Ba Hlōtseng Lefatše ka Tumelo
“Hlōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rōna.”—1 Joh. 5:4.
1, 2. (a) Phihlelo e tloaelehileng ea ba neng ba lebeletse ho hlōla lefatše ke efe? (b) Mohlōli e mong oa lefatše o fapane le bana joang? (c) Ke hobane’ng ha ho hlōla ha Enoa le balateli ba hae ho se ho ka bapisoang le hona?
PALE e bolela ka ba bangata ba neng ba ipolela hore ba hlōtse lefatše. Empa, qetellong, bana kaofela ba tlameha ho ineela ho hlōloeng. Faro ea matla oa Egepeta, Nebukadnezare ea bokaako oa Babylona, Alexandere e Moholo, bo-Sesare ba Roma, Napoleone, Hitler—khanya ea bona e bile ea nakoana ka sebele! Leha ho le joalo, ho na le e mong ea hlōtseng lefatše eo khanya ea hae ho seng mohla e tla fela. Ha a ka a ithorisa ka makhotla a hlometseng a bahlabani, leha e le likepe tse ngata tsa ntoa. Leha ho le joalo ho hlōla ha hae ho phethehile, ’me e le molemong oa ka ho sa feleng oa ba amohelang borena ba hae.
2 Ba bangata ba ile ba khoptjoa ke mohlōli enoa ea matla, hobane ba ne ba nahana hore hase letho haese mora oa ’metli oa moikokobetsi. Batho ba naha ea habo ba ne ba mo nyelisa. Eare ha ’muso oa Roma o mo bolaea, balateli ba hae ba seng ba kae ba qhalana. Leha ho le joalo monna enoa—Jesu Kreste—ha ho ea ka bapisoang le eena joaloka mohlōli oa lefatše. Bosiung boo a ahlotsoeng ka bona o ne a ka re ho barutuoa ba hae: “Le bete lipelo: ke hlōtse lefatše.” (Joh. 16:33; Mar. 6:3; Esa. 53:3) Ho feta moo, a bolela hore le bona, ba ne ba tla hlōla lefatše. Empa joang? Kamoo e mong oa balateli ba hae ba ratoang a ileng a ho bolela hamorao, a re: “Hlōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rōna.”—1 Joh. 5:4.
TLHŌLO KA TUMELO
3. Tumelo ee e hlōlang ke eng?
3 Tlhōlo ee e hlōlang ka tumelo ke ea mofuta ofe? Bonneteng, ho ba le tumelo ho bolela ho kholiseha ka mokhoa o phethahetseng mabapi le lintho tse sa bonoeng kapa tseo e leng hona li tlang hore tsena li tla fetoha ’nete ho ea lumelang. Tumelo ea ’nete ea Bokreste, e fapaneng hole le tumela-khoela e theiloeng lehlabatheng le ritsang la boikutlo ba botho kapa ho lumela ka baka la tšabo, e theiloe motheong oa ’nete Jesu Kreste. Joaloka ‘gauda, silevera le majoe a bohlokoa,’ ha e che. (1 Ba-Kor. 3:11-14) E khotsoe hore Molimo o le mong o phelang le oa ’nete Jehova o teng le hore o tla phahamisa boemo ba oona e le Morena ’Musi ea Phahameng oa bokahohle. Tumelo ena e sirelelitsoe lipallong tsa Molimo ‘o ke keng oa thetsa.’ E shebile ka matla ho Jesu e le Mophethahatsi oa eona le Moemeli e moholo oa Molimo bakeng sa ho phethahatsoa ha merero eohle e meholo ea Hae mabapi le ’muso oa hae.—Tite. 1:2; Ba-Heb. 11:1, 6; 12:2.
4. Ke neng hona joang re ka hlōlang ka tumelo?
4 Ha feela re itšoarelletse re sa thekesele tumelong ena, re ka re re hlōtse lefatše. Che, ha ho hlokahale hore re eme ho fihlela ka Harmagedone hore re hlole joalo. Re tsoile letšolo la ho hlōla lefatše ha re sokoloha ho lateleng litsela tsa lefatše ’me, motheong oa tumelo ea rōna ho Morena Jesu Kreste, re neela bophelo ba rōna ho Jehova ’me re amohela kolobetso ea metsing. Kahoo re hlōla ka tumelo. Leha ho le joalo, ke ho hlola hoo re tlamehang ho ho boloka ‘leha ho ka ba joang kapa joang,’ ka baka la kananelo ea lerato leo re le bontšitsoeng ke Jehova le Mora oa hae.
5. (a) Re ka ba ‘ba fetang bahlōli’ joang? (b) Ke kholiseho efe eo e leng karolo ea bohlokoa ea tumelo ea rōna?
5 Ha a buella bahlōli bohle ba joalo, moapostola Pauluse o re: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo, . . . Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ea re ratileng.” Joale, ha a hlalosa kholiseho ea rōna e sa thekeseleng ea lerato la Jehova leo ho seng letho le ka le arolang bakeng sa rōna, leo e leng karolo ea bohlokoa hakana ea tumelo ea rōna, o re: “Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 8:35, 37-39.
MOHLŌLI EA BEILENG MOHLALA
6. Ho hlōla ha Jesu ho ne ho theiloe ho eng?
6 Jesu ka boeena o ile a bea mohlala, ha a ntse a le mona lefatšeng, hore na re ka phetha ho hlōla hona ka tumelo joang. O ne a tseba Lentsoe la Molimo. O ne a thabisoa ke Lentsoe leo, ’me a ba masene ho le sebeliseng e le “lerumo la moea.” (Ba-Ef. 6:17) Tlas’a teko ea Satane lefeelleng, ka makhetlo a mararo a leleka sera, a re, “Ho ngoliloe.” Ho hlōla ha hae ho ne ho theiloe ho khomareleng Lentsoeng la Molimo. Le ha rōna ho tlameha ho be joalo.—Matt. 4:3-11.
7. Jesu o ile a qala letšolo la hae la ho hlōla joang?
7 Ha mosebetsi oa Johanne ea Kolobetsang o fihla qetellong, Jesu a qalisa phutuho ea hae e khōlō ea ho hlōla. “Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 4:17) Ona ke molaetsa o matla! Ruri ’muso oa Molimo o ne o le haufi, ka sebopeho sa botho sa Jesu ea tlotsitsoeng ka boeena. Galilea eohle, sebakeng sa Roma sa Berea le ho kenella Jerusalema ka boeona, Jesu a bolela litaba tse molemo e le mohloli oa lefatše le Messia. Ba baloang ka likete ba mamela. Ba bangata ba fetoha balateli ba hae. Empa sehlopha se busang, ’me haholo baeta-pele ba bolumeli, ea e-ba lira tse mpe ka ho fetisisa tsa hae.
8. Ke eng se bontšang hore Jesu ha ho mohla a kileng a fosa ho hlōleng ha hae?
8 Jesu ha a ka a sisinyeha botšepehing ba hae, hobane o ne a tseba hore o tlameha ho ba mohlōli ho isa qetellong. Eare ha a qetella a talimane le lefu sefateng sa tlhokofatso ’me ’musisi oa Moroma a mo botsa mabapi le borena ba hae, o ne a ka arabela ka ho re: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” (Joh. 18:37) Ka ho tšepahalang, a tsoela pele ho pakela ’nete ea ’Muso. Ho fihlela qetellong ha a ka a tsila-tsila ho tsebahatseng lebitso la Ntat’ae, ’me a halaletsa lebitso leo la bohlokoa, har’a thohako e ’ngoe le e ’ngoe eo Satane a neng a ka le tšollela eona. Kahoo, e le mohlōli oa lefatše, Jesu o ne a ka bolela ka phefumoloho ea hae ea ho shoa hore: “Ho phethehile [mosebetsi oa Molimo bakeng sa hae lefatšeng]!”—Joh. 19:30; 17:6, 20.
