Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 10/1 maq. 19-22
  • Bopaki bo Boholo ba Khanya le ho ba ’Mōpi ha Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bopaki bo Boholo ba Khanya le ho ba ’Mōpi ha Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOPAKI BA MAHOLIMO A BONAHALANG
  • MOLAO OA MOLIMO O BEA BOPAKI
  • THUSO E NEOANG BAHLANKA BA MOLIMO
  • Pōpo e Bolela Khanya ea Molimo!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Maholimo a Bolela Khanya ea Molimo
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Pōpo e Senola Khanya ea Jehova
    Binelang Jehova
  • Thabela ho Loka ha Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 10/1 maq. 19-22

Bopaki bo Boholo ba Khanya le ho ba ’Mōpi ha Molimo

BATHO ba bangata ba botsang hore na ebe Molimo o teng kapa che, ba iphoufaletsa bopaki ba hore o fela o le teng. Kaha lintho tse itseng li etsahala tsatsi le leng le le leng, le bona batho ba lumelang ho Molimo ba ka ’na ba sitoa ho talima liketsahalo tsena tse tloaelehileng e le bopaki ba khanya le ho ba ’Mōpi ha Molimo. Mopesaleme ea bululetsoeng, leha ho le joalo, o fapana hole le batho ba joalo. Hona ho ipheta-pheta ha lintho tse tloaelehileng o ile a ho bona e le bopaki bo ntseng bo bokellana boo ntle ho phoso bo bolelang khanya ea Ea Holimo-limo.

BOPAKI BA MAHOLIMO A BONAHALANG

Mopesaleme a ngola: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona. Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong. Hase polelo, hase mantsoe ao molumo oa ’ona o sa utloahaleng. Tumo ea tsona e hasane lefatšeng lohle, lipolelo tsa tsona li ile pheletsong ea lefatše. O hlometse letsatsi ntlo ea Iona teng; le tloha joale ka monyali ha a tloha tlung ea hae, le thaba joale ka mohale ea mathelang lephallong; le tloha pheletsong ea maholimo, ’me phallong ea Iona le fella pheletsong e ’ngoe: ha ho letho le ipatelang lebatama la Iona.”—Pes. 19:1-6.

Ka tsela ena ea thoko, mopesaleme Davida o ile a bontša hore maholimo a bonahalang—letsatsi, khoeli le linaleli—li bolela khanya ea Molimo. Palo e ngata ea ’mele ea leholimo, motsamao oa eona o laolehileng le o tšepahalang, le morero o nang le molemo oo e o sebeletsang e fana ka bopaki bo boholo ba bohlale, matla le mosa oa Molimo. Molimo o lokiselitseng bokahohleng bo bonahalang hantle hakana o tlameha o be o le bohlale o bile o le matla a ke keng a lekanngoa. Ka mohlala, ha re nahana kamoo bophelo bo lefatšeng bo itšetlehileng ka letsatsi kateng, re tlameha ho fihlela qeto ea hore Moetsi oa letsatsi o hlile o hlokomela lintho tse phelang ka ho tebileng. Ka ho senola litšoaneleho tse itseng tse ratehang tsa Jehova Molimo, maholimo a bonahalang ka sebele a hlile a bolela khanya ea hae.

Bopaki bo amanang le khanya ea Molimo le ho ba ’Mōpi ha boa lekanyetsoa ho se ka bonoang maholimong ka letšehare le le leng kapa bosiu bo le bong. Letšehare le leng le le leng le bosiu bo bong le bo bong ho ntse ho hlaha bopaki bona boo. Ho bonahatsoa ha letsatsi, khoeli le linaleli ka lihora li le ling tse 24, ho ne ho tla fana ka bopaki bo babatsehang mabapi le ’Mōpi. Empa tsatsi le leng le le leng bopaki bona bo ka baloa maholimong a holimo. Ka hona ho tšoana leha bopaki bona bo ntse bo phophoma kapa bo bela ka mokhoa o tsoelang pele motšehare ’me, bosiu, ’mele e bonahalang ea leholimo le eona ka mokhoa o tšoanang e fana ka tsebo e mabapi le khanya ea Jehova le ho ba ’Mōpi.

Bopaki boo ho fanoang ka bona, koana, ke bo khutsitseng. Empa ha ho karolong le e ’ngoe ea lefatše moo bopaki bona bo khethehileng bo sa fanoang. Bo tletse lefatše, joalokaha eka mela ea tekanyetso e ne e tlatsitsoe karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše lena.

Mopesaleme o bua ka letsatsi e le le nang le ntlo maholimong a bonahalang. Tumellanong le hoo, Jobo 22:14 (NW) e bua ka maholimo e le a koahetseng holim’a lefatše joaloka “sekhurumelo.” Hape, Esaia 40:22 e bua ka Molimo e le “ea menollang maholimo joale ka lesela le lesesane la kase, ’me o a phuthulla joale ka tente ea ho aha teng.” Ka har’a “ntlo” ena ea tšoantšetso letsatsi le tsamaea tsatsi le leng le le leng joale ka hloma-u-hlomole. Ka baka la phatšimo ea Iona ka ho nepahetseng letsatsi le tšoantšoa le monyali ea tsoang tlung ea hae e lokiselitsoeng se etsahalang ka mokhoa o khethehileng, ’me, joaloka senatla se mathang lephallong, le phetha “potoloho” ea Iona maholimong. Kaha letsatsi le betsetsa khanya ea Iona karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše ho tloha ho khanyeng ha Iona ho isa ha le likela, ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng e fumana molemo mofuthung kapa lebatameng la Iona. Ho sena khethollo ha e eo.

MOLAO OA MOLIMO O BEA BOPAKI

Bopaki bo amanang le khanya ea Jehova le ho ba ’Mōpi ha hae ha boa lekanyetsoa feela ho se ka bonoang maholimong a bonahalang. Ho latela Genese 1:14, le leng la mabaka a ho ba teng ha likhanya tsa leholimo ke hore li sebeletsa e le “lipontšo tsa linako tse beiloeng, le tsa matsatsi, le tsa lilemo.” Ka hona li fane ka mokhoa oa ho lekanyetsa matsatsi le lilemo, li tataisa motho leoatleng ’me li fetohile mokhoa oa ho lekanyetsa nako e loketseng bakeng sa mehato eitseng ea temo. Empa likhanya tsa leholimo hase mokhoa oo Molimo o faneng ka oona ho tataisa batho ho etseng liqeto tsa bohlokoa tsa boitšoaro. Ea Holimo-limo o fane ka melao ea hae, ’me ena, le eona, e pakela khanya ea hae.

Mopesaleme Davida o tsoela pele, a re: “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto. Litemoso tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo; litaelo tsa Jehova li hloekile, li elisa mahlo. Tšebeletso ea Jehova e hloekile, e hloleha ka mehla; likahlolo tsa Jehova ke ’nete, li lokile kaofela; li fetisa gauda ka theko, le gauda e ngata e tšekehileng, li fetisa le linotši ka monate, le tse rothang khekheng ea tsona. Mohlanka oa hao o elisoa ke tsona; ho bolokoeng ha tsona ho na le moputso o moholo.”—Pes. 19:7-11.

Mona Davida o ne a supa molao oa Molimo o fanoeng ka Moshe. O ne o phethehile, o se na sekoli, o lekana hantle le morero oo o neng o fanoe ka baka la oona. Molao oo o ne o ka khatholosa moea kapa motho ka kutloisiso ea hore ho o mamela ho ne ho tsosolosa boleng ba hae ’me ho hlahisa boiketlo.

Litemoso tsohle tse neng li akarellelitsoe ka molaong oa Molimo li ne li tšepeha. Li ne li ka lateloa ka mokhoa o sireletsehileng e le tataiso bophelong. Le hoja motho a ne a sa tsebe letho a bile a sa itšepe, motho ea elang hloko litemoso tsa Molimo a ka nka bohato bo bohlale, a qoba tsela e isang tšenyehong.

Litaelo kapa melao e khethehileng e neng e beiloe ka molaong oa Moshe li ne li hloekile, ke hore, li le tumellanong e feletseng le metheo ea ho loka le toka. Ka ho itšoara tumellanong le kholiseho ea hore litaelo tsa Molimo li hloekile, motho o ne a tla thaba ka hare ho eena, a nyakalle pelong.

O hloekile, o se na letheba, hose kae kapa kae moo o sa rateheng, molao oa Jehova o elisa mahlo hore a bone hantle. O nolofaletsa motho hore a qobe phoso ea boitšoaro le hore a latele tsela e khabane.

Tšabo e hahang kapa hlonepho e tebileng ho ’Mōpi e bontšoa ka ho mamela melao ea hae. Tšabo e joalo e hloekile. Ha e nyenyefatse motho joalokaha ho ne ho etsa ho tšaba ka thothomelo melimo ea bohata, eo barapeli ba eona ba neng ba e talima e le e koatileng le e laelang hore e thabisoe ka mahlabelo a batho. Tšabo e molemo ea Molimo ke se neng se rutoa ke Molao. Tšabo e joalo e tla tsoela pele e bonahatsoa ke bahlanka ba ineetseng ba Jehova. Ka baka leo, ke tšabo e emang ka ho sa feleng.

