Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/15 maq. 3-4
  • Ke Mang ea Batlang Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Batlang Bohloko?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOHLOKO BA ’MELE BO KA BA MOLEMO
  • BOHLOKO BOO HO SENG MOTHO EA BO LAKATSANG
  • Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
    Tsoha!—1994
  • HO Tlang—Lefatše le se Nang Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Khatelo-pele Phekolong ea Bohloko
    Tsoha!—1994
  • Hase Feela Sera se Sehlōhō
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/15 maq. 3-4

Ke Mang ea Batlang Bohloko?

MOROETSANA o ne a le bohlale ’me a bonahala a phela hantle. Leha ho le joalo o ne a sa tšoane le ba bang. E le seithuti univesithing, o ile a makatsa litsebi tsa tšebetso ea methapo tsa Canada. Leha a ne a hlajoa ka linale, kapa a etsoa hore a tsitsipane ke motlakase, o ne a sa utloe bohloko.

“Joale,” kamoo ho tlalehang Science Digest, “ka la 28 Phato, 1955, a kena sepetlele, a tšoeroe ke boloetse bo matla ba ho tšoaetsoa; ka lekhetlo la pele bophelong ba hae, o ne a utloa bohloko ’me a fuoa meriana e bo kokobetsang. A shoa kamor’a matsatsi a mabeli, a le lilemo li 29, ’me ha ho hlahlojoa boko ba hae ha fumaneha hore bo phela hantle le methapo ea hae e phela hantle.”—July 1978, leq. 35.

BOHLOKO BA ’MELE BO KA BA MOLEMO

Lefatšeng lohle ho ka ’na ha e-ba teng batho ba makholo, kapa bona ba likete, ba sa utloeng bohloko ba ’mele. Ha u nahana ka ho opa ha mokokotlo, likotsi le tse joalo, mohlomong u nahana hore e ka ba lehlohonolo haeba ’mele ua hao o sa utloe bohloko. Ha e le hantle, u ka ’na ua re, ‘Ke mang ea batlang bohloko?’

Empa ho ka ba joang haeba u ka nonyetseha leqaqailana? Ha re re mohlomong u oa oa ’me o robeha letsoho. Kapa haeba u ka tšoaroa ke bohloko bo matla bo tšoaetsoang? Ka ho totobetseng, ho ka ba hotle ho utloa bohloko e le hore ’mele ua hao o arabele ’me ho nkoe mehato ea pheko ntle ho tieho. Ka baka leo, matla a ho utloa bohloko (joalokaha ho etsahala ha u ama sebaka se chesang ntle ho ho hlokomela) ho ka fella ka bohato bo ka thibelang kotsi e khōlō. Ha e le hantle, ho se utloe bohloko ho ka bea bophelo ba hao kotsing. Bohloko bo ka u etsetsa molemo.

BOHLOKO BOO HO SENG MOTHO EA BO LAKATSANG

E, matla a ho utloa bohloko ba ’mele a ka ba molemo. Empa ho thoeng ka bohloko ba kelellong le boikutlong ba botho? Hangata bohloko ba mofuta ona ke bo phehellang le bo kokonang ka ho fetisisa. Meriana, lipheko le ho buoa li ka ’na tsa theola kapa tsa tlosa bohloko ba ’mele. Leha ho le joalo, bohloko ba maikutlo le ba kelello e ka ba bo tepeletsang ka ho feletseng ’me bo ka ’na ba boloka motho a nyahame haholo ka lilemo tse telele.

Malimabe ruri ke mohloli oa bohloko ba maikutlo. Batho ba nang le boikutlo le ba pelo-nolo hangata ba ho fumana e le ho tepeletsang haholo ha ba bona batho ba bang ba hlomohile mohlomong ka baka la bofuma, tlala le khaello ea lijo. ’Me, koana, ho bohloko haholo ho utloa mathata a joalo le ho haelloa ka bōrōna.

Khatello le eona e fella ka bohloko ba maikutlo le kelello. Ka mohlala, bahatelli ba ka ’na ba bōpa moea oa tšabo e khōlō. Hoo ka bohona hoa tepeletsa, re se re sa bue letho ka mathata a letsatsi le letsatsi a talimaneng le ba hatelletsoeng.

Ho kula e ka ba mohloli o mong oa bohloko ba maikutlo, le bakeng sa motho ea sa khathatsehang ka boeena. Na ha se bohloko bo fetisisang ho bona moratuoa a ntse a monyela ke ho kula ho isang lefung? Hona ho joalo ka ho khethehileng ha ea kulang a utloa bohloko bo fetisisang ba ’mele.

Lefu la setho se ratoang sa lelapa kapa motsoalle le lona le ka fella ka bohloko bo boholo maikutlong. Morena oa Iseraele Davida o ile a bontša bopaki ba bohloko bo joalo ba kahare bo bakoang ke lefu la mora oa hae, hobane ha a lla joaloka ntate o itse: “Absalome! Absalome, mor’a ka! mor’a ka!”—2 Sam. 19:4.

Ha ho motho ea phelang hantle ea lakatsang bohloko ba kelello le ba maikutlo. ’Me kannete ha ho mang kapa mang ea lakatsang ho utloa bohloko bo boholo ’meleng. Ke mang ea batlang ho hlomoha? Empa, he, ke mang ea ka etsang leha e le eng ka bohloko bo fetohileng karolo e kholo hakana ea bophelo ba motho?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela