Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 8/15 maq. 21-25
  • Mokete o tla Ketekoa ke Matšoele-tšoele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokete o tla Ketekoa ke Matšoele-tšoele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITEBELLO TSA KAMOSO TSA MOKETE
  • Khanya ea Mokete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lintlha Tsa Bohlokoa Tsa Mekete Tsa Histori ea Baiseraele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tlhōlo ea Borapeli ba ’Nete ea Atamela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Mekete ea Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 8/15 maq. 21-25

Mokete o tla Ketekoa ke Matšoele-tšoele

1. Ke bopaki bofe bo emelang ho kopanela ha “linku tse ling” moketeng oa sebele oa metlotloane bo hlahetseng ka 1931? Le ka 1932?

NA “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, li kena ho ketekoeng ha mokete oa sebele oa metlotloane? Bopaki bo thabisang ke ba hore li etsa joalo ka nako eo Molimo o li beetseng eona. Khanya ea mokete e bonahetse ka 1931 boprofeteng ba Ezekiele, khaolo ea 9. Ea senola hore batho ba bobolang bao monna ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli lehlakoreng la hae a ba tšoaeang liphatla ke ntho e le ’ngoe le “linku” tsa setšoantšo sa Jesu sa Mattheu 25:31-46. Khanya e tsoelang pele ea mokete e senotsoeng ka 1932 ea senola hore sona sehlopha sena sa “linku” se ne se ile sa tšoantšetsoa pele ka Jonadabe mor’a Rekabe, eo e bileng motsoalle oa moahloli oa Jehova, Morena Jehu oa Iseraele.—2 Mar. 10:15-28; Jer. 35:1-19.

2. (a) Boprofeteng ba Jesu ka “ho fela ha lefatše,” ke pokello efe hape e neng e lokela ho ba teng ka nako eo ntle ho ea Mattheu 24:31? (b) Ka 1935, ke’ng e susumelitseng mosebetsi ona oa ho bokella haholo?

2 A re hopoleng hore Jesu o fane ka setšoantšo se ho Mattheu 25:31-46 e le karolo ea “pontšo” e neng e tla tšoaea “boteng” ba hae bo sa bonahaleng le “ho fela ha lefatše.” (Matt. 24:3) Ka tsela ena Jesu o hlile a bolela hore ho tla bokelloa ba bang ntle ho “bakhethoa” ba Mattheu 24:31 nakong ena ea “ho fela ha lefatše.” Ho bokelloa ho joalo ha bao ba etsetsang “bakhethoa” botle ho qalile selemo ka 1935. Ho hlileng ha fana ka matla pokellong ke puo e fanoeng ka Labohlano, la 31 Motšeanong, 1935, kopanong e neng e phatlalalitsoe haholo ea Lipaki tsa Jehova e ileng ea tšoareloa Washington, D.C., eo sehlopha seo ho thoeng ke sa Jonadabe se ileng sa e memeloa ka ho khetheha.

3. (a) Puo e fanoeng ka nako eo e ne e bua kang, ’me ha kolobetsoa ba bakae hamorao? (b) Phethahatso ea Mattheu 25:31-46 joale ea fetoha karolo ea “pontšo” efe?

3 Tsatsing leo mookameli oa Watch Tower Society a bua ka sehloho “Bongata bo Boholo” ’me a bua ka boprofeta ba Tšenolo 7:9-14. A tsebahatsa “bongata bo boholo” e le ntho e le ’ngoe le “linku” tsa setšoantšo sa Jesu se ho Mattheu 25:31-46. Tlhaloso ena ea etsetsoa litlatse tsa thabo ke masala a tlotsitsoeng le bao ba sehlopha sa Jonadabe. Ka le hlahlamang ha etsoa kolobetso, ’me ha e-ba teng ba 840 ba tšoantšetsang boineelo ba bona ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing. Bongata ba bana ba ipaka e le “linku” tse iketsang metsoalle ea “baena” ba moea ba Morena Jesu Kreste. Hona joale ha fetoha karolo ea “pontšo” e pakang hore Jesu Kreste ea busang o teng a sa bonahale le hore hape re phela ‘ho feleng ha lefatše.’

4. Boitsebiso ba fetisetsoa ho “linku” tsohle joang, ’me joale ke mosebetsi ofe oa pokello oo joale o ileng oa tsoela pele?

4 Boitsebiso bona ba phatlalatsoa lefatšeng lohle ho ea ho ba kang linku ka hore bo phatlalatsoe litokollong tsa Watchtower tsa la 1 August le la 15, 1935. Kahoo ho bokelloa ha sehlopha sa Jonadabe ha tsoela pele ka tumello e fanoeng ke Jehova Molimo.

5. (a) Ho tloha ka nako eo mosebetsi oa ho bokella o atolohile hakae? (b) Empa ke mosebetsi ofe oa pele oa ho bokella o sa kang oa emisa?

5 Ho sa tsotellehe litšitiso tsohle tse bakiloeng ke Ntoa ea II ea Lefatše ea 1939 ho ea ho 1945 le mahloriso a sisimosang a Lipaki tsa Jehova linakong tseo tse mahlonoko, pokello ea “linku tse ling” e hotse ho ea mosebetsing o linaheng le lihlopheng tsa lihlekehleke tse fetang 200. Leha ho le joalo, bo bokelloa ha bao ba “bongata bo boholo” ha hoa ka ha emisa ho bokelloa leha e le hofe ho tsoelang pele ha litho tsa sehlopha sa Ruthe le Esthere. Che, empa “makala” a eketsehileng a tšoaneloang ke ho ba karolo ea “sefate sa morara” sa Kreste a ’na a bokelloa. (Joh. 15:1-8) “Makala” a eketsehileng a ’na a bokelloa hore a tlamelloe ‘sefateng sa tšimo ea mehloare’ sa tšoantšetso joalokaha se hlalositsoe ho Ba-Roma 11:17, 24.a—Deut. 16:13.

6. (a) Jehova o itse boemo ba batho e tla ba bofe nakong ea mokete ona oa khoeli ea bosupa? (b) Na mokete oa metlotloane le mokete oa kotulo e ne e le mekete e fapaneng, o mong le o mong o iqalla ka nako esele?

6 Kahoo ho tloha ka 1919 ho ea pele ruri e bile mokete oa sebele oa kotulo, o tšoauoa ka thabo eo e neng e le tšobotsi e khethehileng ea mokete oa boholo-holo oa metlotloane. Mantsoe a Jehova ka baketeki ba mokete oa metlotloane ea e-ba molao: “U tla thaba ka ’nete.” (Deut. 16:15) Mona re se ke ra lebala hore mokete oa metlotloane le mokete oa kotulo ke mokete o le mong, mokete o mong o sa qale kamor’a hore ebe o mong khale o qalile. Mokete oa kotulo o ne o tsoela pele ka nako e le ’ngoe le ho lula metlotloaneng. Setšoantšong sa boholo-holo sa mokete oa matsatsi a supileng nakong ea khoeli ea bosupa o ne o neoa mabitso a mabeli feela hobane ho lula metlotloaneng ho ne ho lokela ho etsahala nakong ea kotulo ea khoeli ea bosupa, Tishri (Ethanime). Kaha, setšoantšong sa boholo-holo, kotulo e ne e le ea Baiseraele, ho ne ho loketse bakeng sa phethahatso ea mokete oa kotulo hore e qale ka 1919 ka ho kotuloa ha ba neng ba tšoantšetsoa ke Baiseraele ba tlhaho, e leng, masala a Baiseraele ba moea.—Bapisa The Watchtower, July 15, 1967, maqephe 441, 442.

LITEBELLO TSA KAMOSO TSA MOKETE

7. Ke Hobane’ng ha litebello tsa kamoso tsa mokete oa metlotloane li le ntle?

7 Litebello ke life bakeng sa mokete oa sebele oa metlotloane, kapa oa kotulo, oo re seng re kene ho oona? Tse ntle! Hobane’ng? Hobane ‘mahlomola a maholo’ a tlang le ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone li ke ke tsa khutsisa thabo ea mokete oa rōna. (Matt. 24:21; Tšen. 16:14, 16) Boprofeta ba Bibele bo bontša hore mokete oa sebele o tla tsoela pele o sa emisoe ho ea kena Taolong e ncha eo Jehova Molimo a tla e kenya ka Morena le Mohlabani oa hae ea hlolang, Jesu Kreste. Baphonyohi ba ntoa ea Jehova Harmagedone, e leng, masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” ba tla ntšetsa pele mokete ho kena ka Taolong e Ncha ea ho loka.b

8, 9. Masala a pholohileng a tla lula lefatšeng halelele hakae, ’me Zakaria 14:16-19 e a nea pono efe ka mokete oa metlotloane?

8 Hore na masala a tlotsitsoeng a tla lula halelele hakae lefatšeng Taolong e Ncha e sebetsang e le “bajaki” ho fihlela ba halaletsoa ’musong oa leholimo, ha a ho tsebe. Empa pono ea oona e thabileng ea hona joale ho keteka mokete ha a sa lutse lefatšeng e theiloe hantle Lentsoeng la Jehova la boprofeta. Ka mohlala, ho Zakaria 14:16-19 baketeki bana ba mokete oa sebele oa metlotloane baa eketsoa nakong ea hona joale:

9 “’Me masala ’ohle a lichaba tsohle tse neng li futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ea rapela Morena, Jehova oa makhotla, le ho etsa mokete oa Metlotloane. Ha e le ba meloko eohle ea lefatše ba sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho ea khumamela Morena, Jehova oa makhotla, ba ke ke ba nesetsoa pula. Ba moloko oa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otloa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka eona lichaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete oa Metlotloane. E tla ba eona kotlo ea sebe sa Egepeta le ea sebe sa lichaba tsohle tse sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho etsa mokete oa Metlotloane.”

10. Ha lichaba tsohle li hlasela Jerusalema ea sebele ka lekhetlo la ho qetela, ke bo-mang ba tla sala ba phela lefatšeng ’me ke bo-mang ba tla shoa?

10 Ke mang, joale, motho ea hlalosoang e le “masala ’ohle a lichaba tsohle tse neng li futuhetse Jerusalema”? Leha e le masala a tlotsitsoeng a Baiseraele ba moea, kapa metsoalle ea oona, “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle ’me bo nka borapeli ba Jehova pele lichaba li hlasela Jerusalema ea sebele. Masala le “bongata bo boholo” ke bona ba oelang tlas’a tlhaselo e kopanetsoeng e etsoang ke lichaba hobane ba lula ba tšepahetse ho “Jerusalema oa leholimo.” (Ba-Heb. 12:22) Litemana tse tlang pele (Zak. 14:1-15) li hlalosa kamoo Molimo o loanang le lichaba tse hlaselang le kamoo o tiisang borena ba oona holim’a lefatše la rōna. Tšenolo 19:11-21 e bontša kamoo lichaba, ntle ho khethollo, li tla hlasela ba lefatšeng ba tšoarellang ho “Jerusalema oa leholimo,” le hore ha ho le se seng lichabeng tseo se tla pholoha ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone. E seng le bao, kamoo re ka bolelang ba lulang malapeng empa ba tšehetsa makhotla a tsona a ntoeng, ba ke ke ba pholoha, haholo ka ho phutheloa ha batho bohle bakeng sa ntoa.

11. Harmagedone lira tsohle li tla timetsoa ho isa kae, hona hobane’ng?

11 Ntoeng ea Molimo Harmagedone lira tsohle tse joalo li tla timela ka ho sa feleng, ho se tokisetso ea hore li tla tsosoa. (Matt. 25:31, 32, 41-46; Esa. 66:23, 24; Ba-Roma 6:9; 1 Ba-Kor. 6:9, 10) Litopo tsa bona li tla tšoana le litopo tse siiloeng lebaleng la ntoa joaloka libolu tse saletseng ho jeoa ke linonyana. (Tšen. 19:17-21) Ho latela eng kamor’a moo?

12. Ka Mangolo, he, ho boleloa bo-mang ka “masala ’ohle a lichaba tsohle tse neng li futuhetse Jerusalema”?

12 Mona joale ho tla monyetla oa ea boleloang ka “masala ’ohle a lichaba tsohle tse neng li futuhetse Jerusalema.” (Zak. 14:16) Ebe joale ke mang eo? Ka Mangolo ke ‘bohle’ ho matšoele-tšoele a batho ba shoeleng ba shoeleng pele ho ‘mahlomola a maholo’ a hlileng a boleloa le ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ea oona ea Harmagedone le bao tšepo e leng teng bakeng sa bona ea tsoho ea lefatšeng.c Jesu Kreste o buile ka nako ea tsoho bakeng sa “bohle ba mabitleng.” (Joh. 5:28, 29; Tšen. 20:12, 13) Ba se nang palo bao pele e neng e le Baegepeta ba tla balelloa har’a ba tla tsosoa, empa ka nako eo ho tla be ho se karolo ea naha e tla beng e bitsoa Egepeta, kapa karolo leha e le efe ea bosechaba ea mehleng e fetileng.

13. Tlas’a ’muso oa Kreste, ke tlhokomelo efe e loketseng ea lintho e lokelang ho etsoa ke ba tsoselitsoeng lefatšeng, kapa, ho seng joalo, ba ka hlaheloa ke eng?

13 Tlas’a ’muso oa Kreste oa lilemo tse sekete bohle ba tsosetsoang lefatšeng ba tla rutoa bolumeli bo le bong ba ’nete. Na bohle ba tla lumellana le bona? Hore mang kapa mang a fumane bophelo bo sa feleng o tla tlameha ho tla tlas’a tempele ea Jehova ea moea e amanang le “Jerusalema oa leholimo.” O tla tlameha ho keteka mokete oa sebele oa metlotloane lebaleng la tempele le lefatšeng moo “bongata bo boholo” ba baphonyohi ba lefatše ba Harmagedone bo seng bo ntse bo iphumana bo le hona teng. (Tšen. 7:9-15) O tla tlameha ho hlokomela “mahosana lefatšeng lohle” ao Morena Jesu Kreste a tla a khetha ho tsamaisa litaba tsa lefatše. (Pes. 45:16) Ka holim’ tsohle, ba tsosetsoang lefatšeng ba tla hlokomela Jehova e le Molimo le Morena oa Bokahohle, e le “morena oa lefatše lohle” ka Jesu Kreste. (Zak. 14:9) Ho seng joalo, Monesi e Moholo oa pula Jehova a ke ke a ba tšollela mahlohonolo a hae ka Kreste. (Zak. 10:1) Bakeng sa ba seng lehlohonolo joalo hona ho tla tšoana le ho phela sebakeng se otliloeng ke komello, hona ho bolela lefu qetellong.

14. Hore mang kapa mang a otloe ke Jehova nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete ho tla bolela eng?

14 Hape ho tla beng ho le teng hore Jehova a ho sebelise ke “kotlo” e tšoanang le eo a ileng a otla lichaba ka eona tse neng li loantša ‘Jerusalema ea hae ea leholimo.’ (Zak. 14:12-15) Ho otla ha hae bahanyetsi ba manganga joalo ba borapeli ba ’nete ho tla bolela lefu la bona la ka ho sa feleng, le haeba hona ho etsahala pele puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000 e felella. Baetsalibe ba otliloeng joalo ba ke ke ba tsoella ho fihlela qetelong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete ’me kamor’a moo ba be le sebeka sa ho lokafatsoa ke Jehova Molimo ho isa bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Bolulo ba bona ba nakoana tlas’a ’muso oa Kreste bo felloa ke sepheo sa bona.

15. Masala a pholohileng a Baiseraele ba moea a tla fumana tšebelisano ea bo-mang nakong ea thomo ea oona taolong e Ncha?

15 Ha Taolo e Ncha e kena, masala a pholohileng a Baiseraele ba moea a tla be a ntse a lutse litenteng joaloka “bajaki” ba nakoana lefatšeng. Ba tla be ba lebelletse ho fallisetsoa lefeng la bona la leholimo ho tloha lefatšeng, hore ba eo ba le Kreste le marena le baprista ba hae. (Tšen. 20:4-6) Empa nakong ea boromuoa ba bona ba kamorao ho Harmagedone lefatšeng ba tla sebelisana ka botšepehi le sehlopha sa “morena,” “mahosana lefatšeng lohle,” ho laoleng mokete oa sebele oa khoeli ea bosupa, oo oa metlotloane.d—Ezek. 45:17, 25.

16. (a) Litho tse ngata tsa sehlopha sa “morena” li tla nkoa har’a bo-mang? (b) E tla ba thabo e khethehileng bakeng sa masala a pholohileng ho utloa tokelo efe le bona?

16 Litho tsa sehlopha sa “morena” li tla nkoa har’a “bongata bo boholo” ba ba kang linku ba pholohang ‘mahlomola a maholo’ le masala a tsoetsoeng ka moea. (Tšen. 7:1-15) Bana ba tla bona tsoho ea matšoele-tšoele a bafu ba batho le ho bokelloa ha bona mabaleng a lefatšeng a tempele ea Jehova ea moea bakeng sa ho ketekoa ha mokete oa metlotloane phethehong. E tla ba phihlelo e thabisang hakaakang bakeng sa masala a moea hore a ’ne a lule lefatšeng ho fihlela ho qaleha pokello eo ea mohlolo joalokaha e bontšitsoe ho Zakaria 14:16-19! Ka thabo e ke keng ea boleloa ba ne ba tla kopanela moketeng oa lefatše lohle le bana bohle ba lopolotsoeng ka mali a bohlokoa a “Konyana ea Molimo,” ‘Kreste paseka ea rōna.”e—Ezek. 44:3; 45:7–46:18; 48:21, 22.

17. (a) Ke hobane’ng ha ho ketekoa ha mokete pusong ea lilemo tse sekete tsa Kreste ho ke ke ha ipaka e le ha lefeela? (b) Boemo e tla ba bofe boo ho bona ba ahileng lefatšeng, ba ntse ba phela, bo tla beng bo ile ba tšoana le ba baeti ba lulang litenteng?

17 Ho ketekoa ha mokete e ke ke ea e-ba ha lefeela, hobane, ho ea qetellong ea lilemo tse sekete tsa puso ea Kreste, bohle ba phelang lefatšeng ba tla khumamela Jehova, ba mo rapela lebaleng la lefatše lohle la tempele ea hae e khōlō ea moea e amanang le “Jerusalema ea leholimo.” Joale o tla neoa “’muso” ke Mora oa hae Jesu Kreste, eo ka katleho a tla beng a phethile puso ea hae ka lilemo tseo a li abetsoeng tse sekete, (1 Ba-Kor. 15:24-28) Bona e tla ba boemo ba lefatše boo baahi bohle ba lefatše ba neng ba le leetong ho ea ho bona, joaloka baahi ba litenteng.

18. Kabelo ea ba fetang teko ea ho qetela ea Jehova e tla ba efe?

18 Mothating ona ho fihla teko ea ho qetela le e lekanyetsang litaba ea botšepehi ba bona ho Jehova e le Morena oa Bokahohle. Ba hlōlehang tlas’a teko joale ba tla timetsoa ka ho sa feleng. Ba tumisang Jehova ka hore ka botšepehi ba fete teko ena e kholo haholo ba tla fumana tokelo ea ho haha lefatšeng la Edene ka ho sa feleng. E ke ke ea hlola e e-ba ba ahileng litenteng, “baeti,” lefatšeng. Bolulo ba bona lefatšeng la paradeise e tla ba ba ka mehla. (Tšen. 20:7-15) Thabo ea bona eo ba e fumaneng nakong ea ha ho ketekoa mokete oa sebele oa metlotloane e tla tsoela pele ka ho sa feleng lefatšeng lena leo e leng bonamelo ba Molimo le Morena ea thabileng, Jehova.—1 Tim. 1:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona litlaleho tsa selemo le selemo tsa Sehopotso ka palo ea ba jang ho tloha ka 1945 ho ea ho 1977.

b Bakeng sa boitsebiso bo bong ka katoloso ea “mokete oa metlotloane” ho kena ka lilemong tse sekete, bona buka Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!, khaolo ea 22, ’me haholo maqephe 400 ho ea ho 402; hape bapisa maqephe 53-57, 79-90 le 106-115. Bonnete ba Bokreste bo neng bo hlile ba tšoantšetsoa ke mokete ona bo qalile ho phethahala ho tloha ka letsatsi la Pentekonta, 33 C.E. Thabo ea phutheho e ile ea fifatsoa ha koeneho e khōlō e kenella. Leha ho le joalo, ka ho lokolloa ha Baiseraele ba moea ho Babylona e Moholo ka 1919, kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše, pokello, pele ea masala a tlotsitsoeng joale ea “bongata bo boholo,” ea tsosoa, hammoho le ‘mokete oa eona oa metlotloane,’ oa sebele. Ona ke mokete o tsoelang pele, o ketekoa ‘selemo le selemo,’ ho fihlela tsohong ea bafu. O tla fela feela kamor’a teko ea ho qetela ea batho ba phethahetseng, ha bohle ba thulaneng le teko ka katleho ba fetoha baahi ba ka mehla lefatšeng. Bona hape The Watchtower, 1967, maqephe 440-443; 1972, maqephe 710-723; 1977, le qephe 541, le Aid to Bible Understanding, maqephe 573 ho ea ho 576.

c Bona Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!, khaolo ea 22, tlas’a sehlohoana “Advisability for Nations to Join in the Festival,” maqephe 398-401.

d Bona buka ea Watch Tower Society Vindication, Moqolo III, tlas’a sehlohoana “Earth’s Prince,” maqephe 285-293.

e Bona Paradise Restored to Mankind—By Theocracy! leqephe 401, ser. 17.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela