Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 12/1 maq. 7-11
  • Ho Phehella Thapelong ho na le Moputso oa Hona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phehella Thapelong ho na le Moputso oa Hona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA—“EA UTLOANG MERAPELO”
  • Moputso oa ho Phehella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Thapelo ‘Mehleng Ena ea Bofelo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lulang Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tšaba Jehova, Ea Utloang Thapelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 12/1 maq. 7-11

Ho Phehella Thapelong ho na le Moputso oa Hona

“Bao bohle ba ʼna ba tiisetsa ka pelo e le ʼngoe ho rapela.”—Lik. 1:14

1. Ho tiisetsa kapa ho phehella ntho ho bolela’ng?

“Ho TIISETSA” kapa “ho phehella” ntho ho bolela ho latela tsela eitseng ka mokhoa o iketlileng le ka mehla ho fihlela ho finyelletsoe pakane. Mantsoe ana a ketso a pheta mohopolo oa ho hlōla mathata le khanyetso pele ho finyelloa katleho.

2. Ke ka mabaka afe ho neng ho loketse hore barutuoa ba Jesu ba ‘tiisetse thapelong’?

2 Ka ho loketseng, Liketso 1:14, ha e bua ka sehlotšoana sa balateli ba ʼnete ba Jesu, e bolela hore, “Bao bohle ba ʼna ba tiisetsa ka pelo e le ʼngoe ho rapela.” Ba ne ba tseba hore Jesu o tsohile bafung ʼme ba ne ba sa tsoa bona ha a nyolohela leholimong, empa ho hongata ho ne ho le teng hoo ba neng ba sa ho utloisise. Moea o tšepisitsoeng o halalelang o nang le matla o ne o e-so ho theohele ho bona. (Lik. 1:8) Ba ne ba e-so ho utloisise hantle hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse hore Moeta-pele oa bona ea ratoang a khokhotheloe sefateng se tšabehang sa tlhokofatso. Banna ba neng ba ikarabella ka sena ba ne ba sa ntsane ba busa ʼme ho se pontšo ea letho ea phetoho boikutlong ba bona. Ba ne ba tiiselitse khanyetsong ea bona e sa ineeleng. Kahoo balateli ba Jesu, ba falimehetse seo ba se hlokang, ba tiisetsa ho rapela Eo ba lumelang ho eena.

3. (a) Lithapelo tsa bona li ile tsa arabeloa neng, ʼme hona ha ama seo ba se etelletsang pele joang? (b) Ke bopaki bofe bo boholo bo fanoeng mehleng eo ea pele?

3 Ho tloha mohla Pentekonta, lithapelo tsa bona tsa tumelo kannete li ile tsa arabeloa ho feta kamoo ba neng ba lebelletse kateng. Ba qala ho ananela mantsoe a qetelo a Jesu ho bona pele a nyoloha. Ho e-na le hore ba etelletse pele letsatsi, joalokaha ho kenyellelitsoe potsong ea bona “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ʼmuso oa Iseraele na?” tlhokomelo ea bona joale ba e lebisa kabelong ea bona ea ho ba “lipaki tsa [Jesu] Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:6-8) Ke bopaki bo sebete le bo phethehileng hakaakang bo ileng ba fanoa ke Petrose mohla letsatsi leo la Pentekonta, ho kopanyelletsa le polelo ea hae e reng, “Molimo o . . . tsositse [Jesu enoa] bafung ʼme rōna, re lipaki tsa taba eo.”—Lik. 2:32; bona hape Lik. 2:40; 3:15; 4:33; 5:32.

4. Balateli ba Jesu kajeno ba bona bohlokoa ba ho tiisetsa thapelong joang?

4 Ka ho tšoanang le kajeno, balateli ba ʼnete ba Jesu ho hlokahala hore ba tiisetse lithapelong tsa bona “ho eena ea ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rōna, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.” (Ba-Ef. 3:20) Le hoja ba le leseling le leholo mabapi le morero oa Jehova le ho sebetsahala ha oona, ho sa le teng ho hongata hoo ba sa ho tsebeng ka mokhoa o qaqileng, ka nako e tobileng hantle ea liketsahalo tseo e leng hona li tlang le hore na mangolo a mangata a tla phethahatsoa joang a amanang le bofelo bo feletseng ba tsamaiso ea lintho ea Satane. Tsena li akarelletsa litšupiso tsa boprofeta ho batho ba Jehova, bo kang bo fumanoang ho Esaia 26:20, e reng: “E-ea sechaba sa ka, . . . U ipate ho se hokae, ho fihlela khalefo e feta.”

5. (a) Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tse hlokoang ho Lipaki tsa Jehova? (b) Molaetsa oa ʼmuso oa Molimo o hlahisitse litholoana life lefatšeng, ʼme hona ho hlile ha boleloa joang?

5 Ha bohlokoa bo potlakileng haholo, bahlanka ba Jehova ba hlokomela hore ho teng mosebetsi o moholo o lokelang ho etsoa le boemo bo lokelang ho bolokoa, joalokaha ho bonoa ka lebitso la bona le fanoeng ke Molimo, Lipaki tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Mosebetsi ona le boemo ba tsona li hloka tiisetso le ho phehella. Molaetsa oa ʼmuso oa Molimo o bolela ka timetso ea lichaba le mebuso ea lefatše. (Jer. 25:15-30) ʼMuso oa Molimo o tla “robaka o felise mebuso eo kaofela.” Molaetsa oo ha o ratehe ho babusi ba kajeno ba bontšang moea oa bochaba. Khanyetso ena e menahantsoeng e ntse e bonahala ka ho eketsehang. Ba ‘phuthehetse le ho bokanela ho tsohela Jehova le motlotsuoa oa Jehova [Jesu Kreste, morena ea beiloeng teroneng] matla.’—Pes. 2:2-6; Dan. 2:44.

6. (a) Ke litšoaneleho life tse hlokoang kajeno? (b) Boemo bo bong le bo bong bo lokela ho talingoa joang, ʼme seo re se hlokang se khotsofalitsoe joang ntlheng ee?

6 Hore bahlanka ba Molimo ba kajeno ba bue joaloka baapostola ba lekholong la pele la lilemo: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho,” ho hloka sebete se sengata. (Lik. 5:29) Sebete se joalo ha sea itšetleha ka matla oa e leng a rōna le sebopeho, tseo e leng ba seng ba kae ho rōna ba ka ithorisang ka tsona. Ho sebelisoa ha litšoaneleho tsena ho hloka kutloisiso e hlakileng le temoho ea morero oa Molimo, hape le ea melao e lokileng le metheo e beiloeng ka Lentsoeng la Molimo. Har’a batho, ha ho mohla ho kileng ha ineelloa hakana boithating, pefong, tšilafalong le litšileng tsa mefuta eohle. (2 Tim. 3:1-5) Ho teng likhatello tse ngata le tse sa tšoaneng tseo ho loanoang le tsona ‘mehleng ena ea qetello.’ Hona ho bolela hore re tlameha ho ithuta hore na re ka shebana le boemo bo bong le bo bong joang le bothata ka pono ea Molimo. Ke feela ka ho talima ho eena re ka fumanang leseli la ʼnete ka Lentsoe la hae le ka thuso ea moea oa hae le tsamaiso. (Pes. 36:9) Kahoo, bohlokoa ba ho tiisetsa thapelong le bohlokoa ba ho haha tumelo ea ʼnete le e matla, tumelo e hlōlang. A tseba seo re se hlokang, Jehova, Lentsoeng la hae, ka mosa o re file khothatso, keletso le temoso e ngata e nakong litabeng tsena tsa bohlokoa. Pele, ke potso ea hore na ke mang ea ka rapelang le hore na ke tlas’a litumellano life kapa maemo, haeba li le teng.

JEHOVA—“EA UTLOANG MERAPELO”

7. (a) “Ea utloang merapelo” ke mang, ʼme Davida o ne a atisa ho hloka joang ho see? (b) Ke tataiso efe e ntle e lokiselitsoeng ba ikutloang ba sa tšoanelehe? (Pes. 103:8-14)

7 Jehova o ile a susumetsa mohlanka oa hae Davida hore a ngole, a re: “Uena ea utloang merapelo, batho bohle ba tla tla ho uena.” (Pes. 65:2) Davida ka boeena o ne a utloa hangata hore hoa hlokahala hore a tiisetse thapelong, joalokaha ho bontšoa lipesalemeng tse ngata tseo a ileng a li ngola. Ka linako tse ling e ne e le ntho e hlokahalang ka potlako ka baka la khatello e sa teleng e tsoang ho lira tsa hae, joalokaha ho bontšoa ho Pesaleme ea 70:1-5. Ka linako tse ling ho ne ho hlokahala ka baka la bofokoli ba hae le liphoso, tseo tse ling tsa tsona e neng e le tse tebileng. Haeba uena ka bouena u ka ikutloa u sa tšoanelehe ho atamela Molimo ka thapelo ka lebaka lena u nahana hore a ke ke a u mamela, re khothalletsa hore u bale u be u balisise Pesaleme ea 51:1-12. Mantsoe ao a tlalehiloeng temaneng ea 9 ho ea ho ea 11 a ka ba ʼna a bōpa motheo oa thapelo eo e leng ea hao.

“U furalle libe tsa ka, u hlakole makhopo a ka kaofela! Oho Molimo, u bōpe ka hare ho ʼna pelo e hloekileng, u boele u lokise ka hare ho na moea o tiileng! U se ke ua ntelekisa pel’a sefahleho sa hao, u se ke ua nkamoha moea oa hao o halalelang.”

8. Ha ho atameloa Jehova, ke mang ea khethang, hona tlas’a maemo afe?

8 Na polelo e mabapi le ho tla ha “batho bohle” ho “ea utloang merapelo” ho bolela hore mang le mang o lokolohile hore a etse see ka nako efe le efe eo a e khethang? Che. Ho sebetsa ka tsela e fapaneng le eo. Joalokaha ho boletsoe hamorao hona pesalemeng ena, ho thoe: “Ho lehlohonolo eo u mo khethileng [Jehova], eo u mo atametsang pel’a hao, a tle a ikahele mabaleng a hao.” (Pes. 65:4) Le hoja memo e bulehetse bohle, o lokela ho atameloa ka tieo eohle. Le hoja qalehong tumelo ea hao e ke ke ea e-ba matla, e tlameha e be ea ʼnete. “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang . . . ka ʼnete.”—Pes. 145:18.

9. Ke hobane’ng ha ka mehla lithapelo tsa rōna ho Jehova li lokela ho ba ka lebitso la Jesu?

9 Ho phaella moo, lithapelo tsa rōna ho Jehova li tlameha ho etsoa ka lebitso la Kreste Jesu ka mehla, oona mocha feela o khethiloeng ke Molimo. (Joh. 14:13, 14) Ka teboho re hlokomela mosebetsi oa ho lopolla oa Kreste lebitsong la batho bohle, le hore hona joale o sebeletsa e le moprista e moholo oa Molimo, eo ka eena re ka ‘atamelang ka tšepo terone ea mohau, ʼme re fumane lereko, re tle re thusoe nakong e loketseng.’—1 Tim. 2:4-6; Ba-Heb. 2:9; 4:14-16.

10. Pesaleme ea 15 e fana ka tataiso e thusang ho ea pele joang mabapi le see?

10 Bakeng sa boitsebiso bo tsoetseng pele ka hore na ke motho oa mofuta ofe ea khethoang ke Molimo, re khothalletsa hore u bale ho Pesaleme ea 15, karabelo e bululetsoeng potsong eo: “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao? E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang?” Melao-theo e thathamisitsoeng moo re tlameha ho e amohela e le e lokileng, ʼme re tlameha ho e haba, le hoja ka linako tse ling re ka ʼna ra haelloa hore re hle re e phethahatse.

11. (a) Mangolo a Halalelang a hlile a ngolloa bo-mang haholo-holo? (b) Ke khothatso efe e ka fumanoang thapelong ea Salomone e ho 1 Marena 8:41-43?

11 Mohlomong u re, ʼme u bua joalo ka nepo, hore Mangolo a Halalelang, ho akarelletsa le a seng a boletsoe, a likoloha ho batho ba Molimo ʼme a sebetsa ho bona, haholo phutheho ea Bokreste e theang Iseraele oa moea, “Iseraele oa Molimo.” (Ba-Roma 15:4; 1 Ba-Kor. 10:11; Ba-Gal. 6:16) Ha ho bapisoa le se joalo, mohlomong u inahana u le osele kapa eo ka ntle, kamoo re ka bolelang kateng, ka baka la tsela eo u neng u phela ka eona nakong e fetileng le ka baka la ho haelloa ho hang ke thahasello bolumeling. Ba bangata ba hona boemong boo kajeno. Leha ho le joalo, u se ke ua tela kapele. Hopola hore har’a likopo tse ngata tseo Salomone a ileng a li etsa ho Jehova ha ho khakoloa tempele, o ile a rapella “Molichaba, eo e seng oa sechaba sa hao sa Iseraele, ea tsoang lefatšeng le hole ka baka la lebitso la hao.” A rapella hore ‘ʼme [Jehova] u etse ka tsohle tsee motho eo oa molichaba a tla li kōpa ho uena, hore lichaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe lebitso la hao, li u tšabe, joale ka sechaba sa hao sa Iseraele.’—1 Mar. 8:41-43.

12, 13. (a) Esaia o ile a bululeloa joang ho ngola ka “balichaba”? (b) Lipolelo tsee li ka boleloa molemong oa bo-mang hona ka tsela efe?

12 Pono e tebisisang e kholoanyane le khothatso bakeng sa “balichaba” bana e fanoa ho Esaia 56:6-8:

“Ha e le bana ba balichaba ba khomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tšabang ho e silafatsa, ʼme ba tiisetsa selekaneng sa ka, ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ea ka ea thapelo, licheso tsa bona le mahlabelo a bona li tla amoheloa hantle aletareng ea ka, hobane ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo ho lichaba kaofela.”

13 A tlhaloso e memang! “Balichaba” bana ba ne ba sa thaothoe empa ka thabo ba ikopanya ka bobona le Jehova ka baka la ho rata lebitso la hae le sohle seo le se emelang. Bophelo bohle ba bona (e seng tsatsi le le leng feela ho a supileng) le fetoha la ‘ho boloka sabbatha,’ le neetsoeng ho Jehova; ka mokhoa oo ba kena phomolong ea Hae, joalokaha Pauluse a hlalosa ho Ba-Heberu 4:1-10. Moapostola Pauluse hape o bontša kamoo ‘mahlabelo a licheso le mahlabelo’ li nang le tšebeliso e sebetsang bakeng sa Bakreste ba ineetseng, ha a ngola, a re:

“A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heb. 13:15, 16.

14. ‘Ntlo ea thapelo’ e ne e le efe mehleng ea Esaia, ʼme e ne e tšoantšetsa eng?

14 Mehleng ea Esaia, ‘ntlo ea Jehova ea thapelo,’ koana, e ne e le tempele e hahiloeng ke Salomone. Tempele ena e ne e le setšoantšo sa tempele e khōlō ea moea ea Molimo. Moo Molimo o leng teng ka booona ke holimo koana Sehalalelisisong sa tempele ea moea. Ka Sehalalelong sa tempele ena balateli ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu Kreste ba sa ntsaneng ba le lefatšeng ba iphumana ba le hona teng. Hape ba tšoantšoa ba le ka mabaleng a lefatšeng a boloketsoeng baprista tempeleng ena ea moea.

15. (a) “Bongata bo boholo” bo tšoantšetsoa joang ho Tšenolo 7:9-17? (b) Hona ho sebetsa joang ho Lipaki tsa Jehova kajeno?

15 Ho lumellanang hantle le sena, le kamor’a hore re bale Tšenolo 7:1-8 ka phutheho ea Bokreste hore e etsa Iseraele oa moea, kakaretso ea eona e le 144 000, kamor’a moo re bala ka “bongata bo boholo” boo le bona bo thabelang mohau oa Molimo; ʼme e le bopaki ba boineelo ba bona ho eena ba “o sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea oona.” (Tšen. 7:15) Pono e ntle ena e bontša “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle e le bo sebeletsang Jehova tempeleng ea hae, ke hore, mabaleng a lefatšeng a boloketsoeng bao e seng Baiseraele ba moea, joalokaha ho ne ho le joalo ka ‘lebaleng la Balichaba.’ Kajeno, bongata bo boholo ba Lipaki tsa Jehova bo ikhetholla e le ba “bongata bo boholo,” ka tšepo ea bophelo bo sa feleng ʼmusong oa Molimo lefatšeng la paradeise. Jesu o buile ka bana ba morao e le ‘linku tse ling tsa hae, tseo e seng tsa lesaka lena.’ Joalokaha Jesu a tsoela pele, linku tsohle tsa hae tsa ʼnete kajeno li fetoha ‘mohlape o . . . mong tlas’a molisa a le mong.’—Luka 12:32; Joh. 10:16.a

16. Ke litebello life tse putsang tse beiloeng ka pel’a ba batlang Jehova ba tiile?

16 Ua amoheloa hore u ka kopanela le sehlopha sena se momahaneng sa barapeli ba ʼnete ba Jehova. U tla fumana ena e le phihlelo e thabisang ka ho fetisisa. E tla ipakahatsa e le thuso e sebetsang ho uena le khothatso e khōlō ho hōliseng ha hao ho tiisetsa thapelong ka tumelo ea ʼnete. Hona ho bea litholoana, hobane Jehova “ke . . . moputsi oa ba [mo] batlang.” (Ba-Heb. 11:6) Taba ena ea ho tiisetsa thapelong, e tlamahaneng le tumelo, e phahamisoa ka tsela e khahlisang haholo Evangeling ea Luka.

17. Phihlelo ea Jakobo le lengeloi e fana ka mohlala o motle oa ho tiisetsa joang?

17 Ntlheng ena re lakatsa ho u hopotsa ka mohlala o fetisisang oa tiisetso le kamoo o ileng oa putsoa haholo kateng. Re bua ka nako eo ka eona Jakobo a ileng a iphumana a betane le lengeloi le neng le iphetoletse nameng bosiu bohle. Le hoja komiki ea noka ea hae lengeloi le ile la e ntša malulong, Jakobo ha a ka a le lumella hore le tsamaee ho fihlela, kamoo a boletseng: “U e-so ho ntlhohonolofatse.” Lengeloi joale la bua ho hong ho neng ho tla ba le molemo o sa feleng, le re: “Lebitso la hao ha ho sa tla thoe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele, (ea betaneng le Molimo) , hobane u loanne le Molimo le batho, ʼme u hlōtse.” Eaba qetellong le hlohonolofatsa Jakobo. Jakobo ka sebele o ile a fetela ka nqane ho ho phehella tseleng eitseng ka mokhoa o iketlileng le o mamelletseng. O hlile a loana ʼme a mamella teng leha a se a holofetse ho fihlela a fumana seo a neng a se batla. O ile a hlohonolofatsoa ka ho hlollang, joalokaha a itse: “Ke talimane lifahleho le Molimo, ʼme bophelo ba ka bo bolokehile.” Ke mohlala o motle hakaakang oa ho tiisetsa thapelong!—Gen. 32:24-30.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “The Gathering of All Nations to One Temple to Worship,” ho tokollo ea la 1 December, 1972, ea The Watchtower; hape Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!, leq. 80, lira. 14, 15.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela