Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/15 maq. 4-6
  • HO Tlang—Lefatše le se Nang Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • HO Tlang—Lefatše le se Nang Bohloko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HONG HO HOCHA KA PEL’A RŌNA
  • LIPHETOHO TLAS’A PUSO EA ’MUSO
  • BOHLOKO BO TLA FELA
  • HO TLOSOA MEHLOLI EA BOHLOKO
  • KE LA HAO—HAEBA U LE BATLA
  • Ke Mang ea Batlang Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Haufinyane—Lefatše le se Nang Bohloko!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
    Tsoha!—1994
  • Hase Feela Sera se Sehlōhō
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/15 maq. 4-6

HO Tlang—Lefatše le se Nang Bohloko

“Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Eaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:1-4.

HO UTLOA bohloko ’meleng ho ka hlokomelisa motho ka kotsi eo ntle ho moo e neng e ka tsoela pele e sa hlokomeloe ka nako eitseng. Ka sebele, ho teng linako tseo ka tsona ho utloa bohloko bo joalo e ka bang ho pholosang bophelo. Leha ho le joalo Lentsoe la Molimo le tšepisa ka lefatše le se nang bohloko. Moapostola oa Mokreste Johanne o ile a bululeloa ke Molimo hore a ngole:

“Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Eaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang, tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:1-4.

Ke moo he—tšepiso e tsoang ho Molimo ea hore ‘bohloko ha bo sa tla ba teng.’ Ebe hona ho bolela’ng? Ho tla ama batho joang?

HO HONG HO HOCHA KA PEL’A RŌNA

Ho hlokahala hore lipotso tse joalo li arabeloe. Empa mantsoe ao a ngotsoeng lilemong tse fetileng tse makholo a 19 a bolela ho hongata haholo. A bontša hore ho na le ho hong ho hocha ka pel’a rona. Ka bokhutšoanyane nahana hore na boprofeta bona bo bolela’ng.

“Maholimo a macha” a hlileng a boleloa ke ’muso oa leholimo oa Jesu Kreste. Ba nang le eena pusong ke ‘majalefa hammoho’ le eena, ao mona a bitsoang “Jerusalema e Mocha.” (Ba-Roma 8:14-17) “Lefatše le lecha” le tšepisoang ha se qitikoe esele ea lefatše. Ho e-na le hoo, ke tsamaiso e ncha e kopantsoeng le e lokileng ea batho ba ikokobelelitseng ’muso oa Kreste.—Bapisa Pesaleme ea 96:1; Moeklesia 1:4.

Ho tla beng ho nketsoe sebaka ke ‘maholimo a pele le lefatše,’ tsamaiso e fetileng e tletseng meokho, lefu, ho lla, ho bokolla le bohloko bo tepeletsang. ’Me le hoja maoatle a sebele a nang le metsi a tla sala, “leoatle” la tšoantšetso la batho ba morusu, ba banyefoli le ke ke la hlola le eba teng.

LIPHETOHO TLAS’A PUSO EA ’MUSO

Ke liphetoho tse khōlō hakaakang tse tlang! Tlas’a puso ea ’muso, Molimo “o tla hlakola meokho eohle” mahlong a batho. Hona, leha ho le joalo, ha ho bolele hore mekotlana ea meokho e ke ke ea hlola e ntša lero la eona la tlhaho, leo e leng ntho e molemo ’meleng. Leha e le hore ho tla felisoa meokho ea thabo, kaha lefatše le tla tlala thabo.

Ho lla le ho bokolla ka mabaka a sa tšoaneng a tepeletsang ho tla tlosoa butle-butle pusong ea Kreste Jesu ea lilemo tse 1 000. (Tšen. 20:6) Ka baka leo, meokho ea masoabi e tla khaotsa ho phalla mahlong a batho. Empa ho thoe’ng ka ho felisoa ha bohloko—ho hong ho hlileng ha boleloa?

BOHLOKO BO TLA FELA

Matla a ho utloa bohloko ’mele a ka ba molemo. Ha e le hantle, ke habohlokoa bophelong ba batho. Kahoo, tšepiso ea Molimo ea hore bohloko bo ke ke ba hlola bo e-ba teng e ne e ke ke ea bolela hore batho ba lefatšeng ba bafo ba puso ea ’Muso ba ke ke ba utloa bohloko bohle.

Ho e-na le hoo, tšepiso ena ea hore ‘bohloko bo ke ke ba hlola bo e-ba teng’ e bontša hore bohloko ba maikutlo, kelello le bohloko bo fetisisang ba ’mele bo tla nyamela. Bohloko bo joalo bo hlahisitsoe ke sebe le ho se phethehe. (Ba-Roma 5:12; 8:21, 22) Ke joang ‘bo ke keng ba hlola bo e-ba teng’? Ka kutloisiso ea hore se bo bakang se tla felisoa.

HO TLOSOA MEHLOLI EA BOHLOKO

Nahana feela ka a mang a mahlohonolo a tla thabeloa ke batho tlas’a puso ea ’Muso. Mohlomong u ka ipea ka kelello har’a matšoele a tla thabela lefatše le se nang bohloko le tlang. Ho tla ba joang ho phela lefatšeng kamor’a hore mehloli e latelang ea bohloko e tlosoe?

Bomalimabe bo tla be bo ile, ’me ho tla ea le bona ke bohloko ba maikutlo bo tlisoang ke bona. Bofuma—boo ka sebele e leng e ’ngoe ea lipontšo tsa malimabe mabakeng a mangata—bo ke ke ba e-ba teng. Re ka tiisa joang? Na Molimo o matla ’ohle, eo gauda eohle ea lefatše le silevera e leng tsa hae, a ka hloka matla a ho felisa bofuma? (Hag. 2:8) Ntle ho potso, Morena ’Musi Jehova a ka tlosa mehloli ea bohloko ’me o tla e tlosa.

Tlas’a puso ea ’Muso tlala e hlahisang bohloko le khaello ea lijo li tla felisoa. Jehova o re, “hola kea lapa, ke be nke ke ka u bolella; hobane lefatše ke la ka, le tse ho lona kaofela.” (Pes. 50:12) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le fana ka tiiso ea hore: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.” (Pes. 72:16) ’Me ka sebele Moetsi oa batho a ka hlokomela ’me o tla hlokomela ho abuoa ha lijo tse ngata tsa lefatše ka mokhoa o se nang boikhabi, a felisa ho hang bohloko bo tlisoang ke tlala.

Khatello, mohloli o mong oa bohloko ba maikutlo le kelello, le eona e tla felisoa. Ka mantsoe a tla phethahatsoa ka ho feletšeng tlas’a puso ea Jesu Kreste, rea tiisetsoa: “Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hoa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohorohosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.” (Pes. 72:12-14) Na pelaelo e ka ba teng ea hore bohloko ba khatello bo tla fela?

Ho kula, hoo e leng mohloli o mong oa bohloko ba kelello le maikutlo, bo ke ke ha senya nyakallo le thabo ea malapa a bomolimo tlas’a puso ea ’Muso. Jehova Molimo o na le matla a ho tlosa ho kula. (Ex. 15:26; 23:25; Deut. 7:15) Moprofeta oa hae Esaia o ngolile ka nako ea ha ‘ho se motho ea tla re ke bohloko.’ (Esa. 33:24) Ho tlosa bohloko bohle ba ’mele, kelello le maikutlo ho ke ke ha hlahisetsa Ngaka ea Bomolimo bothata bo ke keng ba hlōloa.

Lefu—sera se seholo se hlahisang bohloko bakeng sa batho—‘ha le sa tla ba teng’ ha thato ea Molimo e etsoa ka botlalo leholimong le lefatšeng. (1 Ba-Kor. 15:26; Tšen. 21:4; Matt. 6:9, 10) Ho lla, ho bokolla le bohloko ruri e tla ba tse sa lokelang ha tsoho e thabisang e etsahala ho nka sebaka sa mapato ’me ‘lefu le lebitla ntša bafu ha ho tsona.’—Joh. 5:28, 29; Tšen. 20:13.

KE LA HAO—HAEBA U LE BATLA

E, lefatše le se nang bohloko lea tla. E tla ba la hao ka hore tšepo e joalo e ka ba leruo la hao. Bosieo ba bohloko bo tsamaeang le malimabe, khatello, ho kula le lefu e tla ba le leng har’a mahlohonolo a mangata a tla fumanoa ke batho ba utloang le ba tšabang Molimo ba nakong eo.

Na batho ba phelang hona joale ba ka ba le tšepo eo ka kholiseho e fetisisang? E, hobane lefatše le se nang bohloko le tšepisitsoe ke A le mong ea nang la matla a ho le tlisa—Jehova, ’ea renang a ‘notši lefatšeng lohle.’—Pes. 83:18.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela