Lipesaleme
Tsietsi e Boima e Bakoang ke Maleme a Etselletsang
PUO e molemo e ka haha le ho khothatsa. Maele a bululetsoeng aa bolela: “Puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.” (Liprov. 16:24) Mahe a linotši a latsoeha hamonate ’me a khatholla kapele ho motho ea lapileng. Lipolelo tse monate le tsona li ka khatholla litho tsa ’mele ka oona mokhoa oo, hobane li ka bea motho boemong bo thabileng ba kelello. Ha motho a le sehlahlo, a le moeeng oa thabo, hangata o ema a otlolohile ’me ha a tsamaea o bontša bophelo.
Leha ho le joalo, ha batho ka bomong ba fetoha ba etselletsoang, hona ho ka fetoha ho fellang ka tsietsi e boima ho bona. Ena e bile phihlelo ea mopesaleme. O ile a rapella hore a lokolloe hore a ka timetsoa ke maleme a jalang ketselletso a neng a mo buela. Ho Pesaleme ea 120:1, 2, rea bala: “Matsoalong a ka ke phahamisetsa mehoo ea ka ho Jehova, ’me oa nkaraba. Jehova, u lopolle moea oa ka melomong e etsang leshano, le lelemeng le thetsang.”
Mantsoe a leshano a tsoang ho moetselletsi a ne a tšoana le metsu e phosoang ke seqha sa mohlabani. Joaloka mashala a hlenneng, mantsoe ana a leshano a rotetsa mollo oa likhaohano le qhoebeshano. Empa na puo e kotsi joalo e ne e tla ’ne e tsoele pele ka ho sa feleng? Che, mopesaleme ka tšepo o ne a lebelletse letsatsi la kahlolo, a re: “Na moputso oa hao ke’ng, ’me seo u tla se kotula ke’ng, uena, leleme le leshano? U tla putsoa ka metsu e nchocho ea mohale, le ka mashala a hlenneng a sehala-hala.” (Pes. 120:3, 4) Kaha mopesaleme o ne a ipilelitse ho Jehova, Ea Holimo-limo ke eena ea neng a tla khutsisa maleme a etselletsang a ba khopo. Leleme le etselletsang le ne le tla itlisetsa tlokotsi. Le ne le tla khutsisoa ke metsu ea mohlabani le kahlolo e tukang ea Molimo a tšoantšoang le mashala a hlenneng a patsi ea sehala-hala, e tukang ka mocheso o moholo.
Ho sa le joalo mopesaleme a tsoela pele ho utloa ka matla tsietsi ea ho phela har’a batho ba lehloeo, a ho tšoantša le ho phela har’a bajaki ba basele ba Mesheke le baahi ba kotsi ba Kedare ba lisang mehlape ba lula litenteng. A re: “Ke malimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke lutse litenteng tsa Kedare.”—Pes. 120:5.
Kaha o ne a phetse halelele har’a ba hloileng khotso, mopesaleme o ne a labalabela khutso. Empa ba khopo ho hang ba ne ba sa mo lumelle ho ba le eona. Ka linako tsohle ba ne ba loketse ho buisana hampe le eena. Mopesaleme o tsoela pele: “Ke se ke ikahetse halelele haholo har’a ba hloeang khotso. Ke rata khotso feela! Empa ha ke bua, ba batla ntoa.”—Pes. 120:6, 7.
Haeba rōna, joaloka mopesaleme, re emela khotso, re lokela ho laola maleme a rōna re se ke ra lumella ba bang ba tsielehe ka puo e khaolelang le e nyefolang. Keletso ea Bibele ke hore: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe e ntle, e lokelang khahiso, e tle e hlahisetse ba e utloang molemo.” (Ba-Ef. 4:29) Le hoja re tlameha ho mamella lipuo tse rohakang le tse leshano tsa ba bang, re ka tšelisoa ke ’nete ea hore Jehova Molimo ka nako ea teng o tla lokisa lintho tsohle.