Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/1 maq. 7-8
  • Thabo ea ho Kopanela Borapeling ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo ea ho Kopanela Borapeling ba ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jerusalema—“Motse oa Morena e Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jerusalema—‘Lebaka la Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Motse o Khanyang
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • ‘Nyakallang ka ho sa Feleng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/1 maq. 7-8

Pesaleme

Thabo ea ho Kopanela Borapeling ba ’Nete

HO KOPANELA le ba bang borapeling ba ’nete ke mohloli oa thabo e ke keng ea boleloa ho bahlanka ba ineetseng ba Ea Holimolimo. Matla a boikutlo ba bona a bontšoa ho Pesaleme ea 122, eo mantsoe a eona a qalang a balehang tjena: “Ka thaba ha ba itse ho ’na: A re eeng ka tlung ea Jehova!” (Tem. 1) Mohopolo feela oa ho ea sehalalelong sa Jehova o ne o tsosa ka ho mopesaleme boikutlo ba thabo le khotso.

Sehloho sa Pesaleme ea 122 se re ke pesaleme ea Davida. Septuagint Version, leha ho le joalo, e sia mantsoe “ea Davida.” Se na le mantsoe a mang a sebelisitsoeng pesalemeng ena a entseng hore liithuti tse ngata li fihlele qeto ea hore e ngotsoe ke motho e mong ntle ho Davida. Leha ho le joalo, Pesaleme ea 122 e ka utloisisoa ntle ho bothata haeba re amohela sehloho se hlahang lengolong la Seheberu.

Davida ea tšabang Molimo o ne a thabisoa ke ho ea ntlong ea Jehova ea borapeli haholo. Boholo ba thabo ea hae bo hlakisoa ke seo a ileng a se etsa ha areka e halalelang e ne e tlosoa Thabeng ea Sione. Bibele e-ea re bolella: “Ha e le Davida, o na a hobela ka matla ’ohle a hae pel’a areka ea Jehova.” Eena le “bohle ba ntlo ea Iseraele ba tsamaisa areka ea Jehova joalo, ka litlatse le ka ho letsa literompeta.”—2 Sam. 6:14, 15.

Ka se latelang, leha ho le joalo, Pesaleme ea 122 ntle ho pelaelo e ne e hlophiselitsoe ho bolela maikutlo a barapeli leha e le bafe ba eang sehalalelong sa Jehova. Rea bala: “Maoto a rōna a eme likhorong tsa hao, Jerusalema. Jerusalema, u hahiloe joale ka motse oo matlo a oona a patahaneng hammoho. Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ea Jehova, ka taelo e neiloeng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.” (Pes. 122:2-4) Kahoo, pesaleme ena e emela barapeli e le ba tlang ba tsoa ka ntle ho Jerusalema, joale ba phomola hanyenyane kamor’a hore ba kene likhorong ho talima motse. Ke eng se lumelisang mahlo a bona? Jerusalema ke motse “oo matlo, a oona a patahaneng hammoho.” Matlo a ne a bapisoa hammoho, joalokaha eka ‘a patahane hammoho.’ Hona ho ne ho sa tloaeleha bakeng sa motse mehleng ea boholo-holo. O teteane ’me o potiloe ke litšireletso tse matla, motse o joalo o ne o le bonolo ho o sireletsa ho feta o moholo, o hasa-hasaneng oa tsoelopele. Basireletsi ba motse ba ne ba sa tlamehe ho pota sebaka se seholo ba tlohela libaka tse ling li ka hlaseloa ke lira habonolo. Ho feta moo, Jerusalema e ne e potiloe ke lithaba le likhohlo tse telele ka bochabela, le ka boroa le ka bophirimela, ho fokolitse sebaka se teng bakeng sa ho haha haholo. Kaha baahi ba motse ba ne ba lutse ba bapile haholo ’me ba jarane bakeng sa thuso le tšireletso, katamelano ea nama e ne e ka ’na ea emela hantle kopano ea moea oa sechaba kaofela ha meloko eohle ea Iseraele e kopane bakeng sa borapeli. Ho “roka lebitso la Jehova” ha bona ho ne ho bolela ho leboha Ea Holimo-limo, Ea emeloang ke lebitso.

