Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/1 maq. 9-15
  • “Ntateleng, ’me ke Tla le Etsa ba Tšoasang Batho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ntateleng, ’me ke Tla le Etsa ba Tšoasang Batho”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JESU O BEA MOHLALA
  • MOTHUSI EA TŠEPISITSOENG
  • HA SE BA LEFATŠE
  • U KE KE UA BA MONG TŠEBELETSONG EA MOLIMO
  • KŌPO EA JESU EA THAPELO
  • O Lokisetsa Baapostola Lefu la Hae
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na U e Mong oa ba Ratoang ke Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/1 maq. 9-15

“Ntateleng, ’me ke Tla le Etsa ba Tšoasang Batho”

1-3. (a) Jesu o ile memela batho hore ba mo latele ka mosebetsi ofe? (b) Karabelo ea ba pele ba memiloeng e bontšitse joang hore ba na le tumelo?

JOHANNE EA NENG A KOLOBETSA o ne a phethile mosebetsi oa hae, ’me joale Jesu ea tlotsitsoeng a nkile polelo e thabisang: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 3:2; 4:12-17) Empa Jesu o ne a sa tl’o bolela litaba tse molemo a le mong. Ha a sikile le Leoatle la Galilea, a bona Simone Petrose le Andrease ba akhea letlooa. A ba kōpa: “Ntateleng, ’me ke tla le etsa ba tšoasang batho.” Ha baa ka ba tsila-tsila. “Ba phakisa” ba tlohela matlooa a bona ’me ba latela Jesu. Eaba Jesu o bona Jakobo le Johanne ka seketsoaneng sa ho tšoasa lihlapi, ’me a ba bitsa. “Ba phakisa” ba tlohela seketsoana le ntat’a bona, ba latela Jesu.—Matt. 4:18-22.

2 Jesu a bea mohlala o motle bakeng sa barutuoa bana ba bacha, ha a ba koetlisetsa ho ‘tšoasa batho.’ E bile metsoalle ea hae ea ka mehla ha “Jesu a ea le Galilea eohle, a ntse a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle ho batho.”—Matt. 4:23.

3 Kapernauma, Galilea, Jesu a bona Mattheu (Levi) a lutse ofising ea lekhetho ’me a mo mema, “Ntatele.” Mattheu a phakisa a tlohela ho phutha lekhetho hore a latele Jesu. (Matt. 9:9; Mar. 2:14) Hape, “Jesu a tsamaea, a chakela metse eohle le metsana” ho ruta le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso, ha a ntse a boetse a phekola. Le hoja balateli ba hae ba ntse ba eketseha, Jesu a re ho bona: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Matt. 9:35-38.

4. (a) Ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa baapostola? (b) Jesu o lebelletse eng ka ba mo latelang?

4 Har’a barutuoa bana ba pele, Jesu a khetha ba 12 hore e be baapostola, “hore ba be ho eena, ’me a ba rome ho bolela Evangeli.” (Mar. 3:14) Hamorao, baapostola ba tšepahalang ba ne ba tla fetoha majoe a motheo a phutheho ea Bokreste. (Ba-Ef. 2:20; Tšen. 21:14) Ba ne ba ithaopela, ba loketse ho sebeletsa ’me ba thabetse botsoalle le Jesu mosebetsing oa ’Muso. Jesu a ba laela ’me a ba nea litaelo tsa hore ba ee metseng le metsaneng, le ho etela matlo a batho. A re ho bona: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” Jesu a tsebisa barutuoa ba hae hore mosebetsi o ke ke oa e-ba bonolo le hore ba bangata ba tla hana ho mamela mantsoe a bona. Leha ho le joalo, ba ne ba tlameha ho fana ka bopaki, le ka pel’a babusisi le batho ba lichaba. Ho ne ho tla hlokahala hore ba itele ba be sebete, hobane Jesu o itse: “Ea sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntšoanele.”—Matt. 10:7-18, 38.

5. Ke hobane’ng ha ba bang ba sa amohelehe e le balateli ba Kreste?

5 Hase bohle ba ileng ba amohela memo ea Jesu hore ba mo latele. Ka mohlala, ho bile teng morui ea ileng a ikhethela matlotlo a bonahalang ho e-na le letlotlo la moea leo a neng a ka le thabela ha a ntse a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matt. 19:16-24) Ba bang, le bona, ba ipeela mabaka, joalokaha tlaleho e ho Luka 9:57-62 e bontša:

“Eare ha ba tsamaea tseleng, motho e mong a re ho eena [Jesu]: Morena, ke tla u latela hohle moo u ka eang teng. Empa Jesu a re ho eena: Liphokojoe li na le mesima, le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa Mor’a motho ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng. A re ho e mong: Ntatele. Empa eo a re: Morena, ak’u ntumelle, ke ee ho epela ntate pele. Jesu a re ho eena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; ha e le uena, ea bolela ’muso oa Molimo. E mong hape a re: Ke tla u latela, Morena; u mpe u ntumelle, ke ee ho lumelisa ba ntlo ea ka pele. Empa Jesu a re ho eena: Ea beang letsoho la hae mohomeng, ’me a boela a hetla, ha a tšoanele ’muso oa Molimo.”

6. Jesu o koetlisitse le ho khothatsa balateli ba hae joang, joalokaha ho hlalositsoe ho Luka 10:1-20?

6 Hoba a fane ka mehlala ena e se nang tšepo, Luka o bua ka ntlha e nang le tšepo. O hlalosa kamoo Jesu a ileng a khetha ba 70 ho balateli ba hae ’me a ba rōma ka bobeli ho bula tsela sebakeng se ka pel’a hae. Ba ne ba lokela ho tsebisa batho hore “’muso oa maholimo o atametse ho lōna.” (Luka 10:1-16) Ba 70 ba thaba haholo tšebeletsong ea bona. Empa Jesu a ba bontša hore ba bile ba na le lebaka le leholoanyane la ho thaba, a re: “Haholo le thabe kahobane mabitso a lōna a ngoliloe maholimong.”—Luka 10:17, 20.

JESU O BEA MOHLALA

7, 8. Bolela melemo e meng eo ‘batšoasi ba pele ba batho’ ba ileng ba e fumana ka ho kopanela ka mehla le Jesu mosebetsing.

7 Bangoli ba bululetsoeng ba Bibele Mattheu, Mareka, Luka le Johanne ba bolela kamoo barutuoa ba pele ba Jesu ba neng ba kopana le eena mosebetsing oa ho bolela le ho ruta o ileng oa fella ka molemo o moholo ho bona le ba bang. Jesu a ba ruta lintho tse ngata tse babatsehang ka ’Muso, ’me linnete tsena ba li kopanela le batho ba neng ba mamela. Ho feta tsohle, Jesu a thusa barutuoa ba hae ho ananela eona kamano ea bohlokoa e le bahlanka, basebeletsi kapa liabi tsa Jehova Molimo le Kreste Jesu.—Matt. 6:24; bapisa Luka 12:37, 42, 43.

8 Jesu o ne a sebetsa joaloka Ntat’ae. A rata ha barutuoa ba hae le bona ba sebetsa, ho tsebahatsa molaetsa oa ’Muso. (Joh. 4:34; 5:17; 9:4) Kahoo, ka lilemo tse ka bang tharo, Jesu a koetlisa barutuoa ba hae hore e be “ba tšoasang batho.” Hape, a hla a ba lemosa hore ba tla tšoaroa ka tsela eo eena, Morena oa bona, a tšoeroeng ka eona. Ba bona mohlala oa hae le hore na o itšoara joang mahlomoleng, ha a bea mohlala oa hore ba o latele haufi. (Matt. 10:22-26; 1 Pet. 2:21) Jesu a ba ruta lintho tse ngata tseo a neng a li fumane ho Molimo, ’me ba bona a phetha boprofeta bo bongata. Hona hohle ha tiisa tumelo ea bona.

9. Jesu o rutile balateli ba hae eng ka kamano ea bona le Molimo e le bahlanka?

9 Hape Jesu a ba khothalletsa ka boikokobetso hore ba latele mohlala oa hae e le bahlanka ba Molimo. A re:

“Ke mang ho lōna, ea nang le mohlanka ea lemang, kapa ea lisang likhomo, a ka reng ho eena, ha a sa tsoa oroha naheng: Tlo kapele, u lule lijong? Na haholo a ke ke a re ho eena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, u itlame, u ntšebeletse, ke tle ke be ke je, ke noe; ka mora’ tseo, uena u tla ja, u noe? Na o tla boka mohlanka eo, kahobane a entse ntho tseo a li laetsoeng? Ha ke lekanye joalo. Ka mokhoa o joalo, le lōna, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le li laetsoeng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tšoanetse ho se etsa.”—Luka 17:7-10; bapisa 1 Ba-Korinthe 7:22, 23; Tšenolo 19:5.

10. Ke joang mohlala oa Jesu e neng e le karolo ea koetliso ea balateli ba hae ho sebeletsa Molimo?

10 Ha mosebetsi oa Jesu lefatšeng o habile pheletsong ea oona, a bokella baapostola ba hae bakeng sa mokete oa Paseka, ’me mona, ka lekunutu, a ba laea haholo le ho ba khothatsa. Hape a ba hlatsoa maoto ho hatisa ho bona bohlokoa ba ho sebeletsana, a re: “Ke le beela mohlala, hore le etse joale ka ha ke le entse. Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae, le lenqosa ha le leholo ho ea le romileng. Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le li etsa.”—Joh. 13:15-17.

11. (a) Tlaleho e fumanoa kae ka puisano e haufi haholo ea Jesu le barutuoa ba hae pele a tšoaroa? (b) Ka lekhetlo leo, Jesu a hatisa kamano pakeng tsa tumelo le mesebetsi joang? (c) Ke ka mokhoa ofe barutuoa ba neng ba ka etsa mesebetsi e fetang ea Jesu?

11 Hoba a lokolle moeki Judase, Jesu a laea baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ka mokete o mocha—sehopotso sa lefu la hae. A buisana le bona ka botsoalle bo boholo, a ba lokisetsa boikarabelo boo ba tla bo jara hoba a tlohe. (Joh. 13:30–16:33) Ho bontša hore ba lumela ho Kreste, barutuoa ba ne ba tlameha ho etsa mesebetsi e tšoanang le ea hae. Joale a ba khothatsa ka mantsoe a reng: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ea ho Ntate.” (Joh. 14:12) Jesu o ne a lekanyelitse mosebetsi oa hae naheng ea Palestina, empa mosebetsi oa ’Muso o tlameha ho atoloha kamor’a lefu la hae le tsoho. Barutuoa ba hae ba lokela ho potlakisa mosebetsi oo oa kamoso. Qetellong, litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle, ’me joale bofelo bo ne bo tla tla.—Matt. 24:14.

12. Kamano ke efe pakeng tsa lerato bakeng sa Kreste le seo re se etsang?

12 Ka lekhetlo lena la ho qetela a e-na le barutuoa ba hae, Jesu a hatisa bohlokoa ba lerato le itetseng, a re:

“Ekare ha le nthata, bolokang melao ea ka. Ea nang le melao ea ka, ’me a e boloka, ke eena ea nthatang; ’me ea nthatang o tla ratoa ke Ntate; le ’na ke tla mo rata, ’me ke tla ipontša eena. . . . Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena, re ahe ho eena. Ea sa nthateng, ha a boloke mantsoe a ka; ’me lentsoe leo le le utloang, hase la ka, empa ke la Ntate ea nthomileng.” (Joh. 14:15, 21, 23, 24)

Ke habohlokoa hakaakang ho utloa melao ea Jesu Kreste!

MOTHUSI EA TŠEPISITSOENG

13. Thuso e ne e tla tlela balateli ba Jesu joang hoba a tlohe, ’me ba susumetsoe ho etsa joang?

13 Baapostola ba ne ba bile kamanong e haufi le Jesu. Neng le neng ha ba lakatsa ho tseba ntho e ’ngoe kapa haeba ho hlaha mathata leha e le afe, ba ne ba ka buisana le Jesu ka taba. Empa joale Jesu o ne a e-ea ho Ntate oa hae. Joale a kōpa Ntate oa hae ho ba nea mothusi e mong, moea o halalelang oa Molimo, o neng o tla ba ruta le ho ba hopotsa lintho tsohle tseo Jesu a li buileng le bona. (Joh. 14:16, 17, 25, 26) Hoo ha bolela hore ba tla tlameha ho paka haholo, hobane Jesu o itse: “Etlare hobane ho tle Moemeli eo ke tla mo roma ho lōna, a e-tsoa ho Ntate, e leng Moea oa ’nete, o tsoang ho Ntate, ke eena ea tla paka tsa ka. Le lōna le tla paka, hobane le bile le ’na ha e sa le le ho qaleng.”—Joh. 15:26, 27.

14. Barutuoa ba ne ba tla ithuta linnete tse eketsehileng joang hamorao?

14 Jesu o ne a sa bolele tsohle ho barutuoa ba hae ka nako eo. Leha ho le joalo, ka ho fihla ha moea o halalelang, ba ne ba tla fumana kutloisiso e feletseng, e ba hlomellang mosebetsi o ka pele. (Joh. 16:12-14) Ke ho khothatsang hakaakang! Ba latelang Jesu e le bahlanka ba Molimo ka mehla ba ka tšepa ho fumana thuso e tsoang holimo le tsamaiso ’neteng ka moea o halalelang.

15. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho boloka kamano e haufi le Jesu Kreste ka linako tsohle, ka ho ea ka papiso ea hae ea sefate sa morara? (b) Lerato la Bokreste le phetha karolo efe ntlheng ee?

15 Hore ba atlehe mosebetsing oa bona, balateli ba Jesu ba tlameha ho kopana haufi le eena ka linako tsohle ’me ba ipake hore ke barutuoa ba hae. Jesu o bontšitse hona ka sefate sa morara le makala a sona, a hatella bohlokoa ba hore ba lule sefateng sa morara le ho bea litholoana e le hore ba ka tlotlisa Ntate oa hae. Ba ne ba tlameha ho bea litholoana ka bopaki ba ’Muso le ka ho bontša botho ba Bokreste. Batho ba ne ba tla bona hore ke barutuoa ba hae ka baka la lerato la bona la ’nete har’a bona.—Matt. 21:43; Joh. 13:34, 35; 15:1-12; bona hape Molula-Qhooa, May 1, 1979.

HA SE BA LEFATŠE

16. (a) Jesu o rutile balateli ba hae eng ho Johanne 15:17-22 ka boemo ba bona lefatšeng? (b) Ke hobane’ng ha a rutile ka see?

16 Bao e bang ‘batšoasi ba batho’ ba bontšana lerato lena le matla. Leha ho le joalo, kaha ke balateli ba Morena, Jesu Kreste, lefatše ha le ba rate. Lefatše le ne le sa rate Jesu, kaha e ne e se karolo ea lona. (Joh. 15:17-22; 16:1) Tsebo ena ke thuso ho Bakreste bohle ba ’nete hore ba tšepahale tlas’a teko, joalokaha Jesu a tšepahetse. Ba lefatše ha ba tsebe Jehova Molimo kapa eo A mo rōmileng, Jesu Kreste. Ha ba utloisise lithuto tsa Jesu, kapa hore na lerato la Bokreste ke eng. Ba hloile balateli ba hae, hobane ba lefatše ba etsa thato ea Diabolose.—Joh. 8:42-44; 14:30; 16:11.

17. Ka ho se be ba lefatše joaloka balateli ba Kreste, ho ne ho tla etsahala joang ka Bakreste ba bang?

17 Kaha Bakreste ba ’nete “hase ba lefatše,” ha baa lokela ho inkela moea oa lefatše oa boithati, oa boikhohomoso le o arolang. Hona ho ba nolofaletsa ho tlotlisa Molimo le ho bea haholo e le bopaki ba hore ke barutuoa. Empa ho bolela mahloriso ho bona, joalokaha Jesu a lemositse:

“Ba tla le leleka masynagogeng; esita le nako ea tla, eo e mong le e mong ea le bolaeang a tla hlōma eka o sebeletsa Molimo.”—Joh. 16:2-4; 15:8-10.

U KE KE UA BA MONG TŠEBELETSONG EA MOLIMO

18, 19. (a) Barutuoa ba Jesu ba tiisetsoa lerato la mang, hona ka baka la’ng? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ananela ’nete ea hore mohlanka oa Jehova ha ho mohla a leng mong, ’me kahoo o lokela ho etsa joang?

18 Bahlanka ba Jehova ba ka ipea ka eena ka baka la lerato la hae le leholo. Jesu o fane ka tiiso ena: ‘Hobane Ntate oa le rata e le eena, hobane le nthatile, ’me le lumetse hoba ke tsoa ho Molimo.’ (Joh. 16:27) Bahlanka ba Jehova ha ba sebetse ba le bang. Ke mosebetsi oa Molimo oo ba o etsang e le liabi tsa hae, ’me tsela e ba bulehetse ka mehla hore ba batle thuso ea Jehova ka thapelo. Jesu o itse: “Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.” (Joh. 16:23, 24) Ka ho tšoaroa ha Jesu, balateli ba hae ba ne ba tla tleloa ke nako e thata, joalokaha a hlile a lemosa:

“Bonang, nako ea tla, le joale e se e tlile, eo le tla qhalana ka eona, e mong le e mong a ee ka tsela ea hae, le ntlohele ke ’notši; empa ha ke ’notši, hobane Ntate o na le ’na. Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—Joh. 16:32, 33.

19 Ke habohlokoa hakaakang ho hopola hore ha re bang, joalokaha Jesu a sa ka a ba mong ha a tšoaroa! ’Me ke habohlokoa hakaakang ho itšetleha ka Jehova thapelong, haholo linakong tsa mahloriso kapa mathata! Jesu o ile a rapela ka matla le hangata nakong ea hae ea teko. (Matt. 26:36-46; 27:46) Ka mokhoa oo, balateli ba hae ba se ke ba checha le ka mohla ho batla thuso ea Jehova, empa ba mo rapele ka tšepo le ka tumelo.—Matt. 7:7, 8.

KŌPO EA JESU EA THAPELO

20. Lintlha tse ling tse boletsoeng ke Jesu thapelong ea hae e babatsehang e ngoliloeng ho Johanne 17 ke life?

20 Kamor’a hore Jesu a laee barutuoa ba hae ba tšepahalang bosiung bane ba ho qetela a phela lefatšeng, a phahamisetsa mahlo a hae leholimong ’me a neela Jehova thapelo e babatsehang lebitsong la bona. Thapelo ea hae ea bolela hore o phethile mosebetsi oa hae lefatšeng, empa hore balateli ba hae ba sa le lefatšeng. Barutuoa bana ba ne ba tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ba tsebahatsa lebitso la Jehova, joaloka Jesu. Ka baka leo a kōpa:

“Ntate ea halalelang, boloka ka lebitso la hao bao u ’neileng bona, . . . Ke ba file lentsoe la hao, ’me lefatše le ba hloile, kahobane e se ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše. Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše. U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete. Joale ka ha u nthomile lefatšeng, le ’na ke ba romile lefatšeng.”—Joh. 17:11, 14-18.

21. Jesu o boletse tšepo ea hae joang katolohong ea nako e tlang ea phutheho ea Bokreste?

21 Thapelo ea Jesu ea fetela le ka nqaane ho baapostola bao ba tšepahalang ba 11. O ne a lebelletse phutheho e hōlang e neng e tla nka lefatše lohle, ka banna ba bangata le basali ba lumela ho Jesu ka polelo e boleloang ke balateli ba hae. Jesu a re:

“Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho lumela ho ’na ka polelo ea bona, bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena; le bona ba be bang ho rōna, hore lefatše le tle le lumele hoba u nthomile.”—Joh. 17:20, 21.

22. Jesu o ile a qeta mosebetsi oa hae lefatšeng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova joang?

22 Nakoana kamor’a hore a rapele joalo, Jesu a tšoaroa. Ha a tlisitsoe ka pel’a ’musisi, Pilato, a paka hore, kaha ’muso oa hae hase oa lefatše lena, bahlanka ba hae—bao le bona e seng ba lefatše—ba ke ke ba loana. E le Paki e khōlō ea Jehova, a re: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” (Joh. 18:33-37) Kahoo Jesu a siela Bakreste mohlala o motle hore ba o etsise lilemong tsa hoba a tlohe lefatšeng. Ka lona tsatsi leo a bolaoa, ka botšepehi a qetile mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona hore a o etse. (Joh. 17:4) Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a beela balateli ba hae mohlala o tsotehang hakaakang! Kannete, bana ba khothalletsoa ho mo etsisa e le Lipaki tsa Jehova mosebetsing oa bona o moholo e le “ba tšoasang batho”!

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Jesu a rōmela barutuoa ba hae malapeng a batho

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Sejo sa mantsiboea sa ho qetela sa Jesu lefatšeng sa fana ka molaetsa o matla bakeng sa rōna kajeno

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela