreng la batho ba bangata, ba bang ha ba na lijo tse lekaneng hore ba ka ja hore ba khotsofale. Ka lebaka leo, ba bang ba rohaka Molimo, ba nahana hore o ba thatafaletsa bophelo haholo. Jehova ke Mofani e moholo oa Lijo, ’me o lebelletse hore tokisetso eo e sebelisoe ka hlonepho le kananelo e loketseng.
Haufinyane, Molimo, ka Jesu Kreste le ’muso oa hae, o tla felisa ba meharo ba tlolang molao. Batho ba mametseng keletso ea Jehova e lerato ’me ba sa tloaelana le ba meharo ba ke ke ba hlola ba lapa. Ba tla thabela phethahatso e feletseng ea mantsoe a bululetsoeng: “Hobane [Jehova] o kholisitse moea o nyoriloeng, ’me a sitsa moea o lapileng ka menono.”—Pes. 107:9.