Jerusalema e ne e se feela setsi sa borapeli ba ’nete empa hape e ne e le motse oa moreneng. Mopesaleme o tsoela pele: “Hobane literone li beiloe teng, e be litulo tsa kahlolo, literone tsa ntlo ea Davida!” (Pes. 122:5) E le motse oa moreneng, Jerusalema e ne e le motse oo likahlolo li qetellang ho oona. Morena Davida o ne a nkile setulo sa boahloli, joalokaha ho entse joalo ba bang ba ntlo ea hae. Bibele e tlaleha hore: “Bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.” (2 Sam. 8:18) Hona ha bolela hore ba ne ba sebeletsa boemong ba boahloli.

Ka baka la bohlokoa ba Jerusalema, mopesaleme o tsoela pele: “Rapellang khotso ea Jerusalema! Ho atlehe ba u ratang! Khotso a e ke e be marakong a hao, le boiketlo matlung a hao a borena.” (Pes. 122:6, 7) E ka ba ho loketseng haholo ho Baiseraele ho rapella khotso kapa boiketlo ba Jerusalema e le motse oa moreneng oa sechaba le setsi sa borapeli ba ’nete. Ho rata motse ka baka la seo o leng sona ho ne ho tla bolela ho ba tumellanong le thato ea Molimo. Ka baka leo, barati bohle ba motse, ke hore, bohle ba ratang borapeli ba ’nete le toka, ba ne ba ka lula ka tiiso ea mohau oa bomolimo ’me ba thabela tšireletseho, ‘ba lokoloha tšabong’ kapa pelaelong. Polelo e nang le thapelo ea mopesaleme ke hore ka har’a litšireletso tse khōlō tsa oona, boiketlo ba motse e be bo sireletsehileng. Tšireletseho ena e ne e tla akarelletsa meaho kapa libaka tse sirelelitsoeng tsa matlo a borena.

Haholo kaha motse e ne e le setsi sa borapeli ba Jehova, ho thabela ha oona khotso ho ne ho le lithahasellong tse molemo haholo tsa sechaba. Kahoo, ka ho rapella khotso ea Jerusalema, Moiseraele o ne a batla likhahleho tsa Baiseraele ba bang. Hona ho hlakisoa ka mantsoe a latelang a Pesaleme ea 122: “Bakeng sa banab’eso le sa metsoalle ea ka, ke tla re: Khotso e be ho uena! Bakeng sa ntlo ea Jehova, Molimo oa rōna, ke tla u batlela molemo.”—Litem. 8, 9.

Kajeno borapeli ba ’nete ha bo sa amana le motse o itseng ka ho toba kapa sebaka se itseng sa lefatše. Jesu Kreste o ile a re ho mosali oa Mosamaria: “Nako ea tla, eo le sa tl’o ka le rapela Ntate thabeng eo [Gerizime], leha e le Jerusalema. . . . Empa nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.”—Joh. 4:21-23.

Kahoo, ho e-na le ho rapella sebaka se itseng ka ho khethehileng, ke ka nepo bahlanka ba Molimo ba rapellanang le ho rapella khotso ea phutheho ea Bokreste kae le kae, eo kajeno e phahamisang borapeli ba ’nete ka pel’a ba bang. Ha ho fihloa libokeng tsa phutheho ena, na boikutlo ba hao bo tšoana le ba mopesaleme? Na u thabela ho ba le ba bang ba tumelo e tšoanang le ea hao ea bohlokoa? Na u amehile ka mokhoa o tšoanang ka boiketlo ba phutheho joalokaha mopesaleme a ne a le joalo ka khotso ea Jerusalema? Haeba ho joalo, u phela tumellanong le moea oa Pesaleme ea 122.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela