Re Hloka ’Muso oa Molimo!
LEHA e le neng pele ha ho e-s’o ka ho eba le tlhokahalo e kholo hakana ea hore litaba tsa batho li fetoloe. Ba futsanehileng le ba lapileng ba batla lijo, malulo le liaparo. Ba hatelletsoeng ke tsa bopolotiki ba batla tokoloho. Ba khathetseng ka ntoa le lehloeo ba batla khotso ea sebele. Bongata bo khathatsoang ke bokebekoa ba batla tšireletseho. Ba kulang ba batla bophelo bo botle.
Empa batho ba bangata ba hlokomela hore melemo eo ba e batlang ha e bonahale. Esita le ba bangata ba lulang linaheng tse ruileng joale ba se ba bona hore tsela ea bona ea ho phela e sengoa ke ho phahama ha theko ea lintho le ho se tsitse ha moruo. Ka hona profesa oa k’holecheng ea United States o boletse: “Ha ke bone moo re ka tšepelang teng!”
Mebuso ea batho, ho sa khathallehe hore e iteka hakae, ha e khone ho tlisa tokoloho ea ’nete e sa feleng likhatellong tse kholo tsa kajeno. Hangata e etsa se fapaneng le se hlokoang ke batho, ’me, phello e ba hore batho ba se hlole ba lebella le ho tšepela ho eona. Moahloli oa naha lekhotleng le phahameng la Amerika ea seng a tlohetse mosebetsi o itse: “Batho ba qala ho se tšepe motho e mong le e mong ka baka la ho se tšepahale esita le ho ba sebeletsang liofising tse thusang batho bohle.”
LIKHATELLO LI EA EKETSEHA
Bophelo tsamaisong ena ea lintho bo ntse bo tsoela pele ho ba motsoebere ha lilemo li ntse li feta, ’me likhatello li tsoela pele li hōla. Ho eketsang likhatello ke baahi ba lefatše ba ntseng ba eketseha haholo—hona joale ho eketseha ba limillione tse 70 kapa tse 80 ka selemo, ’me bongata ba bona ke ba leng linaheng tse ntseng li hatelletsoe ke mathata ao li sa khoneng ho a rarolla.
’Me hape, lefatše le tsoela pele ho mpefala joaloka ha ho se khotsofale le tlatlapeho li ntse li eketseha. Khatiso Il Giornale ea Italy e itse: “Pontšo e tšoaeang linako tsa rona ke pefo e leng teng hona joale.” E boletse hore Ntoa ea II ea Lefatše e baketse mafu a limillione tse 55 le tšenyeho e ’ngoe e kholo e sa boleloang, le hore ha e sa le hore “khotso” e be teng ka 1945 ho bile le mafu a “limillione tse mashome a mararo lintoeng tsa sebaka ka seng le lipolaong tse sehlōhō. Khatiso ena e ile ea eketsa ka hore: “Tsieleho e busang lefatše . . . e saballetse ka malapeng le ka likolong, e sisinya likereke le metheo ea linaha.”
El Diario ea Bolivia e boletse ho latelang mabapi le lefatše lena: “Joale ho ka boleloa ntle ho ho tsila-tsila hore ha se hore ke le sa leka-lekanang feela, empa lea hlanya. Likarolo tse kholo tsa lefatše li kopane hlooho ka baka la lehloeo.”
NA O TENG EA TSEBANG?
Pono ea batho ke e leng kotsi haholo hoo moruti oa Kereke e Kopaneng ea Canada a ileng a re: “Ha ho motho ea ka bolelang ka kholiseho eohle hore letsatsi le molemo le ea tla. Hore na tsoelopele ea sechaba e tla nyamela kapa hore qetellong mokhatlo oa batho o tla ba le bophelo bo botle, ha ho motho ea hlileng a tsebang hantle.”
Empa leo ke leshano! ’Nete ke hore ho teng Ea tsebang hantle! Le hore ho teng Eo a sa tsebeng feela, empa a bileng a nang le matla, bohlale le ho rata ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore a khotsofatse mokhatlo o mocha oa batho le litlhokahalo tsa bona.
Motho Eo ke ’Mōpi oa lefatše le motho. Tseleng e bululetsoeng eo a e lokiselitseng hore a buisane le rona ka eona bakeng sa ho re tataisa, e leng Lentsoe la hae, Bibele, o re: “Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.”—Esa. 46:10.
PHETOHO E HLOKAHALANG EA ATAMELA
Molimo oo merero ea ’ona e sa hlōleheng o re bolella hore phetoho e kholo ea lefatše ruri e tla ba teng. Boprofeteng bo bululetsoeng ka nako ena ea rona, Lentsoe la oona le re: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Dan. 2:44.
Na u ne u tseba hore ke morero oa Molimo ho tlosa mebuso eohle e teng lefatšeng, ‘ho e felisa kaofela’ ha eona? Na u ne u tseba hore “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae”?
E, morero oa Molimo ke ho tlosa mebuso eohle e teng ea batho ’me a tlise ’muso o mong sebakeng sa eona. E seng ’muso ka mokhatlo o mocha oa lefatše o kopaneng oa lichaba, kapa leha e le hore e ka ba ka molao leha e le ofe oa Machaba a Kopaneng a kajeno. Ho e-na le hoo, ’muso oa Molimo e tla ba oa hae o busang ho tsoa leholimong, moo ho seng motho ea ka khathatsanang le ’ona kapa ho o senya.—Joh. 18:36.
Boprofeta bo hlokomelisa hore ’Muso ona o tla silakanya puso eohle ea batho ea kajeno. (Dan. 2:35) Sena se kopanyelletsa le batšehetsi ba lefatšeng ba tsamaiso ena, “ba sa ruoang le ba ruiloeng, . . . ba banyenyane le . . . ba baholo.”—Tšen. 19:11-21.
Ke mang ea tla phonyoha phetoho ena e kholo ea lefatše? Tšenolo (Apocalypse) e bolela e sa le pele hore “bongata bo boholo” bo tla phonyoha. Hobane’ng ba phonyoha? Hobane ba ne ba nehela Molimo ‘tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu.’—Tšen. 7:9, 15.
Phetoho ena e hlokahalang ea lefatše e tla bulela tsamaiso e ncha ea lintho tsela. Ke ka hoo moapostola Petrose a ileng a re “re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha, le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Pet. 3:11-13.
Ka hona, se tlang ho etsahala se joaloka ha mohlahlobisisi oa kelello Erich Fromm a ile a hlahisa bukeng ea hae The Anatomy of Human Destructiveness. O ile a hlokomela hore maemo a mabe le a sa khotsofatseng a mokhatlo oa batho a ka tlosoa ‘feela haeba tsamaiso eohle ea naha le ea lipolotiki e ’nileng ea ba teng ka lilemo tse 6 000 tse fetileng paleng e ka nkeloa sebaka ke e ’ngoe e fapaneng ka ho feletseng.’
Le hoja Fromm a ne a sa nahana ka ’muso oa Molimo, empa oona o tla nkela tsamaiso ea hona joale ea lintho sebaka ka ‘e ’ngoe e fapaneng ka ho feletseng.’ Sena se tla bolela hore ho tla ba teng mokhatlo o mocha oa batho lefatšeng, tlas’a taolo le tataiso ea ’muso oa leholimong oa Molimo. ’Me ka tlas’a puso ea ’Muso oo, litlhokahalo tsohle le ntho tse batloang ke ba thoba itekanetseng li tla phethahatsoa ho feta kamoo ba neng ba lebelletse kateng.
HOBANE’NG E BILE NAKO E TELELE HAKANA?
Hobane’ng Molimo o nkile nako e telele hakana pele o ka tlisa phetoho ena e hlokahalang haholo? Lebaka le leng ke ho leka polelo ea hore motho ha a hloke tataiso ea Molimo hore a atlehe. (Gen. 3:4-6) Empa likete-kete tsa lilemo tse fetileng li bontšitse hore ke ho sa khotsofatseng ho-hang ho busoa ke batho ho e-na le Molimo.
Mofuta o mong le mong oa puso ea batho le mokhatlo o ile oa lekoa. Bohlale bo tebileng haholo le bo qapang lintho bo ile ba sebelisoa ho leka ho thusa. Empa ha ho letho le ileng la rarolla mathata a batho, a ’nileng a tsoela pele le ho mpefala. Se ileng sa pakahatsoa hantle ke ’nete ea hore: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jer. 10:23.
Seo sena sohle se se bontšang ke hore re hloka ’muso oa Molimo hore e be ’ona o re busang. ’Me ha o se o busa litaba tsohle tsa lefatše, o tla bolela eng ho uena?