Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/15 maq. 8-13
  • Ho Ithabela ho ‘Molimo o Neang Tšepo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithabela ho ‘Molimo o Neang Tšepo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOHLOKOA BA TŠEPO E PHELANG
  • TŠEPO ‘PEŌNG’
  • MOTHEO O UTLOAHALANG OA TŠEPO EA BOPHELO BO SA FELENG
  • TŠEPO EA ’MUSO OA HO LOKA
  • Tšepo eo re Nang le Eona ha e Soetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Tšepa Jehova, ’me U be Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tšepa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • A Re Thabeng Tšepong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/15 maq. 8-13

Ho Ithabela ho ‘Molimo o Neang Tšepo’

“Uena, Morena, u tšepo ea ka; e sa le le bocheng ba ka, ke beile tšepo ea ka ho uena, Jehova.”—Pes. 71:5.

1, 2. (a) Ke bopaki bofe ba Mangolo boo re nang le bona hore Molimo oa re tsotella? (b) Thabo ea rōna e ka etsoa e tletseng joang?

NA U ke u re khefu, ’me u nahane ka kamano ea hao ea bohlokoa le Molimo? Ke ho hlollang hakaakang ho tseba hore Molimo oa re tsotella! Ke ’nete, mahlong a Jehova lichaba li itšoanela le lerotholi le tsoang nkhong. Kahoo, re le batho ka bomong, re tlameha ho bonahala re le banyenyane haholo ho eena ka sebele. Leha ho le joalo, Jesu Kreste oa re tiisetsa: “Na lirobele tse peli ha li rekoe ka peni e le ’ngoe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa oela fatše, ka ntle ho Ntat’a lōna. Esita le qoba tsa moriri oa hloho tsa lōna li baliloe kaofela. Ka baka leo, le se ke la tšaba, le fetisa lirobele tse ngata.”—Matt. 10:29-31; Esa. 40:15.

2 Haeba Molimo o bona ho oa ha serobele, ke qenehelo e ngata hakaakang e fetang moo eo a ka bang le eona bakeng sa rōna batho, bao a ba bōpileng ka ho tšoana le eena! (Gen. 1:26) Molimo oa rōna ruri ke o hlollang matleng a oona a bohlale le a pōpo, empa o khabane haholo ho tsotelleng tsela e lokileng ea ba hatelletsoeng le ho bontšeng boholo ba lerato la hae ho batho. (Pes. 33:4, 5) Ruri ke tokelo hore re kene ’me re hlole leratong la hae, tumellanong le tiiso ea Jesu: “Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka, joale ka ha le ’na ke bolokile melao ea Ntate, ’me ke lutse leratong la hae.” ’Me Jesu a phaella: “Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ea ka e lule ho lōna, ’me thabo ea lōna e tlale.”—Joh. 15:10, 11.

3. Ke hobane’ng ha Davida, ’me ke hobane’ng ha le rōna, re ka ba le tšepo e feletseng ho Jehova?

3 Mehleng ena e thata, re ka thabela hore hape Molimo oa rōna o lerato o fana ka tšepo. Ho bonahala eka Davida o ngolile Pesaleme ea 71 hoba a fete har’a liteko tse boima, ’me ho eona o phahamisa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova e le tšepo ea hae ho tloha bocheng. Ka mohlala, ha a talimane le senatla se ikhantšang Goliatha, Davida o itse: “Jehova ea ’namoletseng marong a tau le marong a bere, o tla ’namolela le matsohong a mo-Filista eo.” Jehova a etsa joalo hantle! (1 Sam. 17:37, 45-50) ’Me ho tla fihlela kajeno Jehova o ntse a phahamisa masala a tlotsitsoeng a lipaki tsa hae ao, a le matla tšepong, a mo sebelelitseng ka botšepehi ‘le bocheng ba oona.’

BOHLOKOA BA TŠEPO E PHELANG

4. Ke hobane’ng ha “tse ngoliloeng pele” e le mohloli oa tšepo?

4 Litšepiso tse telele tsa Jehova, joalokaha li tlalehiloe ka Lentsoeng la hae, ruri ke mohloli oa tšepo bakeng sa kamoso. Joalokaha moapostola Pauluse a bolela: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Ka sebele, ho hlokahala hore re be le tšepo. Empa lintho tse “ngoliloeng pele” li re nea lebaka la tšepo joang? Taba ea pele, ho tlile joang hore tšepo e be e hlokahalang?

5. (a) Ho tlile joang hore tšepo e hlokahale? (b) Ke hobane’ng ha batsoali ba rōna ba pele ka nepo ba fumane kotlo ea lefu, ’me ke hobane’ng ha re ameha?

5 Lintho tse “ngoliloeng pele” li bolela ka ho hlakileng kamoo Molimo o ileng oa bōpa batsoali ba rōna ba pele ’me oa ba bea paradeiseng ea thaba, ka tebello ea hore ba phele ka ho sa feleng le ho tlatsa lefatše ka batho ba lerato le ba thabileng bao ho neng ho se mohla ba tla shoa. (Gen. 1:26-28; 2:7-9, 18-25) Leha ho le joalo, Adama le Eva ba lahleheloa ke tokelo ena. Hobane’ng? Ke kahobane ba ile ba sitoa, ba fosa letšoao la kutlo e phethahetseng ho Ntat’a bona, Jehova Molimo. Ka nepo, Morena ’Musi ea Phahameng Jehova a ahlola banyalani ba sa utloeng hore ba shoe. Ba ne ba fetohile ba itaelang, ba ipusang, me sebaka joale se ne se ba feletse har’a libopuoa tse tšepahalang tsa Jehova. Ho feta moo, ba lokeloa ke kotlo ea lefu e seng feela bakeng sa bona ka bobona empa hape le libillione tsa bana ba neng ba tla tsoaloa ke batsoali bana ba baetsalibe. Joalokaha Pauluse a re bolella hore: “Ka baka leo, joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12.

6. Ke motheong oa tšepo efe pōpo e keneng bohlankeng?

6 Leha ho le joalo, Pauluse o tsoela pele ho bolela hore, le hoja “tse bopiloeng li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana,” hona ho etsahetse “tšepo e ntse e le teng.” Tšepo ea eng? E, tšepo e phelang ea hore li tla “holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo,” joalokaha batsoali ba rōna ba pele ba ile ba thabela bolokolohi bo joalo paradeiseng ea Edene. E ne e tla akarelletsa le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ke Molimo feela o neng o ka fana ka tšepo e joalo.—Ba-Roma 8:20, 21; Joh. 17:3.

TŠEPO ‘PEŌNG’

7. “Peō” ea tšepiso e tsejoa joang?

7 Qalehong ea lintho tse “ngoliloeng pele” re bala ka tšepiso ea Molimo ea hore “peō [ngoana]” ea phutheho ea oona e kang mosali leholimong e tla “khoba [noha] hloho,” ke hore, a timetse Satane, hammoho le peō eohle ea hae. (Gen. 3:14, 15) Empa “peō” ee ke mang? Hamorao ho boetse ho boleloa ka eena e le “peō” ea motsoalle oa Molimo Abrahama, e leng peō eo ka eona ‘lichaba tsohle tsa lefatše li tlang ho itlhohonolofatsa.’ Moapostola Pauluse o tsebahatsa peō ena, a re: “lipallo li etselitsoe Abrahama le leloko [peō] la hae; . . . Le ho leloko [peō] la hao, e leng Kreste.”—Gen. 22:18; Ba-Gal. 3:16.

8. (a) Tsela ea bophelo ea Jesu lefatšeng e hlile ea boleloa joang pele? (b) Lerato la Molimo ho batho le bontšitsoe joang?

8 Lintho tse “ngoliloeng pele” li hlile tsa bolela tsela eo Kreste Jesu a neng a tla phela ka eona ha a le mona lefatšeng. Joalokaha Esaia a hlile a profeta lilemo tse 700 pele ho nako, Jesu o ile a hobosoa, a nkoa e se oa letho, a hlorisoa ’me a ‘isoa joale ka nku hlabong.’ Tumellanong le thato ea Ntate oa hae, ‘a neela moea oa hae’ lefung, e le hore a ka lopolla “ba bangata” bohlankeng ba sebe. (Esa. 53:3-12) Jehova a mo tsosa bafung ’me a mo bea e le “Moemeli e Moholo oa bophelo” maholimong, “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, . . . a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Molimo o entse tokisetso ena hobane O “ratile lefatše [la batho] hakalo.” (Joh. 3:15, 16; Lik. 3:15) Hona ho butse tšepo e tsotehang hakaakang!—Joh. 5:24-29.

MOTHEO O UTLOAHALANG OA TŠEPO EA BOPHELO BO SA FELENG

9. (a) Tšepo ea rōna e tiisoa ke’ng? (b) Tšepo ea rōna e lokela ho re ama joang?

9 Tšepo ea rōna e nang le motheo o motle e tiisoa ke lona lebitso la Molimo oa rōna, Jehova. Lebitso leo le bolela “O Etsa Hore ho be Teng,” le supa hore o etsa hore lintho tse tobileng li etsahale ho sebetsahaleng ha merero ea hae. Ke Molimo ‘o ke keng oa thetsa’ le o fanang ka ‘motheo oa tšepo e entsoeng lefatše le e-s’o theoe.’ (Tite 1:2) Tšepo eo e bolelang ho uena? Na u e nka ka tsela e tšoanang le eo batho ba Bojakane ba nkang bolumeli ba bona ka eona—e le tloaelo eo ba e phethang ka tšebeletso ea molomo feela? Kapa na uena, botebong ba pelo ea hao, u neetse botho bohle ba hao, bophelo bohle ba hao, ho ‘Molimo o neang tšepo’? (Ba-Roma 15:13) Na tšepo eo e se e le matla ho uena hoo e seng e tšoana le ntho e phethahetseng? Haeba ho joalo, joale e fetohile tumelo ea hao—tumelo e tla phela ka mesebetsi e metle ka ho paka ho ba bang ka tšepo ea hao.—Ba-Heb. 11:1; Jak. 2:17.

10. (a) Ke’ng se tiisang tšepo ea rōna? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokela ho thabela tšepo ea bona?

10 Joalokaha Morena ’Musi oa rōna ea Phahameng Jehova a phela ka ho sa feleng, kahoo litšepiso tsa hae li fana ka motheo bakeng sa “tšepo e phelang.” ’Me mora oa hae ea tsositsoeng, Jesu Kreste, ‘ea phelang ka mehla,’ o phaella matla tšepong eo, hobane o “pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena, kahobane o ntse a phela ka mehla ho ba rapella.” (Ba-Heb. 7:24, 25) Kahoo, moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng hore: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung. Re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lōna leholimong; lōna ba bolokoang ke matla a Molimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiselitsoe ho bonahatsoa nakong ea qetello. Ke sona seo le se thabelang haholo.” (1 Pet. 1:3-6) Ha joale re fihlile “nakong ea qetello,” ho na le lebaka le tlamang ho Bakreste ba tlotsitsoeng ho ithabela tšepong eo.

11. (a) Ke ‘tšepo efe e phelang’ eo “bongata bo boholo” le bona bo nang le eona? (b) Ke motheo ofe o tiileng o teng oa tšepo eo?

11 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” bo lebelletseng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise? Ea bona, le eona, ke ‘tšepo e phelang,’ hobane tšepiso e eang ho bona ke hore: “Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyoroa; ha ba sa tla hlola ba batoa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng; hobane Konyana e har’a terone [ea Molimo] e tla ba alosa, ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšen. 7:9, 16, 17) Ba tšepileng ‘litaba tse molemo’ joalo ba ke ke ba soaba, hobane li theiloe ka ho tiea Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. A qotsa Esaia 40:8, moapostola Petrose o itse ka “lentsoe la Molimo le phelang, le hlolang”: “Hobane nama eohle e joale ka joang, ’me khanya eohle ea motho e joale ka palesa ea joang. Joang bo ee bo omelle, ’me palesa ea jona e oe; empa lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng. ’Me ke lona lentsoe leo le le bolelloang.”—1 Pet. 1:23-25.

12. Molimo o bile mosa hakae ho faneng ka bophelo bo sa feleng?

12 Ha a itlhalosa e le molisa ea molemo ea ‘beelang linku bophelo ba hae,’ Jesu o itse, “ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa.” (Joh. 10:10, 11) Mosa ona ha o felle ho “mohlatsoana” feela, o fetohang majalefa hammoho le Kreste maholimong. (Luka 12:32) Che, ka sebele, hobane Jesu o itse: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong. ’Na ke li fa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 10:16, 28) Ho phaella “bongata bo boholo” bo lebelletseng ho feta bo phela ‘mahlomoleng a maholo,’ ho tla ba teng bahlanka ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste le libillione tsa bafu ba bang ba batho ba tla tsosoa lefatšeng ka litebello tsa bophelo bo sa feleng. (Matt. 24:21; Ba-Heb. 11:35; Tšen. 20:12) Molimo oa rōna o mosa hakaakang hore o re etsetse tokisetso ee bakeng sa bophelo!

13. Lerato la Molimo ho batho le bontšoa joang, ’me hona ho lokela ho re ama joang?

13 Mosa oa Jehova ho bontšeng lerato la hae ho batho o boetse o bontšoa mantsoeng a pelenyana a Jesu: “Molimo o ratile lefatše [la batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore a ahlole lefatše [ka boiphetetso], empa e le hore lefatše le bolokoe ke eena. Ea lumelang ho eena ha a ahloloe.” (Joh. 3:16-18) Kaha Jehova le Mora oa hae ba mosa hakana, na le rōna re ke ke ra ba mosa, ho tsebahatsa ‘litaba tse molemo’ tsena tse kholo ho ba bang?

14. (a) Ke hobane’ng ha lichaba li tšoana le ba ‘se nang tšepo’? (b) Tumelo ea rōna le ‘tšepo e phelang’ li bonoa joang?

14 Ka ho etsa joalo, re kopanela ‘mesebetsing e molemo, eo Molimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho eona.’ Ha re sa tšoana le bao Pauluse a ba hlalosang e le ‘ba se nang kabelo lipallong’ le ba se nang “tšepo” le ‘ba se nang Molimo lefatšeng.’ Ha re sa “phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba lipelo tsa bona.” (Ba-Ef. 2:10, 12; 4:17, 18) Che, hobane joale re tsamaea le Molimo, ’me ‘mesebetsi e metle,’ ea rōna e etsoang ka ho bolela le ho ruta ‘litaba tse molemo,’ e bonahatsa tumelo ea rōna le ‘tšepo e phelang’ e phallang ka botlalo lipelong tsa rōna.—Matt. 4:17; 5:16; 9:35; 24:14.

TŠEPO EA ’MUSO OA HO LOKA

15. (a) Ke hobane’ng ha ’muso o molemo o hlokahala hore re be le ‘tšepo e phelang’? (b) Ke boprofeta bofe bo khothatsang bo ngoliloeng ke Esaia ka see?

15 Tšepo ea rōna e phelang e kenyelletsa ho fetang tebello ea bophelo bo sa feleng. Nahana: E ka ba ho thabisang hakae ho phela ka ho sa feleng mebusong e sehlōhō le e hatellang ea batho, e kang e busitseng hangata paleng eohle? Ba bang ba ka mpa ba ikhethela lefu ho e-na le bokhoba bo joalo. Ka thabo, tšepo e phelang ea batho ba Molimo e akarelletsa tšepo ea ’muso oa ho loka, ’Muso oo e leng khale Bakreste ba o rapella, le o tla halaletsa lebitso la Jehova ’me o etse hore ‘thato ea hae e etsoe lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong.’ (Matt. 6:9, 10) Tokisetsong ea hae e nkileng nako ea ’muso oo, Jehova a sebelisa Morena Davida oa Iseraele ho tšoantšetsa Kreste Jesu karolong ea Hae e le Morena. Moprofeta Esaia o hlalosa eo e le “Morena oa khotso,” a re: “A holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esa. 9:6, 7.

16. Ke tiiso efe eo Gabriele le mopesaleme ba faneng ka eona ka ’Muso?

16 Lilemo tse fetang 1 000 hamorao, lengeloi Gabriele la itlhahisa ho moroetsana, Maria, le re ho eena: “U bone mohau ho Molimo. Bona, u tla emola, ’me u tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu. O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. . . . ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:30-33) Ka hona ‘Mor’a enoa oa Ea Holimo-limo’ ha a fane feela ka tsela e eang polokong ea bophelo bo sa feleng empa hape le mahlohonolo ka ’muso oa hae. ’Muso ona o tla busa batho bohle ka ho loka ’me o tlise khotso e ngata ho bafo ba oona lefatšeng ka bophara.—Pes. 72:1-8.

17. Ke hobane’ng, he, ha re lokela ‘ho tlala tšepo,’ ’me re ka bontša tšepo eo joang?

17 A supa hape linthong tse “ngoliloeng pele,” moapostola Pauluse o-oa ngola: “Esaia le eena o itse: Ho tla hlaha lehlomela la Jese [ntat’a Davida], e leng ea tla ema ho busa lichaba, ’me ba-lichaba ba tla mo tšepa. Joale, Molimo oa tšepo o le tlatse ka thabo eohle le ka khotso eohle tumelong, tšepo ea lōna e tle e ekeletsoe ka matla a Moea o Halalelang.” (Ba-Roma 15:12, 13) Ka sebele, ho tšepa ha rōna ’muso oa Molimo ka Kreste ke mohloli oa thabo le khotso ea pelo, ’me ha re tletse tšepo eo, re khothalletsoa ho bolella ba bang tšepo eo, ka matla ao moea oa Molimo o fanang ka oona.—Zak. 4:6; Esa. 40:28-31.

18. Ke pono efe e khanyang e tlang pele ho nako eo Esaia a fanang ka eona ka ’Muso?

18 Ha a bua ka “lehlomela la Jese,” Pauluse o ne a qotsa ho Esaia khaolo ea 11, e fanang ka pono ena e tlang pele ea puso ea ’muso oa Kreste: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kelello, moea oa keletso le oa matla, moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova. O tla thabela ho tšaba Jehova, a ke se ke a ahlola ka chalimo ea mahlo, leha e le ho tsoa ka ho utloa taba ea ba re. Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatše ka ’nete.” Kamor’a ho hlalosa khotso ea paradeise ea moea eo batho ba Molimo ba e thabelang leha e le hona joale, joalokaha eka libatana tse hlaha tsa lefatše li thapisitsoe, boprofeta boa bolela: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” Ke tšepo e khanyang hakaakang! Hase ho makatsang hore ebe ba bangata ba tsoang lichabeng ba retelehela ka mokhoa oa ho batlisisa ho “lehlomela la Jese,” Jesu ea beiloeng teroneng, ea ‘emeng ka mokhoa oa flaga ea lichaba.’—Litem. 1-10.

19. Ke hobane’ng, ha hona joale ka ho khethehileng re lokela ho ithabela tšepong?

19 Ho tloha selemong sa liketsahalo sa 1914, batho ba haotse har’a ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ “Mor’a motho” o fihlile, ’me mangeloi ohle a na le eena, hore a lule teroneng ea hae e khanyang ea leholimo. O tsoetse pele ho bokella lichaba bakeng sa kahlolo le ho ‘arola batho ba bang ho ba bang joale ka molisa ha a arola linku ho lipōli.’ Bakeng sa lichaba le “lipōli” ke nako ea tsieleho e se nang tšepo, empa bakeng sa batho ba utloang ba kang linku ke nako ea ho ‘lelaletsa lihloho holimo hobane topollo ea bona e haufi.’—Matt. 24:3-8; 25:31-34; Luka 21:26-28.

20. Ke ka ho etsa’ng hona joale re ka mamellang ka tšepo?

20 Leha ho le joalo, ho hlokahala mamello hore re tle re fumane phethahatso ea tšepo. Ha ‘mehla ena ea bofelo’ e atamela bofelo ba eona, ho hlokahala hore re talime lintho joaloka Jesu, joalokaha Pauluse a khothalitse: “Molimo oa mamello le oa tšeliso o ke o le nee ho ba le khopolo e le ’ngoe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste, bohle hammoho le tle le tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, ka molomo o le mong.” (Ba-Roma 15:5, 6) E se eka re ka tsoela pele, he, ka “khopolo e le ’ngoe” le ka “molomo o le mong,” re sebeletsa ka mamello, ha re bolela litaba tsena tse molemo tsa ’Muso “e tle e be bopaki ho lichaba tsohle,” re kholisehile hore “’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:13, 14) E, re ke re bee tšepo ea rōna e sa sisinyeheng ho Morena ’Musi ea Phahameng oa rōna Jehova, ‘Molimo o neang tšepo.’

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

“Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle.”

“Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela