Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/15 leq. 23
  • Mahlo a Hao a Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlo a Hao a Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 16—Nehemia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jerusalema—na e ‘ka Holim’a Lebaka la Hao la Sehlooho—la ho Thaba’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “U ’ne U Hlōle Bobe ka Botle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • O Ile a Tsosolosa Marako
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/15 leq. 23

Pesaleme

Mahlo a Hao a Hokae?

HANGATA bahlanka ba Molimo ba talimana le mathata le maemo a lekang. Ka linako tse joalo motho o hloka thuso ea Ea Holimo-limo. Na ka nako eo ka tieo u kōpa Jehova Molimo thuso, u shebelletse hore e be eena ea u tataisang?

Ena ke khothatso eo re ka e fumanang ho Pesaleme ea 123. Rea bala: “Ke phahamisetsa mahlo ho uena, ea lutseng maholimong.” (Pes. 123:1) Kaha Molimo o matla ’ohle o lula maholimong a holimo-limo, e ka ba tlhaho hore mopesaleme a bue ka ho lelaletsa mahlo holimo ha a ipiletsa hore ’Mopi a mo hauhele. A bontša lebaka la ho sheba ho Jehova, o tsoela pele: “Bonang, joale ka mahlo a bahlanka ha a talima matsoho a benghali ba bona, le mahlo a lekhabunyane ha a talima letsoho la mofumahali oa lona, mahlo a rōna a talima Jehova, Molimo oa rōna, joalo, ho fihlela a ba a re utloela bohloko! U re utloele bohloko, Jehova, u re utloele bohloko! Hobane re se re khotše sekhobo haholo, moea oa rōna o se o khotše litšomo tsa baikakasi le linyeliso tsa baikhohomosi.”—Pes. 123:2-4.

Bahlanka ba batona le ba batšehali ba sheba ka hloko matsoho a beng ba bona, ba lekanyetsa ka pono hore na ebe ba batla eng. Matsoho a benghali hape a ka fana ka se hlokahalang bophelong le ho sireletsa bahlanka. Ka ho tšoanang, bahlanka ba Molimo ba shebile oona, ba batla ho tseba thato ea hae litabeng ’me ba lakatsa ho fumana tšireletso ea hae, mohau le tlhohonolofatso.

Mopesaleme le Baiseraele bahabo ba ne ba songoa. Ka baka la tsela e tlase eo lira tsa bona li neng li ba talima ka eona, ho ne ho loketse ka ho fetisisa ho bona ho kōpa hore Jehova a ba bontše mohau. Nyeliso e neng e ba tlela e ne e tla khafetsa e seng ka seoelo. E le ngata. “Baikhohomosi” ba neng ba ikarabella ka eona ba ne ba ‘iketlile,’ ke hore, ho bonahala ho se letho le ba tšosang.

Maemo a joalo a bile teng ha ho hahuoa marako a Jerusalema tlas’a taolo ea Nehemia. Ka se neng se boleloa ke lira, Bibele e tlaleha hore: “Eitse ha Sanballate a utloa hobane re boetse re tsosa lerako, a belaela, a halefa haholo, ’me a soma ka ba-Jode. Eaba o bua pel’a banab’abo le pel’a bahlabani ba Samaria, a re: Ba-Jode bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha joale na? Na ba tla phelisa majoe ka ho a ntša liqubung tseno tse marōle, ha e le moo a chele? Tobia mo-Ammone, ea neng a eme pel’a hae, a re: ’Me seo ba se hahang, leha phokojoe e ka hloella teng, e ka heletsa lerako la bona la majoe!”—Neh. 4:1-3.

Hoa hlokomeleha hore, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea sera le litšomo, marako a Jerusalema a ile a tsosoa. Lebaka le leholo la sena e le hore Nehemia le basebetsi hammoho le eena ba ne ba shebile thuso ho Jehova. (Neh. 4:4, 5) Haeba le rōna ka ho tsoetseng pele re sheba ho Jehova bakeng sa mohau le tlhohonolofatso, ha ho mohla re tla soaba. O tla re nea seo re se kōpang.—1 Joh. 3:21, 22.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela