Na u Tšepile Molimo . . . Kapa Motho?
NTLE ho pelaelo litaba tse nyarosang ka ho fetisisa tse bileng ka sehloohong likoranteng ka 1978 e bile koluoa e sisimosang e bileng Jonestown, Guyana. E ile ea tšoantšoa le bachesehi ba Bajode ba 960 Masada ba ileng ba ikhethela ho shoa ho e-na le ho ineela le hore ba ka ea bokhobeng ba Baroma; hape, le batho ba Japane ba 1 000 ba ileng ba itihela selomong Saipan ha mabotho a Maamerika a nka sehleke-hleke. Koluoa ea Guyana e ile ea bontšoa tsatsi le leng le le leng likoranteng lefatšeng ka bophara. Pele, lenane la ba shoeleng e bile 400, joale, 500, joale la phahama ho fihlela ho 780 ʼme ka lekhetlo le latelang ha boleloa hore: “LENANE LA GUYANA LE PHAHAMISETSOA HO 900 BONYANE KE U.S., KA BANA BA 260 HAR’A BA SHOELENG KOLONING.” (New York Times, November 26, 1978) Qetellong, lenane la phahamela ho 913.
Koluoa ena ka ho toba e amana le potso “Na u tšepile Molimo kapa motho?” Mohlomong u ka ʼna ua ikarabella ka hore: ‘Ho bohlale ho tšepa Molimo ho e-na le motho.’ ʼMe ho hlile ho joalo hobane Bibele e lemosa hore: “U se ke ua tšepa baeta-pele ba batho; ha ho motho ea ka u pholosang.” (Pes. 146:3, Today’s English Version) Molimo o ka u pholosa, hobane, “lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ʼme o lula phahameng.” (Liprov. 18:10) Leha ho le joalo, ho tšepa Molimo ha ho felle ka polelo ea molomo feela. Ho hloka liketso, kaha “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” Ea tšepang Molimo o tla phela ka metheo ea Bibele, a rata se ratoang ke Molimo ʼme a hloile se hloiloeng ke Molimo.—Jak. 2:26; Ba-Heb. 1:9.
Tumellanong le keletso ea mopesaleme ea ho se tšepe baeta-pele ba batho ke mantsoe a Jesu, a reng: “Le se ke la bitsa motho leha a le mong lefatšeng mona ‘Ntate,’ hobane le na le Ntate a le mong feela leholimong. Leha e le hore le ka bitsoa ‘Moeta-pele,’ hobane eo e leng moetapele oa Iona o mong feela e leng Messia.”—Matt. 23:9, 10. TEV.
Leha ho le joalo, ho theosa le lilemo tse makholo a 19 esale Jesu a ne a bue mantsoe ao ka lekhetlo la pele, batho ba ipolelang hore ke balateli ba hae ba ʼnile ba etsa joalo. Hase feela hore ba reile batho ba bangata “ntate” kapa “moeta-pele,” empa hape ba fetohile balateli ba banna ba rapeloang, ba kang Constantine e Moholo, Charlemagne, Napoleon, le Hitler. Ba baloang ka likete, e, likete-tsa-likete, ba tšepile motho, ba bile ba utloisisa ho mo latela le ho isa lefung. Mabapi le tšusumetso eo Hitler a bileng le eona, ea neng a phela Jeremane ka nako eo o sa tsoa ngola hore: “Le hoja ho fela ha ntoa ho ne ho se ho bonahala, Majeremane a mangata a hana ho lumela hore Hitler a ka a soetsa ʼme a lumela lipallo tsa hae tsa lihlomo tse phahameng ka ho fetisisa (wunderwaffen), tse neng li tla tlisa tlhōlo qetellong. Ba ileng ba tšepa batho ba joalo ba oeloa ke masoabi, ʼme hangata le ke Iona lefu. Ba sitoa ho tšepa Molimo.
Ke eng se ikarabellang ka hore batho ba bang ba hape maikutlo a ba bang hakana? Ke seo kajeno se bitsoang hore ke “charisma,” ʼme se hlalosoa e le “malepa a boeta-pele a tsosang botšepehi bo khethehileng ba ho rata kapa ho chesehela moeta-pele oa lipolotiki kapa molaoli oa sesole.” Mohlala o phahameng oa sena o ile oa etsoa ke Napoleon. Hoba a balehe sehleke-hlekeng sa Elba ka sehlopha sa banna ba bahlabani ba ka bang 1 000, ka taelo e khutšoanyane feela a be a e-na le likete tse ling hape lebothong la hae. Eare ha ba fihla Grenoble ʼme lebotho la hae le thulana le lebotho la ba 6 000, Napoleon a laela lebotho la hae hore le eme ha eena a fetela pele ka pere ho ea ho lebotho le loanang le eena. ʼMe ha a le haufi a theoha pere ea hae ʼme a tsamaea ho ea tobana le banna ba bangata. Molaoli oa bona a laela hore ba thunye. Banna ba phahamisa lithunya tsa bona, empa ka baka la ho tšaba moeta-pele ea ka pel’a bona ha ho lea mong ea kileng a thunya kulo e ka beng e ile ea thibela Napoleon ho khutlela pusong France. Ke hantle ha ka lekhetlo le leng Napoleon a kile a re: “Matla a sa tloaelehang a tšusumetso ea ho laola banna a neiloe Alexander, Charlemagne le ‘ha. Empa ho rōna ho ne ho hlokahala hore re be teng.” Eaba joale o bapisa matla a bona le a Jesu Kreste ea susumelletsang matla le hoja a se teng.
KOLUOA EA JONESTOWN
Monna ea bileng litabeng haholo ho elella mafelong a 1978 ea neng a e-na le ho hapa batho ho joalo e ne e le James Warren Jones. Moprista ea neng a tsoile mosebetsing oa Roma e K’hatholike ea kileng a sebetsa le Jones Mokhatlong oa Litokelo tsa Botho oa San Francisco o itse: “O ne a e-na le matla a makatsang holim’a batho, ʼme matla a mofuta oo a atisa ho mathela hloohong.” Batho ba likete ba ne ba mo bokanela ha a bolela “People’s Temple” San Francisco ʼme ba baloang ka makholo ba mo latela motsaneng oo a neng ao theile Guyana oo a ileng a o bitsa “Jonestown.” Hase feela hore ba ile ba mo latela ho ea sebakeng seo empa qetellong ba bangata ba ipolaea ka taelo ea hae. Ka khothalletso ea balebeli ba hae ba hlometseng, eaba le eena o-oa ipolaea kamor’a ho etsa hore ba bang ba ka bang 909 ba etse joalo. Ke koluoa e ileng ea nyarosa lefatše.
Ke mohlala o sisimosang, le o tšabehang hakaakang oa se ka etsahalang ha batho, ho e-na le hore ba tšepe Molimo le ho latela Moeta-pele eo o mo khethileng Jesu Kreste, ba tšepa baeta-pele ba batho, mothetsi ea sa laolehang oa motho. Lipapiso tse latelang li bontša booatla ba ho etsa joalo hakaakang!
Jesu Kreste le molaetsa oa hae o ne o likoloha bophelong: “Ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa,” e, “bophelo bo sa feleng.” (Joh. 10:10; 3:16) “Reverend” Jones, leha ho le joalo, o ne a likoloha lefung. O “ne a theile tumellano ea ho ipolaea le setho se seng le se seng sa sehlopha sa hae,” kamoo re bolelloang. Hape, o ne a hoa “bokhabane ba lefu, botle ba ho shoa.” Ha e le hantle, nako le nako o ne a etsa pontšo eo ho eona balateli ba hae ba neng ba bontša ho tšepahala ha bona ka ho noa kabelo e tšetsoeng chefu, le hoja lipontšong ho ne ho se joalo. Leha ho le joalo, bakeng sa nako ea koluoa, ho bile joalo.
Hape re bala hore Jesu o ne a rata bana. Eare ha barutuoa ba hae ba ikutloa hore Jesu a ke ke a tšoenngoa ka bana, eena a nahana kahosele, hobane re bala hore Mora oa Molimo o ile a re, “Lesang bana ba tle ho ʼna, ʼme le se ke la ba thibela.” Eaba Jesu “ha a ba sikile, a ba bea matsoho holimo, a ba hlohonolofatsa.” (Mar. 10:13-16) Ka lehlakoreng le leng, Jones o ne a otla bana ka ho ba kenya ka kamoreng e lefifi ʼme a etsa hore ba tlamelloe lintho tsa motlakase tse neng li ba etsa hore ba tsitsipanngoe ke motlakase. Kapa a etse hore ba theoleloe ka sekoting sa metsi ʼme hoo a ho etsa khafetsa, haeba ba sa bokolle haholo ka mokhoa o lekaneng. Koluoeng ea qetelo bana ka bang 200 ba qobelloa ho noa metsi a chefu, kapa a theoleloa ’metsong ea bona ka ho entoa.
Jesu o ne a bolela khotso le ho se etse lintho ka mabifi, a lemosa hore “bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Matt. 26:52) Leha ho le joalo, “Reverend” Jones o ne a e-na le batšehetsi ba neng ba sa sebelise mabifi feela empa ba bileng ba bolaea leparamente la Linaha tse Kopaneng tsa Amerika le banna ba bararo ba likoranta bao a neng a tšohile hore ba tla khutla le litlaleho tse kotsi ka motse oa hae. Ho feta moo, ha a memela batho bohle ba hae ho ipolaea, o ne a e-na le batšehetsi ba hlometseng ba neng ba tšosa ba neng ba le monyebe ho noa chefu.
Jesu Kreste o ne a lokolla le ho phomotsa ba imetsoeng. Ke hantle a neng a ka re: “Tlong ho ʼna, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ʼme ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ʼme le ithute ho ʼna; hobane ke mosa le pelo e nolo, ʼme le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” (Matt. 11:28-30) Hape, “ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ʼnete. Le tla tseba ʼnete, ʼme ʼnete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Guyana, Jones o ne a entse Jonestown ea hae kampo ea mahloriso, a tšoere batho bohle ba hae e le batlamuoa ka ho ba amoha libukana tsa bona tsa ho eta. A ba etsa hore ba sebetse joaloka makhoba ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea letsatsing le chesang. Lijo tsa bona tsa fokotseha hoo li ileng tsa qetella ka hore ba fumane reisi le moro feela hararo ka letsatsi. “Hona ke lihele,” kamoo ho ileng ha tsota e mong oa sehlopha ea neng a batla ho baleha.
Ka Jesu, rea bolelloa: “Leha a na a enne, o na a iketse mofumanehi ka baka la Iona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.” (2 Ba-Kor. 8:9) Empa Jones o ne a lapetse chelete hoo a neng a qela, a qekisa a bile a qobella balateli ba hae hore ba neelane ka leruo la bona, haesita le licheke tsa bona tsa tšireletso, hoo e leng hore o shoele a e-na le chelete e ka etsang lidolara tse limillione tse 10 ho isa ho 15.
Kreste Jesu mora ea phethahetseng oa Molimo o ne a se na sebe. Ke hantle a neng a ka botsa bahanyetsi ba hae: “Ke mang ho lōna ea tla nkholisa hore ke na le sebe?” (Joh. 8:46) O ne a ‘se na molato, a se na letheba.’ (Ba-Heb. 7:26) ‘Ha a ka a etsa sebe.’ (1 Pet. 2:22) Ho ka ba thata ho nahana ka phapang e khōloanyane ho Jesu ho moruti enoa Jones. Ho latela litlaleho, Jones ‘o ne a laela hore mosali e mong le e mong ea haufi le eena a be le likamano tsa botona le botšehali le eena khafetsa,’ ʼme o ne a e-na le serethe hammoho le mosali. A sa khotsofala ke hoo ho boleloa hore hape o ne a “ratana” le banna ba bang ba bangata.
Jesu Kreste o ne a amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo, a e qotsa e le matla a hae ʼme a re ka eona: “Lentsoe la hao ke ʼnete.” (Matt. 19:4-6; Joh. 17:17) Jones, a le thoko haholo le hore a ka amohela Bibele, o ne a sebelisa lipolelo tsa hae ho loantša Bibele. Ka lekhetlo le leng o bile a lahlela Bibele fatše, a belaela hore: “Batho ba bangata haholo ba shebile sena ho fapana le ʼna.”
Ho ka ʼna ha etsoa lipapiso tse ngata pakeng tsa Moeta-pele ea neng a rōmetsoe ke Molimo le motho Jones, messia oa motho oa maiketsetso, empa e le ʼngoe feela hape e ka lekana. Ha ho lekhetlo le le leng leo ka Iona Jesu Kreste a ileng a ipitsa “Alfa le Omega,” Molimo ʼMōpi oa bokahohle. Boipolelo ba hae feela e ne e le hore “ke Mora oa Molimo.” (Joh. 10:36; Tšen. 1:8) Jones eena? Kamoo e mong oa metsoalle ea hae a ileng a ho bolela kateng: “Jim a khaotsa ho ipitsa Jesu ea nameng ʼme a qala ho ipitsa Molimo. A bolela hore ke eena Molimo o entseng maholimo le lefatše.” Hape, motseng oa hae oa Guyana o ne a sa phetse ho hoa, a re: “Ke ʼna Alfa le Omega!”
PONTŠO E SISIMOSANG
Ha ho potso ka hore koluoa ea Jonestown e ne e le taba ea sefofu se hulang lifofu ʼme li oela ka bobeli ka sekoting. (Matt. 15:14) Ketsahalo ena eohle e hatisa bohlale ba taelo ea Jesu ea ho se phahamise batho. Nile ho pelaelo ba bangata ho ba ileng ba latela Jones e ne e kile ea e-ba litho tsa mekhatlo e sa tšoaneng ea Bojakane. Empa ba ile ba thetsoa ke messia enoa oa maiketsetso ea neng a e-na le pono ea paradeise ea kopanelo ea thepa. Ke hantle ha ketsahalo ena e sisimosang e hlalositsoe e le “pontšo e sisimosang ea tsela eo ka eona moeta-pele ea ikhakanyang eka o na le matla ʼme a hapa likelello tsa batho a ka sekamisang likelello tsa balateli ba hae ka mokhoa oa bodiabolose ka ho ipolela eka o iteletse lithahasello tsa bona le ka bohatelli bo koalang kelello.”
Empa le teng motho o makatsoa ke batho ba bonolo ba ileng ba nkoa ke Jones. Ho boleloa hore karolo ea 80 lekholong ea bona e ne e le ba batšo, boholo e le ba maemong a bofutsana. Ba bang, ba basoeu hammoho le ba batšo, ba ileng ba susumetsoa ke ho thetsoa, ba kene hobane a ne a hatisa ho lekana ha merabe le ka baka la mesebetsi e sa tšoaneng ea botho eo a neng a etsa qalehong. Empa leha ho le joalo motho o ipotsa ka boineelo ba bona metheong e nepahetseng. Ka ho mamella le ho sebelisana le lintho tsohle tse litšila tseo Jones ka boeena a neng a li etsa le ho etsa hore li etsoe, ruri ba bontšitse hore ha baa tšepa Molimo, leha e le hore ba ne ba amehile ka ho la tela Jesu Kreste.
Ba ne ba ka ineela ka bofofu joalo joang le ho tšepahala ho monna ea neng a “tsoka matla a hae holim’a batho le ho ba qobella hore ba khotsofatse mollo o tukang ka ho eena bakeng sa seo a se hlokang licheleteng, boithating le ho khotsofatsa takatso ea hae ea likamano tsa botona le botšehali”?
Ka ho hlakileng, ha ho lea mong ea tšepileng Molimo oa Bibele ea neng a ka nkoa ke monna ea khopo bo feteletseng joalo eo ka boithati, bophoofolo, a neng a sebelisa matla a hae hampe ho susumetsa ba bang, eo ka sehloho hakana, ka bobe bo feteletseng le ka ho hloka mohau a ekileng ba bonolo ba neng ba mo tšepile. Bakreste ba ʼnete ba sirelelitsoe liphellong tse bohloko ba ho tšepa motho feela tjee. Lentsoe la Molimo, Bibele, ha le ba supise bolumeli ba ʼnete feela, empa ka ho hlakileng le khetholla mefuta ea bolumeli e lokelang ho qojoa, lihlopha tseo hangata li theiloeng ho phahamisoeng ha moetapele ea itseng oa motho kapa sehlopha se entsoeng ke motho.
Moapostola Pauluse o ile a supa batho ba theohileng ba nang le matšoao a “Reverend” Jones ha a ngola hore: “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ʼmuso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ʼmuso oa Molimo.” (1 Ba-Kor. 6:9, 10) Tlaleho e bontša hore “moeta-pele” oa Jonestown o ne a le tse ngata tsa lintho tsena. ʼMe batho ba bangata ba thetsoa.
Tabeng ea moeta-pele enoa oa maiketsetso oa bolumeli—le ba bang baetsi ba lihlopha ba tšoanang le eena—“mesebetsi ea nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa; ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi, ke hloeano, le likomang, ke mōna, le bohale, le likhang, le liphapang, le likhaohano; ke mohono, le lipolao, le botahoa, le meharo, le lintho tse joalo.” Kamoo ho ngolang moapostola Pauluse e le “temoso” mabapi le Bakreste ’mōtoana, ba hlahileng ka bongata lilemong tsa morao tjena, ʼme o phaella ka hore: “Ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ʼmuso oa Molimo.” Ka lehlakoreng le leng, kamoo ho bolelang Pauluse, ba tla fela ba rue ʼMuso le mahlohonolo a oona ke ba hlaolelang ‘Tholoana ea moea lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo le boitšoaro.’—Ba-Gal. 5:19-23.
Tholoana ena e ke ke ea fumanoa boikutlong bo se nang kelello ba kampo leha e le efe ea sehlopha se rapelang motho. Ho e-na le hoo, e fumanoa har’a ba reng “ho Jehova: U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke tšepang.”—Pes. 91:2.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
ho tšepa motho ho isa kotsing
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho tšepa Molimo ho isa bophelong bo sa feleng