Molao oa Molimo, karolo e ’ngoe ea oona o ne o entsoe ka liqeto tsa boahloli. Tsena e ne e le ’nete, li tšepahala, li tsitsitse, li theehile ka ho tiileng litsamaisong tsa bomolimo tsa toka. Liqeto tseo tsa boahloli li ne li lokile ka lintlha tsohle. Kaha liqeto tsa boahloli li tsoa ho Molimo ’me li molemo ka ho feletseng, ke ho lakatsehang haholo hore motho a be le tsona ka pelong ea hae le kelellong. Li molemo le ho feta matlotlo a bonahalang—gauda. Ho batho ba itumellang ho tataisoa ke tsona, li monate le ho feta linotši. Liqeto tsena tsa boahloli li lemosa motho hore a se nke tsela e fosahetseng, li matlafatsa boikemisetso ba hae ba ho hanela moleko. Ho itšoarella ho tsona ho putsa ka hore kutlo e joalo e ntšetsa pele molemo o phahameng ka ho fetisisa oa motho. O qoba bophelo bo ka bang kotsi boikutlong, ’meleng le kelellong.

Kannete molao o thusang hakaalo le o molemo o kang o neng o filoe Baiseraele o fana ka bopaki bo boholo mabapi le Molimo o bohlale, o nang le toka le o lerato.

THUSO E NEOANG BAHLANKA BA MOLIMO

Bopaki bo phaellanang mabapi le ’Mōpi bo fumanoa thusong ea hae eo a fanang ka eona bakeng sa bahlanka ba hae ba sa phethahalang. Joalokaha ho totobala ho Pesaleme ea 19, Davida o ile a ananela molao oa Molimo haholo. Leha ho le joalo, hape a hlokomela hore e le motho ea sa phethahalang o hloka thuso ea Moetsi oa hae hore a itšoare hantle. Hona ho totobala karolong e qetellang ea Pesaleme ea 19. Rea bala: “Ke mang ea ka lemohang liphoso tsa hae kaofela? U ntšoarele tse nkhakileng! Hape, u boloke mohlanka oa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena holim’a ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, ’me etlaba ke sesefile litlōlo tse kholo. U amohele mantsoe a molomo oa ka, u khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova, lefika la ka le monamoleli oa ka.”—Pes. 19:12-14.

Davida o ne a hlokomela hore e le motho ea sa phethahalang a ka ’na a etsa libe tseo a sa li hlokomelang. Joale o ne a kōpa hore a tšoareloe litlōlo tse ipatetseng eena. Joale, ha nama ea hae e sa phethahalang e ka mo thetla hore a nke tsela e fosahetseng, o ne a batla thuso ea Molimo haholo. O ne a lakatsa hore Jehova a mo thibe liketsong tsa boiphahamiso le tse potelletseng. O ne a batla hore a suthisoe hore liketso tsa boiphahamiso e ka ba tsela e mo busang eo a etsang lintho ka eona. Haeba a ne a ka kena tseleng ea sebe ka nama ea hae, o ne a tla be a oetse taolong kapa pusong ea sebe. Ho e-na le hoo, o ne a batla hore a phethehe boineelong ba hae ho Ea Holimo-limo. Ho isa moo ho ka fellang teng, o ne a batla hore a fumanoe a “sesefile litlōlo tse kholo.” Ka baka leo, a rapella hore ho kōpa thuso ha hae, ho tsoaloang ke “ho nahana” ho susumetsoang ke pelo, ho fumanehe ho khahlisa pel’a Molimo oa hae. Linakong tsa kotsi le ho tepella Davida o ne a itšetleha ka Jehova joalokaha ho ka etsoa lefikeng le tiileng. Hape o ne a nka Jehova e le Monamoleli oa hae, Ea neng a ka mo pholosa lifing tsa batho ba khopo haesita le hore a se oele sebeng.

Kahoo, Pesaleme ea 19 ka matla e supa bopaking bo tlamahaneng ba pōpo, molao o ngotsoeng o ka Bibeleng le thuso ea bomolimo e neoang ba hloekileng e le ntho e ’ngoe e senolang boteng ba Ea Holimolimo. Bopaki bona bo lokela ho re khannela hore re batle ho amoheloa ke eena. E, ‘ho nahana ha lipelo tsa rōna’ ho ke ho ipakahatse ho mo nyakallisa ha re tsoela pele ho sheba tataiso ho Jehova Molimo bakeng sa hore re hate ka nepo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 19]

Pōpo, tataiso e bululetsoeng le thuso ea Molimo li pakela ho ba teng ha Molimo o lerato.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela