Na Tumelo e Fetiloe ke Linako?
BAKENG sa ba likete-tsa-likete, tumelo le Bibele li tšoarane ka matsoho. Ka ho totobetseng, ba talima buka ena e lilemo-lemo ka hlonepho, hobane ke eona e ntseng e rekisoa ka mokhoa o phahameng ho feta libuka tsohle tse teng hona joale, bonyane ka karolo, ka lipuo le maleme a fetang 1 630.
Empa Bibele e bile teng ka makholo a lilemo. ’Me ka litsela tse ngata tsietsi ea motho e mpe kajeno ho feta leha e le neng pele. Ka hona u ka ’na ua ipotsa hore na ebe tumelo e theiloeng Bibeleng e na le bohlokoa leha e le bofe mehleng ea kajeno. Ho molemo ho sebelisa Bibele bophelong na? Na tumelo e fetohile e fetiloeng ke linako?
SHEBA LELAPA
“Ke lebala la ntoa feela kapa meferefere e etsoang metseng tse leng mabifi ho feta lelapa la Maamerika.” Ho boletse joalo tokollo ea litaba ea United Press International e tsoang Washington, D.C., joalokaha e hatisitsoe ho Rocky Mountain News ea Denver, Colorado. Polelo e ne e theiloe patlisisong e neng e entsoe sechabeng sohle ea pefo e ka malapeng joalokaha e ile ea fanoa ho komiti e tlase ea Ntlo ea Baemeli. “Ho khahlapetsoa ha bana, ho shapuoa ha banna le basali, ho tlatlapuoa botoneng kapa botšehaling le pefo ea bana ba kopanang ka motsoali a le mong,” tsohle li hlalositsoe ke ba neng ba fana ka bopaki linyeoeng tsa pefo ka malapeng.
Na u lumela hore tumelo e ka thibela pefo ka malapeng? Na tumelo ea ’nete e ka fella ka lelapa le nang le khotso le le thabileng?
NA E LOKETSE BACHA?
“Bolumeli ke ntho e tenang le e tsoafisang bakeng sa bacha,” kamoo ho ngotseng Dr. Cecil Northcott ho The Daily Telegraph ea la 18 Mphalane, 1977. Motheo oa polelo eo e ne e le ofe? Patlisiso ea se lumeloang ke bacha ba Manyesemane, kamoo e hatisitsoeng ke Lekhotla la Thuto la Chache. Ho ile ha buisanoa le bacha ba lekholo ba pakeng tsa lilemo tse 13 le 24. Har’a bona, ba lilemo li 12 ho ea ho tse 14 ba lumela hore ba khaolitse ho ea kerekeng. Ha e qotsa liphello tsa se hatisitsoeng ka patlisiso, leselinyana la litaba le boletse hore:
‘“Ho teng boikutlo bo matla ka ho fetisisa ba hore ho ea kerekeng ho hang hase karolo e lebelletsoeng ka ho tšoanelehang ea ho ba mohlankana kapa moroetsana ea phelang hantle le ea tloaelehileng. Kamehla ba bona ho ea kerekeng e le mokhoa o ka etsoang ke ba bang, e seng bona, ’me ke maikutlo a teng le ho ba kileng ba kena kereke ka nako e ’ngoe, kamoo ho bolelang tlaleho.
‘“Haeba motho a ka khetha mantsoe a seng makae feela bakeng sa patlisiso ea rōna” hore na a fumana karabelo efe e ne e tla ba hore HOA TENA ka litlhaku tse supileng tse takiloeng mola katlase.”’
Koana, u nahana joang? Na tumelo e na le seo e hlileng e se bolelang bakeng sa bacha?
TUMELO KETSONG
Hore tumelo e ka ba le seo e se bolelang kannete ka lapeng, le har’a bacha, ho ’nile ha bontšoa ka makhetlo a mangata phihlelong ea Lipaki tsa Jehova. Tumelo ho Molimo e tsamaeang le ho mamela metheo e metle ea Lentsoe la oona, Bibele, ha e-ea sebeletsa ho rarolla mathata a malapa le bacha feela, empa e tlisitse thabo ea sebele le morero bophelong ba bona. Hona hangata ho ’nile ha hohela tlhokomelo ea batho ba shebelletseng ba le kantle. Ka mohlala, moqolotsi oa litaba ea ngollang Montreal-Matin, ea Quebec, Canada, o ile a fana ka ho khahloa ha hae ke Lipaki tsa Jehova sehloohong se neng se hatisoa nakong ea Kopano ea Lichaba ea “Tumelo e Hlōlang” ea tsona e neng e tšoaretsoe motseng oo ho tloha ka la 5 Phupu ho ea ho la 9, 1978. Litlhaloso tsa hae li ile tsa hlaha ka letsatsi le latelang tlas’a sehlooho se reng “Kopano e Hohela Bacha.” O ile a re:
“Paki ea Jehova ke eng? Ke ile ka ipotsa ka hona ka beke eohle e fetileng ha ke utloa hore kopano ea tsona ba neng ba e hlophisa ba atlehile ho hohela ba 80 000 ho bona Lebaleng la Lipapali la Machaba. Ho fumana batho ba bang teng ba bakaalo boemong bo chesang hakaalo ba leholimo ruri ke ho fihlela ntho e khōlō! Hoja e be e ne e bile papali ea bolo, ho ne ho ka ’na ha etsoa khang ea hore che, koana, . . . boithabiso . . . Empa ho ne ho se boithabiso ba letho ka kopano ena e ileng ea fella ka hore e hohele batho ba bangata ho feta likopano tsa pholiso.
“Kahoo, Paki ea Jehova ke eng? Tlhaloso ea khale e ne e le bonolo ho e bolela: motho e mong ea kenang ka monyako le monyako, a nkile Bibele, ea lelekoang hangata, eo Duplessis a kileng a laela hore a loantšoe, le ea hananang le ho tšeloa mali.
“E, empa hona hohle ho ne ho le bonolo haholo. Eaba joale ke tsamaea ho ea bona ’muelli oa tsona Quebec, Léonce Crépeault. Ke monna oa moikokobetsi, ea hlabolohileng le ea rutehileng hantle, eo joale ke mo tsebileng ka lilemo tse telele. Hoba ke buisane le eena nako ea hora, a qetella a mphile leseli la ho makala ha ka.”
Leseli leo ke lefe? Tlas’a sehlooho “Bacha,” mongoli a tsoela pele ho hlalosa hore:
“Ke ne ke sa tsoa mo bolella seo ke tsoa se bona ha ke ntse ke tsamaea ka lihora tse peli Lebaleng la Machaba la lipapali. Pele ho tsohle, ke ile ka makalla ho bona karolelano e phahameng ea bacha. Ke litumelo tse kae mehleng ena ea bonyefoli tse ka ithorisang ka ho hohela bacha? Ke ile ka hlolloa haholo ke ho bona kamoo batho bao ba laolehileng, ba hloekileng ba nang le molao kateng, kamoo ba sebelisang bohloeki boo ’mè oa rōna ea halalelang Kereke a ka ratang ho re bona re bo etsa. ’Me Monghali Crépeault . . . a fana ka tlhaloso ena, e le bonolo empa ke ’nete hakaakang, ka balumeli bahabo: ‘Paki ke motho ea balang Bibele empa kaholim’a tsohle ea e sebelisang maemong ’ohle a bophelo ba hae.’”
Moqolotsi enoa a hlalosa ho ea pele, a re: “Khethollo ea ’mala ha e bonahale e le karolo ea bona.” Hape a supa tsela eo ba phelang ka eona e le e “atamelang haufi le tsela ea bophelo ea Maamerika pele ho fetoheloa mekhoa e metle, eo e neng e le tsela e molemo ea bophelo ea Maamerika.” Ka kakaretso a re:
“Ba baholo ha ho fihloa ho sokolleng, joalokaha mang le mang a tseba. Empa lintho tse ling tseo e leng ’nete ho bona hape: ‘ha ba bolotsana,’ ba tiile ho seo ba se lumelang ’me ke baahi ba metse ba molemo. Basali ba bona ba apara hantle (ka kutloisiso ea lentsoe ea Sek’hatholike) le ka mokhoa o motle o hapellang le mekhoa ea morao-rao ea ho apara; ha ho mese e mekhutšoanyane le e melala e tlase. Le bana ba bona ha ba hloliane haholo!”
Polelo ea moqolotsi enoa e tšoana le ea ba bang e ’nileng ea hlaha khatisong lefatšeng ka bophara nakong ea Likopano tsa Machaba tsa “Tumelo e Hlōlang” tsa Lipaki tsa Jehova. Hlokomela kamoo a momahanyang ‘ho tiea ho se lumeloang’ le ho ba “baahi ba metse ba molemo,” le bokhabane le bana ba itšoereng hantle. Na tumelo e beang litholoana tse molemo joalo ke e fetiloeng ke linako kannete, ntho e tsofetseng? Ka ho fapaneng, e nakong hantle le se hlokoang mehleng ena e thata. Ruri ke tumelo e hlōlang.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Ho ea kerekeng . . . HOA TENA”
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la la 4]
“Ke litumelo tse kae mehleng ena ea bonyefoli tse ka ithorisang ka ho hohela bacha?”