Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Jobo o ne a bolela eng ha a re o entse selekaane le mahlo a hae ’me kahoo a ke ke a talima moroetsana?
Temana ena, Jobo 31:1, e baleha tjena: “Ke ne ke hlabe selekane la mahlo a ka, sa hore nke ke ka tlima moroetsana!” Jobo o ne a bolela hore boikemisetsong ba hae ba ho lula a tšepahetse ho Molimo o ne a entse qeto ea ho qoba ho talima ka ho lakatsa mosali e mong ho fapana le oa hae.
Jobo le mosali oa hae ba bile le bana ba ’maloa. Ho sa tsotellehe nako e thata ea ha mosali oa hae oa lilemo tse telele a mo phehella hore a rohake Molimo ’me a shoe, o ile a tšepahala ho eena. (Jobo 2:9, 10) Ha ho bopaki ba hore o kile a nyala sethepu kapa le hore feela a bapale ka tebello ea ho kena likamanong tsa botona le botšehali le baroetsana, likharebe.—Jobo 19:17.
Jobo o ne a hlokometse hore hangata boitšoaro bo bobe bo qala ka ho talima ka takatso mothong eo e seng ea motona kapa ea motšehali joaloka uena, hona ho bōpa ka pelong takatso ea likamano tsa boitšoaro bo bobe. Kahoo a etsa joalokaha eka ke tumellano kapa selekane se tlamang a se entse le mahlo a hae. Ho felella kae? Ka tieo a etsa qeto ea ho se talime ka takatso mosali e mong. Ka tlhaho, o ne a tla bona basali bophelong ba letsatsi le leng le le leng, ’me mohlomong a be a ele hloko ho thusa ba joalo haeba ba batla ho thusoa. Empa mabapi le ho talima ka sepheo sa lerato la bonyatsi, hoo ho ne ho tlōla meeli, Ho ne ho haneleha ho eena. Ntle ho pelaelo ‘selekane sa Jobo le mahlo a hae’ se ile sa mo thusa ho qoba ho talima leha e le hofe ho tsosang takatso ho neng ho ka mo isa boitšoarong bo bobe.—Bapisa Jobo 31:9, 11; Mattheu 5:28.
● Ho 1 Ba-Korinthe 2:9, na Pauluse o ne a qotsa bukeng ea aphokrifa (libuka tseo bonnete ba tsona bo belaelloang)?
Che, ha ho lebaka la ho lumela joalo.
Temana ena e baleha tjena: “Empa ho lutse joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la li bona, tseo tsebe e sa kang ea li utloa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ea motho.”
Ho bonahala eka Pauluse o ne a qotsa ho Esaia 64:4. Empa mantsoe a hae ha a hlile ha a nyalane hantle le ao a Esaia 64:4 temaneng ea Seheberu kapa phetolelong ea Septuagint ea Segerike. Kahoo, bahlalosi ba bang ba ’nile ba etsa tlhahiso ea hore Pauluse o ne a qotsa libukeng tsa aphokrifa tseo sehlooho sa tsona se reng “The Apocalypse of Elias” le “The Ascension and Vision of Isaia,” kaha ka bobeli li na le polelo e tšoanang le e fumanoang ho 1 Ba-Korinthe 2:9. Leha ho le joalo, lintlha tse ngata li hanana le maikutlo ao.
Ha ho lea mong ho ba ileng ba ngola Mangolo a Bakreste a Segerike (Testamente e Ncha) ea kileng a nka litaba libukeng tse joalo, a re, “Ho ngoliloe . . .” Hape, ho ke ke ha boleloa hantle hore na libuka tsena tse peli tsa aphokrifa li ile tsa ngoloa neng. Le haeba li ile tsa ngoloa pelenyana, li ne li ka ’na tsa fetoloa hamorao ho kenyelletsa mantsoe a Pauluse, joalokaha libuka tse ling tsa liaphokrifa li ’nile tsa hlophisoa hape hamorao le ho fetoloa.