TUMELO E SUTHISANG LITHABA
9. Ke tumelo ea mofuta ofe eo barutuoa ba Jesu ba neng ba ka ba le eona, ’me hona e bile phihlelo ea bona joang?
9 Jesu o boleletse barutuoa ba hae hore: “Ka ’nete ke re ho lōna: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, ’me ho ka be ho se letho le le sitang.” (Matt. 17:20) Na barutuoa ba hae ba ne ba tla etsahalloa ke see? E! Haholo ho tloha letsatsing la Pentekonta ka 33 C.E. Hobane ke mohlang oo, letsatsing la bo50 Jesu a tsoselitsoe bophelong ba moea, ho ileng ha etsahala mohlolo har’a barutuoa ba hae ba ka bang 120 ba neng ba phuthehile ntlong e Jerusalema. Moea oa Jehova oa tšolleloa ho bona, o ba nea matla a hore ba bue ka maleme a mangata ka “limakatso tsa Molimo.”—Lik. 2:1-11.
10, 11. (a) Barutuoa ba Jesu ba ile ba qala ho kopanela ho hlōleng ha hae joang? (b) Ea bona e bile tumelo e hlōlang kahohle joang?
10 Moea hape oa nea Petrose matla a ho hlalosa ka Lentsoe la Molimo hore na sena sohle se bolela eng. Ho hlōla ha Jesu ho ne ho etselitsoe moputso ka hore a phahamisetsoe ka letsohong le letona la Molimo leholimong. Joale e ne e le tokelo ea bona ho kopanela ho hlōleng ha hae. Hona ba ile ba qala ho ho etsa ka hore ba bee bopaki bo hlakileng ho bongata bo buang maleme a sa tšoaneng bo neng bo bokane hammoho, ba bo khothalletsa hore bo bake, bo kolobetsoe ’me bo fumane lipallo tse kholo tsa ’Muso tse neng li boleloa ka Lentsoe la Molimo. “Ba ekeletsoa ka tsatsing leo ka batho ba likete tse batlileng ho ba tharo,” ’me bana ba tsoela pele ho matlafatsoa tumelong ka thuto ea tsatsi le leng le le leng e neng e fanoa ka sebakeng se seholo sa tempele, haesita le malapeng.—Lik. 2:14-47.
11 Na baeta-pele ba bolumeli ba ile ba khahlisoa ke pontšo ee ea tumelo? Ha hoa ba joalo! Ba tšoara Petrose le Johanne, ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bolela le ho ruta ka lebitso la Jesu. Eaba baapostola bao ba tletseng tumelo baa ba arabela: “A ho ahlole lōna hore na ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na? Hobane ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ba ne ba ke ke ba lumella letho hore le eme tseleng ea tumelo ea bona e hlōlang kahohle. Ha ba lokolloa ba tsoela pele ho fana ka bopaki ka matla a maholo!—Lik. 4:18-21, 33.
12. (a) Ke tšehetso efe ea mangeloi e ileng ea tiisa ho hlōla ha barutuoa? (b) Ho ba ha bona le moea o halalelang ho ne ho itšetlehile ka’ng?
12 Ba tletse mōna, moprista e moholo le batšehetsi ba hae joale ba etsa hore baapostola bohle ba akheloe chankaneng. Hona ha biletsa ketso ea bomolimo. Bosiu lengeloi la Jehova la ba ntša ’me la ba bolella “e-eang, le eme tempeleng, le bolelle sechaba litaba tsa bophelo bona.” Eare ha mafube a hlaha, e ne e le bao hape, ba ruta sebakeng sa tempele! Ba boela ba tšoaroa hape ’me ba isoa ka lebaleng la Lekhotla le Phahameng, moo moprista e moholo a ileng a re: “Na ha rea ka ra le laela haholo-holo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo [la Jesu] na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.” Karabelo ea baapostola bao ea utloahala ka sebete: “E ka khona re utloe Molimo ho ena le batho. . . . re lipaki tsa hae litabeng tseo, rōna le Moea o Halalelang oo Molimo o o neileng ba o utloang.” (Lik. 5:17-32) E, ho ba ha bona le moea o halalelang ho ne ho itšetlehile ka ho tsoela pele ha bona ba pakela Borena ba Jehova ka cheseho!
13. Mehleng eo ea pele ea Bokreste, tumelo e hlōlang e ile ea hlōla joang?
13 Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba batla ho felisa baapostola, empa ea fanang ka moea o halalelang a tsamaisa litaba kahosele. Moruti ea hlonephuoang oa Molao Gamaliele a bua ka sebete ka mantsoe ana: “Khaohanang le batho bao, le ba tlohele; hobane ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tsoang ho batho, o tla fela. Empa ha e-ba o tsoa ho Molimo, le ke ke la ba la o felisa; ’me le iponele, e se re mohlomong la fumanoa le loantšitse Molimo.” Joale ba mpa ba shapa baapostola, ba ba bolella hore ba khaotse ho bolela ’me ba ba tlohela ba ikela. Na tumelo e hlōlang e ne e hlōla? Ho joalo ka sebele, hobane tlaleho e tsoela pele ho re: “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.”—Lik. 5:33-42.
HO HLŌLA HO TSOELANG PELE KA TUMELO
14. Ho sa tsotellehe mahloriso, boprofeta ba Jesu ho Liketso 1:8 bo ile ba phethahatsoa joang?
14 Bopaki boo bo phethahetseng ha boa ka ba emisoa. Bo tlameha ho fanoa ho isa tekanyong eo Jesu ka boeena a e profetileng—“Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:8) Mahloriso a sebeletsa feela ho atolosa bopaki, hobane “ba neng ba qhalanntsoe ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.” (Lik. 8:1, 4) Kapele mohlorisi Saule a fetoha moapostola Pauluse, ’me Balichaba ba pele ba amohela neo ea moea o halalelang. Litaba tse molemo tsa nama joaloka mollo oa hlaha ho kena libakeng tse ngatanyana tse ncha. Ha Pauluse le metsoalle ea hae ba kena Europe, bahanyetsi ba moo ba hooa, ba re: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano.” (Lik. 17:6) Kahoo, ka ho feta hona ha lilemo tse ka bang 30 tsa bopaki ba ’Muso, litaba tse molemo tsa ‘bolelloa babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.’—Ba-Kol. 1:23.
15. Ke thuso efe le khothatso tse ileng tsa neoa ba neng ba thekesela tumelong ea bona?
15 Leha ho le joalo, ha bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejode bo atamela, ho bonahala eka ba bang ho Bakreste bao ba ile ba qala ho khathala. Ba tlohela ho itebela moeeng ’me ba qala ho thekesela ho hlōleng ha bona ka tumelo. Empa ba fumantšoa thuso. Baholo ba tšepahalang ka phuthehong ea Bokreste ba ba nea khothatso e hlokahalang. E mong ho bona, moapostola Pauluse, a ’na a tsoela pele ho ba khothatsa hore ba mamelle ka tumelo. A ba khothalletsa hore ba etse tšepo ea bona ea Bokreste “ankora ea moea, e tieang, e sa sisinyeheng.” (Ba-Heb. 6:19) A re: “Ha e le rōna, ha re batho ba koenehang ho ea timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.” (Ba-Heb. 10:39) Leha ho ka ba joang kapa joang ba tlameha ho phetha ho hlōla ha bona ha Bokreste! Ba ileng ba tšoarella ka matla tumelong ea bona ba ile ba pholoha ha “tsamaiso ea lintho” ea Sejode e timela ka 70 C.E.
LITEKO TSE TSOELANG PELE TSA TUMELO
16. (a) Moapostola Johanne o ile a mamella halelele hakae ho hlōleng ha hae ka tumelo? (b) O lemositse ka eng?
16 Leha ho le joalo, liteko tse tsoetseng pele li ne li emetse Bakreste ba tšepahalang. Johanne, eo tšebeletso ea hae joaloka moapostola oa Jesu Kreste e ileng ea feta lilemo tse ka bang 68, o-oa li bolela. Ho a mabeli a mangolo a hae, Johanne o lemosa ka “antikreste” ea hlahang ka ‘hora ea qetello,’ ’me a mo tšoaea e le “ea latolang ntate le Mora.” Joale Johanne o tlamella “antikreste” enoa le ‘baprofeta ba bohata ba tlileng lefatšeng ba le bangata.’ (1 Joh. 2:18, 22; 4:1-3) Antikreste eo ntle ho pelaelo o ne a hanyetsa ho potlaka ha ‘litaba tse molemo’ ’me a leka ho sokollela Bakreste litseleng tsa lefatše tsa lintho tse bonahalang le ho batla menyaka.
17. Ke joang hona hobane’ng Bakreste ba lokelang ho mamella ho hlōleng ha bona?
17 Bakreste ba tšepahalang ‘ba ne ba hlōtse e mobe,’ empa joale, leha nako e se e ile joalo, tumelo ea bona e ne e le kotsing ka lehlakoreng le leng. Moapostola a ba ngolla ka mantsoe a hlakileng: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:13, 15-17) Kannete, ha ho mohla e bileng thato ea Molimo hore Bakreste ba itsoakanye litseleng tsa lefatše la Satane tsa boitšoaro bo bobe, le tsa lintho tse bonahalang. Ho e-na le hoo, ba tlameha ho mamella ho hlōleng ka tumelo.
18. Re phetha ho hlōla ha rōna ka tumelo joang?
18 Lengolong lona lena, Johanne o hlalosa tlamo e tlamahanyang Bakreste bohle lefatšeng ka bophara hore e be kopano e le ’ngoe e sa arohanang, a re: “E mong le e mong ea bolelang hore Jesu ke Mora oa Molimo, Molimo o lutse ho eena, ’me le eena o lutse ho Molimo. ’Me rōna re tsebile, re bile re lumetse lerato leo Molimo o re ratang ka lona. Molimo o lerato, ’me ea lutseng leratong o lutse ho Molimo, ’me Molimo le oona o lutse ho eena.” (1 Joh. 4:15, 16) Ke tokelo e khōlō hakaakang ea ho kopana le Morena e moholo oa bokahohleng bohle ka Mora oa hae Jesu Kreste, Eo mali a hae ‘a re hlatsoang libe tsohle’! (1 Joh. 1:7) Ke hona moo ho hlōla ha rōna ka tumelo ho lutseng teng: Ho ’na re rata Molimo le Kreste, re sebetsa le bona mosebetsing oa kotulo o lefatšeng ka bophara oo joale o potlaketseng phelo ea oona.—1 Ba-Kor. 3:9.
19. Ke eng se khethollang ba hlōtseng lefatše ka tumelo?
19 Johanne o tsoela pele a re: “Ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona.” (1 Joh. 5:3) Ntlheng ena Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” (Joh. 13:34) Leo kannete e bile letšoao le khethollang hakaakang la Bakreste mehleng ea Johanne, ’me ke letšoao le khethollang hakaakang mehleng ea rōna! Hobane ha e sa le ho tloha lekholong la pele la lilemo ha ho mohla lefatšeng ho kileng ha e-ba teng batho ba tšoanang le Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste—ba kopaneng tlamong ea lerato le tlolang mekoallo eohle ea puo, moloko le morabe.
20. Bofelong ba lefatše lena, u ka iponahatsa hore u ea hlōtseng lefatše joang?
20 Hape, qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, ho teng molao o fetisoang ka boprofeta ba Jesu hore “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:14) Bopaki bona bo boholo, boo joale bo fihlang tlhorong ea bona lefatšeng ka bophara, bo sebelelitse ho khetholla ba hlōtseng lefatše. Ka bahlanka bohle ba joalo ba tšepahalang ba Molimo, moapostola o-oa ngola, a re: “’Me hlōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rōna. Ke mang ea hlōlang lefatše, ha e se ea lumelang hobane Jesu ke Mora oa Molimo.” Tumelo ena ho Jesu e le Mora oa Molimo e ka ’na ea bontšoa ho tla fihlela kajeno ka ho mamela ka mafolo-folo taelo ea Jesu ho balateli ba hae hoba a tsohe, a re: “E-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa.” (1 Joh. 5:4, 5; Matt. 28:19, phet. e ncha) Na u iponahatsa ka mokhoa oo hore u mohlōli oa lefatše?