Kolobetso—Pontšo ea Tumelo
“Motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.”—Ba-Roma 10:10.
1. Ho ea ka Mattheu 28:19, motho o bontša joang hore o fetohile morutuoa oa Jesu Kreste?
KE MORENA Jesu Kreste ea re behetseng mohlala oa ho kolobetsoa. Bohle ba batlang ho ba barutuoa ba hae ka ho tšoanang ba lokela ho qoelisoa. Hona ho hlakisoa ke taelo e fanoeng ke Mora oa Molimo ho balateli ba hae kamor’a hore a tsosoe bafung. Rea bala: “Le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.”—Matt. 28:19.
2. (a) Ke eng se boleloang ke kolobetso ea metsing? (b) Hore kolobetso e be molemo kannete, ho hlokoa eng ho motho?
2 Hantle ke eng se boleloang ke kolobetso ea metsing? E bolela hore motho o itlhahisa pontšeng hore o itetse hore e be morutuoa oa Jesu Kreste ea ineetseng ka ho feletseng ho Jehova Molimo. Hore e be ba bohlokoa kannete mahlong a Ntate oa rōna oa leholimo, bohato bona bo tlameha ho nkoa ka boithatelo e bile motho a sa itšiele letho. E seng feela ketso ea ho kolobetsoa, empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tokisetso ea kolobetso ke ea bohlokoa bakeng sa poloko. Motho o tlameha ho baka libeng tsa hae, a sokolohe, kapa a khutle ka ho feletseng tseleng e fosahetseng, a se hlole a iketsetsa kamoo ho ratang eena hore a ineele ka ho feletseng ho Jehova Molimo, a fetoha mohlanka oa Ea Holimo-limo le Mora oa hae. (Matt. 16:24; Lik. 2:38; 3:19; 1 Ba-Thess. 1:9, 10) Tumellanong le Ba-Roma 10:9, mokolobetsuoa, pele a lumela ho qoelisoa metsing, o tla lebelloa ho bolela pontšeng hore o na le kutloisiso e nepahetseng ea litaba tsena tsa bohlokoa. Karolo eo ea Lengolo e baleha tjena: “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha.”
3. Mantsoe a 1 Petrose 3:21 a tiisa eng mabapi le kolobetso?
3 Mantsoe a 1 Petrose 3:21 a tiisa hore tokisetso eohle ea kolobetso, ho akarelletsa pontšo ena ea pontšeng ea tumelo, ke ea bohlokoa bakeng sa poloko. Moapostola o ngotse: “Se tšoantšoang ke hoo ke kolobetso e re pholosang joale—e seng e hlatsoang litšila tsa ’mele, empa eo e leng ho itlama ha letsoalo le letle pel’a Molimo—ka tsoho ea Jesu Kreste.”
4. Polelo ka “tsoho ea Jesu Kreste” e bolela eng?
4 Ka ho hlakileng, ketso ea ho kolobetsoa ka boeona ha se eona e bolokang. Le hoja metsi a ka hlatsoa litšila, poloko ha e tle ka baka la ‘ho hlatsoa litšila tsa ’mele’ ka ho itlhatsoa ’meleng ka mokhoa oa bolumeli. Petrose o bontšitse hore poloko e tla ka “tsoho ea Jesu Kreste.” Hona ho bolela hore ea kolobetsoang o tlameha ho lumela hore poloko e tla feela kahobane Mora oa Molimo a shoele lefu la sehlabelo eaba o tsosoa ka letsatsi la boraro. Ho hlokahala hore hape a amohele Jesu e le Morena oa hae ka matla a feletseng a ho ahlola ba phelang le ba shoeleng, hobane Petrose o tsoela pele: “Ea ileng leholimong, ea lutseng letsohong le letona la Molimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beiloeng tlas’a hae.”—1 Pet. 3:22.
5. Ho tla joang hore motho a be le “letsoalo le letle”?
5 Hape, Petrose o amahanya kolobetso le “ho itlama ha letsoalo le letle pel’a Molimo.” Hore motho a be le letsoalo le letle, bohle ba qoelisoang ba tlameha ho bakela libe tsa bona, ba sokolohe tseleng e fosahetseng ’me ba ineele ka botlalo ho Molimo ka Kreste. Kolobetso ke pontšo ea phatlalatsa ea boineelo bo tlohang botebong ba pelo boo joale motho a bo etsang le pontšo ea tumelo eo a entseng ka molomo oa hae. Kamor’a ho feta ho se hlokoang ke Jehova Molimo, morutuoa ea kolobelitsoeng o ba le letsoalo le letle. Ha feela a ntse a bolokile letsoalo leo le letle o boemong bo bolokehileng. Tsuo ea Molimo ea kahlolo a ke ke a e bontšoa.
6. (a) Tokisetso ea kolobetso e lumellana le eng? (b) Tumelo e ameha joang?
6 Empa moapostola o ne a bolela’ng ha a re, “se tšoantšoang ke hoo”? Ho latela temana e tlang pele ho ena, meea e robeli ea batho, e akarelletsang Noe, ke ‘ba pholositsoeng metsing a moroallo.’ (1 Pet. 3:20) Oona metsi a bolaileng ba ka ntle ho areka a pholositse kapa a lopolla Noe le litho tse ling tse supileng tsa lelapa la hae molokong o khopo. Ha tumelo e le sieo, leha ho le joalo, Noe o ne a ke ke a utloa pholoso ena e khōlō. Ba-Heberu 11:7 ea re bolella: “Ka tumelo, Noe, eitse hobane a tsebisoe ke Molimo tse e-song ho bonahale [ke hore, ho ne ho se bopaki bo bonahalang ka ho tla ha moroallo oa lefatše lohle le ho timetsoa ha batho le liphoofolo], o kile a tšaba Molimo, ’me a haha areka ho pholosa ba ntlo ea hae ’me ka tumelo eo o tsoile lefatše, le hona a etsoa mojalefa oa ho loka ho leng ka tumelo.” Joalokaha ho ile ha hlokahala hore Noe a be le tumelo hore a hahe areka, bohle ba fetohang barutuoa ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste ba tlameha ho ba le tumelo ho emellana le likhatello tseo ba tla li tlisetsoa ke lefatše le se nang tumelo le molimo oa lona.—Joh. 12:31; 2 Ba-Kor. 4:4.
Lebaka Leo Tumelo e Hlokahalang
7. Ho Luka 14:26-33, Jesu Kreste o fane ka keletso efe, hobane’ng?
7 Bohle ba fetohang barutuoa ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste ba ka lebella mathata. Ke ka baka leo Mora oa Molimo a ileng a fana ka keletso e latelang:
“Ekare ha e mong a e-tla ho ’na, a sa hloee ntat’ae, le ’m’ae, le mosali oa hae, le bana ba hae, le banab’abo, le bo-khaitselie, le bona bophelo ba hae, o sitoa ho ba morutuoa oa ka. E mong le e mong ea sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitoa ho ba morutuoa oa ka. Hobane ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona? E se re mohlomong, ha a theile motheo, ’me a sitoa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma, ba re: Motho enoa o qalile ho haha, ’me o sitiloe ho phetha. Kapa morena ke ofe, ea futuhelang morena e mong, a ke keng a lula pele, a nahana hore na ka batho ba likete tse leshome le le leng, a ka ea khahlanyetsa ea tlang ho mo loantša ka likete tse mashome a mabeli na? Ha ho se joalo, eo ha a sa le hole, a ka rōma manqosa ho eena ho ea botsa tsa khotso. Ka mokhoa o joalo, e mong le e mong har’a lōna, ea sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.”—Luka 14:26-33.
Tumellanong le mantsoe ana, bohle ba kolobetsoang ba lokela ho inahana ka likelello tse hlaphohileng e sa le pele hore na ke eng e amehang.
8. Boikutlo ba rōna ho beng ka rōna ba sa lumelang e lokela ho ba bofe, hobane’ng?
8 Koana, Jesu o ne a sa bolele hore barutuoa ba hae ba khese beng ka bona. E, Thutong ea Thabeng, o elelitse hore re ‘rate bao e leng lira ho rōna ’me re rapelle ba re hlorisang.’ (Matt. 5:44) Ha e le hantle, re lokela ho bontša lerato le leholo bakeng sa beng ka rōna ba sa lumelang, re ithaopela ho etsa eng le eng eo re ka e khonang ho ba thusa ho fumana bophelo bo sa feleng. (Bapisa Ba-Roma 9:1-3.) Leha ho le joalo, motho ea fetohang morutuoa ea kolobelitsoeng o tlameha ho ba “hloea” ka kutloisiso ea ho theola lerato la hae ho bona ho leo a ratang Jesu Kreste ka lona. Hona ho hlokahala hobane’ng? Mohlomong beng ka eena ha ba khahlisoe ke tsela ea hae. Ba ka ’na ba mo bontša hore haeba a kolobetsoa, ba tla mo lahla. Kahoo ho hloka tumelo ho lumela hore ho ineela ha hae ho Jehova le ho kolobetsoa ho ke ke ha fella ka tahlehelo empa molemo.
9. Ke molemo ofe o thabeloang ke barutuoa ba Jesu Kreste ba ineetseng le ho kolobetsoa?
9 Motho o fumana molemo joang ka ho ba morutuoa ea ineetseng le ea kolobelitsoeng oa Jesu Kreste? Khotsofalo e hlahisoa ke ho tseba hore re etsa se amohelehang ho Jehova Molimo le Mora oa hae. Ho ba le mohau oa bona ke ho tšoaneloang ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Metsoalle ea rōna kapa beng ka rōna ba ke ke ba re fa thuso e phethahetseng, tataiso e se nang sekoli le bophelo bo sa feleng. Empa Jehova Molimo o etsa hore lintho tsena re li fumane ka Mora oa hae. Hape re fumana baena, likhaitseli, bo-’me le bana ka kutloisiso ea moea. Jesu Kreste o tiisitse hore: ‘Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, le likhaitseli, le ntat’ae le bo-’m’ae, le bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli, ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, matlo, le banab’abo, le likhaitseli, le bo-’m’ae, le bana, le masimo, hammoho le lihloriso, ’me mehleng e tla tla, a neoa bophelo bo sa feleng.” (Mar. 10:29, 30) Ha ho bapisoa le seo re se fumanang, se ka re lahlehelang mahlong a batho ke lithōle feela.—Ba-Fil. 3:8.
10. Hore re be barutuoa ba hae ba tšepahalang, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rata Jesu Kreste ho feta meea ea rōna, ’me ke hobane’ng ha hona ho hloka tumelo?
10 Ke hobane’ng ha Mora oa Molimo hape a bontšitse hore re tlameha ho mo rata ho feta meea ea rona? Ke ka baka la seo re lokelang ho se lebella ho ba sa lumelang. Timothea oa Bobeli 3:12 e re: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo.” Ha re ka ithata ho feta kamoo re ratang Mora oa Molimo, re ke ke ra rata ho hlapaoloa le ho khahlapetsoa kapa, haeba ho hlokahala, ho shoa re le barutuoa ba hae. Ruri ho hloka tumelo ho tsoela pele ka bohato ba kolobetso, re hlokomela hore neng-neng kamoso bo ka ’na ba re hloka bophelo ba rōna. Tumelo ena e akarelletsa kholiseho e sa sisinyeheng ea tšepo ea tsoho. (Lik. 24:15) E, batho ba ka ’na ba re bolaea, empa ba ke ke ba re amoha tokelo ea rōna ea ho ba meea e phelang. Ke Jehova Molimo feela ea ka etsang joalo, ka ho sa feleng a senya tokelo ea rōna ea ho phela. Ka lebaka lena, Jesu o fane ka khothatso e latelang: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea; le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng.”—Matt. 10:28.
11. Ke hobane’ng ha tumelo e hlokahala ha re thulana le mathata a lichelete ka baka la ho ba barutuoa ba Jesu Kreste?
11 Ha re sa nke bophelo ba rōna e le ba bohlokoa haholo, re ka ema re tiile le har’a mathata a lichelete. Mehleng ea kajeno, ba bang ho bahlanka ba Molimo ba senyehetsoe ke mosebetsi ka baka la ho tšoarella ka botšepehi ho se hlokoang ke Molimo. Haholo ha re shebane le mathata a ho phela, re hloka tumelo ea hore Ntate oa rōna oa leholimo o tla arabela kōpo ea rōna: “U re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng.” (Matt. 6:11) Bohle ba kolobetsoang ho hlokahala hore ba kholoe hore Jehova Molimo a ka boloka batho ba hae ha ho hlokahala ’me o tla ba boloka.
Tsela ea ho Phela e Hlokang Tumelo
12. Ke tsoelo pele efe eo motho a lokelang ho loanela ho e etsa kamor’a kolobetso?
12 Le hoja ho hlokahala tumelo ho fetoha morutuoa ea ineetseng le ea kolobelitsoeng oa Jesu Kreste, hona ke qalo feela ea bophelo ba motho e le Mokreste. Kamor’a ho kolobetsoa, re rata ho tsoela pele re hōla tumelong le ho tsoela pele ho bontša litholoana tse ling tsa moea oa Molimo—lerato, thabo, khotso, sebete, mosa, molemo, bonolo, le boitšoaro. Re tla chesehela ho bontša ba bang tumelo ea rōna. (Ba-Gal. 5:22, 23; 2 Pet. 1:5-8) Barutuoa ba bacha ho hlokahala ba hopole hore e ntse e le masea a moea ’me ba tebise pelong keletso ea moapostola Petrose: “Le lapele haholo, joale ka bana ba tsoang ho tsoaloa, lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le holele poloko ke lona; ha le fela le setse le latsoitse molemo oa Morena.”—1 Pet. 2:2, 3.
13. Motho a ka hlaolela ho lapela lijo tse matlafatsang tsa moea joang?
13 Ho hlaolela takatso ea sebele bakeng sa lijo tsa moea tse matlafatsang, motho o lokela ho ipha sebaka sa ho nahana ka mokhoa o ananelang seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba se entseng lebitsong la hae ’me joale a lumelle pelo ea hae ho mo susumelletsa ho iphepa ka Mangolo ka mehla. Ho ameha ho hongata ho feta ho bala Bibele. Motho o lokela ho nahana ka thapelo se boletsoeng moo ’me a sebelise keletso e bululetsoeng ka boeena. Ho ithuta Mangolo ka thuso e le ’ngoe ea ho ithuta Bibele kapa tse peli ha hoa lekana bakeng sa hore motho a tsebe Lentsoe la Molimo ka botlalo. Mangolo a fana ka ho hongata, ho hongata haholo bakeng sa ho re hlasimolla le ho re tiisa moeeng.
14. Balumeli ba bacha ba lokela ho batla ho tloaelana le bomang, hobane’ng?
14 Litloaelano tse molemo ka phuthehong ea Bokreste le tsona ke tsa bohlokoa hore re tsoele pele moeeng. Metsoalle e lakatsehang haholo ke balumeli bahabo rōna ba falimehileng moeeng, batho ba thabelang ho bua ka Lentsoe la Molimo le ba thahasellang ka matla ho thusa batho ba bang. E ne e le ha a ngolla Timothea, moholo phuthehong ea Bokreste, moo moapostola Pauluse a ileng a re: “Ka tlung e kholo, ha ho na lipitsa tsa gauda le tsa silevera feela, empa tsa mahong li teng le tsona tsa letsopa; tse ling ke tse hlomphuoang, tse ling ke tse sa hlomphuoeng. Joale, ekare ha motho a itlhoekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e khethetsoeng hlompho, e molemo ho mong a eona, e lokiselitsoeng mesebetsi eohle e metle. U ke u balehele litakatso tsa bocha, ’me u phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le khotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.” (2 Tim. 2:20-22) Kahoo moapostola o tšoantšitse phutheho kamoo e neng e hōla mehleng ea hae le ntlo e nang le lipitsa tsa mefuta eohle. Haeba ho ne ho hlokahala hore moholo a tlohe ho hang pel’a ‘lipitsa tse sa hlomphuoeng,’ a sa li etse metsoalle ea hae e haufi, hona ke habohlokoa haholo bakeng sa masea a moea ao ’matla a oona a temoho a e-song ho tsebe ho khetha botle ho bobe.’ (Ba-Heb. 5:14) Ho bonolo haholo hore ba ka oela tlas’a tšusumetso e senyang.—Bapisa 2 Petrose 2:18.
15. Metsoalle e metle e ka khetholloa joang?
15 Hona ha ho bolele hore re lokela ho sheba litho tsa phutheho ka ho li belaella. Ho bonolo ho khetholla metsoalle e molemo. Jesu Kreste o itse: “Molomo oa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.” (Luka 6:45) Ka ho hlakileng, bao lipolelo tsa bona li re khothalletsang kannete “leratong le mesebetsing e metle” ke metsoalle e tšepahalang. (Ba-Heb. 10:24) Ho tloaelana le bona ho ka tlatsetsa tabeng ea hore motho e be Mokreste ea hōlileng tsebong.
16. Re bontša tumelo ea Bokreste joang?
16 Kaha qalo ea bophelo ba rōna re le Bakreste ke pontšo ea tumelo, tsela eohle eo re phelang ka eona ka sebele e lokela ho ba e bontšang tumelo e sa sisinyeheng ho Jehova Molimo le mora oa hae. Tumelo eo e bontšoa ka mesebetsi e lumellanang le eona. Morutuoa Jakobo o ngolile: “Le be baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela ba ithetsang.” (Jak. 1:22) Re hlokoa ho fetang feela ho mamela ka hlompho libokeng tsa phutheho le ho hlalosa ka mokhoa o ananelehang ka lintho tseo re li utloileng. Ho hlokahala re sebelise keletso eohle ea Molimo, ’me hona ho hloka mesebetsi, liketso, boithaopo ba ho arabela litlhokahalong tsa moea le tsa maikutlo le tsa nama tsa ba bang. Hape ho re hloka ho kopanela mosebetsing o moholo oa ho bolela o lokelang ho finyelloa pele “bofelo” bo tla.—Jak. 1:27; 1 Joh. 3:16, 17; Matt. 24:14, 21, 22.
17. Ka baka la papiso ea Jesu ea mojali, ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?
17 Tumellanong le papiso ea Jesu ea mojali, rōna barutuoa ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste, re rata ho ipaka re le ‘mobu o motle.’ “Polelo ea ’muso” e jetsoeng lipelong tsa rōna e lokela ho bea litholoana. Na re sebelisa monyetla o mong le o mong ho fana ka bopaki, kahoo re bea litholoana ka lipolelo tsa ’muso oa Molimo? (Matt. 13:3-9, 18-23) Tumellanong le Tšenolo 22:1, 2, moo karolo ea tokisetso ea Jehova ea ho fana ka bophelo e tšoantšoang le lifate tse beang litholoana khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, na re ho entse boikemisetso hore re se lumelle khoeli e fete re sa kopanela ho bolelleng ba bang ka tumelo ea rōna? Habohlokoa, hape, ke ho loanela ho fihla lipelong tsa beng ka rōna ba sa lumelang le metsoalle ka bopaki bo tšehelitsoeng ke mohlala o motle oa bophelo ba Bokreste. Ha re ntse re sa sekisetse ho seo re tsebang hore se nepahetse, na ho ke ke ha e-ba hotle ho qoba ho etsa likhang tse khōlō tse sa hlokahaleng ka matsatsi a tsoalo, matsatsi a phomolo le tse kang tseo le bona? Na ha ho molemo haholo ho ineela ho kopaneleng le bona likhopolo tse molemo le tse hahang tse tsoang Mangolong ha maemo a itlhahisa hore re etse joalo? Mosa oa rōna, kameho ea ’nete le thuso hangata li ka fana ka bopaki bo matla haholoanyane ho feta lipolelo tse ngata.—Bapisa Ba-Roma 12:17-21.
18. Ke hobane’ng ha borutuoa ba Bokreste bo putsa?
18 Borutuoa ba Bokreste ruri bo tsamaea le boikarabelo bo boima. Empa bophelo ba rōna ke bo putsang hakaakang! Le hona joale re khotsofetse likelellong le pelong ke ho tseba hore rea amoheleha ho ntat’a rōna oa leholimo le Mora oa hae. Bophelo ba rōna ka morero bo tobisitsoe boitekong ba ho hōlisa boiketlo ba ka ho sa feleng ba batho hammoho le rōna. Ka kholiseho, re lebelletse ‘bophelo bo tlang ho tla,’ nako e sa feleng ea ho phela ka thabo taolong e ncha ea ho loka ea Molimo. (1 Tim. 4:8) Tumelo ea rōna, e hlokahalang haholo hore re be barutuoa ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste, e ka etsa hore re fumane bokamoso boo bo hlollang.