Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 11/15 maq. 19-22
  • Ho Hahela ho Tlotlisa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hahela ho Tlotlisa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hahela Nako E Tlang
  • Ho Haha Ka Morero
  • Lentsoe La Teboho
  • Bohato bo Kopaneng Bakeng sa ho Haha Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ho Hlahisa Lingoliloeng Tsa Bibele Bakeng sa ho Sebelisoa Tšebeletsong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ea Pele Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng
    Tsoha!—2001
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 11/15 maq. 19-22

Ho Hahela ho Tlotlisa Jehova

HO ISA qetellong ea bophelo bo phetsoeng tšebeletsong e ineetseng ho Molimo oa hae, ke hantle ha Davida a ne a ka re: “Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao.” Davida o ne a ananela kamoo Molimo ona o lerato o fepelang kamehla se hlokoang ke bahlanka ba hae ba lefatšeng moeeng le nameng. Tlhokomelong e tletseng thabo ea mosa o lerato oa Jehova ho lokisetseng batho ba hae ba Iseraele, sechaba sohle se ne se ikopantse hammoho ho tlisa meneelo ea sona ho tla haha tempele e khanyang bakeng sa borapeli ba Jehova. E, batho ba ne ba ineetse ho “thabela tseo bao ba li ntšitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo eohle ba neng ba neela Jehova limpho tsa bona tsa ho rata.” Boikutlo ba sechaba seo sohle bo bile joalokaha Davida a bo hlalositse, a re: “’Me joale, Molimo oa rōna, rea u boka, re rorisa lebitso la hao le khanyang.”—1 Likron. 29:9-13.

Lilemong tse qetellang tse baloang ka mashome tsa lekholo lena la lilemo la bo20, le rōna re na le ho hongata hoo re ka lebohang Jehova ka hona. Re thabela ho neelana ka limpho aletareng ea hae ea moea. ’Me o re hlohonolofalitse, le rōna, ka lebaka la limpho tse bonahalang tseo re li tliselitseng borapeli ba hae. Lefatšeng lohle, Liholo tsa ’Muso tse liketekete tse hloekileng le tse khanyang ke bopaki ba ho fana ha Lipaki tsa Jehova ka lichelete ho etsa mehaho e joalo. Mokhatlo oa Watch Tower o nyakalletse, le oona, hore sehlopha sena se kopaneng se bile le hona, mabakeng a mangata, ho thusa ka litokisetso tsa kalimo tse entseng hore ho hahuoe mehaho e joalo.

Lilemong tsa morao tjena, mehaho e meng le eona e ’nile ea phethoa ke Lipaki tsa Jehova. E totobetseng har’a eona e bile ho hahuoa ha mehaho e mecha, kapa likatoloso mehahong e seng e ntse e le teng, libakeng tse ngata tseo ho tsona ho leng teng liofisi tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower lefatšeng lohle, mehaho ena e fapane hole le likereke le litempele tse imetsang tseo hangata li hahuoang ka ntle le ka hare ho Bojakane ka morero oa “boikhantšo” le bakeng sa ho hohela batho borapeling ba pontšeng. Ho fapana le moo, Lipaki tsa Jehova li haha li rerile tšebeliso, le ka maikutlo a ho tšehetsa mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa Jehova. Ka kakaretso, mehaho ena e kopanya fektri le mosebetsi oa ho rōmela lintho ntle le matlo a ho robala le libaka tsa ho jela bakeng sa lelapa le thabileng la basebetsi ba fanang ka tšebeletso ea pelo eohle ea boithaopo ho Jehova libakeng tsena. Nako le nako, Molula-Qhooa o ’nile oa tlaleha ka liboka tsa thabo tse tšoareloang ho neelana ka mehaho e joalo e mecha, thorisong ea Jehova.

Ho Hahela Nako E Tlang

Mosebetsi o mabapi le ’muso oa Molimo, oa ho bolela le ho etsa barutuoa, o tsoetse pele ka mokhoa o tsotehang lefatšeng lohle lilemong tse fetileng tse 60. Qalehong, ho hatisoa ha Libibele, libuka tsa Bibele le limakasine Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika ho ile ha qaloa fektring e mohaho o mekato e robeli e neng e hahiloe Brooklyn, New York, ka 1927, ’me ea ’na ea atolosoa lilemong tse latelang. Leha ho le joalo, tlhokahalo ea libuka tsena ea e-ba khōlō hoo, ’me lifektri tse ling li ileng tsa theoa, tse kang e Berne, Switzerland (1925), le Wiesbaden, Jeremane (1948). Ha ’na ha hlongoa tse ling ho tloha ka nako eo, kajeno ho teng likhatiso makaleng a fetang 39 a Mokhatlo oa Watch Tower lefatšeng lohle.

Lilemong tsa morao, haholo-holo, ho ile ha etsoa boiteko ho tsitsisa ho etsoa ha libuka le limakasine Brooklyn. Ka 1975, ho ile ha hahuoa fektri e khōlō ’me ea phethoa Wallkill, Naheng ea New York, ’me mona mechine e meholo e 15 ea khatiso ea “rotary” joale e hlokomela ho etsoa ha limakasine ka puo ea Senyesemane le limakasine tse ling bakeng sa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika le linaha tse ling tse ngata. Bibele le ho etsoa ha libuka ho sa ntsane ho itšetlehile haholo ka fektri e Brooklyn. Kajeno, baithaopi ba ka bang 1 830 le ba bang ba 650 Polasing ea Watchtower ba tšoere mosebetsi oa fektri, haesita le mosebetsi oa ho fana ka lijo, thepa ea ntlo le litšebeletso tse ling tse ngata bakeng sa bohle ba sebeletsang ka cheseho mehahong ena e ’meli ea ntlo-kholo.

Ho tsitsisoa hona ho boetse ho amme makala a mang a mangata a Mokhatlo oa Watch Tower. Ho hatisoa ha limakasine hona joale ho ntšetsoa pele, kapa ho etsoa litokisetso, bakeng sa libaka tse ngata hape lefatšeng lohle. Kahoo, haeba tlokotsi e tlang ea lefatše e ka koala mecha ea ho rōmela lintho ntle, phepelo ea “lijo” tsa bohlokoa tsa moea e tla be e ntse e le teng ho baena. Kahoo, ha ho ngoloa sena, makala a macha a ntse a phethoa Bogotá, Colombia, ho boloka basebetsi ba 60. Sebaka se seholo sa polasi, sa liekere tse 284 se sa tsoa rekoa Cesario Lange, S.P., Brazil, ’me ho se ho qalisitsoe ho haha lehae la Bethele le fektri moo e tlang ho boloka basebetsi ba 288.

Europe e ka leboea, libaka tsa lehae le fektri li tla atolosoa haholo Sweden ha, selemo ka 1980, mohaho o mocha o ka bolokang basebetsi ba Bethele ba 126 o phethoa haufi le Arboga. Mona, joaloka mesebetsing e meng ea morao tjena e mengata, mosebetsi ’ohle oa ho haha o etsoa ke lipaki tse ineetseng tsa Jehova e le karolo ea moneelo oa bona ho ntšetsoeng pele ha ‘litaba tse molemo.’ Arboga, ho ile ha rekoa hotele e kholo ’me ea nchafatsoa ho sebeletsa e le sebaka sa bolulo bakeng sa baithaopi ba bangata mosebetsing. Hamorao, hotele e nchafalitsoeng e tla rekisoa. Hape, ho rekisoa ha mehaho ea bohlokoa empa e seng e le menyenyane ea Bethele e Jacobsberg ho fanne ka karolo e khōlō ea chelete ea mehaho e mecha. ’Me boemo bo tla ba joalo bakeng sa mehaho e meng e ’maloa ea makala ea Watch Tower e fallang ho tloha metseng e meholo ho ea metsaneng kapa metseng e ka mathoko.

Ho Haha Ka Morero

Leha ho le joalo, lebaka ke lefe la hore makala a mangata hakaale a Watch Tower a tlohe metseng e meholo? Ak’u nke Denmark e le mohlala. Mona mosebetsi oa lekala oa khatiso o atolohile ho isa ntlheng eo ho eona matlo a basebetsi le ao ho sebeletsoang ho oona a tletseng hoo ho seng le sebakanyana feela. Hape, lerata le tsoang tseleng e khōlō e kenang mohahong ke leo joale le ke keng la mamelloa. Ka baka leo Mokhatlo o tseleng ea ho reka polasi e liekere li 12 haufi le Holbæk, sebaka se ka nkang metsotso e 45 ka koloi ho tloha Copenhagen. Mohaho oa Bethele e ncha ea Madenishe o tla qala haufi moo. Mehaho e mecha ea lehae le fektri lefatšeng ka bophara, ka karetso e hahuoa moo sebaka se leng seholo, e le hore ho ke ke ha hlola ho e-ba le mathata a ho atolosa lilemong tse tlang.

Ho haella ha sebaka bakeng sa katoloso, haesita le ho phahama ha lerata, bosiu le motšehare, litseleng tse khōlō tse fetang mohahong oa hona joale ka mahlakoreng ka bobeli, le hona hape ke a mang a mabaka a maholo a ho batlela lekala la Canada sebaka se seng sebakeng se tsoa fumanoa bocha sa polasi haufi le Halton Hills, Ontario. Baithaopi ba sebetsang moo hona joale ba tseleng ea ho haha mehaho ea marobalo le fektri e tlang ho boloka basebetsi ba 264. Sebaka se qotetsaneng ke lebaka hape, lekala la Afrika Boroa le rerang ho fallela mapolasing; hape, ho tla ba le sebaka se sengatanyana sa ho hlokomela khatiso ea bona ea lipuo tse ngata tsa limakasine ’me, qetellong, ho lumeloa hore, le libuka tse ling. Japane e sa tsoa rōmela Afrika Boroa mochine o moholo oa khatiso oa “rotary” o tla ba nolofaletsa ho etsa mosebetsi ona o atolohang.

Katoloso e khōlō e boetse e reretsoe makala a Japane le Jeremane. Hona joale Jeremane e se e sebetsa haholo ka mechine e lebelo haholo ea khatiso ea M. A. N., e fepela ka limakasine tse ngata le hoo e ka bang libuka tsohle tse khōlō bakeng sa linaha tsa Europe. Leha ho le joalo, hona joale e rōmelletse khatiso e khōlō ea “rotary” e etsang ka mebala e tla nolofatsa khatiso haholo le ho sebetsa ka mekhoa e mengata, e bile e hatisa le libuka tse kang buka e ntle ea bana My Book of Bible Stories. Lekala la Japane la Mokhatlo oa Watch Tower le sa tsoa reka sebaka se liekere li 12 Ebina, pakeng tsa mehaho ea lekala ea hona joale e Numazu le Tokyo. Ho se ho ntse ho bonahala sehlopha sa basebetsi ba ithaopileng ba 200 bakeng sa ho haha sebakeng seo, metheo e se e raliloe ’me mosebetsi oa lilemo tse peli oa ho haha fektri e kholo, hammoho le lehae la Bethele le tla boloka batho ba 360, o tsoela pele. Mohaho oa fektri le Bethele oa Numazu o se o le monyenyane, ’me hona joale mehaho e mecha e akarelletsa khatiso e kholo ea “rotary” e lokelang ho ipaka e le mohloli oa matla bakeng sa ho ntša libuka tsa ’Muso bakeng sa Bochabela.

Mokhatlo oa Watch Tower o na le likatoloso tse ling tse ngata tse ntseng li tsoela pele lefatšeng lohle. Australia e se e tsoetse pele haholo litokisetsong tsa Bethele e ncha le fektri setšeng sa eona se Ingleburn Kingdom Farm, sebaka se ka nkang leeto la hora ka koloi ho tloha Sydney. London, England, le eona e atolosa mehaho ea eona e metle. Hape ho ke keng ha hlokomolohua ke makala ’ohle a manyenyane, a mangata a oona a se na mesebetsi e meholo ea khatiso, a ntseng a atolosa kapa a batla libaka tse ncha tseo a ka sebeletsang ho tsona, ka maikutlo a ho fa Lipaki tsa ’Muso tšebeletso e molemo libakeng tsa oona.

Mehaho e mecha ea makala e nang le lisebelisoa tse ntle e sa tsoa phethoa Dublin, Ireland; Nairobi, Kenya; Athens, Greece; Rome, Italy, ’me mehaho ea makala kapa likatoloso li ntse li lokisetsoa kapa li tsoela pele Guam, Ivory Coast, Liberia, Zambia, Curaçao, Puerto Rico, Solomon Islands le libakeng tse ling. Tšepo e teng ea hore makala ana ’ohle a macha a tla tlatsetsa haholo ho atolosoeng ha lithahasello tsa ’Muso, pele ’me mohlomong le kamorao ho ‘mahlomola a maholo.’

Lentsoe La Teboho

Katoloso ee eohle ea ’Muso e fumane lichelete hokae? Haholo ka meneelo ea boithatelo ea batho ba bangata ba thahasellang, joaloka mehleng ea Davida koana. Hape, linaha ka bomong tse nang le mesebetsi ea ho haha ka linako tse ling li etsa litokisetso tsa kalimo, tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova tse linaheng tseo li entseng likalimo tsa nakoana e khutšoanyane, tse ileng tsa lefuoa ha mohaho o se o felile. Joalokaha makasine ena e se e ile ea bolela ka mokhoa o hlakileng ka makhetlo a mangata lilemong tsa eona tsa ho hatisoa tse 100, ha ho mohla Lipaki tsa Jehova li kileng tsa qela likoleke. Leha ho le joalo, ba thahasellang ho kenya letsoho ka lichelete ho atoloseng lithahasello tsa ’muso oa Jehova ka mehla ba lokolohile ho rōmella meneelo ea bona ea boithatelo ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower naheng ea habo bona. Afrika Boroa, meneelo e joalo e ka rōmeloa ho Watch Tower Society, Private Bag 2, Elandsfontein 1406. Boitsebiso bona bo fanoa e le hore motho mang le mang ba nang le hona, le ba susumetsoang ke moea oa Molimo hore ba kopanele mohatong o nkelang pele oa lefatše lohle oa mesebetsi ea ’Muso oa Jehova, ba ka tseba hore na ba ka etsa joalo joang. Meneelo e joalo e amoheloa ka teboho.

Ntlheng ena re batla hore “rea leboha” ho bohle ba ileng ba tlatsetsa ka mosa selemong se fetileng ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso. Tšepo e teng ea hore sehlooho sena e tla ba khothatso ho Iona, ho bontšeng litsela tse ling tseo ka tsona meneelo ea lōna e molemo e sebelisitsoeng ka tsona. Hape, re batla ho re “rea leboha” ka mokhoa o moholo ho bohle baena bao ba ineetseng le bo-khaitseli ba faneng ka mosa ka nako ea bona le mosebetsi o boima hore mehaho eo e neng e hahuoa e fele kapa e tsoele pele, e le hore lebitso la Jehova le ka rorisoa haholoanyane.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Mehaho e mecha ea makala e ntseng e hahuoa

GUAM

AUSTRALIA

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela