Morero oa ho Chesa Bibele Kajeho O-oa Hlōleha
“A a seha ka thipana ea mongoli, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le chesoa.”—Jer. 36:23.
1. Ke hobane’ng ha ho chesa Bibele e feletseng kapa karolo ea eona ho se hocha?
HO CHESA Bibele e feletseng kapa karolo ea eona ha ho hocha. Taba ea pele e tlalehiloeng e joalo e etsahetse lilemong tse fetileng tse fetang 2 600. E bile mehleng ea morena oa boraro ha ho qaloa kutung ho marena a sechaba se neng se filoe Bibele pele.
2. Ke eng se ileng sa etsa hore boprofeta bo ngoliloeng ba Jeremia e be malakabe a mollo?
2 E ne e le nakong ea mariha Jerusalema, moo Morena Jojakime a neng a orile mollo o neng o futhumalitse kamore ea hae ea borena. Hore na ho ile ha tla joang hore Bibele e Halalelang e be le karolo ea eona ea bohlokoa e fetoha patsi bakeng sa malakabe a leifo, tlaleho e nang le ʼnete e-ea re tsebisa. Re qotsa ho eona mona:
“Ka selemo sa bone sa Jojakime, mor’a Josiase, morena oa Juda, lentsoe lena le tsoang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re: U inkele maqephe a lengolo, u ngole ho ʼona mantsoe kaofela ao nkileng ka u bolella ʼona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa lichaba kaofela, e sa le mohla ke buang le uena mehleng ea Josiase, ho fihlela tsatsi lena. Ekaba ba ntlo ea Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke bo hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekhoeng ea hae e mebe, ke ba leselle bokhopo ba bona le sebe sa bona.” (Jer. 36:1-3)
Haeba re balile likhaolo tse tlang pele tse 35 tsa buka ea Jeremia, re ka ananela kamoo molaetsa oo a o ngolileng o neng o sa ratehe kateng.
3. Ke hobane’ng ha Jeremia a ne a sa leke ho iketsa khathatso, ʼme ho ne ho salletse nako e kae hore batho ba nke bohato ka boemo?
3 Kajeno molaetsa o lumellanang le seo Jeremia a ileng a bolelloa hore a se ngole ‘maqepheng a lengolo’ o ipakahatsa o sa ratehe ka eona tsela eo. Leha ho le joalo, sepheo sa molaetsa hase feela hore ho khopisoe batho, ho ba soma, ho ba tlokatloka ka ho ba bolella tlokotsi. Bakreste bao kajeno ba lumellanang le moprofeta Jeremia ha ba leke hore feela e be khathatso. Che, ba etsa tšebeletso ea pontšeng ka ho lemosa batho ka koluoa e tlelang lichaba tsohle. Hona ho ka ʼna ha susumelletsa batho ba bang hore ba bake ʼme ba fetohe ha Jehova a sa na le mohau. Ka baka lena, bana ba ka bolokoa nakong ea tlokotsi e tlang ea lefatše. Morao koo mehleng ea Jeremia sechaba sa Juda se ne se e-na le lilemo tse 18 feela ho fihlela Bababylona ba timetsa motse o halalelang Jerusalema. Kajeno, kamor’a mosebetsi oa lilemo tse 60 oa sehlopha sa kajeno sa Jeremia, Bojakane, bo neng bo tšoantšetsoa ke Jerusalema, bo na le nako e kae pele timetso ea bona e sehlōhō e qaleha ka ‘mahlomola a maholo’ bakeng sa lefatše lohle?—Matt. 24:21, 22.
HO NEHELANA MOLAETSA OA TLOKOTSI PONTŠENG
4. Hoba Jeremia a phethe ho bokella boprofeta ba hae, ho tloha qalong ho ea pele, molaetsa oa hlahisoa joang Jerusalema, hona hobane’ng?
4 Ka boikokobetso Jeremia a bolella mongoli oa hae, Baruke mor’a Neria, molaetsa. Maqephe a ngotsoeng a ne a e-na le mantsoe kaofela a Jehova ho Jeremia ho tloha selemong sa bo13 sa puso ea Morena Josiase ho ea pele, selemo seo ka sona Jehova a ileng a hlahisa moprista oa kamoso Jeremia hore e be moprofeta. Hoba maqephe a ngoloe, Jeremia a ikutloa a sitoa ho ea Jerusalema, e hole ka lik’hilomithara tse 5 ho tloha motseng oa habo oa Balevi oa Anathothe, ho ea bala molaetsa ka lentsoe le phahamileng mabaleng a tempele. Kahoo, a rōmela mongoli oa hae Baruke hore a eo etsa joalo, a phaella: “Ekaba ba tla bea thapelo ea bona pel’a Jehova, ba bake e mong le e mong mekhoeng ea hae e mebe, hobane bohale bo boholo le eona khalefo e kholo eo Jehova a e boletseng bakeng sa sechaba sena.”—Jer. 36:4-7.
5. Nako e neng e tla lokela maqephe a ngoliloeng a boprofeta ba Jeremia ha bonahala e le efe hore a baloe tempeleng ea Jerusalema?
5 Ke mang har’a rōna ea neng a ka rata ho bala ka lentsoe le phahamileng joalo pontšeng moo batho ba somang? Baruke o tlameha ebe o ile a sebelisa sebete. Leha ho le joalo, ka matla a Molimo oa hae, a ho etsa! Empa re tlameha ho hopola hore ho ile ha nka Baruke nako ho kopitsa sohle seo Jeremia a mo bolellang sona. (Jer. 36:17, 18) Kaha maqephe a ne a e-na le molaetsa o matla oa Jehova khahlanong le lichaba tsohle, ho kopanyelletsa Iseraele le Juda, ketsahalo ea phatlalatsa e ne e tla fana ka nako e loketseng bakeng sa ho bala ka lentsoe le phahamileng maqephe a joalo. Ha re re mohlomong mohla letsatsi la sechaba la ho itima lijo! Joale ba itimang lijo ba ne ba tla be ba khobokane tempeleng ea Jerusalema. Bakeng sa ketsahalo e joalo, nako e ne e lokela ho ba teng!
6. Selemong seo Jeremia a ngotseng maqephe a hae ka sona ho ile ha totobala joang hore na ke mang ea tla sebelisetsoa ho phethahatsa boprofeta ba Jeremia ka ho lihuoa ha Jerusalema?
6 Kahoo ho bala ha Baruke maqephe a phethiloeng pontšeng ha hoa ka ha etsahala ka selemo sa bone sa Morena Jojakime, nakong eo ka eona Morena Nebukadnezare oa Babylona a ileng a hlōla makhotla a Faro Neko oa Egepeta ʼme a itlhoma e le morena e mocha ea busang oa lefatše. Nebukadnezare enoa e ne e le morena oa Molichaba eo Jeremia a hlileng a mo bolela e le eena ea tla liha Juda le Jerusalema, hona ho tla lateloa ke hore naha e lule e le lesupi le se nang motho kapa phoofolo e thapileng ka lilemo tse 70.—Jer. 36:6; 25:1-11.
7. Ke ka selemo sefe le ka nako efe Baruke a ileng a bala maqephe a ngoliloeng a Jeremia tempeleng e Jerusalema?
7 Joale ho fihla selemo sa bohlano sa Morena Jojakime oa Juda. Sena se thulana le selemo sa bobeli sa Nebukadnezare e le morena oa lefatše. Tlaleho ea Jeremia 36:9, 10 e tiisa sena. E re:
Selemong sa bohlano [624-623 B.C.E.] sa Jojakime, mor’a Josiase, morena oa Juda, ka khoeli ea boroba mono o le mong [Chislev, kapa, Pulungoana-Tšitoe], ha boleloa tsatsi la ho itima lijo pel’a Jehova, la sechaba kaofela sa Jerusalema le sechaba kaofela se tsoang metseng ea Juda ho tla Jerusalema. Baruke a bala mantsoe a Jeremia lengolong, ka tlung ea Jehova, ka kamoreng ea Gemaria, mor’a Shafane, mongoli, lebaleng le kaholimo, lepatlelong la monyako o mocha oa ntlo ea Jehova, litsebeng tsa sechaba kaofela.
8. Ke ka nako efe ea selemo Baruke a ileng a phethahatsa litaelo tsa Jeremia ho eena?
8 Ho busa ha marena a Juda ho ne ho baloa ho tloha ka khoeli ea selemo ea Abibe, kapa Nisane. Khoeli ea boroba mono o le mong ea bona ea selemo, e ileng ea bitsoa Chislev, e ne e tla nakong ea mariha. E ne e tla akarelletsa karolo ea hoo re ho bitsang Tšitoe (lebitso la Selatine la eona le bolela khoeli ea bo10). Mehleng ea Maccabees “mokete oa khakolo” ea tempele ea Jerusalema o ne o ba ka la 25 Chislev, ʼme ho boleloa e ne e e-ba “mariha.” (Joh. 10:22) Ho sa tsotellehe boemo ba mariha ba khoeli ea Chislev, Baruke, mongoli oa Jeremia, a phethahatsa litaelo tsa hae tse tsoang ho Jeremia.
9. Mahosana a Juda a ikutloa joang ka maqephe a ngoliloeng ao a ileng a a balloa, ʼme a re’ng ho Baruke, hammoho le Jeremia, hore ba e etse?
9 Mantsoe a Jeremia ao Baruke a a balileng ka lentsoe le phahamileng tempeleng a a balla batho a ne a ama sechaba kaofela. Eaba mahosana a Juda a bitsa Baruke ho tla a balla molaetsa oa boprofeta. (Jer. 36:11-15) Haeba re hopola seo likhaolo tse fetileng tsa boprofeta ba Jeremia bo neng bo se bolela ka ʼmuso o ahlotsoeng oa Juda, re ka ananela hore na ke hobane’ng ha mahosana a ile a ikutloa a tšohile ha a utloa seo Baruke a a ballang sona. Ka bochaba a ikutloa a tlamehile ho bolella Morena Jojakime. Ba nka maqephe a buka ho Baruke, empa, ka mosa ho moqapi oa buka le mongoli, ba bolella Baruke hore a ipate le Jeremia. Hona ha sebetsa hantle.—Jer. 36:16-20.
TLALEHO EA PELE EA HO CHESOA HA BIBELE
10. Morena Jojakime a etsa joang ha Jehudi a mo balla buka, ʼme phello ea see ea e-ba efe?
10 Mahosana a kena ka tlung ea mariha ea Morena Jojakime ho isa tlaleho. O ne a rata ho tšoara moqolo oa boprofeta ba Jeremia ka letsoho. Eaba o romela mohlanka oa lekhotla ea bitsoang Jehudi hore a late buka tempeleng moo e neng e setse teng. Ha etsahala joang joale ha Jehudi a ntse a phuthulla moqolo ʼme a bala karolo e ʼngoe le e ʼngoe? “Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, Morena [Jojakime] a a seha ka thipana ea mongoli, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le chesoa. ʼMe morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tšoha, ha ba ka ba hahola liaparo tsa bona, ha ba utloa mantsoe ao kaofela.”—Jer. 36:21-24.
11. Boitšoaro ba Jojakime bo ile ba fapana joang le ba ntat’ae Josiase ha a ne a utloa ho baloa Deuteronoma, ʼme na Jojakime o ne a utloile Deuteronoma 17:18-20?
11 Ke hlomphollo e kaakang bakeng sa lentsoe le bululetsoeng le ngoliloeng la Molimo! Ketso ee ea Morena Jojakime ea fapana hakaakang le boitšoaro ba ntat’ae Josiase! ha ho fumanoa moqolo oa buka ea Deuteronoma joalokaha o ngotsoe ke moprofeta Moshe ha ho ne ho hloekisoa tempele e silafetseng. Josiase a re mongoli a mo balle. Josiase a e tebisa pelong ʼme a hahola liaparo tsa hae. Joale a etella batho ba hae pele ho etsa selekane se khethehileng le Jehova ho mo utloa le ho ntšetsa pele borapeli ba hae bo hloekileng. (2 Likron. 34:14-33) Ho feta moo, oona molao oo o ne o laela morena e mong le e mong oa kamoso oa Iseraele ho ngola molao o joalo hantle ʼme a o bale ka mehla a be a o boloke. (Deut. 17:18-20) Ke litšupiso life tse teng hore Morena Jojakime o ile a etsa ntho e joalo ea bomolimo? Leha e le ʼngoe! Mohlala oa hae o ne o le mobe!
12. Ke liketsahalo life tse qotsitsoeng mona ho bontša hore na kajeno ho teng leha e le bafe ba tšoanang le Morena Jojakime?
12 Na ho na le bo-Jojakime ba kajeno? E, ho ea kamoo ho chesa Mangolo a Halalelang ho amehang kateng. E, hona ka har’a Bojakane! Hopola kamoo, selemong sa 1961, koana Ejutla, Oaxaca, Mexico, moprista oa Roma e K’hatholike a ileng a hlohlelletsa bongata hore bo futuhele le ho hlompholla ntlo moo ho neng ho tšoareloa liboka tsa tsoelopele ʼme ba nka Libibele tsohle tse fumanoeng ʼme ba li chesa lepatlelong la motse. Koranta ea sebaka seo ea tlaleha hore hona ba ho entse joalokaha eka ba etsa “ketso ea tumelo.” Hape, ka Tlhakola 1962 boitsebiso bo ile ba fetisoa Portugal bo thibelang ho tsamaea ha libuka tsa Lipaki tsa Jehova ka poso. Le hoja ho ne ho se tsebiso ea molao e phatlalalitsoeng ke ʼmuso oa Mapotoketsi ea ho thibela Lipaki tsa Jehova, libuka tsa tsona tse ngata tsa bolumeli hammoho le Libibele tsa nkuoa ʼme tsa chesoa.
13, 14. (a) Ntlheng ena, ho etsahetse joang lilemong tse peli tse fetileng Argentina? (b) Ketsahalo eo e hlahisa potso efe, ʼme lebaka-baka la hore baruti ba bolumeli ba leke ho thibela Lipaki tsa Jehova mosebetsi oa Bokreste ke lefe?
13 Ka 1976 Lipaki tsa Jehova tsa thibeloa Argentina ʼme lilemong tse peli tse fetileng ntlo-kholo ea tsona ea Boenos Aires ha nkuoa libuka tse ngata tsa tsona, ho akarelletsa likopi tse 250 tsa New World Translation of the Holy Scriptures ka Spanishe. Tsena kaofela tsa rekisetsoa baetsi ba pampiri ʼme tsa khabeloa tsa belisoa ho etsa ntho e khomaretsang. Ho feta moo, ba ileng ba tsejoa hore ke Lipaki tsa Jehova ha ba tšela ba tsoa Uruguay ho kena Argentina ba amohuoa Libibele tsa bona, ʼme tsa chesoa. Liketsahalo tse ling tsa ho chesoa ha Bibele li ka ʼna tsa tekoa ka pel’a babali ba rōna, empa hona hohle ho hlahisa potso.
14 Hantle ke eng e etsang hore Bibele e bonahale e le sebetsa se kotsi ha e le matsohong a Lipaki tsa Jehova, hoo le linaheng tse ipitsang tsa Bokreste, e ka nkuoang ntle ho mabaka joalo ʼme e senngoe? Na ebe ke hobane batho ba nang le moea oa bochaba ba talima Lipaki tsa Jehova joaloka Morena Jojakime ha a ne a talima Jeremia le Baruke—e le kotsi ea bopolotiki e khukhunelang Naha, basitisi ba bohato ba sechaba ba ho itšireletsa? Sena ke seo baeta-pele ba Bojakane ba bolumeli ba ratang ha mekha ea bopolotiki le e meng ea Naha e ka se lumela! Empa lebaka la sebele leo ka lona bahlanka ba ʼmuso le baruti ba bolumeli ba batlang ho ntša Lipaki tsa Jehova tšebetsong ea Bokreste ke lena: Li sebeletsa Molimo o le mong le o neng o sebeletsoa ke Jeremia le Baruke, ʼme ka Mangolong a Seheberu li fumana molaetsa oa Molimo o tšoanang le oa moprofeta Jeremia. Joale, ho tšoana le Jeremia, li utloa molao oa Jehova joalokaha o beiloe ka mangolong ao a bululetsoeng ʼme li bolela molaetsa oa Hae o tsoang tsamaiso ea hona joale ea lintho e mpe, ho kopanyelletsa le Bojakane le mekha eohle ea bolefatše eo bo leng kamanong e haufi le eona, hore e bo tšehetse ka matla. Kahoo, Ho fele Lipaki tsa Jehova tse pepesang Bojakane!
15, 16. (a) Ke liketsahalo life tsa lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. tseo re nang le tsona ho bontša hore na ke bahlanka bohle ba ʼmuso ba tsamaisanang le ho khathatsoa ha Lipaki tsa Jehova? (b) Jehova a etsetsa bahlanka ba hae eng?
15 Ho ʼnile ha e-ba teng ʼme ho sa ntsane ho le teng bahlanka ba ʼmaloa ba ʼmuso ba sa eeng le baokameli ba bona tlhorisong ena e sa itlhompheng ea Lipaki tsa Jehova. Baa ipiletsa, ka kelello ea ho se ee ka leeme le ka baka la ho hlompha Molimo oo Bakreste bana ba harasoanngoang e leng lipaki, empa ho se thuso. Hona ho itšoanela hantle le tabeng e totobetseng ea lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. “Empa Elnathane, le Delaia, le Gemaria, ba ne ba rapetse morena hore a se ke a chesa maqephe a lengolo; a mpa a sa ka a ba utloa. ʼMe morena a laela Jerahmeele, mor’a morena, le Seraia, mor’a Azriele, le Shelemia, mor’a Abdeele, hore ba tšoare Baruke mongoli le moprofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.”—Jer. 36:25, 26.
16 Morena Jojakime a se ke a romela mojalefa oa hae oa borena Jojakine empa “mora” oa hae Jerahmeele hammoho le bahlanka ba bang ba babeli ho ea batla Jeremia le mongoli oa hae. Boikemisetso ba morena ho totobetse hore bo ne bo le bobe. Empa moo ba neng ba ipatile teng Jehova o ne a sa batle ho lumella hore ba fumanoe, le haeba ke Jerusalema kapa Anathothe e haufi kapa kae-kae. Qalehong ea mosebetsi oa hae oa boprofeta, Jeremia o ne a tiiselitsoe litaba ke Jehova: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”—Jer. 1:19.
17, 18. (a) Ho ea ka boprofeta ba pelenyana ba Esaia 40:8, sepheo sa Jojakime sa ho chesa Bibele se ne se tla tsoella joang? (b) Jeremia a laeloa ho ngola eng moqolong o mong ka Jojakime?
17 Lekholong la lilemo pele ho Jeremia, moprofeta Esaia o ile a ngola: “Lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.” (Esa. 40:8; 1 Pet. 1:25) Kahoo ho chesa ha Morena Jojakime maqephe a moqolo oa Jeremia ho ne ho tla hloleha morerong oa hona, hobane Molimo o ile oa bona hore ho ba joalo. Oa rera hore rōna kajeno re be le boprofeta bo feletseng ba Jeremia, lilemo tse fetang likete tse peli le makholo a mahlano hamorao. Ho ipakahalitse ho le joalo joang? Jeremia o-oa re bolella ha a sa ntsane a patiloe ke Jehova le Baruke.
18 “Eaba lentsoe la Jehova le tla ho Jeremia, ha morena a setse a chesitse maqephe a lengolo le nang le mantsoe ao Baruke a neng a a ngolile ka molomo oa Jeremia, le re: U boele u inkele maqephe a mang, u ngole ho ʼona mantsoe kaofela a pele, a neng a le teng maqepheng a pele a chesitsoeng ke Jojakime, morena oa Juda. ʼMe bakeng sa Jojakime, morena oa Juda, u bolele, u re: Ho itsoe ke Jehova: U chesitse maqephe ao a lengolo, ua re: U ngoletse’ng ho ʼona taba e reng: Ka ʼnete ho tla tla morena oa Babylona, a senye lefatše lena, a le hlokise motho leha e le khomo? Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena oa Juda: A ke ke a ba le mora ea tla lula teroneng ea Davida, ʼme setopo sa hae se tla lahleloa kantle komellong ea letsatsi le serameng sa bosiu. Ke tla mo otla eena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokhopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ea Juda bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utloa.”—Jer. 36:27-31.
19. Ho utloa molao oa Molimo ha bolela mosebetsi oa mofuta ofe bakeng sa Jeremia le Baruke, ʼme maqephe a bobeli a ne a le maholo hakae?
19 Ho utloa taelo ea Molimo ho ile ha bolela mosebetsi oa sekhukhu bakeng sa moprofeta le mongoli oa hae, empa na Jeremia o ile a utloa? “Eaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mor’a Neria, mongoli, ʼme a ngola ho ʼona, ka molomo oa Jeremia, mantsoe ʼohle a lengolo leo Jojakime, morena oa Juda, a neng a le chesitse mollong; ha ba ha eketsoa mantsoe a mangata a joale ka a pele.”—Jer. 36:32.
20. Jojakime o ile a epeloa joang lefung, ʼme na mora oa hae Jojakine o kile a ba le bara ba hloellang teroneng ea Jerusalema?
20 Kamoo litaba li ileng tsa tsamaea kateng, Jojakime a oeloa ke lefu le lihlong ʼme a se ke a epeloa mabitleng a marena a Jerusalema, joalokaha ho ne ho ka ba joalo ka esele. (Jer. 22:18, 19) Mora oa hae Jojakine (kapa, Konia) a busa ka likhoeli tse tharo feela le matsatsi a leshome Jerusalema ʼme a ineela ho Bababylona ʼme a isoa Babylona, moo a sa kang a khutla. (Jer. 22:24-30; 37:1) Ho ea fihla ho timetsoeng ha tempele e tsositsoeng ea motse oa Jerusalema ka Baroma ka 70 C.E., ha ho ngoana oa Jojakine, mor’a Jojakime, morena oa Juda, ea ileng a hloella teroneng ea borena Jerusalema. Mantsoe a Jeremia a boprofeta, ao a a ngotseng a le sekhukhung, a phethahala!
21. Ha li lelekeloa sekhukhung, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li etsa joang, ʼme ho chesa Bibele kajeno ho ipakile ho sebetsa hakae?
21 Mehleng ena Lipaki tsa Jehova li leleketsoe sekhukhung linaheng tse ngata. Ha Libibele tsa bona le tseo ba li sebelisang li nkuoa ʼme li chesoa, li etsa joang? Li hatisa Libibele tse ngata kapa li nka liphetolelo tse ling tsa Bibele ’me li li sebelise. Le haeba e le ka sekhukhung, haeba ho hlokahala, li ntse li bolela molaetsa oa tsuo khahlanong le lefatše le nyefolang Molimo o tšoanang le o neng o boleloa ke Jeremia. Ho chesoa ha Bibele, hore ho khutsisoe Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, sepheo sa hona se hlōlehile. Leha e le hore ho li tsositse hore li ka aba libuka tsa Bibele kapa hona hore ho ka thibela Lentsoe la Jehova hore le ka fetoha ’nete ka matla linakong tse thata tse tlang! Bahanyetsi ba ipaka feela hore ba lokeloa ke timetso ea ka ho sa feleng ka nako eo!
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Jojakime o chesa lentsoe la Molimo—mohlala o lateloang kajeno