Lerato—“Tsela e Fetisisang”
“Ke sa tla le bontša tsela e fetisisang.”—1 Ba-Kor. 12:31.
1. Mongoli ea hōlileng oa lipale o ile a phetha boithuto ba hae ba liketsahalo tsa batho ka temoso efe?
“RATANANG.” Mongoli oa lipale ea lilemo li 92 o ile a phetha boithuto ba hae bo botelele ka liketsahalo tsa batho ka temoso eo e khutšoanyane. “Thuto ea ka ea ho qetela paleng,” kamoo ho boletseng Will Durant, “e tšoana le ea Jesu. . . . ak’u e leke. Larato ke ntho e sebetsang ho feta tsohle lefatšeng.”
2. Ka ho nea balateli ba hae “molao o mocha,” Jesu Kreste o itse’ng?
2 Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu Kreste o itse ho balateli ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:34, 35) Ke eng, he, eo e neng e tla ba tšoaneleho e khethollang haholo ea balateli ba ’nete ba Jesu? Ka ho hlakileng, ba ne ba tla ratana, ba be le lerato le totobetseng har’a bona. Empa ona e ne e le “molao o mocha” joang? Ba ne ba tla ratana joalokaha Jesu a ba ratile joang?
JOALOKAHA JESU A RATILE BARUTUOA BA HAE
3. Molao oa Jesu ka lerato o ne o le “mocha” ka ntlha efe?
3 Nakoana pele a fana ka “molao o mocha,” Jesu ka boikokobetso a hlatsoa maoto a baapostola ba hae. Ketso ea hae ka lekhetlo lena e bontša Bakreste hore ba lokela ho sebeletsa balumeli hammoho le bona ka lerato, ba bile ba ba etsetsa mesebetsi e tlase. (Joh. 13:1-16) Empa e ne e se phetho ho teng ‘molaong o mocha.’ Molao oo oa lerato o ne o le “mocha” ka hore o ne o nka bohato bo pejana ho feta molao o neng o filoe Baiseraele ka Moshe, oo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba le tlas’a oona ka nako eo. Molao oo o ne o totobatsa: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Lev. 19:18; Matt. 22:39) O ne o biletsa ho rata oa habo motho, empa e seng lerato le itetseng le neng le tla teba ho isa ntlheng ea hore motho a telle motho e mong bophelo ba hae.
4. Jesu o bontšitse lerato le neng le hlokoa ke “molao o mocha” joang?
4 Jesu o itse: “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.” (Joh. 15:13) Leha ho le joalo, ke sona se ileng sa etsoa ke Jesu ka ho fana ka bophelo ba hae e le topollo lebitsong la batho ba sa phethahalang le ba baetsalibe ba shoang. (Matt. 20:28; Joh. 3:16; 10:14-18; Ba-Roma 5:12; 6:23) Ha e le hantle, bophelo ba Jesu ba lefatšeng le lefu la hae li beile mohlala oa lerato le hlokoang ke “molao o mocha” oa hae. Tlas’a taolo ea Kreste, Mokreste a ke ke a etsa botle feela ha monyetla o itlhahisa, empa o lokela a qale ho thusa ba bang moeeng le ka litsela tse ling.
5. E ’ngoe ea lipontšo tse khōlō haholo tsa lerato ke efe?
5 E, molateli oa Jesu Kreste o lokela ho sebetsa ka mafolo-folo molemong oa bao a ahisaneng le bona. ’Me e ’ngoe ea lipontšo tse khōlō haholo tsa lerato ke efe? E, ke ho bolela ho ba bang le ho ba ruta ‘litaba tse molemo,’ hobane hona ho ka fella ka hore ba fumane bophelo bo sa feleng! Ka baka leo, Mokreste o tlameha ‘ho fana e seng ka litaba tse molemo feela, empa le ka moea oa hae’ ho sebetseng le ho thuseng ba amohelang molaetsa ona. (1 Ba-Thess. 2:8) Ka sebele, a lokele ho tela moea oa hae kapa bophelo, lebitsong la bona.—1 Joh. 3:16.
6. Balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho mo rata ho isa kae?
6 A etsa ka lerato, Jesu ha a ka a latela tsela e bobebe. Ho e-na le hoo, ‘likomang tsa ba rorelang Molimo li mo oetse holimo.’ ’me ka tieo a latela tsela ea khanyetso e kholo ho Satane le baemeli ba hae. (Ba-Roma 15:3) Kahoo bophelo bo ne bo ke ke ba e-ba bonolo bakeng sa balateli ba ’nete ba Kreste. Ka baka leo, Jesu a bontša hore ba lokela ho mo rata ho feta beng ka eena ba haufi-ufi le ho feta meea ea bona. (Luka 14:25-27) Ka sebele, barutuoa ba Jesu ba ne ba tla tlameha ho rata ba nang le bona tšebeletsong ea Jehova ’me ho hlokahala hore ba bee litholoana tsa moea, le har’a mahloriso a boima.—Mar. 10:29, 30; Joh. 15:8.
PAULUSE O SUPA “TSELA E FETISISANG”
7, 8. “Tsela e fetisisang” e ne e le efe e boleloang ke moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 12:31, ’me e ne e fetisa eng?
7 Moapostola oa Mokreste Pauluse o hatisitse bohlokoa ba lerato ha a ngolla balumeli bahabo ba Korinthe. Mehleng eo, likopi tsa Mangolo li ne li fokola ka palo, ’me tsebo ea oona e ne e neeletsanoa haholo ka polelo ea molomo. Ka hona lineo tsa mohlolo tsa moea (tsebo e khethehileng, ho bua lipuo, le tse ling) e ne e le tsa bohlokoa bakeng sa phutheho. “Empa” kamoo Pauluse a ngotseng, “ke sa tla le bontša tsela e fetisisang.” (1 Ba-Kor. 12:4-11, 27-31) ‘Tsela ee e fetisisang’ e ne e le efe?
8 E ne e le tsela ea lerato, ’me bohlokoa ba eona ba phahamisoa ka mantsoe ana: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi [meea e nang le puo ea eona], ha ke se na lerato, ke joale ka koporo e llang, leha e le cymbala e molumo o moholo [ka ho se tebe]. ’Me leha nka ba le neo ea boprofeta, kapa leha nka tseba liphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo eohle, ka ba ka falatsa lithaba [le haeba ke litšitiso tse kang lithaba kapa lithaba tsa sebele, haeba e le thato ea Molimo], ha ke se na lerato, ha ke letho. ’Me leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho.”—1 Ba-Kor. 13:1-3; Mar. 11:23.
9. Haeba re sa phele ho latela “tsela e fetisisang” ea lerato, ’nete ke efe ka boiteko ba rōna tšebeletsong ea Molimo?
9 E, le liketso tseo ntle ho moo e ka bang tsa bohlokoa li ka fetoha ‘mesebetsi e shoeleng’ haeba sepheo sa tsona e se lerato bakeng sa Molimo le moahisane. (Matt. 22:37-39; Ba-Heb. 6:1) ‘Mosebetsi oa lerato’ ke oa bohlokoa. (1 Ba-Thess. 1:2, 3) Boiteko bohle ba rōna le mahlabelo tšebeletsong ea Molimo ke lefeela haeba re sa phele tumellanong le “tsela e fetisisang” ea lerato. Ha se Bakreste bohle ba pele ba neng ba ka etsa mesebetsi e matla, ba phekola, ba bua lipuo le ho fetolela tlas’a tšusumetso ea moea oa Molimo. (1 Ba-Kor. 12:29, 30) Empa bohle ba ne ba ka bontša lerato, tholoana ea moea oa Jehova o halalelang eo Bakreste bohle ba lokelang ho e hlaolela.—Ba-Gal. 5:22; 1 Joh. 4:16.
MEHLALA EA LERATO HORE RE E ETSISE
10. Jehova o re beetse mohlala joang oa ho bontša lerato?
10 Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste ba re beetse mehlala ka ho bontša lerato. Nahanisisa sena: Pōpo e bonahalang ke pontšo ea lerato la Molimo, hobane e fana ka bopaki bo bongata ba ho hlokomela bophelo ba ’mele, nyakallo le boiketlo ba batho. Batho ba ne ba sa bopeloa hore feela ba be teng. Hantle ba ka latsoa lijo, ba fofonela monkho oa lipalesa, ba hlokomela mebala e sa tšoaneng le botle ba pōpo, ba thabela ho ba le batho ba bang ‘me ba tšeha menyakoe ea liphoofolo tse tletseng papali, re se re sa re letho ka menyaka e mengata ea ho phela. (Pes. 139:14) Lipontšo tsa ho fana ha Jehova ho se nang boikhabi ho lerato li akarelletsa ho etsa ha hae motho ka setšoantšo sa Hae, le ka ho tšoana le eena, ka matla a ho rata le bomoea. (Gen. 1:26, 27) Tokisetso ea lehae la paradeise le tšepiso e tiileng ea paradeise ea lefatšeng e tla khutlisoa le eona e bontša lerato la Molimo, joalokaha ho etsa joalo ho itšenolela ha hae batho ka Lentsoe la hae le bululetsoeng le ka moea o halalelang. (Luka 23:43; 1 Ba-Kor. 2:10-13) ’Me, ha e le hantle, lerato la Jehova hape le bontšoa ka hore a lokisetse batho topollo sebeng le lefung le hlahang ka baka la sona.—Ba-Roma 5:7, 8.
11, 12. Mora oa Molimo o bontšitse lerato ho batho ka litsela life?
11 Mora oa Molimo o ne a rata batho le pele e e-ba motho oa nama. A tšoantšelitsoe ka bohlale, o khetholloa e le ‘motlatsi e moholo’ oa Molimo ea neng a sebeletsa ka thabo ’me a re: “Ke ne ke thabela . . . bana ba batho.” (Liprov. 8:30, 31; Joh. 1:1, 14) Kahoo, a hopoletse hore ho hlokahala hore batho ba lopolloe, Jehova a khetha ea hlileng a ratang batho—Mora oa Hae ea tsoetsoeng a le mong, “o ifelisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka ka ho iketsa ea tsoanang le batho.” (Ba-Fil. 2:5-7) E, Mora oa Molimo o bontšitse lerato le itetseng ka ho iketsa motho.
12 Lerato le ne le totobetse hape thutong ea Jesu Kreste le ho nahanela ba bang ho mosa. Ha a bona bongata bo boholo, “a bo utloela bohloko, a folisa ba kulang ba bona.” “Hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa,” Jesu a ba utloela bohloko “’me a qala ho ba ruta taba tse ngata.” (Matt. 14:14; Mar. 6:34) Koana, Jesu Kreste o bontšitse lerato le fetisisang ka ho shoa sefateng ho fana ka “topollo ea ba bangata.” (Matt. 20:28; Ba-Fil. 2:8) Ka tsela ena le tse ling tse ngata, Jehova le Jesu ba fana ka mehlala ea lerato hore Bakreste ba e etsise.—Joh. 13:34, 1 Joh. 4:10.
‘RATA BALUMELI BA BANG KA MATLA’
13. (a) Petrose o phehelletse balumeli bahabo hore ba ratane ka mokhoa o joang, ’me na ho teng bopaki ba hore lerato le joalo le bile teng har’a bona? (b) Lerato le na le phello efe ho Bakreste ba kajeno?
13 Lerato le bontšoa ka ho ithaopela ho itela ’me le hlokahalla bophelo ba bomolimo. (Pes. 110:3) Moapostola Petrose o ile a phehella barapeli hammoho le eena ba Jehova ‘ho ratana ka phehello.’ (1 Pet. 4:8) Hore lerato le joalo le ne le le teng har’a Bakreste ba pele ho bontšoa ka lipolelo tsa bona, hobane ho tsebisahala ba ne ba bitsana ka mantsoe a ho ratana—“bana ba ka ba ratoang,” “moratuoa eo ke mo ratang” le a mang. (1 Ba-Kor. 4:14; 3 Joh. 1) Lerato le joalo har’a Bakreste kajeno lea khothatsa, le matlafatsa ba bang nakong ea liteko. ‘Lea haha.’ (1 Ba-Kor. 8:1) Ho sa tsotellehe bomalimabe le mahloriso, re na le metsoalle lefatšeng le se nang lerato. Bakreste baa tseba hore baena ba bona ba moea le bo-khaitseli ba ba rata kannete, ’me ‘tlamo ena e phethehileng ea kopano’ e ba thusa ho talimana le nako e tlang ka tšepo.—Ba-Kol. 3:14.
14. (a) Pauluse o akaretsa lerato joang ho 1 Ba-Korinthe 13:4-8? (b) Ke lipotso life tse ka thusang Mokreste ho bontša lerato tumellanong le mantsoe a Pauluse?
14 Empa potso ke ena, Ke hantle hakae re bontšang ho rata balumeli ba bang; Polelo e akaretsang e bululetsoeng ke Molimo ea moapostola Pauluse ea lerato e re thusa ho leka tšoaneleho ea lerato la rōna bakeng sa ba bang. Ka kōpo bala 1 Ba-Korinthe 13:4-8. Ebe joale u nka nako u nahana ka mantsoe ao leseling la lipotso tse latelang:
Na ke “sebete, le mosa;” ke bontša tiisetso e sebete maemong a bosula?
Na ke qoba mohono, joalokaha nka tlōloa ’me moena e mong a neoa litokelo tse itseng ka phuthehong?
Na ke moikokobetsi ho ithoriseng ka seo mohlomong Jehova a ntumelletseng hore ke se finyelle tšebetsong ea hae?
Na ke ‘etsa ho soabisang,’ ka mekhoa ea ka kapa ka tsela eo ke tšoarang Bakreste hammoho ba bang?
Na ke ‘ipatlela tsa ka,’ litabeng tse fokolang joaloka ho iketelletsa pele likopanong tsa Bokreste?
Ke le moholo, ka mohlala, na ‘kea halefa’ feela hobane ba bang ba sitoa ho arabela ka tšoanelo keletsong ea Mangolo?
Na ke ‘hopola bobe,’ likhopiso tsa lilemong tse fetileng, kapa na ke tšoarela baena ba ka le likhaitseli tumelong, joalokaha ke batla ho tšoareloa?
Ka moqoqo oa ka, na ke bontša hore ke qoba ho se loke ha lefatše, ho e-na le hoo ke thabela ’nete?
Na ke ‘mamella tsohle,’ ke sa lebelle phetheho ho Bakreste ba bang ba sa phethahalang?
Na ke motho ea ‘lumelang tsohle,’ ke sa nke balumeli ba bang hampe ntle ho mabaka?
Na ke ‘tšepa tsohle,’ kannete ke tšepa sohle se ka Lentsoeng la Molimo ’me na kannete tšepo ea ka e theiloe ho lona?
Na ke na le lerato ho Molimo le tla ‘nolofaletsa ho ’mamella tsohle,’ ho akarelletsa ho hlorisoa ke le Mokreste?
Lipotso tse kang tsena li ka thusa Mokreste hantle boitekong ba ho bontša lerato.
15. Lerato le khannile batho ba Jehova ho etsetsa barapeli bahabo bona ba hlokang eng?
15 Li ngata kannete litsela tsa ho bontša ho rata balumeli ba bang. Ka mohlala, lerato le re khannela ho thusa nameng ha ho hlokahala. (Jak. 2:14-17) Ka ho loketseng, batho ba Jehova ba ile ba thusa barapeli bahabo bona ba hlokang linaheng tse pututsoeng ke ntoa kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Nakong ea letšolo la phallelo la lefatše lohle la lilemo tse peli le likhoeli tse tšeletseng, lerato le ile la bontšoa ha Lipaki tsa Jehova tse Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, Canada, Switzerland, Sweden le linaheng tse ling li fana ka liaparo le chelete ho reka lijo bakeng sa Bakreste ba Austria, Belgium, Bulgaria, China, Czechoslovakia, Denmark, England, Finland, France, Jeremane, Greece, Hungary, Italy, Netherlands, Norway, Philippine Republic, Poland le Romania. Ho feta moo, ho theosa le lilemo, Lipaki tsa Jehova ka thabo li fane ka thuso e bonahalang, kamoo ho hlokahalang, ha balumeli hammoho le tsona ba oetsoe ke litlokotsi tsa tlhaho.
16. Lerato la Bokreste le lokela ho ba le liphello life ho baholo ba khethiloeng ka phuthehong?
16 Lerato la Bokreste hape le etsa baholo ba khethiloeng ka phuthehong ba atamelehang, ba utloisisang. Ho lokela hore ho be joalo haeba ba etsisa litsela tsa Jehova, eo ho thoeng ka eena: “Joale ka leholimo ha le phahamile holimo ho lefatše, mohau oa hae o moholo joalo ho ba mo tšabang.” (Pes. 103:10-14) Boikutlo bo ikokobelitseng le bo lerato bo susumetsa baholo ba Bakreste ho etsa boiteko bo masene ho thusa balumeli bahabo bona moeeng.
17. Lerato le ka bontšoa ka litsela life ho Bakreste ba hōlileng le ba holofetseng?
17 Leha ho le joalo, lerato la Bokreste le tla khanna batho bohle ba bomolimo, e seng baholo ba khethiloeng feela, ho sebelisana le ho thusana ho etseng lintho le barapeli ba bang bahabo bona ba Jehova. Ka mohlala, lerato le ka ’na la re susumelletsa hore re rekele batho ba holileng kapa Bakreste ba holofetseng. Le ka re susumelletsa ho ba balla Bibele le libuka tsa Bokreste, haeba ho hlokahala. E, hape ho ka ba teng menyetla ea ho ba thusa ka mosebetsi oa lapeng, ho tsamaea le bona tšebeletsong ea Molimo, le ho ba botsoalleng bo thabisang le bona ka linako tse ling. Ka litsela tse sa tšoaneng, lerato le tla re susumelletsa ho etsetsa ba bang botle—ba bacha kapa ba baholo—re sa kopuoe hore re etse joalo.
SEBELISA LERATO LAPENG LE HO BAAHELANI
18. Ho bontša lerato, na re hloka melaoana e koahelang tsobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo?
18 Moapostola Pauluse o ngolile: “Le se ke la ba le molato ho motho, ha e se oa ho ratana.” (Ba-Roma 13:8) Ka sebele, molato oa Bakreste ke oa ho ratana. Empa hore re sebelise tšoaneleho ena ha re hloke melaoana e koahelang tsobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. Mantsoe le liketso tsa lerato re li rutoa ke letsoalo la botho le bohlale ba bomolimo bo theiloeng Mangolong. (Ba-Roma 2:14, 15) Ka kakaretso, he, joaloka Bakreste rea tseba hore na ebe re ile ra bontša lerato boemong bo itseng. Leha ho le joalo, ke taba e ’ngoe ho tseba hore re lokela ho bontša lerato ’me ke e ’ngoe hape ho le sebelisa.
19. Ke eng se tla re thusa ho bontša lerato ka lapeng, ‘me le ka bontšoa ka litsela life?
19 Ka lapeng, re ka ’na ra teneha feela, ra hloka lerato. Hobane’ng? Hobane re tseba litho tsa lelapa hantle ’me re li mamella hanyenyane ho feta kamoo re etsang ba bang. Leha ho le joalo, metheo e joalo ea sehlooho ea Bibele e-ea sebetsa hona ka lapeng joaloka litšebelisanong tsa rōna le batho ba bang, ba kang ba ka phuthehong ea sebaka seo ea Bokreste. Ka sebele, re ka batla thuso ea Jehova ka thapelo ’me re lokela ho e batla hore re etse litho tsa malapa a rōna ka lerato. Ho sena re tla thuseha ha re hopola hore Jehova Molimo o khahloa ke ha banna ba rata basali ba bona “joale ka ’mele ea bona,” ha basali ba rata banna ba bona le bana, le ha bana ba bontša ho rata batsoali ba bona, ba ba utloa. (Ba-Ef. 5:28; 6:1-3; Tite 2:4) Le bona bana ba hōlileng ba ka bontša ho rata batsoali ba bona ba tsofetseng, ka ho se ba hlokomolohe empa ka ho ba hlokomela moeeng le nameng kamoo ho ka hlokahalang. Boineelo ba bomolimo bo akarelletsa ho jara boikarabelo bona. ’Me, hantle, ke pontšo ea lerato ha banna ba Bakreste ba tiisa hore malapa a bona a hlokomeloa ka litsela tsa moea le tse bonahalang.—Bapisa Liproverbia 19:26; 1 Timothea 5:4, 8.
20. Lerato ho mohaelani le ka bontšoa joang, haholo ke Bakreste?
20 Ho rata mohaelani ho ka bontšoa ka liketso tse sa tšoaneng tsa mosa oa botho maemong a sa tšoaneng. Baahi ba Melita ba ile ba tšoara moapostola Pauluse le ba bang ba neng ba robehetsoe ke sekepe ka “mohau o moholo.” (Lik. 28:1, 2) Matsoalo a bahetene bao ba sehleke-hleke a ba khanna hore ba etse ka tsela eo. Matsoalo a Bakreste a rutiloeng Mangolong a lokela ho ba khanna hore ba etse bahaelani ba bona ka lerato haholo hakaakang! Ke ho rata mohaelani hoo ho hlileng ho re susumelletsang ho abelana ‘litaba tse molemo’ le bona. Ha ho letho le letle kapa le molemo ho feta moo le lerato leo re ka le etsang ho feta ho ba thusa ho utloisisa hantle ka Jehova.—1 Tim. 1:8-11.
KA HOLIM’A TSOHLE, RATANG MOLIMO
21, 22. (a) Tsela e ka sehloohong ea ho bontša lerato la rōna ho Jehova ke efe? (b) Kahoo re ka ipotsa lipotso life ’me re lokela ho ba le boikemisetso bofe re le ‘barati ba Jehova’?
21 Kannete, e ’ngoe ea lipontšo tse khōlō haholo tsa ho rata batho ba bang ke ea ho ba ruta ‘litaba tse molemo,’ kahoo ba thusoa ho fumana boemo bo botle le Jehova Molimo. ’Me ho Mokreste, mosebetsi ona ke tsela e khōlō ea ho bontša lerato bakeng sa Ea ho lokelang haholo—Molimo oa rōna o lerato, Jehova. Mora oa hae o itse: “U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle.”—Luka 10:27.
22 Na ‘re tiile joale ka hoja re bona ea sa bonoeng’? (Ba-Heb. 11:27) Na re ipitsa ka lebitso la hae leo ho seng le kang lona, Jehova, joaloka lipaki tse tšepahalang tsa hae! Na ke thabo e tlohang botebong ba lipelo tsa rōna ho bua ka eena le merero ea hae? ha e le hantle, na leo ha se lebaka le leholo la hore ebe re teng re le phutheho ea batho ba hae? Ke lona ka sebele! Tlas’a tšusumetso ea moea oa hae o halalelang, re ka tsoela pele ho phehella “tsela e fetisisang” ea lerato le batho ba bang. Empa, ho feta tse ling tsohle, e se eka ntle ho tšabo re ka bolela lithoko tsa Molimo oa rōna, re rata se molemo ’me re ithabela ho eena re le ‘barati ba Jehova’ ba tšepahalang.—Pes. 97:10-12.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ketso ea boikokobetso ea Jesu e bontša hore re lokela ho sebeletsa ba bang ka lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Popo e bonahalang ke bopaki ba lerato la Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Batla thuso ea Jehova ho bontšeng lerato tikolohong ea lelapa