Ho Susumetsoa ke “Tšepo e Phelang” ea Rōna
“Efela ke ka baka la eona re sebetsang, re loanang; kahobane re itšepetse Molimo o phelang, oo e leng ’Moloki oa batho bohle, haholo oa ba lumetseng.”—1 Tim. 4:10.
1. Ke hobane’ng ha Lentsoe la Molimo le lokela ho re susumelletsa ketsong?
KE KA Lentsoeng la Molimo, Bibele, moo re fumanang ‘mantsoe a thabisang le ho ngoloa ha lipolelo tse nepahetseng tsa ’nete.’ (Moek. 12:10) Mantsoe ana a thabisa haholo kaha a tsosa ka ho rōna tšepo e phelang—tšepo ea bophelo bo sa feleng tokisetsong ea ’Muso eo Morena ’Musi ea Phahameng Jehova a e lokiselitseng ka lerato le leholo hakana ka Mora oa hae, Jesu Kreste. (Joh. 3:16; Ba-Roma 15:12, 13) Joalokaha ’mokelli a ho boletse, “mantsoe a ba bohlale a joale ka litsenene,” a susumelletsa ba a utloang ketsong. Mantsoe a bohlale le tšepo ao re a balang ka Lentsoeng la Molimo ka tsela eo a lokela ho re susumelletsa hore re sebetse ka thata le ho etsa ka matla ho sebeletseng likhahleho tsa ’muso oa hae oa ho loka.—Moek. 12:11.
2. Batho ba tumelo ba ’nile ba lebella eng?
2 Ho tloha nakong eo ka eona Jehova a faneng ka tšepiso Edeneng, batho ba lumelang ho Molimo ba ’nile ba lebella letsatsi la kahlolo ha Peō ea Messia e tla khoba hloho ea Noha. (Gen. 3:15; Ba-Roma 16:20) Leo e tla ba letsatsi la kahlolo ea lefatše la Satane, le tla fihla tlhorong ka ho lopolloa ha bohle ba neng ba beile tšepo ea bona ’musong oa Jehova ka Kreste oa hae.—2 Tim. 4:1, 18; Luka 21:28.
TŠEPO E NANG LE TIISO
3. (a) Ke hobane’ng ha ena e le tšepo e nang le tiiso? (b) Ke’ng se lokelang ho re susumelletsa ho bolela tšepo ea rōna pontšeng?
3 Buka ea Bibele ea Ba-Heberu, khaolo ea 11, e fana ka lethathamo le lelelele la banna le basali ba ileng ba bontša tumelo e beang mohlala. Ba ne ba e-na le ‘tebello e tiileng ea lintho tse tšepiloeng. Tšepo eo e ne e phela ho bona, ’me ba sebetsa ka eona ha ba ntse ba lebeletse motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona. Le hoja litšepiso li sa ka tsa phethahatsoa mehleng ea bona, “ba mpa ba li bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse, ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng.” (Ba-Heb. 11:1, 10, 13) Kajeno, tšepo eo ha e sa le “hole,” hobane ’muso o haufi! Ke lebaka le leholo hakaakang he, leo re nang le lona bakeng sa ho tsebahatsa pontšeng tšepo ea rōna!—Matt. 24:14, 33.
4. Henoke o profetile eng, ’me hona ho re ama joang kajeno?
4 Ba bang ho batho bao ba neng ba e-na le ‘tebello e tiileng ea lintho tse tšepiloeng’ ba phetse nakong ea kahlolo ea Molimo, joalokaha ho le joalo ka rōna kajeno. Kahoo, Henoke o ile a profeta ka batho ba babe, mehleng ea pele ho Moroallo: “Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba likete-kete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.” (Juda 14, 15) Kahlolo eo e ne e le tšoantšetso ea kahlolo ea Molimo khahlanong le lefatše le sisimosang bonyefoling ba lona la kajeno.
5. Noe o re beetse mohlala ofe mesebetsing ea tumelo?
5 Hape, Noe, ea ileng a phelela ho feta ho phethahatseng ha Jehova kahlolo lefatšeng la banyefoli, e ne e le ‘’moleli oa ho loka.’ (2 Pet. 2:5) A etsa ka matla ho etsa mesebetsi ea tumelo, a haha “areka ho pholosa ba ntlo ea hae ’me ka tumelo eo o tsoile lefatše.” (Ba-Heb. 11:7) Noe e ne e le mohlala o motle bakeng sa rōna kajeno. Haufinyane, ‘kahlolo ea Molimo ea ho loka’ e tla bonahala, ha bao “ba sa tsebeng Molimo, . . . ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng, ba tlosoe pel’a Morena le pel’a khanya ea matla a hae.” Ha re atamela ho phethahatsoa hoo ha kahlolo, ke nako har’a linako tsohle ea ho bolela ho loka ha Jehova lefatšeng!—2 Ba-Thess. 1:5-10.
6. (a) Ke kahlolo efe ea boholo-holo e hatisang bonnete ba ‘mahlomola a maholo’? (b) Re ka pholoha kahlolo eo joang?
6 Har’a ba ileng ba ‘bolela pontšeng’ tšepo ea bona ’musong oa Molimo ke Abrahama le Sara, hape Isaaka le Jakobo. Abrahama o phetse ho feta nako ea ha Molimo o lihela Sodoma le Gomorrha kahlolo. O ne a chesehela hore Sodoma e ka bolokoa kahlolong, le haeba ho ka fumanoa batho ba fokolang hoo ba ka bang 10 ba lokileng (ba kang ngoan’a ngoan’abo Lota) motseng oo. Qetellong, Molimo oa re ho eena, “nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.” Ho tšoana le Abrahama, rōna kajeno re ka ba le tšepo ea hore ba bangata ba bolokoe ‘mahlomoleng a maholo’ a haufi. Empa che! Lefatše lena la bonyefoli le tlameha ho senngoa, joalokaha ho bile joalo ka Sodoma le Gomorrha, kahoo ho hloekisoa lefatše ha ho lokisetsoa hore paradeise e khutle. Tsela feela ea ho pholoha kahlolo ea Molimo ke ho se be ‘karolo ea lefatše,’ tumellanong le Lota le ho baleha ha lelapa la hae Sodoma pele e timetsoa ka mollo. ’Me e ka ba kotsi hape, ho retelehela hape linthong tsa lefatše. “Hopola mosali oa Lota.”—Luka 17:26-32, NW; Gen. 18:22-32; 19:15-26; Matt. 24:21; Joh. 15:19.
7. Ke tokelo efe, e kang ea Ezekiele, eo re nang le eona kajeno, ’me re ka etsa joang ka eona?
7 Har’a leru le tšepahalang la lipaki’ le hlalosoang ke Pauluse ho Ba-Heberu 11 e le le nang le ‘tebello e tiileng ea lintho tse tšepiloeng,’ ke “Samuele, le baprofeta” ba bang, ’me bana ba bontšitse sebete se sekaakang ho tsebahatseng lentsoe la Jehova! (Ba-Heb. 11:32; 12:1) Ba ne ba akarelletsa Ezekiele, ea ileng a profeta a le Babylona ka kahlolo ea Jehova khahlanong le Jerusalema e koenehileng—e leng kahlolo e phethahalitsoeng ka 607 B.C.E. Botebo ba thomo ea Ezekiele bo hlakisoa ke “lentsoe la Jehova” le ileng la mo tlela ka makhetlo a ’maloa. Le ne le re: “Ha e le seboholi, ekare ha se bona lerumo le e-tla, se sa letse phala, ’me sechaba se sa eletsoe, leha lerumo le ka tla, la ea le e mong oa bona, etlaba eo o shoele ka bokhopo ba hae, empa ke tla batla mali a hae letsohong la seboholi. Ha e le uena, mor’a motho, ke u entse seboholi sa ntlo ea Iseraele. U tla mamela lentsoe le tsoang molomong oa ka, u ba eletse ka lebitso la ka.” (Ezek. 33:6, 7; 3:17-21) Na kajeno re bona “lerumo le e-tla”? Na re ananela hore ‘tsieleho’ ea hona joale har’a lichaba e isa ka ho ke keng ha thijoa ntoeng ea Molimo Harmagedone? Joale re tlameha ho utloahatsa ‘terompeta e lemosang,’ re bontše batho tsela ea ’muso oa Molimo—tšepo feela ea bona. Ke tokelo e kaakang ea ho kopanela mosebetsing ona oa ho lemosa letsatsing lee la hona joale la kahlolo, joalokaha Ezekiele a entse joalo morao koo!—Matt. 24:3-8, 14; 25:31, 32; Tšen. 16:13-16.
‘MOPHETHAHATSI OA TUMELO EA RŌNA’
8. Mabapi le ho fana ka temoso, ke mohlala ofe o motle o beiloeng ke Jesu?
8 Kamor’a ho hlalosa “leru le lekalo la lipaki,” bao bongata ba bona ba ileng ba bolela molaetsa o lemosang mehleng ea pele ho Bokreste, Pauluse o hlokomelisa ka ‘Moemeli e Moholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.’ Mora enoa oa Molimo le eena o ile a bolela ntle ho tšabo ka ’muso oa Molimo nakong ea letsatsi la kahlolo—’me kahlolo ea phethahatsoa ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Pauluse oa re khothatsa, rōna ba phelang letsatsing le leng la kahlolo hore ‘re shebe ka matla’ le ho ‘lemoha ka matla’ mohlala oa Jesu ha a le tlas’a khatello, e le hore rōna ka bōrōna ‘re se ke ra khathala ke ho felloa ke lipelo.’—Ba-Heb. 12:1-3; Joh. 12:31.
9, 10. (a) Ke lijo life tseo Jesu a neng a li nka e le tsa bohlokoa haholo? (b) Jesu o laetse barutuoa ba hae mabapi le eng?
9 Ha ho lea mong ea kileng a sebetsa ka thata haholo ho feta Mora oa Molimo ka boeena bakeng sa likhahleho tsa ’muso oa Jehova. Ho sena o etsisitse mohlala oa Ntate oa hae oa leholimo, hobane o itse: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” Tšebeletso ea ’Muso e ne e bua haholo ho Jesu ho feta lijo tse bonahalang, hobane o ile a boela a re: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae. . . . Empa ke re ho lōna: Emisang mahlo a lōna, le talime masimo, hobane a se a soeufaletse ho kotuloa. Ea kotulang o nka moputso, ’me o bokellela bophelo bo sa feleng lijo.”—Joh. 5:17; 4:34-36.
10 Jesu o ne a bua ka ho kotula ha hae batho, ba neng ba “khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa,” ’me a bea mohlala oa mosebetsi ona oa ho kotula ha a etela metse le metsana, a bolela le ho ruta ka tšepo ea ’Muso. Hape e ne e le mosebetsi oa temoso, hobane Jesu, ha a rōma barutuoa ba hae ba 12, o ba laetse hore: “E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna. Ka ’nete ke re ho lōna: Kotlo ea ba lefatše la Sodoma le la Gomorrha e tla ba chatsi ho ea motse oo, ka tsatsi la kahlolo.”—Matt. 9:35–10:15.
‘MESEBETSI E FETISANG ENA’
11. Ke tlhaloso efe e sa tloaelehang e entsoeng ke Jesu pelenyana ho ho khokhotheloa ha hae?
11 Bosiung ba ho khokhotheloa ha hae, Jesu a bolella barutuoa ba hae ka kopano ea hae e haufi le Ntate oa hae mesebetsing, ’me a phaella ka hore: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ea ho Ntate.” (Joh. 14:9-12) Jesu o ne a supa mesebetsi efe? Ee e ne e ka ba meholo ho e entsoeng ke Mora oa Molimo joang, eena ea sebelitseng tumellanong le Ntat’ae?
12. Jesu o bontšitse joang hore na ‘mesebetsi e fetisang’ ena e ne e tla akarelletsa eng?
12 Matsatsi a seng makae hamorao, kamor’a lefu la hae le tsoho ea hae, Jesu a itlhahisa ho barutuoa ba hae Galilea, ’me a supa hore na ‘mesebetsi e fetisang’ ena e ne e tla ba efe, a re: “E-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla eohle ho isa bofelong ba lefatše.” Ka matsatsi ’ohle a 40 Jesu a tsoela pele ho ba laea ka ’muso oa Molimo, ’me he, pelenyana a nyolohela leholimong, a re ho bona: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Matt. 28:16-20, phet e ncha; Lik. 1:3-8.
13. Ke ‘bopaki bofe bo phethehileng’ bo etsahetseng mehleng ea baapostola?
13 Kahoo Jesu o buile ka mosebetsi o moholo oa bopaki le ho ruta o neng o tla fihla sekhutlong se seng le se seng sa lefatše. Hoba moea o halalelang o theohele ho barutuoa ba hae ka Pentekonta, letšolo lena la ho bolela la tsoela pele, ka tlhohonolofatso ea Jehova. La fella ka ‘bopaki bo phethahetseng’ joalokaha ho atisa ho boleloa ka bukeng ea Bibele ea Liketso. E mong oa ba ileng ba nka ketello pele mosebetsing ona ke moapostola Pauluse, eo ka tsela e loketseng a ileng a bolella baholo ba phutheho ea Bokreste e Efese hore: “Kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le e ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna; ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Lik. 20:20, 21, 24; 2:40; 10:42; 23:11; 28:23.
14. (a) Boboleli bo ne bo le boholo hakae pele ho 70 C.E.? (b) Basebetsi ba ne ba nka “borapeli” joang?
14 Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nkile mosebetsi oa ho lemosa batho le ho ruta ‘litaba tse molemo,’ hoo e leng hore Bajode ba ne ba tsebisitsoe hantle ka timetso e atamelang ea Jerusalema—e ileng ea tla ka tšohanyetso e sisimosang ka 70 C.E., joalokaha Jesu a ne a profetile. (Matt. 23:37, 38; 24:15-22) Ha nako e ntse e atamela bakeng sa ho phethahatsoa ha kahlolo eo, moapostola Pauluse o ne a ka ngola hore tšepo ea ‘litaba tse molemo’ e ne e boletsoe ‘ho babopuoa bohle ba tlas’a leholimo.’ (Ba-Kol. 1:23) Kannete, ‘bopaki bona bo phethehileng’ bo ne bo felletse ka “mesebetsi” e bileng e fetang ea Jesu! Basebetsi e ne e le bo-mang? E ne e le banna le basali ba baikokobetsi ba neng ba etellelitse pele boineelo ba borapeli bophelong ba bona. Ba ne ba ka tlatsana le moapostola Pauluse ho re: “Borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla. . . . efela ke ka baka la eona re sebetsang, re loanang; kahobane re itšepetse Molimo o phelang, oo e leng ’Moloki oa batho bohle, haholo oa ba lumetseng.” (1 Tim. 4:8-10) ‘Bopaki ba bona bo phethahetseng’ le ho nka karolo ‘mesebetsing e fetisang’ letsatsing leo la kahlolo bo ile ba hlohonolofatsoa haholo ke Molimo.
LIPAKI TSA KAJENO
15. Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o fapana joang le oo oa bolumeli ba Bojakane?
15 Letsatsing lena la ho qetela la kahlolo ea lefatše la banyefoli, le qalehileng ha ‘mehla e beetsoeng lichaba’ e felella ka 1914 C.E., bongata bo boholo ba lipaki bo koahetse lefatše lohle ho tsebahatseng lebitso la Jehova le ’muso. Mokhoa oa bona oa bopaki mabapi le tšepo ea bona o sosobanyetsoa sefahleho ke Bojakane, joalokaha baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ile ba khesa Jesu le baapostola ba hae. (Luka 21:24; Joh. 7:45-52; Lik. 5:27-29) Lipaki tsa Jehova ha lia itšetleha ka basebeletsi ba seng bakae ba bolumeli ba etelletseng pele, ba hlahisitsoeng ke liseminari tsa bolumeli, hore ba ba emele sefalaneng kapa thelevisheneng kapa seale-moeeng. Ho e-na le hoo, tsona ka botsona ke phutheho ea baboleli, ba matla ba limillione tse fetang bobeli, ba pakang motheong oa motho ka motho. Ka ntlo le ntlo, libakeng tse pontšeng, ka mokhoa o sa rereloang, ba tsebahatsa tšepo ea ‘litaba tse molemo’ eo ba e kentseng lipelong tsa bona. (Lik. 5:42; 20:20, 21; 1 Pet. 3:15) Ka botšepehi, ba bolela temoso ea hore lefatše lena le letsatsing la lona la kahlolo, le talimane le ‘mahlomola a maholo ao a kang oona a e-song ho etsahale ha e sa le lefatše le hloloa ho tla fihlela joale, ’me a ke ke a hlola a e-ba teng hape.’—Matt. 24:21, 22.
16. Jehova o khethile batho ba mofuta ofe hore ba etse mosebetsi oa hae kajeno?
16 Kahoo, mehleng ea kajeno, lipaki tsa Bakreste tsa Jehova ka thuso ea moea oa Molimo li finyelletse mesebetsi e “fetisang,” e batsi ho feta mesebetsi ea Jesu ha a le lefatšeng. Ha li itlotlise ka letho ka sena. Ho e-na le hoo, li thabile, ka bomong, hore ke batho ba mofuta o hlalosoang ke Pauluse: “Banab’eso, le lemoheng hle ho bitsoa ha lōna [ke Molimo], hobane ba bohlale ka mokhoa oa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae. Empa Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale; ’me tse fokolang tsa lefatše, Molimo o ikhethetse tsona, o tle o soabise tse matla. Hape, Molimo o ikhethetse mafeela a lefatše, le tse songoang, le tse leng sieo, o tle o tsietse tse leng teng, hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a oona.” (1 Ba-Kor. 1:26-29) Hangata ke Paki ea ’Muso e ikokobelitseng, ‘leoatla’ ka litekanyetso tsa lefatše empa e ruile tumelong, e fihlang lipelong tsa ba iphang sebaka hore ba mamele.
HO BONTŠA “TŠEPO E PHELANG” EA RŌNA
17. (a) Tumellanong le Pesaleme ea 145:10-14, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae joang selemong sa bona sa tšebeletso sa 1979? (b) Tse ling tsa litlaleho tse ntle haholo tseo u li hlokomelang chateng e mona ke life?
17 Nakong ea tšebeletso ea bona ea selemo sa tšebeletso sa 1979, Jehova ka ho babatsehang o hlohonolofalitse mosebetsi oa bopaki oa batho ba hae lefatšeng lohle, a ba thusa hore ba finyelle ‘mesebetsi e fetisang’ har’a lithibelo, mahloriso le likhatello tsa moruo. Hape, lebitso la Jehova le beetsoe bopaki bo boholo le ’muso oa hae, joalokaha chate e mona e bontša.
18. (a) Ho etsahetse joang ka kolobetso? (b) Tšebeletso ea ’Muso e beile litholoana joang? (c) Tlaleho ea Sehopotso ea 1979 e bile efe, ’me ke tšepo efe eo re nang le eona mabapi le bongata bo bileng teng?
18 Ho tsotehang tlalehong ke lenane la ba kolobelitsoeng, 113 672—keketseho ea 19,6 lekholong ho feta ba kolobelitsoeng ngohola. Keketseho e boetse e teng, palong ea Lipaki tšimong, lihora tse neetsoeng tšebeletsong ea ’Muso, maeto a ho boela a entsoeng ho batho ba khahlehang, le lithuto tsa Bibele tse tsamaisitsoeng malapeng a batho ba joalo ba kang linku. Mosebetsi ona oa ho ithuta o bea litholoana, ’me hona ho pakoa ke palo e phahameng haholo ea batho ba kileng ba e-ba teng sebokeng sa bohlokoa haholo sa selemo—ho ketekoa ha Sehopotso sa lefu la Jesu—ho le teng ba 5 323 766, keketseho ea 4,4 lekholong ho feta selemong se fetileng. Ke tšepo ea rōna hore bao e seng lipaki ba limillione tse tharo ba bileng teng ba tla tsoela pele ho ea ‘polelong ea phatlalatsa ea polokeho.’—Ba-Roma 10:8-10.
19. (a) Ke litlaleho life tse thabisang tse amang tšebetso ea bopula-maliboho? (b) Ke ka litsela life tšebeletso ea bopulamaliboho e tlatsetsang ‘mesebetsing e fetisang’?
19 Ke ho thabisang ho bona kholo e tsoelang pele har’a baboleli ba “bo-pula-maliboho” ba nako e tletseng ba ’Muso, karolelano ea khoeli ka ’ngoe e le 127 558 e le keketseho ea 10,5 lekholong holim’a 1978. Bana ba entse tlatsetso e khōlō ho finyelleng ‘mesebetsi e meholo’ ‘mehleng ena ea bofelo,’ ’me ba bangata ho bona ba hlohonolofalitsoe le ho hahuoa bakeng sa mosebetsi oa bona ke Sekolo sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho se ileng sa tšoaroa ka libeke tse peli lefatšeng lohle. (Dan. 12:4) Ba bang ba bangata, le bona ba bontša thahasello e khōlō ho ngoliseng e le “bo-pula-maliboho ba ka mehla” ba nako e tletseng. Ka Phato feela, ba 896 ba ile ba etsa kōpo ea tšebeletso ena Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, ba 777 Japane. Linaha tse ling tse ngata le tsona li tlaleha tlhoro palong ea ba kopanelang mosebetsi oa “bopula-maliboho bo thusang”—tšebeletso e eketsehileng ea khoeli feela kapa likhoeli tse ngata—’me hona ho tsoela pele ho chesehisa liphutheho ho ea ‘mesebetsing e fetisang.’
20. (a) Ke khothatso efe eo re lokelang ho e fumana Tlalehong ea Selemo sa 1979? (b) Ke joang, he, re lokelang ho nka bohato mabapi le ‘tšepo e phelang’ ea rōna?
20 Kaofela, Tlaleho ea Selemo sa 1979 ea mosebetsi oa tšebeletso e lokela ho nea Lipaki tsa Jehova kae le kae lebaka le matla la ho thaba. E lokela ho susumelletsa bohle ho kopanela ‘mesebetsing e fetisang’ ka ho feletseng, nako ha e sa le teng. E lokela ho re susumelletsa ho ‘tiisa kano ea tumelo ea rōna re sa sisinyehe,’ hore ka Jesu ka mehla re ka ‘hlahisa ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’ (Ba-Heb. 10:23; 13:15) E, e se eka “tšepo e phelang” ea rōna e ka ba ea sebele joalo ho rōna!
[Chate e leqepheng la 18-21]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1979 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)