Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/1 maq. 9-11
  • Matla a Susumetsang a Ho Fana ha Kreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Susumetsang a Ho Fana ha Kreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mahlohonolo a ho Fana
  • Ho Fana ha Bokreste Kajeno
  • ‘Teko ea Bonnete ba Lerato la Hao’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Batho ba Fanang Baa Thaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Meneelo e Thabisang Pelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Buka ea Bibele ea 50—Ba-Filippi
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/1 maq. 9-11

Matla a Susumetsang a Ho Fana ha Kreste

HANGATA ha batho ba bona ba bang ba hlokomela batho ba bang ba hlokang, le bona ba khothalletsoa ho fana ka mokhoa o joalo. Lekholong la pele la lilemo, ha Bakreste ba Macedonia ba utloela ka boiteko bo chesehang ba balumeli ba bang ba Akaia ba ho thusa Bakreste ba hlokang ba Jerusalema, ba susumeletseha hore ba kopanele phallelong.—2 Ba-Kor. 9:1, 2.

Leha ho le joalo, ho Bakreste, ho fana ha Morena oa bona, Jesu Kreste, ho na le matla a maholo haholoanyane a susumetsang. Moapostola Pauluse o totobalitse sena ha a ngolla Bakorinthe, a re: “Le tseba mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hoba, leha a na a enne, o na a iketse mofumanehi ka baka la lōna, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.” (2 Ba-Kor. 8:9) A sebelitse le Ntate oa hae pōpong ea bokahohleng bohle, Jesu pele e e-ba motho oa nama o ne a e-na le kabelo linthong tsohle, tse bonahalang le tse sa bonahaleng. Hape o ne a e-na le khanya ea mora ea ’notši. Har’a bara bohle ba Molimo ba mangeloi, e ne e le eena ea kapele-pele.—Joh. 1:14; Ba-Kol. 1:15-18.

Mora ka boithatelo o tetse sena sohle hore e be motho oa nama. (Ba-Fil. 2:5-8) Moalo oa hae oa pele e bile sejelo sa liphoofolo. ’M’ae, Maria, le ntat’ae ea mo hōlisitseng, Josefa, e ne e le mafutsana. Bophelong bohle ba hae lefatšeng o ne a e-na le ho honyenyane. O kile a bolella monna ea neng a batla ho ba morutuoa: “Liphokojoe li na le mesima; le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa Mor’a motho ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng.” (Luka 9:57, 58) Leha ho le joalo, Jesu ka boeena o ne a thahasella ba hlokang haholo nameng. Eena le baapostola ba hae ba ne ba e-na le chelete ea ho thusa Baiseraele ba futsanehileng.—Matt. 26:9-11; Mar. 14:5-7; Joh. 12:5-8; 13:29.

Se entsoeng ke Jesu Kreste ka ho tla lefatšeng se nolofalelitse barutuoa ba hae ho ena haholo. E bile bara ba Molimo, majalefa a ’muso oa leholimo le ba amohelang lang mahlohonolo a Molimo nakong ea ho phela ha bona lefatšeng le ka ho sa feleng ha ba tsosoa bafung. (Ba-Roma 8:17) Hoja ea se ke ea e-ba ka ho fana ha Jesu Kreste, rōna kajeno re ka be re ntse re le thohakong ea sebe le lefu, ho se tebello ea bophelo.—Ba-Roma 6:23.

Ho ananela ho fana ha Jesu Kreste ho ile ha hōlisa moea o motle oa ho fana har’a Bakreste ba pele. Nakoana hoba ho theoe phutheho ea Bokreste, rea bolelloa: “Le hona ho no ho se motho ea hlokang letho har’a bona; hobane bohle ba neng ba e-na le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka ’ona, ba tlisa theko ea tse rekiloeng, ba e bea maotong a baapostola; ’me e mong le e mong o na a abeloa kamoo a hlokang kateng.”—Lik. 4:34, 35.

Tokisetso ena e ne e hlile e loketse ka baka la maemo a neng a le teng ka nako eo. Bajode ba bangata le basokolohi ba ne ba tlile moketeng oa Pentekonta ka selemo sa 33 C.E. Ba ne ba sa rera ho lula halelele motseng. Leha ho le joalo, ka ho neoa bopaki bo matla ke Petrose, ’me ba bo neoa ke ba bang hamorao, ba baloang ka likete ba lumela ho Jesu Kreste. Barutuoa bana ba bacha ho ne ho sa hlokahala hore ba ithute ho hongata ho hocha ’me ba hloka khothatso le matlafatso eo ba neng ba ka e neoa ke baapostola. Kahoo ho fana ha balumeli ba bang ha ba nolofaletsa ho lula haleletsana Jerusalema ho haheha moeeng.

Moea o motle joalo oa ho fana oa boela oa bontšoa ke Bakreste ba Filippi. Lydia ha a fetoha morutuoa oa Jesu Kreste, a re ho Pauluse le bao a neng a e-na le bona: “Ha ekaba le ahlotse hore ke ea lumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ea ka, le lule teng. ’Me a re tiisetsa matla.”—Lik. 16:15.

Hamorao, joalokaha Pauluse a sebelitse libakeng tse ling, Bakreste ba Filippi ba mo romela meneelo ho mo thusa ho ntšetseng pele ‘litaba tse molemo.’ Lengolong la hae le eang ho Bafilippi, rea bala: “Enere ha ke tsoa Macedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha hoa ka ha e-ba kereke e ’neileng letho le ka bitsoang mpho, leha e le kamohelo, ha e se lōna le ’notši. Esitile leha ke le Thessalonika, le nthometse hang le habeli seo ke neng ke se hloka.” (Ba-Fil. 4:15, 16) Ha a ngola mantsoe ana, Pauluse o ne a le litlamong Roma. Bafilippi ba ne ba mo phalletse hape. Ba ne ba sa rōmela moneelo feela empa hape ba rōmile moena ea tšepahalang, Ephafrodite, ho sebeletsa moapostola. Hona ha bolela hore Ephafrodite a nke leeto le tsamaeang leoatleng le moo ho omileng le ka etsang lik’hilomithara tse fetang 1 600. O ne a itetse haholo lebitsong la ngoan’abo Pauluse hoo a ileng a kula haholo. Ka thabo, a fola.—Ba-Fil. 2:25-27; 4:18.

Mahlohonolo a ho Fana

Ho tšoana le Bafilippi, Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba utloa thabo e fetisisang e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Ba ne ba e-na le thabo e botebong ba pelo e tlisoang ke ho thusa ba bang. Hape, hore motho a fane ka thuso ea moea le e bonahalang ho tloha pelong ke habohlokoa haholo mahlong a Jehova Molimo. Ea Holimo-limo o amohela hona e le sehlabelo. Hlokomela mantsoe a Ba-Heberu 13:15, 16: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”

Jesu Kreste o tiisitse hore Ntate oa hae oa leholimo a ke ke a hlokomoloha ho fana. O itse: “Empa uena, ha u etsa thuso, letsoho la hao le letšehali le se ke la tseba se etsoang ke le letona la hao, hore thuso ea hao e be sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, o tla u putsa.” (Matt. 6:3, 4) Mora oa Molimo o ile a putsoa haholo ka ho itlhobolisa menono eohle ea hae ’me e e-ba mofutsana ka baka la batho. Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ngolile: ‘Molimo o mo phahamisitse ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle, hore lebitsong la Jesu, mangole ’ohle a khumame ’me maleme ’ohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.’ (Ba-Fil. 2:9-11) Mora oa Molimo ha a ka a lahleheloa ka baka la mosa oa hae o moholo. Leha e le hore morutuoa le ea mong oa hae a ka lahleheloa. Le hona joale, ba bangata ba ka tiisa ’nete ea hore ho fana ha bona ho hlohonolofalitsoe haholo.

Ho Fana ha Bokreste Kajeno

Har’a bahlanka ba Jehova kajeno ho ka bonoa takatso ea sebele ea ho rata ho etsisa ho fana ha Jesu Kreste. Ba bangata ntle ho boikhabi ba neelana ka nako ea bona, matla le matlotlo ho eteleng batho malapeng a bona ho ba tlisetsa ‘litaba tse molemo’ tse tšelisang tse ngotsoeng ka Mangolong. Litšenyehelo tseo ho kenoang ho tsona ho bolokeng le ho hlokomeleng libaka tseo ba kopanelang ho tsona li lokisetsoa ka meneelo ea boithatelo ea bona. Boemong ba botho le ba phutheho, ba arabela ka ho fana ha ba lokisetsa thuso ho batho ba hlokang nameng. (Jak. 1:27) Linakong tsa tlokotsi e akaretsang, ba shebelletseng ba ’nile ba hlolloa ke ho bona kamoo Lipaki tsa Jehova li potlakang ho hlophisa lithuso tsa phallelo.

Hangata batho baa botsa hore na ke joang ba ka etsang moneelo oa ho ntšetsa pele mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Ntle ho ho thusa phutheho ea sebaka boitekong ba eona ba ho jala ‘litaba tse molemo,’ batho ka bomong ba ka etsa meneelo ka ho toba e eang ho Watch Tower Society 124 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201, kapa lekaleng leha e le lefe la eona.

Linaheng tse ngata, hona joale ho teng sebaka se seng sa ho ‘tlotlisa Jehova ka matlotlo a motho,’ ’me hona ho le molemong oa moea oa ea faneng. (Liprov. 3:9, 10) Lefatšeng lohle, Watch Tower Society e leka ho phahamisa lintho tseo e li sebelisang bakeng sa ho hatisa le ho phatlalatsa ‘litaba tse molemo’ ka thusa ea Libibele le libuka tse buang ka Bibele, ho akarelletsa limakasine. Ho se ho ntse ho tsoetsoe pele ntlheng ena, joaloka ha mohlomong babali ba rōna ba se ba hlokometse. Leha ho le joalo, likhatiso tsa kajeno, li hlile li theko e boima, ’me hore na re tla tseba ho ntlafatsa thepa ea rōna ho fihlela kae ho tla itšetleha ka lichelete tse teng lilemong tse peli tse tlang kapa selemo.

Ho tla fihlela mona, linaheng tseo ho tsona mesebetsi e mecha ea khatiso e tsoelang pele, ho entsoe tokisetso e khethehileng ea kalimo. Ka mokhoa ona ba thahasellang ba ka ’na ba boloka lichelete leha e le life tse ba nang le tsona le Watch Tower Society, e le hore Mokhatlo o ka sebelisa lichelete tse joalo ho hlokomeleng lenaneo lena la katoloso. Kamor’a lilemo tse ngata, Mokhatlo o tla lefa chelete e kalimiloeng kaofela ha eona. Tabeng ea haeba mosebetsi o joalo oa fektori o tsoela pele naheng ea heno, u ka fumana lintlha tse feletseng ofising ea lekala ea sebaka seo ea Watch Tower Society. Ho tšehetsa mesebetsi e joalo ea ho haha ho ’nile ha fella ka thabo e kholo ho batho ba Molimo, ba mehleng ea Bibele le ba kajeno.—Ex. 36:4, 5, 7; 1 Likron. 29:9.

Kannete, joaloka pele, le kajeno mohlala oa ho fana ha Kreste o na le matla a susumetsang. Kaha ba makholo a likete ba ananela seo Molimo o Matla ’ohle o ba etselitseng sona ka Mora oa oona, ba tsoela pele ka cheseho ho jala ‘litaba tse molemo’ hole le haufi. Na uena ka bouena u utloa thabo ea ho kopanela thabong e tlisoang ke mosebetsi ona oa bohlokoa. U ke u fumane mantsoe a moapostola Pauluse ho Bafilippi a phethahala tabeng ea hao: “Molimo oa ka o tla le tlatsetsa ka tsohle tseo le li hlokang, ka monono oa oona, khanyeng, ka Jesu Kreste.”—Ba-Fil. 4:19.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela